Rona bohle dihlopha tse latelang, re emetse setjhaba sa rona ka bo-batsi, ho kenyeletswabasebeletsi ba mapolasi le basebetsi ka kakaretso, beng ba mapolasi le batho ba dulangmapolasing,setjhaba se ka tlasa Boetapele ba Botjhaba le baahi ba metseng ya makgotla ametse, esita le batho ba kgwebo, re hwantela mona ka tlasa kgotso le demokerasi,
Mme re tla sebakeng sena ho tla elelliswa setjhaba ka bohlokwa ba mobu jwalokasesebdiswa sa diphethoho le ntshetsopeleRe tla mona ho phethahatsa takatso ya rona ya mengwaha-ngwaha e reng: "Afrika Borwake ya Batho bohle ba dulang ho yona, ba batsho le ba basweu" le polelo e reng "mobuo tla arolelwa bohle ba o sebetsang".
Re hwantela mona , ho kgothaletsa mmuso, mekgatlo yohle ya demokerasi, batho baruileng mobu le mekgatlo ya Boetapele ba Botjhaba profensing ya rona ho potlakisanehelano ya mobu ho lokisa thuo ya mobu e sokameng ka hara naha bakeng santshetsopele ya moshwelella
Re tataiswa ke ponelopele ya baholoholo ba rona ya naha e kopaneng, e hlokangkgethollo ya se-morabe, kgethollo ya bong esita le naha e atlehileng ka puso yademokerasi.
Re utlwisisa maemo a tokoloho ao re phelang ho ona, le tiisetso ya Ditokelo tsa Bothojwaleka ha di hlahella Molaotheong wan naha, mme re utlwisisa hape le tsohle tseo reseng re di fumane ho fihlela ha jwale, esita le Lenaneo la Ntshetsopele leo re hopotsengho le kenya tshebetsong dilemong tsena tse leshome tsa jwale.
Re ela hloko bohlokwa ba Lekgotla la Ketso ya Melao ho tebisa demokerasi, mme reamohela mmuso wa rona ka ho re fa tshepo ho qetela ho tlisa diphetoho ka hara naha,haholoholo ditabeng tsa ho aba mobu botjha le ho kgutlisetsa mobu, mmoho lentshetsopele ya dibaka,
Ka morero wa ho potlakisa phano ya mobu.
Rona bohle:
Re ipiletsa ho mmuso ho potlakisa ho kenya molaong leano la Matlafatso ya Batho ba Batsho Moruong wa Temo mmoho le mekgwa e meng e ka tlisang diphetoho tsa mobu
Re ipiletsa ho mmuso ho tsetela diprogramong tse matlafatsang boramapolasi ba batsho ba sa tswa fumantshwa mobu ka ho ba thusa ka tjhelete le disebediswa tsa ho qala kgwebo.
Re kopa ho re ho potlakiswe dithuso tsa ditjhelete ho boramapolasi mme ho thehwe maemo a molao a tla thibela barekisi ba mobu ho hlanohela diqeto tsa bona tsa ho rekisa mobu le thepa.
Re ipiletsa ho dibanka le mekgatlo ya ditjhelete ho nolofatsa melao ya kadimo ya ditjhelete ho dumella Ma-Afrika ho rua mobu ka bongata.
Re mema dikoporasi,ditsi tsa thuto le tse tshwanang le tsona ho nka karolo ntshetsopeleng ya ba batlang ho ba boramapolasi; ho kenyeletswa batjha,basadi le batho ba sa itekanelang; ho nehelana ka tshehetso e eketsehileng ho boramapolasi ba ntseng ba hola.
Re ipiletsa ho mekagtlo yohle e amanang le temo, ho nehelana ka kwetliso ho boramapolasi ba ntseng ba hola ho eketsa tsebo dintlheng tsohle tse amanang le temo, ho kenyeletswa le botsamaisi.
Re ipiletsa ho Lefapha la Temo le Ditaba tsa Mobu ho sebetsa mmoho le makgotla a metse, ho rala leano la ntshetsopeleng e kopaneng ya tshebediso ya mobu o kopanetsweng, ka morero wa ho fihlela thuo le ntshetsopele ya mobu, haholoholo ka morero wa ho ntshetsa temo pele ka hara makgotla a metse.
Re itlama ho theha tshebedisanommoho e keneletseng le ho theha maemo a matle a tshebetso pakeng tsa Boetapele ba Botjhaba le Mmuso.
Re ipiletsa ho mekgatlo e hlophilweng ya temo ho tswela pele ka ho fana ka tshetso ya se-tegeniki ho boramapolasi ba ntseng ba hola.
Re itlama ho theha temo e kopaneng mme e atlehileng Profensing ya Free State.
Rona, batho ba bokaneng mona, ho tswa mekgahlelong yohle ya bophelo, re kenyeletsa mmuso le mekgatlo yohle e emetseng demokerasi e teng kwano Profensing ya rona, re itlama hore batho ba k eke ba nkelwa mobu le meedi e ke ke ya hlola e suthiswa ka bonokwane.
Hapelefatshe le ke ke la hlola le nkwa ka sheshe!
