Ka mora ntwa ya Maburu le Manyesemane, mosadi wa Lenyesemane, Emily Hobhouse o ile a theha dikolo tse mmalwa tsa ho loha le ho ohla e le ho thusa batho ba Foreisetata ho fokotsa matshenwenyeho a bakilweng ke ntwa. Dikolong tsena basadi ba ile ba rutwa bokgoni ba ho loha le ho ohla mme hona ha etsa hore ba hlahise dintho tse ntle.
Sa pele sa dikolo tsena se qadilwe Philippolis ka 13 Hlakubele 1905.  Tse ding tsa latela ka potlako Ficksburg, Bloemfontein, Bethlehem, Boshof, Smithfield le Winburg.
