Kgau ya Mapungubwe
Kgau ena e fuwa ma-Afrika Borwa a kgabileng mme a itshupa ka tshebetso e hodimo-dimo.
Tlhophiso
Kgau ena e arotswe maemo a mekgahlelo e meraro:
Maemo 1 = Kgau ya Polatinamo ya Mapungubwe (Polatinamo)
Maemo 3 = Kgau ya Boronse ya Mapungubwe (Boronse)
Tshwantshiso/dintlha tsa moralo
Tshwantshiso ya sehloho
Mapungubwe: Borena le Setjhaba sa Mapungubwe bo bile teng tikolohong e ka leboya ya naha ya rona dilemong tse sekete tse fetileng. Borena bona bo ne bo ena le tsamaiso e maemong a phahameng ya puso le temo e tswetseng pele. Borena bona bo ne bo hwebisana le dinaha tse hole jwaleka China. Nakong tsa Borena bona, ene ele nako e neng e jwentsha tsebo le bohlale bo phahameng ba motho.
Matshwao
Dikgutlo tse nne tsa lefatshe - di emela katleho ya ma-Afrika Borwa lefatsheng ka bophara.
Letsatsi le tjhabang - tsamaiso e ntjha e tswang Afrika.
Thajana ya Mapungubwe - kamorao ho bonahala lejwana le foforehang la thajana e fumanehang sebakeng se omeletseng se sa fumaneng dipula tse ngata tsa lehlabula. Moo ho epilweng ho bontsha hore bokgoni bo fihletseng sebakeng se neng se le thata ho fihlela katleho.
Tshukudu ya Mapungubwe - setshwantsho se tsebahalang haholo se fumanweng lebitleng moo ho neng ho eptjwa, setshwantsho se tlotsitsweng ka gauta, hodima seo bonahalang e le thupa e betlilweng, ke sesupo sa bokgoni le boiphihlelo bo neng bo le teng boreneng boo .
Betjhe ya molaleng
Lere la Mapungubwe - le hlahang kahara pitsa e phehang gauta ka mahlakoreng, e leng se seng sa ditshwantsho tse fumanweng lebitleng hona sebakeng sena.
Pitsa e kgabisitsweng e phehang gauta - matshwao a ka thoko a tswang pitseng e tsholohang gauta a bontsha tsebo e kgaphatsehang, mahlale le boitsebelo, e leng sesupo sa hore tsebo ya tshepe ke kgale e le teng.
Sebupi (Furnace) - ho supa tlhwekiso le poloko ya bophelo ya mollo, eo e saleng e sebediswa dilemong tsa boholoholo, bakeng sa ho tlisa tswelopele le bokgoni ba tshebetso kahara ditjhaba le ditjhabana.
E nyenyane
