Diketsahalo tsa Projeke ya Carnegie
Lenaneo la Tshehetso la tsebo ya ho bala le ho ngola
Dilaeborari tsa Ditshebeletso tsa Dilaeborari Qwaqwa di na le disebediswa tse balehang habonolo thepeng ya tsona bakeng la baithuti ba baholo le ba batjha ba seng ba tseba ho bala le ho ngola. Barupelli ba tsebo ya ho bala le ho ngola ba tshehetswa ka disebediswa tsa referense tse ikgethang tsa ho bala le ho ngola.
Tobetsa mona ho bona mabitso a dibuka tse teng.
Projeke ya Laeborari e mabapi le mekotlana e jarwang
Bona ke boiteko ba ho theha mesebetsi bo etswang ke Laeborari ya Bana e Phuthditjhaba moo baithuti ba baholo ba hlokang mesebetsi ba rutwang ho etsa mekotlana e jarwang. Ba rekisa mekotlana ho iketsetsa tjhelete. Ikopanye le Thato Mohaleroe dinomorong tsena tsa mohala: 713 0596 bakeng la tlhahisoleseding.
Batho ba phetseng hantle ke batho ba thabileng
Dipuisano, dipontsho tsa di-video le diphamfolete tse mabapi le AIDS, Lefuba, Kholera, mafu a Bana mmoho le tshebediso e mpe ya Dithethefatsi.
Mananeo a mane ka selemo, ka tshebedisano le Lefapha la Bophelo bo Botle. Ikopanye le mosebeletsi wa laeborari ya heno bakeng la tlhahisoleseding e batsi.
Lenaneo la ho balla monate
Lenaneo la ho balla monate le etswa Laeboraring ya Bana mmoho le dilaeboraring tsa dikolo/baahi tsa Ditshebeletso tsa Dilaeborari Qwaqwa. Sepheo ka mananeo ana ke ho ntshetsa pele setho sa ho bala le ho phahamisa tshebediso ya dilaeborari baahing. Bakeng la tlhahisoleseding e toma, botsa mosebeletsi wa laeborari ya heno.
Lenaneo le mabapi le ho phela tlasa boemo bo thata
Lenaneo lena le etsetswa bana le batswadi mme le tsepame dintlheng tse kang dikgoka malapeng, tlhekefetso ka motabo le tlhekefetso e nngwe ya bana, AIDS le tshebediso e mpe ya dithethefatsi. Ikopanye le mosebeletsi wa laeborari ya heno mabapi le dintlha tse toma.
Lenaneo la Tataiso ya Batswadi
Dipuisano tsa Tataiso ya Batswadi di etswa habedi selemong dilaeboraring tse fapaneng tsa setjhaba. Ho tshwarwa dipuisano tse mabapi le tlhokomelo ya bana le dintlha tsa bophelo bo botle tse amang ngwanahao. Bakeng la tlhahisoleseding e batsi, ikopanye le mosebeletsi wa laeborari ya heno ya setjhaba.
Thupelo ya dibapadisi tsa thuto
Batswadi ba na le monyetla wa ho fumana thupelo ya kamoo dibapadisi tsa thuto tse teng Laeboraring ya Bana le dilaeboraring tsa dikolo/baahi di ka thusang ho ntshetsa pele boitsebelo boo bana ba bo hlokang hore hara tse ding e be babadi. Ikopanye le mosebeletsi wa laeborari ya heno mabapi le dintlha tse toma.
Tataiso e mabapi le tshebediso ya laeborari le boitsebelo ba tlhahisoleseding
Mananeo a sibollotsweng ho tataisa bana, batswadi, baithuti le baahi ka kakaretso hore e be basebedisi ba ikemetseng ba laeborari. Ikopanye le mosebeletsi wa laeborari ya heno mabapi le dintlha tse toma.
Lenaneo le mabapi le ho ikhira
Lenaneo le hlahiswang habedi ka selemo le mabapi le ntlafatso ya moruo le boiqapelo ho tsa kgwebo ka tshebedisano le dikgwebo tsa lehae mmoho le Koporasi ya Ntshetsopele Freistata. Ikopanye le mosebeletsi wa laeborari ya heno bakeng la tlhahisoleseding e batsi.
Lenaneo le mabapi le Boahi le Ditokelo tsa Botho
Lenaneo lena le hlahiswa ka tshebedisano le Setsi sa Boahi, Thuto le Tharollo ya Diqhwebeshano ho tsebisa baahi ka ditokelo tsa botho, demokrasi le boahi. Ikopanye le mosebeletsi wa laeborari ya heno mabapi le dintlha tse toma.
Lenaneo le mabapi le ho ithuta nakong tsa phomolo
Lenane le tobileng baithuti ba Sehlopha sa 12 baahing.
Ho bapalwa di-video mme ho tshwarwe dipuisano tsa dihlopha mabapi le mosebetsi wa sekolo. Lenaneo le hlahiswa ka Phupu le Loetse nakong ya matsatsi a phomolo. Bakeng la tlhahisoleseding e toma, botsa mosebeletsi wa laeborari ya heno.
Lenaneo le mabapi le ho phela setho sa rona
Mananeo a bonono le setho, ho kenyeleditswe le dipontsho tse etswang ke dibapadi tsa setso le tsa sejwale-jwale, diketsahalo tsa mesebetsi ya matsoho, dipontsho tsa di-video, pepeso ya dibuka le mananeo a ho bala.
Mananeo a mabedi ka selemo, ka tshebedisano le Motsana wa Setho wa Basotho. Ikopanye le mosebeletsi wa laeborari ya heno bakeng la tlhahisoleseding e batsi.
