2.5 Mataboha.  E. Ntata Thulare.
Ra hlophana hantle, ra etsa mela e mmedi. Tlasa taolo ya Sensei Takadimane, ra ikotlolla re ntse re hlokometse hore re se otle bao re ikwetlisang le bona, ka phoso. Nako ya tlhodisano ha e fihla, dipelo tsabana ba batho tsa senyeha. Takadimane o ile a re kenya ho ya ka mabanta arona. Nako ya ho re ke kene ha e fihla, ka thaba hampe ha ke kenngwa le emong e motjha jwalo ka nna.
3. Bala qotso e latelang o nto araba dipotso tse tla latela: A fihla polasing eo a holetseng ho yona a kgathetse, letsatsi le dikela, le tlerefetse, a ba a nahana hore le mo halefetse ha e le mona le mo tjhesitse tsela ena kaofela. Ha a hlahella lerallaneng le haufi le habo, a sheba ka thabo ho bona motse wa habo, empa a fumana masupi feela. A nna a tla jwalo ho fihlela leo e neng e le lehae la hae, moo a hlahetseng teng, a hlopheha teng. A fellwa ke matla, a kgathala pelo. A phomola hodima lelwala leo a le tsebang hantle. Mmae o ne a atisa ho ba nepolela motoho ka lona. A utlwa a makala hore mmae o le sietseng ha a ne a le beile pelong hakana. A ba hodisitse ka lona. A dula hodima lona a ntse a nahana ntho tse ngata ho fihlela ho ba lefifi. A sama lona lelwala leo a ithoballa.
3. Hlalosa ka botlalo hore Karabelo o fumane jwang lebitso leo. Hlalosa ka dintlha tse pedi.
Ha Mmatoro a bua jwalo, kgabane ya rona ya tswa ka monyako e bokolla.
E isang haeso
1. Ntata Thabo ke mang?
Tshepiso a lla sa mmokotsane.
Dipotso tsa tlatsetso 109
Ke hloname – Ke utlwile bohloko Leqai – Mohlankana ya sa bollang Makaqabetsing – Tsietsing Mekoba – Difeisi tse matla Sekgahla – Ka matla; sefutho
Phalo e eme le lesemela - Ho tsielwa.
3. Hlalosa seo jwala bo leng sona ho ya ka mongodi wa pale ena.
E mong wa metswalle ya Abiele, Gauta eo e neng e le lekgoba la tahi, o utlwela ka bothata ba Abiele o ikopanya le yena ho mo eletsa ka ho re a ye le yena mokgatlong o o tshehetsang makgoba a tahi. Abiele o amohela keletso ya Gauta o a thuseha o tlohella jwala.
“Jwala ba etsa hore ngwana a mpone ke le koko ya bosiu. Ke ahlokomela jwale, jwala ha se pheko ya mathata.”
Karate e ne e nthuta hlompho ka tsela eo ke neng ke sa e elellwe. Peleke ne ke nyatsa batho ba mafumahadi, ke sa rate ho utlwa letho le ha barata ho nkeletsa. Ho phahamisetsa motho wa mosadi letsoho e ne e le nthoe bonolo hoo ke neng ke sa nahane hore ka tsatsi le leng ke tlo kopana lepela di falla. Ke mang ya neng a hopola hore motho ya hlooho e thatajwalo ka nna, a ka rutwa ke mosetsana ya jwalo ka Prudence ho lwana? Kemang ya neng a tseba hore radikgoka ya boemong ba ka, a ka tshabaBeatrice? Tsena ke ntho tse ntjha tseo ke ithutileng tsona ha ke ithutakarate. Ke ile ka ithuta thuto ya bohlokwa hore lenyatso ha le sebetse ebileha ho ntho e hlolang boikokobetso mona lefatsheng. Ke ithutile hore bathobohle re a tshwana hobane merabe yohle e ne e sebedisana mmoho ntle lekgethollo. Ha ke sheba ka moo re hlomphanang ka teng Dojo, ke ne ke lemoha hore ha bohle re ka lesela boikgohomoso le ditlontlollo, re ka phelahamonate mona lefatsheng. Tsela e sa le telele eo ke tshwanelang ho etsamaya empa ke ikemiseditse ho fihla tlhorong.
2.1	Ho ipha dimenyane.
“Yoi!” Ho rialo Sensei Takadimane. Ra etsa se batlwang. “Hajime!”
Karabelo a tshwara seatla sa mme wa hae ka letsoho le leng, athe ha e lele leng a tshwara seatla sa ntatae Lereko, yaba o re, “Ntate Lereko le wenamme, ha ke rate ho bona qeto ya ka ho eba le motho e mo kgopisang.Kgetho ya ka ke ya hore ke tla nne ke dule le mme, empa ke tla nne keetele ntate ha dikolo di kwetswe le mafelong a beke. Hodima tseo ke sengke di hlalositse, ke kopa ho re Ntate Lereko le nna maikutlo a ka a sekgopisehe. O se hlekefetse Mme ka lebaka la tsena tse etsahetseng. Kekopa hore o kgaohane le nkgono hobane ho mo lwantsha ha ho na hofetola maemo a ditaba, ho teng e tla ba mathata hodima mathata. Ha oetsa tseo ke o kopileng hore o se di etse ke tla o hloya, ke o ile sekgethe.Ha ke na ho o utlwisisa ho hang.” Ha Karabelo a ntse a bua tsena ho ne hobonahala ho re nkgonae, mme wa hae le Lereko ba makaditswe ke houtlwa mantswe a sefutho, a ahang, a tlisang kgotso, a tswang ho ngwana yasa leng tlase dilemong jwalo ka Karabelo.
“Mamohale hobaneng o sa ye Secunda, o ilo batla tjhelete ho monna wahao?” Mmaditaba o a botsa.
4.7 	Ho iteta sefuba.
Kgobokaneng – Kopaneng  Nyarela – Hlwedisa
6. Dipotso tse telele
“Thola!” O kena Mmatoko hanong. “O ntse o tshwana le yena ngwanaenwa wa hao! Ke o hatikela le yena o ba o timellwa hona jwale.”
##polelo eo temeng e ka hodimo.
Ha a ntse a nahana tsena, o ntse a akgela lejwana ka metsing. Ka nako enngwe a le akgele ka sefutho sa hae kaofela. Bodutu bo mo qetile. Oikutlwa hore selemo sa boraro se tla fela e le mofu ya sebetsang mmaeneng.Ha a so qete le selemo sa pele, empa pelo ya hae e se e bolailwe kematetetso a ho mamella bodutu, ho sebetsa ka thata, ho omanngwa, hokgarametswa, ho rohakwa, le eng? Ke lethathamahadi.
“Bona, jwale o sotleha jwang?” Mmaditaba o bua jwalo a kgangwe keditsheho.
“Tshepiso ngwanaka, o batla ho lo ntshetsa dithuto tsa hao ho kae?” Hobotsa Mamohale.
##ke 4.2 wa meya ya batho bo a
12.1 Jwala ha se ——————————
“Batho ba fihlile, ba bile ba ile,” ho ntse ho ngongoreha Tseko. “ke nthoe jwang yona eo? Rona re ntse re emetse terene. Re tla ema ho fihlelaneng? Ruri, nna ke kgathetse. Ho emela terene ho thata.”
“Na ha o a utlwa hore kajeno ke letsatsi le leholo la ho behwa hwa Kabelo
Jwala ha se 4.1
ka L.S. Mokoena
O mathile jwalo a sa tsebe moo a yang teng. Sepheo sa hae e ne e le hoya tlaleha taba ena sepoleseng. Empa jwale le hona moo sepoleseng o ne asa tsebe hore na ke hokae. Le ha ho le jwalo a nna a matha a lebile pelefeela. O ile a bontshwa ke kganya ya mabone feela hore o sa ntsa matha kahara toropo. Tokotoko ke eo o se a re ptjangptjang le e mong molebedi wabosiu. Eo, ka ho nahana hore Kolobe ke e mong wa mashodu ana aomosebetsi wa ona e leng ho thua mabenkele bosiu, a be a se a mo tsotella, ammotsisisa ka thata hore na o behwa ke eng moo ka nako eo. Kolobe ahlalosetsa molebedi eo tsohle tse etsahetseng. Molebedi a utlwisisa, mme akgolwa ditaba tseo Kolobe a mo phetetseng tsona. O bile a mmontshamotebo wa sepolesa o neng o bile o se hole le moo ba neng ba ntse babuela teng.
1.10 E bile foromane.  j. Pula ha e ne.
Kgutsufatso ya palekgutshwe
“Hajime!”
4.9 Kepa o boela hae.
Mangole a hae a keqa, a sarelwa a baka mehau. Ha re a bokolle, feela aithiba. A reteleha, a thonaka katiba ya hae fatshe, a ntano tswa holong mooa hlahlile mahlo jwalo ka lehlanya, le lekgutla eka le mo imela le ho feta. Atswa jwalo a rerile boiphetetso, feela a ntse a re: “Ke leboha lekgutla la ka,Ramasedi.”
1.9 	Tikoloho eo diketsahalo di etsahallang ho yona palekgutshweng ena ke efe? Qolla dintlha ho tswa palekgutshweng tse tshehetsang karabo ya hao.
“Ho he! Ho boima lefatsheng ngwana motho! Mohlomong ke tjheletemohlodi wa nokahadi ena ya ditlhopheho. Le ha ho le jwalo, re lekabophelo, tjhelete ke bophelo, mahlopha-a-senya. E tshwana hantle le nokaena eo ke e shebileng. Ka nako e nngwe e a hohola, e ripitla bophelo, empametsi a yona ke bophelo.”
1.4 	Polao o lwanne habedi sekolong. Na se sepaka hore Polao ke motho ya leqhoko? Tshehetsa karabo ya hao.
“Jwale o wa pota!” Ke Tebello eo ka ho kgena. “O mpuela masawanajwale.” “Phephi hle! Motaung wa Ramokgele.” Mamohale o bua aphahamisitse diatla. Tebello a tima kerese ba robala e mong a shebilekwana le e mong a shebile kwana.
2.7 	Ho lwana ya kgumamela.
Hoja ka ka mpa ka mo tshwarela, ho ka be ho bile molemo! Ho ka be ho bile ho sa hlaha tsena.”
E mong wa metswalle ya bona o ba bolella ha a bone Thabo a sela dijo meqomong Hillbrow. Ba tsamaya mmoho le mmaThabo ho ya mmatla. Ka bomadimabe Thabo ha a bona ntatae, o ile a tshoha hoo a ileng a itahlela ka hara tsela a sa e lekola pele mme o ile a thulwa ke koloi. Se entseng hore a balehe ke hore o ne a tshaba ntatae a nahana hore o tlo mo shapa. Ka lehlohonolo ha a ka a lahlehelwa ke bophelo empa o ile a ya le maidiidi. Ha a phaphama sepetlele o ile a bona ntatae mme a tlelwa ke tshabo eo le baoki ba ileng ba e lemoha. Ntatae o ile a mo netefaletsa hore ha a sa nwa jwala le hore o a mo rata. Thabo o ile a amohela taba tseo mme ba kgutlela hae ka thabo hape.
Phutheho ena e kgobokaneng pela lebitla e bina ka maikutlo a
O aparela Manana, o kgahlisa yena, o lora yena feela. Etswe le lekgutlajwale o se a batla a lebala hore o ntse a le jere. Senyesemane le sonamehleng ya morao se a ipatla ho yena, moeka o lebetse hore sekolong o nea itswele a le sehlopheng sa borobedi feela, le hona hara selemo. O tlohetsesekolo hoba a rekelwe motjhini wa ho roka, a tshaba le ho hlola a hlothahlothilwe ke dithaka tsa hae.
Ka mora ho dula hae beke o ile a leka ho ya fumana mosebetsi difemeng.
“Ke sa kgutle ke eng?” Tebello o phahamisitse maikutlo.
Phirimaneng eo, Abiele a etsa ntho eo e neng e se e le kgale a e lebetse.
4.6 	Ho keketeha.
Mapolasing mosebetsi o ne o le siyo. O neng o le teng toropong, e ne e le mosebetsi wa ho hlwekisetsa bommisisi dijarete. Empa tjhelete eo a e amohelang e ne e sa kgotsofatse ebile e sa tsitsa. Dikgaitsedi tsa hae di ne di pepa di sa tswa pepa. Tse nyetsweng di ne di siile bana ka bobedi ho isa boneng lapeng. Ho tse pedi tse so nyalweng e nngwe e ne e nyantsha ngwana wa boraro e nngwe e lebelletse ngwana wa bone.
2.2 Ho ya ka wena ketsahalo tsena tse latelang di supang? Hobaneng o realo?
Seqhenqha – Senatla; motho ya mmele o moholo
Ka beha mohala fatshe.
“Ebe o na le leqheka Ntate?” Ho botsa Mamohale ka ho tsieleha. “Ee kena le leqheka.” Tebello o bua a shebile marulelong a ntlo.
Ya dumaela meropa, hwa re kitii! Phala tsa tlerola hwa re hwaa!
“Mme, ke tla itshwrara hantle. Ha ke qeta dithuto tsa ka ke tla kgutlelalapeng.” Tshepiso o tshepisa mmae.
“Mmamojalefa le yena o manganga a tenang.” Ho kgaruma Tseko, a se a bopile jwalo ka ha ba mo tsebang ba mo tlwaetse. “Ke ne ke itse ke tla etsa matsapa a hore ke reke koloi beke e tlang. Ke ne ke tla lata ngwana eo wa ka ha bobebe. Jwale re emetse terene.”
11.5 Ho ineha naha.
“Salang hantle, ba heso.” Ke moruti le mmamoruti bao, ha ba ikela ka yabona le bona. “Re tla teana hosane merapelong ha motswetse a ka o fasebaka.” Ho dumedisa mmamoruti, ha a tswa le tse tswang.
3.6 Ho kotsomala.
Ho kena pooneng - Ho nyamella ruri.
8. Hlalosa ka botlalo mabaka a entseng hore mmaya Kepa a dule polasing. Le hore o ne a etsang ho iphedisa.
A bona moradi wa hae ka koloing, a tshwere lesea. Mamohale a nka
Tsietsi ya motho wa rona ya eba hore na o tla ya phirimellwa ha mang,ha ho se le motho ya neng a mo tseba toropong eo. Eitse moo menahanoya hae e ntseng e kgelekgetha, e kgokolotsa kwana le kwana, a ya a hopolahore mosadi o kile a mo ngolla, a mo tsebisa hore mora wa bona ya neng akena sekolo se seholo moo Maseru, o ile a fumana ntlo e hiriswangmotsaneng o ka thokonyana ho Maseru wa Qwading, mme o dula honateng. Empa jo! ha Qwading e le motsana o pharaletseng hakaalo, o tla re obatla ha mang. Ruri phalo ya ema le lesemela.
ka B.T. Mokgomatha
9. Fana ka mabaka a entseng hore Kepa a nke joyene.
1.1	Ke mang a neng a bua mantswe ana “Ke qetetse Kabelo a sa le monyenyane haholo.”
Kgutsufatso ya palekgutshwe
“Ke ne ke re ho ya ka moo o nkotlang ka teng, ruri ha o bontshe lerato la botswadi la sebele, mosa le ona mohau ho nna. Ha o hlile ha o nkotle, o lwana le nna. Lengolo le re, ngwana o lokela ho hlompha batswadi ba hae, mme batswadi le bona ba hlomphe ngwana hobane le yena ke motho mme o kgona ho utlwa bohloko kapa hona ho hlokofala jwalo ka mang le mangya phelang. Ke ne ke le kopa batswadi ba ka hore le lekodisise taba enahantle hobane e tla etsa hore ke inehe naha.”
2. Mamohale e ne e le Mokeresete. Qotsa mantswe a netefatsang
Ka baka la lerata leo ba neng ba shebelletse ba neng ba le entse,haholoholo banana, mosuwehlooho a ba a ya fihla moo ho neng holwanelwa teng. A botsa se etsahalang mme bohle ba neng ba le moo bapaka hore Polao ha se yena ya qadileng ntwa eo, e simollotswe kebashemane bao ba neng ba lwana le yena. Ha sekolo se etswa, ka ho tsebahore ntatae o tla mo etsang a sa mo bopa, Polao a ineha dimenyane.
3.3.5 	E sa le madungwadungwane.
6.5 Ho hlophisa ditaba.
Motswalle wa kgomo - Motswalle wa nnete.
3.10 Bojwala ke pheko.
Phutheho ya boela ya bina pina e dumellanang le maemo a ditaba:
Ho menola tlhabela - Ho baleha.
3.2.3 	Mophetwa enwa ke wa mofuta ofe? Tshehetsa karabo ya hao.
Sylvester o ile a nama ka mofuta ona wa boitshireletso mme a qetella a mmema ho tla boha ha ba ikwetlisa ka tsatsi le leng. Ke ne ke le mafolofolo, ke na le tjheseho ya ho tseba sephiri sa Takadimane, ka hoo ka hla ka phallela moo ho ikwetliswang teng letsatsi le hlahlamang. Ha ke kena monyako, ke ile ka hla ka bona hore tulo ena e fapane le tse ding tsohle tseo nkileng ka di bona. Phaposi eo ba neng ba ikwetlisetsa hara yona, e ne e hlwekile ho se dithwele fatshe. Moya wa teng o ne o phodile, ho nkga hamonate ho fapana le moo ke tlwaetseng teng. Moo re ikwetlisetsang ditebele teng, ho ne ho nkga lephoka la dieta le ona mahafi.
Secunda pele e fallela mona.” ho realo Tebello.“Tshepiso, ke bosiu ha re kgutlele kampong, nako e re siile.” Ke Lerato ya hoeletsang.“Joo! Ke bosiu.” Ke Tshepiso eo. “Ha na lebitso la hao o mang?”“O mpitse bra T, ke dula hosteleng e pela seporo sa terene, nomoro 17.”
10. Hlalosa ha kgutshwane seo o se utlwisisang ka bofubedu ba letsatsi le tlerefetseng leo e kang le halefetse Kepa. Hlalosa o ikamahantse le mantswe ana:
Ke ne ke thabile ho re Sensei Takadimane o nnamoletse athe kgefutsoeo ke ya motsotswana feela, a boela a nthomella ka hare. Ke tswile moo kekgathetse eka ke qetile hora athe ha ho jwalo. Pelo ya ka e ne e le bohlokoha e le mona ke tlontlollotswe ke ngwanana pontsheng ya bohle. Ke ne keipotsa hore se qetang ho etsahala, se etsahetse jwang ke le motho yamatjato.
• O hodisitswe le ho bopuwa ke batswadi ba itlhomphileng ba ratang thuto maemong ohle. O kene sekolo ka sepheo se seholo sa ho ba moruti. Ka hona ha a nka fatshe.
3.1 	Abiele o lelekilwe mosebetsing.
Ha a fihla a kopana le ba phuthang ditopo ba tswa ka tlase selomong, bakakasitse seteretjhara, ho sona ho na le mmele wa motho o kwahetsweng.A fihla a kwaholla lesela le kwahetseng, mme a tlallana haholo ha a bonamonna hae a tholetse ruri, a shwele lefu le sehloho, boko ba hae bo tswetse kantle. A bea matsoho hloohong, a se hlabela hloohong hoo batho ba nengba le teng sebakeng seo ba ileng ba iphumana le bona dikeledi di se dikeleketla marameng a bona.
##tebileng, a hlabehileng.
“Hana o ne o re haeno ke Qwaqwa?” Ke Tebello a botsang. Tshepiso aaraba, “Ee, ke ne ke tjho jwalo.”
Tlhasenyana ya morusu palenyaneng ena ke hore Tsholo ke kgale a kopa ngwana. Yare ha mofumahadi a imme, a leboha Modimo le badimo, mme a reha ngwana lebitso la Karabelo, hoba a arabetswe kopong ya hae. Mongodi o re okolela feela ka hodimo mme re tshepa hore o tla re tsholela ditaba tsohle ha pale e ntse e tswella.
Karabelo a bontshwa eo e leng yena ntatae ka sebele. Lereko ha utlwahore ke yena ngwana hae eo a mmonang, a seka meokgo. A utlwa bohlokobo sa tsweng madi ha a bona ngwana hae e se e le monna, a se a hodile. HaMmakarabelo le mosadimoholo, mme Mmampontsheng ba ntse ba ipotsahore ba tla qala kae ho hlalosetsa Lereko ka taba tsena, ke ha Karabelo antsha puo.
Ho ne ho se motho ya tsotellang hore ho hlwekile kapa tjhe? Mona batho bohle ba ne ba phashaketsa ka maoto, ba iphotlile, maoto a bona ba a hlapile hantle. Dinala tsa maoto le matsoho di ne di ponngwe ka makgethe. Bohle ba ne ba felletse ka hara disabusabu tse tshweu tsa moaparo wa Sejapane. Ho ne ho se motho le ya mong ya meriri e hlahlabetseng.
Kgutsufatso ya palekgutshwe
“A ko iketle hle, Tseko.” Ho kgotsa Mmatseko mane moo a ituletsengsetulong. “Ha se wena ya kgannang terene. Le mokganni wa yona ha atsebisise hantle hore e tla fihla neng mona. Nako eno eo o ntseng o enyemotsa letsohong la hao, ha e thuse ka letho qakeng ena. Hoja wa itulelafatshe, ngwanaka. Terene e tseleng. E seporong.”
6. Ha o nahana, kgodiso ya Karabelo na e na le tshusumetso ho holeng le ho nahaneng ha hae kapa bothong ba hae. Tiisa karabo ya hao ka dintlha tse tswang palekgutsheng ena.
6. Polao o lwanne habedi sekolong. Na se se supa hore o rata ntwa? Tshehetsa karabo ya hao.
4. “Hoja ka mpa ka mo tshwarela!”
A hola jwalo Mohau wa batho hara bomphato ba hae a fetotswesekatana, semamina, seiphumolo sa mang le mang. A fetotswe tsona kgobetsa seotlong hantle. A hoboswa ngwana batho, a jewa ditsheho, ho ya hoile a keketehisa ao mabewana. Empa o ne a le mosa, e le raditshehwane, leha a kgopisehile o ne a kgenela ka hare ka sefubeng sa hae. O ne o ka bonafeela meokgo e se e kopotsa mahlong a mohlankanyana enwa ya lebajana yatseka la mathe, feela e le meokgo e kopantseng le ho bososela ho monahwa mehla.
“Tswela ntle kwana selotjana towe.” Kgafetsa ho rialo mosadi wa ntataeho yena Mohau, mora wa hae ka lenyalo e seng ka ho mo beleha. KgafetsaMohau o re feela, “Ke leboha lekgutlana la ka, Ramasedi.” Kgalefo ya eommae e be e tukang mollo ha Mohau a bua jwalo, a ikgothatsa jwalo.Mmadibetjheng jwale o sa tla komelaka ngwana, a mo sehollake, a motsholele maqa a sa butswa ho fihlela Mohau a re phuru! a ilo hahlwa kemoya ka ntle. Ha a balehela ka ntle jwalo o ne a baka mehau ruri. O mathajwalo a kotlobane a bonela lefatshe haufi, a tsamaya a bidibidika, a be a yo re fatshe putla! O ema ka thata mono moo a wetseng teng, a ntanohlotsetsa pele, a tshematshema jwalo ka ntjanyana e tshwerweng e utswamahe serobeng sa dikgoho. Yane mmae o thabiswa ke ntho tse jwalohobane o nyemotsa Mohau feela ha a sudubana fatshe jwalo, kapa a mofelehetse ka ho re, “Ha e ye kwana!” Mohau yena o boela a ikgothatsa kaho re: “Ke leboha lekgutlana la ka, Ramasedi.”
Kgutsufatso ya palekgutshwe
Tharahano
“Kwana ke bona ekare ntate Toko o entse phoso e kgolo mme.Lekgotleng la Sekolo la Batswadi, leo ke e song ho bone ntate Toko holona le ha re hlola re ba bitsa hakana, re hatella ka matla hore lere le ojwale sa le metsi. Batswadi ba lokela ho kgalema bana moo ba fosang teng, eseng ba ba sotle. Ha o ka tshwara ngwana hampe, ha morao o fetoha serasa hao. O fetoha setsetse kapa mmolai ya ka nnang a qetella a bolaile wenantatae.”
“O mpe o tele, mohatsaka,” ho realo Mmapalesa ka lebososelo le monaleo a tummeng ka lona. “le ha nka bina ho feta tswere mohlakeng, nke keka ba ka feta Palesa ho nkgonwae. Le kgale!”
Mobung o batang - Mabitleng.
Ka tsatsi le leng a kopa ntatae ho tla buisana le bona jwalo ka batswadiba hae.
13.2 Tikoloho le nako.
Ka makala ho utlwa ho thwe, “Uss Sensei!”
6.4 Ho etsa matsapa.
6.2.1 Tharahano.
“Jwale o se o batlang sethoto towe?”
Tlelosari
Lentswe la ka le ne le hanella mmetsong, kelello e hana hore karate ha e tsofallwe.
“O phaphame ha o le mona, di tla o tabolela tsena tsa ka ditau. O batlang?” Ka nako ena dintja di se di thotse, di bothile, di ntse di tsoka mehatla pela monnga tsona. Ka yona nako eo ha fihla mootlwana, wa moma katibanyana ya Kepa e lahletsweng fatshe, wa e henahena mobung ho fihlela e le putswa e re pududu! A sa maketse hore mootlwana ha o kgalemelwe keng, a jajabetswa ka bohale hape.
“Ke utlwile ngwanaka, nke ke ka mo etsa letho ha a fihla mona. Ke a otiisetsa hore ke tla phethisa dikeletso tsa hao tsohle. Le nna ke le ntataetjena, ke ipona phoso.”
Le tholetseng?” Mantswe ana a ka hodimo, a hlalosa seo o ke keng wa se tlosa kapa hona ho se hanela. Ha se hlatswehe hoba ha se tshila, se jwalo. Ngwana ha e le wa madi a hao, o tshwanela ho bontsha boikarabelo bo boholo ho sa kgathaletsehe hore maemo ke afe. Le ha motho e ka ba tsotsi kapa hlooho ya sekolo, ngwana ha e le wa hae, ke wa hae. Boikarabelo boo ke buang ka bona ke ba hore o hlahe phatlalatsa ho tseka seo e leng sa hao. Sena re se bona ka ho otloloha ha Lereko wa tsotsi a batla ngwana madi a hae ka mora dilemo tse leshome. Teronko e ne e mo arohantse le ngwana wa hae empa hoba a kgutle, a tseka seo e leng sa hae maemo a dumela kapa a sa dumele. Se bakileng kgobahadi ena ya taba le sona o ile a se hlola. Re boela re lemoha re le babadi hore maikutlo le dithahasello tsa botho di ka baka mathata le ditsikitlano tsa meno ho sa hlokahale. Ka hona Kharikhulamo ya naha e ntjha e kgothaletsa hore batho bohle ba tsebe ho hlwaya, ho rarolla mathata le ho etsa qeto ya ho sebedisa bokgoni ba ho nahana ka kutlwisiso le ka boiqapelo ho se tshitiso ya letho. Sena se netefaditswe ke tsela eo Karabelo a rarolotseng ditaba ka teng.
E ne e le ka phirimana hara beke tsatsi le leng, ha motswalle e mong waba ha Abiele, a fihla lapeng la bona mme a ba bolella hore o bone Thabo antse a sela dijo moqomong, motseng o mong wa Gauteng o bitswangHillbrow. Thabo o ne a le makgenefanyana mme a bonahala a hlahafetse.O ile a baleha ha a bona motswalle eo wa bona. Le hoja ba ile ba utlwabohloko hakaalo ka moo ba utlwang ka ho sohlokeha ha mora wa bona ka teng, ba ile ba kgothala hobane ke moo o ne a sa shwa. Mmathabo a hla arerisana le monna wa hae hore ba ke ba ilo sheba Thabo mono Hillbrow.
1.11 Na ya buwang mantswe a hodimo o a itshola na? Hobaneng o realo?
Ha ba arabe
Ke ye ke ikemisetse ho bolella Thulare nnete, empa ka mehla ke tjhantshi. Ha ke rate ho mo utlwisa bohloko. Ke bona ho sa hlokahale ho mmolella hore majoro ke motjhanae. Le kajeno ke sitilwe.
2. Yaba re eme, re eme...
Mmae, Mmathabo, o ntse a bososela feela mane moo a leng teng setofong, moo a ntseng a ba phehela dimenyemenye tseo ba tla tsamaya ka tsona e le mofao hoseng, ka madungwadungwana. “Ntho e nngwe feela eo ke e tshabang ntate, ke metsi a lewatle. Ke utlwile boThabiso ba re metsi a lewatle a a bapala mme a etsa maqhubu,hape ba re a letswai. Keng a le letswai ntate?” Mmae a tsheha mane moo a leng teng mme a bona ntatae a batla a qakeqakeha hore na jwale eo potso o tla e araba jwang. Thabo ha a botsa, o botsa hore mollo o fele ho sale tosi! “Tjhe Thabo, jwale o se o botsitse ntatao dipotso tse ngata ngwanaka. O tla tshwanela hore ha dikolo di bulwa feela, hang ha o fihla sekolong, o be o se o botsa mme mmisi hore na ke hobaneng metsi a lewatle a le letswai. Tsamaya o ilo itlhatswa he, o tle o tsebe ho tla ja mme o ilo robala. Hosane re tsoha esale ka matjeke, ka dialla.” Thabo a tsamaya a ya phaposing ya ho hlapa le hoja a ne a hlile a bonahala hore ha a kgotsofatswa ke karabo eo a e fumaneng. Hobaneng metsi a lewatle a le letswai?
1. 	Bala qotso e latelang o nto araba dipotso tse tla latela: “Terene e a emelwa Tseko.” Ho realo Mmatseko, a se a ntse a nyarela mane leboteng, moo ho hakilweng watjhe teng. Nako ke hora ya bohlano, thapama. Tseko o a fihla, ba lokela ho lata mohatsae le lesea seteisheneng. Mohatsae o tswa kwana Thekong, moo a neng a ilo itsibola teng. Ke kgwedi ngwana jwale a hlahile, jwale Mmamojalefa le Mojajalefa ba kgutlela lapeng.
1.1 	Hobaneng Thabo a iphile dimenyane lapeng labo?
Ho kgahlwa ke none e feta e hlotsa - Ho kgahlwa ke ntho eo o sa e
“E mong le e mong o behetswe nako eo terene ya hae e tlang ho fihla kayona.” Ho realo moruti ha a phethela. “Ha terene eo e fihla, ba kulang batla fola. Ba tla hlobola mmele ona o bolang le malwetse a wona, ebe ba rurasa nonyana-thaha, ba phukalle sa ntsu, ho haba hae lehodimong. Kaofela,re emetse terene.”
1.4 	Hlalosa seo jwala bo leng sona ho ya ka mongodi wa palekgutshwe ena.
Modimo o ratile hore a be jwalo. Metoutong a ipotsa haholo hore na ke ka hobaneng ntatae a shebile feela a sa thibe sethibamathe seo sa hae ho nna se mo duba jwalo yena Mohau. Bodutung ba hae a iphumanela kgotso ka ho bala dibuka ka thahasello e kgolo. O ne a qoba dihlotshwana tseo tsa dithaka tsa hae tse mo somang di bile di mo kgala ka lebaka la selota sa hae.
13.5 Mookotaba wa palekgutshwe ena ke ofe?
4. Sebedisa mantswe a latelang ho tlatsa dikgeo tse siuweng:
Hlokomela:
3.2 	Nyarela.
A fela a itahla Moferefere, a ya ntweng. Mohau a sala hae le ba salang, e leng maqhekwana, bana le basadi. Bona monwana ha o a ba supa ho ya tlhabong, mme Mohau o re “Ke leboha kgutlana la ka, Ramasedi.”
Mamohale o ne a phela ka thata le hona ho hodisa Tshepiso ha boima. O ne a dula a touta, ebile a ipotsa hore ha e le moo a mo tshepisitse ho tla ha kgwedi e fela, ebe o tla tseba neng moradinyana wa bona Tshepiso. Ruri tabana e fetoha taba, mathata ha a fele. Kgotso e neng e rena ho yena le lapa la hae ka kakaretso e a dukeha jwale.
6.2.2 Mothipoloho.
Ba habo mohlankanyana ya robehileng dikgopo ba dumela molato wangwana wa bona, empa ba kopa hore a se ke a tebelwa moo sekolong.
10. Ho thwe bitsolebe ke seromo. A ko hlalose taba tsena. Kganyapa e hlalosa boemo bo itseng ba lehodimo. O ka bo bapisa jwang le lebitso la monna eo, Kganyapa.
Mohlapeng wa Jesu
Ho le nyaya le kolobe - Ho thola tu! ka seo o se tsebang.
5. Fana ka mehlala e meraro e supang hore lelapa la boThabo e ne e le le mofuthu.
“Ngwana enwa o tswa mo nka kae, mosadi?” Mapolesa a ile a mpotsadipotso. “Ntatae o mo siile kae?”
5.2 	Kgaitsedi tsa Kepa…………….. DNatefetswe. A Di na le bana ba bangata. B Ha di na bana. 5.7 Ntate wa Kepa………………… C Di sebetsa ka thata. AO hlokahetse. D Di rutehile. BO nyahladitse lelapa.
4.4	sa sekwenya
Mamohale a foroma ditene tse ngata ka mokgwa o makatsang. A ahantlo ya dikamore tse robedi, e kgolo. A phela ka tjhelete ya ho rekisaditene, a atleha e le ka nnete. A hafa ka nkatana.
Dilemo tse tharo di ile tsa fela tsa feta. Kepa a menahana le mehlala. A fihla polasing eo a neng a holela ho yona, a kgathetse sa ntja ya lekesi. Tsatsi ha le dikela mongodi o re le ne le le lekgubedu. Sena e ka ba sesupo sa hore mohlomong kotsi kapa tsietsi e kgolo pele moo a yang. Tjhe, Kepa ha a ntse a atamela a tlalwa ke thabo ha a bona moo a holetseng. Athe ke selelekela sa maswabi hoba motse e ne e se e le lesupi. Ho neng ho setse ke lelwala leo mmae a neng a le behile pelong ya hae. O ile a dula ho lona, a nahana sena le sane shwalane ya ba ya tshwara. Lelwala leo re ka nna ra le tshwantsha le pelo ya mmae, eo a ileng a dula hodima yona, a e sama lefifing, mathateng a bosiu. Le ha ho le jwalo o ile a bolokeha.
Batho bohle ba nang le maoto ba ile moketeng, athe rona diritsa ledihlotsa re tla itshedisa ka ho boha diketsahalo tsa letsatsi lena mona dithelevisheneng.
Lekgutla ke selota se fumanwang pakeng tsa mahetla, se kang thajana Batho ba nang le sona ba bonahala e ka ba a haella sebopehong. Batho ba bang ba ba kgesa ka lebaka la sebopeho sa bona.
“Hela! na ke wena Moferefere?” Ke Mohau eo, a makaletse seqhwalasena se pudufetseng, se siileng mahlo le matsoho a sona kwana Itali,ntweng ya Hitlelara.
Ho sitswa - Ho hlohonolofatswa ka ngwana.
3.2.1 	Ke mang enwa eo ho buuwang ka yena qotsong?
Lerato la ho bala dibuka ha le a ka la fella moo. O ile a tswela pele ka ho bala ho fihlela nako eo a furallang sekolo ka yona. Ha a ntse a sebetsa ka tsatsi le leng o ile a bona papatso thelevisheneng e batlang batho ba ka ngolang dipale tsa thelevishene. Monyetla ona o ile a o tlolela hang hang mme ha a fihla kgasong ba dumela ho re a ka tswella pele ho ngola pale ya hae ka mora ho ba a ba hlalosetse seo a lakatsang ho se etsa. Ka tsela e jwalo pale e bitswang, Le tla o tjhabela, ya ngolwa. Ka selemo sa 1991 pale ena ya bapala ho TV 3 dibeke tse 18. Mongodi o ile a leka ho ngola dipale tse ding ka mora moo. Buka ya dipale tse kgutswanyane e bitswang, Ngatana ya patsi ya ngolwa. Buka ena ya mo hapela kgau ho dingolwa tsohle tsa Sesotho ka 1988 tse tlasa De Jager Haum.
Jwalo ka ha Tsholo a ne a tsebahala, ho bile bobebe ho setjhaba ho kahlalosetsa ba thuso ya pele hore mofu ke mang. Ba thuso ya pele ba ile bakopa ho tseba ba leloko la mofu. E mong wa ba teng ya tsebang lelapa laTsholo, a hlalosa hore mofumahadi wa mofu o sebetsa sepetlele sa honamoo motseng wa Mahwelereng. Ba thuso ya pele ba letsetsa mohalasepetlele, mme Mmakarabelo a tsebiswa ka lefu le sehloho la monna hae.
Lesowa - Monna ya sa nyalang.
“Mamohale tlala e re patetse.” Ke Tebello eo, ho mohatsae, pele ba isamasapo ho beng. “Ruri, bophelo bo boima.”
Nakong ena ditshita kapa ditaba di a rarahana. Di a lohellana di iketse ntho e thata. Ka nako e nngwe molwantshi o tlatswa ke baphetwa ba bang ba kgemang le yena ho lwantsha molwantshuwa. Enwa le yena, taba di senyeha hoo a timellwang le ke ho rarolla mathata a hae.
3.6.4 Diketso tsa baphetwa.
Bala seratswana sena se latelang e be o araba dipotso tse tla latela:
“Tshepiso moratuwa, bophelo bona re bo adinngwe mme ha re tsebe hore bo tla nkuwa neng. Ke ne ke rata hore ke tsebe batho ba heno le wena otsebe ba heso.” Tebello a bua a kgathatsehile.
Ke a dumela hore le yena Kabelo o abetswe ke Modimo, Moabi watsohle tse ntle. O a behwa Kabelo kajeno, mme setjhaba se thabile, le hanna ke batla ke ferekane.
6.5 Ho re etlo.
Ke kgwedi tse hlano jwale, Tshepiso a le sekolong Nelspruit. Meriti ethehile, banna ba sebetsang difemeng ba ya phasaphasa, e tjhaile jwale.Tshepiso o tsamaya le motswalle wa hae Lerato, ba ya mabenkeleng.Lerato a kena ka hara lebenkele, Tshepiso a sala ka ntle le diphahlo tse ding.
Maele le dikapolelo
Dipotso
Ke na le tumelo ya hore le Modimo Ntate o a dumela. O a dumela horeenwa ke ngwana wa setjhaba sena. Le ha ntatae kapa ntataemoholo a ka bamotshomotsho jwalo ka mashala, kapa a ba mosehla jwalo ka nyooko yatlhapi, ke yena ngwana wa bona hobane pela sefahleho sa Ramasedi re atshwana. Ha a behwe! Ke tjho tjee! Boetapele motho o bo fuwa ke Modimo.
1.6 	O ile a etsang hore Abiele a fumane thuso?
1.7 	Toko o qadile neng ho sotla Polao?
“Ke ntse ke bua le wena, mosadi,” a boela a ikutlwahatsa. “Majoro olabalabela ho o bona. Ke nahana hore ona ke monyetla wa ho lokisa ditaba,ka ho hlahella, le ho bua nnete. Re se re okametse lebitla, mme re lokela ho siya re lokiseditse bana ditaba. O lokela ho iteanya le majoro, le hlophiseditaba”.
E, jwala ha bo na phoso ha feela motho a sa inehelle bona mme a lekaho itebatsa mathata ka bona. Ha se pheko ya mathata.
10. Fana ka dintho tse totisang kgohlano ka hara palekgutshwe ena.
1. 	Bala qotso e latelang o ntano araba dipotso tse latelang: Ke qetetse ho bona Kabelo a sa le monyenyane haholo. Ke boetse ke na le setshwantsho sa hae ha a ne a le sekolong se phahameng. Morao tjena ke ne ke mmona hangata masedinyaneng le hona dithelevisheneng mona. Kabelo o shahlile ho feta malomae. O fepehile mme ho hlakile hore o phetse hamonate haholo. Thulare le yena o ntse a fepehile, empa e seng jwalo ka motjhanae. O ntse a hotse hantle, le hara mathata ao ke neng ke se ke iphumane ke le ka hara ona. Dilemo tse tsheletseng tsa hore ke tlise yane Mmakabelo mona hae ho fana ka yena, mme ke kgutle makgoweng ho ya ntshetsa tshebetso ya ka pele, ke ile ka iphumanela monna eo ke ileng ka mo rata haholo, mme ka phela le yena hona moo motsemoholo, ka moo ka Gauteng.Yena ha ke hanane le hore ke ne ke mo rata. Ka bomadimabe o ile a hlokahalla kotsing ya mebileng ha re ntse re hlophisa ditaba tsa rona. Tsietsi ke tsietsi.
2.4 Mmaletsatsi.  D. Monna ya neng a sa be le bana wa morui.
“Ka nnete ho thata mona. Ke tlamehile ho dula dilemo tse tharo komponeng ke sa ye hae, ke sa bone le sefahleho feela sa wa heso. Mohlomongbatshwari ba marapo ba hopola hore ha ke sa tla kgutla ha nka dumellwa ho yahae. E, ke ye hae ke yo bona batswadi, bana beso le metswalle. Mohlomong hanka dumellwa ho ya hae, ha ke sa tla tla mmaeneng.”
Phutheho ena e kgobokaneng pela lebitla e bina ka maikutlo a tebileng,le ka pelo tse hlabehileng:
##lesea ho Tshepiso eitse ha a re mahlo tloha a bona Tebello, monna wa
10.1 Ho beha tau setswetse.
6.1 	Hlalosa le ho fana ka semelo sa Tseko ka botlalo.
Ho raroloha - Ho hlapohelwa.
“Ha ho seo re ka se fetolang ka masenenyana a rona.” Ho realomosadimoholo enwa ya neng a mametse tsena tsohle ka hlooko. “Modimo o tsebile qetelo, ho tloha qalong. O tsebile pheletso, ho tloha tshimolohong. O tsebile e sa le kgale hore ke bomang ba tla etella naha enapele dilemong tsena tsa bofelo. Le nna ke re ha a behwe!”
Maele le dikapolelo
Ha a motle, o a tsoteha enwa Kabelo
Mmatseko o leka ho kokobetsa Tseko ka ho mmolella hore tsohle di a emelwa. O ka tata jwang kapa jwang bophelong, tsohle di a emelwa.
7. Hanana kapa o dumellane le polelo ena: “Jwala bo rarolla mathata.” Tshehetsa ntlhakemo ya hao ka mabaka o itshetlehile ka dikahare tsa palekgutshwe.
Botahwa bo bohloko. Motho ha e le letahwa, o a kula mme o tshwanetse ho dumela hore o a kula mme o hloka ngaka. Motho wa letahwa o tshwanetse ho dumela hore ke letahwa mme o hloka thuso. Ya jwalo motho o ye a thusehe. Motho ya hlolwang ke mathata mme a hopole hore jwala ke pheko ya mathata, yena o tshwana hantle le motho ya behang tau setswetse. Jwala ha se pheko ya mathata. Ke sesosa sa ona.
Mona lefatsheng bohle re ditlamong
10. Ke mora wa ka 99
1. E se e le nako e kae ngwana a hlahile?
Tsholo a mo kena hanong, “O batla ho mpolella hore nna kehodiseditse Lereko ngwana? Ebile o batla ho mpolella hore nna ha ke nangwana? Hao! Banna! Hobaneng ha lefatshe le tshwana le lempetje? Ha ore o fumane kgutso le kgotso eo o neng o e labalabela, le a o fetohela, oiphumane o se o tobane le lefifi la bonkantjana.” Tsholo a tlosa matsoho aMmakarabelo a neng a ntse a mo pholla mahetleng. A bula lemati la koloi,a tswa. A leba koloing ya hae moo a e siileng ha a ne a fihla sepetlele.Mmakarabelo a botsa monna hae hore o ya kae. A se fumane karabo. Asala ka koloing ya hae ka pelo e bohloko.
Le nna ke a dumela. Ke a tseba hore ke majoro wa ho qetela yabehwang ke ntse ke phefumoloha, ke shebile. Eo taba ke e tsebisisa hantlehaholo. Le nna ke re a behwe, jwalo ka ha setjhaba se dumela hore enwa ke ngwana wa sona.
5.3 Moetapele ya hlwahlwa.
3. Sesosa sa tlhopeho ya Kepa ke sefe? Fana ka ntlha tse pedi?
A tshematshema – A matha  Nyene – Motsheare
12. Qoqa ka puo le setaele sa mongodi palenyaneng ena.
Majoro enwa ya behwang setulong kajeno ke ngwanangwanake. Ha se batho bohle ba tsebang taba ena. Boholo ba thaka tsa ka bo neng bo tseba taba ena bo se bo le ho o batang. Ba setseng jwalo ka nna, ba se ba ntse ba okametse lebitla. Ke bona eka selemo sena se thwasang se ke ke sa kodumela re ntse re eja mabele. Neng kapa neng re ka nna ra ikela boyabatho, ra orohela badimong.
8. Na Takadimane o ne a shebeha a tshaba Kganyapa? Tshehetsa karabo.
2.5 Ho nyarela.  E. Ba fihlileng pele kapa morao ba ya tshwana.
5. O itshetlehile palekgutshweng tshehetsa maele ana: Ha ho tume dimelala.
“Mmatefo ke tshwere ke bodutu.” Ke Mamohale eo. “Ha ho motho yantshang bodutu.”
4. Hlalosa maele le maelana ana a latelang:
Ho idibana - Ho akgeha.
Ka letsatsi le leng rapolasi a fihla a ntse a di hlatswa, a mo jajabetsa kabohale. A mmolella hore o botswa, ke kgale a qadile ho hlatswa difariki,empa ha a qete. O tla fihla neng hokong tse ding tse supileng. Pelo ya re anke maranthanyana a hae a itahle a so ka a bewa letsoho. O ne a tla etsajwang? A itahla, ho setse dibeke tse pedi pele kgwedi e fela a nto fumanamoputso wa hae. A tsamaya a le moputswa sa masumu wa dithako ke hohloka. A hloka le sente ena e ntsho. Ha se yena ya ka dulelang diranta tsemashome a mararo ka kgwedi, bana ba a lapa hae. Ha a fihla hae a fumanaba lebeletse ka mahlo a mafubedu hore a ntshe tekenyana ho rekwe poonee dithollo. Ba se ba tla leka ho e sila ka lelwala. Ba ile ba qabana le mmae.Mmae o nahana hore ke lelofa le jang tjhelete le dikgarebe, bana ba bolawake tlala.
“E, ke nna Moferefere ntate!”
3.4 	Qoqa ka puo le setaele sa mongodi wa palekgutshwe ena.
11. Moputso oo Kepa a ileng a o fumana ka mora kgwedi tse tharo a sebetsa jareteng ya mmisisi e ne e le bokae?
5.3 Bophelo ke dihaeya.
1.1 	Bolela hore boMmatseko ba ne ba dula motseng ofe.
“E….e…eng. O re mang?” Ke Mmakarabelo eo a fiela ka dintshi fatshe.A itomaka leleme.
Batlatlapi – Baqhekanyetsi Komponeng – Moo banna ba sebetsang dimmaeneng ba dulang teng Lelwala – Lejwe le ho silelwang ho lona Leqeme – Ho se fumanehe Lethathamahadi – Di salana morao Mahakwenyana – Majwana a borethe a fumanwang lehlabatheng ka thoko ho noka Masupi – Marako
Tharahano
6.2 	Nako
2. Matahanya maele kapa maelana a hlahellang kholomong ya A ho dikarabo tse hlahellang kholomong ya B.
“Ke tatetse ho bona setloholo sa ka.” Ke Mmatseko eo, ha ba theoha koloing ya baeti, seteishening sa Bohlokong. “Ho thwe Mojalefa o tshwana le wena. Ha ho le jwalo, etlaba o tshwana hantle le mofu ntataemoholo, hobane wena o tshwana le ntatao hantle.”
“Ke bra T” Tshepiso a araba.
5. 	Dipotso tse telele
A potlaka a fumana boiphihlelo, tsebo le mafolofolo mosebetsing wa horoka. Motjhini wa letsa molodi nyene le bosiu. A roka dishweshwe,marikgwe le disutu mme a hloma a ba a tuma ka panyo ya leihlo. Katlehoya hae ya mo tlohedisa sekolo, ya mo lebatsa ditsietsi tsa hae, hoo a bilenga tlwaela ho itswakatswakanya le batho ba bangata. Baahi ba Mautse jwaleboholo ba iphetola metswalle ya hae, ba qetella ba mo memetse meketengle dikonsareteng tsa bona. Ke hona moo meketeng e jwalo a bileng a repjang! pjang! le moradi wa Radiphaphatha yane wa ho mo kgaoletsa kahara serapa sa difate tsa diapole a ntse a kgola diapole mmoho le thaka tsahae. A di letsa Mohau ka le leng ho Manana moradi wa Radiphaphatha.Ya wela mobung o motle. Athe o ikenya tshotso dinaleng, o kgahlwa kenone e hlotsa, le tsietsi e se e boetse e mo tjametse Mohau wa batho.
2. 	Qalong ya palenyana ena mongodi o re hlahisetsa lelapa le mofuthu la ha Abiele. Re bona ka moo Abiele le mosadi wa hae ba phelang hamonate ka teng, mmoho le mora wa bona Thabo. Moqoqo wa bona o re bopela karaburetso e babatsehang ya pono moo MmaThabo a ntseng a lokisa mofao wa ho ya Thekong letsatsi le hlahlamang.
Ho kgena - Ho teneha.
“Butle mannyeo, jwale o se o bile o tsamaya re ntse re qoqa, ha re soqete ho foroma.” Mmaditaba o bua a iqekisetsa. Mamohale a re, “Kgale kebona hore o a ntsheha.”
10. Qoqa ka mookotaba wa palekgutshwe ena, “Ke mora wa ka.”
Mongodi ditaba tsa hae o di qala hae. O re bontsha kgutso le kgotso ya lelapa la Abiele. Ha re sa nkehile ke lelapa lena le mofuthu o mokanakana ka mora leeto le monate la bona la Thekong, re se re kopana le mantswe ana: “Ha se pheko. Ke mosotli wa meya ya batho. Ke Moqabanyi.” Re qala re phahamisa ditsebe re rata ho ka tseba ho re e be ke mang enwa ya sehloho hakana. Ha re ntse re tswella pele ho bala re utlwa ka moo mongodi a solang jwala ka teng.
3.2 Araba potso tse latelang ka bokgutshwane:
Yare feela ha a qala ho tlosa leoto, a leka ho kgorohela Moferefere,
Tsela e telele e yang habo kwana dipolasing. Le bese e tsamaya hang ka beke. Ho ntse ho tshwana. Motho o theoha hole kwana. A leka ho supa ka monwana empa dikoloi tsa iphetela feela, etswe ke tsa borapolasi. A fihla polasing eo a holetseng ho yona a kgathetse, letsatsi le dikela, le tlerefetse.
24 Hlakola 2008
“Ke a tseba Mme.” Ho realo Thulare a ema, a ntjheba ka lerato. “Ke atseba hore jwalo ka ngwana wa hao ya tswetsweng a inotshi, o nkgodisitseka thata, mme o nthata haholo.” A bososela. “Le nna ke a o rata haholo.”
3.5 	Qoqa ka semelo sa baphetwa ba latelang:
4.4 	Ho ikela bo-ya-batho.
Ho phahla makunutu - Ho nya matsete; ho ntsha sephiri/lekunutu/pinyane.
3.7 	Metsi a lewatle a letswai.
Maele le dikapolelo
Meya e farasitse. Maikutlo a sithabetse.
Kgabane ya rona Polao, o ile a tswa a tsamaya mme Toko le mosadi wahae ba sala ba di tshohla mabapi le tletlebo eo ya mora wa bona. Mmatokoa leka ka matla ho bontsha monna wa hae diphoso tsena tseo a di etsang lehore ngwana ha a lokela ho be sa le a otlwa ka mehla.
Ha re akaretsa re ka re, mongodi e mong le e mong o na le setaele sa
Kolobe o fihlile mapoleseng moo eka lehlanya. Diaparo tsa hae di ne ditabohile, e le malolo feela. O ne a pudukane ho tloha hloohong ho ya tswamaotong. Sefahleho le matsoho a hae di ne di tletse mengwapongwapo eileng ya bakwa ke difate le majwe nakong eo a neng a ntse a kolokotjhanale dinokwane mane morung. O ile a tlalehela mapolesa ditaba tseo jwalo kaha di etsahetse, mme ona a di ngola dibukeng tsa sepolesa. Ho tloha moo,mapolesa a mabedi a mo nka ka koloi ho mo isa ngakeng. Eitse hoba ahlahlojwe ke ngaka, mme a be a tlamiswe maqeba, mapolesa a kgutla leyena ho ya motebong wa ona. Ha ba se ba fihlile le yena, e mong wamapolesa, ya neng a bonahala e le yena mookamedi, a kgothaletsa horeKolobe a tle a hlole bosiu boo hona moo motebong wa sepolesa. Ha ebajwalo. Bosiung boo, motho wa rona ha a ka lala a bo hlothile. E ya nne reha eka o tla kopanya dintshi, a lore toro e nyarosang, a be a rarolohe habohloko, a bile a fufuletswe hampe. O ne a lora a lwana le mora wa hae,Phakiso. Torong eo ya hae e bohloko a ipone a bile a bolaya eo mora wahae. Toro eo e nnile ya mo pheta jwalo ho fihlela bo ba bo esa.
Ho fela pelo - Ho teneha.
Ho ja masapo a hlooho - Ho nahana ka thata.
“Tshepiso Moratuwa.” Ke Tebello eo. “E se e le nako e telele jwale retsebana. Tshepiso a dumela ka hlooho.
Maele le dikapolelo
Ha Mmakarabelo a ntse a eme le monna Mateneng, Karabelo ke ha afihla ho tswa sekolong. Ngwana o maketse hore ebe ho etsahala eng lapenglabo. O bona ho phethesela batho. O bona le mmae a lla. A botsa mmaehore ho etsahala eng. Mmakarabelo a bona hore o tlamehile maoto lematsoho hore a bue nnete, a mo bolelle ntho e nngwe le e nngwe. Le ha hone ho le boima o ile a qetella a mmolelletse nnete. Ka mora hore Karabeloa utlwe tseo tsohle, o ile a bokolla seboko se bohloko, se otlang pelo. Empajwalo ka ngwana e motona, o ile a qetella a amohetse maemo a ditaba le hasena e le lerumo le hlabileng pelo ya hae ha bohloko. A teana le ketso tsebohloko a sa le monyane Karabelo. A le feela dilemo tse robong a le holena la meutlwa le ditsikitlano tsa meno lefatshe.
4. Hobaneng ha Mmamojalefa a ne a tsekeletse ho tlo bona matsalae?
Monghadi Tsholo Mphutlane
Makgenyefa – Ho hlamukela Pantjhibeke – Mokotla o ikwetlisetsang ditebele ka ho o tebela Selalomehadi – Sera se seholo
3.8 	Boritjha ke dipere tse ntle tsa mojaho.
Kgodiso ya Mohau ha se e phethahetseng. O kgeswa ke bomphato ba hae le mosadi wa ntatae ha a mo rate. O dula a mo soma ka sebopeho sa hae. Ha se bona feela, le baahi ba motse wa habo ka kakaretso ha ba mo rate. Se thabisang ka Mohau ke hore o ananetse sebopeho sa hae ebile o leboha Modimo ya mo fileng sona. Mongodi o bula pale ena ka teboho ena ya Mohau ebile o kwala ka yona qetellong ya pale ena. Pale ena e jere diketsahalo tse mmalwa tse etsang hore babadi ba itekole kgafetsa hore e be ba jwang bathong ba haellang. Pale e qala hantle re bona Mohau bonnyaneng ba hae a kena sekolo le ka moo a neng a sebetsa hantle ka teng sekolong. Ha a phoqwa ke mosadi wa leqwetha a sa re o fumane mosebetsi, morero o mobe wa mosadi eo ka ho hana ho nka Mohau mosebetsing o a pepeswa. Ke elwa a ineha naha le moshanyana eo ya neng a mo file mosebetsi.
Mathata a hlwa manolo hodimo - Ho boima.
7. 	E ke nnete, empa lehlakoreng la Karabelo ha ho a ba jwalo, ka tlasa mabaka ana a latelang:
1.4 	Hobaneng mophetwa eo a ne a mo kgothaletsa ho etsa jwalo?
“Ngwanaka ke tshwenyehile, o se ke wa tsamaela ruri jwalo ka ntatao.”Ho realo Mamohale.
7. Ha o nahana sesosa sa hore kgaetsedi tsa Kepa di pepe hakanakana ke sefe? Ho dula mapolasing kapa tlhopeho. Tshehetsa karabo ya hao?
Ka mora kgwedi tse tharo, Mmatoko a fola mme a kgutlela hae. Polaoyena o ne a sa tsejwe moo a neng a felle teng, esale ho tloha mohla moneneha ntatae a ne a batla ho mo rinya.
3.5.3 Mmatoko.
Mohlang moputso wa hae o fokoditsweng ka diranta tse tharo o ile a utlwa bohloko hoo a ileng a nka qeto ya ho thoba hona bosiung boo. A iphethetsa ka ho utswa diradiyokhasete tse pedi dikoloing. A di rekisa lekeisheneng. O fihlile hae ka tjhelete e bonahalang mmae a ba a thaba.
“Hobaneng o botsa!” Mamohale o bua a befile.
“Tjhe!” Ho rialo Mamohale. “Nke ke ka sala monna morao, ntse ke enale matsoho le kelello.”
Dipotso
13. Fana ka mookotaba wa pale ena o be o qotse dintlha ho tswa paleng tse o netefatsang.
Mesikaro ya sesole e boimahadi le dieta tsa teng dirifi tse kentsweng tshepe diretheng, a ka di kgona ka afe matla? Tjhe, yena mmele wa hae ha o a ballwa dikulo. Dikgau tsa bonatla ha se tsa ba jwalo ka yena. Tseno tsohle tlhaho ka mohau wa yona e mo sireleditse ho tsona, ya di sithabetsa mahetleng a bahlankana ba dikgoka, boMoferefere.
D	Khasete le radio tse pedi.
Tebello o bua a le motlotlo.
“Ha se mora Mataboha,” ba bang ba realo. “Kaofela re a tseba hore kengwana wa moradi. E ke ke ya eba mora wa Mataboha ho hang! Ntatae hare mo tsebe.”
7. Mmampodi wa Teransefala, motswalle wa mopheti wa pale, e ne e le mang?
“Ebe ha habo ke kae yena eo ya tshabehang?” Mmaletsatsi o ile akgaruma ka ho kgena ho hoholo. “Eka a ka hatwa ke terene ya mashala.”
“Abiele motswalle, ke o kopa ntho e le nngwe feela mothating wa jwale.
7. Hlalosa ha kgutshwane ka semelo sa mophetwa enwa Kepa.
Ho ikokobetsa le ho se nyatse batho ba bang ho sa kgathalletsehe boemo ba bona kapa bong ba bona ho supa hlompho. Moo hlompho e leng teng ho phelwa ka kgotso le kgutso ka mehla.
Dikgathatso – Meferefere Dipha – Melato; diphoso Itshohlomeletsa – Itahlela Lemenemene – Leqitolo Madi – lero le lefubedu le tswang mmeleng wa motho ha o hlajuwe Mahlonoko – Masisapelo; mahlomola Mehwehadi – Mme ya tswalang mosadi wa monna
1.2 A mo jajabetsa ka bohale.  B. A itsamaela.
Kgutsufatso ya palekgutshwe
Ra tsheha, ra keketeha, empa nna ka iphumana setsheho sa ka e le semenomasweu feela.
“Mmamojalefa o itse a ke ke a emela beke e tlang.” Ho arabela Mmatseko.“O itse o nkgopotse ho feta lentswe lena kgopolo. O itse a ke ke a kgona ho sesa bosiu bo bong hape moo Thekong.”“A ko bone jwale,” ho ntse ho tletleba Tseko, “e kae jwale yona terene eo? Le hoja e se ka ngwanaka, nkabe ke kgaohana.”“A ko iphe kelello hle, ngwanaka.” Ho realo Mmatseko, a tonetse Tseko mahlo. “Terene e a emelwa. Tsohle di a emelwa. Le ha re ka tata jwang kapa jwang, ha di na taba le rona. Jwalo ka ha Mosotho a bolela,monokotshwai ha o ke o butswa ho ya ka thato ya tshwene. Beta pelo hle,Tseko. Terene e a tla. E tlamehile.”
13.3 Kepa o fuwe joyene ya kgwedi tse tharo.
Tsatsi le latelang leo, hoseng mosadimoholo Mmampontsheng a fihlaho tla dula le moradi wa hae nakong ena ya mahlonoko. Mosadimoholo kakelello ya boholo, o ne a tseba hore ena ke nako eo moradiae a sa lokelengho dula a le mong. Ke nako eo a hlokang mokgothatsi ka yona. Moradi haa mmona a mmontsha mathata a mo baketseng ona. A botsa mmae dipotsoa sa tswa mmotsa dipotso. Ho ena le hore mmae a arabe dipotso tsa hae, keeo mosadimoholo o a lla, o kopa tshwarelo.
Dikgomo ha di na motlohapele - Motho le ha a ka tloha pele kapa morao, ho fihla o tla nne a fihle.
6. Qoqa ka dintlha tsa Tlhekelo o ntse o ikamahanya ka dintlha tsena tse latelang:
Kgele, ya eka a kabe a sa mmotsa. Tsholo a tonela tlereke mahlo. A moja ka bohale, a re “Ke kopa o mpitsetse mosadi wa ka. O tlohelle ho nna ompotsa masawana ao o ntseng o mpotsa ona.” Yaba tlelereke ha e sa emelaho utlwa a mang. Ya hlokomela hore ditaba ha di sa le setlwaeding. Yaletsetsa mohala kantorong ya boMmakarabelo. Ya arabelwa ke e mong wabaoki. Eo a tsebisa Mmakarabelo hore o na le moeti ka phaposing yakamohelo ya baeti. Mmakarabelo a makala, a ipotsa hore ke moeti wa engmosebetsing. A potlakela teng.
“Diterene tsena di na le ho iphetola mahadima, empa di jere maphelo abatho.” Ho tletleba ya ileng a bua lebitsong la lelapa. “Bakganni bana balokela ho kgalengwa.”
Moetapele ke moetapele
O qetella a fumane wa ho hlokomela le ho fepa dikolobe. Bommisisi bao a ba sebeletsang ha ba mo lefe hantle. O utswa radiokhasete a di rekise. A fihla habo a le mmethe. Mosebetsi o fedile, o tshwanela ho ya lokisa pasa. Basebeletsi ba mmuso diofising ba mo tshwara hampe, ha a fumane thuso. Qetellong o utswa dikgoho tse pedi motseng ho ya di fa bomabalane hore atle a fumane mosebetsi dimmaeneng. Ha a le dimmaeneng o hlolohellwa habo.
1.9 	Kgohlano pakeng tsa Toko le Mmatoko e bakwa ke eng?
“Monna wa ka Tebello le wena moradi wa ka Tshepiso, esale ke lelebella, le ntshepisa hore le ya tla. Jwale le entse ngwana le le babedi.” Horealo Mamohale.
9. E thala e boela mosehlelong
Mmatoko o ne a se ntsha hloohong, a bokolla ha bohloko. Baahisani baile ba phallela moo ho bona se hlahileng. Ha ba fihla ka tlong ba fihlelaMmatoko a pitika, a meneka fatshe mme a hoeleditse jwalo ka ha eka hoshwele motho. Ba ile ba ya bitsa koloi ya bakudi ho mo isa sepetlele.
5.1.3 Dinako.
1. Hlalosa semelo sa Toko.
“Ngwanaka, mohlomong o tla fihla haufinyane. Ke nahana hore o tshabile ho tla kwano lapeng ka baka la hoba a tsebile hore o tla tla kwano ho tla re tsebisa taba tsena tse etsahetseng.” Ha arabela Mmatoko.
“Ho... ho hlile ho jwalo, ngwanaka.” Ka ikutlwa ke se ke bua ka lentswele leng, leo ke neng ke sa le tshwantshe le la ka.
Ena taba Thabo a se ke a e emela. A ipha dimenyane. Sena se re hlakisetsa ka moo diketsahalo di tswalanang ka teng. Mongodi o lohile thapo ya hae ka bokgeleke bo babatsehang. Ketsahalo e nngwe e tswala e nngwe. Mokgwa oo e hlahellang ke mokgwa o amohelehang o re o fumanang le bophelong ba rona ba nnete. Ha Thabo a balehile hae re bona mmae a tlalatlala le naha ho mmatla. Sena se tiisa taba ya hore mmangwana o tshwara thipa ka bohaleng. Ke ofe mosadi ya ka robalang a sa tsebe moo ngwana wa hae a leng teng?
“Tseo e sa le dinyane.” Ba bang le bona ba hlaha ka nqena ka tsa bona.“Ho thwe le yena mmae e ne e se moradi wa Mataboha. Ho thwe o ne a mofilwe ke ngwananyana ya itswelang makgoweng kwana. Lona ha le tsebe.”
5.2 Ho lla sa mmokotsane.
Ha e le ena phutheho e a tsanyaola.
5. Hlalosa.
Ho sa phetseng ho mmakatsa ke hore haesale ke qadile ho ikwetlisetsakarate, ho fedile dikgwedi tse hlano ke sa lwane le motho. Ba neng bankgorohela, ba batla ditaba, ke ne ke ba hlokomoloha, motho wa teng a bea swabe. Ke ikemiseditse ho tswela pele ka tsela ena ho fihlela mohlang oole nna ke tla bitswang Sensei Mokgashane. Ke nna wa pele ya tsebang hore moepa oo ke tshwanelwang ho o hlwa, o boima empa ha ho letho leemang tseleng ya motho ya nang le tjheseho.
Selelekela Dintlha tsa manollo ya palekgutshwe
Ho realo Tseko, hoba a dule fatshe. “Ha se hantle hore batho ba emele terene nako e telele hakana. Terene ha e a lokela ho nanya sa kgudu. E lokela ho haba dibaka. Bakganni ba lokela ho rutwa.”
##botsa, dikeledi di theoha marameng. Tshepiso a tshoha haholo.
Yaba re eme, re eme...
2.10 Ho utlwa bohloko bo sa tsweng madi.
Thabo a ipha dimenyane lapeng labo. O ne a ke ke a mamella ho hlola a tetekilwe jwalo ke ntatae. Pelo ya Mmathabo ya utlwe bohloko bo sa tsweng madi. A lala a batla ngwana empa a sa mo fumane. O mmatlile hohle dipetlele le dipolokelong tsa ditopo empa a sa mo fumane.
Mehlodi 119
Ngwana ke wa ka. Ha ke a lebella dikgathatso kapa tsona ditshokodiso. Banang le dikgathatso ho nna ha ba ne ba phela ba ne ba tla o bolella ho re bajwalo ke ba etsang. Nna ha ke kopane le masawana.
12.2 Ke ————————————— wa meya ya batho
1.8 	Ha Mmatoko a hlokahala polao o ne a le kae?
5.2 Ho ipotsa letoto la dipotso.
3. Bolela hore ke nnete kapa mafosisa.
Ha sekolo se etswa, mosuwehlooho a tshwanela ho ya tsebisa ntataPolao le mmae ka taba ya moshemane eo ya robehileng dikgopo ekasita leka diketso tseo tsa Polao. E re ka ha o ne a sa tsebe maemo a moo lapeng,ka mora moo a ikela ka kgotso.
4. Polasing ya difariki Kepa o ne a sebetsa eng?
Mantsiboya batswadi ba hae ba ne ba botsana hore na ekaba o lebile kaeha e le moo a ne a eso fihle lapeng. Moo ba sa ntsaneng ba botsana jwalo,mosuwehlooho a fihla moo lapeng.
“Ke bra T.” Tshepiso a araba.
Monokotshwai ha o mele ka thato ya tshwene - Dintho ha di loke ho ya ka thato ya motho. Letlalo la motho ha le thakgiswe - Motho ha a hlokahetse sesosa sa lefu se a phenyekollwa.
Ke ile ka ba ka kgutla ntlwanatshwana ho so be le ba lelapa la habo batlileng. Ke ile ka utlwela hore Mpontsheng o nyetswe ke mosuwehloohowa sekolo se phahameng sa Mahwelereng. Ke moo ke ileng ka qala ka hoetsa diphuputso tsa hore ke tla o fumana jwang, ho fihlela ke fumanaaterese ya hao ya mangolo ho e mong wa metswalle ya ka e o tsebang.
E, ke tjho tjee! Ke tjho tjee, empa ke buela tlase. Hantlentle ke bua kapelo hobane ke tshaba ha kamano ya ka le majoro e ka tsejwa. E ka nna yammakela mathata. Le nna ha ke rate ha lefatshe le ka tseba hore nkgonwae o ne a sebetsa dikitjheneng, a etsa le ha ekaba ke eng. Nke ke ka ba katsebahatsa taba ena. Ke tla ikgutsetsa jwalo ka lefatshe. Ke tla hle keikgutsetse jwalo ka lona lebitla lena le nkemetseng tu!
Bommamesana – Basadi  Shadima – Sheba
Tse ding tse amanang le tlhahlamano ya mabopi a moralo, ke puo le setaele. Semelo sa baphetwa le mookotaba di hlaloswa ho ya ka bokgeleke le bonono ba mongodi. Mona ho sebedisitswe mokgwa wa ho hlalosa ntlha ya manollo ka ho fana ka mehlala ho tswa paleng e itseng. Hona ho bolela hore o tla lokela ho bala tekginiki ena, mme o bapise dintlha tsa yona le dipalekgutshwe tse ding ho di utlwisisa hantle.
9. Mapolesa ke batho ba bohlokwa setjhabeng. Tiisa ntlha ena ka ho qotsa ho tswa palekgutshweng ena.
Nakong ena tsena tsohle di ntseng di etsahala, baqolotsi ba ditaba bakena ba sa tswa kena lapeng ha Mphutlane. Bang ba ne ba tswaseyalemoyeng sa setjhaba sa Mahwelereng seo maqhubu a sona a kgaso afinyellang motseng wa Mehloding, ha ba bang bona ba ne ba etswadiyalemoyeng tse ding, dikgasong tse fapaneng tsa dithelevishenehammoho le ba masedinyana ba ne ba fihla ho tla utlwa ditababoholo hotswa ho mofumahadi wa mofu. Mmakarabelo o ile a bona ho le molemo ho re a bue nnete ho bohle ba batlang ho tseba ka sesosa sa lefu la monnae. Lebaqolotsi o ne a ba bolella nnete e tswileng matsoho.
Ke ne ke itse ke tla isa ngwana ho mme, empa ke ile ka swaba, katshaba. Ha nka ba ka bolella mme, leha e le mang kapa mang. Taba ena ene e le pinyane. Ke ile ka sebela Mmaletsatsi feela ha ke kgutlelamosebetsing, mme mmoho re ile ra sala katleho ya lelapa lena la Matabohamorao, jwalo ka batho bohle.
Ka selemo sa 1980 Lekgotla la Kgaso la Sesotho le ne le keteka dilemo tse 20, mme a hapa moputso wa pele boqaping ba dithothokiso. KPD Maphalla o ngotse ditshwantsho tsa seyalemoya tse robedi. Radio Sesotho e ile ya mo thoholetsa mosebetsing ona wa hae o hlwahlwa wa boqapi. E ile ya mo nehela lengolo le mo tlotlang ka lemo sa 1984. Ka lemo sa 1985, lekgotla la bangodi la Lesiba le ile la hlophisa ditlhodisano tsa bongodi bo hlwahlwa, mme a ikgapela tlholo ya mohope o potolohang wa Mongodi Moiloa. Hara dibuka tseo a di ngotseng, re ka qolla tsena, Tshepo le metswale, Tshiu tseo, Mahohodi, Fuba sa ka, Tahleho, Kgapha tsa ka, Tefo, Kabelwamanong, Sentebale, Tsie lala, Dikano.
4. Palekgutshwe ena e itshetlehile ka bophelo ba mophetwa a le mong feela, yena ke Kepa. Kepa ke monna ya ratang lelapa la habo haholo. O etsa sohle se matleng a hae hore ba phele hantle. O na le mamello, o kgona ho emela tshotleho. O ikokobeditse.
Kepa a rola katiba, a e lahlela fatshe, dintja tsa mo bohola, a nna a di phoka ka mona le ka mona. O se a tshaba le ho re “fotseke”, ntjeng tsa benghadi. Beng ba tsona ba halefa hampe ha o tjho jwalo. Ha ke re jwale di tshwarwa jwalo ka batho, ba hodimo le hona. Le batho ba bang ha ba ba hlomphe jwalo ka dintja tseo tsa bona.
Mmakarabelo o ne a tobane le moepa o moholo. Ke bolela ona omolelele wa monyolosathaba. Empa Basotho ba ye ba bolele ba re, “Hoboima ho mofu ho qoba lebitla” Ee, ho ne ho feela ho le jwalo kaMmakarabelo. Motho wa batho o ne a sa tsebe hore a qale kae ho hlalosaditaba. Empa ho ne ho le thata ho ka qoba potso ya Tsholo, hobane eo leyena o ne a se a hobotse mahlo. Tsholo o ne a bonahala hantle hore ha abatle ho bolellwa dintho di hana ho fela. Seo a neng a se lebelletse kekarabo ya potso ya hae, e seng ho hong.
Mojalefa a be a se a di letsa ho Manana. Ngwanana a di amohela Mojalefa a eso qete le ho bua. Tsa lla tshepe tsa lenyalo, hwa jewa dikuku le nama.
3.9 	Abiele o ne a sebetsa merafong.
Ka boela ka phefumolohela tlase, ka tadima Thulare le lelapa la haemane moo ba ntjhebileng, ba maketse hore ditaba ke dife.
Dipotso
Menyepetsi – Meokgo Mohlolohadi – Mosadi ya hlokahalletsweng ke monna. Mootlwana – Ntjanyana Pesotse – Budullotse Pitlahadi – Lejwe le leholo Sefutho – Matla a maholo Sethoto – Setlatla
5.2.2 Sehlohlolo.
Bophelo bona boo Polao a bo phelang bo etsa hore a tshabe sekolo.
12.5 Ke sekwenya ————————————
“Ke ntse ke re o tla kena le Polao monyako. E be o fetetse kae ha sekolose etswa?” Ho botsa Mmatoko.
“Tshepiso, ntata ngwana hao ke mang?” Ho botsa Mamohale.
Ha ke na le bonnete bo tletseng ba hore ke ne ke rata Qamboza, empaha ke ne ke le haufi le yena, ke ne ke thaba haholo. Ke ne ke sa tshwarweke bodutu ha ke ne ke le lehlakoreng la hae. O ne a tseba ho tshwaramotho he eo mohlankana wa Zambia. O ne a sa tshwane le motswalle wa ka Mmaletsatsi ya neng a nkomela nyene le bosiu. Maletsatsi o ne antshotshothela le ho feta batswadi ba ka bao ke neng ke ba nka e ledikgalala tse kgolo ntlheng tse jwalo. Pela moratuwa wa ka ke ne keqhanolla. Nako ke ne ke sa e tsotelle.
1. 	Mona ke moo ditaba di phethelwang, mme ha di phethelwe le bothata. Qaka kapa yona tshita e neng e le teng, e se e rarolohile kapa tharollo e fihletswe. Kolobe o ne a fetohe, e ne e se mothwana jwalo ka pele. O ne a qale ho tsamaya kereke le ho kgothaletsa batjha ho tlohela diketso tsa botlokotsebe. Mosebetsi ona o bile motle haholo, mme a fetoha moetapele ya hlwahlwa. Bohle ba mmoho empa e seng ka tsela e neng e lebeletswe.
6. Hlalosa:
Mehla ena hoseng e le lebese ka papa, ka tinare e le mokopu ka papa, ka nako e nngwe e be moroho le papa. Motsheare a fuwa kofi e tjhesang ka lebekere la oli, le borotho bo thata bo omeletseng bo meqilweng ka sereledi. A phoqeha ha a fumana hore ha kgwedi e fela o fuwa di ranta tse leshome, ha thwe e nngwe o tla e fumana ha kgwedi e se e le hare. Ka pelong o ntse a ipotsa hore o amohela bokae? A utlwa a tshaba ho botsa hobane ho itswe batho ba dipolasing ba a hlompha. A utlwa tsheponyana e le teng hore o tla lefshwa. A sebetsa ha monate le ka boitelo. Ka nako e nngwe a hle a ntshe matla a hae kaofela. Ba thabe bommisisi. Ka nako e nngwe teboho e be hempe e kgolo ya oubase, kapa dieta tse kgolo tse seng di sa sebediswe. Ha kgwedi e fela a ekeletswa ka diranta tse hlano. Pelo ya qala ho nyahama jwale. Mmae le yena o ntse a re a romele tjhelete tlala e pokile. Kgweding ya boraro tjhelete ya rojwa ka diranta tse tharo, a se ke a fuwa lebaka. Ha re a lle. Bosiung bona boo a tlama thotwana ya hae a itahla. A so ye le hojana a bona ho le molemo hore a iphetetse. A utswa diradiyokhasete tse pedi dikoloing, a ya di rekisa lekeisheneng. A fumana tekenyana e tshepisang. Mmae a thaba ha a fihla hae le lethonyana.
Empa ka le leng terene e tla fihla
Motseng wa Mautse ha dubeha ha baahi ba teng ba utlwela tse etsahetsengha mmuelli wa bona ya lokileng hakaalo. Banna le basadi ba hlollwa, ba re hoetsahetse kgoba e se setapong. Ebe leqhwetha le ne le kenwe keng ha le tla yathonaka noha eo ya mosadi le e kenye ka lehafing! Kapa ke hona hoba moloi asa mele ditshiba? Hona mosadi eo wa hae o kenwe keng ha a ilo ineha naha lengwana ya neng a ka nyala baradi ba bona? Na ekaba molao wa botho o sa leteng lefatsheng, kapa na lefatshe le a timetswa? Menate ya sebe e matlahakaakang e beng e nyahladise mosadi matletsetletse, monakaladi wakebolelwa, e be o hobosa mora wa hae, o mo fetola monna!
Ena ke yona nako ya ho oroha
Ho ntshana se inong - Ho bolellana makunutu ha le le metswalle ya nnete.
Ka utlwa koloi e ema ka ntle, mme ka tseba hore ke Thulare le lelapa lahae, ba se ba kgutlile moketeng wa peho ya majoro. O behilwe Kabelo. Obehilwe ka makgethe a maholo, ngwanangwanake.
“Yame!”
5.2 	Dikgomo ha di na motloha pele.
Mohau a atleha ka ho roka a ba a tlohela le sekolo. Ha phokotho tsa hae di tshwetshwetha batho ba Mautse ba neng ba mo kgesa ba a mo atamela ba mo memela le meketeng. O ratana le Manana ya sa di hadikelang ho di ja. O mo bolaisa ka bahlankana ba hae ba bileng ba mo somang hammoho le yena Manana ya mmitsang sekokotwana. Bahlankana ba Manana ba fekisana ka dithipa le dithunya.
1. Kepa o hlahetse kae?
Toko le MmaToko ba ne ba na le ngwana ya bitswang Polao. Ntatae o ne a mo phedisa ka thupa. Mmatoko o lekile ka makgetlo ho lemohisa monna wa hae hore a tlohelle e be e sale a shapile ngwana, empa Toko ha a ka a mamela. MmaToko o qetetse a sa hlole a bua hobane Toko o ne a sa mo mamele.
Empa tsena ha di a ka tsa kena hantle ka ditsebeng tsa mokola. A nna aphehella ho tshwara mora wa bona feela jwalo. Ha tsena di ntse di etsahala,mofumahadi wa hae o ne a ntse a leka ho mmontsha kotsi ya ho hlola ashapile ngwana ka mokgwa oo.
Tlelosari
“Tjhee, o a mo rata e motshomotsho enwa.” Ho kile ha realoMmaletsatsi ka le leng, ha ke fihla le Qamboza, re itswela moo reitswelang, mme ke fumana a nkemetse monyako wa phaposi ya ka. “Ha e lenna ha o sa na nako ya ka ho hang.” Mmaletsatsi esale a nthata.
2.10 Ba mo hlwa setha.
13.5 Pasa ya Kepa ke yona e entseng hore a se ke a fumana mosebetsi.
“Mme, ke tla leba kae ha le wena o sutha pela ka?” O a lla. “Polao o boetse o ineile naha. Na jwale le wena o batla ho arohana le nna? Joo! Joo!
Kgutsufatso ya palekgutshwe
7. Ke eng se ileng sa fetola botho ba Toko.
Tshepiso o pasitse sehlopha sa leshome ka bokgabane. Mmae o mohlabetse kgoho e nonneng, o thabetse ha a pasitse ka bokgabane. Tshepisole mmae ba tekile tafole.
1.7 A leka ho supa ka monwana.  G. Ba thetsehile.
4. Bolela hore ke nnete kapa mafosisa.
E re ka ha ngwana a ne a ntse a ikgolela le ho kena sekolo, a qetella a sea sa hlole a rata sekolo. Yare a ntse a le moo sekolong, a boela a lwana le basehlopha se seng sa bashemane ba sekolo. E re ka ha ntwa e le ntwa, alwana ya kgumamela ka ha ba ne ba bile ba mo hlwele setha. A otla hloohoya tsotsi hore e tlole lerole mme mamina a kopane le mokola. Moo baelellwang hore setebele sa Polao se ntsha molodi jwang ha se fosa motho.Ba menola tlhabela, empa bongata bo rapalletse fatshe. Yena a kgathetseebile a tletse mekola ya bao.
8. Kepa o qetelletse a tlotse molao habedi. O entse eng? Hobaneng a ile a etsa tlolo ka nngwe ya molao.
Mamohale a beha bebele, a tswa ka tlong ha a bona koloi e ema ka ntle.
5. Mmathulare o hlahiswa e le mophetwa ya ithatang, ya mafolofolo, ya tshepileng ho itshwarela ka matsoho a hae. O ne kgona ho rokela batho diaparo ka nako ya hae ya kgefutso. Ke mophetwa ya neng a kgona ho phethisa seo a neng a ikanne ka sona. Sena re se bona moo a neng a ikanne ka hore a ke ke a kgathatsana le moradi eo a neng a fanne ka yena.
Metsotso e mashome a mane a nang le metso e mehlano, ka mora horekotsi ena e sisimosang mmele e etsahale, koloi ya Mmakarabelo ya hlaha ehabeleditse ho ya borokgong, moo dintho di etsahetseng teng. Mosadi wabatho a ferekana le ho feta ha a bona mokgopi wa batho pela borokgo. Abona hantle hore ke nnete moratuwa wa hae o mo siile ho la mahlonoko lefatshe.
Ngwana madi a ka - Ngwana eo ke mo tswetseng.
Ho qhahama - Ho phahama.
6.1 	Sebaka
Moeka o nahane hore ke mangolo ana a mehla a bathaoti ho tsakgwebo, a mabenkele, a diakhaonto tsa dikoloto le tsa banka, hammoho lea mosebetsing. Empa o ile a makala ha a bona anfolopo ya lengolo etempilwe ka setempe sa Mehloding. A qala ho makala hobane ha ba ke bafumane mangolo a tswang Mehloding. Mohwehadi wa hae ha a batla ho ditshohla le bona, ha a ngole mangolo empa o letsa mohala.
“Wena?” A tjho a ntshofetse ngwana motho. A so arabe le ho araba motho wa batho a mo ja ka bohale. “Le bue, melongwana ena ya lona ha e a ruruha. Ha e ruruhile le tle mona mohla e fodileng. Nako ya ho thethelwa ke banna ha ke na yona. Jwale wena o re ...”
Majoro e motjha a hla a ala leleme phate, a ntsha mabinabine a pelo yahae. Yaba setjhaba se thehile tsebe, se tsota bokgeleke, bokgalala lemaikutlo a phodileng a baetapele ba batjha, ba kajeno.
Teng bohloko bo fedile
1.1 	Ke mang enwa ya tlileng ho tlaleha tsa ntwa ya Polao?
Ha ke tshwanetse ho araba, ke ile ka tsilatsila, kelello e sa hlaka hantle.
1.6 	Hobaneng Polao a ile a baleha habo?
Ha ba arabe
Maele le dikapolelo
Lere le ojwa le sa le metsi - Ngwana o kgalengwa a sa le monyenyane.
Ke Moqebelo, tsatsi le tjhesa le le ka marung, ke hosteleng ya bra T. BraT o kopile Tshepiso hore a mo etele. Bra T o rekile senomaphodi ledikuku lebenkeleng la Chali.
Jwalo ka ha ho se ho boletswe pejana ho re diketsahalo di tswala tse ding paleng ena, ho tsamaya ha Thabo lapeng ha etsa hore ntatae a tlohele jwala ka thuso ya motswalle e mong wa hae. Tsena tsohle ekare re a di bona ha di etsahala. Re bona ha ba hlaha Thabo lesumatha a sa sela meqomong a be a tshola tlhako morong a thulwa ke koloi ka sehloho. Re bona mokgwa oo Thabo a tsitsipanang ka ona ha a bona ntatae mane sepetlele. Taba eo e utlwisa Abiele bohloko a be a tiisetsa mora wa hae hore o a mo rata le hore ha a sa nwa jwala. Thabo ya lelapa lena e a kgutla, mme ba kgutlela lapeng ba thabile bohle.
4.1. Terene e a emelwa.
Khotso Nkhatho ke mongodi. Hara ditshwantshiso tsa radio tseo a di ngotseng re ka qolla tse tsebahalang haholo e leng, Radiketane, Mmamaririelle wa kalamajweng le Ba dube Salamina. Haele dibuka tsona o ngotse tse pedi tse ileng tsa hatiswa eleng ‘Dinyane La Tshepe Sebalamakgulo (dipalekgutshwe) le Ke etse Jwang? (tshwantshiso). Dibuka tsena ka bobedi di ile tsa mo hapela dikgau. Ho feta moo, palekgutshwe ya hae e leng, Jwala ha se pheko e ile ya kenyelletswa pokeletsong ya dipalekgutshwe e bitswang Dipalekgutshwe tsa sejwalejwale. Batho ba bangata ba tla hopola Khotso Nkhatho ka ho ba sebapadi tshwantshisong ya thelevishene eo sehlooho sa yona e leng, Mopheme. Yona e ile ya mo hapela kgau ya ho ba sebapadi se hlwahlwa ka ho fetisisa sa thelevishene, Star Tonight ka 1993. Ntle le moo Mokubung enwa o ile a bapala ditshwantshisong tsa thelevishene tse kang, Thabure, Mmalonya le Vicious Circle. Ha jwale Khotso Nkhatho, ya tsejwang hape ka mabitso a theneketso e leng ‘Ngaka e mabatha’ le ‘Ngwanabo’, ke Mohlahisi wa Phethahatso wa ditshwantshiso tsa Lesedi FM tse reneketswang ka ho re ke Metla-e-tutswe. Ka la 09 Pudungwana 2008 baahi ba Mmamahabane ba ile ba etsetsa Khotso moketjana wa ho mo leboha ka ho kenya letsoho ntshetsopeleng ya motse wa Mmamahabane.
Mmakarabelo o ile a elellwa hore batho ba tlileng sepetlele e lengbakudi, baoki, dingaka le balebedi ba se ba elelletswe hore ho hlokehakgotso bobeding bona. Yaba o hulela monna wa hae koloing ya hae.
Tsholo a rutla koloi, a tswa sepetlele. A ipolella hore a ke a ye lapeng hoya ja masapo a hlooho, hoba ke mona kajeno o pepeseditswe pinyane. Kamora nako e telele hakaana a tseba a ena le mora, kajeno o tsebiswa ho reKarabelo ha se ngwana madi a hae. Ena taba e hlile e mo dutse ha bohlokomaikutlong.
Ho tona mahlo - Ho makala.
Kgohlano e se e le ngata hara batho. Ena ha se ntho e ntjha hobane le mehleng ya morena Moshweshwe, merabe e ne e futuhelana, batho ba bolawa ka sehloho. Matlo a bona a ne a tjheswa, mehlape e hapjwe, bana mmoho le basadi ba pholohe ka mohau wa sera feela. Mehleng ena maemo ha a sa le mabe jwalo ka pele empa kgohlano e ntse e le ngata. Sesosa sa yona ke lenyatso kapa hona ho ikgohomosa hara batho. Ho bonolo ho utlwa motho a tlola hara batho, a ithorise ka lefeela la mafeela. Ke ye ke utlwe bohloko ha sena se etsahala hobane ho ya ka nna, boitshwaro bo jwalo ha bo hlokahale hara batho ba phelang mmoho. Ke hlajwa ke dihlong ha ke hopola ka moo le nna ke neng ke tshwaeditswe ke feberu ena e nyonyehang. Ke ka baka lona lena ke yeng ke leke ho hlokomedisa batho hore bophelo bo ka ba monate ha bohle re ka utlwana. Hlompho ke yona e ka re lokollang mathateng a re aparetseng lefatsheng lena ka bophara.
Ho qetwa ke bodutu - Ho hlolohellwa haholo. Ho tlama thotwana - Ho ngala; ho thoba.
3.2 Ho kgahlwa ke none e hlotsa  2. Ho iketla
Ba fetse ba nka dithotonyana tsa bona, ba nto tsamaya. Haele Kolobe yena o ne a hlile a ntse a belaela hore e se be eo mmate wa hae ke senokwane se ikgakantseng feela. Monna eo o ne a utlwahala e le motho wa meqoqo, mmea bile a le leleme le monate. O ne a ile a itlhalosa a etswa hona kwana merafong, mme le ditaba tsa teng, a utlwahala a di tseba ka ho tlala. Kolobe ahla a kgothatswa ke tsela e kgodisang eo monna eo a neng a araba dipotso tsahae ka yona. Ao! Jwale motho wa rona a qala ho phutholla mmele hanyane kahanyane, a ba a bona hantle hore o fumane motho wa sebele, ya tla be a mo thuse ho fumana moo mora wa hae a leng teng. Etswe eo motswalle wa hae aile a bontsha ka moo le yona Qwading eo a e tsebang ka teng.
Ho behwa – Ho hlomamiswa Ho buela sekgukgung/ dikgotjheletsaneng – Ho buela ditaba moo ho patehileng Ho fenetha – Ho bolaya ntle le qenehelo Ha ho potang – Ho hang Ho kotsomala – Ho dula setulo se hodimo Ho sa nkge seporo – A se haufi
“Polao ngwanaka, ha o ka arohana le nna hona jwale, ke tla shwa. Ke se ntse ke le mofu mona moo ke leng teng.” Ke Mmatoko eo.
Hanghang a utlwa a fihlelwa ke sebete se kang sa tau, a ba a ikutlwahantle hore o tla shwa a ikaleditse ka ba bang ba bona, haeba mokgwa o kaba teng. Kapelepele a hopola hore ka mokotleng wa hae ho na le tshepe yamohoma wa ho hlaola, oo a neng a ile a o reka pele a tloha kwanamerafong. Ebile o se a o ntsha kapele, mme a itokisetsa ho e sebedisa ha hohlokahala. Athe yane motswalle wa hae o ntse a mo tadimile ha a ntse aetsa jwalo. A be a se a fofela Kolobe, a fihla a mo shakarela, a mo kopamolaleng mona ka sephaka sa letsoho le letshehadi, a bile a mo kwalamolomo ka seatla sa letsoho le leng. Ka nako eo tsena di etsahalang, ho neho se ho ile ha bitoha bahlankanyana ba bang hape ba babedi hara mafifi.Ho bonahala hore bona ke ba neng ba setse ba letetse ho tla sebetsa phofue ka tshohang e tshwasitswe marabeng a bonkeka. “He lona, banna! Le saeme?” Ho rialo yane motswalle wa Kolobe ho bahlankanyana. “Re lokelaho sebetsa motho enwa kapele, re qete ka yena hona jwale.”
3.3	Ho buela sekgukgung/dikgosheletsaneng.
5.1 Hlalosa le ho fana ka semelo sa Mmathulare ka botlalo.
3.6.2 Diketso tsa baphetwa.
1.2 	Sesosa sa hore Polao a fetohe ntwadumela ke sefe?
Makgerehla – Mahwashe Masawana – Mafeela Meokgo – Dikgapha Meriti e theile – Letsatsi le se le tla dikela Methepa – Dikgarabe Mokeke – Dikgalase tsa Sesotho Motlotlo – Ho ikgantsha Pula tsa matlopotlopo – Pula tsa medubela, pula tse nang di sa senye
Setaele sena se hlahiswa ka puo, e leng ntho ya bohlokwa karolong ya
Kepa o dutse tlasa moriti wa sefate sa moduwane, pela noka ya metsi aphallang ka matla. Letsohong o tshwere mahakwenyana, o ntse a a betsetsaka bonngwe metsing. O hopotse hae. Hodimo mane komponengbashemane ba ntse ba bina, ‘E boima joyene’. Ere ha ba bang ba dulafatshe, ho eme sehlopha se seng se bina ‘Shosholosa’. Eitse ha ho se ho binwa, ‘Re hula mmoulo banna’, pelo ya hae ya fofela hae a bona mmae, abona dikgaitsedi tsa hae, a bona bohle ba habo. Menyepetsi ya theoha.
5.4 	Ho kgebethwa ke letswalo.
Ho lomahanya meno - Ho hana.
“Le nna ke hopola jwalo.” Ke Toko eo. “A ka nna a fihla nako e nngwe le e nngwe ho tloha jwale. Ke ngwana e motona, o tseba habo. Le ha a ka robala naheng o tla fihla ka le hlahlamang. Empa o tla ntseba ha a fihla mona Ha ke na ngwana ya robalang matsekela nna”
Ketapele
Kolobe o ne a mametse ha mapolesa ao a ntse a fana ka ditlaleho tsa bona, le ha a ne a hlile a sa utlwe hantle se neng se buuwa. Ha tlaleho e ntse e tswela pele, a utlwa eka ho tlola lebitso la Phakiso. Ditsebe tsa qala ho qahama tsa moeka. A lakatsa ho utlwa hore na ebe lebitso la mora wa hae le hlahela ka mabaka afe tlalehong eo. Ha re a phahame a ke a yo botsa, empa letswalo la hae la mo hanela. Matshwafo a motho wa rona a phahama, yaka a tla mo dula ha bohloko molaleng. A qala ho lohotha ntho di hana ho fela. A ipotsa letoto la dipotso tse se nang dikarabo.
Ntle ho motswalle wa ka Kganyapa, ho ne ho se motho le ya mong eo ke mo tshabang. Ho nkgisetsana mahafi le monna e mong, e ne e le ntho e bobebe ho nna. Kgwedi e nngwe le e nngwe ke ne ke oka maqeba kapa ona matetetso. E mong le e mong ya ikutlwang matla, ya hlokang letswalo, ke ne ke mo amohela ka ditebele tse tjhesang. Ke ne ke itshepa hobane ke le kgalala papading ya ditebele. Motswalle wa ka e ne e le mampodi wa Teransefala boimeng bo hare, mme nna ke ne ke le e mong wa ba batlang sekola seo. Tseleng moo re tsamayang teng, ho ne ho senyeha, ho kubella mosi. Makwala re ne re a tshosa ka mahlo feela, ho ne ho se motho eo re mo tshabang hobane re ne re ikwetlisa ka thata tsatsi le leng le le leng.
Mmatoko o ile a hlokahala hoba a kope Toko ho mmitsetsa moruti a tlo mo rapella. O ile a tla Mmatoko a patwa. Ka mora lepato Polao o ile a kgutlela merafong. Lentswe lane le ile la kgathatsa Toko hoo a bileng a kula hampe a ba a kopa ho bitsetswa moruti. Moruti o ile a fumana hore Toko o sitetswe Modimo. Toko o ile a inyatsa pela moruti ka moo a neng a tshwere Polao hampe ka teng ho tloha bonyenyaneng. Moruti o ile a bitsa Polao. Hoba Toko a bone Polao o ile a hlokahala.
“Hantle haholo, monnamoholo. O hle o nke kooma ena ya ka o ekgokgothe, tau ya kgale!” Ho rialo Mohau, ya neng a se a ruile haholo.“Ao, monghadi ntjhebe hantle, hle!” Ho boetse ho bua leqhekwana ledutseng hodima kutu ya sefate, homme ka lentswenyana lemakgerehlwanyana le bakang mehau. “Ke re o ntsubise hle, monghadi!” HaMohau a mo shebisisa a elellwa hore o kgaohile matsoho a mabedi, le horeke sefofu kapa o bonela leroothong. Yaba o tsipa kwae, o e kenya ka nkong ya ...
3. Jwala ha se pheko 20
##setaele.
Lehlohonolo Samuel Mokoena o hlahetse Kuruman, motseng o bitswang Vergenoeg, Riphaboliking ya Bophuthatswana ya mehleng, ka la 01 Pherekgong 1986. Ke mora ntate Tshepo Mokoena le mme Morwa Phutiyagae. Mongodi enwa o holetse Qwaqwa motseng o bitswang Makong. Ke mona moo tlhase ya bongodi e ileng ya iponahatsa ho yena teng. O ile a ngola dithothokiso le ho thusa baithuti dikolong ka ho ba manollela dibuka tsa Sesotho, haholoholo tsa terama le padi. O kene sekolo sa Iteboheleng primary ka 1993. Ka 1997 a fetela sekolong sa Makong Intermediate. Ka 2002 a etsa kereiti ya 10 sekolong sa Sekondari sa Shakhane, e leng moo a ileng a phethela lengolo la materiki teng ka selemo sa 2004.
Ka mora ho batla mosebetsi nakwana a sa o fumane mapolasing, o ile a leka ho o batla toropong, e leng wa ho hlokomela le ho hlwekisa dijarete. Hobane wona o mongata. Bommisisi ba a mo thabela hobane o tswa mapolasing. Dikgwedi tse tharo di ile tsa feta a sebetsa hamonate.
Thulare le yena o ntse a fepehile, empa e seng jwalo ka motjhanae. Ontse a hotse hantle, le hara mathata ao ke neng ke se ke iphumana ke le kahara ona. Dilemo tse tsheletseng ka mora hore ke tlise yane Mmakabelomona hae ho fana ka yena, mme ke kgutlele Makgoweng ho ya ntshetsatshebetso ya ka pele, ke ile ka iphumanela monna eo ke ileng ka mo ratahaholo, mme ka phela le yena hona moo motsemoholo, ka moo kaGauteng. Yena ha ke kganane hore ke ne ke mo rata. Ka bomadimabe o ilea hlokahalla kotsing ya mebileng ha re ntse re hlophisa ditaba tsa rona.Tsietsi ke tsietsi.
Kgele! A hana ho utlwa, Kolobe. A ithutla, a itosolla ka matla ohle ao aneng a ka ba le ona. A qetella a tjhophotse matsohong a motshwari wa hae.A laqoma ka bobebe bo kang ba nkwe, a emella thokwana mane, a ntse akokositse tshepe ya mohoma. Yare moo a reng o tla takolotsa, a kgolephalo, a fumana hore ho kwalehile ka hohle, ke difate ka mona, kedinokwane ka nqane. Jwale mohale wa rona a ema, a itokisetsa emahlomafubedu. Haele tjheletana ya bana ba hae yona e ke ke ya inkelwaka thutswana mmowane.
Ha ba tswa ka monyako wa sepetlele, Abiele a bua ho mosadi wa hae.“Moratuwa, ra batla re lahlehelwa ke ngwana ka baka la ho ntshaba.”
Kgolo
3.4 	Thabo o phaphathehetse Heilbron.
Ka mohlomong hoba Mohau a kgathale ke ho roka le ke motjheso walehlabula leo, a ya kga moya thokwana le motse o moholohadi oo waMautse. Hang a utlwa lentswenyana le fokolang tjee, le re, “Hela, mothowa heso ha o ka mpa wa ntsubisa seneifi, ke a o rapela!”
Kgwedi yohle ya re kutu kwana, Mohau le Manana e le mathe le leleme.Ba qoqa hamonate ba keketeha, ba feta ho tse ntjha le tsa kgale. Manana one a fihla lebenkeleng la moroko la Mohau a nyakaletse, hape a fihlakgafetsa. E ne eka o ilo boha botle ba mosebetsi wa diatla tsa Mohau, athe o mpa a ilo batla tjhelete le ho tjhatjhehisa ditakatso tsa eo motho wa hae.Mohau le yena ho hang a hla a lahleha ka hara parateisi eo ya hae yamaiketsetso. La boela la fihla ho yena la mahlonoko letsatsi, mme a e bonatosa!
Ho sisinya hlooho - Ho se dumele.
1.10 Fana ka mehlala e meraro e supang hore lelapa la Abiele e ne e le lelapa le mofuthu.
“Le nna ke ntse ke nahane jwalo, etswe ha o kokota ke nahana hore oyena.” Ha tlatsa Toko.
Ho ja jwang le diphoofolo - Ho hlanya.
6.2 Ho epela mmomo fatshe.
Ho iteta sefuba - Ho beta pelo; ho ba sebete.
Mohlapeng wa Jesu
E ile yaba o tswetse ruri.
4. Na mokgwa oo Toko a neng a phedisa mora wa hae ka ona o ne o amoheleha? Fana ka mabaka.
A kopa mosadi hore ba ke ba koqame ka mangole mme ba kope tataiso le thuso ho Ramasedi. Dithapelo tse tswang botebong ba pelo di finyella mahodimong. Ba rapela hore e ka morena a ka ba thusa ba fumana mora wa bona ya mong, Thabo, eo maikutlo a bona a neng a ba fihlela a horemohlomong moo a leng teng ha a sa phela. Mosadi le yena a kgothala ha ahlokomela hore monna wa hae o a dumela hore ke letahwa mme o hloka thuso. A kgothala Mmathabo, a tiya mmoko.
2. Mora wa Toko e ne le mang?
Mahlatsipa – Batho ba pholohileng kotsing  Thapama – Motsheare wa mantsiboya
2.4 	Moiketsi ha a llelwe.
Hora ke ya boraro, mesong.
Ka kgutsa motsotswana, mme ka phefumolohela tlase. Mmaletsatsi keMmaletsatsi, mme o a latella.
Ho Moetapele ke moetapele, “Majoro enwa ya behwang setulong kajeno ke ngwanangwanake. Ha se batho bohle ba tsebang taba ena. Boholo ba thaka tsa ka bo neng bo tseba taba ena bo se bo le ho o batang. Ba setseng jwalo ka nna, ba se ba ntse ba okametse lebitla.” Hona mona, re se re tsebiswa ka baphetwa ba rona ba sehlooho e leng, Majoro enwa ya behwang le nkgono Mmathulare hammoho le qaka eo a tshwarahaneng le yona. Qaka ena e hlahiswa e kopane le thabo e renang pelong ya mosadimoholo. Le ho tsoha, o tsohile e sa le ka meso hore a tsebe ho shebella thelevishene moo tlhomamiso ya ngwana ngwana hae e tlang ho hlahiswa ka hora ya leshome. Qaka ke hore sena ke pinyane.
Lehodimo le lokile
A akgela lejwana le leng hape ka metsing.
11. Bolela hore ke nnete kapa mafosisa ha e le mafosisa ngola seo e leng nnete. Ngola karabo feela.
Mohau o ne a ngola Senyesemane se pele, se qatsohileng, sona se ileng sa kgahla mmueli.
2.2.4 Ho a betsetsa ka bonngwe metsing.
ka K.P.D. Maphalla
Ntho e nngwe feela e neng e duma ka hlohong ya kolobe, ho tswamorung moo ka potlako. Empa pele ho moo, e ne e ka kgona a fumanethotwana ya hae. Nakong eo a ntseng a qamaka kwana le kwana ho e batla,a bona hore bahlankanyana bane ba babedi ba ntse ba tjapaletse fatshe. Autlwa e mong a hlile a dumaela ha bohloko. Hwa re a mo qetele, empa aikomanya, a mo tlohela. Haele e mong yena o ne a se a thotse, ho bonahalahore tjhoba le se le letse phoka. O ile a fela a fumana thotwana ya hae,mme a nka ka sekaja ho tloha sebakeng seo.
Dilemo di ile tsa feta ba sa tsebe moo Polao a leng teng ba tshwenyehile ke hona. Toko o ne a tlelwa ke lentswe le neng le mmotsa hore mora wa hae o kae. La mo laela hore a mmatle a mo tlise lapeng. Lentswe leo le ne le mo bolella hore kotlo ya hae e tla ba boima ka lebaka la bohloko boo a bo tlisitseng lapeng leo.
Le dijo a di fuwa hantle. O phoqeha ha a amohela moputso wa diranta tse leshome ha kgwedi e fela. Mmisisi o mo tshepisa hore e nngwe o tla e fumana hara kgwedi. Hantlentle Kepa ha a tsebe le hore o fumana bokae. Moputso wa hae o ne o sa tsitsa. Kgweding ya bobedi o ile a ekeletswa ka diranta tse hlano. Kgweding ya boraro teng ya fokotswa ka diranta tse tharo empa a se fuwe lebaka la hoo. O tshaba le ho botsa hobane ho thwe batho ba dipolasi ba a hlompha. Nako tse ding ha a sebeditse hantle o ne a lebohuwa ka hempe e kgolo ya oubase kapa dieta tse sa sebedisweng.
Lenyele – Lethola Letswalo la nkgwebetha – Letswalo la nqeta Matjeke – Hoseng, ka meso Matlotlosia – Dihlotshwana Matsibolo – Ngwana wa pele lapeng Ngwanangwanake – setloholo Nyene – Motsheare
“Polao!” ho bitsa Toko ka kgalefo e kgolo.
Lona ba ratang ho phela
##thusitse jwang?
ka B.T. Mokgomatha
Baphetwa ke baemedi ba batho ba fumanwang bophelong. Re lebelletse hore semelo sa bona e be se atametseng ho sa batho ba sebele. Semelo sa baphetwa se hlahiswa ke diketsahalo tse bopang moralo wa pale. Ke tsona tse hodisang, tse rarahanyang hape di isa pale sehlohlolong le phethelong ya yona.
“Moratuwa shwalane e se e tshwere, o ka nna wa robala mona hostele.” Tebello a phutha mokeke wa dinomaphodi.
“Mokgashane, se etsahetseng ho wena kajeno ha se dihlong. Beatrice kee mong wa dilwani tse hlwahlwa tseo re nang le tsona. Ditlhodisanong tseore neng re ile ho tsona selemo se fedileng, o tswile borarong moo ho nengho na le batho ba makgolo a mahlano, ba hlodisanang. Ha se batho bohleba nang le bokgoni bona. Ha o na le tjheseho ya ho fihla tlhorong, otshwanetse ho sebetsa ka thata, o ikemisetse. Ka morao ho moo o tla bona o ntse o tswela pele.” Matshwafo a kokobela ha ke utlwa mantswe ana, karobala boroko le ha pelo e ne e le ntsho mohlang oo.
“E ke nna.” Ho araba Tsietsi.
ka N.S. Zulu
2.1	Ba kgwathakgwathana le yena.
Ka bomadimabe khampane ya boAbiele e ile ya tshwanelwa ke ho kwalwa ka lebaka la dikotloqobello. Khampane ya hula matsete a yona naheng ena. Abiele o ile a fellwa ke mosebetsi.
Phethelo
Matsatsi ao ba dutseng moo ka ona, Thabo o ithutile dintho tse ngata.
Mmatseko o ile a bososela, a ikutlwa a le motlotlo haholo ka ngwetsi yahae, Mmamojalefa. Ee, ba kang yena ba a haella.
1.6 Ba shwela ka hare.  F. A lla.
11. Hlalosa seo mongodi a se hlalosang ka maele le maelana a latelang:
Ho orohela badimong - Ho hlokahala.
“Ke tatetse ho bona setloholo sa ka.” Ke Mmatseko eo, ha ba theoha koloing ya baeti, seteisheneng sa Bohlokong. ‘Ho thwe Mojalefa o tshwana le wena. Ha ho le jwalo, e tla ba o tshwana hantle le mofu ntataemoholo, hoba wena o tshwana le ntatao hantle.”
3465 MehlodingHa Nchabeng 2033
Tse ka hare
Ha mokete o ntse o loella, ha hla ha senyeha e le ka sebele jwale,dinonyana tsa hla tsa dula batho e se difate. Dihlopha tsa dibini tsatsholana, mme se seng le se seng sa ipabola ka makgabane a sona. Se seng lese seng se ne se thoholetsa majoro e motjha, se mo lakaletsa mahlohonolo atswang hodimo ho Ramasedi. Bana ba dikolo ba tsanyaola. Kgabareng hakena sehlopha sa basebeletsi ba setjhaba, boMmapalesa. Le bona ba tjho:
Kepa ke mohlankana ya hlahetseng a ba a holela polasing e bitswang
9. Matla a makaale a Takadimane, a ne a hlaha kae?
Homme e ne e se feela ha bahlankana ba jella kgwebeleng jwalo.Manana o ne a le motle. O ne a le dilemo di mashome a mabedi a metso e mmedi. A le moleletsana ha monatjana, a le mosehlana a sotse. Ha atsheha meno eka poone ya lehomo ka botle. Lehano le letle hoo e kangmotho o ka tlolela ka hara lona wa ikahela ka ho sa feleng. Ditlhafu e le tsemona tse hapang mehope diphehisanong tsa bommabotle, ntho tseborethe, tse kgwidikwenyane tse mehwete. Disanthao di le kgolwanyanehamonate, e le dihalofo tse pedi tse tshwanelang ditlhafu tse lekaneng mmele hantle. Letheka e ka la mmamodukule o fofa hodima bodiba. Ha a tsamaya le tenyetseha le bapala le disanthao. Hloohwana e qethohile, edumella matswejana ho phunya bolousu ka ditlhoko.
Le hoja thabo e ne e se e kgutletse ka lapeng hoba Abiele a fumanemetswalle eo e metjha, Thabo yena o ne a le siyo ka lapeng mme thabo eoba neng ba e fumane, e ne e qaphaletswa ke bosiyo ba Thabo ka tlong. Hone ho se ka moo ba ka itebatsang Thabo ka teng. Ba etsa kgoeletso kadiyalemoya le dikoranta hore ba mpe ba batliswe mora wa bona.
Motseng wa Soweto mane ho na le tulo moo boGauta ba neng ba atisaho teanela teng ho buisana ka mathata a botahwa. Sebaka sena se motseng o bitswang Tladi, tulong e bitswang Entokuweni. Abiele o ile a makalahaholo ha a fihla sebakeng seno mme a fumana batho ba buisana kamathata a bakwang ke jwala. A nna a hlollwa le ho feta ha batho bao babua ba tsheha ka tseo ba neng ba di etsa ha ba sa nwa jwala. Ba ne ba buaba tsheha, ba keketeha jwalo ka ha eka ha ba bue ka dintho tse bohlokotseo ba neng ba di etsa. E, ba ne ba tsheha bowatla ba bona tlasatshusumetso ya tahi. Abiele a fumana sebaka sa ho ipolela le yena le hobolela mathata a hae. A fumana batho ba mofuthu ba tsebang ho amohelabatho. A utlwa ho le bobebe ho bua ka mathata a hae hobane a ne a se a utlwile hore ba bang ba fetile mathateng a fetang le a hae. A tlala morolo, atsoha molota. A fumana metswalle ya sebele.
11.1 Ho lwana ya kgumamela.
Kgutsufatso ya palekgutshwe
Nna haesale ke inehela kerekeng ena ya Moshweshwe, le ha e ne e se entse e le botsofading ba ka, ke se ke sheba le ho utlwisisa ditaba ka tsela enngwe. Le yona peho ena ya majoro ke a e utlwisisa. Ke a tseba hore hobehwa mora wa Moindia. Ke a tseba hore ho behwa setloholo sa Qamboza wa Mozambia. Hodima tsohle, rona ba tsebang re a tseba horeho behwa motho, mme motho ke wa Modimo. Re a utlwisisa hore Rabophelo o sebedisa taba ena ho fiela kgethollo bathong ba hae, esitanale lona lenyatso ditjhabeng tsa hae, hore ho tle ho se ke ha eba le onamokgwa wa ho nyefola ba bang. Batho bohle ba bopilwe ke diatla tse kgethehileng tsa Mmopi. Ke yena ya abelang motho wa hae ka mohau lethato ya hae.
“Bulela thelevishene, ngwanangwanake,” ke nna eo ho setloholo sa ka.
Ha ditaba di sa eme jwaana, ngwana a ipotse a ntse a le mong hore na ke ka baka lang ntata bona kapa mma bona a hlola a ba ruta thapelo, empa yena a sa etse ho ya ka moo thapelo e kopang ka teng. Ba ipotse hore na e be eo ke mmae kapa ntatae na. Bana ke setjhabana se kgonang ho tshwara dintho ka pele, ekasita le ho se lebale ka potlako. Ngwana o phakisa ho hopola tsohle tseo le di etsang le tseo le mo etsang tsona, a sa siye morao tseo le mo etsetsang tsona.
“Ke a mo rata, le yena o a nthata.” Tshepiso o bua a bososela.
Ka tsatsi le leng a fumanwa, mme ba sepolesa ba mo isa habo. A fihlelammae a kula haholo. Ha mapolesa a fihla le yena, Toko a thaba haholo anahana hore eo o tla tla dula le bona mme molato wa lentswe lane la toro 
Ho kotelwa – Ho kgeswa  empa o sa mo nyala ka molao
Polao yena a tletse madi. Bana ba ile ba mo hlalosetsa hore Polao ha se yena ya qadileng ntwa eo. Ka ho tseba ho re ntatae o ilo mo shapa ha sekolo se tswa, Polao a se ke a ya lapeng empa a baleha. Mantsiboya batswadi ba hae ba sa botsana ka yena, ha fihla mosuwehlooho a tlo beha ka se etsahetseng motsheare sekolong. A hlalosa le hore bana ba neng ba le ntweng moo ba hlalositse hore bashemane bao ke bona ba qadileng ntwa. Ka hoo a hla a kopa Toko hore a se shape Polao hobane seo se ka mo utlwisa bohloko ka mokgwa oo bashemane bao ba batlileng ba mmolaya ka teng. Mmatoko o hlaloseditse mosuwehlooho ka moo Toko a phedisang Polao ka teng le mokgwa oo a lekileng ho bua le yena ka teng hore a tlohelle ho phedisa ngwana jwalo empa Toko a sa mamele.
3.3 	Matsapa.
Khotso Khiba o ne a hlahele Lesotho ka la 19 Pudungwana 1945 seterekeng se ka borwa ho naha sa Mohale’s hoek motsaneng wa Moeaneng. Ka lebaka la ho holela lelapeng le neng le eteletswe pele ke mme wa hae, ntate Khotso jwalo ka ba bang ba dithaka tsa hae ka nako eo, kgolo ya hae ha e ka ya eba e bonolo. Ha a ntse a hola o ile a bontsha thahasello e matla ya ho ngola, ho taka, dipalo ekasitana le mosebetsi wa ho betla mapolanka. Lerato la hae la ho ngola dipale tsa Sesotho, dithothokiso ekasitana le puo ya Sesotho ka kakaretso, le ileng la tota dikolong tse mahareng le tse phahameng. Ha a se a le dilemong tse mahareng, Khiba, eo ka nako eo e neng e le setsebi sa moruo, o ile a ngola dibuka tse latelang, Bophelo ke ntoa le Nkopeleng ke bine tseo e leng pale le pokello ea dithothokiso ka tatellano. Ntate Khotso Khiba o ile a ikakgela ka setotswana ho ngola ka Sesotho, ho hlahloba dingodilweng tsa dingodi tse ding, le phetolelong ya dibuka tsa kgwebo le tsa mmuso puong ya Sesotho. Khiba ke sengodi sa pale e bitswang, Ke mora wa ka, e hlahang bukeng ya pokeletso ya dipale tsa Sesotho, Dipalekgutswe tsa sejwalejwale. Pale ena e ile ya fumana kgau ya The De Jager – Haum Literary Competition lefapheng la dipale tse kgutshwanyane tsa Sesotho ka la 8 Phupu 1996. Dibuka tsa hae tsa pejana di tswelapele ho sebediswa dikolong ho fihlela jwale. Khotso Khiba o ile a hlokahalla Lesotho ka la 22 Loetse 2002 a siya mofumahadi, bana ba bane le ditloholo tse pedi.
Tseleng monna enwa o ile a ntsha matekwane mme a a tsuba le tsela. Kolobe ha a ka a arabela seo monna eo a neng a se botsa empa o ne a le malala-laotswe ha monna eo a ka mo tsohela matla. Bothata ke ho re ho se ho le lefifi, le ho re sebaka sena ha a se tsebe, ntle le moo ba ne ba se ba tswile ka toropo. Tshabo ya mang kapa mang
6. • O hodisitswe ke mophetwa ya neng a tsebahala haholo a ena le lerato le boikokobetso. Sena ke tiiso ya hore o latetse mohlala o motle oo Tsholo a neng a mo hodisa ka wona.
6.2 Tshepiso.
“Monna! Lesela ngwanana enwa. Mosadi wa hao o mo lebetse? Hona otla re ho ngwananyana enwa mosadi wa hao o kae?” Moeletsi a botsaTebello.
A re duleng re e lebelletse ka mehla
• O hodisitswe ke batho ba nang le botsitso ba tsamayang ka sekeresete. Re bona Karabelo a bolella batswadi ba hae ka qeto eo a e nkileng ya ho ba moruti ha a hola.
Kepa a hlokomela hore ho bapalwa ka yena, a leboha. A lata katibanyana ya hae moo ntjanyana e e siileng teng ha e se e kgathetse.
Bophelo boo Toko a bo phedisang Polao bo etsa Polao hore e be moshemane ya pelo e thata e be senatla ntweng. Ka tsatsi le leng Polao o ile a lwana le moshemane e mong sekolong a mo roba dikgopo. Taba eo ha e fihla ho ntatae o ile a mo shapa le ha mosuwehlooho a mmoleletse hore moshemane eo ke yena ya phoso. Ho leka ho fedisa bophelo bona boo a bo phelang habo, Polao o ile a bitsa kopano le batswadi ba hae ho tla bua taba ena ya hore ntatae e be e sale a mmolaisa thupa ka mehla. A mo kopa hore a e kgaotse hobane a ka tshwana a mmolaya. Ntatae ha a ka a mamela kopo eo ya Polao.
“Ke ntse ke batla mosebetsi, morena. Re bolawa ke tlala hae.”
8. Bana ba ka kopanya batswadi kapa ba ba arohanya. Ke nnete kapa tjhe. Tiisa karabo ya hao o ntse o ikamahanya le ditaba tse tswang palekgutsweng ena. Ithute hore dipotso tsa 6,7 le 8 di ka arajwa jwang (memorandamo):
Ho tasola - Ho tsamaya sebaka se selelele ka maoto. Ho tlaleha - Ho bolela.
“Banna!” Ho kgotsa Tebello.
“Ha e le nna le mme,” ho phasoloha Palesa ha a qala a kena ka tlong.“Ke mang ya binneng ha monate, Nkgono?”
“Ke ya ka mona ka Qwading Wena o ya kae?” Kolobe o botsa jwalo atebisitse lentswe hore mmotsi a se tshohe a elellwa hore o fela a tlaletswe, a bile a tshohile. O ne a ye a utlwele hore dinokwane tsa motse ona di hle dilemohe e sa le qalong ha moeti a sa tlwaela sebaka seo, kapa a sa tsebe mooa yang teng. Ke moo di yeng di qale ho mo hlekahleka, di mo tsekise dingtsa hae.
Ka mora puisano ena e telele, Lesiba a ikela ka kgotso. Toko o hannefeela ha eo a furalla. Yaba o hlahisa mokgwa wa hae wa tlwaelo. A omanyaMmatoko hoo ba ileng ba tshwarana ka matsoho.
A ikemetse a phuthile matsoho, a emetse ho bona hore na mohlwanyane ono o makgutlanyana o tla etsang.
Ho ipha dimenyane - Ho baleha.
Batswadi ba lebala hore nako e ngata ba na le bana ka lapeng. Ba etsa dintho tse sa lokelang ho etswa pela bana, mme e re ha bana ba di etsa ba lwane le bona. Ka nako e nngwe ho ba teng batswadi ba hlokang kutlwelobohloko, ekasita le yona tshwarelo hodima bana ba bona, mme ha morao ba itshole nako e se e ile.
Mataboha, majoro wa sebaka sena?”
Mmaletsatsi haesale e le Mmaletsatsi. Ke yena ya neng a nthuta hoitshepa. Ha ke makale ha le kajeno a ntse a bitswa Mmaletsatsi le ha a na anyalwe, a ba le bana, a tsofala. Ha ke makale ha le kgwebo ya lelapa la haee ntse e bitswa ka yena le kajeno. Mmaletsatsi ke Mmaletsatsi.
Mapolesa a ile a thola Polao a mo kgutlisetsa habo. Ha a fihla a fumana mmae a kula haholo. Toko o ile a thabela ho mmona a nahana ho re o kgutletse ruri mme o tla phomola moyeng, le lentswe lena le mo kgathatsang le tla emisa. Toko o ile a kopa tshwarelo ho Polao empa Polao a se ke a dumela. A mo hopotsa tseo a mo entseng tsona le tseo a di entseng mmae a ba a mo roba dikgopo, ka lebaka la ho hana dikeletso tsa hae. A jwetsa ntatae hore tshwarelo o tla e fumana lehodimong e seng ho yena Polao. Mmatoko o lekile ho kopa Polao hore a se tsamaye hape hobane o se a kula haholo mme o tla shwa ha Polao a ka tsamaya. Polao ha a ka a mo mamela o ile a tsamaya. Mmatoko o ile a sola Toko ka se etsahetseng le ka moo a neng a nyefola kereke ka teng.
Ha moruti a botsisisa taba ya monnamoholo hantle, a fihlela hore eo ositetswe Modimo ka mora eo wa hae le mofumahadi wa hae.
Ho ingamangama - Ho tletleba.
##bana ba ka matlong, maru a matsho a kwahetse.
12.3 Bo a ————————————
O ne o kenwe keng ha o tla iphoqa, o ithetsa ka tsiemokopu e kangManana tje, wena Mohau, a ipotsa. Ke ofe ngwanana ya hleng a tiiseditaba le mohlankana a le mong feela? Ba a balwa ba jwalo. Ke kgarebe efee ntlentle jwalo ka Manana eo o kileng wa bona e sa etse letoto labahlankana ba akgang boMoferefere? Ikele hae Mohau wa batho. Lesangwanana enwa. O sa tla be a jewe ke tsa hae, a kotule seo a se jetseng. Moleballe ruri, mme o tshabe lerato la bolotsana. Boela bothong ba hao, okgaohane le marata ana a bakang hore batho ba o tlepe ditsheho tjena!
Tebello a utlwa eka lefatshe le ka petsoha a kene.
Tlhasenyana ya qaka e a hlahiswa e le ho emelwa ha terene e sa tleng, mme e tlisa kgohlano pakeng tsa Tseko le mmae. Mongodi o se a re hlaha leseding hanyenyane feela mme re tshepa hore o tla re arolela ditaba tsohle ha pale e ntse e tswella.
Manana o sala a nyalwa ke Mojalefa. Ba hlolana ka diketso Manana a be a mo ntsha kotsi ka botlolo, mme a tshwarwa. Mojalefa a ya sepetlele.
Bala tlhaloso ya sehlooho sena ho dintlha tsa manollo ya palekgutshwe, mme o arabe dipotso tse tla latela.
Ka ipona ha ke phahamisa letsoho la ka le letona, mme ke ikana hore hae le ngwana yena ke wa ka, mme ke hlile ke fana ka yena. Ka ipona ha keikana hore nke ke ka kgathatsana le yena, esitana le bao ke mo fileng bona.Ka ipona ha ke no ke ikana hore ke mo lakaletsa lehlohonolo. Yena esitanale bohle bao ke ba fileng yena, le bohle ba amanang le bona, ba tlaikarabella kgodisong ya hae, esitana le lelokong le tla tswa ho yena. Ka mantswe a mang ka mo hloboha ho mo hloboha. Ka mo latola jwalo ka haPeterose a ne a latole mora wa Modimo tseleng e thata, e lebisangsefapanong.
Karabelo a tswela pele ka ho re, “Ke thapedi ya ka hore ho se be lengwana ya tla hlahelwa ke sena se ntlhahetseng. Ha se tabatabelo ya ka hobona kgolong ya ka le tshiung tsa phelo ba ka, ho ena le batswadi ba tlangho tshwana le nkgono, ka ketso e bohloko a e entseng. Bophelo ba eo keneng ke tseba e le ntate bo fedile ka lebaka la ketso tsa hao nkgono.” Ha arialo, a tadima ka ho nkgonae, eo ka motsotso oo a neng a ntse a llelafatshe.
10.5 Mathata a hlwa manolo hodimo.
Tshepiso a inamisa hlooho, a sheba fatshe, a pikitla fatshe ka leoto, a ngola
6. Toko ke mophetwa ya bontshang mahlakore a mabedi a bophelo. O hlooho e thata, ha a mamele mang kapa mang. O otlakaka ngwana a mo lwantsha le pele a hlalosetswa phoso ya hae. Ha a amohele ditaba tsa komiti ya sekolo kapa tsa mosuwehlooho, o mpa a ikgopoletse ho ya tshwasa phofu ya hae, e leng mora hae. Toko o bonahala e le motho wa nama le madi. Ha ditaba di se di mo fetohela, o bona ho le molemo ho kopa tshawarelo ho eo a ileng a mo hlorisa nako e telele.
Lona ba ratang ho phela
“Ha le shwe keng le fokotsehe? Ha o bone le bangata haholo. Le
Ke eo a behwa, Kabelo. Ke eo a behwa, motho eo ba bangata ba monkang e le ngwana wa lelapa la borui, ngwana ya tswalehileng, ya hotseng abokotswa, a sa hloke letho. E, mohlomong lefatshe le tseba jwalo.
1. Mamohale ke mophetwa ya butswitseng, ya tsebang ho sebedisa kelello le matsoho a hae ho iphatela. Ke mophetwa ya neng a le sebete hoba ke enwa o emisitse lapa le hae monna wa hae a ntse a le siyo. O ne a na le mamello hoba o ne a tseba ditshwanelo tsa hae tsa botswadi.
Tshepiso le Lerato ba qeta ho fihla kampong. Hora ke ya borobedi, bosiu.“Lerato, o bone ke thotse motlao ya nthatang?” Tshepiso o bua a lokisamoalo.
“O a tseba ho re tau eo, e lomahantse meno tabeng eo.” Ho bolelaMoeletsi.
“Terene e tswile seporong, mme e phetohile. Bapalami ba bangata batimetse. Masea le maqheku. Ena ke koduwa ya naha.”
“Ho thwe ke meleko ya eng eo o e entseng mola sekolong? Bua!” a realoa mo qhautsa pele a araba le ho araba, “Kgale ke o bolella ho re ke tla oterapa! Ke batla hore o hle o robe nna dikgopo hona jwale ya mmajwale!Tsamaya, moleko towe!”
Bongata ba mangolo ao bo fumanwa hona seteisheneng. A hopola ka letsatsi le leng a ituletse hamonate hona seteisheneng sena, ha thwe a tlohe moo, ha a bone ho ngotsweng lengolong. A supiswa le leng haufinyane le moo a dutseng teng. Jwale kajeno o kgutletse hona mona. Motho o tla reng? Ke lona lehae la rona lena. Re tswaletswe ho lona. A nka morwalo wa hae a ikela. Ba habo ha ba tla ho mo kgahlanyetsa. A utlwa a teneha hobane tjhelete ya hae ba e emetse ka thata.
##tsebeng eo o qalang ho e bona.
“Hoja ka mpa ka mo tshwarela!” sekolo seo, ke ile ka ba phutha kaofela ha bona ho tla batlisisa sesosa santwa eo. Ka fumana hore bana ba neng ba lwana le yena ba fela ba lemolato. Jwale he, bahlahlobi ba baholo ba ile ba ntaela ho ba tebela moo sekolong. Ke makala ha e le mona Polao a eso fihle hae ka nako ena.Mohlomong o nkile hore o entse ntho e mpe mme a fapohela ho motswallewa hae ka baka la ho tshoha. Athe ha ho jwalo, etswe ba ne ba mokopanetse ka bongata bo tshabehang moo a neng a qobelleha hore aitshireletse.”
3.2.8 	Hobaneng bommisisi ba ne ba thabela batho ba mapolasing?
Batubi – Bahlorisi  Sethibamathe – Mosadi eo o dulang le yena
“Ho behwa hwa ka kajeno setulong sena e mpe e be thuto ho batjhabohle ba lefatshe.” Ke majoro eo ha a phethela puo ya hae. “E fetile nakoyane eo ka yona motho e neng eba motho ka baka la lebitso la ntatae. Ketaba e tsejwang hore nna ke ngwana wa matsheo. Ke entse diphuphutso,mme ke utlwile hore ntate o India kwana, athe ntatemoholo yena ohlokahalletse Zambia kwana. Ho thwe nkgono yena o ntse a le teng monaForeistata. Ke lakatsa ho mmona.”
11.4 Ngwana wa mahana a jwetswa o bonwa ka dikgapha.
“A ko bone he.” Mmaletsatsi o bile a realo ho nna ka tsatsi le leng kamora makatikati ao ohle. “Ho totobetse he ngwanana hore o hlile waqhanolla ho feta tekano. Ke moo, ke moo.” Mmaletsatsi a tsitsinya hlooho.
6. Qoqa ka maemo a lelapa la habo Kepa.
3.3.1 	A fumana masupi feela.
1.8 A bona menyepetsi e theoha.  H. A hopola hae.
Nakong eo a ntseng a bala lengolo, Tsholo o ne a mo tadimile ka leihlola Kaine. Ho bonahala hantle hore o batla ho bona sefahleho sa Mmakarabelo motsotsong oo a ntseng a bala lengolo. Tsholo o ne adumellana le bahlalefi ba reng ditaba boholo o tla di bona sefahlehong le hamonga sona a ikgutseditse. Mmakarabelo o ile a thunya mofufutso, athothomela mmele, a ba a tsitsipana. A ipotsa dipotso ho re ke hobanengha lefatshe le sa thabele ho bona motho a phela ka kgotso. Hantle moo areng o ja monakaladi wa kebolelwa, bophelo bo a mo fetohela. Ke moo ratola pelo ya hae le mo halefetse ka lebaka la lengolo. La e baka taba lengolole tswang kwana Mehloding.
“Hoja ka mpa ka mo tshwarela!”
Kepa o hlahetse polasing e bitswang Makgalaneng, ntatae a sebetsa kabotshepehi, a ba a shwela teng. Mmae o ntse a le hona polasing eo. Kepa olokolotswe polasing ka lebaka la ho haella ha mosebetsi. Ka letsatsi lehlahlamang a kgutlela heising a ilo kopa hore a mpe a hauhelwe a fuwemosebetsi. O lekile ho o batla dipolasing tse ka mathoko, a hloleha. Aithapella ka hore o ikemiseditse ho thusa mmae ya leng polasing e lenngwe. A hana rapolasi wa moo. Komello e iphile matla, dikgomo di ashwa. Lekgaba la poone le omeletse. Jwale o tla sebetsang? Tjhe, le yena abona. Ka nnete mosebetsi ha o yo. Ke mmae feela ya dumeletsweng hodula polasing hobane a hauhelwa. Ntata Kepa e bile foromane etshepahalang, e sebetsang ka thata, e sa komakomeng le ha tsebe e sothwa.Lefu la mo swetsa la mo nka ka tshohanyetso.
2.3 Monokotshwai ha o butswe ka thato ya tshwene.  C. Motho ha a hlokahetse sesosa sa lefu la hae se a batlisiswa.
3. Ke eng se ileng sa balehisa mora wa Toko lapeng?
3.2.10 Bothata ba bona bo ile ba arabelwa jwang. Hlalosa ka bokgutshwane.
“Ebe ke lefe?” Mamohale a boela a botsa.
Ditshita di hodisa pale. Di etsa ho re mophetwa wa sehlooho a etse malebaleba a itseng a ho hlola jwang kapa jwang. Ditshita tsena di ikgodisa ka tsela e itseng ho ka tshehetsa mophetwa enwa kapa ho mo dihela boitekong ba hae. Kgolo ho bangodi ba bang ke kgohlano.
Tlhekelo e akaretsa tikoloho eo mophetwa a phelang ho yona, maemo a bophelo le nako ya pale. Hape palekgutshweng, re ka sheba hore na mongodi o hlahisa ditaba tsa hae jwang. Na o di hlahisa a di hlalosa ka tsela e itseng seratswaneng sa pele, kapa o wela ditabeng a sa tloha feela ho ikamahanya le sehlooho sa pale ya hae.
“Ntate Toko.” ho rapela mosuwehlooho “O se ke wa mo etsa letho hle, hobane a ka utlwa bohloko haholo ha a nahana ka moo bashemane bao ba sekolong ba batlileng ba mmolaya ka teng. E ne e le bona ba qholoditseng ntwa eo. Ke a kopa hle motswadi wa ka, o mpe o mo inele matsoho metsing. Ha se yena motho ya qadileng moferefere ona.”
Palekgutshwe tsena di kgethilwe ka hloko ho akaretsa sehlooho sa buka.
Kgutsufatso ya palekgutshwe
2.2 Thulare.  B. Ntata Refilwe.
Taba ena ha ke e lekola hantle, ke fihlela qeto ya hore ha o ntate.” Ho realo Polao.
3.2 	Tlhekefetso ya ka malapeng e hlahella ka mahetla mona lapeng la Toko. A ke o e lokodise o fane le ka keletso hore Mmatoko a ka etsa jwang ho e fedisa.
Mmoledi a ba tshwara ka matsoho. “Ha di na motlohapele.” Ke yena eo,ha a palama, a ikela. “Ke tla le tlela le tse monate.”
2. Matahanya mabitso a hlahellang kholomong ya A ho dipolelo tse hlahellang kholomong ya B.
A hoboswa – A phoqwa  Nyemotsa – Ho sheba hampe
Ke nnete hore nna ekaka ke a lla hara thabo ena, empa ke a itebohela ha ke sa ka ka ba le sebete sa ho bolaya lesea leo jwalo ka ha ke ne ke eletswa. Ke leboha Modimo ha ke sa ka ka bona borui ba ka kapa botle, di feta bophelo ba lesea leo ke neng ke le jarile.
Mmaletsatsi o ne a ntetseditse mohala kgweding e fetileng. Yena omono Hlohlolwane, kgwebong ya hae ya lebenkele la diphahlo e bitswangka lona lebitso leo la hae, le ha e se e laolwa ke bana ba hae. Ha ke ne ke eya kwana hae Mashaeng, pele ke etla mona Mangaung ka baka la Thulare,yena o ile a ya le mofu monnae hona moo Hlohlolwane, moo a ileng atheha kgwebo eo. Mmaletsatsi o ntetsetsa tjena o mpotsa hore na keutlwile ho re setloholo sa yane Qamboza se ilo behwa setulong. Ke hopolahore Mmaletsatsi ke yena feela ya tsebang taba ena le metso ya yona, ka hammoho re ne re ile ra latella taba ena haholo ho tloha qalong ya yona, hofihlela mona.
1. Bolela lebitso la moradi wa Tebello.
Phirimaneng e nngwe e badilweng, ditjhaba tsa phuthehela holong yamotse wa Mautse. E ne e le tlhodisano ya semetletsahadi ya ho kgethammabotle wa Mautse. Mohau a kena ho e ikgethileng sutu, e tshwana kametsero e methokwana, e ntjha. Dieta, hempe, ho tloha leotong ho ya tswabokalakateng ho nkga botjha feela. Baking a hloma e tshweu palesa, yamaiketsetso ya ditjhelete.
“Wat sal my nou te doen staan?” Mofumahadi a mpotsa ka thahasello.“Om? baba groot te maak is nie kinder speletjies nie.”
##tseleng, dikgomo di bothile, dinonyana di ipatile dirobeleng tsa tsona,
10.3 Lehlena.
Kajeno ho monate ho bohle ba ratang kgotso, nnete le toka. Dipuo hobuuwa tse ahang setjhaba. Mamela dithoko le dithothokiso. Makodilo ke aamang maikutlo haholo. Mehopolo ya ka ke e thiba e se e kgelekgetha holele nna.
1.5 Tiisa karabo ya hao ya potso e ka hodimo.
“Ke hantle he, Toko! Empa o tsebe hore ngwana-mahana-a-jwetswa obonwa ka dikgapha. O tla mpolella ka le leng la matsatsi.”
“Ntate, le wena mme, ke le bitsa tjena ho tla shebisana le nna tsietsi ena ya ka ya ho re ntate a nkotle ka mokgwa ona. Ho ya ka moo ke bonang o ntjhapa ka teng ntate, ho nkenyetsa letswalo. O ka nna wa mpolaya mme ha itshwanela jwalo ka ha eka ha o eso tswale ngwana ya tshwanang le nna.
“E sa le hoseng haholo.” Ho realo Palesa enwa wa setlokotsejana a se a ntse a keketeha. “Tlhomamiso ya majoro e qala ka hora ya leshome. O tatile haholo, nkgono!”
Phutheho e bina ka dipelo tse bohloko, le maikutlo a sithabetseng. Ntho e tjena, le ha e le teng bophelong, ha e a tlwaeleha. Bohle re imetswe.
Karabelo a tshwara seatla sa mme wa hae ka letsohong le leng, athe ha e le le leng a tshwara seatla sa ntatae Lereko, yaba o re, “Ntate Lereko le wena mme, ha ke rate ho bona qeto ya ka ho eba le motho e mo kgopisang. Kgetho ya ka ke ya hore ke tla nne ke dule le mme, empa ke tla nne ke etele ntate ha dikolo di kwetswe le mafelong a beke. Hodima tsena tseo ke seng ke di hlalositse, ke kopa hore Ntate Lereko le nna maikutlo a ka a se kgopisehe. O se hlekefetse mme ka lebaka la tsena tse etsahetseng. Ke kopa hore o kgaohane le nkgono hobane ho mo lwantsha ha ho na ho fetola maemo a ditaba, ho teng e tla ba mathata hodima mathata, ka hoo ha o etsa tseo ke o kopileng hore o se di etse, ke tla o hloya, ke o ile sekgethe. Ha ke na ho o utlwisisa ho hang.” Ha Karabelo a ntse a bua tsena ho ne ho bonahala hore nkgonae, mme wa hae le Lereko ba makaditswe ke ho utlwa mantswe a sefutho, a ahang, a tlisang kgotso, a tswang ho ngwana ya sa leng tlase dilemong jwalo ka Karabelo.
12. Kgatello le kgethollo e ne e le matla haholo nakong tsa boKepa. Makgowa le bao ba neng ba tshwere mesebetsi, e ne eka ba rupelletswe ke motho a le mong. Ba ne ba hlompholla le ho nyenyefatsa motho ka tsela e makatsang. Ditokelo tsa batho di ne di hatikelwa. Tiisa mohopolo ona ka ho qoqa ka dintlha tse tswang palekgutshweng ena.
13.6 Mapolasing mosebetsi o mongata empa feela tjhelete ha e yo.
Malololo – Makgasa Meputulo – Moo ho tsamauweng Merafong – Moo ho tjhekwang taemane kapa kgauta Methwaela – Ba mmalwa Monyetla – Sebaka ka tsela ya lehlohonolo Mphiphi – Lefifi Nyarosa – Tshosang Sekgahla – Ka matla Shwalane – Bosiu bo bonyenyane; phirimana Totile – Eketsehile Tlokotsi – Tsietsi
4.5. Mmamojalefa o ne a le manganga ho ya ka Tseko.
Kakae ho qhoma ntwa e kgolo. Ha ntshuwa barumuwa ho ya thaotha masole. Hara masole a thaothwang ho tsamaya Moferefere wa seqhenqhahadi.
Tangtang ya kgangwa ke lerole - Ha senyeha.
4.3 	Ho ja mabele.
Lebitso la dikgomo - Lebitso leo ngwetsi e le fuwang bohadi.
4.8 Basebetsi ba mmaeneng ba a lwana.
Maqhubu a bitolohang le ona o ile a a bona, a mpa a tshaba ho sesahobane a ile a utlwa ho ntse ho buuwa ka ho re ho na le ditlhapi tsekgolohadi moo tse jang batho, tse bitswang maruarua. Mona ThekongThabo o ile a ba a makatswa ke ka moo a ileng a fuwa dipanana tse ngataka teng ha a ne a reka ka tjhelete e seng kae. Batswadi ba hae ba ne bathabile le bona ha ba bona moranyana wa bona a thabetse tseo a di boneng.Hodima ntho tsohle, leeto leo la Thekong e ne eka leeto le ntjhafatsanglerato la bona, le ba tlamahanyang botjha lenyalong. Lelapa la Abiele,lelapa le mofuthu!
5.1 Ho idibana.
2.2 	Ba rapalletse fatshe.
7. Ebe ke nnete ha ho thwe leshala le tswala molora? Maikutlo a hao ke afe mabapi le Karabelo le Lereko, ntatae. Qoqa o ikamahantse le ditaba tse tswang palekgutsweng ena.
“Ke ile ka teana le Tseko le Mmatseko moo seteisheneng.” Ho realo moruti molaetseng wa hae wa matshediso. “ Ke ile ka ba botsa lebaka la ho ba moo. Ba ile ba mpolella hore ba emetse terene.” Hona mona re se re tsebiswa ka mophetwa wa rona wa sehlooho e leng Tseko.
A sheba mophephetsi wa hae. A fumana e le ho maloro a mabe, ho diphaka, ho dihlathe difubeng mona, ho seatla se lekanang le kgarafu ya sekopo! Ho raohile ho ile hodimo mane, ho mo shebela tlase kwana.
##karaburetso e matla.
Gauta a phethisa ka moo a tshepisitseng ka teng. A fihla hoseng hatsatsi le hlahlamang a tlilo lata motswalle wa hae hore a ke a tsamaye leyena. Pele ba tsamaya, a botsa Abiele hore ebe na a ka rata ha a ka morekela biri na. Abiele a hla a qeaqea. Gauta a re ho yena. “Motswalle, otsebe hore o ka leka matsapa le makgobonthithi ohle a ho tlohela jwala,empa o tsebe hore o tlamehile hore o be le maikemisetso a ho bo tlohela.Ha ho no o thusa ka letho ka hore mohlomong o kgahlisa nna. O tsebehore ka ho etsa jwalo, o tla be o sa thetse motho mang kapa mang. O tla beo ithetsa wena ka bowena.” Abiele a bolella eo motswalle wa hae hore o entse qeto le maikutlo a hae hore ha a sa batla jwala. Ba tsamaya.
Dipotso
##hae esaleng a kena pooneng.
Mohlomong ke bua tjena, ngwana enwa o se a ineile naha jwalo ka ha a kile a bua sena ka molomo wa hae nakong e fetileng. Yena Polao ka sebele, o ile a ba a bua hore ha a kgolwe hore enwa ke ntatae e le ka nnete. Ahlalosetsa ntatae ka taba tsa lengolo hore ngwana o lokela ho hlomphabatswadi ba hae, le ho re batswadi le bona ba lokela ho etsa jwalo, mme base hlokofatse ngwana ka dinako tsohle. Monna enwa wa ka o se ahlokofaditse ngwana enwa ka nako e telele, ho tloha ha a le lemo tseleshome le metso e mmedi. O ka utlwa le wena hore ha ngwana enwa a sea le dilemo tse leshome le metso e robedi jwale, o hodile. Etswe ngwanaenwa o hodile ha a le mokana mme a ka nna a nahana ho ineha naha ha bonolo.”
9. Mmaditaba e ne e le mohlohletsi ho re ditaba di be mpe lehlakoreng la Mamohale. Ke mophetwa ya neng a tsheha ka ditsietsi tsa batho ba bang. O ne a sebetsa le Mamohale ha ba ne ba foroma ditene tsa ha hae.
2.2	Ho hlola a tetekilwe.
##hae ebile o sebedisa puo ho ya ka bokgoni boo a nang le bona.
Sena se netefatswa ke maele a reng, monokotshwai ha o butswe ka thato ya tshwene. Terene e tla tla. Ha e le Tseko, o ne a di utlwa tsena tsohle empa o ne a sa utlwusise hore ena terene ke e jwang e sa fihleng. Tse ding di a kena di be di tswe, batho ba fihla ba be ba tsamaye. Le ha e ba dikgomo ha di na motlohapele, ena eo ba e emetseng ke e jwang. O ne a hloka botsitso, a ya hodimo le tlase, a bile a komakoma ka hanong ka mona. Bakeng sa hore bothata bo rarolohe, bo rarana le ho feta.
Qetellong e moholo a ithapela. A mo fa mosebetsi wa ho fepa difariki a be a di hlatswe. A hlokomele le hoko ya tsona ka ho e hlatswa le ho kenya jwang bo botjha. Ha Kepa a hopola tsena, menyepetsi ya theoha ka matla.
Potso
11.3 Gauta ke motswalle wa Abiele.
1.8 	Bapisa lelapa la Abiele pele a nwa jwala le ha a se a nwa jwala.
10. Tebello ke mophetwa ya neng a le mafolofolo bakeng sa ho sebeletsa lapa la hae. Ke mophetwa ya neng a se na nnete. Ke mophetwa ya neng a sa tsotelle maikutlo a batho ba bang. O ne a tahwa ke lerato ho re a be a lebale maikarabelo a hae. O ile a balehela ha habo Tshepiso hoba a tshaba mathata a bophelo. O ne a rata methepa le ha a ne a le moholo a sa hlabuwe ke dihlong.
“Lereko Mantsha ke mang?” Ke Tsholo eo, a se a befile haholo.
”Re a utlwa ngwanaka. Ke tla leka ho buisana le ntatao hore re tadimisise taba ena hantle hobane ruri lengolo le hlalosa feela jwalo ka ha o sa tswa bolela. Tabeng ya bobedi, ke ne ke sa rate hore o inehe naha jwalo ka ha o boletse hoba ke wena feela ngwana ya mong to! ka monwana mona lapeng. Ha o tsamaya re tla sala le mang? Ntatao le yena a ke ke a thabela ntho ya mofuta ona ka mora wa hae.”
Matsapa – Mekutu
Ka nako e nngwe mongodi o ngola jwalo ka ha eka ke mophetwa wa pale. Mona o bontsha a na le seabo paleng. O ngola ka lentswe la mmui. Ka nako e nngwe o ngola e ka ke mopheti wa tseo a di boneng. E ka re o pheta tshomo. Tsena o di hlahisa ka ditaba le diketsahalo tsa
3. Hlalosa
“Ho tletleba hona ha hao ho hlile ho kgahlanong le melao ya Modimo, Tseko.” Ho realo Mmatseko a bile a akgeha. Ha a le tjena, o tsoha sepetlele. Tseko yena ha a na puo. A ka reng? E kae kgudu?
Leeto la ho ya Thekong le bile lelelele. Eitse ha koloi e kena ka haramotse wa Thekong, Mmathabo o ile a tshwanela ho tsosa Thabo borokongmoo a neng a ntse a lora ka boRitjha. Le hoja Thabo e ntse e le ngwana waGauteng, a makalla motse oo wa Thekong ka boholonyana ba ona le kamoo o ahilweng ka teng.
13.3 Kgohlano, qalo ya yona le mabaka a e totisang.
“Mokgashane, ka tjhakelwa ke wena kajeno, ho entse jwang?”
“Mme, nna Ntate wa ka ke mang?” Tshepiso o botsa ka pelo e bohloko.
5.6	Na e be Abiele o ne a le tlasa kgatello kapa tshusumetso ya tahi hore a qetelle a hlekefetsa mora wa hae. Ebang ho ne ho ka thwe o mo thuse o ne o tla mo thusa jwang?
Tshepiso o na le dilemo tse leshome le metso e mehlano, jwale. Hora keya bosupa, mantsiboya.
Ho ila sekgethe - Ho se rate ho hang.
1. Kgohlano e a qala kgatong ena. Abiele o fellwa ke mosebetsi. Sena se fetola maemo a bophelo ka lapeng lena. Tjhelete eo a neng a e bolokile bankeng e a fela hobane e hulwa feela ha e kgutle. Ka mora ho hloleha ho fumana mosebetsi ka mora hore a o batle, o fellwa ke tshepo o fetoha lekgoba la tahi.
Tebello a utlwa eka lefatshe le ka petsoha a kene.
Kganyapa e ne e le mmampodi wa Teransefala wa ditebele boimeng bo hare. Motswalle wa hae e ne e le Mokgashane. Bobedi ba bona ba ne ba tella ebile ba nyatsa batho.
Ha tadi e antsha - Motsheare o moholo.
6. Mosotho o ne a nepile ha a re, “Bitsolebe ke seromo”. Qoqa ka mabitso ana a latelang, o ntse o qotsa diketsahalo tse hlahellang palenyaneng ena:
ka K. Khiba
Mohau a hlalefela ho bala, ho ngola le ho kgelekenya ka lehano ho feta bano ba sa sitisweng ke letho mmeleng ya bona. Ntatae a qala ho mo rata, a le motlotlo ka yena. Ao! jwale mosadi wa ntatae yaka a ka ja jwang le diphoofolo ha a bona hore jwale o siuwa potong. A hlorisa Mohau e le ka nnete ho tloha moo. Leqwabaatsana la phedisa ngwana ka mahlapa a tshabehang. “Ke leboha kgutlana la ka, Ramasedi.” Ho rialo Mohau.
10.2 Letsatsi
3.2.9 	Basebetsi ba dimmaeneng ba ne ba lwanela eng?
“Ntate.” Ha arabela Polao a bile a tla a matha.
“E re ke tlohelle ho ingamangama. Ke le bule mme ke nto utlwa tsalona.” A rialo a sa senye le ha e le motsotswana, a be a se a le bula, a le bala.
Bala seratswana se latelang e be o araba dipotso tse tla latela:
Kolobe le motswalle eo wa hae ba kgannwa jwalo ka batshwaruwa, hathwe ba iswa moo ba seng ba tla ikarabella teng. Ntho e ileng ya batla emakatsa Kolobe ke hore, ha ba ntse ba kgarametswa, ba kgothometswajwalo, matsoho a bakganni ba bona a ne a hlile a hana ho tiya ha ho ya holebilwe eo motswalle wa hae. O ne a lebelletse ho bona ba kgannwa jwaloba lebiswa nqa toropong, moo ba neng ba etswa teng. A makala ha a bonaba kgannelwa hosele, nqa morung o neng o le tlasana ho tsela. Yare ha ba kenella ka hara difate le mefelebithi ya dihlahla, a hla a kgodiseha horebatho bao ha se mapolesa, e mpa e le dinokwane tse ilo ba bolaya.
4.5 Kepa o sebetsa jareteng ya mmisisi.
Ke qetetse ho bona Kabelo a sa le monyenyane haholo. Ke boetse ke na le setshwantsho sa hae ha a ne a le sekolong se phahameng. Morao tjena ke ne ke mmona hangata masedinyaneng le hona dithelevisheneng mona. Kabelo o shahlile ho feta malomae. O fepehile mme ho hlakile hore o phetse hamonate haholo. Thulare le yena o ntse a fepehile, empa e seng jwalo ka motjhanae. O ntse a hotse hantle, le hara mathata ao ke neng ke se ke iphumane ke le ka hara ona. Dilemo tse tsheletseng ka mora ho re ke tlise yane Mmakabelo mona hae ho fana ka yena, mme ke kgutle makgoweng ho ya ntshetsa tshebetso ya ka pele, ke ile ka iphumanela monna eo ke ileng ka mo rata haholo. Ka phela le yena hona moo motsemoholo, ka moo ka Gauteng. Yena ha ke hanane le hore ke ne ke mo rata. Ka bomadimabe o ile a hlokahalla kotsing ya mebileng ha re ntse re hlophisa ditaba tsa rona. Tsietsi ke tsietsi.
Le ho se atametsa ho Ntate, Ramasedi
1. 	Bala qotso e latelang o nto araba dipotso tse tla latela: Batswadi ba ka ke hlile ke mona ka yona taba ya moshemane eo. Motsheare ka nako ya kgefutso mane sekolong, o lwanne le bashemane ba bang ba sekolo. Ha ke tla fihla moo ba neng ba lwanela teng, e ne e le ha ke utlwa lerata la bana ba bang ba sekolo, e le lerata le kwalang ditsebe tsa motho. Ha ke fihla, ke fumane a eme ka hare ho bahlankanyana ba tsheletseng bao ho neng ho thwe o ne a lwana le bona, mme ba bang bona ba balehile. Bana bohle ba pakela Polao hore bahlankanyana bao ke bona ba qadileng moferefere oo, etswe ho utlwahala hore e se e le nako e telele ba kgwathakgwathana le yena. Bana ba tsheletseng ba ne ba rapalletse fatshe mme ba le madi ebile ho re tlere! fatshe moo ba neng ba robetse teng. Ho thwe ba bang ka baka la bokwala, ba ile ba menola tlhabela.
10. Hlalosa:
“Kgele, ke lehlohonolo le lekakang, banna!” ho rialo yane e mong. “Lenna ke ya hona teng. Ke ne ke le tsietsing e tshabehang ha ke nahana hotasola ke le mong, hara naha e jele boya tjena. Ha re hle re iqeke, emoholo, esere ra iphumana re emetse e marothodi a maholo.”
“Mmaditaba ha o swabe, ka mehla ha ke kopana le wena o dula ompotsa ka monna wa ka.” Mamohale a raoha.
La bua jwalo lentswe le ka hare le sa bonweng ho Mohau. Jwale kamehla ya boela ya eba Mohau wa maoba le maobane. Ka moramatsatsinyana a mmalwa feela, a be a se a ntse a re: “Ke leboha kgutlana laka, Ramasedi!”
Hoseng a tshwara terene e yang hae, pelo ya hae e le bohloko ha e le mona a siya metswalle ya hae. “Tsohle di a sala jwale, matshwenyeho a fedile, a setse morao, mpeng ya lefatshe.” Ke yena eo a nahana. Tsohle di a feta.
Phutheho ya dumela, mme bafu ba theolelwa lebitleng.
Lelapa la Thulare le se le itokiseditse ho ya moketeng. Mora wa ka,Thulare, ke lepolesa la mmuso mona Mangaung. Ngwetsi ya ka,Mmapalesa, yena ke mosebeletsi wa setjhaba, ya ikarabellang kgodisong yabana.
Sehlohlolo
3.2 	Mmathabo o ruta poraemari.
2.9	Lelapa le mofuthu.
Tseko o bontsha kgalefo ya hae hobane a ne a sa batle ho emela terene. Empa o tla etsang ha e le moo ngwetsi e hloloheletse ho bona matsala yona. Mmatseko le yena ka lehlakoreng le leng o thabetse sena haholo hobane o ne a tatetse setloholo sa hae. Tjhe, ke nkgono ofe ya neng a ke ke a tata le ho thabela seo? Setloholo le ngwetsi e mo hloloheletsweng.
“O tsamaye hantle Ntate, badimo ba Bataung ba o kgantshetse ditsela”,Mamohale a didietsa. “Tsela tshweu bo.”
Puisano e hodisang moralo e pakeng tsa baphetwa, sebopeho sa pale se thehilwe hodima puo le puisano ya baphetwa. Ho teng baphetwa bao semelo sa bona le maikutlo a bona di kgemang le maemo le dinako. Bana ke ba bitswang hore ba tjhitja hobane ha ba sekamela nqa e le nngwe. Ba sa fetoheng le maemo le dinako, ho thwe ba sepapetlwa. Ba dula ba le jwalo ho ya ho ile. Ha a le kgopo, o kgopo jwalo ho ya qetellong.
10.4 Ho tlerefala (bofubedu)
O tshepetswe ho fatela setjhaba bophelo
Ho fellwa ke matla - Ho kgathala.
“Ke tla re ke lesowa, ebile tholang re se re le haufi le yena.” Tebello obua a subela hempe hantle.Ba fihla pela Tshepiso. Moeletsi le Tsietsi ba kena ka hara lebenkele, hasala Tebello.
Mamohale a bea Bibele, a tswa ka tlong ha a bona koloi e ema ka ntle.A bona moradi wa hae ka koloing, a tshwere lesea. Mamohale a nka leseaho Tshepiso eitse ha a re mahlo tloha a bona Tebello. Monna wa hae esaleng a kena pooneng.Tebello a rotha mofufutso o tlalang noka.
Ho phahamisa maikutlo - Ho halefa.
Ho thajwa Moreneng
2.2.2 Metsi a phallang.
Ho fetile dikgwedi tse pedi feela ka mora hoba Mohau a utlwiswe bohlokojwalo yaba ho etsahala kgoba motseng wa Mautse. Maswabisadihlong,mapalesapelo, a aparela lelapa la mmuelli, lehae le hlomphehileng, mohatsaleqwetha o nyametse, o ile le mohodu le mala. O ile, o kene morung lemohlankanyana yane wa ho kudisa Mohau mosebetsi. Ba iketse. Kgalemosadi enwa a ithatetse mohlankana wa hae ho tloha hona mohla a neng a reha a batle diqhwala ha hae. Qwetha la batho, konyana ya nku, la sala le behilematsoho phatleng, ruri le ahile ntlwana ya lefokotsane.
Manollo ya palekgutshwe
ka K.P.D. Maphalla
3.6 	Mongodi a ka hlahisa baphetwa ba hae ka tsela tse fapaneng ho fetisa molaetsa wa hae. Tlasa dihlohwana tse latelang qoqa ka tlhahiso ya baphetwa palekgutshweng ena:
Bala seratswana sena se latelang e be o araba dipotso tse tla latela.
Mmakarabelo a arabela mantsweng a Lereko, a re, “Ke lahlehetswe kemotho ya ileng a mphutha, a nketsa motho. Ho tloha hona jwale ha ke saikutlwa ho hang ho dula le monna e mong, hoba ke dumela hore ha ho satla ho eba le monna ya tla tshwana le Tsholo bophelong ba ka. Tabeng yaKarabelo ya hore a dule le wena nke ke ka e arabela hobane o se a hodile, aka ikarabela ka boyena.” Ha a bua jwalo, o sheba ka ho Karabelo hore aikarabele.
Dintlha tsa manollo ya palekgutshwe
Bofokoding ba hae a loha maano a ho iphedisa. O ne a nne a boneseroki se seng sa monna se ntse se roka se etsa dintho tse ntle: mese,marikgwe, dikojwana, jwalo jwalo. Sesehi seo se ne se sa mo kgese, ka hooMohau a atisa ho se tjhakela, a nna a utswa ka mahlo hore na ho sehwajwang ho rokwa jwang. A inkela malebela ka mahlo feela, yaba ho lekane.A be a se a kopa ntatae ho mo rekela motjhini o rokang.
8. Hlompho 80
Motho wa monna ha a bona Manana kae kapa kae, neng kapa neng,jwang kapa jwang o ne a tlameha ho mo re qa! kgetlo la bobedi a ntanokwenya mathe kwiditi!
Lapeng la Abiele le teng bophelo ba qala ho fetoha. Mofuthu ola wamehleng wa nna wa fetoha mohatsela ho fihlela o iphetola leqhwa laMariha. Abiele a qala ho halefela le dinthwana tse sa tsebisahaleng. A bonaha mosadi a se a ikgantsha hoba jwale e le yena ya tlisang phofo ka lapeng.A qala a tshwaya diphoso ho Mmathabo. Motho a hla a fetoha sonasefelapelwana sa qhibididikgwaqa. Ka nako tse ding thabo ya hae e akgaphatseha athe ka nako le motsotso o se a fetohile sebata se hlaha seikemiseditseng ho harola dinyamatsane. Dikomang le diqabang ya qala yaeba tsona tseo ho kofellwang ka tsona, ebile e le seshabo lapeng la Abiele.Abiele a qala a fetola mosadi wa hae pantjhingbeke. A lala a mo teteka a mo ntsha maoma. Thabo le yena a qala a tshaba ntatae. A mmona e lephoofolo e hlaha e tshwanang le eo ho thweng ke mmamaririelle waKalamajweng! Tshwene eo ho neng ho buuwa ka yona paleng. Thabo o nea e nyathela nyene le bosiu.
##eng?” Ke Moeletsi ya botsang.“Ke eng?” Tsietsi le yena a botsa.“Banna! Banna!” Ke Tebello eo. “Le bone kgarebe eo e ntle?”“Monna Tebello, ke ngwana motho eo, mo nke jwalo ka ha eka ke moradi ho wena.” Moeletsi o eletsa Tebello. “Tjhee! Ha a o kgahlile tsamaya o ilo ipuella monna.” Ke Tsietsi kalentswe le makgerehla.
“Ke tla le arola dikoto tse pedi. Bao e leng kgale ba le teng, ba tla tla honna mme ba batjha bona ba tla nka ditaelo tsa bona ho Prudence.”Takadimane o ile a kgefutsa nakong eo a emela hore Prudence a fetelepele. Prudence e ne e le ngwana wa dilemo tse leshome le metso e mmedi.Pelo ya ka e ne e le bohloko ha e le mona ke tla rutwa ke ngwanana lehona ya monyenyane hakana? Takadimane a tswela pele, puo ya hae yantshosa hobane ke ne ke bona eka mantswe ana o ne a a lebisa ho nna.
Mahlonoko – Bohloko; ditaba tse seng monate
Setjhaba sa etsa ditlatse, mme ka hohle ya eba mehoo ya thabo. Bannaba hobela, ba tlala, ba ba ba thenthetsa. Basadi le barwetsana ba o hlaba, ba o laola modidietsane. Kaofela setjhaba se a dumela hore a behwe ngwanawa setjhaba. A behwe ngwana eo wabo sona. Ha a behwe hle!
3. Hlalosa hore Kabelo enwa ke mang.
13. Araba hore ke Nnete kapa Mafosisa.
3.1 Ho ja monakaladi wa kobolelwa  1. Ho hlanya
2.9 	Ho kenyetsa motho letswalo.
2. Ke mang ya ileng a thusa Abiele ho tlohella jwala, mme o mo
3.5 	Sewelo.
Empa ho fetile matsatsi a mmalwana feela Mohau wa rona a le mahlomoleng a ho kotelwa jwalo yaba o se a ntse a itshehela a ikgothatsa, a ipalla dibuka tsa hae. “Ke leboha kgutlana la ka, Ramasedi.” Tjhe, eo motho!
Mongodi wa palekgutshwe ena ke motsebatsohle. O tseba sehloho sa jwala. O re fa ka letsohong tseo jwala di bo etsang ha motho a inehelletse bona. O tseba le hore letahwa le ka thuseha ha feela le dumela hore le na le mathata.
Ha ba fihla ka koloing ya Mmakarabelo, Mmakarabelo a mmotsa horeke hobaneng ha a mmotsa hore o tseba monna eo ho thweng ke LerekoMantsha. Tsholo a kgwaolla lengolo ka mokotlaneng wa baki, a leneheletsa Mmakarabelo a ikgutseditse, eo yena a le amohela yaba o a lebula.
5. Ketso ya hore batho ba tshwarane ka matsoho ya Karabelo e ne e le pontsho ya eng? Hlalosa ka dintlha tse tharo.
“A jwalo ka afe?”
Ka hlaha ka fenstere, mme ka tadima dithaba tsena tsa haeso. Pelo ya ka ya utlwa bohloko, moya wa ka wa senyeha, mehopolo ya ka ya kgutlela ka mane ka Gauteng, moo ke qetileng boholo ba dilemo tsa botjha ba ka teng.
Ho tsekela – Ho tsamaya hohle  Terapa – Shapa
1. Kgohlano e bang teng ha ngata hara batho e bakwa ke eng?
“Nkgono Mmaletsatsi o kopa ho bua le wena, nkgono.” Ke Palesa eo, ase a nneheletsa mohala. Ka o nanabela.
Ho ipha dimenyane - Ho baleha.
Mongodi a ka sebedisa mekgabisopuo e le ha a leka ho bopa
3.1	Ho behwa.
2. Tebello o ile a fela a tsamaya le ho lakaletswa mahlohonolo ke mofumahadi wa hae. Ha a tsamaya Tebello o ile a boela a toboketsa taba yane ya ho tla lapeng ha kgwedi e fela. Na e kile ya phethahala? Dikgwedi di se di le robedi jwale Tebello a lebelletswe. Ruri bitso lebe ke seromo! Ba ile ba sitswa ka ngwana ngwanana ya bitswang ka ho re ke Tshepiso, Tebello a e so ho bonahale.
“Hoja ka mpa ka mo tshwarela!”
11.2 Mma Thabo ke mosuwetsana poraemari.
Ba kena bomasenyeletsa lapeng la Abiele. Ba kena ba ikakgela jwalo kaphakwe ha e ubella ditsuonyana. Metswalle ya hlaha ya mo fa dikeletso. Bahla ba mo jwetsa hore a se ke a ikutlwusisa bohloko hobane ha se yena a lemong ya mathateng ao. Metswalle ya mo ruta pheko ya ho itebatsamathata a fatshe lena le ka kwano. E, ngwana batho a hla a kenya hloohoka hara botlolo hoja motho wa rona dibabane tsena a ne a di ila sekgethe.A ipha jwala mme e re ha a nwa a nwe ho faswa. E bo, ba hla ba mo rutaho nwa le ona majwala ana a ka dibotlolong tse marapo, tseo o kafumanang eka di itlamme ka difikabelete. A fetoha lekgoba la tahi. Hosengha a ne a tsoha hlooho e ne e opa, a nyokgoloha, a feroha dibete, ahlatsakaka, a etsa mehlolo. Abiele e ne e se e le lekgoba la tahi, bo mo laelaebile bo mo laola.
1.5 Ba ile le kgongwana hodimo.  E. A so shatjwe.
Ya tloha Nelspruit, ya tshela mafura ha e fihla Witbank, ya feta
“Ke a leboha.” Ho realo Tshepiso.
Ho haba dibaka - Ho tsamaya le dibaka.
Ha se pheko. Ke mosotli wa meya ya batho. Ke moqabanyi. Hangatamoo ho qhomang meferefere, ditshokelano ekasita le tsona dipolayano, otla utlwa ho ntse ho buuwa ka bona kgafetsa. Sesosa sa mathata! Re adumela, mohlomong, ho re, “Jwala ha bo na phoso, phoso e mothong.” Kere mohlomong hobane ekasita le bona botshela-le-tlale, bao motho wa boteng a seng a fetohile tshobotsi mme melomo e le dibetjhobetjho tsekgubedu tlere! O tla utlwa ba ntse ba ikgothatsa ka ona mantswe ao.Malapa a mangata a thubehile, dinatla di wele diphahameng, batho basenyehetswe ke mesebetsi mme malapeng a mang bana ba setse e ledikgutsana ka baka la kgodumodumo ena eo le moshanyana’ Sankatana aneng a ke ke a o besa wa tuka ho yona. Ntho ena ha se sebapallwa, kemoraparapa wa selalomehadi sa sekwenyamatjhaba! Ha se pheko. Ha sepheko bo!
Ngwana wa mahana a jwetswa o bonwa ka dikgapha - Motho ya sa mameleng dikgalemelo o qetella a kene tsietsing.
Ba ile jwalo, ba nkile tselana e lebang nqa borwa. Ha ba le kaekae,monna elwa a kenya letsoho ka mokotlaneng oo a neng a o jere lehetleng,ho bonahala hore o batla ho ntsha ho hong ka ho wona. Eitse ha a bona eoa etsa jwalo, Kolobe a hla a mo qwaya, a ba a salla morao hanyenyane horea tle a bone hantle hore na se tla etsahala ke sefe. Ebang monna eo o rerileho mo hlasela, a tle a tsebe ho itshireletsa. Athe tjhe, eo o na mpa intshetsamoqollwana wa ho neng ho shebahala jwalo ka sakarete, mme a nto ohotetsa. Eitse ha eo a sa hutse mosi wa pele feela, Kolobe a utlwa ka monkohore jwale motswalle eo wa hae o itjella kgomo-ya-fatshe. “O se ke wamakala, e moholo.” Ho rialo monna eo, ha a elellwa hore Kolobe o belaetswa ke ketso eo. “Ntho tsena re a be re sa di etse ke lefeela, ditsietsi tsena tse re aparetseng. E ye e re ha hlooho ena ya ka e tjhesa, e opa ke honahana ka thata, ke hule e mmedi, e meraro, ebe ho re etlo mahlongmona.” Kolobe ha a ka a arabela taba tseo, a mpa a le nyaya la koloba. Kawona motsotso oo ha re a phekgohe, a ikgutlelle moo a tswang, empa aphakisa a hopola hore ho etsa jwalo e tla be e le ho itahlela hara makanyanea bosiu, a ntseng a larile, a latetse ba phirimetsweng jwalo ka yena tjena.Ebile o se a iteta sefuba feela, a tswela pele. O ne a se a itse o tla lwana yakgumamela haeba mothwana eo a ka tshoha a mo fetohetse.
Sebopeho
Ho beha tau setswetse - Ho ba sebete.
Hopolang tsietsi ya tsela
Maemo a bophelo bo tsitsitseng ka hara lelapa a itshetlehile lekenong la lelapa leo. Lekeno le letle le tswa maemong a matle a mosebetsi le boemo boo o leng ho bona mosebetsing oo. Kgethollo e bileng teng ka hara naha ya rona e ile ya lebisa moo khampane eo a neng a e sebeletsa e ileng ya hula matsete naheng ena ka baka la dikotloqobello. Abiele o fellwa ke mosebetsi. Ka lebaka la hore ha ho sa na lekeno, le dipenenyana tseo a neng a di bolokile o qetella a se a di sebedisitse kaofela. Mona jwale ke moo mathata a qalang teng. O leka ho batla mosebetsi, ha a o fumane. Ho tsieleha hoo ho fetola botho ba Abiele e leng ntho e etsahalang hangata bathong. Mofuthu wa lapa la hae o a senyeha. O halefiswa le ke dinthwana tse sa reng letho. Mosadi le ngwana ba phela ka thupa.
Tshwarelo ke ntho e kgolo bophelong. Ha o foseditse motho o tshwanela ho kopa tshwarelo. Eo ho kotjwang tshwarelo ho yena le yena o tshwanela ho amohela kopo eo hore ho tle ho be le kgotso pakeng tsa ba fosetsaneng. Ha o sa tshwarela motho ya o foseditseng ha ho ka etsahala hore a hlokahale le wena ha o fumane phomolo moyeng. O a kgathatseha, o bone e ka re hoja o mo tshwaretse mohlomong a ka be a sa hlokahala.
“Tjhee, o ntlhotse.’ Ke Mmatseko eo, a se a ntse a opa diatla, a maketsejwalo ka ha eka o qala ho bona Tseko, athe ke ngwana wa hae, ohodisitswe ke yena, mme o mo tseba hantle. “Ha e le banna ha ba namamello. Ha se ba bangata ba lona ba tla kena ka kgoro ya lehodimo.Boholo le tla iphumana le le kwana ha Ramautla.”
• O kgalemela nkgono le batho ba bang hore ba tlohelle ho kgethela bana ba bona banna e le hore ba shebile menyetla kapa maemo a itseng.
Ho tloha mohlang oo, Kolobe ha e ya ka ya hlola e le Kolobe yane eo batho ba Dikalaneng ba mo tsebileng e le mothwana feela ya itshebeletsang merafong. A fetoha ya eba motho osele. O ile a qala ka ho kena kereke, mme a fetoha modumedi e moholo. Sena se ile sa mo tlisetsa tshusumetso ya ho theha mekgatlo e mengata ya batjha, eo sepheo le morero wa yona e neng e le ho qobisa batjha dintho tsohle tse ka ba susumelletsang ho etsa diketso tsa botlokotsebe. O ne a ya le metse le metsana a ntse a hopotsa batswadi ka boikarabello ba bona ba ho hodisetsa bana ba bona tshabong le leratong la Modimo. Ka mehla ha a ne a bona ngwana wa motho e mong a etsa ntho e tswileng tseleng, o ne a utlwa bohloko bo boholo, mme menahanong ya hae ho fihle mantswe a reng, “Ke mora wa ka! Ke mora wa ka!” Mesebetsi ya hae e metle e ile ya mo fetola moetapele ya hlwahlwa setjhabeng sa habo.
“Moratuwa, hantlentle o hlahetse mona Nelspruit kapa o etile?” Hobotsa Tebello.
5.1.1 Baphetwa.
Ho ja monakaladi wa kobolelwa - Ho iketla; ho phela hamonate.
Indekese 118
Tsholo Mphutlane ke mosuwehlooho sekolong se phahameng, motsengwa habo wa Mahwelereng. Ke motse o tummeng ka tsa temo. Ke monnaya tsebahalang haholo ka lerato le boikokobetso, ho bana ba sekolo,mesuwe, mesuwetsana, baahi le bohle ba mo tsebang. O nyetseMpontsheng ngwanana kwana Mehloding, moradi wa Batsoeneng, eo kadikgomo a neng a se a bitswa Mmakarabelo. Bobedi bona bohlohonolofaditswe ka ngwana moshanyana, e leng Karabelo. Mmakarabeloke mooki sepetleleng sa Mahwelereng. Mosebetsi oo o o fumane lemongtse tharo tse fetileng. Dithuto tsa hae tsa booki di lefelletswe kemosuwehlooho Tsholo. Karabelo o na le lemo tse robong. Ka dithuto obala sehlopha sa boraro, se seng se tsebisahala ka ho re ke kereiti yabohlano. O kena sekolong se tlase sa Mahwelereng se ahilweng katoropong ya motse. Sekolong sena, Karabelo o kena le bana ba basweu,esitana le mesuwe le mesuwetsana ya sekolo sena boholo ke ba basweu.Lebitso lena la Karabelo o le rehilwe ke ntatae hobane pele a tswalwa e nee le dilemo Tsholo a kopa ho ba le ngwana. Ka ngwana enwa o ne adumela hore Modimo le badimo ba arabetse thapelo tsa hae.
3.2	Letswalo la nkgwebetha.
4.10 Kepa o hopotse hae.
Kgutsufatso ya palekgutshwe
Moo teng ka hla ka hana hehehe! Haesale ke nka ketso eo e le ho fenethalesea. Ha ke eso ka ke eba mmolayi, mme ha ke sa tla ba yena. Ka ikana hore ngwana enwa o lokela ho phela. Le kajeno ke ntse ke itebohela ka qeto eoya ka. A ko mpolelle hore majoro ho ka be ho behwa ofe. A ko mpolelle.
5.4	Mmangwana o tshwara thipa ka bohaleng. Ke eng tse Mmathabo a di entseng ho tiisa ntlha ena.
3.3 Hlalosa:
3.6.1 Tshebediso ya mabitso.
Sehlohlolo
“Toko, ka moo ke bonang o phedisa ngwana enwa ka teng, o tla qetellaa iphetotse setsetse.” Ho realo Mmatoko hoba leo e ne e le lebitso la hae.“O bolela jwang? O re ke tlohele Polao a etse manyofonyofo ao a hae?
5.4 Ho ipha dimenyane.
Selemo le selemo, ka matsatsi a phomolo, ke ne ke kgutlela moo hae, hotlisetsa mme le bana beso tjhelete, le ho hlophisa mabaka a mang a bophelojwalo ka motho. Ka lenyele ke ne ke ipha nako ya ho ya nyarela manekgwebong tsa Mataboha, Meqheleng, mme ka tsela e jwalo ka nna kaithuta bophelo ba moradi enwa wa Mataboha, ya bitswang Refilwe, ya mong.
Ho nkgisetsana mahafi - Ho lwana.
Lelapa la Abiele, lapa le neng le le mofuthu! Le ne le le mofuthu lapaleo la ngwana eo wa batho nakong tsane ha a sa ntsane a tseba ho qoqahamonate le mora wa hae Thabo le mohatsa Mmathabo. Le ne le le mofuthu lapa leo la Abiele ha a ne a bile a tseba ho thabisa ba lelapa la haeka ho ba isa lewatle kwana. Ke moo Thabo a ileng a kgahlwa ke dintho tsengatangata, hara tsona re ka qolla ho natefelwa ha a ne a palame kariki yaRitjha. Nnete ke ho re nako di a fetoha mme mathata a hlwa manolohodimo.
Bayokerafi ya bangodi
5.5 Letlalo la motho ha le thakgiswe.
Mojalefa ba kgutlela lapeng.
2. Kolobe e ne e le motho ya lokileng. O a dumela kapa tjhe? Netefatsa karabo ya hao.
O boheha le ho feta senakangwedi
Basotho a re kgutleleng lapeng
Moimana – Mosadi ya ithwetseng Ntlwatshwana – Teronkong Nyakanyaka – Kgathatso; tlhakantsuku Sefutho – Matla Sekodi – Molato Tsotsi – Sekebekwa
5. Mophetwa eo ho buuwang ka yena mona o re o ne a le ka hara mathata ha a ntse a hodisa Thulare. Hlalosa mathata ao.
Ho lwana ya kgumamela - Ho lwana ntwa e kgolo.
3. Bolela tseo Kolobe a ileng a di etsa hoba a fetohe.
5.4 	Mehla ya diketsahalopalekgutshweng ena 5.9 Kepa o kgutletse haboke……………… ka……………….. A Ya kgale. A Terene.BE mahareng. B Bese.C Ya sejwalejwale. C Tekesi.DE sa tsejweng. E Koloi ya hae.
Polao o ne a ntse a hola, ebile a kena sekolo jwalo ka ngwana e mong lee mong. E re ka ha moo bashemane ba leng teng ho eba tengdiqhobeshano le dintwa, tsa nkana ka tsatsi le leng. Kgabane ya rona,Polao, e ne e le seqhenqha sa moshemane, a le matla ana a dihole. A hlile ae tseba ntwa, ebile eka o e tswela sekolong. A tabola motho wa hae hore amo robe dikgopo. Ba bitsetswa phaposing ya mosuwehlooho ho ya utlwahantle hore na ya phoso e bile ofe. Moshemane ya robehileng dikgopo afumanwa a le molato mme a iswa sepetlele ho ya okelwa teng.Mosuwehlooho o ile a kgalemela Polao le bashemane bohle ba sekolo kakakaretso hore ho se hlole ho etsahala ntho e jwalo moo sekolong.
8. Toko o qadile neng ho sotla Polao?
Re a tseba hore bana ke nthwana tse sa lebaleng ka pele, tsehlokomelang dintho tse kgolo. Polao o ne a bua ka pelo e bohloko, e sisangha a hopola ka moo ntatae a mo otlileng ka teng. A ipotsa hore na ebeToko ke ntatae na kapa tjhe.
Re sheba Yaba re eme, re eme, Mmatseko o leka ho kokobetsa Tseko ka ho mmolella hore tsohle di a emelwa. O ka potlaka jwang kapa jwang bophelong, tsohle di a emelwa. Sena se netefatswa ke maele a reng, “Monokotshwai ha o butswe ka thato ya tshwene.” Terene e tla tla. Ha e le Tseko, o ne a di utlwa tsena tsohle empa o ne a sa utlwusise ho re ena terene ke e jwang e sa fihleng. Tse ding di a kena di tswe, batho ba fihla ba be ba tsamaye, ena eo ba e emetseng ke e jwang. Le ha eba, dikgomo ha di na motloha pele, ena eo ba e emetseng ke e jwang. O ne a hloka botsitso, a eya hodimo le tlase a bile a komakoma ka hanong ka mona. Bakeng sa ho re bothata bo rarolohe, bo rarana le ho feta.
Ho hafa ka nkatana - Ho ikgona, ho kgora, ha o na le tjhelete.
5.5	Naha ya rona ebile ka tlasa kgatello e matla ka lebaka la dikotloqobello na o ka hlalosa hakgutshwane ka seo o se tsebang ka diketsahalo tse lebisitseng kgatong eo.
“O, ke a bona.” Tshepiso ha a kgolwe.
NS Zulu o na le kamano e telele le Sesotho. O kene dikolong tse tlase ho fihlela ho tse phahameng Qwaqwa. A nto ba titjhere, morupelli wa matitjhere, moeletsi wa thuto le morupelli yunivesithing. Hona jwale ke porofesa le hlooho ya lefapha la dipuo tsa Aforika Stellenbosch University. Thuto ya hae ya bongaka e ne e akaretsa ho hlahiswa ha baphetwa dipading tsa Sesotho. Lengolo la hae la MA lona le ne le shebane le ho hlahiswa ha nako dipading tsa Sesotho, mme o e fumane ka dinaledi.
Majoro o a behwa hona letsatsing lona lena le tjhabang. Ke nako e teletsana jwale e le taba e tsejwang hohle naha ka bophara hore letsatsing lona lena ho tla behwa majoro. Taba ena esale e le melomong ya batho bohle. Ba bang ba ne ba thabile, ba e bua phatlalatsa. Ba bang bona ba neba e buela sekgukgung, dikgotjheletsaneng. Ha o ne o ka bona batho baeme matlotlosia ba seba, o ne o se o tseba hore ba bua ka yona, ha hopotang.
“Tshwarelo Mme, ke ne ke sa tsebe hore taba ena e tla o thonkgamaqeba ka tsela e tjena.” Tshepiso o bua a swabile. Mamohale a re,“Hosane o ye ha Ntate Moloi, o lo nkopela tafo, ke tsebe ho tlo foromaditene.”
##dilengwana e tla mo thusa. Hore hoo ho etsahale ntle le mathata, a
“E… e… e…, morena ke ne ke tlilo batla mosebetsi.”
“Re a leboha, ruri.” Ho thaba moruti le mmamoruti. “Ya mmoledi ke eo e kena terene. Ya hae e potlakile. Ho hole moo e yang.”
2. Semelo sa baphetwa
10. Ke mora wa ka
4.1 Kepa o hlokomela le ho fepa difariki.
Ho itsibola - Ho ba le ngwana wa pele.
Diqhobeshano – Dintwa  Tanakelwe – Kgathatswe
Ketsahalo ena e fana ka karaburetso ya maemo a ditaba ebile e jere
Monna eo, Phehello Mohapi, ke yena ntata Thulare. Ke ile ka hodisangwana enwa wa ka ka bothata ka ha ke ne ke se ke tlohetse mosebetsiwane wa dikitjheneng ka baka la ho qabana le monngaka ya neng a sa rateha ke nyalwa, ke eba le bana. Motho ke motho.
Bophelo bo boima - Ho thata bophelong.
6.4 Tlhasenyana ya kgohlano.
Bothata ba ho hloka mosebetsi le ho fellwa ke tjhelete bo ile ba ama Abiele haholo, a ba a fetoha mekgweng ya hae ya bophelo. Metswalle ya mo eletsa ho nwa jwala a itebatse mathata. Abiele a qala a nwa jwala, e be ha a nwele o lwanela le dintho tse sa reng letho. O dula a shapa mosadi wa hae ka mehla. Thabo wa batho o betswa ntle le mabaka. Mofuthu wa lelapa lena o fetoha mohatsela ho fihla o fetoha leqhwa. Thabo o sitwa ho ka emela ho be esale a tetekwa ke ntatae, o ikgethela ho phela mebileng. Ho tsamaya ha Thabo ha sala ho utlwisitse mmae bohloko haholo.
Ka tsatsi le leng hara mpa ya motsheare Tsholo o ne a le lapeng ha hae, ha ho fihla mangolo matsohong a hae. Le leng la mangolo ana, le ne le mo makaditse hoba a le bule, le ditaba tsa lona tsa tswella ho mo makatsa. O ne a bile a se na le dikarabo ho hang a ba a bona ho le molemo hore a ye sepetlele kwana ho mofumahadi wa hae.
Batho ba bang ba ile ba mo eletsa ka ho re a nke joyene ya
“Na o ne o mametse puo ya pele ya majoro?” Mmaletsatsi a hla a tobataba. “Ha ke kgolwe hore e o fetile”.
Kholomo ya B
ka K.P.D. Maphalla
Kgabareng lepolesa le leng la hlaha monyako wa ofisi, la mo hwehla ka letsoho hore a kene ka hare. Kolobe a kena ka moo a hlahlile mahlo jwalo ka motho ya lebeletseng molaetsa wa tlokotsi. O fihlile a dula setulong, mme a lebella ka tjheseho ho utlwa seo a neng a se biletswa. Ka mora ho thetha sekgohlola, mookamedi wa mapolesa a mo hlalosetsa ka setopo sa mohlankanyana se fumanweng sebakeng sela seo a neng a tlatlapelwa ho sona ke dinokwane. Letswalo la mo re he! a ba a thunya mofufutso nkong le phatleng. Mookamedi a tswela pele ho mmolella hore mapolesa a hae a ile a fumana sephephetjhana sa pampiri ka pokothong ya borikgwe ba mohlankana eo. Sona se ne se ngotswe lebitso la Phakiso Kgomoyadira.
Kholomo ya A
1. Sebopeho
Dipotso
4.4 Kepa o sebetsa dimmaeneng.
Dihora tse pedi tsa fela ke ithutile ntho tse tharo feela, ke ne ke safufulelwa ho hang. Ka fihlelwa ke kgopolo ya hore ke ntse ke senya nako yaka.
5. Moetapele ke moetapele 42
1.2 	Bolela hore nako eo boTseko ba neng ba ilo lata Mmamojalefa seteisheneng, e ne e le nako mang.
Ha e le Mohau wa batho a utlwela mmuelli bohloko haholo. A makatswa ke diketso tsa batho ba nang le dibopeho tse ntle, batho ba hoshebelwa ruri. A ipotsa hore na ekaba yena o sa tla ke a be le mosadi ha e lemoo e le nthwana batho feela e kgesehang. Empa jwale ho thusang ha e lemoo le barui, batho ba rutehileng, dikwankwetla, bahale ba furallwa kebasadi! Ho thusang ha e le moo ho se na moedi pakeng tsa e moholo le emonnyane? Ho thusang ha e le moo namane di matha le bommatsona!Yena a ka re nakanaka a fella kae a le dilota jwalo? Yaba o re, “Ke lebohakgutlana la ka, Ramasedi!”
8. Kolobe o ne a le malala a laotswe, a hlometse, ho feta moo a itshepile. Tiisa sena ka ho qotsa dintlha ho tswa palekgutshweng ena.
“Mme, ke ne ke kopa ho kena sekolo Nelspruit.” Tshepiso o araba kapele, a thabile.
Qholoditseng – Qadileng
Benjamin Thabo Mokgomatha ke letswallwa la Brakpan old location ka selemo sa 1956, ka kgwedi ya Tshitwe. Nakong eo a neng a sa ntse a ithuta ka yona sekolong se phahameng sa Mamellong Nqabeni, o ne a atisa ho qoqela metswalle ya hae dipale tseo a di badileng mme seo se ile sa mo lemosa ka mokgwa oo a nang le bokgoni ka teng. Lebaka leo le ile la mo qobella ho bala dibuka ka ho fetisisa e le hore a kgone ho tswella pele a ba qoqela dipale tse ding. Ka tsela e jwalo a fetoha thatohatsi metswalleng ya hae le ho baithuti ba bang.
6.1 Ho qhautsa.
Pelo e tletseng mahlwele - Pelo e utlwileng bohloko.
Ha re shebeng puo le setaele sa, Yaba re eme re eme. Re le babadi re fuwa le ho bopelwa setshwantsho ka tshebediso ya maele le kgetho e hlokolosi ya mantswe ke mongodi ha a ne a re, “Monokotshwai ha o butswe ka thato ya tshwene,” terene e a emelwa, ho tla e tla tla. Ha terene ena e se e sa fihle, batho ba hlokahetse, ho sebediswa maele ana, “Tlalo la motho ha le thakgiswe.” Ke ho re ho hlokahala ha motho ha ho tlohellwe feela, sesosa se a batlisiswa ho fihlella qetellong. Setshwantsho seo re se fuwang ka tshebediso ya mantswe ke ho re, re baeti fatsheng lena, mme nako ya rona e tsejwa ke Mmopi feela. Mongodi o boetse o sebedisa mokgabiso wa puo, e leng tshwantshiso. Lefu le hlahiswa le ho rehellwa e le terene eo ho thweng e a emelwa, e leng lona lefu ka sebele. Maele a reng, “Dikgomo ha di na motloha pele”, a tiisa taba ya hore lefu le ha le nka ba bang pele, ba tlang ka morao ba sa tla be ba fihle le bona. Ka hona mongodi o entse kgetho ya maele le mekgabisopuo ka tsela e hlokolosi e kgohlelang hantle le maemo a ditaba, mme seo re re ke bonono le bokgeleke. Athe mongodi wa, Jwala ha se pheko, yena o e bontsha tjena, o sebedisa puisano hore hlahisetsa baphetwa ba hae. Puo ya mophetwa ka mong e hlakisa ka ho phethahala seabo sa hae palekgutshweng. Thabo ha a bua re utlwa hantle hore ke ngwana, le dipotso tseo a di botsang ke dipotso tse ka botswang ke ngwana e mong le e mong ya dilemong tsa hae.
Manana a mo eta ka pele a itshwere thekeng a re ho Mohau, “Boela hae kwana sekokotwana towe!” Ha a rialo a be a kopa Moferefere ka letheka
2. Ka sebopeho le botho sa Mohau le sa Moferefere mongodi o re ruta eng?
Ho kgebethwa ke letswalo - Ho otlwa ke letswalo.
13. Kepa ke mophethwa ya tjhitja hoba o fetoha le maemo a ditaba. Ka mona o a utswa, ka lehlakoreng le leng o bua ka Modimo, neng o se a latela mekgwa le meetlo ya Basotho. Qoqa ka sena o ntse ikamahantse le maemo a susumeleditseng tsena.
“Batswadi ba ka ke hlile ke mona ka yona taba ya moshemane eo.Motsheare ka nako ya kgefutso mane sekolong, o lwanne le bashemane babang ba sekolo. Ha ke tla fihla moo ba neng ba lwanela teng, e ne e le hake utlwa lerata la bana ba bang ba sekolo. E le lerata le thibang ditsebe. Hake fihla, ke fumane a eme ka hare ho bahlankanyana ba tsheletseng bao honeng ho thwe o ne a lwana le bona. Ba bang bona ba balehile. Bana bohleba pakela Polao hore bahlankanyana bao ke bona ba qadileng moferefereoo. Ho utlwahala hore e se e le nako e telele ba kgwathakgwathana le yena.Bana ba tsheletseng ba ne ba rapalletse fatshe mme ba le madi ebile ho retlere! fatshe moo ba neng ba wetse teng. Ho thwe ba bang ka baka labokwala, ba ile ba menola tlhabela. Mme jwalo ka mosuwehlooho wa
3.2.7 	Ka Sesotho ha o tswa mabitleng o hlapa matsoho empa matsatsing a kajeno batho ha ba sa hlapa matsoho ha ba tswa mabitleng. Maikutlo a hao ke afe ka taba ee?
“Tswela pele re utlwe!” Ho realo Toko.
Setsheho se seholo sa batho ba boneng ketsahalo eno sa busetsa Mohau kelellong ya hae. Maidiidi a mo lesa. A halefa. A fufulelwa. Pela Manana teng a ka harola tau, a ka tsekolla motho a ba a mo kwenya. A ka mpa a itela, a bolawa ha fela ka yena.
“Ke ma............ ng?” Tshepiso o lla ha bohloko.
Mesong ka dialla, a hopola mabitleng moo ntatae a robetse teng. O fumana lebitla leo a sa tsebeng hore ke la mang. Kepa o etsa jwalo ka ngwana Mosotho o beha lejwe. Hono ha ho mo kgathatse, o ikgothatsa ka ho re lefatsheng mona batho ba a hlokahala.
ka K. Khiba
Dipotso tse ding di thehilwe hodima tsebo ya hao ya buka ka kakaretso:
6.4 Ho ba ka hara mathata.
“Ngwanaka, ke bolawa ke lefu la pelo ho bona ka moo ntatae a mo phedisang ka teng. Le maoba ha a ne a lwanne le moshemane yane wa pele, ntatae o ile a mo otla hoo pelo ya ka e sa kang ya rata le ho kgahlwa ke ketso ya mofuta oo. Ke lekile ho hlalosetsa ntate Toko ka taba ena, empa yena o hana heehee! ho utlwisisa. O bolela hore ngwana ke wa hae, mme o lokela ho mo hodisa ho ya ka moo yena a batlang ka teng. Ke mo hlaloseditse hore thupa ya ka mehla e ke ke ya bontsha lerato la nnete pakeng tsa mora enwa wa rona le rona jwalo ka batswadi ba hae.
“Ke utlwile hle, motswalle wa ka.” Ke nna eo. “Majoro ha a buile, obuile. Ke tla etsa tsohle tse molemong wa eo ngwanangwanake. Moetapele,ke moetapele”.
Mokoena ke setho sa mokgatlo wa bangodi haholoholo ba puo ya Sesotho, o tsebahalang ka hore ke Metjodi Writers. Ke mohlanka wa lehokela (PRO) komiting ya phethahatso ya Metjodi. Mokoena enwa wa Ntai le Mokgeseng o ngotse dithothokiso tse mmalwa. Tse ding tsa tsona o ile a di etsa meketjaneng e fapaneng. Tse ding tsa tsona di le pokeletsong ya buka ya dithothokiso eo ba e ngotseng hammoho le ditho tsa Metjodi, le moeletsi wa Metjodi e leng Ngaka KPD Maphalla. Ka 2007 o ngotse tshwantshiso e tswellang pele e leng, Mehlaleng ya ntate e ileng ya haswa seyalemoyeng sa setjhaba sa lehae la Qwa-Qwa se bitswang Qwa-Qwa Radio. Lehlohonolo ke e mong wa batjha ba nang le seabo se toma ntlafatsong le ntshetsopeleng ya puo ya Sesotho le dingolwa tsa yona. Ke motjha ya boulelang puo ya hae haholo, e leng sona se ileng sa etsa hore a atlehe dithutong tsa hae tsa materiki puong ya Sesotho ka dinaledi.
2.6	Lehlena.
1.5 Hlalosa hore Tseko enwa ke mang.
Khotso Nkhatho o hlahetse Mmamahabane, Ventersburg ka la 23 Loetse selemong sa 1953. Ke letsibolo lapeng labo. O qadile ho kena sekolo Mmamahabane Community School ho fihlela a qeta sehlopha sa botshelela ka 1968. Ho tloha moo o ile a ya kena Tshiya college of education, Qwaqwa ka 1969 mme a fumana lengolo la Materiki ka 1973. Ka 1975 o ile a atleha ho fumana lengolo la botitjhere ba sekondari le neng le bitswa Junior Secondary Teachers Certificate. Ho feta moo o ile a nna a ithuta ka ngollano le yunivesithi ya Vista ho fihlela a phethela lengolo la Higher Education Diploma ka bo 1993. Ha a ntse a le sekolong e ne e le motho ya ratang ho bapala ditshwantshisong tsa kalaneng haholo. Ka 1968 o ile a bapala tshwantshisong ya kalaneng e neng e bitswa, O Jelwe ke makgala, moketjaneng wa tumediso ya barutwana ba sehlopha sa botshelela. Ha a ntse a le Tshiya, o ile a bapala ditshwantshisong tsa kalaneng tse akgang e neng e ratwa haholo e leng, Who Is To Blame?, e neng e ngotswe ke e mong wa baithuti, e leng Moses Maphasa. Ka 1977 o ile a ya sebetsa Lekgotleng la Kgaso la Aforika Borwa (SABC), Gauteng, e le sebohodi, mohlahisi wa mananeo le mmadi wa ditaba. Hara a mang a mananeo ao a neng a a tsamaisa e ne e le la Mpolelle, e leng la dithoko le dithothokiso ekasita le Letlotlo la Sesotho, e leng lenaneo la puo ya Sesotho. E ne e bile e le mohlahisi wa ditshwantshiso tsa Radio Sesotho. O ile a hapa moputso wa pele tlhodisanong ya bongodi ba ditshwantshiso tsa radio ka tshwantshiso ya hae eo sehlooho sa yona e leng, Tjootjo e hlomile sesela. Selemong sa 1982, Mokubung enwa wa Moshodi wa Marokane motho wa ha Kuape, o ile a qala ho sebetsa e le sebapadi sa ditshwantshiso tsa thelevishene. Hape o sebeditse e le moeletsi puong ya Sesotho ha ho etswa ditshwantshiso tsa thelevishene tsa Sesotho. Khotso e ne e le mohlahlobi wa dingolwa tsa ditshwantshiso tsa thelevishene tsa Sesotho. O ile a ngola tshwantshiso ya thelevishene eo sehloho sa yona e leng, Ha a mele ditshiba. Mona e ne ebile e le sebapadi le mohlahisi wa yona.
“Thola ngwanaka, se ke wa itshela ka meokgo tjena. O tlohele homamela bana ba sekolo,” Mamohale o leka ho qoba ho bua le moradi kataba ena.
Tlelosari
##ntho eo a sa e tsebeng ka monwana o motona wa leeto.
Ka nako e nngwe o bone Ritjha a tlola mme o be o tiise o re batho ba palameng kariking mono ba tla ketoha, athe tjhe, empa e le menyakwe feela e kgahlisang e etswang ke banna bao. Ke batho ba ratang batho, ba ratang ho etsa hore batho ba phutholohe ha ba etetse mono Thekong.” Ke Abiele eo ha a araba mora wa hae.
“Terene e a emelwa, Tseko,” ho realo Mmatseko, a se a ntse a nyarela mane leboteng, moo ho hakilweng watjhe teng. Nako ke hora ya bohlano, thapama. Tseko o a fihla, ba lokela ho ya lata mohatsae le lesea la hae seteisheneng. Mohatsae o tswa kwana ha habo Thekong, moo a neng a ilo itsibola teng. Ke kgwedi jwale ngwana a hlahile, jwale Mmamojalefa le
Ke o kopa hore hosane o ke o tsamaye le nna ho ya kopanong ya mokgatlo wa rona. Ke o kopa hore hosane hoseng ka Sontaha ke tle ke tlo o lata mme ke o fumane lapeng mona jwalo ka ha ke o fumane tjena kajeno. Ke nako re ne re arohane motswalle. Ha ke a thabiswa ke dipuo tsa batho ho ya ka moo ba o tshehang ka teng. Ha feela o ka dumela hore o letahwa mme o hloka thuso Abiele motswalle, ke o tshepisa hore le wena o tla bona hore dintho di tla fetoha.” Abiele le yena a swaba. A swaba hobane o ne a kile a utlwela hore Gauta o iphetotse lehlena. Empa jwale ke moo o a mo kgothatsa. A utlwa a tlallwa ke tshepo eo a sa tsebeng hore na e tswa hokae. A ikutlwe a le morolo mme a ikemisetsa hore ha le tjhaba letsatsi leo la Sontaha, o tla be a tsamaya le motswalle eo wa hae, Gauta. Gauta a tsamaya a tletse tshepo le yena hore motswalle wa hae o tla fela a phethise tshepiso ya hae.
2.2.6 Menyepetsi e theohang.
6. Bopa polelo tse utlwahalang ka tshebediso ya maelana ana a latelang:
Sehlooho sa pokeletso ena ya dipalekgutshwe ke, Ha ba arabe. Ha ba arabe ebile ke e nngwe ya dipalekgutshwe tse bukeng ena.
Ke hona moo ho ileng ha fihla molaetsa wane o mahlonoko haholo, o ileng wa sisinya naha esita le lefatshe kaofela, oo baphatlalatsi ba melaetsa ba ileng ba batla ba tshaba ho o phatlalatsa.
Ke ona he mabaka a etsang hore mmae a dule polasing. Ka ha kemohlolohadi, a ke ke a lema, a rua. O tla nne a thuse ka ho hlatswa le ho koropa fatshe hobane o fuwe monyetla wa ho dula polasing a se na monna.Kwana o ne a fuwa makumanenyana a wang tafoleng. Ha a hlatswa dijana, o tla nne a tshele masalla polasitiking. Ha a fihla hae a futhumatse, bana bakgore. Ntho e nngwe e utlwisang Kepa bohloko, ke hore dikgaitsedi tsa haedi nyetswe di siile bana ka bobedi, boraro ho isa boneng. Tse pedi ha di sonyalwe. E nngwe e nyantsha ngwana wa botshelela, e nngwe e lebelletse wabone. Ha Kepa a bona hore ho thata ho fumana mosebetsi polasing a ya leka toropong. Teng o ne o le mongata, e le wa dijareteng. Difemengkwana ho thata. A fumana mosebetsi wa ho lokisa serapa, le ho hlwekisajarete, le ntho tse ding tse jwalo. Bommisisi ba mo thabela haholo ha bautlwa hore o tswa dipolasing. Ba re o tshwanetse hore ebe o a hlompha.
Mohau a anela feela ho re, “Ke leboha kgutlana la ka, Ramasedi!” Yaba o kgotla seeta o ikela ha hae. Bohle re na le makgutlana a rona ka hofapana. Re mpe re lebohe Ramasedi ke hona.
Eitse hoba a theohe koloing eo ya baeti, mme a be a hatise pasa ya hae,jwalo ka ha ho ne ho hlokahala, a boela a kena koloyaneng e nngwe e nenge se e emetse methwaela ya ho qetela ya baeti ba neng ba hlaha ka mose hoMohokare. Koloi ya phakisa ho tlala baeti mme ya nto tatamala ka bona holeba ka toropong ya Maseru. Ha koloi e ntse e nyolosa jwalo ka bona,Kolobe o ne a ferekane maikutlo, a ipotsa hore na ebe o tla etsa jwang ha aka fumana makoloi a baeti, a lebisang ha habo Dikalaneng, a se a tswilekaofela, etswe e ne e se e le shwalane e kgolo. Tshepo ya ho finyella haetsatsing leo ya hla ya mo fella, hobane Dikalaneng ke sebaka sa dithaba tsamaloti a Lesotho, mme ha makoloi a yang teng a se a ile a tloha Maseru,ebe a se a tla boela a kgutla ka la hosane.
Ho bonyabonya - Ho bososela.
Kolobe o ile a raroloha ha bohloko setulong seo a neng a dutse ho sona.A rabaka ka hara ofisi, a leba kwana le kwana jwalo ka lehlanya, a ntse a hoeletsa a re, “Ke mora wa ka! Ke mora wa ka! Nkiseng ho yena ke yommona. Ke mora wa ka!” Mookamedi wa mapolesa a fana ka taelo horeKolobe a iswe ka koloi polokelong ya ditopo. Ha fela ha uwa. Kolobe ofihlile a idibana ha a fumana hore setopo seo efela e le sa mora wa hae,Phakiso. Leqeba le neng le le ka sekotlong sa Phakiso le ne le ile la monahanisa hampenyana. O ile a hlaphohelwa ka mora dihora tse ngata, mmea qeta letsatsi leo lohle a ntse a phetapheta ona mantswe ale a bohloko. “Kemora wa ka! Ke mora wa ka!”
Nathaniel Sello Litabe o hlahetse le ho holela motseng wa Ladybrand kala 24 Mphalane selemong sa 1933. Sello o kene dikolong tse latelang, Moroka, e Thaba Nchu; Goge, emotseng wa Kimberley, moo a ileng a suuwa ho ba mosuwe. O kile asebetsa Qwaqwa dikolong tse kenyeletsang, Tshiya, Bonamelo,Thahameso le Thibella. Sello o ngotse dibuka tsena tse latelang, Wa llamolodi, Setloholo sa Jemina, le Boikgutsong Thabantlenyana.
“O se ke wa realo hle, wena Mmaletsatsi,” ke nna eo. “O no hopola obua ka mang.” Ka sheba motswalle wa ka ka la moleka.
7. Tshepiso ke mophetwa ya neng a sa phethahatse ditshepiso tseo a neng a di entse ho mmae. Ke mophetwa ya neng a ratane le monna e moholo ho yena, athe ke ntatae. O ne a etse ngwana le ntatae (Mr T). Ke mophetwa ya neng a sa nke dikeletso. Lerato o ile a mo eletsa empa a se mamele.
2.6 	Ho ineha naha.
5.2.1 Tlhekelo.
ka N.S. Zulu
2.7	Ho di raha.
“Ha a behwe hle!” Ho hoa setjhaba ka mahlahahlaha. “Ha a behwemotjha wa Afrika ya kajeno!”
“Hei wena leshodu towe! E seng o tshwarehile? Ha o le manganganyanatjena ke bona eka o tla tswa mona jareteng o le moshampana hobane di tla o tabolela tsena tsa ka. Bua!”
2.3 Phehello Mohapi.  C. Motswalle wa Mmathulare
1.3 A so ka a behwa letsoho.  C. A “haeka”.
3.6 	Abiele o etetse lewatle Kapa le lelapa la hae.
4. “Ho ja ka mpa ka mo tshwarela!” 30
2.3	A lala a batla ngwana.
“Bana ba dipolasing ha re na nako ya bona. Hlooho tsa bona di nkga mosi, di thata. Ba dithoto jwalo ka dikgomo. Ha ba ye sekolong.” A tjho jwalo a lahlela pasa hole kwana ho tswa ka fensetere. A se ke a itshwenya le ho sheba sefahlelo sa monnga yona hore o a belaela kapa jwang. O se a shebile ya latelang moleng.
12. Sebedisa mantswe a latelang ho hlalosa jwala ka ho tlatseletsa dikgeo moo di siilweng: mosotli; selalomehadi; qabanya; pheko; matjhaba.
Na mongodi o atlehile hore bontsha kgolo palekgutshweng tsee? Bolela le hore ditaba di hlaha palekgutshweng efe.
Tlelosari
“Re emetse terene.” Ho araba Mmatseko. “Terene ya Thekong e lokelaho ntlisetsa ngwetsi le setloholo. Ngwana wa moshanyana.”
##le ntshepisa hore le a tla. Jwale le e ntse... Mamohale Pu! Fatshe.
Tshepiso a tshoha haholo.
13.8 Banna ba sebetsang dimmaeneng ba dula komponeng.
1. Bapisa karabo tse kholomong ya B le dipoleo tse kholomong ya A. Ngola dikarabo feela.
Abiele ke monna ya hlokomelang lelapa la hae ka hohlehohle. O na le ngwana a le mong lebitso la hae ke Thabo. O sebeletsa khampane e nngwe e kgolo ka hara naha. Lelapa la hae ke le mofuthu ka nako tsohle. Jwalo ka monna ya sebeletsang tjhelete o ile a reka koloi. Hoba a e reke o ile a rera ho nka leeto le ba lelapa la hae ho ya lewatle Thekong. Thabo o ne a thabile haholo ke taba eo mme a batla ho ipona a se a le lewatle. O ne a botsa dipotso tse ngata ka tse a di utlwileng di buuwa ke metswalle ya hae ka lewatle.Ba ile ba ya lewatle ba kgutla.
“Ho lokile ngwanaka.” Mamohale o bua butle, o buela fatshe. “Mme obonahala o sa thaba ho hang. Molato ke eng?” Tshepiso a botsa.
Ka nyaroha. Pinyane ke eng?
2.2.3 Mahakwenyana a letsohong.
“ke wena ya binneng hamonate, setloholo sa ka.” Ke nna eo ke se kefedisa ditaba di eso qale le ho qala. “Ha ho ya ka bang a o besa wa tukapela hao, wena ngwanangwanake. O tswere ya ditswere!”
“Haesale ke le...... be...... lla ntatao, mohlomong o tla kopana le yena, “Mamohale o bua dikeledi di theoha marameng. Mokganni a re, “Bomme!Nako e ya re siya ke bosiu.” Tshepiso a aka mmae. Mmae a mo kwallalemati la tekisi. Ha e duma, e a tsamaya. E ile!Letsatsi ke la Laboraro bekeng. Letsatsi le tjhabile, noka e ya phophoma.Mamohale o na le mosebeletsi wa hae moo ba foromelang ditene, nokengya Kgopjane. “Mamohale o bonahala o hlorile, bothata ke eng?” Ho botsaMmatefo.
6.4 Mmaditaba.
Maele le dikapolelo
Dipotso
Ka letsatsi le hlahlamang, e sa le hoseng ho hoholo, mapolesa a neng a sebetsa bosiu a qala ho nna a fihla motebong wa sepolesa ho tla fana ka ditlaleho tsa mosebetsi wa bona. Mapolesa a nnile a feta Kolobe moo a neng a ituletse setulwaneng, haufi le monyako wa ofisi ya mookamedi. Yare hoba la ho qetela le kene ka ofising, ha kwalwa monyako, mme ha qaleha lehomohomo.
13.4 Tharollo ya kgohlano.
Tlhekelo
Kajeno ha ho motho ya sa bueng ka yona. Ba baholo le ba banyenyaneba dumedisana ka yona. Ke hopola ha ke ne ke pepile mmae, ke haoladithota ka yena. Ke mo tlisa ka kwano ka hae, ho tloha kwana moo atswaletsweng teng.
3. Dipotso tse telele
Mona ke moo mathata a fihlang bokgutlong. Ngongoreho ya Tseko e fihlile bokgutlong. Thabo ya Mmatseko le yona e fihla bokgutlong ka tshohanyetso ka baka la koduwa ya naha. Terene e tswile seporong, e phethohile, e bolaile batho ba bangata. Ebile tsatsi le mahlonoko le nyarositseng lefatshe lohle. Bang ke mahlasipa, bang ke bafu, ke dillo le ditsikitlano tsa meno. Mohatsa Tseko le ngwana ba hlokahalletse kotsing eo ya terene. Matshediso a tliswa ho tswa ka mahohle. Hohle ho buuwa ka kotsi eo, naha e bodutu. Ke tsullung ya ditaba.
Ho Ha ba arabe, motho ke enwa haesale a ngolla hae a sa fumane karabo. Karabo o tlo e fumana ha a se a elellwa hore ha ba sa phela, ba ile kaofela.
• O hodisitswe ke batswadi ba hlabuwang ke dihlong ha boitshwaro bo se botle. Re bona sena se hlahela Karabelo ha a ne a re ntatae a etse seo a mo kopileng sona kapa o tla mo ila sekgethe ha a ka se etse jwalo.
2.2.1 Ho dula tlasa moriti wa sefate sa moduwane.
Ha koptjwa hore mapolesa a mo qhobele koloi ho ya lapeng, hoba yena o ne a le maemong a boima, ao ka ona a sa tlamehang ho hang hodumellwa ho iqhobela koloi ka boyena. Mapolesa a fihlile a mo siya lapenghammoho le koloi ya hae, mme bona ba kgutla ka e nngwe ya dikoloi tsamosebetsi e neng e tla e ba setse morao hore e tle e tsebe ho kgutla le bona.
6.2 Ho hlokahala.
Kgolo
Tseba ho tloha kajeno hore ngwana eo ke ngwana wa ka. Ke ngwana madia ka. Ka lengolo lena ke ne ke o tsebisa hore haufinyane ke ya tla. Ke tlonka ngwanaka eo ke utlwelang hore le mo rehile Karabelo.
“Tshepiso ke a tseba o motle. Empa Ntate eo o moholo haholo howena.” Lerato a kena dikobong.
ka N.S. Litabe
“Ke ile ka teana le Tseko le mme Mmatseko moo seteisheneng.” Ho realo moruti Mothobi molaetseng wa hae wa matshediso. “Ke ile ka ba botsa lebaka la ho ba moo. Ba ile ba mpolella hore ba emetse terene”.
Mamohale Pu! fatshe.
Tlelereke e ile ya elellwa hore ho na le ho phoso. Yaba e botsa Tsholo,“Ke eng Ntate Mphutlane? Ebe ho na le se sa jeseng ditheohelang se sengse hlahile ha e le moo o kgelelletse mefufutso tje?”
Diketso le diketsahalo tse bopang moralo di a nyalana, di iketsa ketane. Taba e itseng e bakwa ke e nngwe e tla e latela. Bangodi ba bang ba hlokometse ho re ho se be le taba e ikemelang e le notshi. Empa ho dipale tse ding diketsahalo tsa moralo di ye di se latelane ho fihlela qetellong. Se etsahalang morao se ka hlahiswa le pele se etsahala, mme se seng se etsahetse, se hlahiswe ka morao ho tlhahiso ya pele. Ha mongodi a hlahisa ditaba tje, mmadi o ye a be le thahasello le tjantjello ya ho bala ho ya pele. O rata ho tseba sesosa sa ntlha eno hore e bakilwe ke eng. Mongodi o tsamaya a fanyeha babadi a bue sena, e re ba sa lebeletse, a kgutle ho hetla ho bona hore na morao ho etsahetse dife. Mmadi o tla lemoha ha morao hore seo a neng a hopola ho re mongodi o se nyahladitse, o ne a mpa a betsetsa mahlo pele, a mo tjebela pele paleng ya hae.
10.3 Ho tjhesa ha letsatsi.
Ba okametse lebitla - Ba haufi le ho hlokahala.
13.1 Kepa o hlahetse Makgaoleng.
Ka mora moo, Polao a kgutlela merafong. Lentswe lane le ile la kgathatsa Toko le ho feta pele. A kula hampe hoo a ileng a kopa ba habo ho mmitsetsa moruti.
Ke selemo le dikgwedi tse pedi jwale, Tebello a dula le Tshepiso. Tshepiso o se a tswile sekolo, ka selemo sa hae sa ho qetela. Tebello le Tshepiso baqetela ba se ba ena le ngwana. Lerato la bona le ya kgaphatseha, ke mollo otukang malakabe a maholo, a hleneng.Ke Labohlano, ho na pula tse matlopotlopo, ka moya o batang. Tebello oqeta ho fihla o tswa mosebetsing. Ba qeta ho ja dijo tsa mantsiboya.
7. Hlalosa semelo sa Mr T papisong le mantswe a neng a buuwa ke mohatsae Mamohale, ha a ne a re, “E le ha methepa o e siile le mang?”
Tlelosari
Ke hona moo moruti Mothobi le mohatsae ba ileng ba fihla mooseteisheneng, ba tlisitse mmoledi Motebang, ya rongwang kwana Kapa.
Ke nnete ho re nna ekaka ke a lla hara thabo ena, empa ke a itebohelaha ke sa ka ka ba le sebete sa ho bolaya lesea leo jwalo ka ha ke ne keeletswa. Ke leboha Modimo ha ke sa ka ka bona eka borui ba ka kapabotle, di feta bophelo ba lesea leo ke neng ke le jarile.
Dipotso
Ho kopanya dintshi - Ho robala.
Tlelosari
2.4 Ho sithabela maikutlo.  D. Ho hlwedisa.
E be e le ha ho etsahetse jwang ho re mohwehadi a ngole lengolo? Eo ke e nngwe ya dipotso tseo Tsholo a neng a ipotsa tsona. Se ileng sa mo makatsa le ho feta ke hore lengolo leo le ngolletswe yena.
2. Ke eng se neng se etsa hore Kepa a se ke a fumana mosebetsi difemeng?
6.3 Tebello.
“Ke tla tsoha e sa le ka madungwadungwana ho ya batla mosebetsidifemeng tsa Secunda.” Tebello o bua a tonne mahlo, “Ke lona leqhekaleo.”
Ho utlwa lelapa le itokisetsa leeto ho bontsha ho re lekeno ka hara lapa leo ke le letle. Ha se bohle ba ka fihlellang ho ka ya phomola mawatle. Dipotso tseo Thabo a di botsang ka lewatle ke tse bontshang kamano tse ntle ka hara lelapa leo. Ntate, mme le ngwana ba dula mmoho ho qoqa ka tseo ba kopanang le tsona bophelong ba ka mehla ka ntle ho lelapa.
Ke a leboha.
5.3 	Dijareteng bommisisi ba lefa DO inehile naha.
Bana ba neng ba eme, ho Yaba re eme re eme, ba ile ba ema, empa seo ba neng ba se emetse, sa ba siyo. Ba ne ba eme ka tebello le ka thahasello e kgolo. Tlholohelo e ka etsa hore motho a se kgathale, a be le mamello e fetisisang, ekasitana le yona tshepo e tebileng. Tsena ke dibetsa tse hlolang kelello le maikutlo. Sena re se bona ho mosadimoholo Matseko. Empa ka lehlakoreng le leng ha o se na tsona o le motho, o ngala ha bobebe, o fela pelo, o teneha le ho ingamangama o sa qete. Sena re se lemohile se etsahala ho Tseko, ya neng a ntse a ingamangama, a tletleba a sa qete. Kharikhulamo ya naha e ntjha, e kgothaletsa ho re motho e mong le e mong a be le bokgoni, makgabane le tjhadimo e ntle, esita le ho rarolla maemo a batsi a bophelo ka tsela e nang le maikarabelo a tsitsitseng.
Tlelosari
10. Hlalosa mosebetsi oo Kepa a neng a o sebetsa polasing ya difariki.
1. Hobaneng Mohau a ne a kgeswa ke batho?
“O se ke wa tshoha letho Thabo mora. O se ke wa tshoha letho ngwanaka. Ntate o a o rata ke ka hoo a tlileng ho tla o bona. Hang ha ofola feela mona, ke tla leka ka matla ho fumana mosebetsi mme re tla boela re ya Thekong hape, o ilo palama kariki ya Ritjha.” Ho realo ntatae.Motho wa batho a amehile maikutlo. Mmae le yena a mo sebela. “O se kewa tshoha letho Thabo ngwanaka. Ntate o fetohile mme ha a sa nwajwala.” Tlhase ya pososelo ya hlaha marameng a Thabo. Ntatae a mopholla phatla mme mmae a mo aka. Sefahlehong sa Thabo ke ha ho tletsethabo e sa belaetseng. “Ha ke fola mona ntate, ha ke sa batla ho ya sela dijomeqomong ya Hillbrow. Ke batla ho kgutlela hae.” Ho realo Thabo akgotsofaditswe ke phetoho eo a e bonang ho ntatae.
5. Moetapele ke moetapele
“E re hle ke pakele thoto, hee!” Tshepiso o paka thoto a sa thaba.
3.2.4 	Hobaneng mophetwa a ile a ba le kamano e matla le lelwala?
Mohlang joyene e fedileng, ha a fihla polasing eo baneng ba dula ho yona, pela lebitla la ntatae, o fumana lebitla le leng leo a sa le tsebeng. E be ke la mang? Mona mongodi o phephetsa kelello ya mmadi hore a qetelle ditaba. Hopola ho re ha esale a ngolla lapeng empa ba sa arabe.
3. Ke mang a bolelang mantswe aa, “Ke bra T.” O a bua ho mang?
Moleko ke molemo, mme Satane ha a rate ntho tse ntle. Ke nna eo ke se ke ekwa ke lekgomosha le itswelang hole kwana, ka ntle ho naha. O ne aitletse ka tshebetso feela jwalo ka nna Gauteng moo, mme eitse ke elellwahore ke thetsehile, hwa be ho se ho senyehile. Ka iphumana ke se ke lemoimana. Ha ke elellwa taba ena, lekgomosha ke ha le se le sa nkge leseporo, le kgutletse ha habo lona. Yaba ke kakatletse lefika, ha ho potang.
“Ke leboha kgutlana la ka Ramasedi.” Ho rialo Mohau ho kgutla lena leoModimo a mo belesitseng lona. Le mo etsetsa dintho di hana ho fela. Le amo kodisa, a be a re na ekaba o ne a tswallwang, le boele le mo phemisemathateng, a sale a le opela mahofi lekgutlana la hae. Ditaba tsa moshanyanaenwa wa Mosotho di phunyeha moraorao kwana phokeng tsa bophelo bahae. O tswetswe a le lekgutla a le jwalo. Yare ha a le dilemo tse leshome feelalefatsheng a welwa ke koduwa ya ho kgaoletswa a utswa diapole difateng tsasenatlahadi se diphakaphaka tjena, se besang diphaphatha se di rekisa. Ha sepitla jwalo sefi, Mohau a tshwarwa, ha dithaka tsa hae tsona di kgola phalo,di poma diterata ka dipeta. Radiphaphatha a mo re qhau! a mo sudubanyafatshe. A mpa a mo hauhela, a re ho Mohau: “Badimo ba hao ba se bankahloletse wena ka lekgutlana lena!” Ka lentswe le makgerehlwa, le kgalefoe tukang malakabe Radiphaphatha a tswela pele, “Ha nka o tea ka seatla kapaka o raha hang feela o ka shwella kwana, wa ngaralla sehojana towe. Tlohapela ka mona o yo jwetsa mmao hore a o rute hantle.” Mohau a ema aitlhothatlhotha ditlhotse, a tshematshema ka mora metswalle e mo siilengpotong. O tshematshema tjena meokgo e keleketla marameng a ntse a re,“Ke leboha lekgutlana la ka, Ramasedi.”
O badile ka moo bangodi ba ka hodimo ba bontshitseng tlhahlamano ya taba tsa bona ka teng. Ditaba tsena di hlaha palekgutshweng efe, mme na di lokodisitswe ho kgotsofatsang?
8. Hlompho
Ba ntshokela – Ba nqala Hlalohanya – Ho utlwisisa Ho tika – Ho lwantsha motho a le mong le le bangata Ho totelwa ke bohale – ho tlalwa ke bohale Ka dikgoka – Ka matla Ka e lethwethwe – Ka hloko
Ke mantsiboya wa letsatsi le mahlonoko ho Mmakarabelo.
Mmatseko o tletse thabo empa Tseko yena o bontsha a sa tlala thabo hoba terene e sa fihle kapele ka moo a neng a lebeletse.
“A ko tlohele ho tletleba hle, Tseko.” Ho boela ho kgalema Mmatseko.“Tsa tsela ha di ke di tsejwa hle.”
Ka tsatsi le leng hoja e le hoseng, Abiele a tsoha hlooho e opa mme a sa tsebe seo a ka se etsang. Ha fihla motswalle e mong wa hae eo e neng e le kgale ba ne ba arohane le yena. Gauta ha a fihla lapeng la Abiele mme a mo fumana a le ka sebopeho seo a mo fumaneng a le ho sona, pelo ya hae ya utlwa bohloko. Gauta le yena o ne a kile a ipolaisa jwala mme a thuseha hobane a ile a dumela hore ke letahwa mme o hloka thuso. O ile a utlwela ka boemo ba ditaba lapeng la Abiele mme a ikemisetsa ho mo thusa.
6. Mohau ya lekgutla
##poone......... ng? “Tshepiso o bua a lla.
5.2 Ako re qoqele ka dintlha tsa moralo tsena tse latelang:
4.3 Ntata Kepa o hlokahetse.
Manana a kena motjekong le yena. Yaka lefatshe le ka ngamoha la mo kwenya Mohau wa batho. Manana o mo tsekisang? Be, e se e le ka makgetlo jwale Manana a ntse a re yena o batla ho fuwa tjhelete e seng tjheletenyana. Pelo ya hae yaka e tetebela ka hara lehlwa le e hwamisang.
5. Hlalosa:
9. Kgohlano pakeng tsa Toko le Mmatoko e bakwa ke eng?
Maele le dikapolelo
3.3.4 	O ne a le beile pelong.
3. Jwala ha se pheko
A ba a nahana hore le mo halefetse ha e le mona le mo tjhesitse tsela enakaofela. Ha a hlahela lerallaneng le haufi le habo, a sheba ka thabo ho bonamotse wa habo, empa a fumana masupi feela. A nna a tla jwalo ho fihlelaho leo e neng e le lehae la hae, moo a hlahetseng teng, a holetseng teng kaho hlopheha. A fellwa ke matla, a kgathala pelo. A phomola hodimalelwala leo a le tsebang hantle. Mmae o ne a atisa ho ba silela motoho kalona. A utlwa a makala hore mmae o le sietseng ha a ne a le beile pelonghakana, a ba hodisitse ka lona. Kepa a dula hodima lona a ntse a nahanantho tse ngata ho fihlela ho ba lefifi. A sama lona lelwala leo, a ithoballa.
Bala seratswana sena se latelang e be o araba dipotso tse tla latela:
3.5.2 Polao.
Na ke a mo rata ngwanana eo!
Gauteng. Bahlankana le barwetsana ba bangata ba sebeditse ka moo, ka baka la kgaello ya mesebetsi naheng ena ya heso eo ke e ratang.
“Ho ya ka motho ya le rutang hore o bona le lokela ho fetela dithutongtse ding kapa tjhe? Kgwedi e ka fela o ntse o ithuta ho thiba setebele ka ditsela tse fapaneng. Wena tiisetsa mme o tla bona seo o se etsang se se se o natefela. Tsela eo o sa ntseng o tla e tsamaya, e telele, tema e sa le kgolo.
Abiele o ne a sa tswa reka koloi e ntjha. O ile a utlwa e le tshwanelo hore a ke a tswe le ba lelapa la hae ka yona ho ya boithabisong kwana lewatle.Motho o tshwanetse o etse jwalo ha teke e dumela, e seng mehla ena bathoba be ba ntse ba dutse hae ba ikentse dikgoho tsa hae. Ha se bophelo nthoeo. Batho ba lokela hore ba ke ba hahlwe ke moya wa dibaka tse ding. Hateke e dumela.
13.4 Bommisisi ba ne ba lefa Kepa hantle.
4. Kolobe o ile a iphumana a le ka hara tsietsi e kgolo ya ho phirimellwa tseleng, hoba a ne a sa tsebe motho sebakeng seo. O ile a hopola hore e ka mora wa hae o dula sebakeng se bitswang Qwading, mme a nahana ho ya robaletsa teng. E ne e le sebaka seo a neng a sa se tsebe, mme jwale bothata ke hore e se e le bosiu. O ile a kenelwa ke letswalo hoba a hopole bokweta bo atileng sebakeng seo. Kgabareng koloi ya fihla ya ba theola sebakeng seo, bohle ba ileng ba theoha ho sona. Monna e mong ya neng a ntse a palame le Kolobe koloing, o ile a bua le yena, mme ba tsamaisana tsela. Monna enwa o ne a qoqa hamonate le Kolobe hore dipelaelo tseo a neng a ena le tsona di tlohe.
Kaekae naheng e kgolo eo ya habo Mohau hwa qhoma ntwa e mahlo amafubedu. Dira di ne di hlasetse naha ya habo Mohau, jwale ho tswilebaromuwa ho thaotha bahlankana ho ya bosoleng, ho ya sireletsa naha, leho ya shwa. Batswadi, haholo bomme ba ne ba qenehela bara ba bona, baba sheba ka mahlo a tletseng mohau le menyepetsi. Na ekaba ba sa tlakgutlela hae ba ntse ba phela, kapa e le ditopo? Kapa ba kgutle ba foufetse,ba holofetse, ba qhwadile hampempe, e le diritsa, ba kgaohile maoto lematsoho kapa ba hlanya? Ho ne ho batleha dinatla, poho tse manaka athata, e seng dikokotwana tse kang Mohau. Ba thaothwang ba ne bangongoreha meyeng ha ba hopola ho kgaohana le basadi le dikgarebe tsabona. Ba leka ho pata matswalo le metouto ya bona ka ho etsa metlae yabatho ba ekang ba thabetse ho ya lefung, athe ba mpa ba pata sehlotsa.
Pelo e nngwe e re ke hle ke itete sefuba, ke bolelle ngwanenwa nnete eo ke ileng ka e patela ntatae esitana le mmae nako ena kaofela. Ya re ke hle ke mmolelle hore majoro enwa ya hlomamiswang kajeno ke motswalae hantle. Ke ngwana wa mofu rakgadiae, eo le yena a sa kang a ba a ba a tseba ka yena. Pelo ena ya hla ya re ke phahle makunutu, ke nye matsete, ke phunye seso, leqeba le fole. Empa letswalo la nkgwebetha, la re ke le nyaye le kolobe.
1.5 	Mokgwa oo Toko a hodisang Polao ka ona na o tla etsa hore Polao e be monna wa sebele.
3. Bapisa maelana a kholomong ya A le ditlhaloso tse kholomong ya B
ka D.P. Thulo
Ha e le Mmakarabelo yena a nna a tswela pele ka ho hlalosa “Ke ile kaqobellwa ke mme hore ke lebise molato ho wena hobane a ne a sa rateLereko. O ne a re Lereko ke tsotsi e dulang e le ntlwanatshwana. A hlalosahore Lereko a ke ke a kgona ho hodisa ngwana hobane a sa sebetse le lapalabo le phela ka dilopi. A nqobella hore ke re ke wena ya nkimisitsenghobane a ne a re o a sebetsa, ngwana o tla fumana phepo e ntle. Ka nakoeo o ne o sa le titjhere…”
11.1 Abiele o lelekilwe mosebetsing ka lebaka la botahwa.
Senokwane sa pele sa mo kgorohela ka mahlo a matsho, empa Kolobe athetseha hanyenyane, a se bona phatleng mona ka tshepe ya mohoma, sa basa ya kena fatshe. Sa bobedi le sona sa tla se kgorohile ka ho tshwana, sampa sa kgoptjwa ke sehlahla, sa fihla sa wela fatshe pela maoto a Kolobe. Ase bona ka sekotlong ka mona, a ba a utlwa hantle hore, haele seo sona, ose qetile, se ke ke sa hlola se tsoha le kgale. Dinokwane tse ding tse pedi,ha di bona hore bomphato ba tsona ba se ba le fatshe, tsa epela meomofatshe. Kgabareng Kolobe a iphumana a se a tobane le yane motswalle wahae. Ebile o se a mo kgorohela ka sekgahla se seholo, a fihla a mo kopathekeng mona ka diphaka, a mo nka ka matla, a nto mo tatlanya fatshe.Senokwane le sona sa hakala. Sa mo qhautsa ka leoto se ntse se le fatshemoo, sa mo hulela ho sona. Ba nkankana, ba kolokotjhana, ba pitikisana,ba ba ba ya re tlole! ka sekotjaneng se ka tlase ho moo ba neng ba ntse babetana teng. Ka lehlohonolo Kolobe ya eba yena ya ka hodimo ha ba welajwalo. A se ke a hlola a sentse nako, a fofela senokwane molaleng mona, a se dula kwenya ho fihlela se ba se kweletsa mahlo. Eitse ha eka se tla fellwake moya, a se hatoha, a se siya se namaletse moo.
11.3 Lere le ojwa le sa le metsi.
5.5 Tjhoba le letse phoka.
13.7 A mang a mabaka a tlhopeho ya Kepa ke mmala wa hae.
5.2	Hlalosa mookotaba wa palekgutshwe ena
Tebello, ka mahlo a maholo a masweu. “Ntate ha ke utlwisise.” Ke Tshepiso ya bonyabonyang.“Lehakwe la pelo ya ka, pelo ya hao e hapile ya ka,” Tebello ka lentswe le lesesanyane.
4.2 	Ba okametse lebitla.
Mamohale a botsa, dikeledi di theoha marameng.
“Ke sitwa ho bolela lebaka la dikgapha tsena. Le nna ha ke tsebe. Ke ntse ke leka ho itshwara, ka nnete ha ho lebaka weso.” Ba nna ba qoqaqoqa tse ding tse amanang le mathata a lefatshe, empa pelo ya Kepa e le hole le yena. E matha hole dinaheng tsa kgotso, tsa tokoloho. E le neng a fumana hore monna ya neng a mo qoqisa o se a theohile. A utlwa bohloko ha a sa mmona a theoha.
1.5 	Ke motswalle ofe wa Abiele eo a ileng a mo thusa hore a tlohele jwala?
Ho ineha naha - Ho baleha.
“Ke kgwedi tse robedi jwale Tebello a sa nthomelle tjhelete, a sa tle hae,ebile ha a sa re ngolla mangolo. Ke ipotsa hore ke tla hodisa lesea lena laModimo Tshepiso ka eng? Ke robala ke itsosa. Taba e nkutlwisang bohloko le ho feta ke hore, Tebello ha a tsebe hore o na le moradi, e lengTshepiso. Tebello esale a ntshepisa hore o a tla.”Ke dilemo tse robong jwale esale Tebello a kena pooneng. Moya ke ohlabang, bosiu ke bo bokgutshwanyane, letsatsi ke le lelelele. Mamohale ontse a rutwa ho foroma ditene ke moahisane wa hae Mmaditaba.
Diketso le seabo sa baphetwa di boela di ba arola ho ya ka ditabatabelo tse itseng. Ho teng molwantshuwa, e leng mophetwa wa sehlooho. Ho be le ya mo sitisang, e leng molwantshi. Ho ka ba le ya kenang dipakeng ho thea kapa ho hlohleletsa. Enwa ke monamodi.
7. Re bolelle ka tlhahlamano ya ditaba pale kgutshwanyane ena.
4.9 Ho le nyaya le kolobe.
Ho tjha ntsi - Ho tshaba ho bua ho itseng.
Ha motho a ntse a tadima diketsahalo lefatsheng, sebakeng seo a phelang ho sona, hangata o kopana le mefutafuta ya batho bao a phelang le bona. Hara batho bana ho teng bana ba atisang ho phela hammoho le ha ba sa hlahe lapeng le le leng. Ka baka la hobane ba sa tshwane ka tlhaho ya bona, ba be le ditshwaetso tsa ba bang le tsa sebaka seo ba phelang ha sona.
8. Tebello ke yena ntata Tshepiso hantle. Ke mohatsa Mamohale ka sebele. Ke Mr T. O ne a ikgakantse hoba a bona methepa. Ke yena eo e saleng a lebellwa, ha a ne a tshepisitse ho re o tla kgutla ha kgwedi e fela empa ha se be jwalo. O ne a sebetsa Secunda mme qetellong feme ya bona e ile ya fallela Nelspruit. O ile a ratana le Tshepiso moradi wa hae, a ba a ba le ngwana le yena.
6.3 Ho ba sebete.
DIPOTSO TSA TLATSETSO
14. Kgethollo ya mmala ho bonahala e le ngata mona moo Kepa a tswang. Qolla dintlha ka hara pale tse totobatsang hore e feela kgethollo e ne e le teng moo.
Metswalle ya Tebello e mosebetsing, ho lla tshepe feela ka femeng.“Monna o a tseba taba ya Tebello le ngwananyana enwa ha e ntjeseditheohelang ho hang.” Tsietsi o tjheselletsa tshepe. “Tsietsi! A ke re kewena maoba mona ya neng a hlohlelletsa Tebello?” Ho botsa Moeletsi.
1.2 	Ntata Thabo ke mang?
“Le behwa ke eng mona, mme Mmatseko?” Mothobi a botsa.
Bashemane dikatara ba di thetsa feela ka menwana, ha thomo yona mohlankana a e tidinya. Ha engwa ka bobedi, ka bobedi. Yare ha Mohau a atamela ho Manana ho tantsha le yena, seqhenqhahadi sa mohlankana se selelehadi tjee sa mo re shwato! nkong mona ka menwana ya letsoho le letshehadi, sa mo tjekeletsa kwana! Mohau a ya thula lebota le haufi le moo, a ba a ema kgekgenene! Lekgutla le opa, katiba ya hae ya Panama ya re pheu! ya wela fatshe, batantshi ba e hatakela ka maoto.
Jwale tangtang ya kgangwa ke lerole, re tlola jwalo ka mekoko ha reshebana, e mong a batla tsela ya ho otla e mong ntle le hore yena a otlwe.Ke ile ka tsietsa motho eo ha bobebe mme ka qeta ka yena ka pelenyana.Ditlatse tse ileng tsa tswa ho babohi, tsa nkgahla haholo. Sensei a bitsangwanana e mong ho tla lwana le nna, ka boela ka thaba ho bona ke fuwamonyetla wa ho bontsha bokgoni ba ka.
5. Dipotso tse telele
Tseo ke tsa beke e fetseng, ka Laboraro. Kajeno ke Moqebelo. Ke letsatsi la mahlonoko. Setjhaba sena seo o se bonang se shatamane mona, se tlile phupung ya mohatsa Tseko le lesea la hae, bao e leng ba bang ba mahlatsipa a koduwa eo e nyarositseng lefatshe lohle.
“Mojalefa o tla lokela ho ya sekolong sa ho ithutela ho kganna terene.”
Potso
Letswalo le ba kgekgetha, bosiu ba sa bo hlothe boroko. Methepa yona edulela ho bokolla le motsheare ha e hopola hore lenyalo jwale ha e sa tla lebona! Ho feta mono mahlatsipa a tla phonyoha ka soba la mohodu ntweng,a tla kgutlela hae a se a sa kgahlehe, e le diqhwala tse sentsweng kedibomo, dikulo, mello le dikgase.
9. Tikoloho ya diketsahalo paleng ena ke efe? E hlalose ka botlalo.
“Monna wa ka Tebello le wena moradi wa ka Tshepiso, esale ke le lebella,
Mongodi e mong le e mong o na le setaele sa hae sa ho ngola. Ha re re mongodi o beha ditaba a re tjebela pele, re bolela tsela eo a hlahisang ditaba tsa hae ka yona. Ke tsela eo a bopang moralo wa hae ka yona.
Ho holoba - Ho nanya.
Refilwe o hotse jwalo ka bana ba bangata ba dikgorane. Hangata banaba jwalo ba a bokotswa, mme ba fetoha dintho tse itshepang, tseikgantshang, tse tellang, tse sa hlompheng le batho. Ha a se a tswile sekolo,a se a sebetsa ho le leng la mabenkele abo a dijo, o ne a sa bone motho kaletho. Le nna o kile a ntlhapaola hampe haholo ke mo thabetse, a mpolellaha moo habo e se bohlanyeng. Pelo ya ka e ile ya rotha madi, ha ba ha reke mo jwetse taba tsa hae, empa ka hopola dikano tsa ka, esitana le pinyaneya lelapa.
3.2.6 	Mabitleng moo o fumane maemo a ditaba e le afe?
3.5	Ha ho potang.
3.2.2 	Hlalosa semelo sa mophetwa enwa.
7. Ke ngwana madi a ka 67
3.5.1 Toko.
“Toko, motho ha a bue jwalo ka pela bana. O lokela ho kgetha mantswe a hao ha o bua, o eletsa ngwana. O hopole hore ngwana enwa ke yena mojalefa wa ka moso lapeng lena. Ho lokile Polao, tsamaya. Re tla shadima taba eo, ngwanaka.”
“E thala e boela mosehlelong.” Polelo ena e ka hodimo ke maele a hlalosang sena: motho botjheng ba hae o mafolofolo, a ka tlalatlala le lefatshe mme le bokako bo be bongata empa nakong tsa botsofadi o tshwanela ho kgutlela hae a ilo phomola. Sena ke se etsahaletseng mophetwa enwa ya bitswang Tebello. O ile a tloha lapeng ka le reng o ilo batla mosebetsi Secunda, mme o tla kgutla mafelong a kgwedi. Mohatsae Mamohale o ile a lebella ka tebello e kgolo empa yaba haesale a tshwariswa lefika. Mohatsae o se a kgutla le moradi wa hae Tshepiso empa a se a mo file ngwana. Tebello o ile a bapala, a se kgutle le letho mosebetsing oo a neng a o fumane.
“O batlang moshemane?” Ke rapolasi eo. “Ha o tsamaya o bontshe bophelo. Ke polasing ya ka mona. Ha ke batle ditopo tse tsamayang kapa o jele terata ha o tsamaya o kotlobane jwalo ka kgomo ya lejeresi?”
15. Mme wa Kepa o ne a sebetsang polasing. O ne a una eng tshebetsong eo?
CO hopotse lapeng.
3. Hlalosa mokgwa oo a mo tlontlollotseng ka ona.
Karabelo a tswela pele a re, “Ha ke rialo ha ke bolele hore ke a olwantsha nkgono. Sekolong le kerekeng ke hlola ke utlwa ho thwe ha homotho ya hlokang sekodi lefatsheng. Ka hoo ke kopa hore batswadi ba kale tshwarelane hodima tsena tsohle tse etsahetseng. Ha e le nna ke batla hoba moruti ha ke hola, hore ke tle ke tsebe ho ruta setjhaba ka ketso tsenatse soto. Ke kgothalletse batswadi ho se kgethele bana ba bona bahlankanahobane ba shebile menyetla kapa maemo a bona a phahameng.” Ha a qetaho bua jwalo a kopa hore bohle ba akane, ba thehe kgotso. Bohle ba etsajwalo ho ya ka kopo ya Karabelo.
Ha re ikgopotseng dintlha kapa ditekginiki tsa manollo ya dipale kapa ya dipalekgutshwe
5.1 	Monokotshwai ha o butswe ka thato ya tshwene.
Hang ka mora hore Kolobe a fane ka tlaleho mane sepoleseng, mookamedi o ile a laela mapolesa a hae a malala-a-laotswe ho potlakela sebakeng seo ho ya etsa diphuputso tse feletseng. Mapolesa a ile a fela a ya.
CO nyetse hape.
Ke terene e tla re isa hae, lehodimong
“Ho hlile ho jwalo Ntate. Re hloka le ya ho phoka bodumo.” KeMamohale a bonahala a kgathatsehile maikutlo. “Ho thata.”
4.6 Kepa o nka joyene.
“Tshepiso ngwanaka, o itlhokomele, o itshware hantle. O se ke wakgahlwa ke lefiso la metsaneng jwalo ka ntatao.” Mamohale o bua a layamoradi.
Shwalane e ne e se e tshwere ha koloyana ya baeti e fihla ledibohong laMaseru, le arohanyang naha ya Lesotho le ya Foreisetata. Le ha kwana e nee ile ya tloha Belekomo nako e sa dumela, tekesi ena e ne e ile ya hlahelwake mathatanyana tseleng kwana ha e ntse e tla. Ho ne ho ile ha nkabotsebanyane nako e teletsana ho e henahena ho fihlela e ba e ka boela ekena tseleng hape.
Polelo ena, E thala e boela mosehlong, ke maele e hlalosang hore ha o sa le motjha ho bobebe ho ya hodimo le tlase, o ja monate wa lefatshe. Empa ha botsofadi bo fihlile, motho o lokela ho ya hae ho yo phomola. Ke maele a ananelang mahlale a kgale. Mophetwa wa rona Tebello o tswile lapeng ha hae ka le reng o ilo batla mosebetsi empa a se kgutle ka nako e neng e lebelletswe. O ile a kgutla a se a na le mathata a fetang a pele, a imisitse moradi wa hae. Ka mantswe a mang o tsamaile a ntse a na le matla empa a kgutla matla a se a fedile.
“Dumela, ngwanaka.” Ba arabela hong.
Manana a nyalwa jwalo ka potlako, e le ha feela a itjhebetse mejo lemmethe wa Mojalefa. Dikgwedi tse mmalwana hoba Manana le Mojalefaba nyalane, ka lenyalo la semetletsahadi, hwa etsahala kgoba lebenkeleng haMojalefa. Mohau o ne a atisa ho reka tshwele ya ho roka hona teng.Thapameng e nngwe a re a sa kena ka lebenkeleng a fumana ho se namorekisi, batho ba eme le ho makala ka hara lebenkele. Hang hwautlwahala letjeketjeke la motho wa monna le wa mosadi ba omana kamorao ka kwana. Ha batho ba re mahlo tloha, Mojalefa o se a kena atitima ka lebenkeleng, a hemela hodimo. Ha a qala a re o rekisetsa bathofeela, Manana a kena a tshwere dibotlolo tse pedi tse tletseng tsa biri.Bobedi ba tsona tsa pshatlehela hodima hlooho ya Mojalefa, a ba a nyamelaka mora khaontara! Batho ba tswa ba petetsane ka lebenkeleng, boMohauba jere makgutla ba qaphaleditswe ke madi. La qhalana jwalo lenyalo laMojalefa le Manana wa letahwa ya neng a bile a kene kgweding ya boraroya boimana. “Ke leboha kgutlana la ka, Ramasedi.” Ho rialo Mohau.Mojalefa a nkelwa sepetlele ha Manana yena a kwallwa teronkong.
9. Hlalosa hore Tebello enwa eo ho buuwang ka yena mona ke mang.
2. Yaba re eme, re eme... 12
Matsatsing ana tabakgolo e ne e le yona peho ya majoro wa rona.Diradiong le dithelevisheneng ho ne ho buuwa ka yona. E ne e le yonatabataba ya banna makgotleng le makgotlaneng. E ne e le yona e kasehloohong le matsemeng a basadi. E ne e buuwa ke bashanyana, badisanametebong le naheng. E ne e le yona tabakgolo ya banana didibeng. Babalang ba re le dipampiring e ne e le yona feela maqepheng a ka pelepele.Ha ho taba ntle le ena.
Ho sa jese ditheohelang - Ho hlobaetsa.
2. Hlalosa ka botlalo se ileng sa baka hore a se tsebe ntatae ka nako. Bolela dintlha tse tharo.
Keresemese e fetile. Ke kgwedi ya mathata, ya dikoloto, Pherekgong.Bana ba kgutlela dikolong, basebetsi ba kgutlela mesebetsing, bolofa bofedile. Mamohale a lefella moradi ka tjhelete e ngata eo a e fumaneng ha arekisa ditene. A lokolla moradi.
3.5 	Jwala bo ka fetola motho.
“Nna ha ke na nako, Mme.” Ke Tseko eo ka ho kgena. “Nke ke katheahlla mona dihora tsena tse ngatangata, ke emetse ntho eo ke sa eboneng. Ke kgathetse, ke tswa mosebetsing. Ke lokela ho ya phomola. Hake na nako eo nka nnang ka keta ka yona. Ka e qhala jwalo ka ha eka kenna morui wa nako yohle ya lefatshe.”
Ke kgutlela merafong moo ke sebetsang hamonate teng. Ke tshwenngwa feela ke bophelo ba mme le ho mo hlolohelwa.”
Tsholo a tona mahlo, a bona hantle hore ke nnete ha ho thwe lerato le sefofu. Empa se neng se makatsa ka Tsholo ke hore, o ne a sa kgarumeMmakarabelo motsotsong oo a ntseng a utlwa manyampetla ana. O ne amamelletse mofuthu wa ho phollwa ha monatjana mahetleng. Ketso ena ene e mo etsa hore a mo nee sebaka sa ho hlalosa empa yena Tsholo a saelellwe seo.
3.4 Ho ikenya tshotso dinaleng  4. Ho bona ha dintho di etsahala
Bala seratswana sena se latelang e be o araba dipotso tse tla latela:
Kolobe e ne e le e mong wa baeti koloing eo. O ne a etswa merafong yaha Ramonate moo a neng a sebetsa teng. E ne e le tlwaelo ya hae, jwalo kabasebetsi ba bang ba merafong, ho nna a re kgalo ka hae kgafetsahaholoholo mafelong a kgwedi ho isetsa mosadi le bana tjhelete ya ho selale ho phetha mabaka a mang a lelapa. Haele lekgetlong lena teng, o ne a sea batla a qetile nako e teletsana a sa fumane monyetla wa ho ya hlaha hae.Ka hoo tlholohelo ya bana le mosadi wa hae e ne e se e totile. O ne a ntse alohotha ka bona nakong ena eo koloi e neng e robehile.
11.2 Moiketsi ha a llelwe.
6. Ho ba kgopo ho bolelang?
Pale e hleketswe, ya hola, ya rarahana ya ba ya fihla sehlohlolong. Jwale bothata bo a raroloha, ho fihlwa pheletsong. Ha se hangata bothata bo yeng bo rarolohe ha bobebe. Lefito la mophetwa le ye le rarahane, le nyehle le boele le finehe ka mekgwa e sa tshwaneng le ya pele.
Semelo sa baphetwa
Thabo a hla a di raha. Ya ba yena wa pele ya tsohang ka kgoho tsa pele.Ya hla ya eba lehlaphahlapa ha a tsosa batswadi ba hae. Tsatsi leo e lengkgale a le lebeletse le ne le fihlile. O ne a thabile hobane jwale le yena o tlatseba ho qoqa le boThabiso a sa ba makalle ha ba bua ka tsa ho re naThekong ke tulo e jwang. Thabo ya hae e ne e le e tlokomang, ekgaphatsehang. Ba feela ba lokela tsela, e le thabo feela lapeng leo laAbiele.
5.1 Tsatsi la mahlonoko.
Ho lohotha - Ho nahana.
Re sheba, Ke ngwana wa madi a ka. Mona ke moo ditaba di phethelwang, mme ha di phethelwe le bothata. Qaka kapa yona tshita e neng e le teng, e se e rarolohile kapa tharollo e fihletswe. Karabelo o etsa kgothaletso ya hore batswadi ba se kgethele bana ba bona bahlankana ba shebile menyetla e itseng kapa maemo a itseng. Ha a qeta a kopa bohle ba tshwarane ka matsoho. Sena e ne e le pontsho ya kutlwano le kgotso.
Hodimo komponeng kwana pina e se e binelwa hodimo, ka maikutlo le moya o thefulehileng, ekare bashemane ba otlela hae mohala wa moya. Ba bina, ‘Re hopotse batswadi’ ka Sezulu. Ha re a nyolohe a yo bina le bona ha a utlwa molaetsa wa pina, empa a dula fatshe. Tlase mane metsi a hosha ha monate, a mo hopotsa matsatsi a ho feta, a mo tlisetsa letswalo ha a hopola bokamoso ba hae ka letlalo le letsho tsho! A ikgothatsa ka ho re o tswetswe le lona. Ho lehlohonolo ba jelang tafoleng e tekilweng hantle ka lebaka la mmala wa bona. A akgela lejwe hape. Ho hlile ho phodile hamonate mona tlasa sefate, boinotshing.
Hoseng e sa le ka madungwadungwana a tsoha, a ya mabitleng. O ne aikemiseditse ho ya lokisa majwe a lebitla la ntatae. Ka nako e nngwedikgomo di atisa ho a heletsa. Ha a fihla, a fumana mabitla a se akampetswe hantle ka terata. Le lebitla la ntatae le le maemong a matle. Semo makatsang ke hore lebitla le haufi le la ntatae ke la mang. Ha a letsebe, le sa le letjha. A itshedisa ka hore ke lefatsheng, batho ba ahlokahala. Mohlomong ke e mong wa bao a ba tsebang polasing moo. Anka lejwe thokwana mane a le beha lebitleng leo, a ya lengotswaneng lehaufi, a hlapa matsoho. “Modimo o ne a re file, mme o boetse o nkile, hororiswe lebitso la hae le halalelang. Amen.” Ke yena eo ka pelong.
Mmuelli e mong wa moo Mautse ha habo Mohau, a batla mohlalefi ya ka kgonang ho ngola mangolo a hae a mosebetsi wa ho buella batho. Ba tsebang mohlankanyana Mohau ba hla ba lebella hore leqwetha le tla ikgethela yena hara phiphithahadi ya batjha ba neng ba ngotse ba ikopela ho ya sebeletsa leqwetha. Le ha a ne a le sehlopheng sa botshelela feela
4.5 	Ho orohela badimong.
Kopotsa – Rotha
“Hoja ka mpa ka mo tshwarela!” ya hae o fele. Polao a bolella mapolesa ka moo eo ntatae a mo phedisitsengha bohloko ka teng moo lapeng. Ha a hlalosetsa mapolesa taba tsena, asekisa meokgo. A ba bolella hore ha a kgolwe hore Toko ke ntatae ho ya kamoo a neng a mo tshwere hampe ka teng. Mapolesa a makalla taba tsejwalo, a ba a re ona a ke ke a hlola a kena tabeng e jwalo. Toko a buisane lemora wa hae ho tlisa kgotso pakeng tsa bona. Ba mo siya ba tsamaya.
6. Mohau ya lekgutla 55
Ke ile ka itshehela hamonate, ka aka moratuwa wa ka, a ikela. Ka sala le dikomang tsa motswalle wa ka wa hlooho ya kgomo, eo e neng e le yenafeela eo re neng re ntshana se inong le yena. O ne a sebetsa motseng ohaufi haholo le oo ke neng ke sebetsa ho ona. E ne e le yena feela ya moo,ya neng a tloha le nna mona hae. Re ne re utlwana re eletsana.
“Tsholo ke a tseba sena seo ke tla se bua ha se na ho o thabisa ho hang.Empa ha taba di se di le mothating ona , o tlamehile ho e tseba. Karabeloke ngwana Lereko.” Kgele ya ka Tsholo ha a utlwe hantle. A sulafallwa kebophelo ka nako le motsotso.
3. Hlalosa
3. Karabelo ke mophetwa ya butswitseng, ya nang le kelello e bulehileng empa a le monyenyane. Ke mophetwa ya neng a kgona ho bopa kgotso moo e neng e senyehile teng. O ne a le monyenyane ka dilemo empa o ne a se a tseba hore o batla ho ba eng bophelong le ho re sepheo ke sefe sa ho kgetha seo.
1.10 Mantswe a sehlooho a palekgutshwe ena: “Hoja ka mpa ka mo tshwarela” a lebisitswe ho mang mme a buuwa ke mang/
4. Qotsa polelo e nang le mokgabiso puo ona: phetheletso temeng e ka hodimo.
Phokojwe ho phela e diretsenyana - Motho ho phomella ya bohlale.
“Ha a behwe ngwana eo wa setjhaba.” Ho hoa letshwele ka sekgahla leka sefutho se seholo. “Ha a behwe hle, ngwana eo wa bo rona!”
Secunda, ya feta Standerton, ya tswa ka hara Mpumalanga. Ka koloing hothotswe, ho mametswe difela tse haulang. Ya kena ka hara Foreistata, yafeta Vrede, ba emisa ha e fihla Memel, ba reka dinomaphodi. Ya fetaWarden, ya feta Harrismith, ya kena Qwaqwa, thaba-di-mahlwa.Tsatsi ke le mahlonoko, motseng wa Naledi. Ha ho bonahale mothotseleng, dikgomo di bothile, dinonyana di ipatile dirobeng tsa tsona, banaba ka matlung, maru a matsho a kwahetse.
4. Bolela hore Thulare ha a bona Kabelo o tshwanela ho mmitsa mang.
Tjheseho ya hae ya ho tataisa thaka e ntjha bophelong ya mo qobella ho ntshetsa thuto ya batjha pele, a ikakgela ka setotswana mminong wa kereke. Ho feta moo a ruta bana ba bashanyana ho bapala Brass Band.
Makgalaneng. Ntatae e ne e le e mong wa baetapele moo polasing. Hoba a hlokahale Kepa o ile a tshwanelwa ke ho batla mosebetsi hore a hlokomele lelapa la habo. Ka bomadimabe moo polasing mosebetsi o ne o sa fumaneha. Ka hona a tshwanela ho o batla mapolasing a haufi. O ile a fumana mosebetsi wa ho fepa le ho hlwekisa dikolobe ho e nngwe ya dipolasi. Mosebetsi wa teng o ne o sa mo kgotsofatse le monga dikolobe a sa ananele mosebetsi wa hae. Qetellong Kepa o ile a nyahlatsa mosebetsi oo mme a tshwanela ho batla o mong.
Ka lebaka la ho fihla ka mphiphi, le hore koloi ya bona e nnile ya ejamethinya, o ne a sa bone hantle hore na mona moo a leng teng ke hokae.O bile a emaema ho se hokae hore kelello le mahlo di boele di tileele sebaka seo. Ha a ntse a emaeme moo, ke ha ho fihla ho yena monna emong ya neng a shebahala a sa le motjha dilemong. Eo o ne a bonahala ekale yena o sa tswa theoha hona koloing eo. “Hela, e moholo,” ho realamonna eo ho Kolobe. “Ekaba o lebisa kae, re tswe re tsamaisana tsela?”
4.3	Ke moroparopa wa
“O a di bona dikerekenyana tse tsa lona, ke di nyatsetsa tsona tsena. Ke tsona tse etsang hore re tellwe, re nyenyefatswe, ekasita le ho nyediswa ke dirathana tsena. Ke lona lebaka le etsang hore o se mpone le ka mohla o le mong ke le moo kerekeng.” A jajabetse jwalo ka bohale, Toko.
Moruti a bitswa ho tla rapella Mmatoko, mme ka mora metsotswana, a kgaoha. Toko a tlallwa ke naha, a sa tsebe seo a ka se etsang. Kerekeng a sokola hoba o ne a sa e tsamaye, ekasita le ditshebeletso tsa yona. Mora wa hae, Polao, a tla mme Mmatoko a patwa.
Tlhahlamano ya ditaba
Maele le dikapolelo
3.1 Tlatsa dikgeo tse tlohetsweng ka mantswe a tswang seratswaneng.
##ditshupiso tse itseng.
5. Hlalosa maele kapa maelana ana a latelang:
Ho tsanyaola - Ho bina.
5.2.3 Mookotaba le phethelo.
3. Ha o nahana feela Tseko le Mojalefa ba kile ba kopana? Hlalosa karabo ya hao.
Ka utlwela ka monna wa morui mane Meqheleng, ya neng a se na bana.Ka utlwela hore mohatsae o mo kgathatsa nyene le bosiu ho batla ngwanale ha e se e le dikgutsaneng feela. Ha ngwana wa ka wa matsibolo a lekgwedi di tharo, ka leba moo Meqheleng, mme ka mora dipotso ledikarabo tse thata, esitana le tsona dikano tse boima, ka fana ka ngwana waka ho lelapa la Mataboha, ka tshepiso ya hore taba ena e tla ba pinyanepakeng tsa ka, lelapa leo, le basebeletsi ba setjhaba mmoho le molao wanaha.
4.3. Moruti Mothobi ke yena ya neng a pata boMmamojalefa.
O dutse hae beke, a leka ho batla mosebetsi o molemonyana difemeng.
2. Hlalosa ka moo mantswe a latelang a sebedisitsweng palekgutshweng:
Tsatsi le leng e ne e le Labohlano ha tadi e antsha. Tsholo a dutse a lennotsi lapeng la hae. O dutse ka phaposing ya ho phomola, o fokotsamosebetsi wa hae wa sekolo. Mohatsae o ne a le mosebetsing, ha morayena a ne a le sekolong. O ne a sa theohela tsatsing leo hobane ho ne ho sauwa sekolong. Bana ba sekolo ba ne ba etile ka leeto la thuto, ba etetsekwana lewatle, Thekong. Ka mora nakwana Tsholo a ntse a tsepamisitsemahlo a hae dipampitshaneng tsa mosebetsi, a utlwa modumo ho hlahahekeng. A tadima ka ntle hekeng ka fenstere ho bona hore heke e lliswa keeng. Yaba o bona monna ya tsamaisang poso a akgela lengolo kalebokosong la hae la poso le hoketsweng tshepeng ya heke. Tsholo a ema, aya ka ntle ho ya lata lengolo, a ntsha lengolo. A boela ka tlong.
9. Qoqa ha kgutshwanyane ka mabaka a entseng hore Kepa a ngale mosebetsi wa mmisisi. Totobatsa le ho hlakisa dintho tseo ba neng ba mo lefa ka tsona.
“Semomotela! Pabala! Twadi e padileng!” Ke Tebello, o a bososela.“Ntate e be bokgeleke boo o bo nka kae?” Tshepiso o botsa, a ntse abonyabonya.“Thatohatsi ya ka, bokgeleke bona ke bo nka pelong ya hao,” Ho araba
O ne a ntse a selasela dijo ka meqomong jwalo ka Mmadiepetsana watshomong ha a ne a selasela theepe ya Dimo. A re mahlo tloha! A bonabatswadi ba hae ba se ba le haufi. Thabo a tshohela hodimo mme a qela holeoto. O ne a tlamehile ho kgola phalo hobane o ne a tshaba ntataelebekebeke mme a hopotse hore ntatae o tlilo mo etsa dihaeya. A ikakgelahara mmila a leka ho kgabahanyetsa ka lehlakoreng le leng ha ho tla hlahakoloi. Ba lekile hore ba hoeletsa hore a mpe a kgutle empa ya be e se e leka morao ho nako. O ne a balehela ntate eo a tsebileng e le motho yainehelletseng jwala mme e re ha a nwele jwala bo mo tahile fu! ebe o a moteteka. Ke seo Thabo a neng a leka ho se balehela. Batho ba bokana.Mmathabo a rwala matsoho hloohong, a se kgitla.
Ha a qala a bala palekgutshwe ka palekgutshwe, ke moo a fumanang hore ka bobedi potso tsena di fuperwe ke sehlooho.
Motho e mong o kile a re ha ho pinyane ya sebele lefatsheng. Ho thwebonneteng ba taba, pinyane ke taba e tsejwang ke batho bohle. Eo kamabaka a itseng, ba tshabang ho bua ka yona leha ba ntse ba tseba hore haho motho ya sa e tsebeng. Ha ho ya ratang ha ho ka thwe e hlahile ka yena.
Karabelo o na le dilemo tse robong. Tsholo Mphutlane ke monna ya mo hodisitseng. Yena ke mosuwehlooho sekolong se phahameng, motseng wa Mahwelereng. Mmae ke Mpontsheng moradi wa Batshweneng ya hlahang motseng wa Mehloding. Yena o sebetsa sepetlele, ke mooki hona motseng oo wa Mahwelereng. Karabelo ke ngwana ya hodisitsweng hantle, ka lerato le boikokobetso. O ne a kena sekolo sekolong se tlase sa Mahwelereng se ka toropong. O ne a se a bala sehlopha sa bohlano, mme o ne a rutwa boholo ke mesuwe le mesuwetsana ya makgowa.
E sa le eng he! Mohau a koula. Ke eo a tswa a kokoroha, a saretswe ha mmuelli. A ipoella hae ha ntatae a hlomohile. Mebileng moo a tsamayang teng o ne a setotswa, a jewa ditsheho ke yona thakana e mona ya mehla.
“Hoja ka mpa ka mo tshwarela!”
Mongodi ya hlahisang semelo sa baphetwa ba hae ka bonono, ke ya sa ba hlalosetseng babadi ka boyena. O ba dumella ho iphumanela sona ho ya ka moo a hlahisitseng ditaba tsa pale ka teng.
Nako e se e le telele jwale a dutse dimmaeneng, a sa tjhakele hae. Olekile ho ba ngolla hae, empa ha ba arabe. Hodimo komponeng pina e ntsee phahama. Banna ba Basotho ba bile ba a didietsa. Pina e le, ‘Terene nkuke ke ye hae’. Ha a sheba letsohong a fumana hore o se a akgetsemajwe kaofela. A ema a ikotlolla. A nyolosa lengope. Ha a hlahela kahodimo a bitswa ke leruhadi la mosi. A matha ho ya thusa ho tima. Ha afihla a fumana hore ha ba time, ba a tjhesa, ha ho ya buisang e mong,moqoqo ke pina.
“Ngwanaka o na le ngwana le Tebello, e leng nta...... tao?” Mamohale o
4. Fana ka moelelo wa mantswe ana, “Ke mora wa ka.”
Yaba o re, “Moratuwa o a tseba ho re ke a o rata. Bophelong ba ka haho motho ya ileng a nketsetsa ntho tseo o nketseditseng tsona. Ke bolelahore ke tjena ke tjena ka wena. Ha ke rate ha o sulafallwa ke bophelo,mme le nna ha ke rate ho bona ke sulafallwa ke bophelo. Lerato leo odulang o mpontsha lona ka mehla le matsatsi, ke sitwa ho le lekanya. Ka hoo ha ke rate ha lerato leo le ka fediswa ke eng kapa eng. E re ke o bolellennete ka Lereko Mantsha.” A hula moya hanyane “Lereko ke mohlankanaeo ke neng ke ratana le yena pele nna le wena re ka ratana. Le nakong eoke neng ke qala ho utlwana le wena, ke ne ke ntse ke utlwana le yena.”
Lentswe la Mosotho le re ntwa ha e lwanwe ka dikgoka feela. Ha ho nnete e fetang eo empa pele ke ne ke sa kgolwe hore ho na le leqai le ka emang haufi le nna. Mantswe ana a ile a fihla kelellong ya ka ka sekgahla mohlang oo Kganyapa a qwaketsanang le Takadimane. Motseng wa heso ho ne ho se motho ya ratang ho buisana le Kganyapa. O ne a le mobe, a le lonya esitana le nna ke ntse ke le motswalle wa hae tjena, ka nako tse ding o ne a etsa hore ke hatsele ka mpeng. Motho o ne a le kgopo eo hle. Ha alwana le motho, o ne a sa kgotsofale pele a bona ho phalla madi. O ne atshwara monna hore a bokolle jwalo ka lesea. Ke ile ka makatswa keTakadimane ha a etsa eka ha a tsebe setumo sa Kganyapa. Motho wa teng o ne a bua a phuthile matsoho, a bua eka o eletsa lesea le kgasang. Mokgwa oo wa ho bua wa halefisa Kganyapa haholo hobane mahlong a batho, o ne o nyenyefatsa maemo a hae. Ke mo bone a senyeha ka mahlong, mahlo aba mafubedu, a re tlere! Setebele se ileng sa tswa ho yena e ne e lemonyollane o tshajwang lesakeng la ditebele. O ne o tswa ka panyo yaleihlo jwalo ka ha noha e kobola. Ke ile ka makala haholo ho bonaKganyapa a se a le fatshe. Se etsahetseng ke tla hloleha ho se hlalosahobane bonneteng ha ke a bona letho le ha ke ne ke tonne mahlo. Ho enale hore Takadimane a fenethe Kganyapa ha a ntse a le fatshe moo awetseng teng, o ile a boela a phutha matsoho a hae jwalo ka pele. Kganyapaa totelwa ke bohale, a tsoha fatshe jwalo ka noha eo a reheletsweng kayona, ha e falla. O ile a lahlela mekoba e mengata empa Takadimane atjhetjha ha se be le setebele se seng se mo fumanang. Nakong eo Kganyapaa phahamisang hlooho, a rata ho tsepamisa maoto a hae, Takadimane a moatamela, motho wa rona a boela a polana fatshe. Ha ke tsebe hore batho babangata hakaalo ba bokane neng moo empa ke utlwile letshwele le se le motshela ka ditlatse. Bophelo ba ka bohle, ha ke hopole ke bona Kganyapa atshohile empa kajeno ke ile ka tshwaya hore se qetang ho etsahala ho yena,se ne se mo tshosa haholo. Kajeno o ne a kopane le pela di falla.Takadimane o ile a mo siya moo, mahlo a pelekane ke letswalo, a tsamayaa ntse a letsa molodi. Hoja ke ne ke se moo, ke ne ke sa tlo kgolwa tsamohlang oo ha di bolelwa ke batho ba bang.
“O reng? Ha ke ntatao?” Ho halefa Toko.
4. Abiele le lelapa la hae ba ne ba etela kae?
Mongodi o ye a hlahise ditaba ho ya ka lefatshe leo a phelang ho lona. O ngola ka diketso tsa batho, ka tse etsahalang ho bona le ka maemo ao ba iphumanang ba le ho ona.
Lebaka e ne e le hore mofumahadi wa hae a tle a mo fe dikarabo tsa dipotso tseo a nang le tsona. Ruri tabana e fetoha taba, mathata ha a fele. Kgotso e neng e rena ho yena le lapeng la hae ka kakaretso e a dukeha jwale.
8. Tjhelete ha se karabo ya dintho tsohle bophelong. Mamohale o na le tjhelete empa ke enwa o hlorile, o bolawa ke bodutu. Qoqa ka sena o ntse o tiisa ka ditaba tsa palekgutshwe ena: E thala e boela mosehlong.
“Monna Tebello, wa makala jwalo ka ha eka o bona sepoko tjee! Ke
“Thola wena.” Ke e mong wa bona, a phubula Kolobe molomo. “Ke abona hore wena o hlile o ya manganganyana ho feta enwa motswalle wahao eo le ntseng le etsa ditlolo tsa molao le yena mona. Ha re yeng.”
“Ngwanaka, ke nna ya molato. Ke ne ke mo tshwere hampe ho tloha bonyenyaneng ba hae. Ke ne ke nahana hore ke mo tiisa pelo, athe ke ipetlela sera. Empa ke kopa tshwarelo ho Mmopi. Hoja ka mpa ka mo tshwarela! Ke kopa hore le mpitsetse yena hore ke tle ke tsebe ho lokolloha ditlamong tsena tseo ke leng ho tsona.” A bua ka pelo e bohloko.“Ho lokile, re tla ya mmatla moo a leng teng.” Ha realo moruti. Moruti a mo lata moo a neng a sebetsa teng. Ha a fihla feela, monnamoholo Toko a qeta ho bona sefahleho sa hae, a nkana fatshe kasanketse, yaba o wetse ruri.
10.2 Phalo e eme le lesemela.
Tseleng e lebang lapeng, Tsholo o qhoba koloi ka maikutlo aferekaneng. O feta matshwao a mmileng a ho ema eka ha ho matshwao ajwalo. Koloi ya Tsholo ha e atamela haufi le borokgo bo tshelelang kamotseng, ya qala ho lahlehelwa ke taolo. Tsholo a ferekana le ho feta ha a bona hore koloi ya hae e lebile ka thoko ho borokgo, selomong. A leka hoe laola, empa ha se be le thuso hobane e ne e se e hlwedisitse ka nkoselomong. Koloi ya Tsholo ya tsubella ka selomong yaba ya fihla yaswahlamana fatshe, selomong.
“Ntate, ke kopa ka mehla hore o tlohele ho otla ngwana jwalo ka ha eka ootla tonki e sa utlweng letho, etswe le yona tonki eo e a utlwa! Ke eng ha o letje? O nahana hore ngwana o tla utlwa ha o hlola o mo shapile hakana?”
4.8 	Ho nya matsete.
Dipotso
5. Mosuwehlooho wa Polao e ne e le mang?
Takadimane ka sebele, ka mo hlalosetsa ka moo ke ratang ho ithuta karate ka teng. O ile a mpolella hore ke fihle letsatsi le latelang ka hora ya bohlano ha ba bang ba tshwanang le nna ba le teng.
2.2 Tlalo la motho ha le thakgiswe  B. Ho utlwa bohloko haholo.
##nkele bomabalane ho hong ho tla ba thabisa. O ile a fela a etsa jwalo. O ile a utswa dikgoho tse pedi polasing moo, a di nkela bomabalane. Ka hona o ile a fuwa joyene ya dilemo tse tharo. Ha a se a le dimmaeneng o hlorela habo. A ba ngolla, ba se arabe.
Menahanong le mehopolong ya nkgono Mmathulare, ho se ho hlaha ha a ne a le mane Gauteng, mme pelo e utlwa bohloko le hore dilemo tse ngata tsa botjha ba hae o di qetile teng moo. Jwale batho bana ba teng ba tseba le ho bua dikgotjheletsaneng hore majoro enwa ya hlomamiswang ke mang. Ba bang ba ema matlotlosia ba seba le ho bua ka sephiri sena sa hore setloholo sena sa nkgono ha se mora wa Mataboha ho hang! Ntatae ha ba mo tsebe. Ba bang ba hlaha ka ho re le moradi eo ho thweng ke wa Mataboha, mmaya majoro enwa, ha se moradi wa moo, mmae o ne a sebetsa makgoweng kwana. Ruri tabana e fetoha taba, mathata ha a fele.
“Ke ngwana madi a ka, le ratang kapa le sa rateng, le reng? Arabang.
“Re le baetapele, re a lokela ho ema ka maoto, ho kopanya ditjhaba tsalefatshe.” Ke majoro eo, ha a tswela pele. “Setjhaba se seng le se seng selokela ho kenya letsoho morerong ona wa bohlokwa. Phokojwe ya tshallamorao e bonwa ke dintja. A re ikekeng ho etsa phetoho e isang botleng,lefatsheng leo re le filweng ke Modimo wa rona.”
Tseba hore Karabelo ke madi a ka. Ke ngwana madi a ka.
Tseleng e yang lapeng ke ne ke hloname, ke ile ka hopola horeTakadimane o ntse a ntshwetsa hobane a tseba hore ke motswalle wa Kganyapa. Hobane letsatsi le hlahlamang e ne e le Moqebelo, ka phallelaho Sylvester ho mo hlalosetsa ditletlebo tseo ke nang le tsona. O ile ammamela ka e lethwethwe mme yare ha ke qeta a re, “O etsa phoso ha onahana hore Takadimane ha a o rate. Kaofela ha rona re qadile jwalo kawena. Ntho ya bohlokwa eo o tshwanelang ho e hopola ke hore mofufutsophatleng ha o bolele hore o etsa tsona, sa bohlokwa ke hore o etse tsohletseo o di laelwang, ka hloko le ka nepo. Ha o ne o hopola seo, karate e keke ya o tena.”
6.4 Ho phekgoha.
1. Bolela hore Dikalaneng ke moo ho neng ho dula mang.
ka T. Mofokeng
Naha e bodutung. Hohle ho buuwa ka terene e sehlooho, e nkilengsetjhaba. Batho ba kgenne, ba a ipotsa hore mokganni eo o ne a tatetse kae.Bohle ba a komakoma. Letlalo la motho ha le thakgiswe fatshe.
Tlelosari
Kajeno re tlilo beha majoro setulong
“Ke ngwetsi ya mohlolo.” Ho ile hwa kgotsa Mmamoleko. “Ha se dingwetsi tse ngata tse hopolang bomatsala tsona ha di le ha bo tsona. Ruri, o lehlohonolo haholo, Mmatseko.”
“Le nna nkile ka phela Qwaqwa kgale.” Ke Tebello eo, o hadikisamahlo.
Ka mora kgwedi tse tharo feela boMoferefere ba ile, ralebenkele e mong wa hona moo Mautse a hlokahala. Mora wa hae e moholo ya bitswang
Hona a ka baleha jwang ha ba direng ba mo seohela ba batla madi a hae?
Moruti o kgothatsa ka ho re bohle re leetong mme re emetse terene ka dinako tsohle, terene e re isang lehodimong. Qaka kapa bona bothata bo rarolohile, terene ke lefu le re emetseng ka dinako tsohle.
Eitse ha Takadimane a re, “Gedan Barai kumite!”, bohle ra fetoha jwaloka ha re lebeletswe. “Kiai!”
“Ebe a ka reng e motshomotsho elwa,” ke Mmaletsatsi eo. “Ha a kautlwa hore setloholo ke majoro?”
6.1 Mamohale.
Kepa a se ke a hlola a itshwenya ka ho mamela ha ho ntse ho rohakwaeo. A bona hore nako ya hae kgale e fetile. A phuthaphutha pasa ya hae, ahlakola seretse se e silafaditseng ha e betsetswa ka fensetere, a ikela. Babang ba mo eletsa ka ho re ha e le mona a sa fumane mosebetsi o lefang, anke joyene ya dilemonyana. E tla mo thusa haholo. Ho tsena diofisi a se kea hlopheha haholo. O ne a se a eleditswe hore a fe mabalane ho itseng hotla mo thabisa, dintho tsa hae di tla tsamaya kapelenyana. A utswa dikgohotsa hona polasing ya habo. A tla a di jere ka mokotla, a o phuntsemasobana, a hlahisitse dihlooho tsa tsona. Mabalane a thaba haholo.
5.1	Kepa o hlahetse…………… 5.6 Komponeng kwana A Makgaoleng. Kepa……........... B Makgwaoleng. A Hopotse moratuwa wa hae. C Makgalaneng. B Qetwa ke mosebetsi o D Makgaolwaneng mongata.
Mamohale a re ke, “Ke hloka lerato le motho eo nka mo fang lerato laka.” “Lelapa la hao le kae?” Ho botsa Mmatefo.“Monna wa ka esale a nyamela.” Ho araba Mamohale.
1.4 	Hobaneng ha mophetwa enwa a re o ne a rata ntata Thulare haholo, ke mang eo a neng a sa mo rate?
7. Ke ngwana madi a ka
Kolobe ke mophetwa ya neng a sebetsa merafong ya ha Ramonate. O ne a sebeletsa lapa la hae ka botshepehi le ka lerato. Mora wa hae e ne e le Phakiso ya neng a hirile Qwading, a kena sekolo teng. Kolobe o ne a ya hae lapeng empa a phirimellwa tseleng, mme a rera ho fapohela ha mora wa hae. O ile a tsamaya le monna e mong ya neng a le leleme le monate tjena athe ke senokwane se neng se tshwana le mora wa hae. Dinokwane tsena di ne di lalla batho di ba kgothotsa. Kolobe o kile a iphumana a wetse sefing sa bona, mme a lwana ya kgumamela a ba a bolaya senokwane se le seng, athe ke mora wa hae. Ketsahalo ena e ne e fetole semelo sa hae, mme a iphumana a tsotella ho thusa ka ho eletsa batjha le ho ba bopa dikelello ka tsela ya motheo wa sekeresete. Tabataba ke hore ngwana e mong le e mong ke wa setjhaba, mme re tshwanela ho kenya letsoho kgodisong ya ngwana e mong le e mong le ha e se wa hao wa madi.
Ha ke kena, ke ile ka rola dieta tsa ka jwalo ka ba bang mme ka fetela motsheo kwana moo ke tla boha tsohle ntle le ho ba sitisa ho etsa ka moo ba ratang ka teng. Bohle ba ne ba tlamile matheka ka mabanta a mebala e fapaneng. Takadimane o ne a eme ka pele ho bona mme ba bang ba shebile yena. Ha a bua, bohle ba ne ba etsa seo a se bolelang ntle ho tshenyo ya nako. Ho ne ho totobetse hore mona ha ho pohopedi, seeta ho ne ho lla sa hae feela. Puo eo a neng a e bua, ke ne ke sa e hlalohanye ho hang. Ho mmakaditseng le ho feta ke ho bona ho tswakane banna, basadi, bashanyana le banana. Bohle ba ne ba etsa se batlwang ke Takadimane, ba tsamaya ka makgethe jwalo ka masole ha a hlola a etsa. Ke ne ke sa utlwisise hobaneng ba hlola ba etsa tjena empa ke moo ke ratang ho tseba sephiri sa mohlolo ona. Mohlang oo ha ho qhalanwa, ke ile ka ikopanya le
Kholomo ya B
“O se o nkentse hampe ho lekane ntate. O phethisitse thato ya hao ka nna. O hanne dikeletso tsa mme, wa ba wa mo roba dikgopo ka baka la tsona. Nna nke ke ka o tshwarela, tshwarelo o tla e fumana lehodimong.
O ne a ikgopoletse Manana qha! O sa tla tantsha, o sa tla tjeka. O tlabidika, a thwene, a tsamaye a fetoha robirobeha pela moratuwa wa haemona. Ho tla shejwa bona ba babedi feela ka hara holohadi eno ya Mautse.Motjeko o tla latela ona wa kajeno e tla ba wa lenyalo la hae le Manana, yamo neha jwalo mehopolo ya hae. Moo a dutseng teng Manana o be akganya jwalo ka lehakwe. Eka serurubele ngwanana wa Motawana. Mose a apere o mokgutshwanyane o mo tsalang disanthao hamonate, o mebala yamookodi. E le velevete e kang ya baradi ba marena a Engelane. Ditsebengho phatsima, ho leketla masale a bofubedu bo botala bo dumellanang lelebanta la mose le dieta tsa topo tsa hae. Moriri a o shobile a o entsemotloutlwana hantle jwalo ka dikgarebe tsa Matebele, a ntano o kgabisa kamalente a mafubedu a dumellanang le melongwana e tshasitsweng kaletshwana le lefubedu la Sekgowa. Ha a tsheha ho bapala dikotjanamarameng a hae a masehlana. Ka hodima tsena tsohle a akgetse setipana sesesweu sa velevete mahetleng, a bile a rwetse dikausu tse tshweu tsamatsoho. Batho ba nna ba kgwathana, ba sebaseba ba supa mane mooManana le Mohau ba dutseng teng. A le monyakeng Mohau, a emetsefeela ho re diphala di tsanyaole a tsebe ho kena sebayeng le kgarebe ya hae.
Joyene ya Kepa ke 5.10 Kepa o utswitse……………… ya………….... ho lefa bomabalane. A Matsatsi a mararo. A Radiokhasete tse pedi. B Beke tse tharo. B Mekoko e mmedi. C Lemo tse tharo. C Mokoko le sethole. D Kgwedi tse tharo. D Kgoho tse pedi.
13.2 Kgaitsedi tsa Kepa di ne di se na bana.
Ha e se e le yena a beha pasanyana ya hae ka boikokobetso fensetereng eo di kenywang ho yona. Hodimonyana pela hlooho ya hae ho butswe lesoba le ka lekanang leeba ho kena. Ya buang o hlahisa molomo teng hore ho utlwahale. Tlelereke ya e nka, ya e bula.
2. Bolela hore Mojalefa ha a bona Tseko o tshwanela ho mmitsa mang.
6.2.3 Phethelo.
4. Dintlha tse latelang di lobokantswe a ke o di behe ka tlhahlamano e nepahetseng.
3.6 Mahlatsipa.
E be ho lebuwa kae ke moeka? Ditaba tsa lengolo di mo lebisa sepetlelemosebetsing wa Mmakarabelo. O batla ho utlwa taba ena hantle ho tswaho monga yona, ho ya ka lengolo.Ha a fihla sepetlele a fetela phaposing ya kamohelo ya baeti. A tsebisatlelereke hore o kopa ho bona mofumahadi wa hae, mooki Mphutlane.Nakong eo Tsholo a ntseng a bua o ne a ntse a tilatila ka maoto fatshe.Mahlo a hae a sa tsepame nqa e le nngwe. A tadima kwana le kwana.
“Terene e a emelwa Tseko.” Ho realo Mmatseko, a se a ntse a nyarela mane leboteng, moo ho hakilweng watjhe teng. Nako ke hora ya bohlano, thapama. Tseko o a fihla, ba lokela ho ya lata mohatsae le lesea la hae seteisheneng. Mohatsae o tswa ha habo kwana Thekong, moo a neng a ilo itsibola teng. Ke kgwedi ngwana jwale a hlahile, jwale Mmamojalefa le Mojalefa ba kgutlela lapeng.
Ho keketeha - Ho tsheha hamonate.
Pelo ya hae ya kgutlela dipolasing hape. A hopola ha a sebetsa ka thata afepa difariki tsa ditonanahadi eka di ja batho, di nonne, di taboha. A hopola ha a ne a di hlatswa, a di fepa, a hlatswa hoko ya tsona, a di alla jwang bomabotjhobotjho hore di kgatholohe hamonate. Ntho e tenang ke hore o nea di hlatswa nako e kgolo le e nnyane, a swaba ha a fumana di mamelletsemonate wa borosolo ha bo feta moo nta e lommeng teng. Ntho e utlwisangbohloko ke hore ha a qeta ho hlatswa e nngwe, a qala e nngwe, yane e se ele seretseng.
Ha a fihla a itshohlometsa ka tlong ntle le ho kokota le hona ho dumedisahona ho pala. A fumana Mmakarabelo a dutse le mme wa hae mmoho leKarabelo. Ha a bona mosadimoholo Mmampontsheng a suma kasefahlehong, yaba o re “Ke hobaneng mme Mmampontsheng ha o lelemenemene le moriri o moputswa, le kgothalletsang ngwana lona manyala,ntho e mpe, ntho ya ho tshwelwa ka mathe?” Nakong eo a ntseng a bua tsenaho ne ho bonahala hantle hore ke tsotsi hara ditsotsi, sekebekwa sa kgale.
Diketso Peter Thulo o hlahile ka la 28 Phato lemong sa 1947. O hlahetseThaba Nchu a ba a holela teng.Diketso o kene sekolo Goronyane toropong ya Thaba Nchu, mme a fetelasekolong se phahameng sa Bantu ho la Bloemfontein. O ile a ntshetsadithuto tsa hae pele yunivesithing ya Aforika Borwa.Mongodi o sebeditse mesebetsi e mmalwa ho kenyeletswa le wa ho bamofetoledi diofising tsa kereke ya N.G.K. motseng wa Mangaung.O kile a sebetsa e le mofetoledi le moqolotsi wa ditaba wa Bona.Diketso Thulo o sebetsa a ruta puo ya Sesotho yunivesithing yaForeisetata lefapheng la dipuo tsa Maaforika. Mongodi Diketso ke sethose tletseng sa mokgatlo wa Lesiba. O ngotse dibuka tsena tse latelang,Tshotleho ke mosuwe e moholo, le Methaka.
“Jwale!” Ke Moeletsi, a bua a otlella tshepe.
Potso
“Bona hona jwale o lofile ka lebaka la ngwananyana eo.” Ho realoTsietsi.
Kepa……………A Ranta tse leshome. 5.8 Kepa o utswitse………………B Sente tse leshome. A Radiokhasete.C Kete tse leshome. B Radikhasete tse pedi.D Ponto tse leshome. C Radio le khasete tse pedi.
Moruti o bua nnete. Ho dumela Mmatseko pelong ya hae, mane moo a dutseng teng lehlakoreng la lebitla. O hopola letsatsi leo hantle. Ke Laboraro la beke e fetseng. O le bona hantle letsatsi leo...
4. Totobatsa ka dintlha tse tharo semelo sa Karabelo.
“Ke mathata a lefatshe lena, weso.”
ka K.P.D. Maphalla
Ho monate jwang ha lelapa le le mofuthu! Ruri ho monate ho etelalapeng le jwalo moo teng o tla amohelwa ka atla tse pedi ke beng ba motse.Feela le wena moeti o se ke wa be o se o tjhaka nako e telele ho fetatekanyo ebile o sa kenye le letsoho pokothong ho thusa moo e bang ho ahlokeha moo. Owee! Ke re lelapa la Abiele, lelapa le mofuthu! O a tseba ha o fihla lelapeng le se nang mofuthu wa kamohelo, motho o a ipotsa hore na o ne o ntse o kgokelang batho ka ho ba tjhakela.
“Polao ngwanaka, a ke o nteballe hle! Nke ke ka pheta le ka mohla.”
4.2. Mojalefa o ne a le kgwedi feela a hlahile.
Ke qetetse ho bona Kabelo a sa le monyenyane haholo. Ke boetse ke nale setshwantsho sa hae ha a ne a le sekolong se phahameng. Morao tjena kene ke se ke mmona hangata masedinyaneng le hona dithelevishenengmona. Kabelo o shahlile ho feta malomae. O fepehile, mme ho hlakile hore o phetse ha monate haholo.
“Vum vumm!” Ya duma Mazda 323. Ya ya.
O bone dikepe tse kgolohadi. O ile a iswa serapeng sa dinoha ke batswadiba hae. Mmele wa hae o ile wa sisimoha ha a bona dihahabi tseo moo di phelang teng, a sa utlwe ho buuwa ka tsona. O ile a thaba haholo ha afumana monyetla wa ho palama kariki ya Ritjha le batswadi ba hae. Ntho eileng ya mo makatsa ha a qala ho e bona, ke lewatle. O ne a bona boputswafeela boo a sa tsebeng hantle hore na bo fella kae.
Dintlha tse sebediswang ke ditsebi tse ngata ho manolla palekgutshwe di akaretsa: Sebopeho (tlhekelo, kgolo, tharahano, sehlohlolo le phethelo); Semelo sa baphetwa; Tlhahlamano ya ditaba hammoho le Puo le Setaele.
Tlhekelo
Baahisani ba seng ba utlwetse le hona ho e bona ka mahlo kotsi ena, baphallela ha Tsholo ho ya tshedisa Mmakarabelo le hona ho mo thobamaikutlo. Mmakarabelo yena ka oo motsotso o ntse a se hlabela hloohongha a nahana ka Tsholo, le hore Karabelo o tlilo reng ha a kgutla sekolong.
Mohlomong ha e ne eba e sa le motsheare o ne a ka feresa le motse hobatla moo mora a neng a hirile teng. Empa jwale eo nako e ne e se e le yabeng ba yona feela. A kenelwa ke letswalo ha a hopola kamoo a yeng autlwe ho bolediswa bokweta bo jeleng setsi toropong eo, haholoholo boetswang ke bashanyana ho batho ba itlhahelang merafong jwalo ka yenatjena. Ho nna o re nakanaka le masiu ke ho ipiletsa mathata a tshabehang.“Akga!” Ke yena eo ka pelong. “Ke tla ya robaletsa moo mora wa ka a lenghona teng.” Yare moo a ntseng a bua ka pelo, koloi ya fihla ya rekgekgenene seemelong sa makoloi se haufi le kereke e nngwe e kgolo yamotse. Ke hona moo baeti bohle ba ileng ba theoha teng, ho ya ka makgoroho fapana. Le motho wa rona o ile a tlameha ho theoha hona moo. E re kaha e ne e se e le bosiu, le makoloi a baeti a se a hlekehile kaofela, motho ka mong o ne a se a lokela ho tasola ka maoto ho leba moo a yang.
2. Ke mang ya ileng a tlontlolla Kganyapa?
Koduwa – Tsietsi e kgolo haholo  Sewelo – Ka tshohanyetso
5. Ka mora kgwedi tse tharo Kepa a sebetsa jareteng ya mmisisi o ile a kgola bokae?
Athe o hohetswe ke noha e mahloko a mabe marabe, feela pelo yamoeka e leketletse ho aka melongwana e kgahlang, e bitsang, ya Manana,ho sheba ka hara dithaka tsa mahlo a Manana, a kang diba tsa kgotso,dinaledi tsa ho bonwa pele ke ba bohlale ba botjhabela. Pososelo yaManana ho Mohau yaka letsatsi ha le tjhaba hoseng nakong ya hwetla.Athe ka pelong Manana o ntse a tsheha lekgutlana lena le ileng lekgongwana hodimo. Athe Manana o folletse o entse letoto la bahlankana.O ne a ipatlela tjhelete qha! Ha e fela e be o a qhoma Manana, ngwananaya jwalo!
Mohlomphehi, ke fupere kidibitla ya taba mona. Empa ho nna ha sepharela, ke nnete eo ke thabelang hore o e tsebe. Ho wena ke a tseba horee tla ba kgoba.
O sebeditse hamonate dikgwedi tse tharo, le dijo a di fuwa, a kgora.
1. A ko bolele lebitso la mophetwa enwa ho buuwang ka yena temeng ena e ka hodimo.
Ho lomana - Ho lwantshana.
Ha ba fihla sepetlele, dingaka tsa re o robehile dikgopo. Tsa halefelaToko haholo, tsa ba tsa hlalosetsa Mmatoko hore o lokela ho mo tshwarisa hoba ntho ya mofuta oo ha e a tshwanela ho etsahala. Yena a kopa dingakahore o tla hloleha ho phethisa seo hobane e le yena feela ya sebetsang moolapeng la bona.
“Re baeti lefatsheng.” Ho realo moruti Mothobi molaetseng wa hae wamatshediso. “Kaofela re emetse terene. Re kgwebethwa ke matswalo. Retshohile hore terene e ka nna ya fihla re ntse re robetse, yaba e a re siya. Babang ba eme, ba a sebetsa hore ba tle ba se ke ba robala, mme ba sala. Babokella le mefao, hobane ha ba tsebe hore terene e tla fihla neng, le horeleeto le tla nka nako e kae. Ba bang ba itebetse, ba phelela dipelaelo, ha babang bona ba robetse ba kgakgathisa mahanana, ba lebetse ho hang katerene.”
Thabiso Mofokeng o qadile ho ngola dipale ka Phato 2004, ka pale ebitswang, Phaphama o kganye, e sa kang ya phatlalatswa.Ka mora hore a rupellwe ka dibetsa tse matla tsa puo le bongodi baSesotho ke Dr. K.P.D Maphalla ka Tshitwe 2007 o ile a ngola pale ebitswang, Leru le pelong, eo le yona e sa kang ya phatlalatswa. KaPherekgong 2008 a ngola pale e bitswang, Kgabane ha di rwesanemekadi, eo le yona e sa patlalatswang. Ka hlakola 2008 a boela a ngolapalekgutshwe e bitswang E thala e boela Mosehlelong eo e kenyeleditswengpokeletsong ya dipalekgutswe tse phatlaladitsweng ke MML.
Ho boha ha ngwale e kgiba - Ho bona ha ho etsahala.
“Ao, Mme,” ho realo Thulare a se a imakaditse haholo. “ke hore le ha mohatsaka a ne a thamotse molala tje, a hlile a binela wena, ha o ammona?” A keketeha.
La fihla letsatsi la bakgethwa la ho tswa ka makgalo a Mautse. Ba thontsweng ho ya ntweng ba kgobokanetswe ke ba habo bona. Ba bang ba utlwile monate, ba re jwale ba sa tla ke ba bone lefatshe. Ho ba bang e le masisapelo a nyarosang. Dikgarebe tse seng di beheleditswe tsona di baka mehau le ho feta. Bana ba batho ba ingwaparelaka ka bahlankana ba bona, meokgo e phalla seka dinoka tsa hlabula naheng ya Foreistata. Mamina e ka a bana marameng. Banna ba bona ba kamoso ke bana jwale ba ilo jewa ke manong. Bonatla ba bona bo ba isa ha mosima-ha-o-tlale! “Ke leboha kgutlana la ka, Ramasedi!” ho rialo Mohau. Hara bao ba ilo lebanya thebe le dira re fumana Moferefere, seqhobanehadi sane sa Manana. O ne a futahantse sefahleho, a qwabika jwalo ka pere ya lebelete e hanang ho thapa. O ne a thontswe ho ya dikanonong. Manana a kgeleletse meokgo, a hlekemane moradi wa Radiphaphatha, a kopile Moferefere ka letheka moo seteisheneng. A ikana, a ikgaola molala hore Moferefere o tla be a kgutle ntweng yena Manana e ntse e le kgarebe. O tla mo emela, ebile o tla hana banna ba bang bohle ho fihlela mohale wa hae a oroha a rwetse ditlokola tsa tlholo, a tlilo mo nyala. Feela ka ditsebeng tsa Moferefere ho ne ho se ntse ho duma dikanono, dikulo di letsa melodi, diqhomane di kititsa le ha a ntse a itshehitshehisa jwalo.
Refilwe o ile a hola jwalo, a ba a ba le bana ba bararo a ntse a le lapeng,ka banna ba fapaneng. Le bophelo ba bana bao ba hae ke ile ka bo latela.Hara bona ke ile ka kgahlwa ke e moholo, Kabelo. Yena ke yena enwa eore mmehang kajeno. Ke ngwana wa Refilwe, empa ke motho.
Ha ke kgutlela lapeng, ke ne ke tsamaisana le Sylvester. Ho ya ka moo antsebang ka teng, o ile a hlokomela hore pelo ya ka e bohloko ka seetsahetseng.
Dilemo tsa feta ho sa utlwahale letho ka kgabane ya rona.Monnamoholo le mosadimoholo ba tshwenyeha haholo. Ka tsatsi le lengToko a lora lentswe le re ho yena, ‘O kae mora wa hao, eo ke o fileng yenahore o mo dise? O mmatle a kgutlele lapeng. Kotlo ya hao e tla ba boimahodima bohloko boo o bo tliseditseng lapa la hao!’ Lentswe lena la nna latswela pele, la re, ‘O kopile, ka o neha, mme jwale o sotlile!”
“Nkgono Mmathulare, wa di raha e sa le ka matjeke tjee, ebe hosenyehile kae?” Palesa a botsa. “Le hora ya bosupa e sa le sebakanyana”.
• Karabelo o ile a kopa mmae le ntatae hore ba tshwarane ka matsoho, hammoho le nkgono.
10.1 Ho dikela ha letsatsi.
Se batlehang ho wena ke mamello le tiisetso.”
5. Kgetha karabo e le nngwe e nepahetseng ho lethathama la tseo o di filweng. Ngola simbolo feela.
Mohau yena ke raditjhelete ya hafang ka nkatana.
13. Qoqa ka palenyaneng ena o ikamahantse le dihlohwana tsena tse latelang:
4. A ke o re qaqa ka mookotaba wa palekgutshwe ena mme o tiise ditaba tsa hao ka mehlala e tswang ho yona.
Phethelo
• O ne a kena kereke, a bile a mamela dithuto tsa sekolong le tsa kerekeng. Ke ka hoo a ileng a nka qeto ya ho ba moruti ha a hola.
Moiketsi ha a llelwe - Motho ya ikenyang mathateng batho ha ba mo utlwele bohloko.
“Hei, mosadi towe, o nkutlwa hantle? Ke re monna eo ho thweng keLereko Mantsha o a mo tseba na?”
2.3 	Ba menola tlhabela.
1. 	Bala qotso e latelang o nto araba dipotso tse tla latela: Thabo a ipha dimenyane lapeng labo. O ne a ke ke a mamella ho hlola a tetekilwe jwalo ke ntatae. Pelo ya Mmathabo ya utlwa bohloko bo sa tsweng madi. A lala a batla ngwana empa a sa mo fumane. O mmatlile hohle dipetlele le dipolokelong tsa ditopo empa a sa mo fumane.
Ho hadikisa mahlo - Ho isa mahlo kwana le kwana.
Potso
Lemong tse leshome tse fetileng ke ile ka tshwarwa, mme ke lokollotswebeke e fetileng ka Labohlano. Kgwedi pele ke tshwarwa, Mpontsheng eokajeno ke utlwileng hore e se e le mofumahadi wa hao o ile a ntsebisa ho reke moimana. A ba a ntsebisa hore ngwana eo a mo immeng ke ngwanamadi a ka. Lapeng ke ile ka ba tsebisa ka taba ena, mme ba re ba tla lebellaba habo Mpontsheng ho tlisa molato. Ka ha bophelo bo itlela ka tsa bona,ke ile ka tshwarwa ka ya ntlwanatshwana ho so be le batho ba habo batlileng heso.
• O ile a kgalemela ntatae hore a tlohelle nkgono hoba ho mo botsa dipotso ha ho tlo kgutlisa Tsholo Mphutlane, hape o re ha ho motho ya hlokang sekodi.
6.3 Setloholo.
2. Hobaneng mophetwa eo a ne a kgothaletswa ho ntsha mpa eo?
2. Hlalosa:
“Ke Tebello, esale a ilo batla mosebetsi, difemeng tsa Secunda. Taba enkutlwisang bohloko o ne a tsamaye o so hlahe, e bile a sa lebella hore o kaba teng fatsheng lena.” Mamohale o bua ka pelo e bohloko, bo dutlangmadi.
13.9 Kepa o ile a utswa dikoloi tse pedi tsa mmisisi.
Bohloko bo dutlang madi – Bohloko bo boholo haholo Bolofa – Ho se theohele Dihaeya – Mehlolo Dirobe – Matlo a dinonyana Kgalala – Mohale Lerato le kgapatsehang – Lerato le le ngata le tsholohang Mahlonoko – Mathata
Mehleng ena Mohau o fetohile pikoko ka moaparo. O lahlilemaharaswanyana ane a pele. Kajeno o ikina ka hara tse metsi diaparo, etsweha se disutu ho yena ke tlakana-le-a-raha. Kajeno o apara ena sutu, ho esa o ka hara e nngwe e ntjha. Dieta ke tse mebala, ha katiba e le e mahaha etshweu e lebanta le letsho e theohang Panama. O inyanyaditse ka metsi amonko o monatenate a theohang Fora. Thae le yona ke lelemehadi lelephatshwana le hlahang Itali.
“Sala hantle ke a tla mafelong a kgwedi yona ena.” Tebello o bua a jeremokotla lehetleng.Ke kgwedi tse robedi jwale Tebello a sa bonahale. Mamohale a sitswa kangwana wa ngwanana e leng Tshepiso.Mamohale o butse Bebele, o e beile pela hae, o ntse a nyantsha lesea la hae.Mamohale o ntse a touta ka thata.
A sitwa ho o fumana ka lebaka la hore pasa ya hae e ne e na le ditempe tsa borapolasi. Ba ile ba mo eletsa ka hore a e lokise metseng ya mahae. O ile diofising mme a se ke a fumana thuso. Basebeletsi ba mmuso diofising ha ba bue le batho hantle ebile ba kgohlahetse.
“Dumelang hle, batswadi ba ka. Le phela jwang?” Ke mosuwehloohoLesiba.
Ke qetetse ke tjhetjhela morao, Beatrice a be a le hodima ka. Seeta,setebele, setswe le lengwele o ne a di sebedisa jwalo ka motho ya hlokangmasapo. Ke ne ke ya ka santhao, ke phema dintho tse bohale, tse boima.Ka qetella ke dihetswe fatshe.
1.1 Pelo ya fofela hae.  A. Ba thola feela
##mosebetsi ha o sa le lekana.”
11.5 Jwala bo ka fetola motho.
5.1.2 Tikoloho.
“Hoja ka mpa ka mo tshwarela!”
Lereko a tadima mora ka pelo e bohloko, a seka meokgo, a mo atamela,a mo haka ka diatla, yaba o re “Monna o ngwana madi a ka. Ke a thaba hae le mona le wena o dumela hore o ngwanaka. Ka mora lepato ke tla ratahore re tsamayeng re ye Mehloding, re duleng kaofela, ke bolela nna, wenale mme wa hao.”
1.3	Ke mang ya neng a eletse mmui wa mantswe ana ka hore a bolaye lesea la hae?
Ke ne ke sebetsa dikitjheneng, Gauteng, mme ke hlile ke tshwere kameno. Ke nnete, jwalo ka batho ba bangata ba setjhaba sa heso, ke ne ke sa ruteha, empa ke ne ke sa dumelle hoo ho nkema ka pele. Ntle le mosebetsioo wa dikitjheneng, ke qetelletse ke se ke itheketse motjhini wa ho roka,mme ke rokela batho diaparo ka nako tsa kgefutso hona moo dikitjheneng.
3. Menahanong ya Kepa re utlwa sesosa sa tlhopheho ya hae. Yona e qadile ka mora ho re ntatae, eo e neng e le moetapele wa basebetsi moo polasing a hlokahale. Tlhopheho ena ya hae ya totiswa ke ntho tse ngata. Tsona di re lebisa kgatong e latelang.
“Motswalle o se ke wa kgahlwa ke none e hlotsa. Kgaowana le ntate eo,”Lerato o eletsa Tshepiso. Tshepiso a etsa eka o kgalehile, a thola a re tu!Lerato a tima lebone, a robala.
“Empa, o qala ho mpona, ebile o moholo ho nna, empa...” Tshepiso o bua a shebile Tebello, ka hara mahlo. “Ke o rata ke tiile, o kgalala.” Ke ho ho lelele ka seemo, Tebello.“O na le mosadi?” Ho botsa Tshepiso.“Ke lesowa,” Ho araba Tebello, sefahleho sa hwama hanyane.“O sebetsa kae?” Tshepiso a botsa hape.“Re fihlile beke e fetseng mona Nelspruit, feme ya rona e ne e le
5.3	Jwala bo ka fetola maemo a bophelo ka lapeng. Dumela kapa o hanane le mohopolo ona.
Tlala e re patetse - Tlala e re keneletse, ha ho dijo ho hang.
Maele le dikapolelo
Kajeno botsofading ba ka, ke a elellwa hore marato a bosawana a betlatsela e isang tshenyehong. Eo taba ha ke kganane ka yona. Le hore botjhabo mafolofolo, empa bo sefofu, ha ke belaele. Le ha ho le jwalo ke ne kentse ke elellwa le ka yona nako eo hore metsamao eo ya ka le Qamboza ene e ntshenyetsa nako e ngata ya mosebetsi. Ke ne ke etsa eng ka taba eo?Botjha bo makoko. Lerato la masawana le a foufatsa.
Ho ikenya tshotso dinaleng - Ho ikenya mathateng.
“Mehlolo eo re e bonang Mme.” Mmapalesa o atisa ho realo. “Basadi bakajeno ha ba tshabe ho lahla masea a bona dithotobolong. O tshabelefatshe.” “Thulare,” ke nna eo ha mora a tswa monyako le lelapa la hae,“Ke a o rata, wena le lelapa la hao.” Ka tadima ngwanaka ka lerato.
1.2	Hlalosa ha kgutshwanyane hore na ho ne ho etsahetseng.
Mona ke moo mathata a fihlang tlhorong. Dintho di ka mpa tsa boela madulong kapa tsa senyehela ruri. Jwale ho kgaoha moo ho kgwehlang. Mophetwa wa sehlooho o ikutlwa a dubehile, ho lekane.
3.3.3 	Lelwala.
3.3 	Kamano le
Kgutsufatso ya palekgutshwe
2.8 	Ho iphetola setsetse.
Ho kgakgathisa mahanapa - Ho kgona.
Ka nako eo a akgela pitlahadi ya lejwe le haufi le yena, la re, phakga! Onkile joyene ka lebaka la ho leka ho fedisa tlala e patetseng hae. O lekile hofumana mosebetsi, empa a hloleha. Mosebetsi o leqeme matsatsing ana.Beng ba mosebetsi ke batlatlapi ba ikotlang sefuba. “Mamella mathata amosebetsi, kapa o mamelle mathata a tlala.” Ekare ba tjho jwalo ha basasanka ba pesotse dimpa ba sotha basebetsi ditsebe, ba ba rohaka, ba babitsolla. O fumane e le dimumu nthwana tsa Modimo. Di tseba mathata a hae. Ba bang bona ba se ba sena feela eka ho rohakwa ho monate, athe kesehlabi. Ba bang ba qale ho lomana jwalo ka ntja tsa setsomi. Kepa ohopola mohla a kenang ha rapolasi e mong ya ruileng, a hlophehile, tlala emo kgaotse matla, e a kgaoletse tlase jwalo ka moroho wa sepatlapatla.
“Ho ya ka ditlhalosetso ke a dumela ho re ke ngwana hao. Ha o tshila oke ke wa hlakoha. O tla dula o le ntate wa ka. Empa nke ke ka furallalelapa la ha Mphutlane hoba ke lelapa le mphuthileng, la mpontsha leratole bophelo. Ke lelapa leo ke hotseng ke tseba e le lapa leso.”
1.3 	Bashemane ba rapalletseng fatshe moo molato wa bona ke ofe? Hobaneng ba rapalletse moo?
Ditekginiki kapa dintlha tsa ho manolla palekgutshwe ha di a fapana haholo le tsa pale kapa tsa novele. Pale e kgutshwanyane ha e ye lololo jwalo ka pale. Tsohle tse teng paleng di teng ho palekgutshwe empa di kgutsufaditswe ho latela bolelele ba palekgutshwe.
2. Bala qotso e latelang o nto araba dipotso tse tla latela: Kepa o dutse tlasa moriti wa sefate sa moduwane, pela noka ya metsi a phallang ka matla. Letsohong o tshwere mahakwenyana, o ntse a a betsetsa ka bonngwe metsing. O hopotse hae. Hodimo mane komponeng bashemane ba ntse ba bina “E boima joyene.”
3.5 Ho boha ha ngwale e kgiba  5. Ho rata motho o sa tsebe mekgwa ya hae
“Ngwanaka o na le ngwana le Tebello, e leng nta.....tao?”
Haele Mohau yena o ne a le hole le koduwa ena ya bosole. Sehojana se kang yena se jereng selota jwalo ka kamele, se ka jara sethunya jwang?
13.1 Baphetwa le kamano ya bona.
ka N.S. Litabe
“Jwale ha o shebile ke tla nka nako e kae ke ntse ke etsa sena?”
Jwalo ka ha Sylvester a boletse, ke ile ka qala ho natefelwa ke ho ithutakarate. Dikgwedi tse pedi tsa fela ke se ke le mafolofolo haholo. Ka mehlake ne ke labalabela ho bona bokgoni ba ka ha ke ‘lwana’ le ba bang. Letsatsileo la fihla mme ka fihlelwa ke letswalo ha ke ntse ke bona baithuti ba bangba ntse ba ikotlolla. Motho o ne a takalatsa feela ha bonolo, a qetelle a dutseka dibono fatshe, a sa itshwarella ka matsoho. Ha o sheba tsohle tse etswangmona, o ne o ka tiisa hore batho bana ha ba na masapo. Motho o ne aphahamisa leoto la hae ho fihlela le phahama ho feta hlooho ya hae.
Ho ikela boyabatho - Ho hlokahala.
4.1 	Boholo bo se bo le mobung o batang.
Sehlopha sa bashemane ba bang sekolong ba qala Polao, yena a ba lwantsha. O lwanne ya kgumamela mohlang oo. Ba mo lwantshang ha ba bona ka moo setebele sa hae se tjhesang ka teng, ba ile ba baleha empa ba bang ba se ba wele fatshe. Mosuwe hlooho Lesiba o ile a bitswa ke lerata la bana. Ha a fihla moo o fihletse ba bang ba rapalletse fatshe,
8. Ke eng se ileng sa balehisa Thabo habo?
Ka mmolella hore ke tla emela ngwana a hlahe, mme ke tla mo isalapeng ho mme ha a le kgwedi di tharo. Ke ne ke hlile ke rerile jwalo. Kene ke hlile ke itse ke tla ya kopa tshwarelo ho mme hae Mashaeng, empaha ho a ka hwa eba jwalo. Mosotho o re ho robala ke ho fetoha.
Maemo a neng a le teng naheng ena ka nako tseo, a ile a qobellakhampani ya habo Abiele hore e hule matsete naheng ena. Mona re bua katsona dikotloqobello. Ba bangata ba fellwa ke mesebetsl jwalo ka yenaAbiele. Jwale bophelo ba qala ho nyolosetsa. Bophelo ba fetohela batho,leshokgwa ya hla ya eba ona mohalakane. Didiba tsa omella ngo! Ke tjhotsona didiba tsa polokelo ya ditjhelete. Batho ba hula ditjhelete ba sa tswadi hula. Abiele a ka a re o pota ka nqena o batla mosebetsi ba nna ba mojwetsa beng ba mesebetsi ba re a ke a fetele pele, moo metsi a kguwang kalenala! “No job. Awukho umsebenzi. Ha ho mosebetsi.” Ana, ya eba onamantswe a mehla ao a neng a a utlwe ha a ilo kopa hore ba mo thole.Phalo ya ema le lesemela. Motho a qala ho ipotsa hore ekaba ho ye hoetsuwe jwang ha taba di le mahleke jwalo.
“Bra T moratuwa, moya wa hao wa foka thoteng tse tjheleng tjhe,molato ke eng?” Ho botsa Tshepiso.“Lehakwe la pelo ya ka, bophelo ke dihaeya. Ke tla hira koloi, e re isang haeno, ke rata ho tseba ba heno.” Tebello o bua ka moya o fatshe.
Mmakarabelo a kopa Lereko hore a kgobe matshwafo, a hlalosa horeena ha se nako ya ho supana dipha empa ke nako ya ho buisana. Lereko leyena a se satalatse hlooho, a mo mamela, a ikgutsetsa. Mmakarabelo lemmae ba ile ba makatswa haholo ke se entsweng ke Lereko. Ho ya ka mooba mo tsebang hlooho ya hae e dumang ka teng. Lereko ha a tsejwe ka homamela batho ba bang, empa o tsejwa ka hore ha a etsa ntho, o e etsa feelantle le qeaqeo ya letho, o e etsa a sa kgathalle hore mang o tla reng le ho reseo a se etsang se tla mo kenya ka hara nyakanyaka kapa jwang.
Mantswe a sehlooho sena, Ke mora wa ka, a netefatsa seo e leng sa mmui. Mora, e ka ba wa hao wa madi kapa wa setjhaba. Palekgutshweng ena Kolobe o ile a bolaya mora wa hae wa madi ka matsoho a hae empa o ne a nahana hore o bolaya senokwane. Ketsahalo ena e ne e mo rute hore mora ha se eo a mo tswetseng feela empa ngwana e mong le e mong wa setjhaba ke wa hae. Ngwana e mong le e mong o hloka dikeletso le thuto e amanang le bophelo ka bobatsi, ho tswa ho motho e mong le e mong e moholo. Sena se netefatswa metheong ya Kharikhulamo e ntjha ha ho thwe, ditokelo tsa botho, toka le tsa ho phedisano di lokela ho ananelwa.
5.3 	Ho haba dibaka.
“O se o ile wa kgutsa nako e telele haholo.” Pelo e nngwe ya hla ya mpolella jwalo. “Ha ho sa na motho ya tla o kgolwa. Hlo itholele, o hle o ikele le pinyane ena lebitleng!”
Ho kgahlwa ke none e hlotsa - Ho rata motho o sa mo tsebe le ho mo tseba.
Hoja ka mpa ka mo tshwarela
“Ntate! Ebe o tla kgutla?” Ke Mamohale eo. “Ke bona leqheka la hao lele boima.”
ka D.P. Thulo
6.1 Thapama.
Ho hatsela ka mpeng - Ho tshoha.
Ke ile ka reka diaparo tsa teng ka pelenyana mme letsatsi la pele feela, ka tshwana le ba bang. Letsatsi la pele ke ile ka fela pelo ha Takadimane a ema ka pele ho rona a re, “Ntho ya pele eo ke ratang hore le e tsebe ke ho re karate ha se papadi. Ke phapang mahareng a lefu le bophelo. E mong le e mong wa lona o tshwanetse ho mamela ka hloko ha re rapela, a etse ka mokgwa oo a bolelang thapelong eo hobane karate ha se papadi jwalo ka ha ke se ke boletse. E kotsi, motho ya ithutang yona o tshwanela ho ba mothoya hlooho e bulehileng, ya sa keneng dintweng ho sa hlokahale. Bohle lelokela ho ba mohlala o motle setjhabeng. Karate le tla e sebedisa feela ha lepholosa bophelo ba lona kapa ba ba bang ba kotsing. Ke a kgolwa reutlwane.”
4. Puo le Setaele
Dipotso
Ho tletleba - Ho komakoma.
O ne o le teng, empa pasa ya hae e na le ditempe tsa borapolasi, ka hoo ha a dumellwe ho sebetsa toropong. A eletswa ka hore a mpe a yo e lokisa mahaeng a ba batsho. A fumana di halefile ditlelereke. Mola o le molelele.
Mmatoko o ile a lla ha bohloko baahisani ba ba batla ho hlwela se etsahalang. Ba fihletse MmaToko a pitika fatshe. Ba ya bitsa koloi ya bakudi ya mo isa sepetlele. Ho ile ha fumanwa hore o robehile dikgopo. Dingaka tsa mo eletsa ho re a tshwarise Toko. Yena o ile a hana ka lebaka la hore Toko ke yena ya sebetsang. Ka mora kgwedi tse tharo o ile a lokollwa sepetlele a ya hae. Polao o ne a ntse a sa tsejwe hore o ile kae haesale a tsamaya mohlang ntatae a neng a mo shapa.
3.1	Kgobokaneng.
Bahlankana ba bang ba bararo ba Manana e ne e le Malepa, ya neng athapisa banana ka leleme le monate la mahata, e le Marabe, ya kotsi jwaloka noha, tsotsi ya moshemane tje, e mong e le Kgunyedi, ya monyemo, yafapanyang dikgarebe le bahlankana ka leleme le ditshebo. Hona matsatsingano ka mora tantshe e kgolohadi eo, Marabe le Malepa ba fedisana kadithipa le dithunya ba tsekisana Manana. Kgunyedi o ile a ba ririanya kameriri, yare ha lelakabe le tlola a qatsoha a ema jwalo ka mane, a boha hangwale e kgiba! Ha Mohau a utlwa mamphemphe ao, a re feela, “Keleboha kgutlana la ka, Ramasedi!”
7. Ha o nahana, na kgodiso ya mora wa Kolobe e bile le tshusumetso ho holeng le ho nahaneng ha hae kapa bothong ba hae. Tiisa karabo ya hao ka dintlha tse tswang palekgutshweng ena.
1.7 	Abiele o ile a rera ho thaba le lelapa la hae hoba a reke koloi. O entse eng ho etsa hoo?
“Ke tletse ho tlo bala, ha eso ke Qwaqwa.” Ho araba Tshepiso.
“Kwana ke ne ke sa re ha se ngwana wa hao, nnyeo. Ho a tsebahala hohle mona motseng hore eo ke mora wa hao. Empa ho ya ka moo o mo tshwereng ka teng ho sa boetse ho tsebahala hore ke wena ntatae ya mo etsang hampe jwalo.” Mmatoko a realo.
Ba ne ba se ba tswile ka hara toropo, mme ba se ba tsamaya lefifing mooho neng ho se ho se na mabone a seterateng. Ka ho panya ha leihlo ke haho se ho ropoha bahlankanyana ba babedi hara mafifi moo. “Emang honamoo.” Ho kgaruma e mong wa bahlankanyana bao. “Re mapolesa. Re se rele tshwere ka ho tsuba matekwane. Ha re hle re yeng ofising ya sepolesahona jwale.” Ka ho tshoha ho hoholo Kolobe wa batho a re o a ipuella.“Wele, bontate, nna ke ntse ke sa...”
1.4 A itahla.  D. A mo halefela.
Tebello a rotha mofufutso o tlalang noka. “Tshepiso, ntata ngwana hao
Tse etsahetseng ntweng ha re di bolellwe. Re kopana le Moferefere e se e le sefofu a se na le matsoho a sotlehile hoo o neng o ka re, ntatemoholo ho yena.
Ha se pheko. Ke mosotli wa meya ya batho. Ke moqabanyi. Ntho enaha se sebapallwa, ke moraparapa wa selalomehadi sa sekwenyamatjhaba!Ha se pheko. Ha se pheko bo!
6.2 	Ako re qoqele ka dintlha tsa moralo tsena tse latelang:
Ha se nna feela mona hae Foreistata ya jeletseng botjha ba hae ka moo ka
12. Ke eng seo Kepa a ileng a se etsa ha a tswa mabitleng ho tlosa sesila.
3.3 Ho ja jwang le diphoofolo  3. Ho ikenya mathateng
NS Zulu o qadile ho ngola ka Sesotho e sa le mohlankana, mme sengolwa sa hae sa pele se ile sa hlaha e le tshwantshiso ya letsatsi radiyong, e bitswa, Sejeso. Mookotaba wa yona e neng e le ho bontsha ho re batho ba bangata ka nako eo ba ne ba nka lefu la lefuba e le sejeso sa boloi. Ha a ithutela botitjhere o ne a ntse a ngola dipale tse kgutshwanyane tseo bongata ba tsona di ileng tsa hlaha pokeletsong ya hae le ntate NS Litabe e bitswang, Fiswana la Morena. Padi ya hae, Nonyana ya tshepo, e ile ya fumana moputso wa pele wa dingolwa wa Kagiso-FNB. Padi ya hae ya bobedi, O titimetse, e ratwa haholo ka lebaka la ho ikamahanya le ditaba tsa setjhaba tsa matsatsing ana ao re phelang ho ona. O phatlaladitse hape dipokeletso tse pedi tsa dithothokiso tsa Sesotho, e leng Moduwane le Majwe. Moduwane, e pokeletsong, Moduwane, e ile ya hlahiswa lenaneong le thelevishene le bitswang Voices of Africa. E ne ebile e le e mong wa bahlahisi ba lenaneo leo.
1. Ntata Karabelo wa madi ke mang?
6.3 Ho ropoha.
6. Sesosa sa mathata a lelapa la boThabo ke sefe?
Ka mora matsatsi terene ya fihla toropong ya habo. E ntse e le yona torotswana e thatafatsang bophelo. Dintho tsohle tseo a di tsebang di ntse di le jwalo ka ha a di tseba, ho sa fetoha letho. Le mangolonyana ana a polakwang dihekeng le mamating a dipetlele, diteronko, matlo a jwala, dihotele, dikhemisi le dikereke, a ntse a le teng. A ngotswe ka tsona ditlhaku tse ntsho matlapeng a masweu.
Ke hopola hantle hore ke ile ka araba dipotso ka maikutlo a hlileng asithabetseng. Ntatae o ne a ile, ke setse. E, ke nnete, o ne a ile le tjhelete, antshihile le ngwana. Mosadi ya neng a tla tswalla lefatshe e mong wabaetapele ba lona. O a behwa kajeno, mme lefatshe le a hoa. “Ha a behwe!”
5. O ka kgothaletsa batho jwang ho ela hloko kananelo ya ditokelo tsa botho, kenyeletso ya bohle le toka ho tsa phedisano o ipapisitse le dikahare tsa palenyana ena?
Mofetakatsela ya boneng ketsahalo ena, a letsetsa ba thuso ya pelemohala. Ka mora metsotso e mashome a mabedi, ba thuso ya pele ba fihla,ba theohela selomong moo koloi e wetseng teng ho ya bona hore mokganniwa yona o maemong a feng. Ha ba fihla ba fumana e se e le maobane hoTsholo, tjhoba le se le letse phoka. Hlooho ya hae e ne e kene lebiding laho qhoba, boko ba hae bo tswetswe ka ntle.
2.8	Mathata a hlwa manolo hodimo.
9. E thala e boela mosehlelong 89
“Majoro enwa ya behwang setulong kajeno ke ngwanangwanake. Ha se batho bohle ba tsebang taba ena. Boholo ba thaka tsa ka bo neng bo tseba taba ena bo se bo le ho o batang. Ba setseng jwalo ka nna, ba se ba ntse ba okametse lebitla.” Hona mona, re se re tsebiswa ka baphetwa ba rona ba sehlooho e leng, Majoro enwa ya behwang le nkgono Mmathulare hammoho le qaka eo a tshwarahaneng le yona. Qaka ena e hlahiswa e kopane le thabo e renang pelong ya mosadimoholo. Le ho tsoha, o tsohile e sa le ka meso hore a tsebe ho shebella thelevishene empa tlhomamiso ya ngwana ngwana hae e tla hlahiswa ka hora ya leshome. Qaka ke hore sena ke pinyane.
Ka mehla ha bana ba etsa ntho e mpe kapa e ntle, batswadi ba ye ba rate ho tseba hore na ba e rutilwe ke mang, ba e bone ho mang. Ka nako e nngwe ha ba hlokomele hore bana ba bona bongata ba dintho tsena ba di bona ho bona. Ha eba ngwana a ka phehella ho nna a etsa dintho tse jwalo, e be motswadi o phakisa ho mo lwantsha le ho mo tebela, ho ena le hore a mo ahe ka dikeletso le dikgalemelo tse mo lokelang jwalo ka ngwana.
Lehlena – Letahwa Lekgoba la tahi – Ha o sebedisa tahi ho feta tekanyo Mahleke – Ho kopakana
Abiele o ne a sebetsa khampaning e tsebahalang. Khampani ena e ne ele lekala la khampani e kgolo ya mose kwana. Mosebetsing moo Abiele ene e le e mong wa bomatwetwe ba ka sehloohong. Mmathabo yena o ne asebetsa keretjheng moo a neng a hlola a disane le “bodiponkonono” banaba hlodiyang. Le hoja e ne e se mosebetsi o nang le tjhelete e hlileng ebonahalang jwalo ka ya moo monna wa hae a neng a sebetsa teng, le yena one a sebetsa ka thata mme a ntse a kgona ho thiba mabaka a lelapa. Thabo o ne a sa tswa feta sehlopha sa Sub B mme a tla fetela sehlopheng sa peleisao.
Ka tsatsi le leng Kganyapa a be a se a qwaketsana le Takadimane ba ba ba nkana ka dipeta. Kganyapa o tlohile a nyatsitse Takadimane empa Takadimane o ile a mo etsetsa mohlolo oo a neng a qala ho o bona. Kganyapa o ile a tsoha fatshe empa a sa tsebe jwang.
Dipotso
Jwalo ka kgabo ya mollo ha e latswa jwang bo ommeng mariha, ditabatsa ntwa ena tsa tlala motse ona wohle. Kganyapa o ne a jesetsa batho kgwebeleng mme ba ile ba thabiswa ke ditaba tsena tsa ho tlontlollwa ha hae.Ho a makatsa hore ntho e kang ena e ka tshwaetsa batho jwang? Ke ile kabona le ba dikgotswana ba se ba tseba ho ema tseleng ya ka, motho wa tengho bonahala hore o ntse a lakatsa ho lwana. Le ha ke ne ke rata ho mo phamola ka tlelapa, ke ne ke tshaba ho etsa jwalo hobane ka kelellong ya kaho ne ho fihla kgopolo ya hore o batla ho ntika le ba bang. Bophelo basulafala hobane jwale Kganyapa o ne a le dihlong hoo a neng a sa rate hokopana le batho ba bang. Ke ile ka fata maikutlo a ka bosiu le motsheare kebatla tsela e bobebe eo nka itshwasollang ka yona makaqabetsing ao ke lengka hara ona. Batho ba ne ba ntshoketse, e mong le e mong wa bona o ne arata ho lwana le nna. Ke qetetse ke mathela ho Sylvester eo ke tsebang hore ke motswalle wa Takadimane. Ha a mpona o ile a sisinya hlooho, abososela jwalo ka motho ya seng a tseba se ka kelellong ya ka.
Mmatseko o hopola ha a ne a qoqa le moahisani wa hae, a mmolella hore Mmamojalefa o itse o mo hopotse haholo, mme o se a palame terene hona tsatsing lena, ha a sa senya nako.
Mohala wa lla, mme jwalo ka tlwaelo, wa arajwa ke setloholo sa ka kamatjato le mafolofolo ao se tsejwang ka ona.
6. Hlalosa:
2.2.5 Bashemane ba binang, “E boima joyene”.
Pelo ya ka ya rotha madi - Pelo ya ka ya utlwa bohloko haholo.
Maele le dikapolelo
3.2.5 	Mophetwa o ne a ile ho etsang mabitleng?
Ho di raha - Ho tsoha hoseng.
Tsholo o ile a thunya mofufutso phatleng. A pota diphaposi tsohle tsantlo a sa tsebe hore o batla eng. A tshwara hona, a ho tlohella. A tshwarehwane a ho tlohelle. Yaba ha a sa senya le nako. A bitswa ka hara koloi yahae e talana e pepileng lebidi ka morao. A e rutla, ya phukalla tseleng yakerabole. Moo e fetileng ha sala lerole.
“O na le ntlo e kgolo, o na le basebeletsi ba o sebeletsang, o isitse moradisekolong sa maemo a hodimo, ebile o na le tjhelete.” Ke Mmatefo a buang.
Ho sa je ditheohelang - Ho tshwenyeha ka ntho e itseng.
3.6.5 Tseo ba bang ba di buang ka yena.
Ha a bula mahlo a hae ka tsatsi le leng ka mora hoba a hlaphohelwe,Thabo a bona mmae le ntatae setulwaneng haufi le bethe ya hae manesepetlele. Mahlo a hae a tomoloha ha a bona ntatae, yaka e se e ntse e le yatlo bolawa. Baoki ba ba ba makala hore ngwana o teng ya ka tshoswang kentatae hakaalo.
2.1 Kgomo ha di na motloha pele.  A. Dintho di etsahala ka nako ya tsona.
Mmadi ha a qala a tshwara buka ena o ipotsa dipotso, “Ebe ha ba arabe se batluwang hobaneng?” Kapa a ka re, “Ha ba arabe! Ba tholetseng jwale? Nna ke buile ke buile.”
“Seko......... long ba ya ntshe............ ha ba re Ntate wa ka o kene
1.9 Komello e iphile matla.  I. E bile moetapele wa basebetsi.
3.4 	Koduwa.
Hopolang tsietsi ya tsela
Moetapele ke moetapele ke polelo e ho sekao peho. Mona re fumana puo-sebui e sehalo se leng hodimo. Sona se bontsha hore mmui kapa ba buang ba thabile e le ka nnete. Jwalo ka ha e le polelo e ho sekao peho, jwang kapa jwang, enwa ya hlomamiswang o tshwanelwa ho behwa hoba e le moetapele ya tshwanelwang ke ho etella setjhaba pele. Ha ebe ho na le ya leng kgahlanong le seo, maikutlo a hae ha a tlo ananelwa ho hang. Ha ebe ha se ngwana monna wa morui Mataboha, kapa wa mosadi wa dikitjhining, hoo ha se lebaka. Ka mantswe a mang le dumme ha ho be jwalo. Ho ya ka Kharikhulamo e ntjha sena se kenella ho kenyeletso ya bohle, toka ho tsa tikoloho le tsa phedisano. Motho ha a kotelwe ka baka la maemo a mo potolohileng.
Ho nyemotsa - Ho sheba hampe.
Puisanong ena ya lelapa le rona re utlwa mofuthu oo o ka lapeng leo. Ho a qoqwa, ho a tshehwa ho monate. Jwalo ka mmadi o ikutlwa o lakatsa ho ka bona ngwana enwa ya fothakelang ntatae hakanakana ka dipotso. Mongodi o hlalosa lelapa lena ka diketsahalo tse etsahalang ho lona. Qalong mongodi o re lapa lena ke le mofuthu. Mofuthu ona hare ho pale, o fetoha mohatsela ho fihla o be fetoha leqhwa la mariha. Tlhaloso ena e qaqisa phetoho e lapeng leo la Abiele ka botlalo. Abiele o boela a tshwantshwa le sebata se hlaha. Setshwantsho sena se hlalosa hantle seo Abiele a leng sona.
2.5	Phalo e eme le lesemela.
Ditaba tse di hlaha dipalekgutshweng dife? A ko nahane o be o fane ka mabaka.
4. Na botho ba Mokgashane bo fetotswe ke ntwa ya Takadimane le Kganyapa kapa ke ho bapala karate? Tshehetsa karabo ya hao ka dintlha tse tswang paleng.
2. Mohau o bonolo, o mosa, o ditshehwana le ha a utlwile bohloko o phakisa a itshedisa. O ikamohetse ka moo Modimo a mo bopileng ka teng ebile o leboha Modimo ka hona. Manana ke mmadiberwane, ha a di hadikela ho di ja, ha a fetwe ke borikgwe, o rata banna le tjhelete.
Eitse e se neng Polao a kena monyako. Ntle le ho mmotsa dipotso, amo ubella jwalo ka phakwe e ubella ditsuonyana. A sa mekamekane le yenajwalo, Polao a fumana sebaka sa ho itshwasolla mme a betseha. E ile yaba oile, o ile Polao. A siya ntatae ka le reng a ke ke a hlola a mmona, ebile ha akgolwe hore eo ke ntatae!
10.4 Ho di raha.
Ha motho a o botsa potso kapa a o ngolletse, o lebella hore o mo arabe. Ha o sa arabe o a tshwenyeha. Kepa o nkile joyene ya dilemo tse tharo. O ngolla hae, ha ba mo arabe. Taba eo e a mo kgathatsa.
3.6.3 Lebitso
Ntate Toko le kopano tsa sekolo ha a di tsamaye hobane le teng mosuwehlooho o ye a eletse batswadi ka ho kgalema bana e seng ho ba sotla. Toko o ile a amohela hore o utlwile mantswe a mosuwehlooho le hore a ke ke a shapa Polao ha a fihla. Ha polao a kena monyako o ile a mo phamola seka phakwe e phamola ditsuonyana a sa mmotse letho. Polao o ile a kgona ho phonyoha a baleha a jwetsa ntatae hore ha a kgolwe hore ke ntatae le hore a ke ke a hlola a mmona.
##ke mang?” Ho botsa Mamohale.
Lenyoronyoro le letle, ngwana Mataboha
Tsatsi ke le mahlonoko, motseng wa Naledi. Ha ho bonahale motho
Ho phophoma - Ho tlala.
E isang haeso
Bokweta – Botsotsi Ha hlooho e tjhesa – Ho opuwa ke hlooho Hlwahlwa – Sebele Kgekgenene – Ho ema ntsi! Kgomo ya fatshe – Matekwane Ledibohong – Keiteing; moo ho tsuwang teng ho tshelela sebakeng se ka nqane Lehomohomo – Ho buwa ka se itseng Leraba – Sefi Letoto – Lethathama Makanyane – Ke phoofolo tsa bosiu, dijabatho Makgoro – Ditsela
Mosotli, selalomehadi, qabanya, pheko, matjhaba.
“O a behwa mora Mataboha.” Batho ba ne ba di qala jwalo. “Se ile sahlola ntataemoholo, empa yena ke eo o ilo se kotsomala.”
Ho itahla - Ho tsamaya.
8. 	Ke nnete hape ha se nnete, ka lehlakoreng la Karabelo, o ile a kopanya batswadi ba hae, re lemoha sena ka tlasa mabaka ana:
Kholomo ya A
6.2 Ho itsibola.
3. Tlhahlamano ya ditaba
“Dikoduwa tse tjena re di utlwela ka sewelo ho lena la rona.” Ho realo moetapele e mong puong ya hae ya matshediso. “Re se re bile re hopola hore ntho tse tjena di etseditswe mafatshe a mang feela. Ke nnete ho bohloko haholo dipelong tsa rona, empa re lokela ho leboha ha re ntse re hopotswa hore le rona re motjheng wa ho hlahelwa ke dikoduwa tsa mefuta ena, tse hlahelang mafatshe a mang, le ditjhaba tse ding. Re lokela ho dula re lebelletse tse kang tsena ka dinako tsohle. Re lokela ho leboha Modimo ha a ntse a re phephisa boholong ba dikoduwa tsena. Re tshedisa naha. Re tshedisa setjhaba. Tsietsi e hlaha mabaka a fokola.” Dipelo tsa setjhaba di dutla madi.
Ba sa ile le kgongwana hodimo, ba fihla ba tse phatshwa. Ba ikakgelahara bona. Ba phasaphasa sa madinyane a lekodikotwana. Ke dintja kamona, ke mosi o llisang ka mane. Ba bang ba tsamaya ba wa, kitikiti,kitikiti, kitikiti, fatshe! Ba hlohlwa veneng ya mapolesa. Ka mora morusuoo ba nyollelwa tjhelete, e le kgale kopo ya bona e ntse e nyahlatswa. Nthoe ileng ya ba hwayahwaya ke ha ho thwe e nyolotswe ka diphesente tseleshome. Ha ba utlwisise taba eno, bona ba tseba tjhelete e nyollwa kadiranta. Le ha ho le jwalo ba shwela ka hare jwalo ka thope e tshaba hobolella mohlankana hore e shwele ke lerato. Ka mora dibekenyana ba nnaba fumana molaetsa ka hlokwana-la-tsela hore bonnyeo ba ipolaetsetjhankaneng. Ba bang ho thwe ba ne ba kula, ba bang ba nwele tjhefu, haba bang ba itahletse faatshe ba le mokatong o ka hodimodimo. Ba bang hothwe ba isitswe sehlekehlekeng se hole kwana.
Ho E thala e boela mosehlelong, mongodi o re fa ditaba tsa palenyana ena di sa tsitsitse, a re phethela ka lelapa le phelang ka tlala e kgolo. Tebello, monna lapa leo, a bolella mohatsae hore o ya Secunda ho ilo batla mosebetsi. O ile a tshepisa mohatsae hore a mo lebelle mafelong a kgwedi yona eo.O kile a fihla? Ngwana ngwanana o ile a ba a hlaha, a rehwa lebitso la Tshepiso. Tshepiso o ile a hola ka thata ha boima, empa a hola. A hola a ba a batla ho tseba hore ntatae ke mang hoba bana ba bang ba ne ba mo tsheha sekolong. Mmae o ile a mo tsebisa empa a tiya, a ba a iketsetsa kgwebo ya ho rekisa ditene. O ile a ba ikahela ntlo ya tonanahadi, a hafa ka nkatana. Mamohale o ile a kopa moradi hore a se etsise ntatae eo le ha jwale a ntseng a mo emetse empa a tshepisa mmae hore o tla itshwara hantle mme a sebetse ka thata. Na e kile ya etsahala? Le kgale. Tshepiso ke elwa a ilo dula le Mr T a ba a mo fa ngwana ka selemo sa hae sa ho qetela. Mohlang Mr T a hopolang hore lefatshe ke lefatshe ha le na beng ba lona, le tletse dihaeya, a rata ho yo tseba ba habo Tshepiso, Qwaqwa. Athe ke ha hae. Tjhe o ne a nepile Mosotho ha a ne a re, “Leoto ke moloi.” Tsena ditaba tsa etsa hore mohatsae Mamohale, a wele fatshe ke letswalo. Bapisa tlhahlamano ya ditaba tse ka hodimo le tsa Moetapele ke moetapele. Na mongodi ntlheng ena ya manollo o a atleha? Ho Moetapele ke moetapele mongodi o re fa ditaba tsa pale a re tjebela pele mme a re phethela ka tlhomamiso ya setloholo sa nkgono Mmathulare, le ka moo sena se neng se mo thabisitse ka teng. Le ha ho le jwalo qaka ke hore o dutse ka lekunutu leo a neng a qetile le mehopolo ya hae hore o tla kena le lona lebitleng. Mongodi o boela a re isa qalehong ya ditaba, moo nkgono e neng e le mosebeletsi wa dikitjheneng, le ka moo a ileng a ima ka teng. O re hlalosetsa tsa maima ao nkgono a ileng a kopana le ona ho fihlella a nka kano e boima ya ho fana ka moradi wa hae wa matsibolo. Mongodi kgafetsa kgafetsa o ntse a re bolella ka tsa ho behwa setulong sa bomajoro ha setloholo sa nkgono le ka moo batho ba motse ba neng ba seba ka teng. Le ha ho le jwalo, kgolo ya moradi wa hae Refilwe, e ne e tshwana le ya bana bohle ba dikgorane. Qetellong ba itshepa ho feta tekano mme ha ba bone batho ba bang ka letho. Mongodi o re tjebela pele le morao sepheo e le ho utulla le ho hlalosa diketsahalo tse bopang moralo, tsela ya puisano le phethelo ho phutholla pale e hodisang moralo. Tsena tsohle di pepesa qaka le tharollo ya qaka qetellong ya ditaba. Re le babadi re utlwa tsela eo Mmaletsatsi le Kabelo ba buwang ka yona. Sena se lokolla le ho imolla nkgono ho jareng kidibitla e kanakana ya tabahadi, e leng hore, majoro, ke ngwana ngwana nkgono eo a ileng a fana ka yena ho monna morui e leng Mataboha ya dulang mane Meqheleng, ya neng a sena bana. Sena se re bopela tharollo ha palekgutshwe e phethelwa.
Ke nna Lereko Mantsha
Puo le setaele
“Weso a ko bue le Tebello hle! Re bona taba ena ya bona e ntse e yahole haholo.” Tsietsi o kopa Moeletsi.
O ile a iteta sefuba Mmakarabelo hore a bue manti, nnete ya mmakoma,a sa lobe letho. O ile a fupara diatla tsa monnae. A mo atametsa ho yena.A mo pholla mahetla. A nto mo tadima ka pelotlhomohi ka hara thaka tsamahlo.
“Nna ke rata ho palama kariki ya Ritjha ha re fihla mono Thekong ntate. Ke utlwile boThabiso ba re le bona ba ne ba e palame ha ba ne ba ile matsatsing a phomolo hona mono Thekong, ngwahola. Na wena o kile wa e palama ntate?” Ho botsa Thabo. “E, esita le mmao o kile a palama kariki eo ya boRitjha. Botle bo bokaalo Thabo, ke o jwetse, mora. O ka fumana boRitjha ba ikgabisitse hantle mme ba tshwaneleha ka mokgwa o makatsang. Ha ba matha jwalo ka kariki tsa bona, o ka fumana ba etsa menyakwe e tsotehang. O tla kgahlwa. Taba feela ke hore o be le sebete hobane ka nako tse ding o ka fumana kariki e eya ka lekeke e etsisa lekgala.
4.7 Kepa o ngolla hae.
“Ao, wena monnaka?” Ho rialo Mamohale a sisinya hlooho. “E le hamethepa o e siile kae?”
Jwala ha se pheko
“O mang wena o ka buang le nna jwalo? Ke tla o phoqa le bonabaetsana bao ba hao. Ha ke tanakelwe ke bommamesana ba kang lonatjena. Mosadi ha ke mo tadime le ho mo tadima, nna! Ke efe keletso yamosadi e kileng ya pholosa monna wa hae kapa hona ho pholosa lefatshe?O imamele ha o bua le nna, nka tloha ka o etsa se sa etsuweng batho honajwale.” Ke Toko eo ka bohale.
3.3.2 	A fellwa ke matla.
4.5	.
“Mona re hlompha motho e mong le e mong ya filweng mosebetsi waho re tataisa. Ha re kgathale hore ke motho wa mosadi kapa o monyenyanehakaakang. Re tshwanela ho etsa tsohle tseo a di laelang.” Ka morao hopuisano eo, Takadimane a biletsa ba bang ka thoko mme Prudence a reruta seo re tshwanelwang ho se etsa. Pelo ya ka e ne e utlwile bohlokohobane Prudence o ne a re ruta ntho e le nngwe nako e telele, ngwanaenwa a nthuta ho fina setebele athe ke tsebile ho se etsa pele a tswalwa.Dihora tse pedi tsa fela a ntse a re, “Ake Uke ... Ichi, Ni, San, Ji, Go, Roc,Sichi, Haj, Ku, Ju!”
Terene e a mo tena. E tsamaya e ema kgafetsa e ka re e kgathetse ke lebelo le morwalo wa yona wa mehla ena. A lakatsa ekare a ka fofa, a kgaola masabasaba a dithota, diphula le diphulana, dinoka le dinokana, dithaba le dithabana, a fihla hae. Mahlo a hae a se a tletse dikgapha, o tshaba ho sheba batho jwalo ka motho ya yang phupung. Ka ha o ne a dutse haufi le fensetere, a dula a shebile ka ntle. A kgahlwa ke matlo a matle a borapolasi. Ho thotse hamonate empa a makala hore ho etsahalang ka hare. Dikgomo di tlepola jwang hamonate, di tshosa dintsintsi tse kgathatsang ka matjhoba a tsona. Motjodi o mafolofolo o ntse o tloha kgomong ena o dule ho yane. A tshoha monna e mong a se a botsa. “Hao, moreso! Ha eka o a lla tjee?”
Tshepiso a lla sa mmokotsane.
11. Qoqa ha kgutshwane ka mookotaba kapa molaetsa wa palekgutshwe ena.
4.2 Kepa o utswa diradiokhasete tse pedi.
1.3 	Ho tlile jwang hore ntata Thabo a fetohe letahwa?
1. Ha ba arabe 1
ka T. Mofokeng
Mohau, lefeejana, jwale re teana le yena e le mohlankana wa dilemo tsemashome a mabedi. O ntse a le mosa jwalo ka kgale, feela jwale o elellwamakamakama a lefatsheng haholwanyane hobane o se a le sehlopheng sabosupa. Mohau o bona a sa jwetswe le ka ho hlaka ho re mona lefatshengphokojwe ho phela e diretsenyana.
“Hao moratuwa e se e le eng ha o mphutuhela mosebetsing tje?” KeMmakarabelo eo a tonetse monna wa hae mahlo ke ho makala hore e be ho hlahile eng, hoba monna ha a ke a mo hlole mosebetsing.
NS Zulu ke setho sa mekgatlo e mengata ya bangodi, ya dipuo, le ya dingolwa. Ekile ya eba molekanyetsi wa dihlahlobo tsa materiki tsa Sesotho, Puo ya Lapeng, porofenseng ya Kapa Bophirimela. O phatlaladitse haholo dijenaleng tsa dingolwa ka dingolwa tsa dipuo tsa batho ba batsho Afrika Borwa.
7. Hlalosa le ho fana ka semelo sa Mmathulare ka botlalo.
Hoba Thabo a tsamaye jwalo, Abiele a ka a re khuu! “Hei, ka nnete wa tla wa mpholosa hara tse thata dipotso he Mmathabo. Motho o dipotso enwa eo ho thweng ke Thabo banna wee!” Mmathabo a bososela. “E, ke ile ka hla ka bona hore Thabo o o qakile ke ha ke tla re a tsamaye jwalo ka bohlale. Hobaneng o ne o sa mo arabe? Na nna o ka nkaraba ha ke o botsa yona potso eo ya Thabo? Hobaneng metsi a lewatle a le letswai?” Abiele aitshehela feela. Ba ne ba tlwahetse ho nna ba swaswa jwalo ka lapeng leo labona. Ka mehla e ne e ba ditsheho ha Thabo le yena a ba phetela tsa haetsa sekolong kwana. Lelapa la Abiele, lelapa le mofuthu!
Ho ja mabela - Ho phela.
Ke tlohile ho Sylvester ke kgotsofetse.
“Eya butle hle Toko! Ha o mamele se buuwang ke ngwana ke eng na, ha o se o mo ja ka bohale tjee! E re ngwana a bue maikutlo a hae re tle re tsebe sepheo sa hae.”
3.1.1 	A fihla polasing eo (a) ho yona(b)a letsatsi le (c) le (d) a ba a nahana hore le (e) ha e le mona le mo (f) tsela ena kaofela.
A hwantaka, Tseko. A ya kwana. A kgutla. A ya kwana. A kgutla. Asheba watjhe letsohong la hae. A sisinya hlooho. A sheba hodimo. A shebafatshe. A sheba borwa, botjhabela, leboya le bophirima. A tadima nakohape. A boela a thalatsa. Nako e mpe, e mpe haholo.
2.5 	Lere le ojwa le sa le metsi.
• O hodisitswe ke monna ya neng a rata lelapa la hae haholo. Re bona sena se etsahale ho Karabelo ha a ne a kopa horekgotso e be teng, mme o tla tjhakela ntatae le ha a tlo dula le mmae.
ka K. Nkhatho
1. 	Pale e qala hare moo Kepa a seng a hlolohetswe habo. Tlholohelo ena e mo hopotsa tsohle tseo a fetileng ho tsona ho fihlela a iphumana a le moo dimmaeneng. Moqoqong oo wa hae pale ke hona e ahehang. O fumana tlhahlamano ya diketsahalo. Diketsahalo ka hara palenyana ena di a tswalana. Se etsahalang se fetola maemo a ditaba. Ho hlokahala ha ntatae ho mo qosa ho re a batle mosebetsi. Ka bomadimabe mosebetsi ha a o fumane moo polasing. O tlameha ho ya batla mosebetsing nqa e nngwe.
Mmakarabelo o ipotsa dipotso di hana ho fela. O iphumana a lahlehetsweke eo e neng e le pilara ho yena. Ho tloha kajeno o tlilo bitswamohlolohadi ka lebaka la lefu la eo ho neng ho tsejwa e le ntate waKarabelo, athe ha ho jwalo, ha se yena. A ipotsa hore ebe basebetsimmohole yena ba reng ha ba utlwa manyala ana. A ipotsa hore ebe baahisani batlilo mo nka e le motho ya jwang, a boela a ipotsa hore ebe sekolong saKarabelo, mesuwe, mesuwetsana le barutuwammoho ba tlilo reng. A ipotsahore ebe bophelo ba Karabelo e tlile ho ba bo jwang hang ka mora hore autlwe ka tsena.
ka K. Nkhatho
3.4	Matlotlosia.
Rona re ne re re, “Kiai” ka morao hobane a bale ha leshome.
Nkgono Mmathulare, botsofading ba hae, o a hopola jwale ka moo botjha bo leng makoko ka teng. Marato a batjha, a bosawana a betlang tsela e isang tshenyehong empa ba sa bone letho. O hopola ka moo a ileng a ratana le Qamboza ka teng le ka moo a ileng a mo siya le thoto e moimana. Mehopolo ena yohle ya kgutla; ya boMmaletsatsi motswalle wa hae wa hlooho ya kgomo le lekgowa leo a neng a le sebeletsa, le neng le mo kgothaletsa ho ntsha mpa eo. A hopola le ka moo a ileng a hana he he he ho ntsha mpa eo.A hopola tsohle. A boela a hopola le ka moo a ileng a sala kgolo ya moradi wa hae morao ka teng le tsela eo a neng a bua le batho hampe ka teng, a bile a kile a mmuisa hampe hore pelo ena ya hae e rothe madi. A tseba le ha moradi wa hae Refilwe a eba le bana. A kgahlwa ke enwa eo ya behwang tsatsing lena, eo a reng ke motho. A hopola le ha a ne a tla ikisa mapoleseng le ho ikana pela mosebeletsi wa setjhaba le ntate Mataboha ha a ne a fana ka moradi wa hae. Ee, a hopola le kano eo a ileng a e nka mohlang oo. Empa ha di buuwe, ke pinyane. Mona re ka re ditsietsi di ne di latelana. Bakeng sa hore mosadimoholo a thabe, ke enwa mehopolo ya hae e se e kgelekgetheha.
Tlelosari
Ho itomaka maleme - Ho potoloha taba kapa ntlha o bua hona le hwane.
Boinotshing ba hae ha batubi ba hae ba sa mo siruhile, Mohau o ne a iqamaka, a makala hore na batho ba mo kenakena tjena ha e le eng, hobane
“A ko kgothale hle, Tseko.” Ho kgothatsa Mmatseko. “Mmoledi oboletse hore dikgomo ha di na motlohapele. Le ya rona e tla fihla.”
3.1 	Qoqa ka mookotaba wa palekgutshwe ena.
Tlelosari
5.1	Qoqa ka tlhekelo/tlhahiso ya palekgutshwe ena o ikamahantse le dintlha tse latelang:
6.5 Ho tletleba.
2.1 Qamboza.  A. Malome wa Kabelo.
2.4	Ho beha tau setswetse.
Lentswenyana lena ke la monna, ya apereng seaparo sa kgale sethuntseng sa sesole. O ne a kokometse hodima kutu ya sefate, e le homeritshana e meputswa ho rwetseng diborele tse ntsho.
Ha ho potang Lereko o ne a tlamehile ho utlwela ka taba ena. Hang haa qeta ho utlwela ka taba ena seyalemoyeng sa Mahwelereng, a hla a bonahantle ho re jwale ke monyetla o moholo wa hore a ka nyala Mmakarabelo le hore a ka kgona ho dula le ngwana hae. A rera ho ya kopana leMmakarabelo ka ho panya ha leihlo.
Ho tshwara ka meno - Ho sebetsa ka thata.
Ho na le batho ba bang bao e leng metswalle ya sebele. Metswalle ya sebele ke e fanang ka dikeletso tsa bohlokwa mothong, e seng tse mo dihelang lemeneng. Abiele o ne a ntse a ena le metswalle e jwalo. E ne e se e le ka makgetlo e leka ho buisana le yena ka taba ena ya hae ya jwala empa a sataladitse molala.
Ha mofumahadi Koekemoer a utlwa hore ke moimana, o ile a tshwenyeha haholo, mme o ile a sisinya hore ke etse matsapa a ho ntshampa eo hobane ngwana a ne a tla ntshitisa haholo mosebetsing wa ka. Abolela ha ho ena le batho ba bangata haholo ba ka nthusang ho itholamorwalo ona. “Daar is baie klinieke in die land wat die ding kan doen.”
Ho tloha mohlang oo, Kolobe ha e ya ka ya hlola e le Kolobe yane eobatho ba Dikalaneng ba mo tsebileng e le mothwana feela ya itshebeletsangmerafong. A fetoha ya eba motho osele. O ile a qala ka ho kena kereke,mme a fetoha modumedi e moholo. Sena se ile sa mo tlisetsa tshusumetso ya ho theha mekgatlo e mengata ya batjha, eo sepheo le morero wa yona eneng e le ho qobisa batjha dintho tsohle tse ka ba susumelletsang ho etsadiketso tsa botlokotsebe. O ne a ya le metse le metsana a ntse a hopotsabatswadi ka boikarabello ba bona ba ho hodisetsa bana ba bona tshabong leleratong la Modimo. Ka mehla ha a ne a bona ngwana wa motho e mong aetsa ntho e tswileng tseleng, o ne a utlwa bohloko bo boholo, mmemenahanong ya hae ho fihle mantswe a reng, “Ke mora wa ka! Ke mora waka!” Mesebetsi ya hae e metle e ile ya mo fetola moetapele ya hlwahlwasetjhabeng sa habo.
Hara mahlapa le dikomang tsa mosadi wa ntatae, a fela a rekelwamotjhini o jwalo, motla-o-tutswe wa Jeremane. “O kile wa bona kae kgorokgopjwe e kang wena tjee e tseba ho roka?” Ho nyefola eo ho thwengke mmae. Mohau, raditshehwane a itshehela a ba a re: “Ke leboha kgutlanala ka, Ramasedi!” Ha jwale mmae-mmotwana a heletsa dithaba ke kgalefo.Mohau a ikakgela ka setotswana tshebetsong ya ho roka. Sethathong hobantatae a mo rekele masela le tshwele hore a hle a qale ntho ya hae, Mohaua duba thankga. “Hana ke tshwanetse ho seha lesela lee jwang ha ke rokabolouse? Dikonopo tsona Masoba a tsona a phunngwa jwang?” A tshwarabothata. O ile a tlameha ho nna a lesa ho roka, a lebe ha ntate Motaungyane wa seroki ho ya kopa thuso le tlhahisoleseding. Homme a e qotsetswa,hobane eo Motaung o ne a hlile a jarela Mohau mefokolo.
1.3 	Ke mang ya neng a mo eletsa ka hore terene e a emelwa?
“Ke ntse ke eja masapo a hlooho.” Ke Tebello eo. “Re lokela ho etsa hohong.”
Ya eba mehoo le ditlatse ka hohle, ntle le mona moo ke shebeletseng kele teng. Ka utlwa ke seka meokgo ha ke hopola ho re enwa yathothokiswang ke setloholo sa ka. Ke ngwanangwanake ka sebele. Mmae otswa popelong ena ya ka, empa ke ile ka fana ka yena. O le tshabe lefatshe.Le hlomphe!
• Karabelo o hodisitswe ke monna ya nang le lerato le boikarabelo. Re bona sena se hlahella moo a neng a kopa batswadi ho tlohella diketsahalo tse fetileng mme ba tshwarahane.
14. Tlhekefetso ka malapeng e ngata le mona ha Toko e teng. A ke o e hlalose o bontshe le ditlamorao tsa yona.
Re ya phomola teng
Mona ke moo mathata a fihlang bokgutlong. Ngongoreho ya Tseko e fihlile bokgutlong. Thabo ya Mmatseko le yona e fihla bokgutlong ka tshohanyetso ka baka la koduwa ya naha, terene e tswileng seporong, e phethohileng, e bolaile batho ba bangata. Ebile tsatsi le mahlonoko le nyarositseng lefatshe lohle, bang ke mahlasipa, bang ke bafu, ke dillo le ditsikitlano tsa meno. Mohatsa Tseko le ngwana ba hlokahetse kotsing eo ya terene. Matshediso a tliswa ho tswa ka mahohle. Hohle ho buuwa ka kotsi eo, naha e bodutu. Ke tsullung ya ditaba.
Bala ditaba tse latelang, mme o nahanisise hore di hlaha paleng efe. Tsona di ikamahantse le ntlha ena, phethelo jwang.
3.3 	Bapisa qalo le qetelo ya palekgutshwe ena mme o hlakise hore e be mongodi o atlehile kapa ha a atleha phetisong ya hae ya molaetsa ka palekgutshwe ena.
3.3 	Gauta o etsa Abiele a nwe jwala.
6.1 Ho fepeha.
2.1 Bolela mefuta ya karaburetso e hlahellang qotsong.
5.1.4 Kgohlano.
Kgotso Pieter David Maphalla o hlahile ka la 25 Hlakola selemong sa1955. O hlahetse motseng wa Bethlehem porofensing ya Foreistata. Okene diporaemari tsena tse latelang: Bohlokong, Khanyeng, Thabang.Sekolo se phahameng sona o se kene Tiisetsang, moo a fumanenglengolo la hae la materiki ka selemo sa 1974. Ho tloha moo a yakholetjheng ya matitjhere e Qwaqwa e leng Tshiya. O ile a fumanalengolo la botitjhere ka selemo sa 1976. KPD Maphalla o sebeditse a ntse a kena sekolo. O sebeditse Qwaqwasekolong se phahameng se bitswang Tshibollo. Ka lemo sa 1980 a yaruta Bethlehem sekolong se seholo sa Thabo Thokoza. O ile a tlohellabotitjhere mme a ya ba mongodi wa Qwaqwa Legislature Assembly kaselemo sa 1983.
11.4 Thabo o ngalletse Heilbron.
5.5
5. Thabo ya Mmatseko e ne e le habedi. Hlalosa.
Moferefere e le lona le mo tshwanetseng hantle lebitso. E le ho monyama, mahlo a le mafubedu a re tlere, nko e kgopame jwalo ka molomo wa ntsu!
Mohau a tlalwa ke thabo e kgaphatsehang. A nyakalla, a ba a ikutlwa e le motho, e seng sekamotho se mona se kwekwetlwang, se ilwang. Empa jo! ho se tsebe ke lebote! Hona mohla a lokelang ho kena mosebetsing, mohatsa leqwetha a re ho monna, “Mona ha ka ha ke batle diqhwala, ke o jwetse!” Ha Mohau a fihla teng a fumana mohatsa mmuellia se a batletse monna wa hae moshanyana a le motlenyana tje, ya seemo se setle, ya ratilweng ke mosadi eo ya tshajwang ke monna.
Jwale ke nako ya majoro e motjha ho bua le setjhaba. Ke eo a emakalaneng. Ya boela ya nna ya eba mehoo le ditlatse ka hohle. Ha a behwe!Ha a behwe! Ha a behwe!
12.4 Ke moroparopa wa ——————————
“Toko, o a e bona ntho eo e leng kgale ke o kgalemella yona? Ngwana wa hao o itatola wena kajeno. Ke kula tjena ka baka la hao. O mpolaile monnaka. O sa hopola hore nkile ka re ho wena, ngwana-mahana a jwetswa o bonwa ka dikgapha? Ho jwang kajeno? O moiketsi ya sa llelweng. Ho bokolla wena kajeno. O hanne ho tsamaya le yona kereke, o bolela ka moo kereke e sa lokang ka teng. Ke batla o yo mpitsetsa moruti ho tla nthapella ke tsebe ho arohana le wena ka kgotso.”
15. Bapisa qalo le qetelo ya pale ena mme o bontshe hore na mongodi o atlehile phetisong ya hae ya molaetsa.
Ha a fihla moo, a hla a pakelwa ke meputulo feela hore ntho e kgolo e neng e etsahala moo. Ditlhahlobo tsa qala ho etswa, mme mapolesa a qhalakana le moru ho batla seo ba ka se fumanang. Eitse ha e mong wa bona a re mahlo tloha! a bona ntho e kang motho e rapaletse thokwana mane lefifing. Ha a atamela a elellwa hore efela e le motho, feela ekare o se a shwele. Dikweta tsane tse ding, tse neng di wele fatshe, di ne di se di ile tsa ipha dimenyane. Ho bonahala hore di ile tsa tseba ho holoba, mme tsa sutha sebakeng seo pele mapolesa a ka fihla. Ha dipatlisiso di se di entswe, setopo sa nkuwa ke mapolesa ho se isa polokelong ya ditopo, sepetleleng se seholo sa mmuso.
Ke o ngolla lengolo lena ka pelo e tletseng mahlwele. Pelo etshwenyehileng, e hlokang kgotso. Pelo e labalabelang ho ba le sa yonajwalo ka kgama ha e labalabela molatswana.
Mamohale a tshola seruwe, ba ja. Ba kena dikobong, ba robala.
##baphetwa ba hae.
ka L.S. Mokoena
Ho rabaka - Ho ya hodimo le tlase.
Ka bokgutshwanyane, nna botjheng ba ka ke ne ke le ngwananyana waseithati, ya tshepileng ho itshwarela ka matsoho a hae. Ke ne ke tseba jwaloka ha ke ntse ke tseba esitana le kajeno hore Modimo o file mothomatsoho ho ipopa ka ona, le ho bopa ba habo le setjhaba sa habo. Eo tabake ne ke e tseba le ho e tshepa hantle, mme e ne e ntshebeletsa haholo, ebile e phedisa ba heso.
“Mmamojalefa le yena o manganga a tenang.” Ho kgaruma Tseko, a se a bopile jwalo ka ha ba mo tsebang ba mo tlwaetse. “Ke ne ke itse ke tla etsa matsapa a hore ke reke koloi beke e tlang. Ke ne ke tla lata ngwana eo wa ka ha bobebe. Jwale re emetse terene.”
O ntjhebe hantle nna. Enwa ke ngwana wa ka eo ke mo tswetseng mme a ke ke a ntaola!” ho arabela Toko.
Se sa feleng se a hlola! Tsa fela dilemo tse tharo. Tsa fela Kepa a se a saipatle. Ha a fumana tjhelete ya hae e ngata, a utlwa a belaela ha atshwanetse ho thaba. Beke tse tharo pele a ya hae o ne a ba ngoletse horeba mo lebelle o a tla. A kopa hore ba mo kgahlanyetse seteisheneng.Bosiung boo a tla tsamaya ka bona, a lora a le hae. Bohle ba lelapa ba mothabetse, haholo mmae. Bana ba dikgaitsedi tsa hae ba mo thabetse hobanee bile mopholosi wa bona. Ba ntse ba mo kopa dipompong, ba mopotapotile.
