Ditshebeletso tsa Tlhahisoleseding
Ditshebeletso tsa Tlhahisoleseding ya Baahi
Na o na le tlhahisoleseding (eo o ka e hlahisang mahala) e ka thabelwang ke baahi ba heno e ka ba thusang?
Na ho na le tlhahisoleseding eo o e hlokang e mabapi le baahi ba heno, mohlala: nomoro ya mohala ya sehlopha sa dipapadi, mokgatlo wa tsa setho kapa ngaka? Ka kopo ikopanye le laeborari ya heno kapa o sebedise boto ya Tsebiso e tlase mona. O fumana tshebeletso ena mahala.
Ditshebeletso tsa Tshehetso ya Tlhahisoleseding
Ditshebeletso tsa dipatlisiso tsa tlhahisoleseding tsa dilaeborari tse taolong ya Freistata le tse ka etswang ke motho ka mong.
Ikopanye le Karolotlase ya Ditshebeletso tse Bohareng tsa Tlhahisoleseding tsa Ditshebeletso tsa Dilaeborari Provenseng ya Freistata mabapi le ditletlebo kapa dikopo dife kapa dife tseo laeborari ya heno e sa kgoneng ho di rarolla. Re tla sebedisa letoto la rona le batsi la dipatlisiso le mehlodi ya tlhahisoleseding.
Batho bao ho ka ikopanngwang le bona ke bana:
Mohala: 051-4055762
Mohala: 051-4054686
Tlhahisoleseding e Teng ya Baahi
Ka kopo hopola hore tlhahisoleseding ena e tlameha ho ba ya mahala.
Lebitso la hao:
Dinomoro tseo o ka letsetswang ho tsona:
Tlhahisoleseding e Hlokehang ya Baahi
Lebitso la hao:
Dinomoro tseo o ka letsetswang ho tsona:
