Tjhelete ya pele e neng e ikemetse Afrika Borwa e ne e le ya ma-Griqua.  E ne e le yona feela letshwao la bonqosa ba boruti ba Bokreste lefatsheng.  Tjhelete e dipapetlwa e ne e le ya diyuniti tsa leshome mme ya e ba mokgwa wa pele wa ho bala o neng o sebediswa Afrika Borwa.
Moruti John Campbell wa London
Missionary Society o ile a etsa kopo ya dipapetlwa ho Thomas Halliday.  Dihlopha tse pedi tsa dipapetlwa di ile tsa romelwa Klaarwater ka 1815 le 1816.  Dipapetlwa di ne di sa ngolwa mohla oo di entsweng ka ona.  Tjhelete ena e e ne e na le dipapetlwa tse pedi tsa silivera, 10d le 5d, le tse pedi tsa koporo, ½d le ¼d.  Dipapetlwa di ile tsa sebediswa bakeng sa dilemo tse pedi mme kamora moo bongata ba tsona ba qhibidihiswa.  Dipapetlwa tsa koporo di leqeme ho feta tsa silivera.
Mane Griqualand-East (Kokstad), lekgotla la setjhaba le ile la hlahisa tjhelete ya pampiri ya New Griqualand mme ka 1890 ha etswa dipapetlwa ke khampani ya Jeremane mme tsa nyehelwa Lekgotleng la Setjhaba.  E ka nna ya ba dipapetlwa tsena ha di a ka tsa etswa kapa hona ho sebediswa.
