Kadimo
Botho:
Bo buletswe ditho tsohle tsa baahi. Mahala.
Kopa mosebeletsi wa laeborari ya heno ho o tlatsetsa foromo ya Kopo ya ho ba setho.
Ho hlokahala eng?
Bukana ya hao ya Boitsebiso.
Mabitso le dinomoro tsa mohala tsa metswalle e mmedi kapa ditho tsa lelapa. Ebang o le tlasa dilemo tse 14 tlo le motswadi.
Ebang o le setho sa laeborari o ka kadima tse latelang:
dibuka tse 2-4 (batho ba baholo)
di-cd tse 2-4 (batho ba baholo)
diphiriodikhale (dimakasine/dikoranta tse phatlalatswang kamora nako e itseng) tse 2-4 (batho ba baholo)
di-video tse 2-4 (batho ba baholo)
dibuka tse 2-4 (bana)
Nako ya kadimo
Ka tlwaelo nako ya kadimo ya disebediswa tsa laeborari bakeng la batho ba baholo le bana ke dibeke tse pedi (matsatsi a leshome le metso e mene).
Disebediswa tse sa fumaneheng ka kadimo
Direferense (mehlodi e fumanehang bonolo mabapi le tlhahisoleseding e itseng).
Dibuka tse sebediswang sekolong.
Dikopo tse ikgethang
Ebang disebediswa tsa laeborari tseo o di hlokang di sa fumanehe laeboraring ya heno, kopa mosebeletsi wa laeborari ho o tlatsetsa foromo ya Kopo e Ikgethang. Disebediswa tse hlokahalang di tla koptjwa laeboraring e nngwe Freistata.
Dikadimo tse pakeng tsa dilaeborari
Ebang disebediswa tseo o di hlokang tsa laeborari di sa fumanehe laeboraring ya heno kapa thepeng ya Ditshebeletso tsa Dilaeborari Freistata, Ditshebeletso tsa Dilaeborari Provenseng di tla leka ho e kadima ditheong tse ding tsa dilaeborari Afrika Borwa ka Mokgwa wa tshebetso wa Dikadimo tse pakeng tsa dilaeborari.
Ditshebeletso tsa Dikadimo tse Bohareng
Disebediswa tse theko e hodimo tse sa sebedisweng hangata di bolokwa pokellong e bohareng ya Ditshebeletso tsa Dilaeborari tsa Provense ya Freistata.
Pokello ena e Bohareng e fumaneha baahing ka thuso ya dilaeborari tsa bona tsa lehae tsa setjhaba ka mokgwa wa ditshebeletso tsa Kopo e Ikgethang.
