MODISE: (Ka bohale.) Mmathabang, o a e bona jwale ntho eo e leng kgale ke e nyatsa ka enwa Thabang?
THABANG: Butle ka ho ja dipekere tjena, Palesa.
SEBOLELO:Ke se ke boletse, ntate, hore ha ho hlokehe hore ke le bolelle tsa moo ke yang hona jwale. Ke a tla hona jwale tjena. (O tswa ka sekaja, mme o siya batswadi ba hae ba eme dihlooho).
SEBOLELO:Atjhe, mme, nna ha ke kgolwe hore ke tla kgona ho o tsipela taba ena ha jwale, etswe ke sa ntse ke ferekane maikutlo ha bohloko feela, mme ha ke tsebe le hore ke tla qala kae ke qetelle kae ha ho se ho le tjena. (O robatsa Pontsho mme ha ba qetile ba fihla ba itulela ka foreising.)
THABANG:O tle o leke feela o re o tshwenyana le mosadi wa ka feela, o tla e bona tosa le madinyane a yona. Mapokaetsi ana a tletseng ka kelellong ena ya hao a tla fela ka ho panya ha leihlo ke a jwetsa.
KGAOLO YA 2
MOLEFI:(O mo kena hanong.) Mabaka a mofuta nngwe na? O dula o ntse o fihla ka morao ho nako ka mehla, mme ho powaneng hore ha o hlajwe ke dihlong ke manyampetla ana ao o a etsang. Ntho e nngwe le e nngwe o e etsa ka sebete, o sa natse le ho natsa hore mang o tla reng ho wena.
[LESIRA]
Dikeledi (Motswalle wa Dikeledi)
THABANG:Ho lokile, ke a tsamaya, empa o dule o tseba hore ha ke sa na taba le wena le bohloohothata bona ba hao. Ha jwale ke ipatlela ngwana wa ka feela. Ee, ke nnete hore sethatong ke ne ke batla ho itatola, empa ha jwale ke se ke fetotse mehopolo. Sena seo ke o jwetsang sona ha jwale ha se papadi kapa bona boswaswi, empa ke nnete ena e tswileng matsoho.
THABANG: Ha ho hlokehe hore o lebohe hle, moratuwa. Ke itlamme hore ke tla tlisa thabo ka hohlehohle pelong ya hao, mme ha ke bone lebaka le ka etsang hore ke o tshware ka pelo tjena.
THABANG:Ha ho na hore nna le wena re ka tshwana, etswe o a tseba le wena hore batho ha ba lekane e se meno. Jwale ha ke bone ho hlokeha hore ke llele ho tshwana le wena.
THABANG:Ha e hate ka maro bo letona!
MOLEFI: (Ka bohale.) Ha ke na taba le tumedisonyana eo ya hao, monna.
PALESA: (O mo kena hanong.) Ke butle hanyane ya eng jwale? Ha ke re le wena o ne o ntlatseditse marata jwalo ka ha eka ke lehlanya maobanyana moo ha ke ne ke ile ho wena lebenkeleng mane? Na o ne o lebelletse hore ke tla ikutlwa monate ke tsela eo o neng o ntshwere ka yona ha ke ne ke tlile ho wena? Hona o ne o lebelletse hore ke ikutlwe jwang ha o mpolella sefahlamahlo hore ngwana eo ke mo lebelletseng ha o mmatle?
(Ke sepetlele mme boMmasebolelo ba dutse ka phaposing ya baeti. Ngaka e sebetsang Sebolelo e fihla ho bona ba sa ntse ba letile jwalo.)
PALESA: Ke tshwanetse hore ke di je dipekere hobane o ile wa ntlotlolla hampe le hoja ke ne ke o tshepile. Empa hona jwale o ntlhanohetse ho ntlhanohela hoo o seng o batla le ho kena pooneng ha mokuru o se o sibile, mme le jwale ke sa tjho bo! tlapa le tla thella ka Raboshane haeba o nahana o tla ntshinya ke le mong thankgeng ena.
THABANG:Ntate, ke itse ha ho ka etsahala hore Sebolelo a ntlhale jwalo ka ha a se a boletse, a mpe a ntokollele Pontsho he. Empa ka ho rialo ha ke bolele hore ha ke sa mmatla. Ke ntse ke mo rata ka pelo ya ka yohle, mme ke hloka feela tshehetso ya lona, batswadi ba ka, leha feela ntate a sa batle ho utlwa letho tjena.
DIKELEDI:O tla nkinela matsoho metsing he, motswalle. Ha ke re jwale ke buiswa ke hona ho ngongoreha hona ho hokana, etswe matsatsing ana haesale o ntse o sa phuthuloha hohang, mme nna ke ne ke hopola hore taba ena ya hore o batla ho hlala Thabang ke yona e hlileng e o hwayahwayang ha bohloko tjena.
MODISE:Le nna ho feela ho le jwalo, mofumahadi. Feela ntho e ntenneng ka ho fetisisa le jwale ke ena ya hore o nqobelle ho ya kopela Thabang tshwarelo bohweng ba hae, mme ka morao ho moo ebe ho sala ho dubehile. Ho etsa jwalo e ne ekare re tshehetsa Thabang mererong ena ya hae e ditshila. Le jwale ke entse phoso bo! hore ebe ke ile ka kopela moleko o kang ona tshwarelo.
THABANG:(O hoa Sebolelo a habile ho tswa monyako.) Sebolelo, o ka se tsamaye pele re qeta ho tshohla taba ena.
MMASEBOLELO: (O a hlwephetsa.) O tjho Palesa Lebajwa? O re Palesa ke yena ya… (O a se kgitla.)
THABANG:(Ka ho makala.) Athe ebile e re ama ka bobedi?
(Hoseng ha letsatsi le hlahlamang. Sebolelo o na le Mmasebolelo.)
DIKELEDI:(O mo kena hanong.) E-e bo! mosadi. Ha ho ke ho buuwa jwalo hle. Ako lese ho itshela ka meokgo tjena. Bua, o re hobaneng o nahana hore Thabang ha a sa o rata.
DIKELEDI:O bolela hore o ne o batla hore a o eletse ka kgang ena ya ho hlala Thabang?
SEBOLELO: Ho bua nnete aubuti Thabang ke sa ntse ke mo rata empa…(O qalella ho lla.) Ho thata hore nka lebala sekgobo sena seo a nkentseng sona le Palesa, mme le jwale pelo ya ka e ntse e tletse moya wa boiphethetso feela.
MABOKELLE:E-e Mmasebolelo, ha ke re o sa tswa hlalosa hore lebaka la bona la hore ba se ke ba re dumella ho ya bona Sebolelo ha jwale ke lefe. Ke tshepa hore ba tla re dumella ho mmona ha ba se ba qetile ka mosebetsi wa bona.
MOLEFI: Mokgwaka ha ke tshohe moru o se nang nkwe jwalo ka ha o nahana, monna Thabang, etswe keb a tseba hore makwala mokgwa ona a rata ho etsa lerata, empa motho wa teng a ntse a tseba hantle hore ha ho kwae koomeng ho yena mona.
SEBOLELO:Wena ho tshwana feela leha motho a ka a o tshwarela. O phethaphetha phoso e le nngwe hangatangata ho fihlella motho a be a teneha. Hona jwale o tletleba ka menyako e sa notlelwang. Hosane mona o tla be o kena o itjelletse kgera, o tletleba ka ntho tse ding hape. Ke o tseba o le jwalo mokgwa hao, aubuti Thabang. Ha o ke otlohele batho feela leha o ka wa ba fumana ba hlabile kgobe ka lemao. O tla nne o dulele ho komakoma ka ntho ena le nthwane, mme ntho e ntenang ka ho fetisisa ke ha o bolela hore o ntse o tlilo re fenetha nna le Pontsho.
MABOKELLE:(Ka ho teneha.) Mokgwa hao ke o tseba o le jwalo, ha ke ithute wena. Ka mehla o fapana le seo motho a o botsang sona, o ipuela ditsiebadimo feela. O tla dulellana le ho inanatha ho fihlella motho a be a teneha, a se a sa batle le ho utlwa taba ho ya pele.
MMASEBOLELO:Hohang ekare o leleme monna enwa ha ke mo sheba tjena. Ba mpa feela ba re etsetsa lonya hore re se ke ra bona Sebolelo.
MODISE:Ke itse tlhaloso ya hao ha e hlokehe hona jwale, etswe Sebolelo o ile a feta le kwano, mme o se a re jwetsitse tsohle ka boitshwaronyana bona ba hao bo hlephileng. Ho fetafeta moo o ile a ba a re bolella le mahlabisadihlong ana ao o a entseng.
THABANG:Ke kopa hore o nkemele pele ke qete ho hlalosa.
MABOKELLE:O ya kae na jwale, Sebolelo? Ha ke re o a tseba hore re lokela ho phura leshetla pele.
Pono ya 1
PALESA: Haeba ha se tsona tseo o di tletseng kwano o tletse dife, etswe ke hopola hantle hore o itse ke se ke tla hela ke itlamela ke le mong?
PALESA:Tloha mona! Na ha o tsebe hore monna ke qati o a lomisanwa?
DIKELEDI:O se a qadile dife na jwale Thabang, Sebolelo!
MMATHABANG: Le nna ke mantswe a ka ao, ngwanaka, mme ha ho letho leo nka le tshetlehang ho ya pele. THABANG: (A sekisitse meokgo.) Ke a leboha, batswadi ba ka.
SEBOLELO:(O keleketlisa meokgo.) Dikeledi motswalle, ka nnete ha ke kgolwe hore aubuti Thabang o sa ntse a nthata jwalo ka pele ha re ne re qala ho kena lenyalong. Ka nnete ke utlwa le pelong mona hore ho teng se mo sitisang ho ka nthata jwalo ka …
MABOKELLE: Le nna ke ntse ke kgathetse jwalo ka wena, ngwanaka. Ho se ho bile ho fetile dihora tse tharo kaofela ho eso be le nko ho tswa lemina dingakeng tsena tsa mona, mme hono ho bontsha hantle hore ba sa ntse ba le maphathephathe ka yena.
DIKELEDI:Butle le wena, mosadi, ka ho ithoba pelo tjena. O re ho se ho boetse ho senyehile kae na hape?
MMASEBOLELO:(Le yena matshwafo a phahame.) Bua hle, ngaka. O re ho etsahalang hantlentle?
Pono ya 5
MOLEFI:E hate ka maro ka mabaka afe? Ke batla ho bua hore ke tshwele mahlwele ohle a imetseng pelo ena ya ka, mme ke tla thola ha feela o ka wa mpha qeto ya moshwelella hore na re tswela pele mmoho ka kgwebo ena kapa tjhe.
THABANG:Phoso e tsamaya le mohatisi hle, moratuwa…
DIKELEDI:Tjhe, ha se hore ha ke o kgolwe, Sebolelo, empa feela ke ngongorehiswa ke maemo ao o leng ho ona kajeno, mme taba di mahlong ho re ha o a thaba hohang. Leha feela o batla ho latola seno, empa nna ke sa hatella hore ntaramane ena eo o reng e o tshwere ha se yona feela e o thefutseng maikutlo tjena. O a tseba ho bohloko jwang ho ipipetsa maikutlo ka ditaba o sa di jwetse batho ba bang, mme leha o le makaqabetsing ha ho na motho ya ka o utlwelang bohloko, etswe ngwana ya sa lleng o shwela tharing. Jwale he, ngwaneso, nna ke o kgothaletsa hore o phunye seso, boladu bo tswe, hore o tle o imolohe mathateng.
PALESA:Ee, ke a di utlwa tseo tsohle, aubuti Thabang, empa ntho e nngwe to! ka monwana e etsang hore ke dule ke kgwabitlwa ke letswalo ha ke nahana ka yona.
SEBOLELO:Ka nnete, Dikeledi, nna ke a ipotsa hore hobaneng ha pelo ya ka yona e dula e sa thaba tjena, empa tsa ba bang tsona di lokolohile, di bile di thabile. Nna ka mehla ke dula ke futswela bohobe ka menyepetsi feela.
MODISE:Tjhe, ha ke bone ho hlokeha hore ke hanane le wena ha o re re bitsetse Thabang kwano lapeng hore re utlwe ntlhakemo ya hae tabeng ena pele ho eba mafekefeke ho feta mona.
MMATHABANG:O a tseba ke ne ke sa lebella hore tsena tsohle di ne di ka etsahala, ntate.
THABANG:(O a mo aka.) Banna wee! Ha ba ha re kokololo! Mmele le ona ka ba ka utlwa ekare o tsamauwa ke dikokwanyana.
SEBOLELO:(O iphumola dikeledi.) Tjhe, ke tla le jwetsa ha ke kgutla, ha jwale nako e nkeme ka mosing.
MABOKELLE:O a tseba, Mmasebolelo mohatsaka, ke swabile nko ho feta molomo ke qeto ena ya boSebolelo ya ho qhelela thoko moketjana wa bona wa ho keteka lemo tse pedi ba nyalane. Hohang ke sitwa ho utlwisisa hore hobaneng ba fetotse maikutlo ka pele tjena le hoja rona re ne re sa ile le kgongwana hodimo.
THABANG:Ema hanyane feela, nke ke ka o senyetsa nako.
SEBOLELO:Tjhe, ho thata ho bile ho a nyolosetsa, ngwaneso, mme ha ho potang hore re se re phelela ona feela mahlomola ana.
SEBOLELO:Ee, ke tiisitse le jwale, Dikeledi.
SEBOLELO:Ha ke hloke matsatsi a phomolo, ke ntse ke phetse hantle.
SEBOLELO: O se ke wa ba wa leka wa kenya Pontsho hara taba tsena hoba ha o mo etsetse letho. Ke re le hona jwale ha o tsebe hore ho tlile jwang hore a be a qetelle a fumane mohlokomedi ha re ile mosebetsing. Maobanyana mona o ne o eme ka lerapo thabeng, o hana hehehe! ho lefa mme Mmamohapi moputso wa hae ha e le mona a re etsetsa mosebetsi o tswileng matsoho tjena ka ho re salla le ngwana ha re le siyo, re ile mosebetsing. Jwale ha ke utlwisise hore hobaneng o batla ho sebedisa Pontsho jwalo ka thebe ya hao ha mathata a o hlwele setha hodimo.
THABANG:Wena o ne o re ke etse jwang na ha ho le tjee? Ke itatole lona lesea leo? Hona ha Sebolelo a ka a tseba taba ena teng ke tla e hlanaka jwang?
SEBOLELO:Ke ne ke tla notlela jwang empa o eso fihle le ho fihla, aubuti Thabang? Mehleng o hlola o bolela hore re tlohele ho o notlella ka ntle pele o fihla, le teng ha ke sa notlela o sa ntse o lwana hape. E le hore o motho ya thabelang eng hantlentle, aubuti Thabang?
MMATHABANG: E-e bo! ntate, se ka ntshosa hle.
SEBOLELO: Ke eng yona ntho eo o batlang ho e bua le nna? THABANG: Kgoba matshwafo hle, Sebolelo. Ha ke re ke ntse ke hlalosa hona jwale tjena hore taba e pakeng tsa ka le wena, ke ka hoo ke kopang hore mme a re adime motsotswana feela hore re tle re itshebe hanyenyane.
SEBOLELO:(O mo kwala molomo ka mpama hape.) Ako tlohelle ho ahlamisa molomo tjena ha ke bua le wena.
MMASEBOLELO:Butle hle ka ho re rwesa mantswe a bohloko tjena, Sebolelo. O a tseba mantswe ana a hao a ntlhaba pelo ha bohloko.
SEBOLELO:O itshwetse mokgubu ka mathe, bua o tlohelle ho hoshola tjena ka pela ka.
SEBOLELO:Ke bolela yena eo, mme.
PALESA:Ho lokile, ke tla o jwetsa yona ha feela o ka mphetisa mona pele, moratuwa.
MABOKELLE:E-e, Mmasebolelo, ha se molato wa rona ha Sebolelo a hlahetswe ke kotsi. Rona seo re lokelang ho se etsa ha jwale ke ho tshwarahana mme re mo tshehetse mahlabeng ao a leng ho ona ha jwale.
SEBOLELO:Ha ho le jwalo ke o neha metsotso e mehlano feela.
THABANG:Ka nnete ena ke mehlolo ha ho thwe mehlolo!
Pono ya 5
PALESA:O a tseba ha ke kgolwe hore ke wena ya ka buang jwalo le nna, aubuti Thabang. Ho hang ho tu! o motho wa ho qetela eo ke lebelletseng ho utlwa mantswe ano ho tswa molomong wa hae.
PALESA:Sebolelo, ha ke na taba le sehole seo sa hao sa monna, empa ha e le ngwana yena o tla mo lefella tjhelete ya phepo hore ha ho le tjena a be a re habore! a sa e lema. Nna ke Palesa, moradi wa Lebajwa.
SEBOLELO:(Eka ha a dumele hantle.) O reng, aubuti Thabang? Kapa basadi tsebe tsee tsa ka ha di sa utlwa hantle na?
THABANG:Ha ke tsebe jwale hore ke tla hlalosa ke reng hape.
NGAKA: Ke a leboha, ntate. (O a tswa.)
THABANG:Sebolelo moratuwa, ke kopa hore o nkinele matsoho metsing mabapi le taba yane ya maobane. E ne e se maikemisetso a ka ho roba moya wa hao ka tsela e jwalo. Ke a tseba hore ke kgale ke o sitela nthong tse ngata, empa ke a tiisa ke a hlapanya, kgetlong lena teng nke ke ka hlola ke o utlwisa bohloko hape. Ke bua ke tiile ha ke re ho wena leihlo le fahlwa le shebile, mme le nna ke se ke itshwetse mokgubu ka tsela e jwalo.
KGAOLO YA 3
o itokisetsa ho ya mosebetsing.) PALESA:Basadi! ke eng eka diaparo tsa ka kaofela di ke ke tsa hlola di ntekana hape tjee. Ebe jwale ke tla etsa jwang jwale ha ho se ho le tjee? Tjhe, ha ho potang hore ha ke tjhaisa thapama ke tla lokela ho fapohela ka mane ka mabenkeleng hore nke ke bone hore ke fumana eng eo ke tla e apara matsatsinyaneng ana. (Ho a kokotwa monyako.) Jo! ekaba ke mang jwale ya nkokotelang hoseng ho hokaale? Ka nnete haeba ke Thabang, o tla tswa mona ka ntshwe di sa fohlwa. (O a tswa ho ya bula monyako.) Kena! (Ka ho nyaroha.) Sebolelo! Helang basadi! jwale wena o behwa ke eng kwano?
SEBOLELO: Le nna ke hlokometse jwalo, mme, ke ka hoo ke tlileng lapeng mona hore wena le ntate le ke le nthuse ho kopanya boko tabeng ena. Ke entse qeto le pelo ya ka hore maqhama ohle a neng a nkopantse le aubuti Thabang a hle a felle hona mona hanghang. Ke bona ho le molemo hore ke mo hlale, ho hle ho fele ka nna le yena.
SEBOLELO: Dumelang ka lapeng hape, mme le ntate! MABOKELLE: Dumela le wena, ngwanaka! MMASEBOLELO: Dumela, Sebolelo! Ekaba le hlotse jwang kajeno Rehauhetswe moo le bana baa ba lona ba ditlokotsebe? SEBOLELO: Tjhe, re hlotse hantle haholo, mme, ha ho molato ka nnete.
SEBOLELO: (Ka ho tshoha.) Jo! o ntshetsa nna thipa, Palesa? PALESA: (A tshwere thipa a se a ntse a le malalaalaotswe.) Ke batla ho o bontsha hore nna ke mang ha e le kajeno lena. Ke kgale ke utlwela hore mokgwa hao o a tella, mosadi towe!
THABANG: Ee, ke nnete ke ile ka kgopisa pelo ya hao ha ke ne ke rialo, feela ke ile ka lemoha ha morao hore ke ne ke sa tshwanela e be ke buile jwalo le wena. Jwale he, Palesa, ke yona taba e ntlisitseng kwano hore re tle re e tshohle hantle re iketlile.
SEBOLELO:Tjhe, ha ho jwalo, mme.
MMASEBOLELO:Feela, ntate, nna ntho eo ke e labalabelang ha jwale ke ho bona ngwana wa ka hore o jwang. Hohang ke batla ke tshwenyehile hampe moyeng ke maemo a hae a bophelo, etswe hoja e ne e se ka rona a ka be a sa wela molekong ona wa dihele.
MODISE:Nna ha ho na moo ke yang teng, mofumahadi. Thabang ke yena ya iphehletseng lesheleshele lena, mme o tla lokela ho le habola. Ka tsela e jwalo ha ho na moo ke kenang teng ha ho se ho le tjena, etswe ke dintho tse entsweng ka boomo tsena.
SEBOLELO: Ha ho letho la hao leo ke le mamelang mona. Mokgwa hao o lemao le ntlhapedi. Ebile ke lemohile hore o tena o itshwara tjena hobane o batla ho mpakisa hore ke dule ke ntse ke sekisa meokgo. Hommeng he ke se ke itse setsweng ke hole ho nna mona. Nke ke ka o dumella hore o qoqopele hodima hlooho ena ya ka hape.
MMASEBOLELO:Ha ke re tsena tsohle di etsahala tjena o le sekolong, ngwanaka. Jwale re ile ra bona ho hlokeha hore re shebisane ditaba jwalo ka batswadi, etswe re ile ra feta mona moo le leng teng kajeno.
KGAOLO 4
MMATHABANG:Ntate, ke eng ekare o tshwara ngwana ka pelo jwale?
MMASEBOLELO:Nna, ngwanaka, ke bona ekare monna enwa wa hao ha a tshabe batho ka nnete, mme ke sa lomahanya meno le jwale hore o lokelwa ke ho rutwa molao pele a ka a etsa manyala a fetang ana ao a a entseng. Hohang ke re o nkgitlile dibete moshemane eo. Mokgwa hae o rata ho phokwa jwalo ka tshintshi. Maobanyana mona le tenne le qhelela thoko moketjana wa lona ka lebaka la hae, mme ho ena le hore a itshwele mokgubu bakeng sa tseo, ke enwa o se a qala tse ding hape. Ho bolela hore ha a ikemisetsa ho baka mekgweng ena ya hae e ditshila.
PALESA:Ha ke kgolwe hore o teng motho ya neng a ka tlohella lehlohonolo le mo feta a ntse a bona. O tsebe hore rona basadi re batho ba ratang ho tshwarwa jwalo ka dikgalase, mme ka mehla re batla mofuthu wa lerato moo o leng teng. Ke ka hoo ke sa kang ka qeaqea ho o amohela ka diatla tse mofuthu ha o ne o mpolella hore o tjha mpa le seatla ke nna. Le leng la mabaka ke hobane ke phetse nako e telele ke le mong, ke se na molekane.
THABANG:Sebolelo, ako tlohelle ho ntsosetsa diletseng tjena hle. Ke neke hopola hore taba eo o se o e lebetse, athe e sa ntse e le ntjha tjha! ho wena le kajeno.
MMASEBOLELO:Oo mohlolo nke ke ka o dumella le kgale tlong ena, Sebolelo, mme ke bona le sefahlehong sena sa hao ka moo se edileng ka teng hore ntho e kgolo eo o batlang ho mpatela yona. Feela ha o sa ntjwetse yona ha jwale e tla o ja o le mong ke o jwetse.
MOLEFI:Tjhe, ke maswabi haholo, monna, hoba le nna ke le tjena ha ho letho leo nka le etsang, etswe ke kgale ke o kgalema hore o itshole tabeng tse hole le wena, yaba o ikwala ditsebe ka leshoma. Ako bone feela sekgobo seo o itjarisitseng sona hona jwale ka lebaka la manganga ana a hao.
PALESA: Ka thaba ka utlwa monate ha mantswe ao a etswa molomong wa hao. Ka nnete ke tlala morolo ha e le mona o utlwisisa maikutlo a ka ka botlalo. Ha ke tsebe hore ke ne ke tla ba wa mang hoja o ne o ka satalatsa molala tabeng ena, moratuwa. Ke lebohile ho menahane ka nnete.
THABANG:Eng? Ho hlalana? SEBOLELO Ee, ha ho na e nngwe tsela ha e se hona hore re felle hona mona ka tema ya rona. Mohlomong wena le Palesa le tla natefelwa ke bophelo ha nka ka le siroha. Le teng o se ke wa tshwenyeha ka Pontsho, ke tla itlhokomella yena ka sebele.
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Se ka mpitsa moratuwa wa hao. O tseba hantle hore eo e leng yena wa pelo le maikutlo a hao ke Palesa. Ha e le nna le wena se neng se re kopantse se fella hona mona, mme mohope wa rona wa silivera o pshatlehile. Ke qetile ha ke rialo jwalo.
SEBOLELO:Nna ka nnete ke sitwa ho utlwisisa hore le etsa ditumellano jwang ka bophelo ba ka, empa nna ke sa tsebe le ho tseba. Hona ke eng le ne le sa nkemele hore le utlwe ntlhakemo ya ka tabeng ee?
MOLEFI:Jwale o nketsetsa selotho seo ke sa tsebeng hore ke tla se pota ka kae ha nka ka re ke batla tharollo ya sona.
PALESA:(O mo kena hanong.) Ha ho le jwalo o ne o batla hore ke etse jwang he ha e le moo o batla ho latola lesea jwalo ka Judase ha a ne a latola morena Jesu?
THABANG:Jwale o tswa lekoteng.
SEBOLELO:Ha ke na yona thahasello ya ho mamela mashano ana a hao a matala ao ke sa tsebeng hore o leba kae ka wona. O mpolelletse o sa pate letho hore o robile Palesa lengole, mme ha ke bone ho sa hlokeha tlhaloso e nngwe e fetang mona hape. (Ka ho phoqa.) Ntho eo ke dumelang hore o lokela ho e etsa ha jwale ke ho ya reka maleiri le lebese, etswe o se o le ntata Nnyeo.
THABANG:Le jwale ke sa ntse ke tlalletswe ke thota, hohang ha ke tsebe hore ke qale kae ke qetelle kae ha ho le tjena.
MOLEFI:O ka be o sa ka wa itshwenya le ho itshwenya hoja o ne o tseba hore le tumedisonyana eo ya hao ha ke e hloke le ho e hloka. (Eka o feroha dibete.) Hore ke hlatse ha ke o sheba tjena, Mmadithatsana towe. (O a tswa, mme o ba siya ba le jwalo.)
MMASEBOLELO:Na ha o sa mo rata Thabang ha o se o bua tjee na, mosadi?
SEBOLELO:Ke tshwanetse hore ke o honothele ka ha ke tsona tse entseng hore maemo ka lapeng ka mona a be a qetelle a se a sa jese ditheohelang tjena. Ke ka hoo ke reng ha ho na hore nka tlodisa diphoso mahlo hodimo empa ke ntse ke di bona. Le jwale ke sa tjho bo! setsweng ke hole! O ka mpa wa ilo wela matjoing kwana ha eba ho kgoneha!
KGAOLO YA 5
DIKELEDI:O tla lokela ho ba loma tsebe e sa le ka nako pele o aha serobe phiri e se e jele. Banna ba bangata ba ile ba qeta basadi ba bona jwalo feela hobane ba ne ba lemoha hore basadi ba bona ke makwala,ba tshaba ho bua. Jwale he, motswalle, ke batla hore le wena o itlhokomele pele o ka iphumana o wetse hara moleko, etswe tsietsi e hlaha mabaka a fokola.
MOLEFI: Ho ka ba molemo haholo ha ho ka hla ha eba jwalo, kgabane yeso.
MMASEBOLELO:O batla ho hlala?
SEBOLELO:Ka nnete le nna ke le tjena ha ke tsebe hore hobaneng a ne a rialo, hoba tsena tse tswileng tseleng o di bua feela ha a bo kgile ka dikgopo. Le jwale ke sa eme le monna mateneng hore ho nkang sebaka ke eng ka yena ha e le hantlentle matsatsing ana. Ke lekile ho batla sesosa, feela ke hlolehile ho se fumana.
PALESA: Ka mantswe a mang ke nnete hore o ne o mpa o batla ho ntshebedisa feela?
MOLEFI: Kgele! wa tla wa lomahanya meno e le ka nnete he ngwana monna, le hoja nna ke sa kgone ho utlwisisa hore o lebisitse hokae ha o ipoledisa jwalo ka ngwana a thabetse dipompong tjena. O bolela hore dintho di o tsamaela hantle hohle moo o yang teng jwalo ka ha eka ke kgale o qhafutsa hara tebetebe ya mathata. Hona na haeno ha ba a ka ba o bolella hore motho o motle ha a bolelwa ke batho ba bang?
MMATHABANG: Ke mantswe a ka ao, ntate.
DIKELEDI:Le nna ke tshepa hore molao o tla hle o tiise letsoho nyeweng ena, mme ha ho na ka moo Palesa a ka phonyohang ka teng. O tla dula tjhankaneng moo ho fihlella dikgoho di be di mela manaka bo!
Mabokelle (Ntata Thabang)
MMASEBOLELO: Ho jwalo, ntate, ke yona mehlolo eo moradi a mphetetseng yona kajeno.
PALESA:Ha ke re ke se ke ile ka hlalosa pejana hore ke batla hore nna le wena re phele ka kgotso…
MMATHABANG:Ho thata e le ka nnete ha ho le jwalo, ntate, mme ke sa boela ke tjho hore ke swabile nko ho feta molomo ke tsena tseo o mpolellang tsona ka Thabang. Ebile ha ho potang le jwale hore ba bokgotsing ba ke ke ba hlola ba re tshepa hape, etswe bona seo ba se batlang ke teke feela, e seng ntho tse ngata.
PALESA: (Ka ho tshoha.) Jo! Ke eo a kwala mahlo. Ekaba ke tla etsa jwang jwale haeba o shwele moo? (O leka ho mo sisinya.) Sebolelo! Sebolelo! Basadi! ha eka ha a arabe tjee. E re ke mpe ke letsetse ba dithuso tsa tshohanyetso. (O tswa ka sekaja.)
MODISE:Na o se o kile wa ya ho ya mmona?
SEBOLELO:Bua he ke mametse.
PELONG YA LERATO
THABANG:Ke kopa hore le nteballe ditshito tsa ka he, mme le ntate, etswe ke tiisitse ha ke re ketsahalo ena e nthobile moya e le ka nnete, mme ha ke tsebe hore nka hlalosa jwang maikutlo a ka hore le tle le nkgolwe.
SEBOLELO:Ke o utlwele bohloko ba ntho nngwe na? O ntshenyeditse nako ho lekane. Ke ne ke hopola hore o tlilo tla ntjwetsa ntho e itseng tjha! athe o tlilo mpolella ka moo o leng kakapa ka teng ha ho tluwa tabeng tsa lerato. (Ho Pontsho.) Ha re ye Ngwanana Mmae, re siye enwa ntatao a maketse jwalo. (Ba a tswa, mme ba siya Thabang a eme le monna Mateneng.)
PALESA:Ha eba ke lehlanya, a se ke a tlo hlanyetsa ho rona mona, a hlanyetse diheleng kwana.
MMASEBOLELO:Ntate, na o a elellwa hore monna enwa o re patela ditaba ka moradi wa rona?
MABOKELLE:O a tseba moshanyana enwa wa Modise o a tella, mme nna ke tloha ke mmata le sa tshelweng ke nta hona jwale tjena.
DIKELEDI: Batswadi ke le tshwaretse taba tse sa jeseng ditheohelang ha le mpona ke le tjena.
SEBOLELO:Ke re ke mo hloile hampe ngwanana eo wa moloi, mme ke ntse ke tlilo tla mo ruta molao ha nka ka teana le yena! O tla tseba hore motho ke ntho e jwang ha eba ha ba a ka ba mo ruta molao habo!
