Dibaka tsa ho balla
Pokello ya tse balwang
Pokello ya tse balwang laeboraring ya setjhaba e kentse dibuka le disebediswa tse ding tse balwang tse rekilweng ke Ditshebeletso tsa Dilaeborari le Tlhahisoleseding Provenseng ya Freistata.
Sepheo ka pokello ena ke ho tshehetsa baithuti dithutong tsa bona.
Dibuka tsena di ka sebediswa feela kahara laeborari.
Tobetsa mona ho bona mabitso a dibuka tse teng.
Motho eo ho ka ikopanngwang le yena:
Mohala: 058-7383781
Direferense (mehlodi e fumanehang bonolo mabapi le tlhahisoleseding e itseng)
Dibukantswe, di-encyclopaedia, dibuka tse phatlalatswang hang ka selemo, di-atlas, dimmapa tsa ditsela le mebila mmoho le di-directory kaofela ke direferense. Dibuka tsena di sebediswa kgafetsa dilaeboraring mme di theko e hodimo. Direferense tsena di ka sebediswa feela kahara laeborari. Botsa tlhahisoleseding e nngwe ho mosebeletsi wa laeborari kapa o tobetse hodima Tshebeletso ya Direferense ho fumana dibuka tse teng.
Dibaka tsa ho balla
Laeborari ya Setjhaba ya R J R Masiea e na le dibaka tsa ho balla tseo baithuti ba ka di sebedisang.
Inthanete
Phihlello ya Inthanete e fumaneha dilaeboraring tsohle tsa Ditshebeletso tsa Dilaeborari Qwaqwa. Sheba diaterese tsa dilaeborari. Bakeng la tlhahisoleseding e nngwe e mabapi le ho tseba ka dikhompyuta le ho batlana le tlhahisoleseding Inthaneteng, ka kopo botsa mosebeletsi wa laeborari ya heno.
