Operation HlaselaKa ntle ho seo ba kgahlano le rona ba se dumelang, letsholo la ho hlasela le bontsha maikemisetso a potlakileng ao e seng a sepolotike empa ele mohato wa holokisa mathata a batho ba rona jwalo ka ha Tona kgolo a boletse puong ya hae ya se mmuso ya profensi.
Ka letsholo lena la Hlasela lefapha laka le abetse bo mmasepala ba ka hare ho porofensi ya rona tjhelete e kalo ka R110 million bakeng sa kaho le ntshetso pele ya marang rang a ditsela e le ka rolo ya yo ntjhafatso metse ya rona ya makeisheneng selemong sena sa ditjhelete.
Tjhelete ena e a betswe bo mmasepala ka mokgwa wa tsela e latelang:
Lefapha le ile la nehelana ka dithuso tsa setegenike masepaleng wa Xhariep*
Diporojekeng tsena kaofela, maikemisetso a rona a ho lwantsha bofuma le tlhokeho ya mesebetsi a ile a phethahatswa ka phumantsho ya mesebetsi ya nakwana le ya moshwelella ho baahi bohle ho kenyelletswa bomme le batjha.
Motsamaisi ya hlomphehang wa dipuisano, puong ya rona ya ditekanyetso selemong se fetileng, re ile ra etsa boitlamo ba ho thusa ka kaho ya poleseteishene ya Bloemspruit ,
Mangaung. Re e ntse hona ka kelohloko ya hore sena ke mosebetsi wa puso ya bohareng, empa ka bako la tabatabelo ya ho rarolla mathatha a setjhaba a botlokotsebe, re ile ra ba le dipuisano le Baseponesa moo ditumellano di eileng tsa fihlellwa ho tswela pele ka tshebetso ena.
Le ha ho bile le ditiehiso, re motlotlo ho phatlalatsa hore tshebetso etla qala haufinyana mme moaho wa nakwana otla bulwa haufinyana selemong sena sa ditjhelete. Hona ke pontsho ya sebele ya tshebidesano mmoho le mafapha a mmuso karolong tse fapaneng tsa puso tharollong ya mathata a setjhaba sa rona.
Ka ona moya ona, re tla bona kaho ya meaho ya nakwana ya Sepolesa Motseng wa
Jwalo ka karolo ya letsholo la Hlasela, re tla tswelapele ho fana ka dibaesekele ho baithuti ba kojwana di mahetleng di kolong tse mapolasing. Hona re ho etsa re ikamahanya le
Freedom Charter ha e re: "menyako ya thuto e tla buleha ho bohle."
Bultfontein-Wesselsbron:18.2 km*
Motsamaisi ya hlomphehang wa ditherisano, ka hodima mosebetsi ona o moholo wa tokiso ya ditsela, Programo ya ntshetsopele ya borakontraka e tswelapele ho ba karolo ya leano la rona la ho lokiso ditsela ka hare ho profensi ya rona.Programo ena e shebile haholo batjha,batho ba sa itekanelang le bomme ka maikemisetso a ho ba kenyeletsa ka botlalo indasetering ena ya kaho.
Ho netefatsa boipaballo mebileng,lefapha laka ka tshebedisano mmoho le la thuto re tla ba le programa ya ho netefatsa hore baithuti ba mophato wa leshome ba fumantshwa di dilaeseense tsa ho kganna pele ba phetela dithuto tsa bona.Sena e le ho ba thusa ho thola mosebetsi kamora ho phetela mophato wa leshome hobane mesebetsi e mengata e hloka ldilaeseense ya ho kganna.
Re ya hlokomela hore hona le tshallo morao diteisheneg tsa phumantsho ya di lakesense tsa makoloi le ho kganna , le hore sena se na le ditlamorao tse sa thabiseng ho fokotseng bofuma le tlhokeho ya mesebetsi.Ho lokisa sena diteisene tsa rona di tla bulwa ka meqebelo le disontaha ho fumantsha baahi ba hlokang ditshebeletso tsena ho di thola.
Re motjheng wa ho qetella leano la rona la ho tlisa diphetoho tsamaisong ya Maluti
Bus Services ho la Thabo Mofutsanyana .Ke thontse komiti ya nakwana ho etsa bonnete ba hore sena se a phetahala.Motsamaisi wa ditherisano Setjhaba sa Thabo Mofutsanyana haholo industeri ya ditekesi le basebetsi ba Maluti Bus Services hokenyelletswa le ba beileng meja fatshe ba tla una molemo diphetohong tsena.
Puong ya hae ya semmuso ya porofensi, tonakgolo Magashule o itse hare ho tse ding, selemong sena re tla beha setjhaba sa rona ka pele twantshong ya bo tloko tseba. Ho sena lefapha la rona le tla nka karolo e ka pele ho e tseng bonnete ba hore setjhaba sa rona se fumantswa thupello,re tla matlafatsa foramo tsa setjhaba tsa sepolesa, re matlafatse matsholo a kgahlano le dithethefatsi, thekiso ya mmele, phapanyetsano ya batho le tlhekefetso ya basadi le bana.
Ntwa kgahlano le bobodu ke enngwe ya dintlha tse hlokolosi haholo lefapheng lena la Sepolesa, Ditsela le Dipalangwa. Lefapha le tla shebana le ho hlomamisa leano le lwantshang bobodu.
Motsamaisi ya hlomphehileng wa dipuisana, selemomg sa jwale ho ile ha tshwarwa basebeletsi ba bane mmuso phanong ya dilaesense ka hare ho lefapha.