MMASEBOLELO:Hao ntate! Wena o lebala ka pele jwang na. Ha ke re ke maobanyana a matsho moo ha moradi le eo mokgwenyana ba ne ba tlile kwano ho tla re tsebisa hore ba ilo etsa moketjana wa bona kgweding ena e tlang? Jwale o a mmakatsa ha o bolela hore o se o lebetse taba tse bohlokwa hakana.
MMASEBOLELO:Ao basadi! ekaba ke sekgobo sa eng seo ngwana enwa a re jarisang sona? Re lekile ho mmotsa ka makgetlokgetlo ha a ne a etswa mona hore o ya kae, empa o ile a re ila sekgethe. Bona hona jwale o ikentse kenyakenyeng e jwang.
PALESA:Ke taba tse monate, moratuwa.
THABANG:Ke hobane bana bana e tla ba sehopotso pelong ya ka hore nkile ka utlwana le batho ba tjena ka lona, mme leha e le mona le re ha le sa mpatla, empa ke batla hore le dule le nkgopola ka mehla. Ha se mara, ha se ho fela.
THABANG:Feela moratuwa…
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ha ho na taba eo ke tla e tshohlang le wena mona. Ha ebe e teng taba e lokelwang ho tshohlwa, ke dumela hore o lokela ho e tshohla le Palesa Lebajwa, etswe ke yena sethibamathe sa hao. Ha e le nna Sebolelo ke hlolehile ho hloleha ke wena le mekgwanyana ena ya hao e ditshila.
MOLEFI: Monna, leo ha se lona lebaka leo o ka itshirelletsang ka lona. Re sebetsa mmoho kwano, mme le dihora re sebetsa tse lekanang, empa leha ho le jwalo ha ke eso ka ba ke tletleba ka mosebetsi wa ka le ho fihlela lena le hodimo. Ka mehla ke dula ke netefatsa hore leha nka ka phathahana jwang kapa jwang, ke etsa bonnete ba hore mosebetsi ona ke o etsa ka bokgabane bona bo babatsehang. Jwale wena o hlolwa ke eng ho tsamaya mehlaleng ya ka?
MABOKELLE:Jwale ke taba eo re tla e potang ka kae ee hoba nako ena kaofela re ne re hopola hore ntho di ba tsamaela hantle banyalani bana ba babedi. Jwale phalo e ema le lesemela ha o ntjwetsa hore Sebolelo o bolela hore monate ke ntho e siyo lapeng la hae.
PALESA:Le jwale ke a e hatella hobane ha se nna ya mmitsitseng hore a tle ho nna, ke yena ya itlisitseng ka seqo.
DIKELEDI:Kgoba matshwafo, mme Mmasebolelo, dintho di tla boela madulong ka nako e sa fediseng pelo.
SEBOLELO: (O batla ho lla) O nkutlwisa bohloko ha o bua jwalo hle, Dikeledi.
THABANG:Se ikopise hlooho ka ntho tsa mafeela tjena hle, Palesa. Sebolelo a ke ke a tseba sephiri sena sa rona. Wena seo o lokelang ho se etsa ha jwale ke ho kgoba matshwafo, hoba moo lerato le leng teng tshabo ha e yo.
MMASEBOLELO: Sebolelo a re mokgwenyana o se a mo qalletse mokgwa o motjha oo le yena a reng o sitwa ho o utlwisisa. A re e se e le motho ya tsamayang ho fihlela ka kgitla, mme ha a kgutla a mo tjodietse ekasitana le Pontsho, a bolela hore o tlilo ba fenetha.
DIKELEDI:Butle le wena, Sebolelo, ka ho phahamisa matshwafo tjena. O a tseba ntwa e ke ke ya rarolla mathata, empa e tlilo a feteletsa ho feta ka moo o ka nahanang ka teng.
DIKELEDI:Atjhe, Sebolelo, nna ha ke kgolwe hore Thabang ke yena ya ka etsang mahlabisadihlong a tjena. Na ha o nahane hore mohlomong Palesa o mpa a mo tlamelletsa feela ka molato oo e seng wa hae.
SEBOLELO:Ke ntho ya mofuta nngwe na eo?
Pono ya 1
SEBOLELO:Ha se hore ke ngongorehile, motswalle, feela seo ke lekang ho se hlalosa ke hore ke batla ke lahlehetswe ke tshepo ho aubuti Thabang matsatsing ana. Ho hang ha ke sa mo tshepa hantle, mme ha ke tsebe hore ekaba hono ho bakwa ke eng.
MODISE: O a di bona he ntho tsena tsa lona hore di fela ha bohloko jwang, monna? Le nna ke ne ke sa maketse hore o teng mosadi wa boemo ba Sebolelo ya neng a ka mamella masawana a tjena, mme ha ke mo tshwaye phoso, etswe o tena a etsa tsena tsohle ka lebaka la hao.
KGAOLO YA 4
Pono ya 3
THABANG:Seo ke lekang ho se hlalosa ke hore batho ha ba bone ditaba ka ho tshwana. E re nke ke o tehele mohlalanyana o mosesane. (O kgutsa motsotswana.) Ha se batho kaofela ba ratang papadi ya bolo ya maoto le hoja e le papadi e tlotlwang ka ho fetisisa lefatshe ka bophara. Ba bang ba e bona e le papadi e tswileng tseleng, ebileng e se na mosola. Eke! ho feela ho le jwalo le ka sena seo ke o jwetsang sona, monna. Ho hang re ke ke ra utlwisisa ditaba ka ho tshwana leha re ka ra rata bo!
1. Diketsahalo tsa pale ena di toboketsa mantswe a Sesotho a reng ngwana wa mahana-ho-jwetswa o bonwa ka maoma hloohong. Le hoja Thabang a ile a hlajwa malotswana hore ho hloka botshepehi ho molekane wa hae ho ke ke ha mo tswela kgomo ka letho, empa o ile a ikwala ditsebe ka leshoma. Hlalosa ka ho teba semelo sa Thabang ekasitana le sesosa sa kgohlano tshwantshisong ena.
MMASEBOLELO:Sebolelo ngwanaka, nna ke o tshepisa hore ha o ka hlahelwa ke mathata hape ke tla hle ke e late letailana, mme ha jwale seo ke se kopang hape ke hore o kgutlele bohading ba hao. O swabise dira tsa lona, etswe ha o ka wa hlala Thabang o tla be o itshehisa ka thaka tsa hao feela, ngwanaka. Ha ke batle hore qabang ya ka le ba bohading ba hao e ebe yona sekgopi lenyalong la hao. Wena o tsamaya o…
SEBOLELO:Feela, mme, o motho ya makatsang e le ka nnete.
THABANG: (Ka bohale.) Ako tlohelle ho ntjwetsa ditsiebadimo tjena, mosadi! Ke tloha ke be ke o tlatsela hona jwale tjena o be o sulafallwa ke letsatsi, mme bohlalenyana bona ba hao bo be bo o timella.
SEBOLELO:(O a lla.) Ntate, aubuti Thabang ke yena ya nqholotsang pele. A re o tlilo nka Pontsho ka kgang ho seng jwalo a re o tla re tshwarisa phupe ka lefe.
DIKELEDI:Ee, ke ka hona ke reng o lokela ho ya phomola hore o tle o tsebe ho rarolla mathata a lelapa la hao o iketlile, hoba ke mona ha o batle dikeletso tsa mang kapa mang. Ke a ipotsa hore batswadi ba hao ba reng feela ha ba utlwa o bua mehlolo e tjena.
MABOKELLE:(O mo kena hanong.) Ha o sa tlisa ntwa kwano, hata kosene hona jwale tjena.
PALESA:(O mo kena hanong.) Ha ke tsebe! Ke itse ho wena o bue ka pele, o tswe o hata kosene pele ke feroha dibete ho feta mona. THABANG:Palesa, ke tsebisitse Sebolelo ka taba ena ya rona, mme o halefile hampe moo a teng hona jwale, hoba o boetse a phaella ka hore o tlilo tla ntlhala.
SEBOLELO:Jwale ha e le taba e bohlokwa re tshwanetse ho e tshohla ka nako ee ya ho ya mosebetsing? (O kgutsa motsotswana.) Ha eba o batla ho bua tsa moketjana wa rona, o hlo lebale, hoba ke se ke tsebisitse batswadi ba rona, ekasitana le bamemuwa ba bang hore ha ho sa hlola ho eba le moketjana kwano.
MODISE:Monna, ho o tshwarela ke ntho e nngwe hape jwale, hoba re ile ra o kgalema jwalo ka motho e moholo ha re tla utlwa Sebolelo a re o robile ngwanana elwa wa mooki lengole. Jwale ke wena hape ya boelang a itshola athe maoba mona o ne o lomahantse meno o re o ipatlela bana ba hao feela ho bona.
DIKELEDI: Tjhe, mme Mmasebolelo, tseo ha re a lokela ho di tshohla ha jwale, etswe di tla shebisa meya ya rona morao. Rona seo re lokelang ho se etsa ha jwale ke ho thabela ho bona Sebolelo a fodile mahlabeng ana ao a leng ho ona.
THABANG:(Ha Sebolelo a re o a tswa, yena o a mo thiba.) Pele o tsamaya, ke kopa hore re tshohle taba ena eo ke o emiseditseng yona pele.
(Thabang o fihla lebenkeleng, mme o fumana Molefi a halefile.)
THABANG:Eo taba ke e nepa ka botlalo, ke ka hoo ke kopang thuso ya hao.
MMASEBOLELO: (O se kgitla le ho feta.) Empa, ntate, na o a elellwa hore re tlile ho tla shebahala jwalo ka batswadi ba se nang molemo, hoba hoja e ne e se ka rona, Sebolelo a ka be a sa hlahelwa ke kotsi ee.
Pono ya 3
SEBOLELO:Le jwale o ka ntjhaella monwana ha ke re ho wena le bohloko ba seeta bo utluwa ke monga sona.
THABANG:(O mo kena hanong.) Feela hono ha ho bolele hore ke tshwanetse ho hlala Sebolelo. Hona batho ba tla reng feela ha ke hlala Sebolelo, empa e le moo re tla be re keteka lemo tse pedi re nyalane? Na ha o bone hore ke tla be ke iphetola setshehisa sa Rammolotsi moo, Palesa?
SEBOLELO: (O a lla.) Le jwale le a nteleka, mme, ke ntse ke le bona hore ha le sa mpatla lapeng mona. Le batla ho nthekisetsa baditjhaba hore ba ilo ntuba maikutlo hape.
MOLEFI:O bua mashano a matala, mme ke sa tiisa le jwale hore ho se ho le haufi haholo moo ke yang teng ka kgwebo ena. O bue ha eba o batla ho itokolla mosebetsing, nke ke ka ema ka pela tsela tsa hao ha eba o batla ho etsa jwalo.
DIKELEDI: Ho ya ka tlaleho eo ke e amohetseng eka o hlabilwe ke ngwanana elwa wa mooki tliliking yane e ka Marantha.
SEBOLELO:Tjhe, haeba o batla ngwana o hle o lebale. O ka mpa wa ilo makala makgotleng a dinyewe kwana o tle o bone hore o ke ke wa atleha le kgale.
SEBOLELO:Taba eno ya hao re se re tla e bona ha ke tjhaisa, etswe ha jwale nako ha e sa ntumella. Ha ke re o ne o ntjodietsa ha o lokela ho otla ditaba phatla ntjhotjho, jwale ke a itahla ha ke etsa tjena.
PALESA:Ntswele ka ntlo, moleko towe, pele ke o bitsetsa mapolesa.
MMASEBOLELO:Ke o tseba o le jwalo, mokgwa hao o tjha ntshi ke ka hoo o sa rateng le ha ke re ke ntsha maikutlo a ka.
THABANG:Sebolelo, batho ba tla reng ha ba ka utlwa hore re rerileng na? Hona na ha o bone hore ho etsa jwalo e tla be e le ho kenya metsi ka moedi? Ke bolela le bona bommampharwane ba ka tsheha hore kgopo di be bohloko ka rona ha ba ka ba utlwa hore…
MOLEFI:Ho bolela hore o hulanya maoto ka boomo mosebetsing wa hao?
MODISE:Tjhe, o tla nkinela matsoho metsing, mofumahadi. Ha ke iketse le nna ha o mpona ke le tjena, ngwetsi ya kgomo tsa ntate, ke mpa ke ferekantswe haholo ke…
(Hoseng ha letsatsi le hlahlamang. Lapeng ha Thabang.)
Dibapadi Thabang (Mohwebi ya atlehileng)
THABANG: Atjhe, ha mpe re di etse molatsa tseno, ka ha di ke ke tsa re tswela kgomo le kgale.
MODISE:Bua, monna, o tlohelle ho lla tjena. Monna ke nku ha a lle!
THABANG:Ke taba e hlokolosi, mme e bohlokwa haholo.
THABANG: Ke bontshwa tosa ke mang? Ke wena? Ka nnete e tla ba ha ke sa le yena Thabang wa
PALESA:(O mo kena hanong.) Eo taba ke e tseba hantle, empa jwale ho fihla moo le nna ke tenehang ke ho etswa nyatsi tjena. Ke batla hore le nna nke ke ikonke jwalo ka basadi ba bang, e seng ntho ena ya ho jella kgwebeleng jwalo ka leeba tjena, aubuti Thabang.
DIKELEDI:Tjhe, ha ho nang leha o ila keletso tsa ka sekgethe tjena, ke kopa hore o nke qeto e tla o kgotsofatsang, ebile o se ke wa dumella maikutlo ho laola pelo ya hao, etswe Satane o leka motho ka tsela tse ngata, ngwaneso.
MOLEFI:Ke a utlwa hore e kgotjwa e le maoto mane, empa jwale ako mpolelle hore wena ntlhakemo ya hao ke efe jwale mabapi le taba ena?
MMASEBOLELO:Ntate ke kgale ke o jwetsa hore bana bakgotsi ba rona ba fapane le ho loka ka nnete, mme ha o a ka wa ahela mantswe a ka lesaka ha ke ne ke o hlaba malotsana. Hona jwale ke bana ba bontsha mebala ya bona ho enwa moradi wa rona ho tiisa mantswe a Sesotho a reng phokojwe ha e tshela moedi e pata mohatla.
PALESA: Eng? Na o ntse o imametse hore o reng na, monna towe? THABANG: Ke imametse hantle hore ke ntse ke reng. Ha ke re hona jwale wena le Sebolelo le bolela hore ha le sa mpatla, mme nna ke bona ho hlokeha hore le mpheng tseo e leng tsa ka, hoba ha le batle ho utlwisisa ha ke le bolella hore ke a le rata. Le bona le le bohlale ho mpheta.
MMASEBOLELO: Dumela le wena, Dikeledi! O re ho a be ho etsahetseng jwale ha o kena matshwafo a se a uba tjee?
THABANG:Leha e le mona o sa batle le ho mamela seo ke tlileng ho tla o jwetsa sona ha ho na taba, ke a bona hore pelo ya hao e sa ntse e thulame ha jwale. Empa ka bokgutshwane taba eo ke e tletseng kwano e mabapi le ngwana enwa eo o mo lebelletseng.
DIKELEDI:O bolela jwang ha o re o phetse hantle athe o dula o hlomohile, le maikutlo a hao a dula a sosobane ka mehla?
MODISE: Taba ha di robaletse ke o jwetse he, mosadi, haeba ha o tsebe. Thabang ke yena ka seqo ya letsitseng mme a ntjwetsa tseo tsohle. A re yena o amohetse mohala o tswang sepetlele ka ho otloloha o mo tsebisa tsena tsohle.
THABANG:Ntate, ha ho na hore nka tsamaya le sa mpha seo e leng sa ka.
SEBOLELO:Ke a di utlwa tseo tsohle, mosadi, feela ntho e sa mpheng boroko ha jwale ke hore moketjana wa rona wa ho keteka dilemo tse pedi re nyalane o tla hle o atlehe e le ka nnete na, hoba ke mona aubuti Thabang o bonahala a le monyebe ho ka etsa ditlhophiso tsa ona.
SEBOLELO:Ho feela ho le jwalo, mmannyeo, mme ha ho ka nqane hore aubuti Thabang ke kgale a hahlaula dithota le yena, hoba ke mona ba se ba bile ba letetse lesea.
MABOKELLE:(O leka ho ba thodisa.) Se itsheleng ka meokgo tjena hleng. Ho tla loka hape.
THABANG:Ka nnete ke tla be ke bua leshano ha nka ka re ke a tseba hore o bua ka eng, Palesa. Hona o re nka tseba seo o se nahanneng jwang empa ke se ka kelellong ya hao?
SEBOLELO:Mme, ha ho na letho leo nka hlolang ke le tshohla le lona hape, ke utlwile ka dipuo tsa lona feela maobane hore le mina ka nko e le nngwe ha le mpona. Le iketsa eka le a nthata empa ho se jwalo.
SEBOLELO:(O a bokolla.) Nqe…nqenehele… hle! (A nyebella fatshe.) Itjhuu!! O nqetile, Palesa. Jowee! Ke tla thuswa ke mang bo? (A leka ho itshireletsa.) Seo o nketseng sona se ke ke sa o putsa ka letho. (O kwala mahlo a ntse a tsetsela ke matetetso, haufi le yena ke phula ya madi feela.)
THABANG:O tla ntshwarela haeba ke se ke fahlile mmuso ka lehlabathe, ntate.
THABANG: Ekaba ke efe yona na, moratuwa?
MABOKELLE:Kgele! O tsheha ka nna, mosadi. Ke a bonao a lebala hore motshehalefuma o a ipiletsa. Tsietsi ena eo ke leng ho yona ha jwale e ka nna ya wela wena ka moso, mme wa boela wa tla ho nna o hoshola o tlilo kopa thuso. Ke le tseba le le jwalo mokgwa lona basadi
PALESA:(O a lla.) O nkotlelang jwale, Sebolelo? O ntse o tlilo teana le pela di falla ke a o jwetsa, mme mohlang oo o tla rohaka letsatsi leo o tswetsweng ka lona!
(Lapeng ha Mabokelle. Mabokelle le Mmasebolelo ba dutse ka phaposing ya ho phomola, mme ba sa dutse jwalo ho utlwahala ho kokota monyako.)
PALESA:Le jwale lerato le bofofu, ke ka hoo o bapalang diketo ka maikutlo a ka tjena. Feela ke sa tjho bo! belo le a fela, thota e sale.
MABOKELLE:O bolela jwang na ha o rialo, moradi? Na ha o shebile re ka o hodisa wa ba mosadi e mokana e be e le hona re o lahlang?
DIKELEDI:Tjhe, mme Mmasebolelo, ha o a lokela ho ikwahlaya tjena. Lona le ne le etsa seo le boneng se le molemo bakeng sa Sebolelo ekasitana le moradinyana wa hae, Pontsho. E mpile feela ya eba bomadimabe hore ebe o
SEBOLELO: Le nna ke bona ekare ntaramane ena e ntseng e ntshwenya ke yona e hlileng e ntlhokisang phomolo moyeng tjena, mme ke ne ke ntse ke lohotha ho ya bona ngaka ha sekolo se etswa.
PELONG YA LERATO
MMASEBOLELO:(O supa Thabang ka monwana.) Ho lokile ke a tswa, empa ke a tiisa ke a hlapanya, haeba o tlisitse ho tella kwano, o tla se bona sa motsheare, moshemane. (Ho Sebolelo) Ke kopa hore o se ka tsamaya pele hoba ha re eso qete ho bua. (O a tswa.)
SEBOLELO:Ho feela ho le jwalo, ngwaneso, ke yona tabataba eo ke reng ha e a nkgotsofatsa hohang eno. Hoseng hona pele ke etla kwano mosebetsing ke ile ka fapohela kantorong ya mosebeletsing wa setjhaba hore ake a ntlhahe thuso hore ha ho le mahleke tjena ke sebetse ditaba jwang.
MMASEBOLELO:(Ka bohale.) Ntate, na o a elellwa hore ngwana enwa wa Modise ha a telle o nka ntho e fatshe? Ke enwa jwale o tlisitse ho tella kwano.
MABOKELLE:Le jwale o batla hore re qhalle Sebolelo lenyalo, hoba ke mona o haketse hore re ilo batla tjhelete ka kgang, ka ho le leng o re re se itshwenye le ho itshwenya ka ho ya moketjaneng ono wa bona. (O kgutsa motsotswana.) Wena, mosadi, o shebile ditaba ka leihlo le leng. Re lokela ho neha boSebolelo nako ya ho itlhophisa hantle, e seng re tatele ntho tse pele tjena. O hopole hore ha ba ne ba nyalana ba ile ba ithekela ntlo ekasitana le koloi ya mabaibai, mme ntho tseo tsohle di ba qositse bokgothokgotho ba diranta.
[LESIRA]
DIKELEDI:Le jwale o a mpelaetsa, Sebolelo. Na Thabang o ntse a o tshwere hantle haesale ho ba le qhelele moketjana wa lona thoko?
THABANG: Ee, ke o jwetsa nnete ena e tswileng matsoho, Palesa. Ha o bone ke thabile hakaale ha e le moo re behile mehoma fatshe pele ho nako ya tlwaelo kajeno, mme wena ka ho le leng ha o a theohela ho hang. Hono ke sesupo sa hore re betletswe ho tsamaisana tsela ena mmoho, moratuwa.
THABANG:Mme…
MMASEBOLELO:Tseo o di buang e sa le dinyane papisong le tseo moradi a mpolelletseng tsona. Jwale ka ha ke se ke boletse pejana, moradi o lla ka hore Thabang ha e sa le elwa wa maoba le maobane, a re o mo hlanohetse ho mo hlanohela, mme a re ka tsela e jwalo o bone ho hlokeha hore taba ena ya mokete e mpe e ebe tshomo ka matheto.
NGAKA:Le jwale ke maswabi haholo, batswadi ba ka, ho le tsebisa hore Sebolelo ha a sa phela. Re lekile makgobonthithi ohle a rona ho ka pholosa bophelo ba hae, mme ka bomadimabe dintho ha di a re tsamaela hantle.
MODISE: Nna ntho e ntenang ka ho fetisisa ke hore maobanyana mona ke wena ya neng a haketse ka lepaketla hore re ilo kopela Thabang tshwarelo, mme ke ile ka leka ho hana, feela wena wa qobella hore ke be ke wele ka hlooho. Bona hona jwale hore ho sala ho etsahalang ka mora moo.
THABANG: Nna jwale o a mmakatsa, Sebolelo, ha e le mona o sa batle le ho mamela seo ke lekang ho se hlalosa hore ho tlile jwang hore ke be ke qetelle ke
NGAKA:Ke tshepa jwalo, kgaitsedi. (O sheba tshupanako ya hae.) Le se le tla nkinela matsoho metsing, batswadi ba ka, ke lokela ho ya mane ka phaposing ya dioporeishene ke bone hore mosebetsi o ntse o eya jwang.
KGAOLO YA 4
SEBOLELO:Ha ho na hore e ka hata ka maro, empa o ntse o dulellane le ho suhana le moya wa ka tjena. Ke kgale ke mamelletse tshotleho lapeng lena, mme jwale ho fihla moo o nkgitlang dibete teng. (O batla ho lla.) Ke nahana hore le ona moketjana oo wa rona re hle re o qhelele thoko, hoba ke mona ha o a ikemisetsa letho ka ona. (O a lla.)
THABANG:Le jwale ke tshwanetse ho makala, Palesa.
MOLEFI:Tjhe, ka nnete ke swabile nko ho feta molomo hore le wena o be o kene mekgatlong ena ya banna ba sotlang basadi ba bona. Feela ha ho nang, di a bela di a hlweba, madiba ho psha a matala! Leha ho le jwalo ke sa boela ke o hlaba malotsana hore o tla oka seso ka makgapha ha o ka nna wa tswela pele ka mekgwanyana ena ya hao e ditshila, ya ho bapala ka basadi jwalo ka ha eka o raha bolo. Le bona ka le leng la matsatsi ba tla busetsa molamu sefateng, mme o tla tshola tlhako morong o qatile mohatla, kobo di fokaela sebaeng.
SEBOLELO:Eng? Ke o lokollele ngwanaka? Ke se ke itse o ka ba wa ilo wela matjoing kwana! ha ho na ngwana eo ke tla o lokollelang yena mona. Ekare o hloleha ho itlhokomela ka bowena o be o bolela hore ke ofe ngwana. Tjhe, ke se ke itse setsweng ke hole bo!
THABANG:Leha o ka nteleka jwalo ka ntja tjena, empa lentswe la ka lona le tla sala le ntse le dumaduma kelellong ya hao, mme le mohla ngwana a belehwang o tle o se ka ntebala.
MMASEBOLELO: Mehlolo ka nnete! Ekaba ho etsahalang na ha o re tsohella hoseng ho hokaale, Thabang? Kapa o se o boetse o qadile ka mathaithai a moo a hao? (Ka bohale.) Haeba o tlosa bokaako haeno kwana o bo tlisa kwano, ke batla ho a hlaba malotsana hanghang hore mona teng o tla teana le pela di falla. Sebolelo ke ngwanaka, mme ha o mo utlwisa bohloko o tsebe hore le nna ke ameha maikutlo.
MMASEBOLELO:Butle bo! Sebolelo ngwanaka, ka ho ja masooko tjena. O a tseba le nna ho bua nnete, ngwanaka, ba bohading ba hao ha ke ba utlwisise hantle, empa ka ho rialo ha ke o kgothalletse hore o etse sena seo o batlang ho se etsa, etswe ba bohading ba hao ba ne ba tletse yona taba eno kwano. Le nna ka lehlakoreng le leng ke ntse ke utlwisisa maikutlo a hao ka botlalo mabapi le sena seo monna enwa wa hao wa lemenemene a o entseng sona, feela re se re fihlelletse qeto le bona hore re tla buisana le wena hore o kgutlele bohading.
THABANG: (A le mong.) Banna! ka nnete ke qala ho bona mosadi ya hlooho e thata tjena. Ke hore o lomahantse meno hore ha ho na moketjana o tla hlola o ketekwa? Ebe banna ke tla qetella ke entse jwang na ha taba di se di le mafekefeke tjee? Hona ha batswadi ba rona ba ka utlwela ka maemo a ditaba a ntseng a rena kwano ba tla nkuka ke le motho ya jwang? Tjhe, leha ho le jwalo ha ho hlokehe hore ke ngongorehe ka ha ke ngwana monna, bitla la ka le ka thoko ho tsela.
MODISE: Ke o thuse jwang athe ke wena ya ikentseng hara mathata? Nna mohla monene ha re ne re ilo o nyalla ke hopola hantle ha ke ne ke o laya hore o hlomphe mosadi wa hao, mme o etse bonnete ba hore o dula a thabile ka dinako tsohle. Jwale ke mona ha o a ka wa phethisa ka moo ke neng ke o laetse ka teng, mme ha ho le hobe o batla ke ikakgele ka setotswana hape. Tjhe, oo mohlolo ha se o ka etswang ke nna Modise!
THABANG: Ekare o dieha ho utlwisisa ditaba ha motho a bua le wena hantle, Sebolelo. Hona jwale o se o tswile lekoteng ho tu! o balabala ka ntho di hana-ho-fela. Hona jwale ke leka ho o hlalosetsa ka moo ke ikwahlayang ka teng, empa le teng o sa ntse o ikwetse ditsebe ka thebe ya leshoma, o nkomela ka ntho tsa kgale tseo le nna ke le tjena ke lebetseng ka tsona.
MMATHABANG:(O mo kena hanong.) Ehlile, ntatao o tshwanetse a o tjodietse hobane o entse tsena tsohle ka morero le sepheo, mme le yona tlhaloso ya hao ha e sa hlokeha le ho hlokeha ha taba di le mothating ona. Le jwale ke a mo tlatsa hore o re phoqile le hoja re ne re o tshepile, ngwana ka, mme ha ke kgolwe hore re sa ntse re tla hlola re o tshepa hape.
Pono ya 4
DIKELEDI: (Ka ho ngongoreha.) Na jwale o tla hle a fole, ntate ngaka.
DIKELEDI:Ka nnete ke taba tse nyarosang tsena, Sebolelo, mme le nna ke le tjena ke ne ke sa hopole hore ka le leng la matsatsi ditaba di tla be di hlekemane tjena. Ho hang Thabang o itheotse seriti le hoja e le motho ya hlomphehang tjena setjhabeng. Feela manyala ana ao a a entseng a hlile a mmehile ka moo thakadi di fatelang ka teng!
THABANG: Tjhe, ha ho molato ha e le mona o hlalosa ka botlalo le wena hore o swabile nko ho feta molomo ka se etsahetseng maobane, mme le nna ke o leballetse, etswe ke a tseba hore phoso e tsamaya le mohatisi.
PELONG YA LERATO
KGAOLO YA 5
KGAOLO YA 4
PALESA:Ha ho le jwalo, aubuti Thabang, tharollo e nngwe feela bothateng bona, mme ke yona qha! e ka etsang hore nna le wena re phele ka kgotso ho isa lefung. (O kgutsa motsotswana.) Ke kgale ke thuisa taba ena, mme jwale ke entse qeto ya hore ke ntshe se imetseng pelo ya ka, etswe ngwana ya sa lleng o shwela tharing.
THABANG: Ke itse ha se hore ke itatola molato ona, feela ke leka ho o bontsha ka moo o leng sethoto ka teng, ka ho tatela ntho tse hole le wena tjena.
NGAKA:Thato ho phethahetse ya Ramasedi, kgaitsedi, mme ha ho letho leo re ka ra le etsang. Le nna ke le tjena ke bo utlwisisa hantle ka botlalo bohloko boo le bo utlwileng, empa ha le a lokela ho lla jwalo ka makwala. Le lleng le ntse le hopola hore Ramasedi o tla dula a ena le lona ka dinako tsohle.
PALESA:(O mo sheba ka mahlong le yena.) Le nna ke a o rata, aubuti Thabang.
DIKELEDI:O re o ile a o jwetsa masaakokometse a reng na?
DIKELEDI:O bolela jwang ha o re pelo ya hao ha e a kgotsofala, Sebolelo? Hona ha e sa kgotsofatswa ke eng? Na Thabang o boetse o a o hlekefetsa hape?
THABANG:Ho lokile, le teng ha ho kgang.
THABANG:Tjhe, ha se hore ke ne ke sa hlajwe ke dihlong, moreso, feela e kgotjwa e le maoto mane.
SEBOLELO:Ee, le jwale, Dikeledi, ha a yo motho wa nama le madi lefatsheng mona ya ka amohelang kapa hona ho mamella manyampetla ana a entsweng ke aubuti Thabang.
PALESA:Leka feela bo! Ka nnete nka o bontsha tosa le madinyane a yona. O tla tswa mona o qatile mohatla, kobo di fokaela sebayeng. Ke a bona o a lebala hore noha ha e ntshwe mokoting…
(Thapameng yona eo ha sekolo se etswa. Sebolelo o fihla lapeng habo, mme o fumana batswadi ba hae ka phaposing ya ho phomola.)
MMASEBOLELO:(Eka o tebisa maikutlo.) Ntate, ke utlwile meeka ka tsebe tsena tsa ka. Ha e le kajeno lena ho tswa ho eo moradiao. Ka nnete le jwale ke sa pheta hore ha ke eso kgolwe sena seo a ntjwetsitseng sona.
PALESA:E mabapi le ngwana? Ngwana ofe jwale athe o itse ha eso ka ba o re o batla ngwana? O se ke wa ba wa leka wa tla ka bohlanya ha ka mona e sa le hoseng tjena.
PELONG YA LERATO
MODISE: Ke se ke kopile tshwarelo hle, mohatsaka.
SEBOLELO:Ha eka o sa ntso tswela pele ka ho nthohaka tjee?
Thabang. O buile puo pha! o sa pate letho hore ngwana enwa eo ke mo lebelletseng ha o mmatle. Ebile wena ha o eso ka ba o re o batla ngwana hoba o ntate wa lelapa ya nyetseng. Jwale ntho e nqakang ka ho fetisisa ke hore o mpherehile o bolela ka moo o nthatang ka teng, empa o tsebile hantle ho tloha sethatong hore o na le mosadi le ngwana. Jwale ha mathata a hlwele setha hodimo, o se o batla ho tjhetjhella morao jwalo ka poho ha e e nka matla. Ngwana yena jwale ke sa toboketsa hore o tla mo etsetsa ntho e nngwe le e nngwe, mme o tla fumana kgodiso e ntle jwalo ka bana ba bang. Ha e le nna le wena ha ho sa na letho leo re tla le buang hape, re tla boela re teana hape ha ngwana a se a hlahile hore o tle o tsebe ho ntsha tjhelete ya phepo ka kgwedi.
MMASEBOLELO:Bua hle, mmanyeo, o tlohele ho balabala tjena.
SEBOLELO:(Motsotswana ka mora hoba Thabang a tsamaye.) Le a e bona he ntho eo ke neng ke le bolella yona ka aubuti Thabang. Bona hore hona jwale o re baketse mahlabisadihlong a jwang. (O a se kgitla hape.)
PELONG YA LERATO
THABANG:O a bona wena Sebolelo, o tla utlwa eka o a bitswa ha nka ka o tshwara ka matsoho ana a ka. Mokgwa hao ke elelletswe hore o motho ya hlolwang ke maemo, mme ha ke re ke o neha hlompho e o loketseng jwalo ka mosadi, o bona eka hlooho ena ya ka e fapane.
THABANG:O nkgathatsa matla jwale ha o bua jwalo…
PALESA:(O a lla.) Ha e le hore ke nnete hore o a nthata, hobaneng o dula o behile Sebolelo pele mererong yohle ya hao? Ka mehla ha ke re ke kopa ntho e itseng ho wena o mpolella ka Sebolelo. Ha o re o ahlamisa molomo feela ke Sebolelo, Sebolelo! Hona jwale tjena le tla be le keteka lemo tse pedi le nyalane, mme ka hlakoreng le leng o ntse o duletse ho mphara ka mashano a matala hore o a nthata, o a nthata! Ebile ke bona hantle hore hang hoba moketjana ono wa lona hore o fete o tlilo nqhalla matsoho, o tla be o iphapanyetsa nna jwalo ka beng ba dikolobe.
MMATHABANG: Ako tlohelle ho itiisa pelo tjena hle ntate.
[LESIRA]
PALESA:Itjhuu! Hantlentle o etsang, Sebolelo?
MODISE:(O mo kena hanong.) E seng jwalo, jwang?
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ha ke a nkuwa ke pelo ya letho mona. Ke wena ya dulang a senya kgotso lapeng lena, mme ha ke re ke a bua feela o tla be o bolela hore ke nkuwa ke pelo. Ha ebe o batla hore re tswele pele ka moketjana ona wa rona, o tla lokela ho itshwara jwalo ka ntate wa lelapa e seng moshanyana. Ebile o ke o tlohelle le ntho ena ya ho tsekela le hara mafifi jwalo ka setsetse tjena. Ho seng jwalo e mong le e mong o tla inkela tsela ya hae ke hle ke o jwetse. [LESIRA]
MABOKELLE:Butle ka tseo, Mmasebolelo, hodima o ntse o utlwa hore ngwana o maemong a sa jeseng ditheohelang a bophelo.
MABOKELLE:(O mo kena hanong.) E-e bo mosadi! Na hao bone hore re tla be re sulafalletsa Sebolelo bophelo ka ho etsa jwalo? Ho hang ha se ntho e lokelang ho thoholetswa eno. Ha ke hane hore ba ha Modise ba o halefisitse, empa hono ha ho bolele hore re utlwise moradi wa rona bohloko ka tsela e tjena. Ho fetafeta mono ena ha se yona nako ya ho ntsha ditshokelano, feela re lokela ho iketsa kgokanyanaphiri ho ka hlola sera sena se re tobileng.
MABOKELLE: Moo teng ke nnete, ngwanaka. Le nna ke le tjena nka hlatsweha qati ha dingaka di ka tsa re jwetsa hore Sebolelo o maemong a kgotsofatsang a bophelo, hoba ke kgale re letile jwale.
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ha ho na ka moo nka lebalang sekgobo sena ka teng, ntate, mme ha ke kgolwe hore lefatsheng mona o teng motho wa nama le madi ya ka kgotsofallang ho ba maemong ana ao ke leng ho ona kajeno.
PALESA:Ke se ke itse setsweng ke hole bo! o mpa o ipala meno feela haeba o nahana hore o tla hapa lesea lena ka thupa ya mmowana. Ka nnete ke tla lwana ya sedulwamatswapong haeba o batla ho nqholotsa ka ngwana enwa wa ka.
THABANG:Ha se hore ke batla ho itatola, feela ntho eo ke e nyatsang ke ya hore o qoqopele hodima hlooho ena ya ka tjena, ekasitana le ho nkenya mathateng. Ke ile ka o jwetsa sefahlamahlo hore ha ho na hore nka hlala Sebolelo ka lebaka la hao. Haholo jwang ha e le mona re tla be re keteka lemo tse pedi re nyalane.
MMASEBOLELO:Empa, ntate, ha re a lokela ho iphapanyetsa nnete.
MOLEFI:Ho lokile tswela pele, ke tla mpe ke o mamele he.
THABANG:(O mo kena hanong.) Le jwale ho tla re thusa. Na wena ha o bone tebetebeng eo o nkentseng ho yona?
MABOKELLE:Mathata a mofuta nngwe athe lelapa le leng le le leng le na le mathata. Ho fetafeta moo ntwa ke ya madulammoho.
MMASEBOLELO:O nkutlwetse hong le dikonyana, ntate. Ha ke eso ka ba ke re re qhalle Sebolelo lenyalo, empa seo ke neng ke leka ho se hlalosa ke hore re rute difelekwane tsena tsa ha Modise molao, etswe ba a re nyatsa ha ke sheba tjena.
MABOKELLE:A reng na jwale moradi, mosadi?
MMASEBOLELO:Ke kopa hore o buse maikutlo hle, ngwanaka, hore re tle kgone ho tshohla taba ena re sa le babedi tjena, hoba ntatao o sa ntse a robetse ka mane ka kamoreng.
THABANG:Ha ke re ke ka hoo ke reng o nteballe ditshito tsa ka, etswe ke a lemoha hore o utlwile bohloko e le ka nnete ka se etsahetseng bosiung bo fetileng.
MMASEBOLELO:Hao Sebolelo! Wa tsoha ka matjeke tjee molato ke eng na, mosadi?
PALESA: Lentswe ha se monwana, ha le kgutle, aubuti
THABANG:Monna Molefi, o bonahala o hlahlathela hole le mehlala ya ka. Seo ke lekang ho se hlalosa ke hore ha ke entse hantle, ho se ke ha nna ha eba le maqulwaqulwana a batlang ho nketola, mme ha ke kgotjwa ba mphahamise hore ke hahamalle pele.
SEBOLELO:O ne o lebelletse hore ke o tshwarele jwang o ntse o phethaphetha phoso e le nngwe hangata tjee? Ka nnete ha o bontshe hore o motho e moholo, ya nyetseng, a bile a ena le ngwana. Ntho e kgolo e sa ntseng e dumaduma kelellong ya hao mona ke ho mathakaka majwaleng, o kgutle ka nako tsa baloi hore o tsebe ho re hlobaetsa boroko. Le jwale ke mohlolo hore e be o kene o sa etsa mekutu e mona eo o hlolang o e etsa, ya ho dumisa batho dihlooho. (O hopola ho hong.) Be! ka ba ka hopola ntho e nngwe. Hobaneng o sa ka wa ntata mosebetsing hore re ye toropong jwalo ka ha re ne re dumellane?
SEBOLELO:Ntwa ke ya madulwammoho jwang, ntate, empa e le kgale aubuti Thabang a suhasuhana le moya wa ka hoo qetellong a ileng a ba a nketsetsa mohlolo wa taba?
PALESA:(A mo hlaba bohlaswa a sa kgathalle letho.) Nka!! ke kgale ke o bolella hore ke tla o bolaya, ntja towe, empa o sa kgolwe. Ha e le la kajeno lona le tla dikela le wena ke a o jwetsa.
NGAKA:Ho feela ho le jwalo, ntate, re tla hle re leke matsapa ohle a rona ho kgutlisetsa maemo sekeng.
MMATHABANG:Ha ke re ke ne ke mpa ke sisinya feela hore re etse jwang ha ekaba ntja e ingwaile ka leoto la morao, ntate. Jwale ke mona o se o eja difate ka meno, ha o batle le ho mamela seo ke lekang ho se hlalosa. Ka mantswe a mang o ne o batla hore ke se ke ka ntsha maikutlo a ka ka tsela e jwalo, hoba ke mona o a ntjodietsa ha ke re ke a bua?
Palesa (Kgarebe ya sephiri ya Thabang)
MODISE:Leha o ka wa itshola jwang kapa jwang, monna, feela bohloko ba lerumo lena leo o re hlabileng ka lona bo ke ke ba fola le kgale pelong tsa rona, mme ntho e nngwe e nkutlwisang bohloko ka ho fetisisa ke hore le bona bohadi ha o eso qete le ho bo lefa, empa ke mona o se o entse tse ding hape.
MOLEFI:O ipala meno feela ho nna mona ha eba o nahana hore ke tla kwalwa molomo ke puonyana tsena tsa hao tse hlokang motheo.
MMASEBOLELO: Ho bolela hore moleko wane wa ngwana o ne o hlile o batla ho re bolaela ngwana ho isa ka moo dingaka di phathahaneng ka teng. Tjhe, a tla a re roba dipelo he, moradia Lebajwa! Ke a ipotsa hore Sebolelo o tlilo tla shebahala jwang mohlang a lokollwang mona, hoba le tsona dingaka di a tjho hore Palesa o mo hlabile bohlaswa.
THABANG: O batla hore ke be ke mo nke ka kgang ha ke re?
KGAOLO YA 5
PALESA:Ho bua nnete ke ile ka ikutlwa ke tlalwa ke mokgathala o mong oo ke neng ke sa tsebe hore ke wa eng. Jwale he ke ile ka bona ho le molemo hore ke ilo itlhatlhoba hore molato ke eng, mme ngaka e ile ya phahla pinyane. Ere ka ha o haufi le moo ke tswang teng, ke bone ho hlokeha hore ke fapohele kwano ho wena.
PALESA:Nna ntho e ntenang ka ho fetisisa ke ha o etla kwano ho nna, ha o qeta o be o tsamaya o ilo qhoba bosiu le Sebolelonyana eo wa hao. Le nna ke batla hore o ke o mphe nako e lekaneng, hoba hona jwale re dula re sitiswa ke Sebolelo.
THABANG:Ha se kgale hakaalo nna le wena re utlwana. E se e le ho ka etsang kgwedi tse tharo kapa ho feta, empa ke mona o se o tletleba ka hore ke o robile lengole.
SEBOLELO:Le jwale le nqhalla matsoho, ntate. Hohang ke sitwa ho utlwisisa hore hobaneng le batla hore ke kgutlele bohading empa le tseba lebaka le entseng hore ke ngale moo. Ho bolela hore le lona le thabetse boitshwaro bona ba aubuti Thabang?
MMATHABANG: O bolela jwang na, ntate, ha o rialo?
MODISE:Monna, o kopa tshwarelo jwang athe ho se ho phethahetse? Hona ha o kopa tshwarelo tjee o nahana hore molato o o o entseng o tla hlakoleha jwang?
SEBOLELO:Ke eng yona ntho eo o batlang hore re e bue hona jwale, empa o hlolehile ho phunya seso maobane? Hona hobaneng o batla hore re e tshohle ka nako ee, empa o tseba hantle hore ke lokela ho theohela?
MOLEFI:Ha ho na tharollo e nngwe eo nka o nehang yona ka ntle ho eo, monna. Ha e le ho ya pele teng o se o tla bona ka ho feta hore o tswa jwang, etswe ha esale o ila dikeletso tsa ka sekgethe ha ke ne ke leka ho o hlaba malotsana. THABANG:Tjhe, ha ho nang he leha ho le jwalo, feela ke tla e hlanaka senna jwang kapa jwang, mme nka thaba ha feela Sebolelo a ka utlwisisa hore phoso yona ka mehla e tsamaya le mohatisi.
MOLEFI:Empa ho ya ka moo o ithorisang ka teng o utlwahala hantle hore o tshepile ntho e kgolo matsatsing ana, leha feela ke sa kgone ho noha hore ekaba ke eng ena e kana. Feela nka thaba haholo ha o ka ntlhaba malotsana, moshaneso.
THABANG:Tjhe, ntate, ha ke lwane, feela ke ke kopa ho lokollelwa ngwanaka hore ke itsamaele ka kgotso.
THABANG:Ha ho thuse letho hore ntate a nqhalle matsoho ka tsela e tjena ha a lokela ho nthusa.
KGAOLO YA 3
DIKELEDI:Ako tswe o sa behile pelo sekotlolong hanyane hle mmannyeo! Mohlomong Thabang o sa ntse a phathahantswe ke mosebetsi mane lebenkeleng la bona, etswe mosebetsi wa bona o ba hlokisa phomolo e le ka nnete.
MMASEBOLELO:Ntate, e se e batla e le lemo tse pedi Sebolelo a nyetswe mane ha Modise, mme ho fihlela lena le hodimo ha ba eso ka ba re lefa tjhelete ya rona e ileng ya salla morao ha ba ne ba tlilo kopa mohope wa metsi kwano. Ka nnete ha ho eso be le nko ho tswa lemina, hono ho mpontsha hantle hore ha ba sa ikemiseditse ho phethahatsa ditshepiso tsa bona tseo ba ileng ba di etsa mohla monene.
SEBOLELO:(A ntse a lla.) Aubuti Thabang o se a dula a fihla bosiu lapeng mane, a nkga a re phu! ke jwala, mme o tla kena a se a ntse a rohakana a bolela le hore o ntse a tlilo re fenetha nna le Pontsho ha re ka nna ra ba kgahlanong le yena.
MODISE:Mmathabang, ke nako jwale hore moshemane enwa a ke a rutwe molao hanyenyane feela, hoba o tena a tella tjena a tseba hantle ha ho motho ya tla mo etsang letho.
SEBOLELO:(O lata moya hole.) O a mo tseba Palesa Lebajwa, elwa wa mooki tliliniking e ka Marantha?
MABOKELLE: Tjhe, ha ho molato, moholo wa ka, o ka ikela.
SEBOLELO:Ho molemo hakaakang ha e le wena ya buang jwalo, etswe di qadilwe ke wena ka sebele. (O sheba nako.) Ke a itahla jwale hoba le nako ke ena e se e nkeme maqothe, mme hape ke lokela ho fapohela ha mme Mmamojabeng ho ya siya Pontsho.
THABANG: Butle bo! weso, ka ho ja dipekere tjena… MOLEFI: (O mo kena hanong.) Ke butle ya eng na? Ke ka makgetlokgetlo o ntse o fihla ka morao ho nako mosebetsing mona, empa ke sa re letho. Jwale ho fihla moo ke ferohang dibete teng ke
PALESA:Ho lokile he, e re ke hle ke phunye seso se tswe boladu, etswe ke a bona hore o se o ntse o tatetse moro, nama e eso butswe le ho butswa. (O kgutsa motsotswana hape.) Aubuti Thabang, ho ka ba jwang ha o ka wa hlala Sebolelo, mme wa inyalla nna?
THABANG:(Ka moya o fatshe.) Ee, ke ntse ke mametse tsohle tseo le ntseng le di bua, batswadi ba ka, mme ke maswabi haholo ka se hlahetseng Sebolelo. Ke a elellwa hore hoja ke ne ke se sengangele a ka be a sa hlahelwa ke kotsi ena e mo hlahetseng ha jwale.
THABANG:Ha ke tsebe hore ke etse jwang ha ho se ho le hobe tjena ho ya ka moo mathata a ntlhweleng setha ka teng. Ka nnete le wena o ke ke wa kgolwa sena seo ke tla o jwetsa sona, ke taba e sisimosang mmele e le ka nnete, weso.
PALESA:Ke nna ka sebele, ratu.
PALESA:Ha ho thuse letho hore o mpolelle ka Sebolelo, empa o ne o ntshepisa mahodimo le mafatshe maobanyana mona.
MABOKELLE:E seng jwalo hle, ngwanaka, feela ntwa ke ya madulwammoho.
MABOKELLE:A re ha a tsebe jwang na jwale?
MABOKELLE:Tjhe, ha re di etse molatsa tseo, ngwetsi ya kgomo tsa ntate, etswe re ka di tshohla bosiu tshekge! re sa qete. Hantlentle taba eo ke neng ke le ho yona ke ena ya boSebolelo le moketjana wa bona.
THABANG:(O kgutsa motsotswana.) Ha ke tsebe hore taba ena nka e qala jwang jwale. Ka nnete le nna ke le tjena ke a thatafallwa ha ke lokela ho e thuba.
SEBOLELO:Tjhe bo! Dikeledi, ke ne ke sa rate ha taba ena e ne e ka fihlella boemong bona boo o buang ka bona. Aubuti Thabang ke sa ntse ke mo rata ka pelo ya ka yohle le hoja a nthobile moya tjena.
Pono ya 1
SEBOLELO:Ha ho molato, mohlomong ke mpa feela ke bolawa ke mokgathalanyana ona o sa reng letho.
MMASEBOLELO: O mpa o apara nkwe ka phoso, ntate, o tseba hantle ke phoso ya Modise le baetsana ba hae hore e be ditaba di mafekefeke tjena kajeno. Ebile sena ke sesupo sa hore le badimo ba halefile moo ba teng, mme ha ho letho le ka
SEBOLELO:O swabiswa ke eng athe tsena tsohle o di entse ka morero le sepheo? Hona jwale o ne o ntjodietsa ka hore ke ne ke sa tshwanela ho fedisa moketjana wa rona wa ho keteka lemo tse pedi re nyalane, empa o tseba hantle hore ho teng mosadi e mong ya molemo ho mpheta pelong ya hao, eo o neng o ka nna wa etsa mokete le yena.
SEBOLELO: Bohloko ba seeta bo utluwa ke monga sona, ke hle ke o sebele ha eba ha o tsebe, aubuti.
PALESA: (Ka bohale) Jwale wena o behwa ke eng kwano hoba o ntjwetsitse sefahlamahlo hore ha ho na moo o kenang teng tabeng tsa ngwana enwa?
DIKELEDI:(A le leqenyana.) Ka bokgutshwanyane, batswadi ba ka, Sebolelo o sa tswa amohelwa sepetlele hoseng tjena.
SEBOLELO:Ha ho na ntwa e ka fetelletsang mathata mona. Ho thwe mokokotlo wa lehlanya o lokelwa ke leswai, mme ke yona ntho eo nka e etsang le nna ho ka fokotsa bohloko bo tletseng ka pelong ena ya ka.
THABANG:Kotsi ya mofuta nngwe na jwale, Palesa? Ha ke re ke ntse ke o bolela hore o ke o tlohele ho tshoha difotle, ke teng ho tla o sirelletsa. O wa ka, ke wa hao, mme re tla arohanngwa ke lefu feela.
hanong tjena. MOLEFI: Bua he hore ho nkang sebaka ke eng. THABANG: (O hemela hodimo pele.) Monna, o a tseba ke a itshola jwale hore hobaneng ke ile ka kgahlwa ke none e qhiletsa e fela tjee! Ka nnete ke hona ke dumelang hore bodibabotala ha bo okamelwe. Feela leha ho le jwalo ke ne ke se na boikgethelo; lerato la ka le nele tlokoma ha ke ne ke qala ho mmona, mme ke ka hoo ke neng ke bua ka sebete hore ke lehlohonolo ho feta banna ba lefatshe lena kaofela.
PALESA:Ke eng ha eka o a makala tjee, aubuti Thabang?
PALESA:Ha ho na ngwana eo ke tla fanang ka yena mona. Haholo jwang e le wena ka sebele ya ileng a bolela hore ha o mmatle. Jwale ke eng se etsang hore o fetole maikutlo ka pele tjee, o bolele hore o batla ngwana?
MMASEBOLELO: Ho jwalo, ntate.
MMASEBOLELO:O tla ntshwarela hle, ntate. Ke sehwa ke letswalo ha ke utlwa ngaka ekare le yena o thefulehile maikutlo jwalo ka rona tjena.
PALESA:(O ntse a lla.) Re tla arohanngwa ke lefu jwang, ha eka ke moo ha o batle le ho qhoba bosiunyana bo le bongnyana feela le nna. Ka mehla ha re re re qhwaolla kobo sehwetha feela o tla be o qala o hopola morao moo o tswang teng, mme o lebala hore le nna ke ntse ke le mosadi, ke hloka ho fuwa sebaka. Ke ntse ke ena le maikutlo jwalo ka Sebolelonyana eo wa hao.
PALESA:Basadi! Tjhe, ka nnete ho robala ke ho fetoha ha eba motho o hlanohetswe, o hlanohetswe le ke boThabang. (O a ema.) Feela leha ho le jwalo ke menahana le mehlala ha ke etsa tjena, empa o se ke wa ya le kgongwana hodimo hore ke qetile ka wena. Ke re re tla teana riteng sa moseeka, mme ho tla nkga ho sa bola mohla monene. (O a tswa.)
SEBOLELO: Oho! kajeno o se o itatola tseo o di entseng. Le teng ha ho kgang, nke ke ka pheha kgang le wena ha jwale hoba kgang ya rona e tla kgaolwa ke letlaka haufinyane. Ho fetafeta moo haeba o tiisitse hore o batla ho lokollelwa ngwana, o tla lokela ho tekela lekgotla la dinyewe bopaki bono, e seng nna.
THABANG:Ho feela ho le jwalo, weso, ke ka hoo ke kopang thuso ya hao hore ho sebetswa jwang ha ho le tjena. Ka nnete ha ke tsebe hore ke nke eng ke e kopanye le eng.
DIKELEDI:Ha o na le boikgethelo bo bong jwang na, mosadi. Ha ke re wena le Thabang mohla monene ha le ne le nyalana le ile la ikana hore le tla arohanngwa ke lefu feela? Jwale hobaneng o se o batla ho roba dikano tsa lona tjee?
MMASEBOLELO:Ka nnete ke swabile nko ho feta molomo, ngwanaka. Hohang ha ke tsebe hore nka sebedisa mantswe afe ho hlalosa tshwabo ena e imetseng maikutlo a ka.
MMASEBOLELO:Ke kgobe matshwafo jwang athe o a hlalosa le wena hore o tlilo re jwetsa taba tse seng monate?
PALESA:O makatswa ke eng hona moo jwale?
THABANG:Palesa, hle! Ako tlohele ho iketsa ngwana tjena. O tseba hantle hore ke o rata ke tiile, feela leha ho le jwalo o sa ntse o phehelletse ho nqosa ka ntho tsa mafeela. Ntho ena eo o e tatetseng e ka tloha ya re beha ka moo thakadi di fatelang ka teng. Ho fetafeta moo o tseba hantle hore ditaba mokgwa tsona ha di robaletse, ebile ha di timanwe e se bohobe. Ka nnete tangtang e ka kgangwa ke lerole ha Sebolelo a ka a re bona re le mmoho re ikonka jwalo ka ha o bolela.
SEBOLELO:Ke bua nnete, mme, hore wena le ntate ekare ha le kgone ho utlwisisa maima le mathata ao ke leng ho ona, mme ho ena le hore le ntlhahe thuso jwalo ka batswadi ba ka, le nkakgella matsoho. Hantlentle ke tla balehela hokae jwale ha e le moo le lona le sa batle le ho nthusa ha ke le mathateng?
MABOKELLE:O etsa jwang na Sebolelo jwale, mosadi?
THABANG: Ho feela ho le jwalo, mme le ntate, a re yena hohang a ka se kgone ho phela le nna ho ya pele, hoba ke mona ke se ke entse diaba tse ding hape, mme o tobokeditse taba eo a sa tswa e toboketsa hore lerato la hae ho nna le fedile ho tu! ebile ha ho sa na ka moo a ka fetolang mehopolo ka teng hape.
SEBOLELO: Nke ke ka o jwetsa leshano hle, mme. MMASEBOLELO: Ka nnete ho thata ho dumela tsena tsohle. SEBOLELO: Le jwale ho thata ho dumela tsena tsohle,mme. Le nna ho ne ho le boima hore ke di dumele sethatong, feela leha ho le jwalo ke mona ke amohetse jwale.
MABOKELLE:Helang banna! O bua ka ngwana wa hao ofe na, monna?
KGAOLO YA 5
THABANG:Empa nna ke bona ho ka ba molemo ha ntate a ka a ntshekehela tsebe pele a ka a nqosa, hoba ke se ke hlalositse pejana hore leihlo le fahlwa le shebile.
SEBOLELO:Le nna ke tabatabelo ya ka ho bona Pontsho a ena le bokamoso bo tjhabileng, mme hono ho ka phethahala ha feela nna le aubuti Thabang re ka ra iketsa marematlou ho ka hlola mathata a rona. (O sheba tshupanako.) Atjhe, Dikeledi, ho molemo hore re tswe ka makgoro, hoba ke mona le nako e se e re eme maqothe.
SEBOLELO:Nna ha ke re ntho ke a e etsa, ke a e etsa, mme ha ke bapale ha ke rialo.
THABANG:Se ka ikutlwisa bohloko tjena, Sebolelo. Re ke ke ra qhelela moketjana thoko hodima re se re memme batho ba bangata hakana. Ebile re tla be re thabisa dira tsa rona ka ho etsa jwalo, moratuwa. Ho hang batho ba tla bona hantle ha re se re fapane dihlooho.
KGAOLO YA 5
SEBOLELO:Le nna, mme, ke utlwile bohloko bona bo sa tsweng madi ke ketsahalo ena, mme ke ka hoo ke ileng ka bona ho le molemo hore ke ngale lapeng leno, etswe ke kgale a nkutlwisa bohloko ka dintho tse ngata empa ke mamelletse feela.
DIKELEDI: Nna jwale ke batla ke hlasetswe ke mokgathala oo ke sa tsebeng hore o tswa kae, feela o ke ke wa ntshitisa ka letho, batswadi ba ka. Ke tla leta le lona ho fihlella dingaka di be di qeta ka Sebolelo.
THABANG:Jwale tjena ntate ha ke kgathalle hore le nketsang, feela ke tla dula ka kgang mona ho fihlela le be le nneha ngwana wa ka.
[LESIRA]
MABOKELLE:Jwale he ako mpolelle hore Sebolelo o re lebaka la sena ke eng hantlentle ka ha ke ne ke le siyo ha a o kumela tsena tsohle?
MMASEBOLELO:Le nna, ntate, ke mo rolela kgaebane e le ka nnete ntate Makgwathi ho ya ka moo a leng mafolofolo ka teng ho tloha ha a ne a thonngwa hore e ebe hlooho ya sekolo sena sa Rehauhetswe.
MABOKELLE:O a tseba wena ha nka nna ka ya ka mora hao ke tla qetella ke se ke eja jwang le dikgomo. (O a ema.) Ho molemo hore ke hle ke suthe pela hao mona pele ke teneha ho feta ka moo ke seng ke tenehile ka teng. Mokgwa hao ke o tseba hantle hore ho ferekanya batho ke ntho eo o e tswelang sekolong. (O a tswa.)
DIKELEDI:Ho lokile, feela nkemele pele ke hlalose hanyane hore ke le tshwaretse dife. Jwale ke tla hlalosa jwang ha e le moo mme yena a se a nqhobella majwe hanong.
DIKELEDI:Ha ke re ke ka hoo ke reng o kgobe matshwafo hanyane. Mohlomong re bua tjena o se a ntse a le tseleng e tlang kwano, etswe ke mona ha a eso letse le ho letsa.
MODISE:Ke tloha ke be ke o buretsa hlooho ena haeba o tlisa ho tella ha ka mona, moshemane!
MMATHABANG:Sebolelo o entseng na jwale ha o itshela ka dikgapha tjee, Thabang?
THABANG:Tjhe, ha ke a tlela ho tla o rerela, Sebolelo. Nna ke batla hore o dule o tseba hore ke ntse ke o rata leha feela ho bonahala eka o se o lahlehetswe ke tshepo ho nna ka mora seo ke se entseng. Feela ha ke no ema kgahlano le maikutlo a hao leha o ka wa ntlhala etswe ke kgale ke kopa tshwarelo ho wena o sa batle ho utlwisisa. Leha ho le jwalo ntho e nngwe to! ka monwana eo nka thabang haholo ha o ka nketsetsa yona.
SEBOLELO:Ke ka hoo o mponang ke le mona ka nako ena, mme.
THABANG:(O phahamisa matshwafo.) O reng, Palesa? O batla hore ke hlale Sebolelo? Ka nnete ha ke kgolwe sena se utluwang ke tsebe tsa ka. Kapa ke a lora na banna?
SEBOLELO: Dikeledi, ke etsa tsena tsohle ho ka kgotsofatsa pelo ya ka, mme ha ke kgolwe hore ho teng ntho
SEBOLELO:Ka moo o ka qalang teng.
THABANG:Ke kopa hore o nkinele matsoho metsing hle, moratuwa.
THABANG:O nkutlwile hantle; lentswe ha se monwana ha le kgutle ha eba ha o tsebe, mmenyana. Nna la ka ke se ke le ntshitse, mme ha ke kgolwe hore e teng kgang eo ke sa ntseng ke tla e tshohla le wena hape.
SEBOLELO:Ngwana o etsa jwang jwale?
MMATHABANG: Ekaba, ntate, o bua ka eng na jwale ha a se a jele dipekere hakaale?
MODISE:Empa hobaneng o ne o nqobella hore ke kene morerong oo wa hao?
[LESIRA]
Pono ya 5
MMASEBOLELO:Tlohella tseo hle, Sebolelo, nna ke boulela ka bokamoso ba hao.
THABANG:Ke fositse mokubetso ha ke entse jwang na Molefi? Ke eng eka o tla ntlela ka meleko tjee na monna?
SEBOLELO:Ha ke tsebe hore ke qale kae ha ho le tjena, ngwaneso.
MMASEBOLELO:A-e bo basadi! ena ke mehlolo ha ho thwe mehlolo.
THABANG:Mme, ha ke a tlela masawana kwano, feela seo ke se kopang ho wena jwalo ka motswadi ke hore nke ke itshebe hanyenyane feela le Sebolelo, mme ha ke qeta ke tla itsamaela ka kgotso. Ke a tshepa hore e ke ke ya eba kgang e telele etswe batswadi ba ka ba se ba ile ba hlalosa ho feta ka moo nka ka alang leleme phate ka teng.
PALESA:Ho pheha kgang ho ke ke ha re thusa…
Molefi (Motswalle wa Thabang)
SEBOLELO:Ke se ke itse o ka ba wa ya moo o yang teng, ha e le ngwana yena lebala ka yena.
MMASEBOLELO:Kgele basadi! Ra hola ra bona meeka le mehlolo. (O opa diatla.) Le jwale mehlolo ke dinoha, mesenene ke batho!
THABANG:Weso, ke tseba ntlhakemo ya hao ntlheng ena, empa ha jwale ke kopa hore o ke o sekehele sello sa ka tsebe hanyenyane feela. Ka nnete o tla utlwisisa hore ke kene tebetebeng ya dihele.
SEBOLELO:O sa bua ka ho ja direthe? Ke bua le wena tjena motho o ithwetse moo a teng, mme molato ke wa yena aubuti Thabang.
