UBUNTU… mme ho ka ba molemo hore ho kgutlele morao ho ya itekola.
Le ha ho le thata bana ba Basotho, ha re phetse ho re; “Madume, ha kgotso e ate bathong!” Bosiu le motsheare, ho tjhesang kapa ho batang, ho le monate kapa ho le bohloko, sepolesa se ne se etsa thapedi ho setjhaba hore ba fane ka lesedi le tlang ho ba thusa hore mmolai a tshwarwe.
Ho jwalo ka mehla ha motho a sa batle ho amohela ho re a ke ke a phela ka ho sa feleng, kapa ntle le diphephetso tseo batho boholo ba di bitsang mathata. E ba ho se ho eba thatathata e a ithatafalletsa, motho wa teng a dube thankga a be a je habore a sa e jala. Ntho e nngwe qha! Eo re ka mo kgothollang ka yona hara banna ba mehleng eo. Ke lerato leo a neng a rata mosadi le moradi wa hae ka lona. Banna ba mehleng ena ha mosadi a hlokahala, eba motho wa teng o re “tanki ke tla ke ke phomole.”
“Ena ntja ke tla e pshatla hlooho ntle ho mohau wa letho” Hang metswalle ya hae e leng Mokubetso.
Ruri lefatshe le aparetswe ke lefifi mme naha e jele boya. Bosiu le motsheare re utlwa tse hlomolang tsa bana ba hlekefetswang ka mekgwa e fapaneng e sisimosang maikutlo. Ka monka bana ba betwa, ba bolawa, ba tjheseletswa ka matlung, ba bang ba lahlelwa ka meqomong. Jo! Ebe botho bo hokae hona moo?
Hara baqolotsi bao ba ditaba, ho ne hobile ho le teng ba tswang mose ho mawatle. Hona ho ne ho bontsha le ho paka ho re se etsahetseng ka Lerato e tla ba hisitori lefatshe ka bophara, haholo ha ho toboketswa ditokelo tsa bana.
Kwana ha ke dumellane le maikutlo ao a hae. Mmopi o bopile motho ka morero le sepheo ka setshwantsho sa hae, ho bontsha lerato le kgaphatsehang ho sebopuwa sena se motho. Ho teng eka mpa ya eba ho re Mmopi o beha o tekong e le ho ruta ba bang kapa wena ka matla a Hae.
A ikotla sefuba a bolela hore yena ke le letsho Letebele lekgotla leo ho re ke yena ya bolaileng Mafenetha, o tla le bolella a sa tshabae letho. Mothobisa a mo thoba maikutlo ka hore a hle a dule a sa a ntse a lokile hore hang feela ha a re a bue a bue hee.
Basotho ha re bueng nnete ya mmakoma feela re sa lobe letho, hobane nnete e sefutho ebile e mokoka. Ho molemo ho shwa o shwela nnete. Ke eo taba!
Ruri tsa fatsheng lena la heso ha di monate kamehla. Mehlolo ke yang e renang. Batho ba bona mehlolo a sa feleng. Eitse ha a ya a lebile hae, a bona ho eme monna wa sefonthwane ya manetse hekeng ya hae. “Jo! ebe ke mang?” O ipotsa jwalo le letswalo le tlile le sa mo fe phomolo.”
Balebedi ba sepetlele ba bile ba tloha pela bona ha ba bona ho re mosadimoholo eka o kopa tsela jwale.
Ha a qala ho e bala feela, ke ha a utlwa e ka ho na le motho ya kokotang monyako…
Hara dikgohola, difefo, dipula le marole a ditsietsi tse aparetseng lapa la Mafisa ngwana ntlo ya thapelo o ile a ipolella le ho nka qeto ho re Modimo wa hae o mo furalletse ka ha ho le thata hakaalo.
Le ha lefu la Lerato le amme pelo tsa batho lefatshe ka bophara, a moya wa hae o robala ka kgotso. Lefu lena ha e be thuto ho setjhaba, ho bana, dipalesa, dishweshwe le bokgabane ba setjhaba. Shu! Ha di eme di botse matebele…
O ne a ikutlwa hore haeba Mafenetha a ka phela hape, a ka boela a mmolaya hape ntle ho mohau wa letho. Kgetlong lena molamu o kopane le tshepe. Ho tla bonahala ho re ha ele molao, e le mafisa ebe ya matla ke mang.
KGaoLo Ya 12
Mafenetha enwa eo ho buuwang ka yena le yena e ne le mmolai, empa o ile a tswa toolo kgotla. Kajeno ke mofu mme re tla bona ho re ya hae nyewe yona e tla fella kae.
Motho o nwa tse pedi tse tharo e be bo se bo mathetse thekeng hoo a seng a batla mosadi e mong le e mong ya fetang.
Mafisa o ne a ithorisa a bile a phoqa ho re o la utlwa sepolesa se re se fofonela, se a kopola, empa ke sena ha se kgone ho mo tshwara. Hang hoba a qete ho menyeletsa botlolwana ya jwala ba sekgowa, ke ha a hlaba qootho hodimo bethe a mametse seyalemoya sa hae. Seyalemoyeng moo, ke ha ho hlahella hore hona le motho ya seng a tshwere mabapi le polao ya Mafenethe.
Lekgotla le ile la ema le monna mateneng ha Mafisa a ema a tiisitse hore ke yena ya bolaileng Mafenetha hobane feela a ile a bolaya Lerato, mme lekgotla la mo lokolla. Le ho re ho ya sepoleseng ha hae e ne e se hakaalo ho inehela, e ne empa e le ho kgutlisa sethunya hobane o ne a qetile mosebetsi wa sona.
Ruriruri ya mmaruri, ena taba eka e kgwadi, e kgwatsana. Hore mmelaellwa o tshwerwe ntle ho mabaka hobane feela nakong eo a neng a tshwarwa ka yona, ho ne ho se letho leo ho ka thweng o ne a ka bellaellwa ka lona mabapi le polao eo e sehloho ya ngwana e monyane hakaalo dilemong, ho yena eseng ntlong kapa moo a neng a e patile teng.
O ile a hla a etswa walawala ka pelenyana hore sethunya seo se hlahlojwe ka ho panya ha leihlo. O ne a qoba hore Mafisa a se kwallwe nako e telele ntle ho seo se mo tlamang. Ho latela diphuphutso tsa molao ho ile ha fumaneha ho re ke nnete sethunya seo sa Mafisa ke sona se ileng sa sebediswa polaong ya mofu.
Motho o mong feela eo a neng a ena le ho qoqa le yena le ha e se moqoqo o yang kae. Motho eo ke moruti wa hae wa kgale ya neng a se a behile meja fatshe. Ha e le moruti e motjha yena, o ne a sa batle ho mmona le moo a hatileng hobane feela a re ke ngwana.
“Ke Mafisa nna ha ke mmae, o tla nkutlwa. Ke tla ba jwetsa sefahlamahlo” Ho sa tsebe ditsaimaiso tsa makgotla a dinyewe ho ka beha motho ka mosing. Hang ho ba lekgotla le kene, ke ha moahlodi Steyn Delport a fa mmueli Mathobisa ho ka hloma paki ya mmuso dipotso tsa phapanyetsano. Jwale wa qaleha moferefere ka kgotla, ya nna ya ba ha ntjha ha tima, haboro e ne e kopane le koro. Kamehla ho jwalo ha Mothobisa a botsa dipotso.
A fellwa ke bohlale, maqiti le masene mmoho. Ngwanelajakane a ba a timellwa ke ho etsa thapelo ena e paala ya Ntata rona ya Mahodimong.
Mathibe wa batho o tlohile moo a ipotsa ntho di hanan ho fela, ho re ebe na Mafisa o thabisitswe ke lefu la Mafenetha hobane o ne a bolae Lerato kapa? Hona, ebe o tsebang ka lefu leo? Ho jwalo ka mehla ha ntho di rarahane tjena. Dipotso di feta dikarabo… Ka mona Mafisa a sala a iqabotsa a bile aboledisa bothoto ba sepolesa. Ho jwalo ka mehla ha setjhaba se sa sebedisane le sepolesa. Maobane o ne a lla semeimei. Kajeno o a keketeha, ha sepolesa sona se matha bosiu le motsheare ho latela menyenyetsi yohle eo se e tholang bathong.
Haele mona ho hlakile hore Mafisa o ipatlele lefu ho sa natswe hore le tla ka mokgwa o jwang, ha e le ho fanyehwa teng, naheng ena ya rona. Nke ke be re ye Lesotho, Jeremane kapa Kapa. Feela ke re yona ena ya heso naha. Ha o bitsa mabitso a ka tloha wa iphumana o fahlile mmuso ka lehlabathe o sa ikemisetsa kgutsana. Naha ke yona ena. Ke phetho ke tu!
Tsena tsohle di bontsha le ho supa hore maikutlo a fapana. Le mmuso mona le mane eka o ntse o na le sepheo se fapaneng. Ke realo hobane eka mmuso ka nako e nngwe o ba behile moo hore ba iphumane ba ithole jwalo ka batho. Le teng ha ho se mananeo a phethahetseng a ho sokolla tseo tse ke ke tsa thusa ka letho. Ka nako e nngwe ke ho ba tlosa pela setjhaba feela hobane ba le kotsi. Batho bana ba lokela hore ba fete maemo a itseng a ditlhabollo tshokollo ha ba ntse ba le moo, e le ho re pele motho a ka fuwa parola, a fete le ho phethela mananeo ao a behuweng a tlhabollo. E seng motho a lokollwe le ho fuwa parola hobane feela a thodisitse bokeleme.
Ha a fihla sepetlele moo, ke ha baoki ba baleha ha ba mmona a tonne mahlo. Balebedi ba buisana le yena pele a kena. Eitse ha a kena ka phaposing ya Mmalerato, a fumana adutse hodima dikobo a le metsi tee! Ke mofufutso. Batho ra bona mohlolo. A fihla a dumedisa mosadi wa hae ka boikokobetso, meokgo e keleketlile marameng ho bontsha hantle hore kelello le he e ye e mmalehele, e sa le teng ho yena.
Ha re tloheleng ho oka seso ka makgapha, re tobe taba. Lerato o ile a ya sekolong jwalo ka mehla ho se phoso hohang feela. Hang ha a le tseleng a kgutlela hae, ke mona moo a kopanang le sekweta se lonya, dinyane la Satane, se ileng sa mo etsa ntho di hana ho fela. Ruri ho thata ebile ho boima ho thatolla toloki ena ya lefu la Lerato.
Hona ho kopane ba batsho le ba basweu. Ho bonahala ho re lefu ee le tlisitse kopano merabeng e neng e arohane ka nako e telele. Mokgopi oo wa mmala wa mookodi o bile wa tshwara mohwanto wa ho isa lengolo le bontshang ho ameha ha setjhaba ka ditlhekefetso. Le hoja pelo tsa batho di ne di amehile hakaalo, kgetlong lena hone ho bonahala hore maikutlo a kokobetse mme ba mmoho tabeng ena.
Thola o mamele.
Ha ho aka ha mo nka kgwedi a entse kopo ya laesense ya sethunya. Mohlomong ke ka hobane a ne a sena rekoto ya botlokotsebe e sa le a tswalwa. Qetellong ya ditshiu tsa hae tsa ho phela, o itjarisa joko e boima ya ho bolaya.
Kajeno ke hora ya borobong hodima hlooho mme re boetse re mona lekgotleng la dinyewe moo ho ntseng ho komelwa nyewe ya lefu la Mafenetha teng. Paki ya pele e se e ile ya kgeloha seporo, jwale re se re tla utlwa tsena tsa mmusomg tsona di re beha kae.
Le ha e le mona pelo ya Mafisa e ne e dula e rotha madi bosiu le motsheare motho o ka ipotsa hore ke hobaneng ho le jwalo hobane phofu ya hae eo e neng e le sona sera se seholo ho feta tsohle, o ne sa e romele ha Maotwanafinyella. Le kajeno lena le hodima o ntse a hloka phomolo moyeng hobane ha a batle ho amohela hore lefu ke leqosa le isang motho hae Lehodimong, kapa lefu ha se tharollo ha taba di rarahane tjena. Matsatsing ana o matha makgotla tsatsi le tjhabang le le dikelang hoo ho bonahalang hore ditshika, maqiti le tshepo ha di sa le yo ho yena O dula a nahana ka ho kopana le mosadi wa hae le moradi. Ha a hopola hore mohlomong o tla ilo kopana le Mafenethe ha a fihla pele kwana moo ho sa keng ho kgutlwa, re tla bonwa le ho hlajwa malotsana ka teng hore di eme jwang.
O ne a se a futhumetse a ikutlwa hantle ho re jwale o lokela ho fiela Mafenetha, ebang ho hlokeha le yena a ikotjele. Lepatlelong kantle moo tameneng, makoloi a ne a ritsitse le hoja a ntse a fokotseha ka bonngwe ka bonngwe. Haele mafiritshwana ona, a ne a ntse a bonahala mona le mane ba tenne mese e mona eo hothweng ke madimo-ntjeng. Mehleng ena ba se ba e bitsa ka sejatlhapi ba re ke, PLEASE CALL ME.
A puo tse bohloko ruri. Hosane ba boela ba lle ba re sepolesa ha se sebetse.
Ka mora hoba a nke kano, ke ha a qala ho fana ka bopaki ka tsela e phodileng a sa bontshe ho tshoha kapa hona ho tatasela. Ha ntse a inanatha jwalo, Mothobisa o ne a ntse a kgwarisa a inamisitse hlooho ho bonahala hore ho thata ho ntsha Mafisa mona selemong sena. Kelello ya hae ya boqwetha ya mmolella feela hore mona ho hlokahala maqiti le boqhetseke ho qala nyewe ena.
Kwana le yena o ne a tseba hantle hore mehleng ena motho a ke ke a tshwarwa feela feela tjena hobane ho nahanwa ho re e ka nna ya eba yena ya entseng tlolo ya molao. Pelaelo e phethahetseng e lokela ho ba teng. Ha o e sheba ka leihlo la molao o kgotsofale ho re lepolesa le ne le tlamehile ho ka emisa mmelaellwa le ho mo setjha pele. Le ha ho le jwalo, Mathibe wa batho o ne a ile a sebetsana le nyewe ena ka hohle ka moo a ka kgonang. E ile ya mpa ya eba le masobanyana a itseng ao ka ona nyewe e ileng ya putlama. Ha nyewe di ntse di putlama jwalo, tlhekefatso yona e hlwa mekwalaba.
Moahlodi a diha kahlolo ya dilemo tse leshome a hula ka thata ditlamong. Ya re ha a qeta, a phutha dipampitshana tsa hae a ikela. Jwale tsa mo phamola diphamola ho leba tlaase matamomg hona moo mapantiti a hulang joko tse boima tsa mesebetsi eo ba e entseng. Le ha e le mona batho ba eya ntlwanatshwana dilemo tse telele hakaalo, ho ntse ho le teng diphephetso tse tobileng banna le basadi hore ba kgutlele bothong.
Ha a nahana ho kgutlela hae Lerato a le siyo, a itshela ka dikgapha ha a hopola bohale ba Mmalerato bo kang ha se mme wa seaparo.
Ruri ho laolwa le ho buswa ke pelo le maikutlo ho ka isa motho diheleng moo motho a neng a sa ikemisetsa ho ya teng. Ho ka ba molemo ho buswa ke molao kapa o tlohelle pelo e lwane le maikutlo ho fele.
Le hoja a sa ka a mo sebetsa, o ile a mo siyela thathonyana hore a tle a e sebedise pele a eya sepoleseng. Eitse hoba ba arohane ke ha Mafisa a lahla sephuthelwana seo sa moriana. Ruri enwa motho o ne a kopane hlooho e le ka nnete. Nengneng, kaekae, o ne a batla ngaka empa ke enwa o lahla dithatho. E be o hlokang. Utlwa ha pelo ya hae e lwana le maikutlo o reng; “Ke kgale ke koma ditlhare, ke etsa dithapelo. Kgetlong lena nna ha ke shwa leteng ho lokile, ke kgale ke phela fatsheng lena le hlokang nnete. Ke bone meeka ka boha mehlolo, ha ho letho leo ke s tsebeng” Ha a realo o ntse a honotha feela hoo motho ake keng a utlwa seo a ntseng a se bua.
Ha banna le basadi ba hula ka thata jwalo, hae kwana bana ba ja meqomong, ba robala diterateng. Kaekae ba ntshuwa matlong hobane ha ho sa le motho ya lefang moo. Ba bang ba tswile dikolong. Motho a ka ipotsa hore boetapele e tla ba bo jwang ba ka moso ha e le moo ba sa phetla le ho phetla tjhe? Hona ho bao ba phetlileng, e tla ba bothata bo bokae ho busa sekgakgatha seo sa batho ba sa balang? Le ha ho le jwalo, ha re se phetse hore tsela tshweu ho fihlela kganya e fihla.
Hore molao o sebetse, ho batlahala dintho tse felletseng eseng hakaalo nnete kapa maikutlo a botho. Mosotho wa kgale o ye a re tselakgolo ha e bolaye. Ha taba di le tjena, molao o nka tsela e telele ho fumana dintlha tse felletseng pele ho ka etswa qeto ya nyewe.
Ha taba di eme tjena, eka setjhaba kaofela se ka heletsa hona ha ho a nka motsotswana feela. Kgotso le kgutso tse neng di rena ka hare ho Mafisa, di ile tsa fela ka ho panya ha leihlo hoba moradi wa hae a bolawe ka sehloho.
Ere ka ha nyewe e na e ntse e fuputswa, ho na ho se bonolo hore batho ba fuwe dintlha kaofela.
Ha ho le tjena pelo ya Mafisa e ne e matha thoteng tse tjheleng moo ho ke keng ha hlola ho mela jwang teng. Moo ho ke keng ha eba le tshwarelo teng le ha motho o ka etsa thapelo e bolelele ba ho fihla moo lefatshe le fellang. Le ha dipelo tsa batho di hlomohile, di hlorile, di labalabela boiphethetso, moya wa Lerato o phomotse ka kgotso badimong.
Ena e thata haholo hobane le ha eba e le lona, fatshe mona matsatsi a na le mabitso ka ho fapana. Empa lena le tjhabang hodimo le be le dikele, na lona ha le fetohe?
“Bohle ba neng ba nthusa ba ile, mme meya ya bona e dutse monateng. Le nna kgutsana ke se ke hopotse Badimong ba heso moo ke tlang ho phomola teng. Le teng haeba ke ya di heleng, ho lokile ke hle ke ye, a se pholla kgafetsa eka o tla tloha aithunya. Ho ne ho sa hlaka hore ebe o a lora kapa o a phofa na. Eitseng ho tjhang ho sa ile le kgongwana hodimo, ke ha sajene Mothibe a fihla a emisa vene ya sepolesa hekeng tsitsisti…
Sena sa bontsha hantle ho re setjhaba se amehile haholo ke nyewe ena. Le hoja ho ne ho le thata, ho le bohloko hakaalo bathong ba bang, ho ba bang e ne e ntse e le kgotso le kgutso. Dishweshwe le mehaladitwe di ntse di eketheha ho paka botle le bokgabane ba popo ya Ramasedi.
Mathobisa o ile a ithaburanya ka ha a botsa Mathibe dipotso tseo boholo ba tsona moahlodi a ileng a dula a mo sireletsa ka ho re o se a di arabile. Mathobisa yena o ne a batla hore a mo lobokanye kelello ho fihlela moo a tlang ho hanyetsana le tseo a seng a pakile ka tsona. Ke a o hlapanyetsa moreso ho re Mathibe o ne a thelle jwalo ka thalabodiba, a bontsha boiphihlelo tshebetsong ya sepolesa. Ha lepolesa le paka mokgwa o tjena, ha ho lebaka la hore ebe le sa ntse le bitswa sajene. O lokelwa ke hore a phahamiswe ebe nkokonono, mmampodi ka sebele, a se okamelwe ke makejakejane ana a kgantshang diphephetjhana empa ho se boiphihlelo hohang ho bona.
Le hoja Mosotho a re letsatsi la kajeno ke lona lela maoba le maobane na?
KGaoLo Ya 10
Ntlwanatshwana ditlamong kwana, fifing la bonkantjana, a ke moo Mafenetha a hanang a lomahantse meno ho re ha se yena ya bolaileng Lerato.
Bonneteng ba taba, o ne a se molato hobane a sa tahwa hohang feela. Kwane Mosotho o ye a re; nonyana e otlellwa le sehlahla. Ke phetho ke tu!
Ena ke e nngwe phoofolo. Hang ha a tloha moo, a menahana le mehlala ho leba lapeng.
Ha ditsietsi di behile batho merebele ka mokgwa o tjena, ho ba thata ho ka kgodisa motho hobane ke mona le makgotla a hana ho ba sebeletsa ho ya ka moo ba utlwisisang le ho lakatsa ka teng.
Sepoleseng mane batho bane ba ntse ba etswa ba kena ho tla tlaleha mathata a bona ka ho fapana. Ha hora ho otla ya boraro hodima hlooho, ya hata e kena ntja-a-makgaba. Yona koko o haile kae bana ba a o tshaba. Ke bolela yena Mafisa ka sebele, monna ya sa batleng ho jarelwa mefokolo ke banna ba bang. A kena a hatela hodimo jwalo ka le leshodu le batla ho tla utswa ho itseng le nto ikela. Jwale ha qaleha moferefere. Ha dubeha. Ha nkga ho sa bola ka hare ho polesiteishene. Batho ba ne ba ntse ba thuswa ho ya ka moo ba fihlileng ka teng le ho latela ho re mang o lla ka eng jwalojwalo. A kena a fohlaka feela ho ya khaontareng moo sepolesa se ngollang teng. Banna! A fihla a nyahlatsa pistolo le mahlahlelo a yona hona moo a tonne mahlo. “Hei banna! O kae Mathibe?” ha a realo ke ha a tilatila hodima khaontara ka letsoho a ntse a re o mmatla mona. Kgidi! mapolesa a tswa a patisane monyako o kenellang ka hare ka kwana ha ba bona sethunya. Batho ya nna ya e ba; joo…joweee… thusang ra shwa weee… riri Mathibe le ha ba ne ba ye ba re ha a na dipalo empa o ne a le sebete ho feta bana ba batjha ba mangolo a hodimo. Hang ha a utlwa morusu oo, ke ha a hlaha ho tswa ka kantorong ya hae. Le hoja a ne a tshohile, ha a ka a rata ho bontsha ho tshoha hoo ha hae. Eitse hang feela ha ba teanya mahlo le Mafisa, ke ha a re; Mafisa e se e le eng hape ka wena? He!”
Hara mmidimidi oo, ho ne ho le teng Mafisa le Mmalerato. Ba ne ba tsheheditse ho feta ka moo motho o neng o ka lebella ka teng. Dipelong tsa bona ba ne ba emetse ho tla utlwa ha moahlodi a diha kahlolo. Kahlolo eo ba neng ba e lebelletse, e ne e le ya lefu qha.
Taba ke ena … Ha Mafisa a ntse a kopakopanya boroko ka dipilisi le ha bone bo hana, sepolesa se ne se ntse se itlhopisetsa nyewe e ileng ya hohela lefatshe bophara.
Lefu la Lerato le ile la tla ka mokgwa o sa amoheleheng hohang motseng oo le lefatsheng ka bophara. Le ha ho le jwalo, mehleng ena bana ba bolawa jwalo ka dintshintshi ke batho ba baholo hoo motho o ipotsang hore, ebe bane ba ba isa kae.
Karolong e nngwe ya bopaki ba hae o ile a bontsha ka ho totobala ho re boiphethetso ke tlolo ya molao, mme ha ho ka moo molao o ka sireletsang motho ya etsang seo ha ho sa natswe hore ke tlasa mabaka kapa boemo bofe.
“Ha eba e ne le bosiu jwalo ka ha o se o dumetse, ho tjho ho re ha o a mmona.” “Tjhee monghadi, ho mmona ke mmone ke mpa ke sa hopole diaparo tseo a neng a di apere tsatsing leo.” Ho realo Makubetso le ho ja ho bonahala hantle hore ha a sa hopola kapa hona ho ba le bonnete ba hore moqosuwa o nkile nako e kae pele sethunya se kgabola? Kapa o mmone hang kamora hoba se kgabole? Ha a boya sekwele mora Mokubetso a hlalosa ka letswalo le thotseng feela ho re o mmone hantle hang feela ha sethunya se qala ho kgabola. Mathobisa a mo tonela mahlo, a hana a lomahantse meno hore o ne a ke ke a ba le bokgoni ba ho ka bona moqosuwa tlasa maemo a jwalo a tsitsipano e kaalo ebile ba utlwile ka mokankanyane.
Eitse hoba Boriki a phethele bopaki ba hae, ke ha lekgotla le kgefutsa nakwana ya metsotso e leshome le metso e mehlano. Ha lekgotla le sa kgefuditse jwalo, Mafisa a bonwa a keketeha e le ha a utlwa mmuelli wa hae a re Boriki eka o ntse a ipuela ditsiebadimo.
Makubetse e ne e le e nngwe ya dipaki tse ka sehlohong nyeweng ena. Haeba re hopola hantle, Makubetse enwa e ne e le motswalle wa mofu Mafenethe. Le mohlang a ne a bolawa ba ne ba ntse ba le babedi. Lefu ha le na morena. Mafenetha e ne e le sehwabana, ntho e ke keng ya tsitsinngwa ke diheshana boMafisa. Empa kajeno o bitwa mofu, mme le yena o patilwe serapeng sa mabitla jwalo ka batho ba bang. Motjhotjhisi o ile a etella Mokubetso pele ha a fana ka bopaki, a hlile a bonahala a le mahlahahlaha eka o tseba tsohle. Motjhotjhisi enwa e ne e le monghadi Ntataise. Botataiseng ba hae a bua jwana: “Ee, monghadi Mokubetso a ko bolelle lekgotla lena o sa lobe letho ka seo o se tsebang ka moqosuwa enwa, o itshetlehile haholo ka se ileng sa etsahala mohla monene moo Mafenetha a ileng a thunngwa le ho bolawa teng”.
Eitse hoba a theohe, ke ha moahlodi Steyn delport a bontsha mona le mane hore paki ena e dukile bopaki ba yona hobane feela e sa ka ya eba le mamello ho arabeng dipotso tsa mmuelli Mathobisa. Ka hoo hee ha phethahala ha hlaka hore bopaki ba hae bo ka ke ba amoheleha ka ho phethahala ntle le dintlha tse pedi tse tharo tseo a ileng a tsitsa hodima tsona. Lekgotla ha le a ka la hlahisa dintlha tseo tse boletsweng.
Hang ha a atamela ho yona e ba o pepeta senotlolo. Yona mabone paipai, jwalo ka ha eka e ntse e re ke o emetse ha re tsamaye. Ha ba eya ba lebile koloing ke ha Mokubetso a neha Mafenethe ho hong letsohong. Yaba Mafenethe a kgutlela ka hare le ha a ne a se a phunkgane hakaalo. O ile a nyamella nako e telele hoo Mokubetso a bileng a theoha ho ya mo sheba.
Ka mora hoba ba be tlhokomelong ya bongaka ba ha Mafisa ba ile ba lokollwa sepetlele. Le ha ho le jwalo, pelo tsa bona di ne di ntse di rotha madi. Kwana maikutlo a bona a ne a bonahala a batla a kokobetse hannyane.
Mathibe o ile a hlalosa hore o ile a leka ka hohle ka moo a ka kgonang ka teng hore a latele metjha ya molao. Sethunya seo se ile sa romellwa dihlahlobong tsa dibetsa ho ya ho se lekola ho re e be ke sona se sebedisitsweng polaong ya Mafenetha kapa tjhe.
Mafisa o ne a bona a bolokehile ho bona sepolesa le sesole se paterola motse ka tsela e jwalo. “Hela kgomo tseo le manamane a tsona bammuso…”O tjho jwalo e le ha qeta ho fahla mokgodutswane ka thoko ho tsela. Ya re le pele a qeta ho itokisa, ke ha dintja tsa mmuso di mo phamola di mmetsetsa jwalo ka mokotla wa mashala ka mora vene. Eitse a sa kena a itshwahlametsa jwalo, ke ha a fumana ba se ba ntse ba mo emetse. Ba mmolaisa dieta. O ile a mamella feela ka ha a ile a wela hodima bona le hoja e ne e se ka boomo…
Le ha ho ile ha monka nako e teletsana a sa kgone ho amohela hore o se a phela a le mong, peo ya hae e neng e se e iphelela thoteng tse tjheleng, e ile ya kgutla. Feela nyewe ya moradi wa hae e ne’ e sa mo fe phomolo ha a hopola mantswe a mosadi wa hae a ho re a sale a beile ditaba leihlo ka hloko.
Lekunutung leo la bona ho hlahella tse latelang. “Ha e le moo o bolela hantle ho re ke wena ya bolaileng mofu, hoya ka wena, mofu le eo motswalle wa hae, na ba ne ba nwele haholo kapa hantle feela jwalo ka batho ba bang moo?” Ho botsa Mothobisa. “O a bapala monna; ba ne ba phunkgane ‘pap’! ke a tjho…” E be ke hobaneng ha o ile wa thunya mofu? Ho botsa Mathobisa a hlile a batla ho thola ditaba kaofela. Qalong Mafisa o ne a sa ikemisetsa ho sebetsa mmoho le yena, empa kgetlong lena ke enwa o ithapetse. “Lerato! Lerato! Heiii “Ha a realo a sekisa meokgo ho bonahala hore taba eo e mo amme maikutlo.
Tse ding tsa ditlhaloso o ne a di thola ho tswa bathong empa di sa tlohelwe di hole mmoho di tla bonwa mohla kotulo.
“Kgutso ka kgotla!” Ho realo motjhotjhisi a bonahala a potlakile le ha re sa tsebe moo a potlakatseng teng. O ile a nna a di bitsa ka ho latellana a fana ka maswabi a fapaneng ao di tlang ho buuwa ka ona.
Eitse ha vene e fihla poleseteishene, ha bitswa ngaka ho tla hlahloba ngwana eo. Mapolesa le ona a ne a tshohile hobane a sa ka a hlokomela ho re ho teng mosadi ya pepileng ngwana lesea nakong eo ba ntseng ba hlohlela batho jwalo ka mekotla ya mashala ka veneng. Ebe tselatshweu batho ba tla e bona jwang ha e le mo ba sa natse ditokelo tsa bana ba masea tje? Ke yona taba eo.
Jo, ya ba Mathibe o se a fahlile mmuso ka lehlabathe ke ho bua ka nyewe eo ya moradi wa hae. A mmolella sefahlamahlo ho re ha a sana tshepo hohang sepoleseng hobane le bosiung bona bo fetileng, o ne a kwalletswe tjhankaneng hothwe o tahilwe. O ne a bile a bolela hore mapolesa a se a jele tjotjo ke ka hoo nyewe ena ya Lerato e sa kgoneng ho fela. Ao tjhe, yaba Mafisa o duletse ho nxafetsa a sa kgaotse.
HA DI EME DI BOTSE HA DI EME DI BOTSE
Hara sehlopha seo sa banna le basadi ba leshome, ho ne ho bile ho le teng ba mautlwela batho, bana ba fofonelang ditaba haholo ha ho le tjena. Empa ho potlaka hona ha bona, le hona ntshe ho batla ho tshwana hantle le polelo e reng, motho o aha serobe phiri e se e jele. Ke realo hobane ngwana o se a fenethiwe empa sepolesa le setjhaba ka kakaretso se ntse se le teng. Kwano ha re a lokela ho nyatsa lehlakore le itseng. Ho bohlokwa hore re sebetseng mmoho ho lwantsha ditlolo tsa molao.
Ena taba e hana hohang ho theohela le ho tsitsa maikutlong a setjhaba. Mona le mane motho o ka ipotsa hore ebe ho bolelwa eng ha ho thwe motho o tshwerwe ka tsela tse sa nepahalang tsa molao empa a tshwerwe ke lepolesa se sebedisa molao o ka thoko hoo e reng qetellong ya ditaba dinyewe di qhalwe, ruri karohano e tla ba e kgolo ho feta noka ya Mohokare ho ka e tshela. Le ha ho thwe e kgotjwa e le maotomane, maemomg a tjena teng, seo se ke ke sa amoheleha. Ho itswe setjhaba se se inkele molao matsohong. Empa ha e le moo ho etsahala tjena, ka ho realo ha se hore sepolesa le sona se ke ke sa eba le dikgaello tse itseng. Ha di fokotswe bo!
Ka mehla ha a qeta ho hlwekisa o ne a beha dipalesa ebe ha a qeta o buwa jwaana:
Thamahane ya dula e larile habohloko tlasa sefate e sa sisinyehe le hannyane feela. Pistolo o ne a ntse a e pholla kgafetsa monwana o se o le pshasha ho kgothotsa dinotshi tsa semana.
Ha a lokela ho arabela ke ha a mmontsha sethunya hodima khaonthara. Mathibe a se phamola ka ho panya ha leihlo feela a ba a mmolella hore o tla mo kwalla le sethunya seo a se nkele sefothe.
Kaekae eka ho ne ho ntse ho hlahella hore mona kapa ho latela paki ena, Mafisa o ile a tshwarwa e le ha a itlisitse mabapi le polao ya Mafenethe eo ka nako eo ho neng ho se motho ya neng a tseba hore mmolai ke mang.
“Ke phethile takatso ya ka mme le ha nka shwa, ke tla robala boroko ba ka ka kgotso. Ha e le badimong ba heso ba Matebele a hlapang ka moro metsi a le teng, teng ke tla kena ke matha hobane ke bolaile sera sa Matebele. Ha nka kopana le yena hape hodimo kwana, a eja letshemetsheme hara lefifi ho boela hae.
Ke eo taba.
Ha letsatsi pitikwe ya mollo le hlahlamela dithaba, le hopotse tlaase Bophirima ho tswa hole kwana Botjhabela, ke ha batshwaruwa bohle ba kenyeleditse Mafisa, ba nkuwa ka vene ho leba tjhankaneng. Motho wa pelo e kgubedu, wa ho buswa le ho laolwa ke maikutlo le pelo e hanang ho teela kapa hona ho qekwa, ho e na le ho kena lebitleng, ke e nwa o kena ntlwanatshwana. Kwana motho ka mong o na le maikutlo a hae a fapaneng le a e mong bophelong bona boo re bo phelang. Taba kgolo ke hore ebe motho o bo laola jwang ha a thabile, kapa ha a kgenne a halefile, a tuka malakabe ke ho utlwa bohloko. Ha e ne e le koloi re ne re tla fokotsa mafura re theole dikere ho fokotsa lebelo. Jwale motho ha se koloi.
O ne a ipolelletse ho tswa botebong ba pelo le maikutlo hore ha a ka leka feela a re o ikgutlisetsa, o tla mo phunya masoba hore a patwe e le sefe.
Ka mora nako e sa fediseng pelo, ho ile ha tshwara motho ya neng a belaelwa mabapi le polao eo e sehloho. Setjhaba se ile sa hlasa ke bohale se batla mmelaellwa matleng.
Qetellong ya ditaba ke hore Mafisa o ile a llelwa ke ditshepe, mme pistolo ya hae lemahlahlela tsa nkuwa ke sepolesa. Ho Mafisa ho ne ho duma kahlolo ya lefu qha! Ntho ya hore a ka nna a ahlolelwa bophelo tjhankaneng, o ne a sa enahane feela. Le lefu lena leo a buang ka lona, o ne a nahana hore o tla ilo kopana le mosadi wa hae le ngwana ka lona. O a lebala hore e mong le e mong o tla ema pele terone ya kahlolo ho sa natswe hore o moholo kapa o monnyane.
Hara lefifi leo o ne a bile a kentse diborele tse lefifi le katiba e mona eo hothweng ke hopahete. Ha hla ha ipaka ho re ha e a lala e a kupa. A qetella ka ho hlomela jwalo ka lesole le yang ntweng, a nto theohela hare kwana hara motse, hona moo ntho di etsahalang teng. Hona moo ho fulang phokojwe, phiri, lekanyane, dikonyana le dithamahane mmoho, eka kgotso e teng athe e nngwe le e nngwe e iphehela ka pitseng. Mona ke mona moo hothweng ke kenang bohle baka se sa le teng, ho sa natswe ho re o moholo kapa o monnyane.
Ere ka ha matsatsi a tjhaba ka ho fapana le hoja kaofela a tjhaba ho tswa Botjhabela a dikela Bophirima le lona lena le hodimo, le nnile la tjhaba jwalo feela.
‘Op en af” ena ya bona ya kgentsha Mafisa le ho feta hobane o ne a lokile ho phatlola Mafenethe hlooho, e re bosiu bo esa, e be e le mofu kokwanyana di emetse setopo sa hae mobung.
Ere ka ha matlo ho tjha a mabapi, batho ba ile ba phallela moo ho tla thusa le ho utlwa se hlahileng. Bonnete ke hore le batho ba ne ba sa ba ratesise hantle hobane ba na ba nahana ho re bona ba tla kena Lehodimong ka ha ba tsamaya kereke. Le hoja batho ba ne ba ferekane hakaalo, ho ne ho eso hlake ho re Lerato o kae. Ebe ba hao bana bona ba kae?
Hang ha a realo ebe o se a itshela ka dikgapha. Ruri ke maswabi ho bona dikeledi di keleketla marameng a setswadimoholo se kang sena. Le ha ho le jwalo, sena ya eba sehlabi se tjhwatjhwaselang pelong le maikutlong a Mafisa, haholo ha a hopola hore o ne a rata Lerato ka lerato le ke keng la bapiswa le eng kapa eng e teng lefatsheng. Ho tswa botebong ba pelo e rothang madi, e sulafalletsweng ke ho phela o ne a re, “Haeba ke nnete seo Mmalerato a se buang, ke kopa tshwarelo ho Modimo le Badimo ba Matebele, batho ba hlapang ka moro metsi a le teng.
“Ke Mafisa e motsho Letebele, motho ya hlapang ka moro metsi a le teng. Ke tla mo fafatsa hoo ba boi ba tjhetjhe. Ha e le sepolesanyana sena se makwala sona, ke tla ba etsetsa ha e phethwe ha ba ka tla ntshetisa morerong ona wa ka. “Ha a realo, a tsheha haholo a ba a keketeha.
E thata ena potso banna, hobane motho a ke ke a phela ka moo a ratang ka teng. Haeba e le bosiu ke bosiu. Ha ho motho ya ka bo fetolang le ha a ne a lakatsa. Hoo ho ke ke ha kgonahala. Botebong ba pelo le maikutlo a hae, o ne a na le lehloyo le neng le hola tsatsi le tjhabang le le dikelang. O ne a hloile sebopuwa sena se monna hoo a bileng a lebetseng hore le yena ke monna. Ho hloya motho ntle le hore o leke ho mo Kenya tseleng ya nnete ha ho thuse letho. Ho teng ke ho phahamisa bora le bokgopo boo re lokelang ho ho hlaola maphelong a rona.
Ya hasana ditokitoki ka tlung a ntse a nxafa…nxafetsa. Ao, ngwana bo rona o phela thoteng tse tjheleng. Osusumetswa ke maikutlo a hlokang ho laolwa. Le hlooho ekapa difate, ha ho pheko, ke bothata ba kobo ya kgomo. Ka mora nako e telele a nyamelletse ka tlung, ke he a tswa aadile mabatha ho se motho ya tsebang moo a yang teng. Ke elwa a bile a ilo kena sepetlele moo mosadi wa hae a leng teng. Hona ho tjho hore o thotse molaetsa ho tswa mohaleng mme ke ka hona a ileng a pshatla mohala wa hae. E be molaetsa o ne o reng? Ho tseba mang ha e se yena Mafisa, hobane o fihletse ho yena.
Le ha e ne e sa le hoseng hakaalo, ba bang ba ile ba nna ba kgutlela hona mane ha maobane ho ya tloswa letshweya. Ruri lena letshweya ke la mohlolo. E ka ba bosiu, motsheare kapa hoseng, motho wa teng o dula a lla ka letshweya. Metsotswana e se mekae feela Mafisa a fihlile ha hae, ke ha vene ya sepolesa e fihla e ema tsi! kgekgenene! ka pela ntlo. “Ao banna! ebe meleko ke ya eng?” A realo a nyontse, a tenehile a sa batle letho la sepolesa.
Matsetse le ditshitshidi tsa robala di iphepile ka madi a banna le basadi ba matahwa. Hoseng e sa le ka madungwadungwa, ke ha ba lokollwa e mong le e mong a fuparisitswe sephephetjhana se bontshang hore o tla lokela ho hlaola diranta tse lekgolo kaofela. Qoso ya bona e ne e le ya ho tshwarwa o nwele kapa o tahilwe pontsheng. Tsena tsohle tsa ferekanya Mafisa haholo ha a hopola hore o ne a sa tahwa. Hape, ho ne ho ntse ho le teng bao mapolesa a neng a ntse a ba kgashatsa ka kgopolo ya hore ba nwele hoo ba ka keng ba ela hloko taba ena. Ha Mafisa a ntse a komakoma jwalo, ke ha banna le basadi ba matahwa ba ikela ka makgoro ho bontsha hantle hore ba e tlwaetse nthwena. Ka nako e nngwe ho ba bohloko ho motho ha dintho tseo o sa di tsebeng di etsahala haholo ha o sa di tlwaela.
Hoseng ka meso o mamele tshase mamonotwana. Ha di ntse di kgitla dikodu jwalo ha monate, makgotleng mona ho pheuwe kgang, ho komelwa dinyewe. Mona kgang ya monna e kgaolwa ke letlaka ke phetho ke tu!
Ka kgwedi ena ya Pherekgong haholoholo ho ba lehlapahlapa la motimahlaha malapeng moo batho re phelang teng. Batho ba eya mosebetsing, dikolong, dikerekeng, mafung, ba a eta, kapa ba ithapolla ho le monate kapa ho le bohloko ka ho fapana.
Tse ding tsa dikgothaletso ho tswa bathong e ne e le hore molao o tla mo tshireletsa nthong tsohle. Empa o ne a ipotsa hore ebe o tla tshireletswa jwang o hlolehile ho tshireletsa Lerato tleneng tsa mmolai ya sehloho ya ntseng a eja a nwa tsatsi le tjhabang le le dikelang. Tsena tsohle ho yena e ne ele mopoto feela. Ka lebaka la lefu leo le sehloho la ngwana ngwanana, mmae e bile a qala ho kula a jewa ke mafu ao le ona dingaka di sa kang tsa a phekola ho fihlela a ikela Badimong. Hakaalo re ka se re dingaka di hlolehile. Re ka mpa ra re nako e ne e se e fihlile ya hore re orohele hae. Kwana tsena ke tse ding tsa dintho tseo motho o ka ipotsang tsona kapa a ipolellang tsona.
Bophelo ke ba monga bona a le mong. Motho wa lefatshe le ha a ka thaba, a hlonama, a hlabeha, a sarelwa, tseo tsohle ke mafela hobane a ke ke a phela ka ho sa feleng. Empa batho ba hana ho amohela le ha motho a se a iketse badimong. Le ho tela hona ho pala ha ba ho kgone kapa hona ho batla. Ha re sa tseba.
Le ha ho le jwalo ke ha sajene Mathibe a theoha a hatela hodimo ho tla ho yena. “Hela dumela a bo tau-ya-kgale. O phetse jwang?” Ke Mathibe eo a sa tsebe le ho tseba hore Mafisa o ne a kwalletswe bosiung bo fetileng. “Ya! Nka thusa kang?” Ke Mafisa eo a sosobantse difahleho ke ho teneha. Mathibe o ile a makala ke boitshwaro boo, feela a fetisa molaetsa wa hore ka Labobedi la beke ena e tlang, nyewe yane ya Lerato e tla boela e kena lekgotleng la motse hoseng.
“Lerato o re re mo tlohelletseng tleneng tsa sera” Ha a realo, keledi tsa keleketla marameng a swebaneng ke ho hola. Ho bohloko ho bona motho wa dilemo tseo a rotha dikeledi.
Eitse a sa ferekane jwalo, ke ha a nanabela Bibele ya hae e nang e tletse hohle malapeng mona, feela batho ha ba di phetle ho iphumanela bohlale ba Modimo.
Ha e le makoloi a sepolesa le diambulense e ne e le lengwee ngwee ngwee ho ya moo kotsi e hlahileng teng. Tse ding tsa tsona o ne a fapana le tsona tseleng ho se ya ka nahanang ho mo thiba tjhe.
Le hoja setjhaba se ne se itlatlareditse jwalo, taba boholo e ne e le ho bona hore o ameha ho le hokae nyeweng ena.
Ha ho le tjena ke hore motho o tlohele ho bala dikoranta tseo ka nako e nngwe di ye di tlaleheng ho ya ka moo di ratang le ho utlwisisa ditaba ka teng, athe hangata di rotelesa feela ho se jwalo. Ha kaalo ha se hore ha di bolele nnete, empa ho jwalo feela.
Jo,… mosadi a itshela ka dikgapa. Yaka o a bona hore ho hlahile tsietsi ya mahlomola pelo.
“Ruri bophelo ba mehleng ena bo naka di maripa” ho realo Mosotho wa maswetswe a lomahantse meno.
Topo sa tjapalla fatshe moya o tswile nameng, tjhoba le letse phoka. Ha e le Mokubetse yena o ile a phohlola koloing mono e le dikupu feela ka morao ho ntsha mosi ka lengope. Kgidi! ya boi enwa motho. O ne a ntse e tshwere sethunya ho yena mono empa ho bonahala hore o bile a se lebala ka letswalo. Hoja Mafisa a rata ho mo fiela, le yena a ka be a ile ha Maotwanafinyela. Mafisa a baleha ka pelo e thabileng eo ho bonahalang hore e kgutlile mafisa moo thoteng tse tjheleng, moo e ileng ya eba teng nako e telele. A ikutlwa moya wa hae o phutholohile le hoja a bolaile motho.
Athe ho sa tsebe ke lebote. Ke realo hobane kgetlong lena eka Lerato o ne a wetswe ke kodua ya masetladibete. Ee, ngwana o harotswe ke koeyoko mme moya o tswile nameng ho fedile ka yena. Pelo ya hae ya qala ho balabala e sa qete, a kena a etswa ka tlung ho se nko ho tswa lamina. Hang ha a sheba nako, a fumana ho re manaka a palamane. Monna a fufulelwa nkong, a tlalwa ke pherekano haholo ha a bona ho re boholo ba bana, ho bonahala bo finyelletse malapeng jwale. Kamehla sekolo se ne se tswa ka bohora ya pele kapa ya bobedi, empa kajeno ke moo ngwana o jewe ke haretsebe. Eitse a sa tlalletswe ke naha jwalo a sa tsebe hantle seo a lokelang ho se etsa, a kopano le Mmalerato a se ntse a tjhesa a loloma ke bohale jwalo ka ha eka Mafisa o lokela ho tseba se etsahalang ka Lerato.
O ne a ipolelletse hore haeba molao o sa sireletse motho, motho o tla lokela ho nka thebe le lerumo ho itshireletsa dinthong tsohle. Ena ke tabatabelo ya motho ya felletsweng ke tshepo le maqiti a ho phela lefatsheng lena le ka kwano.
Jwale taba ke ena. Tsena tsohle ke tseo re di boneng ho seithati sena sa monna wa mmakgonthe. Joo… hee… o a ithata enwa motho! Ke bolela mang haese Mafisa ngwana wa ntlo ya thapelo. O ye a re o ka nketsang ha e ahe motse, motse ho ahwa wa morapedi. Ha ke bua tjena ke eo mo a emeng teng. O rakalletse jwalo ka mokoko o bona dithole. Sutu o kentse e ntsho, mme dieta di benya sa lehadima sebele.
“Mallela! Mallela! Tlohela ho mpotela monna. Ha le fanyehe ntja eno keng?” Ha a realo dikeledi tsa keleketla marameng, meokgo ya re qhii… a ba a inamisa hlooho ke pelo bohloko. Le ha ho ye hothwe monna ke nku ha a lle, empa kgetlong lena re bona monna a lla ho bontsha ho re ho hobe, ho thata pelo e lwana le maikutlo, mme e sitwa le ho qekwa kapa hona ho tshediswa ka eng kapa eng.
Fifing la bosiu ka kgitla, ke ha bashemane ba tsubisa Mafisa kgomoafatshe le hoja a ne a sa tsube motho wa batho. Ba re abine bosiu bohle a sa phomole. O ne a ipotsa hore ebe bana bao ba na le batswadi na, ha e le mo ba hloka tlhompho ke re le ha e le ka sekotwana feela sa monwana.
KGaoLo Ya 1
Matla ao ho buuwang ka ona mona ke a hore mehleng ena motho ha a ka ke a tshwarwa ka matsoho e se kgoho e tshweu hobane seo e tla be e le ho fahla mmuso ka lehlabathe. Motho ha a shapuwe. Kajeno tangtang e tla kgangwa ke lerole kgotleng la mmaseterata hobane ho phehilwe kgang, mme kgang ya mmona e tla kgaolwa ke letlaka. Moahlodi o tla tlameha ho diha kahlolo e tla thabisang setshaba kapa hona ho se utlwisa bohloko bo sa tswang madi. Ruri ho ba boemong bona ha se papadi. Le ha ho le jwalo re a tjho re re, tsela tshweu ho bafu ba rona ba re siyang re sa labella, mabaka a fokola ho ya ka kutlwisiso ya batho … HA DI EME DI BOTSE? EYA KAE BANENG?
Ntumelle ke hlalose hore lefu kapa lepato la Lerato le ile la ba leholo ho feta mafu a kileng a eba teng motseng oo. Lefu leo la hae ya eba thuto ho setjhaba ka kakaretso hore bana ba lokelwa ke ho hlokomelwa ka hohlehohle, ho sa natswe maemo a bophelo. Kgotso le kgutso tsa thobela lapa leo la Mafisa. Ha sala feela bodutu bo kopaneng le tlholohelo ya Lerato. Ha ho bonolo ho lebala ka motho eo e neng e le thatohatsi ho wena.
Ka molao hothwe ho ba teng ha dintho tse tse amahanngwang le ketso ya tloho ya molao, ha ho ka ke ha nkuwa e le bopaki, pele di ka hlahlojwa ho latela tsamaiso ya molao ka kgotla. Ha ho le tjena Mosotho o ye a re di tlohellwe mme di tla bonwa mohla kotulo.
Dipotso e ne e le lethathama feela hoo tse ding di neng di iphetha di sa tswa iphetha hoo qetellong paki ebileng ya hana ya ba ya dumela ka ho ferekana. Qetellong ya ditaba ho ile ha hlaka hore Boreki o ne a sa tsepamisa pono ya hae ho Mafisa, hobane nako eo a kenang ka yona o ne a ntse a thusa ka ho ngola setatamente sa monna e mong ya neng a bonahala a lemetse ha bohloko. Ho boetse ha hlaella hore Boriki le yena ke e mong wa batho ba ileng ba baleha ha ba bona Mafisa a fihla a beha sethunya seo.
Le teng lekgotla le lona le lokela ho ela hloko hore motho o be a ile a susumetswa ho tloha kae ho fihlela kae. Ruri ha taba di le tjena, pina mona e binwa ka dinoto tsa kgotla, ke phetho ke tu! Le ha batho ba ka itlatlarietsa, qeto yona e tla nkwa ke lekgotla. Batho ba sa dumellaneng le qeto eo ba ka fuwa monyetla wa ho etsa boipiletso lekgotleng le lokelang.
“Mohlomphehi ya kgabane ha eba ke utlwile hantle ho latela tlhaloso ya hao, o bolela hore o ke ke wa paka hore moqosuwa enwa e leng Mafisa ke ena ya bolaileng Mafenetha? “ Ke Mathobisa a tonetse paki mahlo a sa panye hohang feela, a emetse karabo ya hore: “Ee kapa tjhe” Ntumelle ke tjho jwalo manghadi hobane ke mona ha ke sa hopola dintlha kaofela. “A inehela jwalo a matha metsi a re tee! Ke mofufutso. Motjhotjhisi a fetoha, a ba motsho tsho! Ke kgalefo ha paki e inehela hore ha e a bona hantle hobane ha tjha ha tima. Ha taba di ferekane tjena o no tseba hore o a thoba mora Mathobisa o bula mamati a tjhankana jwalo ka lengeloi Gabariele.
Ho setjhaba, e ne e se ho re motho eo ke mmelaellwa. Ho bona ke yena ya molato, mme o lokelwa ho fenyehwa le hoja kahlolo ya lefu e fedisitswe naheng ka bophara.
Qetellong ya ditaba Mafisa o ile a fumanwa a le molato wa polao ka sehloho. Eitse ha a fuwa monyetla wa hore mohlomong a kope pebofatso ya kahlolo ka hore a se ahlolelwe bophelo tjhankaneng, ke ha a bua a sa lobe letho hore le ha eba a ka shwa, ha e le Mafenetha yena ha a batle ho mmona.
Heee, mehlolo ke dinoha mesenene ke batho. Mminathoko o re eitse ha lefatshe le wetswe ke lefifi la dibe Modimo, a roma Jesu. Empa mehla ena e ka tsela e nngwe hoo ke sa kgolweng hore Jesu a ka tla hape. Utlwa mohlolo wa taba ke ona. Ruri ya ka toro tsebeng tsa batho. Ba se ke ba dumela seo ba utlwang se bolelwa. “Ntumelle ke thatolle toloki ena ya dihlabi ke e behe phatlalatsa hoba nna ke ne ke le moo.” Mafenetha wa senokwane, mmolai, mohanyapetsi, sekweta, phoofolo, o tswile toolo kgotleng la dinyewe le pele nyewe e ya kae kapa kae. Ditebello tsa setjhaba mmoho le tsa Mafisa tsa hore Mafenetha o tla lokelwa ke ho fanyehwa, tsa fetoha mafeela a mafeela. Jwale tsa hlaha dipelaelo tsa hore ho hlile ha bonahala ho tloha kgale ho re lekgotla ha le na nnete kapa le hloleha ho fumana nnete le moo setjhaba se utlwisitsweng bohloko teng. Ruri ena taba e ne e hle ya bonwa kgale ke wa ntekatekane hore nyewe ya nna ya kgutlisetswa morao hoseng le mantsiboya, lebaka ke eng?
Mmalerato o ne a shebahala a fokotse habohloko. Sa ho qhalwa, sa ntsha mantswe a bohloko ho Mafisa.
Ha motho o eya kapa o romelwa ho sena sebaka, o ipotsa ntho di hana ho fela hore ebe o tla kgutla a tlo sebeletsa bana le mosadi wa hae na? E mong a re ebe o tla kgutla ho ya iphethetsa ho bao a leng moo ka bona kapa tjhe? E mong yena a re ha a sa hlola a tlola molao bophelo bohle ba hae.
Bonnete ba ditaba ke hore Mafisa ho latela histori ya bophelo ba hae, o ile a hlahelwa ke ditsietsi tse ngata haholo tse ka nnang tsa ba ke ka tsona a ileng a qetella a bolaile Mafenetha. Ntho tseo re di bolelang ke tse kang lefu la Lerato la Mmalerato le lena la Mafenetha o ne a ka amohela ditlhaloso tsa ngaka. Ha jwale e ne se e le nako e telele haholo hoo a seng a bile a hlahella ka ho inehela. Ruri ena taba ya hla ya eba tshitabadimo hoo moahlodi a bileng a e rekota fatshe e le hore a tle a ke a yo hlahlobisa hantle ho latela tsebo ya hae ya molao.
Ntho ya hore o ne a hatela hodimo a halefile ya ka jwale e tshelwa le ho kolobiswa ka metsi hobane Boriki a ile a baleha ha a bona sethunya. Le sethunya Mathibe o ne a se a se nkile le ha ho ne ho sa hlaka ho re ebe o se nkile kae, hodima tafole kapa ho Mafisa na? Le mona lekgotla le ile la boela la bontsha ho ba le kgwaonyana kapa ho se hlake hantle. Sethunya seo se ne se na le lengolo la teng la molao hantle.
Tse ding tsa tse ileng tsa etsahala mohla nyewe ke tse latelang: Molao naheng e nngwe o sebetsa tjena, ha ho ka e nngwe o sebetsa ka tsela e fapaneng. Ruri e ne e le morearea feela kgotla moo setjhaba se batla ho hlasela Mafenetha le ha se ne se mo tshaba. Ha a ntse a leka ho baleha setjhaba, ke ha boraditaba le bona ba ntse ba mmotsa hore o ikutlwa jwang ha e le moo a hlotsa nyewe. O ne a arabela ka dikarabo tse fapaneng ho bontsha hantle ho re ha a kgolwe ho re nyewe eo e fedile. “Nna ke tsamaiswa ke molao. Ho re ho etsahetseng, neng, kae, eo ha e battle nna. Molao o bontshitse hore ha ke na molato. Ha ho seo nka se etsang nna” Le ha a ne a realo ka makoko, botebong ba pelo ya hae o ne a tseba hore lefu la Lerato le tla botswa matsohong a hae mohla a shwang. Mohlomong wa moo molao o fapane le ona wa lefatshe lena la batho ba nama le madi.
Haele Mafisa le mosadi wa hae Mmalerato, bona ba ne ba hodisa bana ba bona tlasa thapelo le ho tshaba Modimo. Ka mehla pele ba robala ba ne na ye ba kope lerato ho etsa thapelo ya Ntata rona ya Mahodimong. Ruri bana ba ha Mafisa, Tlhahlamatjholo, Rammoloki, o ne a ba file mpho ya bohlokwa ka ngwana enwa, Lerato.
Ha bophelo bo ntse bo eja ka sekaja, botsofadi bo re behile marebele, ditshika di re thobela, diponono di thobelwa ke botle, la fihla leo ka lona Mathibe le yena a ileng a nkiswa kano lekgotleng la dinyewe.
A inamisa hlooho e sehlothohadi a ntse a re: “Modimo, nka bophelo ba ka.” Ho jwalo ka mehla ha mathata a pokile. Motho o bona lefu e le lona tharollo.
Ha matsatsi a ntse a eja babedi ho se motho ya tshwarwang, ke ha Mafisa a ipolella ho re ho tla ba molemo ho yena ho inehela sepoleseng hobane mona ha ho tema e kgathwang. Mohlomong o ne a kgannwa ke letswalo le hoja a e ntse sena ka maikemisetso. O ne a lokela hore ebe o phela ha monate hobane o phethile thato ya hae. Empa yaka pelo e ntse e tletse makukuno. Mona le mane a hopole ho ya kopana le pepeduma ya ngaka ya Mosotho pele a ka inehela sepoleseng. Kwana ho ne ho makatsa hobane e ne e le morapedi e moholo ka nako e telele. Ha maemo a le tjena motho o a ipotsa hore na e ne e hlile e le modumedi wa nnete kapa e le phokojwe feela ka hara lekoko modumedi wa nnete kapa e le phokojwe feela ka hara lekoko la nku.
Ka mora dihora di se kae feela, hoba ho utlwahale ka tsa polao eo e sehloho, sepolesa se ile sa tlola matjato ho sala menyenyetsi morao.
Ruri kgotso e ne e le ntho ya maoba le maobane ho yena. O ne a dula a tletleba a sa kgone ho teela. Pelo ya hae e ne e mo hlokisa phomola. Ka tjhebo ya mahlo feela, o ne a bonahala hantle ho re ke motho wa pelo ha a none. O ne a fokotse mmeleng, le makgethe a ne a hae a ne a mo thobetse. Ra bona feela ka lebelo la vene e neng e fata e kuputsaka marole ebile e ilo tlolella tlaase mane moo banna le basadi ba thojwang letshweya teng, hore ho senyehile.
E nngwe taba ke ena…
Hoseng ha letsatsi leo, ke ha mohatsae le ngwana ba tlile ho tla mmona. Le diphoofolo tse kang tsona dinyamatsane tse kang Mafenetha, di na le madinyane kapa bana ba hlokang lerato le tlhompho ya botswadi. Hang ha a teanya mahlo le bona ya eba diboko ka hohle. Ho bokolla Mafenetha, mosadi le ngwana.
Banna ba sepolesa ba neng ba tlo fana ka bopaki nyeweng ena, e ne e le lekonstabole Boriki le sajene Mathibe, kakapa ya ho ratwa ke setjhaba boholo.
Eitse hang feela ha ba kena moo tjhankaneng ke ha molebedi a rohaka motho ka mmae le ho mo tseba a sa mo tsebe. Ha ho hlake hantle ebe boitshwaro bo tjena ke karolo ya mananeo a tlhabollo kapa the. Mafisa wa batho ba mo kgarametse kwana ha bohloko a ba a otla ka seholoholo. Ha e mong wa batshwaruwa a leka ho bontsha ho sa kgotsofalle seo, ke ha a rohakwa ka mmae a kentswe monwana ka nkong ke molebedi eo. Ho ne ho sa hlake hore e ne e le wa morabe o feng. Ke realo hobane ha re bue ka merabe mona empa re setse Mafisa morao tseleng tse thata tseo a tsamayang ho tsona. Mafisa o ne a tlenne feela ho bonahala hore o utlwile bohloko; empa ba mo phamola feela ba mo shobile ka diaparo a ba a eme tswe!
Letswalo la hae la mmolella hore o lokela ho ikisa sepoleseng a yo ‘ithipota’ hore yena mmolai eo sepolesa se ntseng se mmatla. Pelo ya hae ya dulela ho lwana le maikutlo a ho re o tla ya neng sepoleseng hobane mmelaellwa o tla be a bolawa a shwele ntho eo a sa e etsang.
Ngwana a jewa ke haretsebe hara motse hoja setjhaba e le matletsentletse. Mmalerato le monna wa hae Mafisa ba kena sepetlele ho le bodutu ba sulafalletswe. Le ho ja ho le thata, ho le bosula jwalo, bophelo bona bo ntse bo tswela pele jwalo ka maoba le maobane.
Bofentefente ha ba sekhweshemetsa ba ya ba re: if diplomacy fails? Then force must be applied.
Empa jooo…”Ntate moruti! Moruti! Nke ke be ka kena lebitleng pele ke phethetsa lefu la ngwanaka mmoho le la mmae. “Ha a realo o sosobantse sefahleho, a tswehletse makweba ho bonahala hore o halefile.
Mona le mane batho ba kelello di hlaphohetsweng, ba ne ba ntse ba mo tshedisa.Ha bang bona ba ne ba hatella hore Mafanetha enwa o tlameha ho tloswa hara setjhaba.
Ha a utlwa le tsa botahwa ba bona di hlahella moo a inahanela feela ho re mohlomong ho se ho le teng ya tlang ho paka ka tsa botahwa ba bona mohla letsatsi leo la polao. A qetella a buile ntho tse sa botswang ho yena tsa ho re ba nwele hannyane feela mohlang oo. Eitse ha a utlwa kgatelo ya dipotso tse matla ho tswa ho mmuelli ke ha a kgetha ho inehela. A bua jwalo ka motho ya shwang. A amohela hore bonnete ba ne ba nwele ebile e ne e le bosiu ha tseo di etsahala. Jwale ya qala ya heleha nyewe motho a shwa batho ba shebile, empa qetellong bopaki ba hana ho kopana.
Ere ka ha mmuso ha o tate, nyewe ena e ile ya boela ya busetswa morao hape. Ha Mafisa a utlwa hore nyewe e buseditswe morao ke ha a shoba Mathobisa ka diaparo a mmolella hore a itshole nyeweng ena hobane o moja nako. Le yona ena taba e ntse e supa hore hlooho ha e so loke hantle. Le ha ho le thata hakaolo lekgotla ke lona le tlang ho nka qeto. Ditsietsi le mathata a lefatshe lena ke diphephetso tse batlang hore motho a kene ho tsona a sa hetle morao. Bophelo bo tletse diphephetso tseo ka tsona re ka bontshetsang pele ka ho di rarolla. TSELA TSHWEU BASOTHO… HA DI EME DI BOTSE… EYA KAE BANENG?
Ntumelle ke tjho hape hore batswadi ba rata bana ba bona, mme ba ba hodisetsa tshabong ya Modimo. O ne a ye a kgonye jwalo mora Mafisa ha a rapela Mmopi wa hae ya fanang ho se tebello ho tswa mothong. Ruri o ne a ikemiseditse ka hohlehohle ho hlaola meutlwa yohle eka bang teng tseleng tsa bophelo ba moradinyana enwa wa hae. Bophelong re a tseba ho re lehola ha le jalwe le aitjala. Empa ha e le dietsahalang tsa lefatshe lena tsona, di iketsetswa ka boomo feela. Modimo o file motho kelello ya ho kgetha le ho etsa ntho tse nepahetseng, empa motho o ikela ka tsela tsa hae tsa ho jala meutlwa e tlang ho ba dihlabi maphelong a batho ba bang. Ha mehla e ntse e fetoha, batho ba fetoha bosiu le motsheare. Qetellong lefatshe le hloka monate, mme le aparelwa ke bodutu… Helang batho re ya kae?
Le ha sefahlehong sa hae ho ne ho rena kgotso, pelong teng ho ne ho rena boiphethetso bo sehloho se fetisang tse kileng tsa e ba teng. Tsena tsohle e ne e le mafeela ntho tse ke keng tsa mo etsa mohale kapa morena.
Ha e le Mafisa yena o ne a ntse a idimola kgafetsa ho bonahala ho re ha ana thahasello tabeng tsena. Kwana ho ne ho se seo a ka se buang hobane molomo le ditsebe tsa hae e ne e le mathobisa. Mokubetso wa batho a dulela ho itoma maleme. E ne e le bosiu ha a ka a hlokomela hantle diaparo tseo moqosuwa a neng a di a pere. Jwale ya ba e bakile bohale noha ya metsi, ya kwediaka ka yena ya mo fetola sekomporomae.
Hoseng ha letsatsi la Paseka ke ha Mafisa a tsohella mabitleng ho ena le ho ya kerekeng, a ilo beha majwe le dipalesa mabitleng. E ne e le bitleng la Mmaletrato le la Lerato. Ha e le ho la mang a kang a batswadi ba hae, ona o ne a sa re letho ka ona. Ka mora hoba a etse thapelo e kgutshwanyane, a tswela pele ka ho re: “Tselatshweu Matebele, batho ba ha Kota, batho ba hlapang ka moro metsi a le teng. Sera sa lona ke se rometse ha maotwanafinyella. Jwale le ntebelle ka nako tsohle hobane ke itokisetsa ho tloha fatsheng lena la ba utlwang. Ha ba sa ntlose, ke tla itlosa.”
Tseo tsohle ke tsa bophelo, mme di loketswe ho phetwa ke batho hobane le diphoofolo, dinonyana, dihahabi esita le dikokonyana, di na le mabaka a tsona a ho phela. Ha o le mosebetsing, o lokela ho sebetsa ka maikemisetso. Ha o le sekolong teng, o hle o bale ka matla hore o tle o fihlelle katleho.
Dikgomo Basotho! Sesotho ha se tolokwe. Seho se llile re utlwile mme re tla etsa ka matla ho phethisa sena…
Ka mehla ha letsatsi le tjhaba, le jala mahlesedi a lona hodima lefatshe, ho utlwahala dinonyana ka melodi e monate eo motho o sa tsebeng hore ebe di ithutile kapa tsona di ntse di tshwarane le kenyakenya ya mathata jwalo ka batho na? Ho ja di tseba ho bua, re ka be re di botsa mohlomomg re ne re tla fumana le dikeletso.
Ha taba di eme tjena ke hore e nne e be tsela tshweu Basotho. Le ba kgopo tsela ena ba e tsamaya ho ya ka moo ba neng ba sebetsa kateng. Ha eba o ya diheleng le teng tsela ya teng e teng. Ha o eya lehodimong le teng ya lona e teng. Bosiu bo boholo hona moo pusong ya matsetse le ditshitshidi, o ne a ye a etse thapelo ka pelong a re:
Le ho ja re sa dumellane le maikutlo a reng, hlahlafethe mosebetsi ha o etsetswe makgethe ho nwaboloha ho tjena ho kgentsha setjhaba hoo qetellong se ka iphumanang se hetse sa ba sa itlamela.
“Ee, ngaka Semamedi. Ke kopa hore o ke o bolelle le hona ho hlalosetsa lekgotla lena le kgabane hore o hlahlobile moqosuwa enwa, neng kapa ka mora nako e kae mofu Mafenethe a bolailwe.” Ke Mathobisa eo a se a qadile ho kwadiaka, ho hlakana a hlile a lomahantse meno, ho bonahala hantle kelello ya hae ya boqwetha e a roropa jwale. “Ha ke tsebe hantle ka ho otloloha hore ha ke ne ke mo hlahloba ebe o ne a amahanngwe le tlolo efe ya molao. “Ya bua nnete feela ngaka. “Ntumelle ke re ho wena, o hlahlobile moqosuwa ho latela seo sepolesa se o bolelletseng sona, mme wa ikamahanya le sona ntle le ho itshetleha tsebong le boiphihlelo ba hao ba bongaka. O bolelletswe ka hore o bolaile a ba a inehela ha ho jwalo?” Ke Mathobisa e le ha a batla ho thoba ka ngaka a yo e dihela dilomong.
Ha a utlwa tseo ke ha pelo ya hae e hlothoha habohloko, haholoholo ha a hopola hore ho bohloko jwang ho ba mmelaellwa diatleng tsa sepolesa. Se tla a kgakgatha hore motho o be o je habore o sa e jala. Ba batla feela hore o dumele molato. Le teng ha o fihla kgotla, lekgotla le boele le qhale newe kgahlanong le wena. Jwale o bone motho wa teng a se a tlalletswe ke naha ho re o tla re nyewe e qhaduwe jwang. Haele fatsheng ka senwamaphodi se monate. Ke sa tjho bo.
“Tjhe bo, monghadi ya kgabane. Nna ha ke tsebe ka tsa ho inehela ha hae. Seo ke se bolelletsweng ke hore o thuntse le ho bolaya motho mme ke hlahlobe maemo a hae a bophelo le hore ebe ho ka ba le ho hong ho susumeditseng hore a etse polao eo. Ha e e dinako tsona ha ke na tsebo ka tsona.”
Ho jwalo ka mehla. Monateng ona wa ditemeneng o sa felang moo batho ba reng ba a ithabisa bosiu kaofela, tsa teng ha di monate ka mehla. Lekgetlong lena sajene e kgolo Mathibe o ne a le teng hara mokgopi oo wa sepolesa. Sepolesa se ne se tletse hohle ka ntle le ka hare tameneng moo, ho se motho ya dumelletsweng ho tswa kapa ho kena.
Sena se re bontsha hantle hore tsela ya botlokotsebe ha ho moo e kileng ya lefa motho teng ha e se ho mo lahlela hara mathata a tjena. Hangata ha ntho di tsamaya ka tsela e tjena, eka le bophelo bo a lelefala. Lefu le lona le o pota ka thoko hobane o le eme tseleng. La Malakia ha le tjhaba letsatsi le tlisa thabo ho ba bang, ha ho ba bang le tlisa mahlomola a sithabetsang pelo le maikutlo.
Le batho ba neng ba mo tshehetsa ba ile ba qala ho nyahama ha ba utlwa a bua phatlalatsa jwalo. Dipolelo tseo tse jwalo tsa bontsha ntle ho qeaqeo hore maikemisetso a teng polaong ena. Ha ho le tjena molao o lokela ho nka bohato bo boima ho thibela ho inkela molao matsohong ho sa natswe hore maemo ke a jwang.
Mona tjhankaneng ke mmusong wa dira. Dibatana le dinyamatsane di robala mmoho, ha ho buisanwe, ho shejwana ka la moleka feela.
Ka hlakoreng le leng hothwe mmuso ha o tate, empa le teng ha o sa tate ebe ho tla shwa ba ba kae pele o potlakisa ditaba? Ke dipotso di jwalo di feta dikarabo…
Le hoja pelo tsa batho di ne di le bohloko hakaalo, ba ne ba seretswe ha Mefenetha a ntse a qamaka kwana le kwana jwalo ka ha e ka ha ho a etsahala letho. Ruri sena se ne se bontsha hantle hore o hahlametswe ke moya wa bosatane o sa reng letho ka maphelo a batho ba bang.
Ke leo le fihla Malakia.
KGaoLo Ya 11
Le hoja setjhaba se ne se bona Mathibe eka o se a sireletsa mofu, o ile a paka le ho bontsha ka ho totobala hore ho tloha nakong eo Mafisa a inehetseng ka yona ho ila ha ja mmuso tshenyehelo e kgolo haholo. Le ha ho le jwalo ho inehela ha hae ho thusitse hore sepolesa se rarolle nyewe eo e seng e fupuditswe ka nako e telele haholo. Ha jwale ho ne ho se bohlokwa ho yena ho ka akanya ho re ebe ha Mafisa a tla bolaya mofu ebe o ne a susumetswa keng? O ile a kumela lekgotla ka tsa nalane ya bophelo ba Mafisa ho tloha e le modumedi ho fihlela a fetoha ka mora lefu la Lerato.
Batho ba phela ka dikgapha, moodi le menyepetsi ye maswabi hobane lefatshe le jele boya, mme ho dubehile tlasa kgwedi le dinaledi. Hoja dikeledi, masodi kapa tsona dikgapha di ne di tlisa thabo le kgosto, nkabe ke re llang le bokolleng, hore re fumane kgotso ena eo Mmopi a re tshepisitseng yona, ntle ho tefo ya letho. Matsatsi a tjhaba ho fapana ngwana monna. Lena la kajeno le lona, ke le leng la matsatsi a teng bophelong, le nang le dietsahala tsa lona tse monate le tse mpe ka ho fapana. Kajeno lena le hodimo, ke Labohlano motsheare wa matsebuya. Ke letsatsi leo dinwi tsa jwala di yeng di re, Labohlano le hlola Moqebelo, tsatsi la botahwa le se le fihlile. Ha ba se ba tahilwe ebe jwale re tla bona diepeepe masaakokometse.
Ho thata ho motho wa nama le madi ho amohela nnete, haholo ha ntho di le mafekefeke tjena. Lefu le senang mosa kapa mohau, lefu le sehloho la masetladibete le ile la mo nanarela ho fihlela le thoba ka bophelo ba hae.
Ho yena o ne a re o itokisetsa tsela e yang ho bana ba hae le leloko, a mpa a lebetse ho re tsela tsohle ha di tsamaye moo o ratang teng ho ya moo a hopotseng teng. Tsena e sa le dinyane, dikgolo di sa tla. Nyewe e sa tlo komelwa hore ha ho le tje e be tjhaba di maketse. Hoo… HA DI EME DI BOTSE? E YA KAE BANENG… ?KGaoLo Ya 8
Le ha mora Mafisa a ne a ka rata ho kgorohela wa senokwane, o ne a ke ke a o besa wa tuka. E ne e le sephankgahadi motho eo. Motho o ka ipotsa hore ha ba bang ba kgantsha diphaka hore ba hlekefetse ba bang, ebe ke mang ya lokelang ho tshireletswa? Kwana Mosotho o ye a re, ha ho tume dimelala ntshonyana, feela le ba basesanyane ntwa ba a e lwana. Eitse taba di sa le mafekefeke jwalo, pelo tsa bona di ferekane, ke ha nyewe e busetswa morao, ya ba lekgotla le qhalana. Ha a busetswa morao jwalo, ke ha batho ba boetse ba tiisa hore ke ona mantlwantlwane ao ba neng ba bua ka ona. Athe tjhe bo, taba ke hore muso o tsebe ho hlopisa dipaki le bopaki bo teng, hore nyewe e tle e tsamaiswe ka toka.
Ka mehla ho jwalo. Ha o sa fepe molao ka dintlha tse hlakileng ka ho tlala nyewe kapa kahlolo ha e tlo kgona ho ema. Qetellong batho ba qetella ka hore molao tjena ha o tjena.
Eitse hoba a phethele ho fana ka bopaki, ke ha lekgotla le lokolla Mathobisa ho mo hlama dipotso tsa phapanyetsano. Jwale mona ya ka molamu o kopane le tshepe hobane barutehi ka bobedi.
Tselatshweu matebele. Eto lena le le lelele ebile le lekgutshwane ka ho tshwana. Moo ho uwang teng ha ho ke ho kgutlwa. Re tla bona kapa re tla jwetswa ka tsa teng. Lerato ha se yena feela ngwana ya ileng a hlekefetswa ka sehloho lefatsheng lena. Le kajeno lena le hodimo bana ba ntse ba le bothateng ba ditlhekefetso tsatsi le tjhabang le le dikelang.
Ba kwala jwalo e le kgale phokojwe e Mafisa e tshetse moedi. Ha o tshaba o tshabe botahwa le mesebetsi ya bona. Ke realo hobane ka hara ka mono ho bang e ne e le bosiu ba kgakgathisa mahanana. Ba bang bona ba na ba phunkgane habohloko ba bolela ha ba sa batle ho hlahlotjwa ke dintja tsa mapolesa.
KGaoLo Ya 5
Ke kgale jwale re utlwa mona le mane ho re Lerato o shwele lefu le sehloho empa ho sa hlake hore o shwele ka mokgwa o jwang.
Ere ka ha Mafisa mora Morapedi o ne a ntse a le tlasa kgatello ya maikutlo, o bile a ja Mallela ka bohale hoo batho ba ileng ba tshoha hore e be ho etsahalang. Utlwa feela…
Ntlhakemo ya hae ke hore moqosuwa o tshwerwe feela ntle le ho re ho be le mabaka a utlwahalang. Ba tsheha batho ka kgotla. Ba bolela ho re a tla pota eno mmuelli hobane o ne a le siyo moo. Kwana ho ne ho sa hlaka ho bona hore ha a tjho jwalo o batla ho ntsha batshwaruwa tlasa terata ya molao, le ha ho ya ka tjhebo ya batho, ba le molato. Ho boholo ba batho, e ne eka kgotla moo ho bapalwa mantlwantlwane ka taba tsa batho. Ho jwalo kamehla ha maikutlo a phahame.
Ho re Mafisa o a dumela kapa o kopa tshwarelo ho mang, eo e ne e sa re letho ho Mmalerato. Ho yena ntho e nngwe feela e neng eka mo thoba pelo le maikutlo. Ke hore a bone Lerato a phela. Heale eno taba yona, e ke ke ya etsahala fatsheng lena la ba utlwang, ntle le mohla tsoho ya bafu eo re utlwang ho buuwa ka yona…Jo! ha di eme di botse…
ML Mabe
Ntho e nngwe e bohloko ka ho fetesisa ke ya hore sekgama sa Lerato ho utlwahala ho re se fumanwe ho mmelaellwa eo.
Ha di ne di kgabola ka ho latellane letswapong la thaba kwana, ho ne hore tswee… pelong ya boeka. Pososelo e neng e bonahala sefahlehong sa hae eka e ne e supa hore thabo e kgutlile, athe tjhe hoo ha se yona nnete ya ditaba.
Ditshwarelo tseo a neng a di kopa ho mosadi eo wa hae di ne di ke ke tsa mo thusa ka letho hobane o ne a lokela ho jara joko ya hae. Ntho e nngwe e neng e makatsa e ne e le ya hore mmuelli wa hae. Yena o ne a eme a sa sisinyehe ho re Mafenetha ha ana molato. Empa seo e ne e ka mopoto feela hobane Lerato o bolauwe ke yena ho sa kgathallatsehe hore molao o fihlela qeto e reng eng.
Hang ha lekgotla le kena, ke ha ho kena paki e ntjha e leng ngaka Semamedi. Enwa motho e ne ele ngaka ya mmuso e ileng ya hlahloba moqosuwa nengneng, kaekae. Jwalo e ka motho ya phetlileng, a fuwa sebaka sa ho itlhalosa hore ke mang, o badile ho tloha kae ho fihla kae, le hore boiphihlello ba hae mosebetsing oo wa hae ke bofe. Ao, ya bua ngaka ya mmuso e hlalosa e bile e bua le mantswe a thata ho latela tlotlontswe ya bongaka. Le hoja re ne re hopotse ho bona ho paka sepolesa, re ile ra thola re shebella le ho mamela ha ngaka e kgiba. Bopaking ba hae o ile a bontsha ka ha totobala hore moqosuwa e leng Mafisa, ho latela ditlhahlobo tsa hae tsa bongaka, ho bonahetse a bile le kgatello ya maikutlo, le fo ferekana moyeng hoo a neng a ke ke a kgona ho ka bona, le hona ho ela hloko ka ho phethahala tseo a di etsang kapa a di entseng.
Ena potso e tshwana le ya Modimo ha a ne a botsa Kaine hore ngwaneno Abele o kae na? Yena a arabela ka hore ha se modisa wa hae. Mmalerato wa batho ke pelo o bile a idibana. Lapa la Mafisa la fellwa ke monate. Thabo le kgotso tsa ba thobela ba sa nahana.
“Ho fedile! ho fedile bo! Badimo ba heso, a matsho Matebele, mpheng matla ke busetse molamu ona sefateng. ”Ruri ho thata fatsheng mona, ha mabitla a ntse a kwenya batho a siya diphokojwe morao di ntse di rinya batho ntle ho molato.
Ha a ntse a lobokane jwalo, ke ha sepolesa se fihla se mo sunya sephephetjhana se reng a iponahatse lekgotleng la dinyawe mabapi le nyewe ya polao ya Lerato moradinyana wa hae.
Lefu! Lefu le sehloho la ho nka bophelo ba Lerato le ha a ne a bokolla seboko se hlomolang pelo, Nyamatsane ena ya sekweta e felletsweng ke botho, ya mmolaya.
KGaoLo Ya 7
Tsena ke tsa molao di ba tla beng ba tsona. Le ha motho a ka nka qeto ya hao jwalo ka motho, seo ha se re letho ntle le qeto ya molao. Ba sa tsheha jwalo ke ha mosebeletsi wa lekgotla a boela a kopa batho hore ba kene kgotla hape.
Ho ne ho le thata ka lehlakoreng la sepolesa hobane boholo ba batho mono bo ne bo phunkgane hore shome le boye. Mokubetso le ha a ne a nwele hakaalo o ile a le ka ho hlalosa hore ho etsahetseng hobane o ne a tsamaya le mofu. Ha o mo sheba mahlong, o ne a bonahala ho re o ntse a tshohile haholo le hoja a itshwere. Tlhaloso le pono tsa hae re ke re di tiisa hobane o ne a phunkgane eo motho. Letswalo ke lona le ileng la kokobetsa botahwa ba hae. Mahlo o ne a a ntshitse dinameng ho bonahala hantle ho re ha aphela o photjhotse. Ha e ntse e le morearea jwalo, ke ha Mafisa a natefetswe hoo a neng a tsheha, a iqabola ho le monate. Botebong ba pelo le maikutlo o ne a ipolelletse feela ho re a ke ke a hlola a lla, a bokolla kapa hona ho rothisa keledi. Ho teng o tla dula a tsheha ho fihlela a eshwa. Ebe kelello e hokae moo? Motho o ka bolaya motho ebe o thabile o a keketeha ho monate? Ya! Ho jwalo kamehla hara dibatane le dinyamatsane. Feela re sa boetse re re: HA DI EME DI BOTSE E YA KAE BANENG…?
Ke hantle ha motho a eba sebete ho ya emela melato ya hae, a sa e jarise batho le bokgopo ba bona le ha kajeno ba boetse ba mo latola. Pelong le maikutlong a hae o ne a ipolelletse feela hore le ha ba ka mmitsa mmolai, hoo ha hore teke, hobane o phetheditse bophelo ba moradi wa hae hape, yena o bolaile mmolai wa hae e seng motho e mong ka thoko. “Hee ke tla ba etsetsa mohlolo mapolesanyana ana. Ke tla itshwarisa, be ke ikwalle ho ena le hore ho tshwarwe batho ba senang molato, ba nne ba botswe; ha tjha, ha tima; o ne o le kae; jwang?” Ruri ena phoofolo eka e tswile taolong. “Haeba ho kgonahala ke tla ikahlolele lefu ho fele ka nna “Ha a realo a sisinya hlooho ho bonahala hantle hore kgotso le kgutso di mo thobetse. Le ha e le mona ho ntse ho batlwanwa le mmolai enwa, ka mane nyewe di ntse di kena moo ho hlekefetswang bana le basadi teng…
Empa Mathibe jwale ka lepolesa ha a ka a etsa letho ho thibela seo. Kwano di bile ngata dintho tse ileng tsa hlaloswa bopaking ba hae. Tse ding tsona di ile tsa hanyetswa ke mmuelli, ha tse ding tsona di ile tsa amohelwa.
Moahlodi o ile a kopa hore Mathobisa a ke a hlalosetse lekgotla le ho le beha leseding bohlokwa kapa sepheo sa potso eo ya hae. Moahlohlodi ya kgabane ntlha ke hore moqosuwa ha a ka a hlahlojwa hang kapa haufinyana ka mora lefu leo a amahanngwang le lona. Empa a hlahlojwa ka mora hoba a inehele sepoleseng e se e le nako e telele polao ena e ne e etsahale.
Hang ha tsatsi le feta hloohong tsa mengala, ke ha Mafisa a ntse a lahlela mahlo ho tswa tlaase mane moo Lerato a saleng a potela teng ha eya sekolong. One a lebelletse ka tshepo hore Lerato o tla tloha a hlaha a ntse a akgotsa hlooho, a habile hae.
Sajene Mathibe o ne a lla dikgapha qhiii… ha o hopola ka moo a neng a ile a tshepisa batho le ho ba kopa hore ba tshepe lekgotla le tla tla ka kahlolo e amohelehang. Athe tjhee…
Ee, HA DI EME DI BOTSE, E YA KAE BANENG?
“Ya! Athe bophelo ke ntho e jwang? ”Ke eo potso e batla karabo. Hooo… ha di eme di botse; e ya kae baneng?
Ha lekgotla le sa kgefuditse jwalo ke ha Mathobisa a buisana le Mafisa ka thata ho hlakisa tse ding tsa dintlha tseo Mokubetso a pakileng ka tsong. Enwa motho o ne a le bohlale, a le masene a fetang a phokojwe. Dipaki o di tlodisa ho ya kwana le kwana.
Hang ha nyewe e thakgoha ke ha ho qalwa ka yena Boreki eo ho neng ho bonahala hore le ha a le mafolofolo jwalo, kwana o se a fihla sepoleseng mona. Pele a ka nkiswa kano ke ha motjhotjhisi a mo tsebisa lekgotla jwana:
Mafisa e ne e modumedi wa popota, empa kajeno ke nyamatsane o bile o furalletse Mmopi wa hae.
Wena o reng?
Bana ba rona le bona ba tletswe ke botlokotsebe. O tla fumana ngwana a kena a jele ba kgaeyane a phunkgane hore leshome le boye. Tseo re a di bona. Taba ke ho re ba banyane bona na le tshepo le lerato ho batho kaofela, haholo batho ba baholo. Empa jo! … haele bontate bona, ke a utlwa ke a tshaba. Ebile ha ke tshabe feela ke bile ke a nyonya. Se!
Butle! tsatsi e se e le la kgotla hape. Nyewe e tla tswela pele ha tse ding tsona di qala ho kena, ka ho fapana ha tsona.
Tseo ke tsa maqetha di tsejwa ke bona.
Ere ka ha letlalo la motho ha le thakgiswe fatshe, pihi ya Lerato e ile ya fihla jwalo ka pihi e nngwe le e nngwe.
Modimo a ko utlwe ke a rapela Modimo o motjha rapela wa kgale, Mmaakane! Jo ho ilwe kae Ho sa keng ho kgutlwa re tlo bonwa? Bonkgono ba llela matlala sebele, Matlala ba a bona jwang ba shwele? Ba a bona ka paka tsa mabitla Lesedi…kganya…
Tjhankane ena e ne e ka ba bo hole ba dikilomitara tse ka bang lekgolo kaofela ho tloha kgotla. Le ha ho le jwalo, mapolesa a e jaha hampe feela ba sa natse le hore ba palamisitse batho. Teng moo ho ne ho phethesela ke banna, basadi le batjha ho tswa dipaneng moo ba neng ba sebetsa teng. Jwale ha ba kopana le bana, e ne e ba feko. Boholo ba bona e ne e le makejakejane a ka bang dilemong tse mashome a mabedi ho isa ho a mararo ka ho fetana. Mona le mane ho ntse ho ipetsa ditjhetjhefa tsa banna ba kang Mafisa. Le ha ho le jwalo o ne a se a tlotse mashome a qadikaneng a dilemo.
O ne a ferekane pelo le maikutlo a ikutlwa a wele seriti hobane a ne a qala ho tshwarwa haesale a tswalwa. Hara mokgopi oo penyeleditsweng ka mora vene, ho ne ho le teng mosadi ya neng a pepile ngwana e monnyane wa lesea. Mosadi eo e ne e le sephoko, a kgelekenya ho bontsha hantle hore o bo kgile ka mpa, ebile ha a kgathalle ho tshetjwa. Ngwana eo o ne a lahlile molala ha bohloko feela empa ho se motho ya reng letho ka seo.
Botebong le maikutlong a hae o ne a lakaditse ebile a rapela hore Lerato e be ntho e kgolo setjhabeng sa habo. E be lebone le tlang ho kgantshetsa setjhaba hore se tsamaye tseleng tse ntle tsa ho rata le ho hlompha Mmopi.
Mathobisa a etsa e ka ha a tsebe letho ka tsa Lerato athe o di di tseba hantle. “Mphe taba monna ke tsebe ho kalla nyewe ena.” “Ke ne ke phethetsa lefu la moradi wa ka lerato. O batlang hape?”
Eitse ha ba le bohole ba maoto a ka bang tshelela feela ho fihla koloing, ha senyeha, ha dubeha. Sa kgabola sa latella thaw, thwahh, thwakgathwakga… Mafenetha o ile a tlolela hodimo hanngwe feela ya re ha a wela fatshe ya be e se e le maobane.
Maobane ha lekgotla le qhalana batho ba ne ba ena le maikutlo a fapaneng mabapi le nyewe ena. Ba bang ba ne ba re Mafisa le yena o lokelwa ke hore a lokollwe hobane le mafenethe o ne a lokollwe hona lekgotleng lena la molao. Batho ha ba kgone. Ke re le ha ho ka ba thata ha eba boima jwang kapa jwang, ha ba kgaotse ho sebetsa ditaba tsa bona ho ya ka maikutlo ao kajeno a phahameng ha hosane a tsoha a theohie. Ho sebetsa ditaba ka maikutlo ho senya bopaki hobane kaekae motho wa teng o iphumana a fetelleditse dintho, ebe moo nyewe di putlamang teng.
Le hoja Mafisa a ena le ditakatso tse ntle hakaalo, mehleng ena batho boholo ba ikgethela lefifi ho feta lesedi.
Ngaka Semamedi a tswa a thonkgehile maikutlo ka lebokosong la bopaki ho bonahala hantle hore le yena ke motho wa maikutlo. Le ha ho le jwalo lekgotla la mo leboha ha a e ntse boikgathatso ba ho tla beha lekgotla leseding mabapi le tsa bongaka.
Le ha batho ba dula ba kgupisehile malapeng hoo ba hlokang le motsotswana feela wa ho ka bontsha lerato baneng, ntho ena ha e a loka ebile ha e amohelehe. Mane koting sa borata ke moo batho ba thabang teng, le ho bina o tla utlwa ba kgitla dikodu ho le monate, feela malapeng teng bana ho lla mala kokorrr… ke tlala. Hang ha motho a fihla lapeng, o tla bona ka bana ba kgikgitha ka dibotlolo tsa majwala ho ya ditameneng. Shu! Ha di eme di botse. E ya kae baneng……..
Ha e le Mmalerato mosadi wa batho, yaka a ka shwa ha a a bona Mafisa a sa bonahale ho kgutla le ngwana.
“Mafisa ngwana monna, haeba ke thato ya Modimo ena, ha re tlohelle tsohletsohle matsohong a hae.” Ho realo moruti wa hae ya neng a bonahala a ena le tshepo ya hore Mafisa otla amohela.
Ha e le mmelaelwa, yena o ne a ntse a le ditlamong a eja a kgora ho tloha mohla a neng a tshwarwa. O ne a nkuwa a le kotsi ho feta batshwaruwa ba bang. Setjhaba se ne se llela madi a hae hoo ka nako e nngwe se neng se leka ho mo tshella tjhefu dijong. Le ha ho le jwalo sepolesa se ile sa hla sa hanana le hore a fumane dijo tse tswang kantle ha tjhankana.
DITOKELO TSA BANA KE DITOKELO TSA BOTHO.
O ile a hla a ala leleme phate ho bontsha hore o a mo tseba ha a mo utlwe ka bobare. Ho ya ka yena Mafisa o bolaile mofu e le ha a iphetetsa mabapi le polao ya moradi wa hae. Eka o ne a ikane pontsheng ho Mathibe hore ha e le Mafenetha yena o tla jewa ke haretse.
Mafisa le yena jwalo ka motho wa nama le madi, o se a fetotse mereto. O tlohetse le ho itela bodumedi. Ke enwa le yena o kene mabeleng. O tsamaya ka tsela ya bohle le yena. O bo kga hore bo kgaohe moo ho kgwehlang. Pelo ya hae e ne e se e batla e kokobetse le hoja e ntse e fupere mashala. Tsatsing lena o ne a sa nwa haholo jwalo ka mehleng. O ne a kgashaditse hannyane feela.
Le ha e le mona diphephetso e se mathata, ho boima ho thata ho ka di rarolla haholo ha e mong a hulela kwana, e mong yena a hulela kwana.
Ruri fatsheng lena la heso la kgotso tsa teng ha di monate kamehla. Matsatsi a monate a feta a potlakile hoja batho re sa natefetswe ho le monate. Empa ha e le a ditsietsi ona, a tlisa mahlomola, masetladibete, masaakokometse, meferefere le merearea, a hata kwekwe hoo letsatsi ka leng ekang selemo kaofela. Ha a ntse a lelefala jwalo, eba ditsietsi di tla o hlwa setha o fumane motho a le moputswa pududu! a sa tsebe hore o nka eng a e kopanya le eng. Le ha e le mona re matha, re kgikgitha ka mora Mafisa le nta tsa kobo ya hae, ditaba di teng tse ngata, tse bohloko tse ntseng di etsahala tlasa letsatsi. Mosotho o ye a re: “Tsa rona di a pepeswa ha tsa ba bang di patwa.” Empa mona ha se hakaalo ho matha le ho pepesa mathata a tobileng Mafisa. Ho bohlokwa mona ke ho pepesa tlhekefetso e jelang setsi ya bana le basadi ba hlokang matla a ho itshireletsa ho bontate bana ba iphetotseng dinyamatsane.
Ha taba di eme ka mokgwa o tjena, motho o sitwa ho supa hore molato kapa ya ka jariswang sekodi sa lefu lena, ke mang. Haesenoba ke mmolai wa hae feela. Ako utlwe… “Mafisa, Mafisa moleko towe wa monna, o hlolehile ho tshireletsa bophelo ba ngwanaka. Ha o motho o ntho esele. Ke a o nyonya.”
“Mafisa monna wa batho, ntokolle ke sale Lerato morao. Lerato o a mpitsa o re ke tlo mo thusa”
Ka mehla ha e qala e re: ‘Kete keteu’ Kete keteu! mme Lerato a tswa a letipatipa a jere dibuka tsa hae ho ya sekolong, o tla titima jwalo a sa hetle morao ho bontsha hore o rata sekolo ka pelo ya hae yohle. Mehleng ena ho monate dikolong hobane leswai le thibetswe ka molao. Le ha ho le jwalo. Mona le mane le ntse le fafatswa ho thibela botlotsebe baneng.
Makgotla le ona a ntse a leka ho fumana hore batshwaruwa ba molato kapa tjhe le ditlhekefetso tsa bana le basadi di ntse di ja setsi metseng. Banna ba fetohile ho hang ba ikentse diphoofolo.
Ena ha se yona taba. Taba ke ena… Ha ba ntse ba etswa jwalo ka bonngwe ka bobedi ka boraro, ba ne ba ruruhisa pelo ya Mafisa habohloko. Ho ne hore a kene ka tlung ka mono a ba thwathwaretse kaofela ho fele, a otlelle nonyana le sehlahla. Mafenetha o ne a se a le monate wa dinotshi ke tahi le leleme le se le thella ha a re o a bua.
Mafisa o ne a lomahantse meno ho re yena nyeweng ena ya hae a ke ke a buellwa ke leqwetha la moshanyana le ntseng le nkga lebese ka dinkong. Ho yena ho buellwa ha se ntho ya bohlokwa hobane le ho dumela o a dumela ho re ke yena ya bolaileng Mafenetha. Jwale ha a bone bohlokwa ba hore a nne a itene ka ho buellwa ke bashanyana. Le mafenetha o ne a ntshuwa ke lona leqwetha leo. Hantlentle e ne e le moadvokate ho latela dithuto tsa hae tsa tsebo ya molao. Mehleng ena mmuso o entse monyetla wa hore ho be teng babuelli ba patalwang ke wona ha ba emela batho. Sena se thusa haholo tsamaisong ya molao ho bona hore motho ka mong a be le moemedi wa molao nyeweng efeng kapa efeng. Nyewe ya Mafisa e ile ya kgefutsa kgafetsa e le ha mmueli a leka ho mo hlalosetsa bohlokwa ba hore a mmuele. Le ha a ne a lomahantse meno a hana hehehe! o qetelletse dumetse hore a tswele pele ka nyewe. Tumellanong ya bona ebile hore o tla nne a nke dikeletso ho yena haeba a hloka tlhaloso e itseng. Mmuelli enwa wa Mafisa e ne e le monghadi Mathobisa. O se a ne a thobise ba bangata a ba ntsha molomong wa tjhankane e lefifi.
Le pele Mathibe a theoha ke ha ho tjang hona ho se ho kgwaphohile ho potlakela ho yena. Mathibe a ipotsa hore ha a tla a kgorohile tje, ebe o se a tlilo tla reng.
Ho tshwarwa ha mmelaellwa enwa e ne e se hore jwale setjhaba se re ho bolokehile hore bana ba boele ba itsamaele feela ntle le tlhokomelo ya batswadi mmoho le sepolesa sa rona. Mohla letsatsi la nyewe, batho ba ile ba tla ka makaka a manamane pelo di le bohloko, ba bile ba tletse boiphethetso. Ba lakatsa ho mo tshwara ba mmehe matsoho ho mo ruta motlwang wa pula. Baqolotso ba ditaba le maqwetha, ba ne ba feralla jwalo ka dinonyana. Dikhamera di ne di phatsimakaka ho nkuwa dinepe tsa batho mona le mane.
Ha e le Mafenetha yena, o ne a lebetse tsohle a eya hodimo le tlaase le metswalle e tshwanang le yena. O ne a sa hopole hore ha a ntse a eya hodimo le tlaase jwalo, ho teng maraba antseng a tjhehelwa.
Mona le mane ho ne ho hlakile ho re mmelaellwa eo e ne e le nonyana ya ntlwanatshwana. O ne a tsebahala ka ditlolo tse mpe tsa molao dibekeng tseo. Dipolao, dipeto le ho tshwara pooho, e ne e le mesebetsi ya hae.
Nyewe ena e ile ya kena ka tsela e sa tlwaelehang. Ke hore e ne e fuwa nako e itseng empa ke ha mmuelli wa Mafenetha a hatella hore e kene. O etelletswe hore ho mmeha ditlamong ka nyewe e tjena, e tla be e le ho mo hlekefetsa. Ho sa kgathalatsehe hore o entseng, bopaki bo qheletswe ka thoko ho latela ditsamaiso tsa molao.
KGaoLo Ya 3
Ruri e thata ena taba.
KGaoLo Ya 6
“Kena!” A arabela ka lentswe le bohale la motho ya sa batleng ho tenwa kapa hona ho kgathatswa. Eitse hoba ho se be le motho ya kenang, a phareha Bibele kwana. Yaba o namathollo dinepe tsa Lerato a ntse a di suna ka bonngwe le ho di beha mmoho. O ne a ntse a bua a be a tshehe a le mong jwalo, le hoja ho sa hlaka hore puong ya hae o ntse a reng.
La ha Mosotho a ye a tiise ho re taba di mahlong, mona e ne e le nthho e nngwe esele. Ka nako e nngwe ke bo menomasweu ba o bolayang ba tsheha.
Eitse ha a fihla ho ya Mafisa, ke ha a bitsa dipaki tsa sepolesa tse tlo paka. Ha ba ntse ba re homohomo moo, ke ha Mathobisa le yena a ntse a buabua le Mafisa. Kgetlong lena o ne a apere sutu e ntsho le sehlotho sane sa moriri a se kutile. Le ha ho ne ho bonahala mona le mane ho re ba utlwane hantle, Mathobisa yena o ne a ikemeseditse ho mo ntsha nyeweng ena. Tsena tsohle di susumetswa ke kgohlolerwana moketleng haholo ha e le mona ho lefa mmuso. Fatshelng lena la rona ho ntse ho le teng dishweshwe, mahaladitwe le ditshehlo ka ho tshwana. Ka hore thabo le maswabi, kgotso le kgutso, bosiu le motsheare di tla dula di le teng ho sa natswe hore bophelo bo o tshwere jwang moo o leng teng.
BoMafenethe le Mokubetso ba tswa ba tshwere botlolo tse pedi, e mong le e mong a enwa ya hae. Yaka ba ne ba tseba hore e mong o tla falla, jwale a hle a bo nwelle le tsela ho ya moo tjhaba di fellang teng.
Ruri ha taba di eme tjena o ne o ka mo qenehela hobane jwale le kgatello ya madi e ne e phahame ha bohloko. Ee, a sa ferekane jwalo, ke ha Mafisa a kena mahlo a tletse dikgapha, a matha mofufutso eka o a lelekiswa.
Hang ha a phahamisa hlooho, ke ha Mmalerato a boela a bua le yena ka lentswe le fatshe, ka moya o weleng ruri. “Mafisa weeee…Mafisssa… ”“Bua ke mametse mohatsaka. “Ho realo Mafisa ahlahlabaditse moriri. “Mafisa, o sale o behile ditaba leihlo ka hloko e kgolo, mme o lwane senna. O se ke wa phomola ho fihlella Mafenetha a shwa. O sebetsane le… “Hang feela, anehela moya, ya ba ke tshomo ka mathetho. Mafisa a bokolla habohloko kgutsana. Seboko sa hae sa tlala moaho. Ya eba morearea feela ha baoki ba leka ho mo thodisa. Le ha ho le jwalo seboko seo sa mahlomola se ile sa fela. Sa feta jwalo ka letsatsi le tjhabang le dikela hodima lefatshe. Mmalerato wa batho le yena a tsamaya ka tsela ya bohle ho ya Badimong. A patwa ka tlhompho, mme mmele wa hae wa phomotswa ka kgotso nqalong ya bafu ya motse.
Ha ke dihela dikgala, ke beha kgutlo paleng ena, ntumelleng ke re, “TLHEKEFETSO E FEDILE MME E FELLETSE RURI HA EHLOLE E BA TENG”
Ho halefela ha Mmalerato le ho potlaka ha Mafisa ha se ke ha thusa ka letho. Ha ba jwalo ka ha eka ba aha serobe phiri e se e jele. Yaba moya wa Lerato, shweshwe, mohaladitwe, thatohatsi, o se o tswile nameng, mme ka ona motsotso o se o le Badimong. Ho etsahalang? HA DI EME DI BOTSE… Ka ho panya ha leihlo, Mafisa a phamola sethakgilane sa hae a nto kena tseleng ho ya batla Lerato. Ao, Lerato a e baka taba. O ile a qala sekolong moo Lerato a kenang teng. Ka bomadimabe ya na ya eba hore o ne a le teng sekolong empa ha jwale ha ho na ngwana moo. Ha a utlwa tseo, a ferekana habohloko pelo ya hae e ileng ya ya mafisa.
Mokubetse o ne a tsamaya ka koloi e boima ruri. Empa ho na ho makatsa hore e ka re motho a sa sebetse, ebe o palama koloi tse mabekebeke tjena ntle le hore esenobola ke senokwane le yena. Siung boo o ne a palame X5 ya dinomoro tse latelang ZZZ 435 GP.
Enwa motho e ne e le tsotsi e mona eo hothweng ke ya matarapane. O ne a utswa ho ya kwana le kwana a sa tshwarwe. Ba tswa jwalo mokgodutswane ba o fahla bohlaswa ba sa natse letho hobane e ne e se e le bosiu jwale.
Hela, ha di eme di botse. E ya kae baneng? Se seng sa dinui se ile sa hatella ntlha ya ho re ha eba molao o le lenama ho sebetsa, o tla susumetsa setjhaba ho itlhaolela lehola lena ka tjhofa le sepannere. Ho neng batho ba emetse ho bona ha toka e phethwa feela nyewe e ntse e busetswa morao tsatsi le tjhabang le le dikelang.
Le ho ja ho le thata, ho le boima, molao o re ditokelo tsa batho di lokelwa ke ho tshireletswa ka hohlehohle ka moo ho ka kgonehang ka teng. Hore molao o sebetse kapa o bonahale o sebetsa , ho hlokeha banna le basadi ba tlang ho itela, ba nke kano ho o phethahatsa.
E re ka ha ho lla e ne e se e le tlwaelo ho yena, o bile a re: “Modimo wa dikgutsana a ko mpe o amohele moya wa ka hle ke a kopa. Makukuno a bophelo bona ba hao, a ntshithabetsa maikutlo, mme ha ke sa kgona ho ka mamella ho feta mona.”
Beke le beke o ne a eya ho ya hlwekisa mabitla a mabedi feela, e leng la Mmalerato le Lerato. Ha e le ana a mang ona a a tlola hodimo feela e ka ha a tsebe hohang feela ka ona.
Tsena tsohle ke diabanneng. Mosotho o re ho robala ke ho fetoha. Jwale ke lena le fetohile lempetje le leholo Mafisa. O batla ho thaka ka Sesotho ditlhare hore a imele dira tsa hae. Ruri ho hlakile hore methokgo e tletse lefatsheng lohle. Dikerekeng, dikolong, mesebetsing, malapeng, ditameneng hohle mona ke yona feela.
Ha di eme, di botse, batho ba ke ba itekole ba ithole. Setjhaba ke tshepo ya hore molao a o sebetsa. Le kgetlong lena motho a ka phaka hore molao ha o tsamaye ka ho phethahala ho ya ka maikutlo le ditabatabelo tsa batho.
E mekgutshwane ho feta lentswe kgutshwane. Ba bang ba bona le ha ba kene moo ba ne ba bonahala ka mangole le dipotongwane ho re tshiu di se di ile. Banana ba kgantsha dithopola ho hohela banna ba mona ba hlolwang ke ho itshwara.
Ha letsatsi leo la Malakia le fihla, la fihla hantle jwalo ka matsatsi a mang a ileng a fihla aba a feta, ha fela ka ona. Pele le fihla ke ha Mafisa a eme setupung sa ntlo a ntse a qamaka kwana le kwana jwalo ka motho ya lebelletseng ho hong. Botebong ba pelo le maikutlong a hae, o ne a ipotsa hore ke hobaneng? Ebe molemo wa ho phela ke ofe ha e le mona batho ba tswalwa ba be ba shwe lefatsheng mona.
Hona ho ne ho bontsha hantle ho re batho ba rona ba sa ntse ba ena le kgaello ya hore makgotla a sebetsa jwang. Makgotla a dinywewe a sebetsa le ho tsamaiswa ho latela melao le melawana ya naha, eseng ho latela maikutlo le ditabatabelo tsa batho ka kakaretso.
“Lerato ngwanaka le nlebelle ke a tla. Le jwetse baholo ba ka hore ba ntokisetse bodulo hle ke a kopa.” Hang ha a lokela ho boela morao, a bonahale a thohothelwa, pelo eke e lwana le maikutlo hoo a beng a sekisa meokgo.
He, ha o tshabe motho. Mafisa a ipolella feela ho re a ke ke a hlola a lla le ha e le ho rothisa keledi kapa hona ho bokolla. Ho teng ke ho re o tla tsheha a keketehe ha sehwabane se Mafenetha se nehela moya tjhoba le lala phooka.
Lefu le ne le monanarela bosiu le motsheare. Ke realo hobane Mafisa o bile a reka sethunya hobane a bona hore nthwena ke thabahadi ha se leralla, a ke ke a kgona ho e tsitsinya.
“Lekgotla le kgabane, moqusuwa jwalo ka motho, haeba a le maemong ao ke a hlalositseng ka hodimo, ho thata ho ka ela hloko tseo a di etsang kapa a di entseng”. Ena taba ke ya ditsebi tse tsebang ka tsa maphelo a batho. Batho ba badileng buka tse nnyane le tse kgolo hoo ba ho tsebang le hore motho a ne e le eng pele e ba motho. Shu! E thata ena taba.
“ako butle hle mohatsaka ke tla… “Le pele a qeta puo eo ya hae, Mmalerato a nna a tswela pele ho bua.
Tsena tsohle di ne di hlile di jala pherekano kutlwisisong ya batho. Le ha ho le jwalo Mafisa yena o ne a lebelletse ka tshepo ho bona molao o sebetsa. Boteng ba pelo le maikutlo, o ne a se a qetile ka hore Mafenetha o lokelwa ke palo. Ke hore a fanyehwe. Sena ke se seng se etsang hore re batle hore dintho di ye ho ya ka maikutlo. Mafisa wa batho o ne a etela mabitleng tsatsing le tjhabang le le dikelang ho ya hlwekisa le ha ho ntse ho hlwekile. Mohlomong e ne e le hore ba mo roballe hobane a ne a se a taolong hodima tsohle tse etsahetseng le tse ntseng di etsahala. Ke sa boela ke re tsela tshweu ho bao ba seng ba ile Badimong. Re a tseba ebile re bone hore haho le ka mohla o le mong moo lefu le kileng la eba monate teng, le ha hothwe ke lenqosa le o isang hae lehodimong. Ho ja le o isa o phela, re ne re ka thaba. Mohla letsatsi leo la malakia batho ra bona mehlolo. Ha hlaha mekgatlo e kgahlanong le ditlhekefetso tsa bana le bomme. Ha hlaka jwale hore setjhaba se nkile qeto e ntle e tlang ho se tswela molemo. Ra bona le phutheho ka kgotla ya ba ke ka kerekeng. Le tsona di tlilo tshehetsa le ho bontsha ho re sena se entsahetseng ke manyala ao setjhaba se ke keng sa hlola se a mamella.
KGaoLo Ya 2
“Hiii….hiii…Mafisa! Mafisa, wa dulela ho rabaka tje ka kgoho e tjheswa ke lehe, ha o rwale dieta keng o yo batla ngwana?”
Kajeno Mafisa o fetohile setsomi, o fetohile phoofolo. Oikgothatsa ka hore monwang o bolaya tlou. Ho jwalo ka mehla hang feeela ha kgotso, kgutso, lerato le mofuthu wa bophelo di o thobela. Motho o fetoha mohlakafollela kapa moleleri ya sa tsebeng moo a yang le moo a tswang. Ke enwa Mafisa e motsho Letebele, o apere nkwe. Ha e le mosa kapa mohau ha ana tsona. Tsatsi le tjhabang le le dikelang o dula a nyoretswe madi a mmolai wa moradi wa hae. Lerato e ne ele mmusapelo wa ntatae le mmae. Ka mehla ha a ne a le teng kgotso e ne e rena lapeng la bona. O ne a tlamehile ho fetoha hobane maemo ao a ileng a phela ka tlasa ona, a ne a tjhesa ho feta sebupi sa mollo. Le yena e ne e le motho wa nama le madi jwalo ka mang kapa mang.
Ha ke hopole ho kile ha eba lefu le monate ha e se ho motho eo o sa mo rateng. Le ha ho le jwalo, le yena, ha ho monate ha a nehela moya. Taba ke ena wa mphato…
Mafisa le ha a se a bolaile phofu ya hae o ntse a sa phetse ho rata bathong bana le motheo e mengata e fapaneng. Ke hka hoo ba bang ba lebalang ka potlako ha ba bang ba sa kgone ho lebala le ha e le ho teela feela.
Le ha ho hlakile mona le mane hore Mathibe o ne a bone ho re Mafanetha ha a tshwarwa ka tsela e phethahetseng ya molao, ho ne ho se ka moo a ka etsang ka teng ntle le hore yena a phethele diphuputso. Ho qosa kapa ho se qose ha se mosebetsi wa sepolesa, ke wa lekgotla la dinyewe. Motjhotjhisi ke yena ya nkang qeto ho latela bopaki bo teng. Lepolesa le lokela ho rwalla bopaki bohle le nto bo beha ka pela motjhotjhisi…
Kaekae ba ne ba amohela ho re mohlomong Lerato ha a sa phela. Ka nqe nngwe ba ne ba sa kgone ho amohela hobane ho esoka ho ba le motho ya ba tlisetsang tlhahisoleseding e jwalo.
Boriki o theohile lebokoseng a tarakane hlooho hoo eitseng ha a lokela ho ya tswa monyako, a ileng a kena ka lebokosong la moqusuwa. Mafisa a re o mo ja a le tala ha ema mosebeletsi wa kgotla a kena dipakeng. Jwale paki e neng e setse e ne e le Mathibe ka sebele. Ere ka ha nako ke sera, lekgotla le ile la tlameha ho kgutlisetsa nyewe ena morao ho fihlela kgwedi tse pedi ho tloha mona.
Ha bo fediswe ‘nou’!
Ha a realo a inamisa hlooho a tlalletswe ke naha, ho hlakile ho re ha ho seo a ka se etsang moo. Ho ne ho le hobe! be! be! hoo motho a neng a ipotsa hore hobaneng ha molebedi a lokela ho amohela batshwaruwa le ho ba tshireletsa moo, e be ke yena ya qalang ka ho ba hlekefetsa. Ke ntho eo motho o ka e hlalosang ka ho reng? Ka mora hoba ba ngodiswe kaofela dibukeng, ke ha ba fuwa marikgwe a makgutshwane kaofela ho sa natswe e moholo kapa e monnyane. Ho ne ho bata, moya ho foka o mosesane o etsang monna a hule lemina kgafetsa, hlefe! Mafisa wa batho, motho wa ho buswa le ho laolwa ke maikutlo, ke ha a kobile mangwejana a botsofadi a qhaqhasela ke mohatsela hara makejakejane.
“Mathibe; Mathibe! nkwalle monna! nkwalle ‘nou’!” “Ke o kwalle hobaneng? Ha ke hlanye nna o ntjhebe hantle.” “Bona mona, ke nna ya bolaileng mafenetha wa sekatana eo le neng le mo lokolle a bolaile ngwanaka… o batlang hape?” Ke Mafisa a tonne mahlo a sa tjhetjhe hohang feela. Kelello ya Mathibe ya sepolesa ya mo siya feela hannyane a makaditswe ke ketso ena ya Mafisa. Ka nako ena mapolesa a mang le ona a ne a se a kgutlile ba thehile ditsebe ha Mathibe a ntse a phura leshwetla la Mafisa.
Ho Mafisa tsena tsohle e na e le masawana, ke re mafeela. Neng neng ho ile ha tswa banna le basadi ba matahwa, ho kene makoloing, ebe ba bang ba ikela ho ya ka makgoro le hoja ba nwele hakaalo. Motho o ka ipotsa hore ebe ba mmuso bona ba kae ha ho kgannwa tlasa tahi tjhe? Re tla reng hobane ho hlakile hore mmuso ha o tate.
Banna! Eitse a sa ferekane jwalo, ke ha ho kena mohala obolelang hore a phallele sepetlele ka potlako. Ke ho ferekana haholo, ke ha a pshatla hlooho yeo ya mohala fatshe.
Mafisa a sekisa meokgo ha a utlwa tshepe ya kereke e lla e latella. Ee, a hopola hore e ne e le modumedi wa popota, ngwanantlo ya thapelo, empa ke mona kajeno o lokela ho ya tjhankaneng. Dikeledi tsa hae ya eba mafeela a mafeela. Tsa se ke tsa mo tswela molemo le ha e le eng feela.
Ka mora kgwedi di se kae Mmalerato a phomoditswe, ke ha baqolotsi ba ditaba ba etela Mafisa ho tla ho mononya maikutlo ka ho hlokahallwa ke mosadi. Bonneteng, e ne e se yona taba eo. Tabataba e ne e le ya nyewe ya lefu le sehloho la Lerato. Hona e ne e le ho phunya maqeba a seng a fotse. Le ha ho le jwalo, o ne a ba ntsha ka ntshwe di sa fahlwa a kokosile selepe, a loloma ke bohale.
Kajeno lena le hodimo, Mmalerato o kulela tsela. Le hlooho e se e bile e molatola. Mafisa e motsho Letebele, ngwanamoshemane kabelwamanong, o hula ka falese, ho ho putswa fatshe.
Ha motho a le tjena o tseba hore o kenwa ke bophoofolo kapa bosatane bo tla mo etsang hore a etse tse fetelletseng. Ha mathata a le teng motho o lokela ho qoqa le batho ba bang hore a fumane tharollo. Mosotho o ye a re tshwele le beta pooho. Ha o ka e fofela ka matsoho o le mong e tla o lematsa. Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata. Ke ya o eletsa wa mphato.
Kajeno lena le hodimo ntho di fetohile. Motho o re ngwana ke wa hae feela. Ba bang ha a ba kgathalle le ha ba shwa kapa ba phela. Hona ha se botho ke bosatane boo re lokelang ho bo fedisa rona batho.
Le ha e ne e se e le nako e teletsana nyewe e na e busetswa morao, o ile a ameha habohloko maikutlong hoo a bileng a rothisa dikeledi. O ne a sa iketse kgutsana. O ne a tseba ho re motho a ka se phele ka ho sa feleng.
E mong wa bona ya ileng a fihla morao a sa kang a utlwa ha Mathibe a hlalosa ntlhakemo ya sepolesa tabeng ena, o ile a ba a qweketsana le sepolesa ka mantswe a reng: “Le se ke la nyatsa mosebetsi wa rona le nahana hore wa lona ke wona feela o ‘betere’ ba mphato wa hae ba bile ba mo tsheha hobane Mathibe o ne a se a ile a hlolosa ka bokgabane se lokelwang ke ho re se etswe.
Ngwana a tsamaya ka tsela ya bohle le hoja a ne a sa le monnyane dilemong, ebile ba habo ba sa lebelletse tse kgolo ho tswa ho yena. Motho ke wa Modimo. Rona re ka se lebelle hakaalo ho tswa ho yena.
A botsa jwalo ka maikutlo a phodileng ho banahala hantle hore o tseba mosebetsi wa ho tjhotjhisa. Jwale a e thatholla toloki mora Mokubetso, a sa phetaphete taba, ho bonahala hore o tseba hantle se etsahetseng mohla monene. Eitse hoba a phethele ho fana ka bopaki, ke ha lekgotla le kopa kgefutso ye metsotswana e se mekae. Eka e ne e le nako ya hora moahlodi a ke a ilo phoka teenyana.
Ruri mona ha ho qellwane ke masiasiane mahlokalebelo, ya senang sekaja mmae a tele. Banna le basadi ba nwa ho ya kwana le kwana. Tseo ba di etsang ha di bolelwe. Poho ya teng e kotsi haholo feela. Motho a nkwelwa tjhelete batho ba ntse ba mo shebile ho se le ya mong ya buang. Le ha ho le jwalo, ke hona moo batho ba ratelang teng. Batho ba mehleng ena ha ba mamelle moo kgotso e renang teng. Madi a bona a batla ntwa nako e kgolo le e nnyane.
Ditokelo tsa bana, ke ditokelo tsa botho.
Maobanyana mona ho ne ho le monate lapeng ha Mafisa le Mmalerato. Kajeno ho ho putswa eka monate ke ntho e sa kang ya eba teng hohang.
Ka pelepele feela ke ha kelello ya hae ya sepolesa e kgutlile e mmolella hore mona ho batleha boiphihlelo le boqhetseke. Eka motho enwa o batla ho etsa maipolelo. Mapolesa ona a tseba. Le pele a ka nka qeto efeng kapa efeng, ke ha baqolotsi ba ditaba ba se ba le teng moo. Ka moo ba neng ba botsa dipotso tse ngata ka teng, ya ba ya ka ditshintshi di thabetse nama ya mokojwane. Ha ho letho le neng le ka etswa hobane le bona ba etsa mosebetsi wa bona wa ho tlaleha.
“Enwa ke wena lefokisi sepoleseng sa lehae?” “Ho jwalo mohlomphehi ya kgabane, ke nna Boriki” Ka mora hoba a tsebiswe lekgotla moahlodi a mo nkisa kano ho re bopaki boo a tlang ho fana ka bona e tla ba nnete, nnete feela eseng hohong. “Supa hodimo ka menwana e mmedi o re Modimo nthuse ke bue nne. Ho realo moahlodi a ntse a kgwarikgwaritsa fatshe. “Modimo nthuse” Ke Boriki eo ka bokgutswanyane. Ruri le ha e le mona batho ba nkiswa kano hore ba tla bua nnete, ebe nnete e teng bathong? Hona fatsheng le le tletseng bomenemene le boqitolo, ebe nnete e ka mela jwang.
Kamehla pholo e hulang ka thata ke yona e tholang sephadi ho feta tse ding. Le ho bana ba mmala ho teng polelo e kgothatsang pholo tse ka morao ka hore: “DIE AGTER OS KOM OOK IN DIE KRAAL”
Ho sa natswe hakaalo hore se etsahetseng ke eng, hwa bohlokwa ke bopaki bo tsheheditsweng ka dintlha. Ho tsejwa ho re ho etsahetseng, neng, kae, jwang, ke mang, ho mang, jwalowalo.
Ke kgwaphola buka ena ka lentswe le reng, Setjhaba kaofela sa lefatshe, ha re tshwaraneng ka matsoho ho tshehetsa le ho phethahatsa molao ona wa tshireletso ya ditokelo tsa bana. Bana ba seng ba hlokahetse, ba patilwe ka lebaka la ho hlekefetswa ke batho ba baholo. Ho fihlela mona ha re reng, “Hoo, ho lekane!”
Matsatsing ana a mehleng ya kajeno ho hobe fatshe, kgoho e matha ka lerapo thabeng. Ha o lekodisisa ditaba hantle, o di kenya di borele, ho fumanehile hore ho latela molao, ho ne ho se lebaka leo ka lona Mafenetha a ka emiswang, a tshwarwa, a setjhwa ka nako eo,sebakeng seo. Ke ka hoo nyewe e ileng ya qalwa kgahlanong le yena. Yaba jwale Lerato o jewe ke haretsebe; ke re koeyoko. Lefu la hae ya eba papadi ya diketo kapa yona kgati sebele.
Mofuputsi wa nyewe ena, e leng sajene Mallela, o ne a sa phetse ho kgothatsa ba ha Mafisa hore ba kgobe matshwafo, ba behe dipelo mokekeng.
Ho tloha lefapheng leo la diaparo ke ha ba ilo beolwa jwale. Dihloho tsa bona eka diafala tsa dinku. Tse ding di tletse maoma a bontshang hore ke kgale di kakatwa. Ba ne ba sebedisa motjhini o neng o hlile o ba otla lekgwete eka ke lehare. Mokuti wa bona o ne a itshwanela le balebedi bao ba teng hobane tlhapa e ne e sa phetse ho tlola. Ha e le ho makejakejane teng, o ne a bile a ba tloka ka hore moo ha se sekolong. Haeba motho a sa mamelle, o tlo mo tlohela a ntse a le dilase jwalo ka lehlanya.
Le ha e le mona paki ya pele e bontsha e tswile lekoteng, nyewe e ile ya busetswa morao e le ha ho tlo bitswa dipaki ho tswa ka lehlakoreng la sepolesa. Moaba mona maobanyana ho itswe motho o tshwerwe ntle le mabaka a molao. E be kgetlong le teng re tla utlwa eng e tshwanang le eng? HA DI EME DI BOTSE. E YA KAE BANENG…
Batho ba mmitsa lehlabaphio, sefelekwane se jang le dikebekwa. Kelello ya hae ya sepolesa ya mmolella feela hore bopaki bo behilwe ka pela lekgotla, mme ke lona le tlang ho etsa qeto. Ruru lefatshe le lahlehetswe ke botho…
Ka mora hoba nyewe eo e busetswe morao ke ha mokgopihadi wa batho o qhalana ho ya makgoro. Kgotla ha sala ho kgutsitse tu! Yaka ha ho sa le dinyewe tse ding.
Tlhahlamatjholo, Rammoloki nkutlwe ke a rapela, Ke etsa thapedi bosiu le motsheare Ntate, O mphe sebaka le matla ho hodisa shweshwe ena; Lerato kgauta ya pelo le maikutlo aka; Le hoja kgauta tsa kajeno di jowa ke mafome; Modimo, Ntate, Jehova ke tshepile wena …Amen… lesedi… kganya…
O ne a hema ka thata a fellwa ke moya. Mafisa wa batho aferekana le ho feta pele. A fellwa ke tshepo. Ya ka a ka re lefatshe ngamoha ke kene.
Le pele a ka bua eng kapa eng, ke ha monna eo wa ngaka a re: “Se tshohe letebele leso, wena motho ya hlapang ka moro metsi a le teng. Ke nna Makokona ngaka ya mofu ntatao Morapedi… heiii… ke rometswe ho wena ke Badimo ba hao… hei…!” ha a realo a tsoke letjhoba a akgotse lengetse kgafetsa a sa natse hore batho ba reng. Shuuu! a tla ka tshoha Mafisa ha a utlwa hore ngaka eo e rometswe ke Badimo ba hae. Empa o ne a sa a lebetse hore o ne a sa tswa nka qeto ya ho kopana le ngaka ya setso pele a inehela sepoleseng. Empa ho a makatsa ha ele mona a sea hlaba hlohlodingwane. Ka mora hoba ba qoqaqoqe nakonyana e teletsana, ke ha ba tsebana hantle hoo ba neng ba se ba bile ba tsheha mmoho. Makokona a mmolella tsohle tse mo hlahetseng le hore o ikemeseditse ho ineela sepoleseng. Sena sona Makokona o ne a hlile a hanana le sona. Empa ka mora hoba a fumane tlhaloso e teletsana, a bona ho le molemo hore a etse le ho phethisa thato ya hae. Yena o ne a batla ho mo fa dira ha di bonwe sepolesa se mmatle ho fihlile se bile se teetse hore ha e le mmolai, ho ka nna ha etsahala hore ebe o shwele le yena.
Ha a tswela pele ho pheha le ho hadika Mafisa ya senang molato, o re, “Ho re taba ena e o tshwara jwang, eno ha e batle nna. O dule o tseba ho isa lefung nkekene be ka phomola le kgale. “Ha a realo ebe o se a se beha hloohong, a itshela ka dikgapha, Mafisa a utlwe bohloko hoo a neng a bona ho le molemo hore a shwe ho ena le ho phela tlasa maemo a jwalo.
Le ha ho le jwalo ho fedile ke bomadimabe ha se lehlohonolo jwalo ka ha Mosotho wa maswetswe a ne a ye a tjho…
A ntho e ntle ruri…
Banna le basadi bao re buang ka bona ke sepolesa se neng se lokela ho fuputsa taba tsa Lerato ya ileng a shwa lefu le sehloho tleneng tsa mmolai. Jwale motho o ipotsa hore ba ne ba le kae? Hona na kano ya bona ke ya ho sebeletsa ba malapa a bona kapa ho sireletsa setjhaba? Ditsela tsohle tse teng tsa bophelo lefatsheng lena leo re phelang ho lona, di lebile mabitleng. Ke ka hoo ka mehla ha motho a se a iketse ebe re utlwa batho ba re, TSELA TSHWEU LETEBELE, O RE ROBALLE KA KGOTSO…
Kamehla ha o kopana le yena o kgaba ka pososelo ho bontsha ho re enwa motho ke ngwana wa kgotso e le kannete. Eba ho wena pososelo e bolelang? Tjhee eo ke ya hao taba, feela nnete ke e boletsweng kahodimo.
Hmmmh! Ebe Mafisa o ne a le boemong bo jwang ha a tla thunya Mafenetha, le hore o ne a le boemong bo jwang mohlang a inehelang sepoleseng? Hona o ne a susumetswa ke eng ho etsa tseo tsohle? Ha di sa eme tjena ho molemo hore di tlohellwe di tle di bonwe mohla kotulo ha moahlodi a diha nyewe.
“Butle hle ngwana monna, boiphethetso ke ba Modimo bo. ”“Hei! Satane kgaohana le maikutlo a ka. Tloha ho nna! Tloha bo! ”“Jo! Mafisa o reng ho nna? ”“Ke tjho tje! Ke se ke tjholo monna. O ka nna wa ya moo oyang. ”Ha a realo ke ha dikeledi di ntse di re tsuuu…, a tsitsinya hlooho, pelo e lwana le maikutlo e hana ho qekwa. “Le ha ho le jwalo Mafisa monna ke o rapedisa hore ose kene molekong le wena. “Ho realo moruti a amehile maikutlo ha bohloko hobane le batho ba bang ba ne ba ntse ba ba mametse ha ba ntse ba tjodietsana jwalo.
Mona le mane ho utlwahala ho re sepolesa se ile sa ka sa mmeha matsoho sa mo hlohonolofatsa, empa a hana a latola basehla. Hona le hore a bue nnete, a qosa sepolesa ka ho re se mo tlatlapile se tseka hore a dumele molato. Eka le mona sepolesa se ntse se entse phoso ka ho mmeha matsoho le ha se ne se batla nnete. Ruri ho thata ebile ho boima ho ba lepolesa ho fumana nnete ho motho hobane o tla hana a be a latole bosehla le nthong tseo a di entseng.
Motho e mong le e mong o phela bophelo ba hae boo abo fuweng ke Mmopi wa hae ho thola lehlakeng ho isa lebitleng. Ke realo hobane tsela tsohle tsa bophelo di qala tlhahong ho isa lefung. Pakeng tsa ntlha tsena tse pedi, ke hona moo re boneng meeka le mehlolo, ntho tseo o ke keng wa di hlalosa o le motho.
O ne a ka ba dilemong tse tlohang ho robong ho isa ho tse leshome. Jwalo, ka ha e le wa ntlo ya thapelo, o ne a ye a sadise batswadi ba hae hantle pele a letipatipa ho ya sekolong. Ruri lerato la hae le ne le hlile le kgaphatseha ho ntatae. Sena ha ho motho ya tsebang hore ebe se etswa keng. Le mehleng ena re bona bana ba banana ba ithatelang bontata bona ho feta bomme. Kwana ha se hampe ha ngwana a rata ntatae kapa mmae, le hoja bontate ba kajeno ba fetohile ntho tseo motho o ke keng wa di hlalosa. Ke realo hobane o ke ke wa ba tshwantsha le diphoofolo hobane tsona di rata ho hlompha madinyane a tsona. Mosotho o re ngwana ke wa setjhaba kaofela ho sa natswe hore ntatae kapa mmae ke mang.
Eo ke potso e thata eo motho ka mong a tlang ho e arabela ho ya ka moo a itsheteletsang ka teng.
Ha maemo a le tjena ke hona ha Ramautla a thaothang batho a ba Kenya lebothong la hae la dikweta.
Le ha batho ba bang ba iphapanya dintho, ba ne ba tseba hantle hore ho tsamaya le masiu o le tlasa tahi ho kotsi haholo. Jwale ho fokotsa bohlaswa bona, sepolesa se tlameha maoto le matsoho ho ba hleka pele ba hlahelwa ke ditsietsi. Ka ha Mafisa a ne a sa tahwa, o ne a ipotsa hore ebe qoso ya hae ke ho tsamaya le bosiu kapa ho tswa ntlong eo ya jwala na?
Ka mora hoba Mathibe a phethele ho fana ka bopaki le ho arabela dipotso tsa phaphanyetsano ke ha ho tla yena Mafisa ka sebele a tlilo beha nthlakemo ya hae nyeweng ena. Mafisa wa batho o ile a e duba nyewe, a e ferekanya hore ho se hlake ho moahlodi ho re jwale o bua ka eng. Kaekae o ne a hanana hohang le botataiso ba mmuelli wa hae. E re ha mmuelli a re tjena, ebe yena o re, tjhe tjena.
Le ha ho le jwalo Mosotho o ye a re: “Ngwanamahana a jwetswa o bonwa ka dikgapha. Ke kgale a tshwarwa, a kwallwa, a ba a ahlolwa, empa ha a ke a utlwe. Ha a bake kapa ho kgutla bophelong boo. Ngwana wa hae o ne a sa phetse ho re ho ntatate ba ye hae. O ne a sa tsebe hore ntatae eo ke phoofolo e ka nnang ya mo fenetha ha ba fihla hae. Ha a tadima ngwana eo wa hae, a utlwe sello sa Lerato se mo tlala pelo le maikutlo, ebe o bokolla ho feta. Mohatsae o ne a sa phetse ho mmontsha hore a ke a hlokomele sekodi seo a se sinyetseng lelapa la hae ka boitshwaro boo ba bonyamatsane. Karolo e nngwe ya setjhaba e ne e rata ho mo tjheselletsa ka tlung empa e nngwe e hane e tiile hore yena ha a na molato. E re a ke ke a shwa ka lebaka la diketso tse mpe tsa monna eo wa hae.
Lena ke lefito le lokelwang ho lokollwa ka ho beha bopaki bo tsheheditsweng ka dintlha.
Eitse hang feela ha ba teanya mahlo, ke ha Mmalerato abokolla ha bohloko. Ha utlwahala seboko sa mahlomola. Ya eba ona mokgosi wa bosiu phallang hobane wa motsheare ontsha batho matlung.
“Ee monghadi Boriki a ko hlalosetse lekgotla lena le kgabane hore Mafisa eo e leng moqosuwa kajeno lekgotleng lena, e o ne a kene ka mokgwa o jwang ha a fihla sepoleseng? “ke Mothobisa a hlile a tonetse paki mahlo. Ka nako e nngwe ho tona mahlo hoo ho etsa hore paki e hloke botsitso hoo qetellong e beng a ipotele tjhe a sa hlokomele. “Haeba ke hopola hantle, o ke ne a hlile a hatela hodimo a bontsha kgalefo e tukang malakabe. “Ho realo Boriki a ntse a thetha sehohlolo. “Na ha motho a hatela hodimo ho ya ka wena o bontsha kgalefo?”\”Mohlomphehi ya kgabane ke ho latela pono ya ka tsatsing leo.” “Ha motho a hatela hodimo eka nna ya ba ha a halefa empa o potlakile; ho ho jwalo?” Ke Mathobisa eo a ntse a thalatsa kwana le kwana. Ho ka nna ha eba jwalo monghadi ya kgabane le ho ja enwa yena a ne a halefile haholo.” “Lekgotla le kgabane ke kopa hore paki e arabe potso ntle le hore a kenye mehatla ya hore enwa yena o ne a helefile kapa jwang.” Ke Mathobisa eo a boetse a tonetse Boriki mahlo. “Ho jwalo mohlomphehi…”
Ha batho ba ntse ba hlaha ba feta ho ya badimong, ba setseng re re “tsela tshweu mabewana ha le kgutlela mmopong ho tswa moahong mona fatsheng la ditsietsi le mathata.”
Ha hlahella kaekae hore leloko la mmolai enwa ya sehloho le ne le eme le setjhaba hore Mafenetha a fanyehwe. Sena e ne e le takatso e susumetswang ka maikutlo a kgathatsehileng. Molao ha se maikutlo kapa takatso ya motho ka mong.
Le kajeno lena le hodimo, Mafisa ya eba podumo ya moemanotshi, ya ba kabelwamanong ka sebele. Ha ho le tjena, monna o lokela hore a hele a itlamele nthong tsohle tseo a di etsang.
Kelello ya Mathibe ya sepolesa ya mmolella hore a ba behelle ka thoko hobane sepolesa se sa le tshebetsong, mme se tla ba fa monyetla hang feela ha se qetile ka motshwaruwa eo. A ba bontsha hore ho itshunyatshunya hoo ha bona ho ka sitisa sepolesa ho etsa diphuputso tse nepahetseng.
Masiung a fetileng ka kgitla e kgolo, Mafenetha wa sekwata ha a ntse a kgakgathisa mahanana e re kg,kg,kgrr, kgph! Aphofa habohloko a utlwa sello se hlomolang sa lerato. “Joo ntate nthuse joo… hi… ”A kgwatjhoha, atlolela hodimo a bokolla e ka o a shwa. Le ha hothwe sello sa tsuonyana ha se hlomolephakwe, kgetlong lena se ile sa hlaba hoo a bileng a ipotsa hore ebe o kenwe keng? Meokgo ya tswa fifing la bosiu a hlobaela. Ho jwalo ka mehla ha motho a kotula seo a se jetseng ho sa natswe hore ebe o ne a se jala a re se tla kotulwa ke mang? A bokolla, a meketsa ha bohloko a re : “Lerato! Lerato, ntshwarele hle ngwanaka, ke ne ke sa iketse bo… ”Ha tau e purumakaka jwalo hara moru, e hlobaetsa diphoofolo tse ding haholo tse senang matla a ho ema ka pela yona. E be jwale di tla phatlalla ho tlalatlala le moru. Ha a bokolla jwalo eba o hlobaetsa batshwaruwa ba bang borokong ba bona.
Ho tswa tlase sekolong sa Mankweng, tshepe ya teng e lla e sa kgaotse haholo hoseng ha sekolo se lokela ho kena. Mohlomong ke hobane e le sekolo sa bana ba tlaase dilemong, ba nang le ho itebala ho re ba ya sekolong.
O ne a ipotsa hore ebe jwale molato wa hae ke ofeng hobane ha a tahwa? Ha ntse a komakoma jwalo, ka morao ke ha e le pina feela e reng: “Si boshiwe… siboshelwa mahala … sizo buya futhi”
Ha e le Mafisa yena, o na a rapela ka matla ho bontsha le ho paka hore o na le tumelo e feletseng ho Mmopi wa hae. Jwalo ka ngwana wa Mosotho e nngwe ya dithapelo tseo aneng a ye a di etse e baleha jwana…
Diqabano tsa lapa la bona tsa mela jwalo ka lehola hoo di neng di se di rena bosiu le motsheare. Ba ne ba ka qoqaqoqa ho se ho kae, ebe ba se ba qabana e le ha e mong a re Lerato o qetella a eshwa ka lebaka la hae.
Mafisa o ne a hlahafetse ha bohloko a mpa a haellwa ke matla a ho hlasela Mafenetha wa senokwane. Pelo e ne etutlatutla ha bohloko a matha mofufutso ke bohloko bo sa tsweng madi.
Ha motho a lahlela mahlo kgutlong sa mmila o kenang ka motseng wa Masakeng, ho teng mo ho jewang hlenhlenyane ho ya kwana le kwana. Ke hona mona moo banna le basadi ba yeng ba re ba tlosa letshweya le ho theola maikutlo a phahameng teng. Empa ha motho a lokodisisa taba ya bona hantle, o fumana e le leshano le pala. Ha ba se ba jele hwenene, ba lahlehelwa ke dikelello, ebe mona moo motho a etsang dintho tse tshosang.
Ha eba seo e le nnete, ebe ke hobaneng ha ha setjhaba se batla ho iphethetsa? Ebe ha se hona ho balehisa phokojwe ee, setsetse see pele se fumana moputso wa kahlolo? Tjhee, ha ho mang ya tsebang ha jwale.
Hang ha a tswa moo tameneng, ke ha a bona divene tsa sepolesa tse akang tsa sesole ka hare. Mokgwa oo di neng di tsamaya di ngotlile mohwasa ka teng, e ne e ka tsa ntwa ya bobedi ya lefatshe ho bao e neng e le karolo ya yona.
“Dumela wa mmuso o phetse jwang monna? ”“Tjhee ke phetse tau-a-kgale haese mosebetsi ona o boima wa sepolesa. Ho tsoma batho ho boima ho feta ho tsoma diphoofolo tse hlaha morung kwana. ”“He, o buile le ha o ka thola wa mmuso. Ke batla ho ohlapanyetsa ka matebele a ntswetseng, ha eba le se le fumane tshehetso ya setjhaba, le ke ke la o besa wa tuka. “Ha a realo abonahala a tlala morolo le safahleho se phutholoha hannyane.
Tlhaloso ya hae ebile hore o ne a le maemong ao ho ona aneng a ke ke a ba le bokgoni ba ho ela hloko tseo a di etsang kapa a di entseng. Ruri ha e le ditlhaloso tsa bongaka ke tsa bophelo ba motho le ka moo di amehang ka teng maemong a itseng, di batla batho ba nang le tsebo kapa kutlwisiso e batsi. Mafisa o ne a itswela feela ka kgotla ntle le ho kopa. E be se ha se bontshe hore kelello ya hae entse e so loke hantle. Haeba e so loke hantle, ho tlile jwang hore ebe re mmona a hlahelletse kgotla?
Ka mora ho ba a e fumane, ke ha a ikamahanya le sehlopha se itseng sa borakgwebo ba neng ba ikwetlisa beke le beke ka dithunya tse fapaneng. Ke realo hobane e mong le e mong o ne a ena le mofuta wa hae wa sethunya. Sa Mafisa e ne e le MAKAROFF, nthwe tswang ho lane la Rashia.
Fatsheng lena la heso matsatsi a menate le thabo a fedile, mme eka a felletse ruri. Ho teng, batho ba phela ka ho bona meeka le mehlolo e etswang ke batho bathong ba bang.
KGaoLo Ya 4
Kwana ho ne ho hlakile hore hlooho e lahlehile, mme le kgatello ya maikutlo e phahame ke mathata feela. Le ho robala o ne a sa robale nako e telele ebe o se a ntse anonotha. Ruri ho thata hoba ha ho motho ya mo etelang hobane o ne a le bohale a sa batle ho bona motho lapeng la hae.
Ha mmuelli a ntse a botsa dipotso jwalo, ke ha Mafisa a itswela ho ya ntlwaneng. Ho ya ka yena Mokubetso o ne a ntse a ipuela ditsiebadimo. Ke hore a pota potang Basotho. Le ha ho le jwalo lekgotla le ile la mo hlokomedisisa hore hoo e ka ba ho tella lekgotla ha a ka phetha hape.
Jwale ebe o hatile naha mohatleng, o kgwathile notshi tsa semana. Bana ba mo rahe hore ya boi a tjhetjhe, e re ha mafube a wela fatshe tsatsi le hlaha ka mahlasedi a entseng metsu, ebe o utlwa feela hore ke hoseng. Mahlo ba a kwetse nqi! Ba bohlale jwalo ka yena. Dinyewe tseo a di butseng di ne di thiba letsatsi le ha a ne a tshaba ho supa le ha e le motho ale mong to: ka monwana a tshaba ho re ba tla mmolaya.
Tseo tsohle ke tsona diabanneng di bolelwang. Hoseng e sa le ka madungwadungwa eba ba tla tsoha ho ya ho hlapa le ho ja dijo tse sa yeng kae. Hang ha molebedi a hlaha a kgaruma ka lentswe le matla a re, “TWO! TWO! UMTHETHO WA SE TJELE”. Ha a realo ebe ba tswa ka bobedi ka bobedi ba kobile dihlooho ho ya dipaneng moo ba ilong ho sebetse teng… Mona banna ba hula joko e boima ha ho tsuonyana phatela nngwe.
Hobaneng?
Hakaalo sena e ne e se nnete ho tswa botebong ba maikutlo. O ne a etsa eka o amohetse se mo hlahetseng, athe pelo ya hae e loha mafito a ke keng a tlamollwa ke motho ofe kapa ofe, haese yena feela.
Ruri e thata ena taba e batla banna ka dijase… Tabeng ena le moahlodi o ile a kopa ngaka hore e hlalose hantle seo e se bolelang ka polelo mararane ena. Ha moahlodi a hloka tlhalosetso e be rona boSa re tla e kgona na? Ke bolela rona batho ba sa phetlang. Ngaka ya mmuso, paki e kgabane ya phetha tsohle tseo e di boletseng e sa fokotse kapa hona ho kenyeletsa hohang. Ya bontsha hore e tseba taba tsa yona.
Ho ya ka hlokwana la tsela, sepolesa se ile sa tshwara mmelaelwa eo ho bileng ha fumanwa thepa ya mofu ho yena. Empa tshita kapa qaka he hore, ho latela molao, o tshwerwe ka tsela e seng ya molao. Jo! seo se bolelang?
Hang hoba Mafisa a kene ka lebokosong ke ha Mathobisa a tswela pele ho hloma Mokubetso dipotso. Le dinyewe di ntse di ritelwa tsatsi le tjhabang le le dikelang.
“Ntumelle ke re ho jwalo moahlodi ya kgabane” O ne a bonahala a finne seledu ntlheng eo.
E nngwe ya dintlha e sa hlakang hantle ke ya hore ngaka Semamedi ha a ka hlalosa hantle hore ebe Mafisa nakong eo a neng a mo hlahloba ka yona o ne a le tlasa kgalefo e bakwang keng?
Lekgetlong lena ho na ho hlakile ho re ona a sa tswa lokollwa tjhankaneng ka mora hoba a hule dilemo tse hlano tsa polao. Le ho ja mosebetsi o tswileng matsoho wa ho tshwara mmolai eo. Ka nako e nngwe motho a o ipotsa ho re batho bao ba lokollwa ba e so sokolohe hobaneng. Haeba ke nnete ba lokollwa hobane feela ba qetile sekwebo, seo ha se a lekana. Batho ba jwalo eka ho ba molemo hore ba bewe leihlo ke sepolesa ho qoba hore motho a lokollwe hoseng e be nengneng o tsoha a se a bolaile motho e mong.
Hangata tse qalang di ye di fapane le tse qetellang. Le hoja ditsela tsa bophelo di le matlapa, di thella ebile di le matswendintseke, haele bophelo bona bo tswelapele ho ya ka moo motho a ratang le ho lakatsa ka teng. Ke realo hobane ha se hangata batho re phelang ho ya ka moo Mmopi a re bopileng ka teng. Ha lebidi la bophelo le ntse le potoloha, ke mona moo re kopanang le Mafisa e motsho, Letebele.
Ha jwale re se mametse ha ho ntse ho komelwa nyewe kgotleng lena le kgabane. “Mohlomphehi Mokubetso, ako bolelle lekgotla lena le kgabane ho re moqosuwa enwa o ne a apere jwang bosiung ba polao ya motswalle wa hao Mafenetha? Ho realo Mathobisa a ntse a qamaka kwana le kwana eka ha a lebella karabo ho tswa ho paki eo e kgabane.
Le ha ho le jwalo, kgotso le yona e na le ho jewa ke mafome e thobele motho a sa labella, ebe o aparelwa ke kgalefo ho fihlela meeka le mehlolo. Kgalefo e mo aparele a fetohe ntho e sa tlalang. Le ha ho le jwalo kgalefo eo ha e na mokoka hobane e phakisa e fela ebe motho wa kgotso o ikopela tshwarelo ho bao a ba foseditseng.
Eitse ha hore ho otla ya leshome le metso e mmedi hodima hlooho, ke ha Mafisa a emisa ho nwa jwala. Leihlo la hae le ne le sa tlohe phofung ya hae ha e ntse a etswa e kena kgafetsa ho le monate.
Boholo ba setjhaba, haholo ba neng ba tsheheditse Mafisa ha Lerato a ne a betilwe a bolailwe a ba a kgothotswa ke mofu enwa, bo ne bo hlaba bo bile bo tsanyaola modidietsane bare Mmopi o ba arabetse ka karabo e kgotsofatsang. Ka lefu la Lerato, setjhaba se ne se hlabehile habohloko hobane se utlwisisa ho re o ne a ke ke a kgona ho itwanela ka ha a ne a le monnyane.
Ka mora tlhaloso eo, moahlodi o bile a tswepelela Mathobisa mahlo e le ha a batla ho utlwisisa hantle hore o bolela hore ngaka e entse dihlahlobo ho moqosuwa boemong bo sa amaneng le taba eo ba leng moo ka yona na?
Ha e le Mafisa ka disutu, o ne a iketlile hoo a neng a idimola kgafetsakgafetsa e le mopoto feela le tshenyo ya nako.
Hangata moetsi o a lebala empa moetsuwa ha a lebale le ha eka ba ka mora dilemo tse leshome.
Bophelo ba fatshe lena bo naka di maripa. Ka realo hobane bo thata, bo boima, bo bohloko, hape bo monate ka dinako ka ho fapana. Ha jwale ho teng ba tshehang ba keketeka ha monate, ha ba bang bona e le dillo le ditsikitlano tsa meno feela.
Ka nqe nngwe hona ho hloka tjhelete ya ho nka maqwetha. Feela molao ke ona o boetse o fana ka leqwetha la mahala ho sireletsa mmolai. Hona ha se ho tshehetsa mmolai, empa e le hore toka e tle e tsamaye ka metjha e loketseng ho qoba hore motho a ahlolwe empa ho se bopaki bo felletseng.
Ka mehla ha letsatsi le tjhaba kapa le dikela, motho a ipotsa ntho di hana ho fela hore ebe bosiung boo motho o tla bohlotha kapa jwang. Hape ha le tjhaba o a ipotsa hore ebe le tla le o fuparetse eng. Ruri potso dingata.
A lla ka leihlo le leng jwalo ka kgama e tsetselela metsi a molatswana. Ho tswa boteng ba pelo le maikutlo a re “Jehova, Ramasedi nka bophelo ba ka hle ke a kopa.”
Ruri ho sa tsebe ke lebote ho tshwana le lefu la kgoho.
Bopaki boholo bo ne bo itshetlehile ntlheng tse kang tsa ho re Mafisa o fihlile neng kapa yena o fihlile jwang, a etsang? Le hore ho ile ha qetella ho etsahetse eng ka yena ho fihlela a hlahella lekgotleng la dinyewe. Ruri phehisano tsa kgotla di fapane hole l e tsa makgotla a rona a setso moo motho a le mong a ka pakang feela hore o a o tseba hore o setlokotsebe. Seo o qoswang ka sona o se entse ka mora moo o a ahlolwa o sa ka waba le mmuelli.
Seo a seng a se hopola feela ke hore Mafenethe o ile a thunngwa le ho bolawa ba le mmoho bosiung boo. Ho dumela kapa hona ho inehela hona ho ne ho bontsha hore jwale o kgathetse ke ho tlodiswa kgathi ka ho botswa potso e le nngwe hangata ka mekgwa e fapaneng, ka sepheho sa hore a qetelle a potile a sa ikemisetsa. Dipaki di nyatsa yona ntho e tjena hore di tle kgotla ho tla paka. Motho o ka inahanela ho re ha eba e le ngwana teng ho thata ho le ho kae? Mokubetso wa batho o ne a shebahala a theohile hoo le lebanta le ileng la korota hannyane ha a tswa ka lebokoseong la bopaki. O ne a utlwa eka ke yena moqosuwa e seng paki ho ya kamoo dipotso di neng di le matla ka teng.
Ruri ena taba ya hore Mafenetha ha ana molato e ne e kukunela dipelo le maikutlo a batho. Le kgetlong lena nyewe e ile ya busetswa morao. Sena ya boela ya eba diketo kapa kgati e bapalwang ke molao. Ke realo hobane batho ba ne ba ipotsa dipotso di hana ho fela; hore ha e le moo lekgotla le nka nako ya lona ho phethela dinyewe tsa batho, ebe ba ka le tshepa jwang.
Lerato! Lerato! Ee, shweshwe, mohaladitwe, ke re mmusapelo wa ntatae le mmae. Shu! Ngwana a kgolwa tjhakatsa ka mahahapa ke motsofehadi wa sekweta, mmolai ya kgopo ho feta sekele, eo qetellong a bileng a mmolaya a nto nka sekgama sa hae sa molaleng le tshupanako ya hae. Sekgama seo sa hae sa kgauta o ne a se rekelwe ke ntatae tsatsing la hae la tswalo. Se ne se bile se ngotswe mabitso a hae ka botlalo. Se tjena sehloho ke qala ho se bona. Ngwana a betwa ka sehloho a bolawa a nto nkelwa thepa. Ruri ha motho o tebisa maikutlo o a bona hore ena taba ha se tabanyana feela. Ke kgehlepehadi, kidibitla ya ntho. Ha ho le tjena ho molemo ke hore setjhaba se eme ka maoto se tshireletse bana ba naha ekasitana leba naheng tse ding tsa lefatshe.
Mora Mafisa, le letsho Letebele, o ne a reka lehlasedi hoseng ho hong le ho hong. Ntho e neng e sa mo tshware hantle ke ya lerata le neng le etswa yena empa ho sa bonahale ho tshwarwa le ho ahlolwa ha ba molato. Ho yena lefu la phoofolo ena le ne le sa re letho. Lefu ho yena e ne e le mosadi wa hae le moradi wa hae qha! Hona ke hona ho kgothalletsang batho ho tswela pele ka dipolao hobane lefu ke la bao ba amanang bona feela, la motho e mong eka ke papadi tjhe.
Bana ba jwalo ka dishweshwe le mehaladitwe hodima lefatshe. Ba jwalo ka ditaemane le dikgauta tseo re lokelang ho ikgantsha ka tsona. Mosotho o re thupa e kojwa e sa le metsi, mme re le baetapele, a re qaleng ho ba aha esale masea, re ba fe lerato. Makgabunyane ana re a fuwa ke Mmopi ka ho rata.
KGaoLo Ya 9
Lefatshe le tletse ntho di se kaaka letho. Ho diphoofolo, dinonyana, dihahabi le tse ding tse ngata tseo Mmopi a di hlodileng. Tsena tsohle tseo ke di boletseng di rata madinyane a tsona ho feta kamoo motho a nahanang ka teng.
Ka mora diphuputso tsa bongaka ke ha ho hlahella hore ngwana eo o ne a lapile ho feta tekano. Hona ho bontsha hantle hore mmae eo ha e sa le a fula a tlatsa mpa ya hae hoo a neng a se a bile a lebetse ka lesea leo la Modimo. Le ha Mafisa a kwallwa le mokgopi oo wa matahwa, pelo ya hae e ne e se e le kgubedu ha a hopola Lerato eo nyewe ya hae e sa kgoneng ho fela. Kajeno le yena ke enwa o ya teronkong.
Matsatsing ano o ne a rapela ha a robala. Ho rapela ke ntho e ntle ha motho eba o rapella ntho tse ntle. Ke realo hobane Mafisa yena o ne a rapela Badimo ba habo ba Matebele, batho ba hlapang ka moro metsi a le teng. O ne a rapela hore ba mo fe matla a ho hlakola le ho tlosa Mafenetha lefatsheng lena la ba phalang.
Ere ka ha matsatsi a fihla a feta le tsa ona tse monate kapa tse bohloko, le leng ke lena le fihla. Tsatsi leo ha le fihla jwalo, ke ha e le ho re ntja tsa mmuso di tsomme di se di bile di kgathatse ho se motho eo di mo tshwarang. Ho batho ba lebelletseng ho bona ha molao o sebetsa e be maswabi ruri.
Lefatsheng ka bophara, molao ke wona o busang le ho tsamaisa dintho tse amang maphelo a batho hammoho le dintho tsa bona tse jwalo ka thepa.
Pelo ya rotha madi. A tlallwa ke kgalefo. A fellwa ke tshepo a ba a itebala hore ke modumedi, ngwana wa ntlo ya thapelo. Jwale pelo ya kgikgitha ka yena ho ya mafisa. A qetella a rihakane hore ha eba feela ngwana eo wa hae o kwetetswe, motho o tla shwa. Ho jwalo ka mehla ha motho a aparetswe ke kgalefo. Leleme le a thella hoo qetellang a bua puo di hana ho fela.
Eitse hoba motjhotjhisi a behe nyewe ka pela lekgotla, ke ha mmuelli wa mmelaellwa a lwana ya kgumamela ho supa ho re motho wa hae ha ana molato nyeweng ena.
Ka mehla ho jwalo haeba moahlodi a se ele hloko maqiti a maqwetha hantle. O iphumana a lokolletse dikweta a kwalletse batho ba hlokang molato. Ka ho realo ha se hore Mafisa ke sekweta. Thjee bo lekgotla ha le e so nke qeto nyeweng ya hae. O sa ntsane a nkuwa a se molato ho fihlela moo lekgotla la molao le mo fumanang a le molato teng.
Mmalerato mosadi wa batho a qala jwale ho pokelwa ke lefu la pelo le kgatello ya maikutlo. Dipilisi o ne a di nwa a be a di kome jwalo ka kgoho e kobola poone empa ho se phethoto. Dingaka o ne a di potile tsa sekgowa le tsona tsa setso, empa tseo tsohle ya nna ya eba mafeela a mafeela. Ho jwalo ka mehla ha pelo ya motho e ka hlabeha. Qetello ya hae ke ho qhwala ho mo kgannelang lebitleng.
Nyehelo
Eitse ha mafelo a beke a malelele a fihla, e leng ka Labohlano la pele kgweding ya Phato, mantsiboya, ke ha ho tjhang ho apara sutu e ntsho eo a neng a e apara ha a hlabehile. O ne a atisa ho e apara ha a eya kerekeng. Empa kgetlong lena o ne a eya moo ho tla nkgang ho sa bola.
