E re ka ha dr Philip e ne e le serata-batho (philanthropist) le Mookamedi wa Lekgotla la Boromuwa la London mona Afrika Borwa, o lekile ho phahamisa maemo a bophelo ba Masetedi ka ha o ne a bona kgonahalo ya sena hara bona.  Ka baka la dipuisano tse leqophe tseo a bileng le tsona le Mmuso wa Manyesemane ka ditokelo tsa batala ba Afrika Borwa o ne a sa ratwe ke boholo ba Maburu.  Dr. Philip o sebeditse haholo  ho hlokomela lesisitheho la setjhaba sa Masetedi.  Ho ba a ye phomolong ka 1851 dr. Philip o ile a aha Hankey moo a hlokahalletseng teng ka 27 Phato 1851.