Ho batjhana ba ka ba babedi, Tshepo “Mataupana” Letshaba le Nomvuyo “Mmadimpho” Siko. Ke re ho bona tlhako ya morao e lokela ho hata moo ya pele e hatileng teng.
MOLEFI:Ha ke o tlele ka meleko, monna, ke o jwetsa nnete ena e tswileng matsoho. Le jwale ke ne ke sa maketse hore hobaneng o ne o inanatha tjena ha o ne o lokela ho phunya seso sa tswa boladu, athe le wena o ntse o bona hore ke manyala feela ntho ena eo o e etsang. Ho hang ke sitwa ho utlwisisa ka nnete hore hobaneng o salasalane le basadi ka morao, empa o nyetse, o bile o ena le moradi e monyenyane jwalo ka Pontsho tjena.
DIKELEDI:Butle bo! mosadi. O batla ho ntjwetsa dife na jwale?
PALESA:Ee, le jwale, aubuti Thabang, matshwenyeho ohle a neng a hlwele pelo ya ka setha a fedile, mme ha ke kgolwe hore moya wa ka o sa ntse o tla hlora hape, etswe o se o le karolo ya bophelo ba ka. O a tseba le bosiu ke se ke dula ke touta ka wena feela hore o tla tla neng o tlilo ntlhwela hore ke ntse ke isaisa jwang.
MMASEBOLELO: O ne o batla ke etse jwang athe? Ha ke re ke bona batswadi ba hae ka sebele ba ntseng ba kgothaletsa mekgwa ena e ditshila…
THABANG:Ha ho ka ha etsahala hore lenyalo la rona le
[LESIRA]
MOLEFI:Feela pejana o boletse hore ke taba tse monate, mme ebile di etsa hore o ikutlwe morolo hoo o seng o bona hantle hore le tangtang e tla kgangwa ke lerole monongwaha.
MABOKELLE:Butle bo! Mmasebolelo, ena ha se yona nako ya ho bua puo tse sekameng jwalo. Seo re lokelang ho se etsa ha jwale ke ho ba ngatanngwe, mme re fe Sebolelo tshehetso yohle eo a e hlokang.
DIKELEDI:Hobaneng o hloile Palesa tjee, mosadi? Kapa ke yena ya o jang direthe?
DIKELEDI:(A hatella.) Na o tiisitse ha o re o tshwenngwa ke ntaramane feela?
SEBOLELO:(Ka ho teneha.) Na ke yona thero eo o e tletseng kwano, motho wa Modimo?
THABANG:Ntate, ke kopa hore re ke re di qhelele thoko hanyane tseo.
PALESA:(Ka bohale.) Ka mantswe a mang o batla hore ke a o etselletsa ha ke re ke ngwana wa hao eo ke mo lebelletseng? THABANG: Ha ke bone lebaka la hore o nkgarumele tjena ha ke o fa ntlhakemo ya ka mabapi le taba ena. Ebile ha ke eso ka ba ke hanana le wena tabeng ena, empa seo ke lekang ho se hlalosa ke hore o bile lehala haholo ho ka nkenya tebetebeng e tjena. O tseba hantle hore ke na le mosadi le ngwana, mme le bona ke lokela ho ba hlokomela.
Pono ya 5
THABANG: Ka moo wena o nahanang ka teng.
SEBOLELO:(Ha a batle ho utlwa letho.) Hee ke re o nkgitlile dibete bo monna towe!. Ha ke sa batla teye kapa nama ho tswa ho wena hape. O mpontshitse ha e le kajeno lena hore ha o nthate, o mpa o nkentse se sebediswa sa hao feela, hoba ke mona o ile wa ba wa qetella o se o kopanetse dikobo le mosadi e mong empa ke ntse ke le teng le nna. Ke bolela le Pontsho le ha a le monyenyane tjena, o a lemoha hore ho hang ho tu! ntatae ha a na boikarabelo. Hona ha o mpolella kedibitlahadi e kaana ya taba o ne o lebelletse hore ke ikutlwe jwang?
PALESA:Lebala ka batho, etsa se tla thabisang pelo ya hao, aubuti Thabang.
THABANG:Ha ke no ebola tapole habedi, mosadi. Ke a bona hore o batla ho nkgulela molekong ke ntse ke shebile, mme hono nke ke ka ho dumella hore ho etsahale ho nna mona. Ha e le ho tloha kajeno lena teng ke a itshola ho wena mona, ke se ke tla tebisa maikutlo a ka ho Sebolelo le Pontsho wa ka.
MOLEFI:(Ka ho teneha.) Ako tlohelle ho inanatha tjena hle monna, o ke o otle ditaba phatla ntjhotjho.
MMATHABANG:Ho lokile, ke tla o inela matsoho metsing ha feela o ka ntshepisa hore o ke ke wa kena ditaba ka bohale ha re leka ho tla ka tharollo.
THABANG:Tjhe, ke a leboha ha ho le jwalo, moshaneso. (Ka moya o fatshe.) Hlooho ena ya ka e duma ditshepe feela, mme ha ke tsebe hore ke tla qetella ke entse jwang, etswe ke ntse ke tetebela maikutlo le ho feta ha ke nahana sena seo Palesa a ntjwetsitseng sona.
SEBOLELO: (Ka ho phoqa.) Ha ebe ha ke e kgine teng ho tla etsahalang he, Goliathe?
NGAKA:(Ka moya o fatshe.) Batswadi ba ka, ke kopa hore le nkutlwisise hantle ho sena seo ke tlileng ho tla le jwetsa sona mabapi le Sebolelo.
DIKELEDI:E-e, mosadi, o a be o batla ho bua dife jwale?
SEBOLELO: Nna jwale o a nqaka. Ke diqeto dife tseo ke neng ke lokela ho di etsa le wena, athe ke ile ka hla ka o bolella sefahlamahlo hore ha e le tsa moketjana wa rona re hle re lebale ho tu! ka tsona? THABANG:Tjhe, ha re hle re di etse molatsa tseno pele ho nkga ho sa bola ka kwano.
MOLEFI:ke se ke itse le mohlang le o kgamang lerapo lena leo o ntseng o le loha o tle o se ka tla kopa thuso ho nna, hoba ke leka ho o hlaba malotsana ha o batle ho mamela.
THABANG: Ke se ke itse ha e hate ka maro bo! rona makwala re none.
SEBOLELO:Ka nnete aubuti Thabang ke mahodi a patile maeba ke hle ke o jwetse ha e ba ha o tsebe, Dikeledi. Ke re o kgopo le ho feta sekele eo motho! Ha o sa mo tsebe a ka o tshwarisa mmamphele ka sekotlo, wa sala mekgele e wetse ka mahlong.
THABANG: (Ka bohale.) Na o ntse o imametse hore o a nthohaka, monna?
[LESIRA]
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ntate, ke lokela ho potlaka etswe nako ha e ntumelle hohang hore ke be ke ntse ke le mona. Ho fetafeta moo ke a tseba hore le ntse le sa thabela boteng ba rona lapeng mona, ke ka hoo ke batlang ho sebetsa ditaba ka sekgukgu tjena, hoba lona le batla ho nthekisetsa baditjhaba hore ba ntube maikutlo.
PALESA:Kgoba matshwafo hle, moratuwa.
SEBOLELO:Le yona tlhalosonyana eo ya hao ha ke sa e hloka le ho ehloka, etswe ke a utlwa hore o tletse ho pota mona.
MOLEFI:Ke o fe tharollo ya bothata bofe bona boo o sa kgoneng ho bo hlalosa ha o ntse o haketse hore o na le bothata le Palesa? Ebile ha ke kgolwe hore tharollo ya ka e ka hlokeha mathateng a hao le Palesa ka ha le ho tloha qalong ke ne ke ntse ke eme kgahlanong le taba ena. Ka nnete leha ho ka ha thwe tsoho la monna ke mokolla, empa ha e le kgetlong lena teng ke se ke itse setsweng ke hole bo!
THABANG:Ho feela ho le jwalo le ka nna, moratuwa, mme ke ka hoo nke keng ka phetsa hore ho wena ke a o rata. Ke o rata ke tiile Palesa, wena mohaladitwe wa pelo ya ka. (O sheba Palesa ka mahlong, mme Palesa yena a diha mahlo.) Ako ntjhebe ka mahlong hle, Palesa, mme o re ho nna o a nthata. Mohlomong pelo ya ka e tla phutholoha hanyane ha o ka rialo.
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ka mehla ha o entse diphoso o dula o itshirelletsa ka hore phoso e tsamaya le mohatisi, phoso e tsamaya le mohatisi! Ke kgale ke ntse ke e bona taba ena hore e tletse bomenemene ka hare, mme o ile wa hana hehehe! ho re ho na le letho le lebe. Le jwale ke ne ke sa maketse hore hobaneng o ne o dula o fihla bosiu, o be o bolela hore o tlilo mphenetha hammoho le Pontsho. Sena e ne e le sona sesupo sa hore ntho e kgolo eo o e etsang ka ntle ka mona, mme ke mona pinyane e tswile jwale.
THABANG: (O mo kena hanong.) Ha eba ha o kule hobaneng o ne o ikopa ho ya ngakeng?
THABANG:Ke kgobe matshwafo jwang empa e le moo o batla ho nkenya tebetebeng ya dihele?
boitshwaronyana bona ba hao bo sa yeng ka theko. Ke a elellwa hore o se o hlwele matsatsa ho feta tekanyo matsatsing ana. Ebile ke batla hore o hle o nke qeto kajeno lona lena hore na o tswela pele mmoho le nna ka kgwebo ena kapa tjhe. Hohang ha ke a kgomaretswa ho wena mona, monna, mme ha eba ntho di sa tsamaye hantle kwano, ha ke no tswafa ho ya ipatlela makgulo a matala nqa e nngwe.
O boetse a etsa dithuto tsa boqolotsi ba ditaba (Media Studies and Journalism) ekasitana le marangrang a dikgokahano tsa dikhomputara (Comupter Literacy).
THABANG:Tjhe, moo teng o opile kgomo lenaka, ngwana monna, feela ha e le ho bua nnete ke batla ke le lesisithehonyana hore nka tshohla taba ena ha jwale…
MABOKELLE:Tjhe, ho lokile, moradi. Ha re hle re di etse mohatla kgwiti tseno, re tla di bona ka nako e nngwe, ha jwale ho sa na le taba eo re lokelang ho e tshohla le wena.
THABANG:Palesa, ako butle hanyane ka tseo…
MABOKELLE:E mabapi le lenyalo la hao, moradi.
DIKELEDI:Bua, mmannyeo, seso se monate ha se ngwauwa ke monga sona.
DIKELEDI:Ntate, se tshwenyehe ka Thabang, le yena moputso wa hae o ntse o le tseleng, mme ha ho na ka moo a ka phonyohang ka teng ha ho le tjena.
THABANG: (Ka ho makala.) Ha o na taba le tumediso ya ka ka mabaka afe jwale, moshaneso? Hona ke se ke o entse eng e kaale ha o se o jele masooko tjee?
THABANG:Lebaka ke hobane di thabisa pelo ya ka, mme ho ka etsahala hore di tshware pelo tsa batho ba bang hampenyana. Ke se ke ile ka hlalosa pejana hore ha re na mahlo a tshwanang a ho bona ditaba.
MODISE:Le mathata ha ke kgolwe hore a mo hlwele setha hakaalo, hoba ke mona haufinyana ba tla be ba etsa mokete wa semetletsahadi ho keteka lemo tse pedi ba nyalane, mme tseo tsohle di tlilo hlekefetsa pokotho tsa bona e le ka nnete.
THABANG:(A nyaroha hanyane.) Jonna wee!! O a tseba ke lebetse hore ke ne ke tshwanetse ho ya o lata sekolong mane, Sebolelo. Tjhe, ka nnete o se o tla nkinela matsoho metsing…
SEBOLELO:Le ne le nahana eka ke a bapala ha ke ne ke bolela hore aubuti Thabang o fapane le ho loka matsatsing ana. Tsena tseo a di entseng kwano e sa le dinyane, dikgolo ha a di ntsha.
THABANG:Ha se hore ke ne ke le manganga hle, monna, feela ke ne ke sa tsebe moo ke neng ke eme teng ka nako eno.
KGAOLO YA 3
SEBOLELO:Ke ne ke o jwetse kgale hore ha ke na taba le seo batho ba tla se bua. Ke etsa seo ke tsebang hantle hore se tla kgotsofatsa pelo ya ka. Nke ke ka kgotsofatsa pelo ya motho e mong empa ya ka yona e sa kgotsofala.
THABANG:Ee, ke a dumela, batswadi ba ka, hore ke le sitetswe ka seo ke se entseng, mme ke amohela ka diatla tse pedi hore ke ne ke sa tshwanela hore e be ke ile ka mathakaka le basadi ba bang, hoba ke nyetse jwale. Feela leha ho le jwalo ke kopa hore le ntshwarele, e ne e se ka boomo, phoso e tsamaya le mohatisi.
TEBOHO LETSHABA
MABOKELLE:Lerumo la ntho nngwe na, mosadi? Ha ke tsebe ho re hobaneng o lokela ho bua puo tse fapaneng hlooho tjena, empa o le motho e moholo hakana. Mona re bua ka mathata a bana e seng ditsiebadimo tsena tseo o di buang.
THABANG:Moo teng o opile kgomo lenaka, ngwaneso. Ramasedi ha a ne a bopa motho wa pele lefatsheng mona, e leng Adama, o ile a nka qeto ya hore a mo bopele molekane, e leng Eva. Ebile ha ho makatse le kajeno ho bona batho ba bang ba ntse ba tsitlalletse mekgweng yane ya boholoholo leha feela mehla e se e fetohile hakana.
PALESA: Etswa ha ka mona pele ke o hlahisa kotsi, ntja towe!
SEBOLELO:Ee, ke tiisitse le jwale. Kapa ha o kgolwe seo ke o jwetsang sona na, mosadi?
MMATHABANG: Ke thaba haholo ha e le mona o dumellana le nna, ntate, etswe le ditsebi di a tjho hore tjheleteng ha ho na motho ya batlang ho iphumana a di hula mohatleng ka nnete. Ho thwe batjheng mona lehlanahlana ke la motimahlaha, mme le poho ya mokgerane e ka tlola lesaka ha ho le jwalo.
MMATHABANG: Tjhe, ho a utlwahala ha o rialo, ntate, mme le nna ha ke bone lebaka la hore ke o tshware ka pelo hape, etswe hono ho ke ke ha ntswela kgomo le kgale. (O kgutsa motsotswana.) Jwale re qeta jwang he bothateng boo?
MOLEFI:O ne o sa tsebe moo o neng o eme teng jwang, athe o na le mosadi le ngwana bao o lokelang ho ba hlokomela? Ho tjho hore o ntse o sa hlajwe le ke dihlong tsa sena seo o se entseng?
THABANG:Sebolelo, hle, moratuwa, ako tlohelle ho epolla masapo a kgale tjena, o sekehele sello sa ka tsebe.
SEBOLELO: (Le yena ka bohale.) Leha o ka ba wa nnatha, empa ha e le nnete yona ke tla e bua ho fihlella ke be ke kena ho ona o batang! Mokgwa hao ke o tseba o le jwalo, o tshaba lehala, o balehela moratheng. Ho ena le hore o amohele diphoso tsa hao o tla be o ntshepisa dipaputla kapa hore o tla mphenetha. Kgetlong lena teng nke ke ka tholela masawana le kgale; ke se ke itse ke tla bua hore ha ho le tjee ho be ho petsohe le mafika. (Pontsho o a lla.) Bona hore le ngwana o lliswa ke bokgodumodumo bona ba hao. (O leka ho mo thodisa.) Thola, Nana, itholele hle, ngwanana mmae.
