KEREITE YA 11
MATSHWAO: 100 NAKO: dihora tse 2½
Pampiri ena e na le maqephe a 6.
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tharo, e leng:
KAROLO YA A: KAROLO YA B: KAROLO YA C: Moqoqo - mantswe a 350 - 400 Ditema tsa kgokahano tse telele - mantswe a 180 - 200 Ditema tse kgutshwane tsa kgokahano ya ka mehla - mantswe a 120 - 150 
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, qetellong ya karolo ka nngwe. mme o sehe mola
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, qetellong ya karolo ka nngwe. mme o sehe mola
Tsepamisa maikutlo nepahetseng. haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse
KAROLO YA A
MOQOQO
POTSO YA 1
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele bo boletsweng leqepheng le ka hodimo. Ela dintlha tse latelang hloko:
xMohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona; xHa o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho lokisa diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela hloko dintlha tsena tse pedi.
Le le baithuti ba kereiti ya 11 le ne le nkile leeto la ho ya pokellong ya disebediswa tsa setso - tsela ya bophelo ba Mosotho wa kgale. Titjhere ya lona e ne e rata ha le ka ya etela sebakeng sena ho ya ithuta ka tsela eo Basotho ba neng ba phela ka yona kgale. Ngola moqoqo o re phetele ka tseo o ithutileng tsona leetong leno. Sehlooho sa hao e be:
Seo ke ithutileng sona leetong leo.'
Re bona matsatsing a jwale baithuti dikolong ba sebedisa dikgoka le ho ntshana dikotsi ka tsela e ntseng e ata. A ko qoqe ka moo sena se ka fediswang ka teng, mme baithuti bana ba tlohele dikgoka, ho tlatlapa ba bang le ho tella matitjhere. Sehlooho sa hao e be:
Mekgwa e ka atlehisang kgalemo ya baithuti dikolong.'
O ile wa ba lehlohonolo wa kgethwa o le e mong wa ba ileng ba ya mose ho ya emela baithuti ba Afrika Borwa tlhodisanong e itseng. E ne e se tlhodisano e bobebe, tangtang e ne e kgangwa ke lerole, ho setse feela hore ho kgaohe moo ho kgwehlang. Ngola moqoqo o hlalose tsa tlhodisano eo. Sehlooho sa hao sa moqoqo ona e be:
Tsa be di kgiba mohlang oo.'
Nnete e a pholosa ka mehla. Ha ngata motho o phonyoha ditleneng tsa tau ka ho bua nnete. Nnete ya sena o a e tseba mme o na le bopaki ba sena. A ko ngole moqoqo o pakang sena empa moqoqo wa hao o qetelle ka mantswe ana:
hobane ka mehla yohle nnete e a phedisa.'
Setshwantsho sena se latelang se bontsha ketsahalo ya bohlokwa e ileng ya etsahala ka selemo sa 1976, eo ho yona batjha ba selemo seo ba ileng ba etsa setjhaba sa Afrika Borwa motlotlo. Kajeno re fumane tokoloho tjena ka baka la bahale bana ba selemo seo. Na batjha ba kajeno bona ba hokae? Ngola moqoqo o bapisa batjha ba 1976 le ba kajeno. Sehlooho sa hao e be:
Batjha ba kajeno papisong le ba 1976!'
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 50
KAROLO YA B
DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE
POTSO YA 2
Ngola tema e le nngwe ya bolelele bo boletsweng leqepheng la ditaelo le ka pele.
Ho a apolwa ho a apeswa sepetlele. Motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo, eo o neng o kena sekolo le yena o kula haholo ke lefu la phamokate. O hole le yena ka mabaka a itseng. Mo ngolle lengolo o mo kgothatse.
Ketso ya ho inkela molao matsohong e jele setsi setjhabeng sa Rantsho. Mmuso o leka ka hohle ho bontsha setjhaba kotsi ya ketso ena ka ho fana ka tlhahisoleseding dithelevisheneng, masedinyaneng le dikopanong tsa metse. Ho tlepeditswe moshanyana ya se nang molato ka dipitla tsa majwe ho fihlela a shwa. O e mong wa baemedi ba setjhaba sepoleseng. Tlalehela setjhaba kopanong ya motse o se fadimehisa mabapi le hore ba nke mehato efe ha ba kopana le bothata ba dinokwane tse ba phedisang ha bohloko.
Ngola papatso ya lebenkele leo o sa tswa le bula motseng o motjha le rekisang thepa ya ho aha. Baahi ba thabela lebenkele lena le ahuweng motseng o motjha ka ha ba sa ntse ba dula mekhukhung.
Kgaitsedi ya hao e hlokahetse mme lelapa le o thontse hore o ngole tsa bophelo ba mofu (obitjhuwari). Re ngolle yona.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 30 KAROLO YA C
DITEMA TSA KGOKAHANO TSE KGUTSHWANE/ TSEO HO KA TADINGWANG HO ITSENG HO TSONA LE TSE NEHELANANG KA TLHAHISOLESEDING
POTSO YA 3
Letsatsi la hao la kajeno ha le a o tsamaela hantle. Ho bile le ntho tse etsahetseng ka tsela eo o neng o sa e lebella. Ngola dayaring ya hao diketsahalo tsa tsatsi lena.
Motswalle wa hao o batla ho tla moketjaneng wa hao wa tsatsi la tswalo empa ha a tsebe tsela hantle ho tla haeno. Mo ngolle ditaelo tse mo supisang tsela ho tswa toropong ya heno ho ya lekeisheneng moo o dulang teng.
Le ne le nkile leeto matsatsing a phomolo ya mariha ka sekolo ho ya lewatle Durban. Ngolla ngwaneno ya setseng hae posekarate moo o mo phetelang ka monate wa ho etela lewatle.
Tikoloho ya heno moo o dulang teng ho na le mathata a ho kwalwa ha metsi kgafetsa. Rala pampitshana ya tlhahisoleseding eo ho yona o nehang batho ba tikoloho ya heno tlhahisoleseding mabapi le tlhokomelo ya metsi.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 100 MATSHWAO OHLE KAROLONG ENA:
