Boranti ba pele ba Witblits  ba Musieme wa Transgariep, bo ritetsweng ka morara ho ya ka moetlo, bo ile ba qhatswa ho tswa pompong mohla pulo ya musieme ka 1982.  Monghadi Corrie Venter, seabi sa sesebediswa sa ho ritela, le yena ile ya eba seritedi.  Ka mora katleho ya pontsho ya thitelo ya boranti ba Witblits eo musieme o e etsang selemo le selemo, lekgotla la motse wa Philippolis le ile la kotjwa ho qala mokete wa selemo ka Witblits e le mokotaba.  Diketsahalo tse ngata ha jwalwe di bopa karolo ya Mokete wa Witblits o hohellang dipalopalo tsa baeti Philippolis selemo le selemo.          
