Kgau ena e fuwa ma-Afrika Borwa a itshupileng tshebetsong molemong wa setjhaba. Tshebetso e tlotlwang ke e fetisang tsohle tse tlwaelehileng. Ke kgau bakeng sa nyehelo e babatsehang mafapheng ana a latelang:
Kgwebo le moruo
Mahlale, meriana le boiqapelo tekenolojing
Tshebeletso ya setjhaba.
Tlhophiso
Kgau ena e abjwa maemong a mararo:
Maemo 1 = Moeletsi ya ka sehlohong wa kgau ya Baobab (Gauta)
Maemo 2 = Moeletsi ya moholo wa kgau ya Baobab (Silifera)
Maemo 3 = Moeletsi wa kgau ya Baobab (Boronse).
Tshwantshiso/dintlha tsa moralo
Tshwantshiso ya sehloho
Kgau ena e bapiswa le sefate sa Baobab se eleng sefate sa tikoloho ya teropiki sa Afrika. Hore na lebitso lena Baobab le tswa kae ke e meng ya mehlolo le meka ya Afrika. Sefate sena se hlalositswe hangata ho feta difate tse ding tsa Afrika, ka mahlaha-hlaha a sona le mokgwa oo e leng sa bohlokwa kateng ho baahi ba naha. Bothata le matla a sefate sena mabapi le ho hola se supa tsitlallelo le tshebeletso e ikgethang mabapi le Afrika Borwa e tlotlwang ka kgau ena. Hape tshebeletso eo ho fanwang ka yona e netefatsa hore boemo ba Afrika Borwa bo ya hola.
Baobab ke karolo ya bohlokwa kahara difate tsa meru Afrika. Se fana ka dihlahiswa tse etsang diaparo le kgwele, ditholwana bakeng sa dijo le mafura ekasitana le dihlahiswa tse ding tse ngata. Methapo ya sefate sena e tsebahalang, e hlahella kantle ho thusa ho tshehetsa sefate sena se seholo. Se tsebahalang jwaleka kgotla moo ho tshwarelwang dikopano tsa bohlokwa le ho sireletsa ditjhaba tsa Afrika.
Matshwao
Baobab (Baobab or Adonsonia Digitata) - se tsebahalang ka methapo le ho phela nako e telele. Ha se nehelane ka moriti feela le sebaka sa ho tshwara dikopano, empa se boetse se tsheheditse setjhaba.
Setshwantsho se ntlha di robong - setshwantsho se ntlha di robong se supa makala a mangata a fapaneng ao ho ka nehelanwang ka tshebeletso setjhabeng. Setshwantsho sena se boetse se emetse diprofensi tse robong tsa naha.
Betjhe ya molaleng
E nyenyane