MMASEBOLELO:Ka bokgutshwanyane, ntate, seo ke lekang ho se hlalosa ke hore le yena Thabang ha a nka fatshe, o futsitse bona batswadi bana ba hae. Ho ye ho thwe mokgwa o tloha ntlokgolo o fetele ntlwaneng, mme sena ke sona se etsahalang ha Modise mane. MABOKELLE: Mosadi, ako tlohelle ho ratha hara moru tjena ha ke bua le wena. Ha ke eso ka ba ke re ke batla ho tseba hore mang o futsitse mang ha a entse jwang, empa ke hopola ke botsitse hore lebaka ke lefe le entseng hore boSebolelo ba qetelle ba qheletse moketjana wa bona thoko.
THABANG:Jwale ho tla jwang hore o be o le kwano ka nako ee?
MABOKELLE:Ke a mo tseba Makgwathi hore mokgwa hae ha se potele e kgwathwang ka lehlaka. Ka mehla o dula a le sehlahlo mosebetsing wa hae, mme o rata le hore barutwana ba hae ba tsamaye mehlaleng ya hae hore ba tle ba tsebe ho atleha bophelong.
THABANG:Le jwale o sethoto, Palesa. Ebile ke nyekelwa ke pelo ha ke o sheba tjena. Le lona leseanyana leo o le lebelletseng ha ke sa le batla, o se o tla bona ka ho feta hore o e hlanaka jwang, hoba nna ha ke eso ka ba ke re ke batla ngwana. Hona ke ne ke tla batla ngwana ke mo isa kae ha eka maemo a moruo a a hlobaetsa hakaale ka ntle ka mona.
(Ke lapeng ha Modise. Thabang o mmoho le batswadi ba hae.)
THABANG: Ako butle hanyane hle, monna Molefi, o ke o mphe tharollo hore ditaba di sebetswa jwang ha ho se ho le tjena.
MABOKELLE: Dumela le wena hle, moradi!
SEBOLELO:Ke a utlwa hore o di tshetleha jwang, ngwaneso, empa leha ho le jwalo o ke ke wa lemoha bodiba ba mahlomola boo ke ntseng ke nyamella hara bona. Ha ke kgolwe hore o teng motho motseng mona ya ka kgolwang tseo nka di buang ka aubuti Thabang.
MABOKELLE:O re ke sa tla di hopola na ntho tse ngata hakaale na mosadi, ha e le moo botsofadi le bona bo se bo ikakgetse ka setotswana tjena. O hopole le wena hore kelello ya ka ha e sa le tjhatsi hore e ka tshwarella ntho tse ngata tjena ka ha e sebetsa le ho feta ka moo e tshwanetseng ka teng. Jwale wena o be o nahana ekare ke a iketsisa ha ke kopa thuso ho wena. Tjhe, le teng ha ho kgang, botsofadi bo jesa molala wa poho.
MMASEBOLELO:Ha ho se jwalo ho jwang he ha e le mo o fihla o kakatletse ha boima ke dithoto jwalo ka ha eka o tebetswe tjee? Kapa ke yena Thabang ya o tebetseng a re ha a sa o batla? (Ka bohale.) Ka nnete ke tla mmontsha tosa le madinyane a yona haeba o dulelletse ho hlorisana le wena mona moshemane eo. Ke a bona o nahana hore ha re thotse tjena re a mo tshaba, ke tla mo ruta ho phela le batho! SEBOLELO:Tjhe, mme, ha se yena ya ntebetseng?
bona hantle hore ekare le jella kgwebeleng ha
DIKELEDI:Tjhe bo! mmannyeo, ha ho jwalo ka ha o nahana. Rona re mpa feela re batla ho o hlaba malotsana le ho o bontsha ka moo ditlamorao tsa ho hlalana di leng bodila ka teng.
SEBOLELO:Ho kopa tshwarelo le ho se kope tshwarelo ha hao ha ho re letho ho nna mona. Mokgwa hao ke o tseba hantle, aubuti Thabang. O ka loka
MMASEBOLELO:Ako butle le wena, Sebolelo, ka ho bua mantswe a ditshotleho tjena. Bua hantle o tlohelle ho itshela ka dikgapha tjena.
DIKELEDI:Basadi, ena ke mehlolo ha ho thwe mehlolo ka nnete! O a tseba ntho tsena tseo o di buang ha ho na moo di tshwanelang Thabang teng. Le jwale ke swabile nko ho feta molomo, mosadi.
MOLEFI: O tjho jwang jwale? THABANG: Ho hang kgomo e kentse leoto ka kgamelong. MOLEFI: Banna! Mehlolo ke dinoha, mesenene ke batho.Ke hore wena le Palesa ha le eso ye kae kapa kae, empa ke mona le se le qabane, ebile o bolela hore kgomo e kentse leoto ka kgamelong. Ntho e ntenang ka ho fetisisa ke hore ke lekile ka makgetlokgetlo ho o lemosa bohale bo tlang, empa ha o a ka wa rata ho nka dikeletso tsa ka. Jwale ntho e ntenang ka wena ke hore o tlilo kopa thuso ho nna hape, hodima o ne o ntjwetsa masaakokometse maobanyana mona.
SEBOLELO:Tjhe, ha ke eso ka ba ke tsebisa mang kapa mang ka taba ena, hoba ke ne ke tshoha hore ka mohlomong ke tla be ke nyopisa morero wa rona wa ho keteka dilemo tse pedi re nyalane. Ho fetafeta moo aubuti Thabang o ile a kopa tshwarelo ka seo a ileng a se bua, feela ha ke bone a bakile mekgweng, hoba ke mona o sa ntse a phehelletse ho ya pele.
MMASEBOLELO:Bua hle, mmanyeo, o tlohelle ho tjha ntshi tjena. O re ho etsahalang hantlentle? Na o boetse o mathakaka majwaleng bosiu eo monna wa hao?
MMASEBOLELO:Ntate, ako bolaye ntja ena pele ke e etsa ha e phetwe.
DIKELEDI:Atjhe, e-e, nna jwale o a ntlhola ha o se o bua tseo.
SEBOLELO:Ke hlompho efe eo o kileng wa mpha yona? Na ke yona hlompho ho tsamaya bosiu o kgaqakaka majwala, mme ha o kgutla o be o re tjodietsa ka hore o tlilo re fenetha?
THABANG:Ha ke tsebe hore ke qale kae jwale.
THABANG: Eo potso nke ke ka e araba le kgale ka ha le wena o tseba karabo ya yona ka botlalo.
DIKELEDI:(O mo kena hanong.) E-e, mosadi, re tlohella jwang taba ee empa o ne o re o a bua? Ka mantswe a mang ke yona taba e ntseng e o ngongorehisitse tjena, mme jwale o bonahala o tjha ntshi ha o lokela ho bua.
MMASEBOLELO:Atjhe, ntate, o a tseba taba ena e tshopodi e le ka nnete, mme le nna ke le tjena ke ne ke batla ke le kgwaonyana ho dumela seo Sebolelo a mpolelletseng sona, feela qetellong
PALESA:Tjhe, mohlolo o jwalo ona o ke ke wa etsahala le kgale ka ha le wena o tseba hantle hore bakudi ba Rammolotsi mona ha ba fele, bongata ba bona ke bo thibang letsatsi e le ka nnete.
MMASEBOLELO:Ha ho thuse letho hore o tenehe ha ke bua le wena, ntate. Ha ke re ke ntsha maikutlo a ka feela, o tla be o qala o ntja tala. Hantlentle puo ee ya baholo ba rona nna ke e utlwisisa jwang na? Ha ke re ho ye ho thwe mowakgotla ha a tsekiswe, jwale hobaneng nna eka ke tla hloriswa tjee?
MMASEBOLELO:Ha ho letho leo ke ikemiseditseng lona, ntate, ke mpa ke tshwela se imetseng pelo ena ya ka, mme ha ho letho le ka nkemang ka pele. Mmangwana o tshwara thipa ka bohaleng ke ka hoo ke ikemiseditseng ho lwana ya sedulwamatswapong ha ho le hobe. Ke ne ke sa swaswe maoba mona ha ke ne ke re ho wena ke mpa ke itlhokela matla feela. Ha ke ne ke le monna ke ne ke tla ba bontsha tosa le madinyane a yona! (O halefa le ho feta.) Ha ke tsebe le hore meleko ena ya batho e ikemiseditse ho re lefa neng, ha e se hona ho re ba re kwetletse lerumo ka kobong!
THABANG:Ke kopa hore o mmamele hanngwenyana feela bophelong hle, moshaneso, etswe taba ena e hlokolosi ho feta ka moo o nahanang ka teng.
(Thabang o kena ka kantorong ya Molefi.)
MMASEBOLELO:Tjhe, ena ke mehlolo ha ho thwe mehlolo ka nnete. (O sisinya hlooho.) Na ebe o bua tsona na, mosadi?
MABOKELLE:Butle, moradi, ka ho lla tjena. O re tsosetsa maqeba a seng a fodile jwale. Nna le mmao re se re o bolelletse hore re ke ke ra o qhalla matsoho le kgale, feela re tla wa re be re tsohe le wena.
THABANG:Ka nnete setswalle sa rona se tla fela ha o ka nna wa tswela pele ka puonyana tsena tsa hao. O tla tswa ka kantorong ka mona o qathile mohatla, kobo di fokaela sebaeng; ke o robile mehlaharenyana ena ka makotofa a tjhesang. Ke a bona o nahana hore nna Thabang Modise ke potele e kgwathwang ka lehlaka. O ba botse kaofela ba bangata ba kileng ba feta ho nna mona hore ke jwang, ba tla o qoqela ka mofuthu wa diopapina tsena tsa ka.
DIKELEDI:Butle bo! mosadi, ka ho itshela ka dikgapha tjena. Na Thabang o se a boetse a fihla bosiu a kgaqile majwala, a le tshosa ka hore o tlile ho tla le fenetha?
SEBOLELO:(Ha a batle ho utlwa letho.) Hosane ha le tjhaba ke phutha mehaswana yohle ya ka, mme ke tla tswa ke ilo ipatlela makgulo a matala nna le Pontso moo re tla phelang ka kgotso teng, etswe lapeng mona ekare ha re a amoheleha hantle. Ha e le ho kgutlela morao teng ke se ke itse setsweng ke hole bo! (O a tswa, mme o ba siya ba ntse ba maketse jwalo.)
THABANG: Tjhe bo! Sebolelo, athe o ne o tiisitse maobane ha o ne o re re qhelele moketjana thoko? Na ha o bone hore ena e tla be e le phoso e kgolo ka ho fetisisa na, mohatsaka… SEBOLELO: (O mo kena hanong hape.) Ha ho na phoso ya letho mona. Ke a bona o ne o nahana ekare ke a
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ha ho na ka moo nka kgobang matshwafo ka teng ha ho le tjena,Dikeledi. Ke lokela ho ruta Palesa molao, mme ha e le nna le aubuti Thabang se neng se re kopantse se fella hona mona. O se a tla bona hore o hela a itlamela jwang le Palesanyana eo wa hae, mme nna ke amohetse hore mohope wa silivera o pshatlehile ho pshatleha.
MMASEBOLELO:ke se ke thehile tsebe, o ka hla wa wela temeng, ntate.
MABOKELLE:(O mo kena hanong.) Eo ha se yona nnete, mme le wena o tseba hantle.
(Ke lapeng ha Mabokelle. Shwalane e wele jwale mme ditiletile le tsona di a phethesela mebileng mona. Sebolelo o fihla habo a imetswe haholo ke dithoto tsa hae, mme mokokotlong o pepile Pontsho.)
MOLEFI:(O mo kena hanong hape.) Re ka iketsa kgokanyanaphiri jwang, empa o sa bontshe tjantjello ya letho mosebetsing wa hao? Hona jwale mosebetsi wa lebenkele lena ke o thibang letsatsi, mme ka mehla ke dula ke le mong mona ho beha maemo leihlo. O tseba hantle hore ha re a tshwanela ho tlohela basebetsi ba le bang le lebenkele, empa o dula o fihla ka mora nako mosebetsing. Ntho eo o e shebileng feela ke hona ho mathakaka ka mora matekatse a Rammolotsi mona, empa o ena le mosadi lapeng kwana.
Pono ya 4
MABOKELLE:Tjhe, se tshwenyehe, mofumahadi. Taba eno re tla e tshohla hang feela ha re phethetse moketjana ona wa boSebolelo. Ha jwale mosebetsi e sa le wa motonanahadi mane ha Modise.
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Mohatisi enwa ekare o tla tena jwale, hoba o etsa diphoso le moo ho seng ho sa hlokehe teng. Ka mehla ha o re o a bua feela; phoso e tsamaya le mohatisi, phoso e tsamaya le mohatisi. Ha a ilo wela matjoing kwana mohatisinyana eo wa lona wa masawana!
DIKELEDI:Ha ho le jwalo, na o se o kile wa jwetsa batswadi ba hao kapa ba hae Thabang ka taba tsee tse tshosang hakana, mosadi?
SEBOLELO:Ke tswa lekoteng lefe athe ke wena ya buang le nna ka medumo jwalo ka ha eka tsebe tsena tsa ka ha di utlwe.
MMASEBOLELO:Ke dumellana le wena moo, ntate, feela ke batla ke le lesisithehonyana hore ke ntshe maikutlo a ka ka ho phethahala ha jwale. Ka nnete ho sa ntse ho le teng ntho e sa ntshwareng hantle tabeng ena.
SEBOLELO:Ke nnete moo, mme. Le rona re motlotlo haholo hore re etellwe pele ke motho ya sehlahlo jwalo ka ntate Makgwathi tjena, mme ke a ipotsa hore ke mang ya tla kena dieteng tsa hae ha a ka a beha meja fatshe, etswe e se e le lona kgaba le ileng jwale.
SEBOLELO: Mme, le fihlela qeto jwang empa nna ke sa tsebe?
THABANG:Hao mosadi! Wa tlola ditlhase hakaale ha ke hlalosa hore ke lebaditswe ke eng. Hona na ke phoso ha motho a lebala?
THABANG: Atjhe, nna jwale o a nqaka, moratuwa hape. O re ke tla di tsebella kae taba tsa hao le ngaka, empa ke ne ke se teng le ho ba teng? Ha ke re ke wena ya lokelang ho ntlhaba malotsana ka tse etsahetseng ho ena le hore ke sebedise kelello ya ka ka thata tjena.
THABANG: (O a bososela.) Ka ba ka utlwa ke ba morolo ha o rialo, moratuwa wa ka. Le nna ke kopana hlooho ena hampe ha ke o hopola. Ka nako tse ding ke be ke ipotse hore le tla tjhaba neng ke tsebe ho tla bona pabala ya bophelo ba ka. Ke tjho le mosebetsing mane ke se ke touta ka wena feela, Palesa wa ka. (Ba a tsheha.)
THABANG:(O tebisa maikutlo.) Ha ke tsebe haeba re tla kgona ho utlwana ka taba na, feela ke a tseba hore o motho ya nang le kutlwisiso, mme ke a dumela hore nna le wena re tla kgona ho fihlella tharollo qetellong ya ditaba.
THABANG:O sa botsa hore ke tebetebe efe? Athe ha o bone tebetebe eo ke buang ka yona?
PALESA:O re mang ke leshodu, Sebolelo?
PELONG YA LERATO
THABANG:O a tseba, ha eba o ne o tseba mathata ao o nkentseng hara wona o ne o ke ke wa keketeha ha monate tjena.
[LESIRA]
MMASEBOLELO:Ha e le nna ke kgale ke ntse ke mmona moshanyana enwa wa Modise hore ke mahodi a patile maeba, mme eitse ha ke re ke a hlalosa yaba ke qoswa ka hore ke tlilo senyetsa ngwana lenyalo. Bona he hore ho jwang kajeno! Le hokae le mantswe a ka jwale?
THABANG:Ekaba ke efe tharollo eo na, moratuwa?
PALESA: Na o tletse hona ho tla nthohaka, mosadi towe?
SEBOLELO:Se tshwenyehe, mme, ke moholo ha ke le mokaana ke tla itlhokomela.
MODISE:Ho lokile he, mofumahadi, ha a bue re utlwe hore ntlhakemo ya hae ke efe.
MABOKELLE:Mokgwenyana o hlanohetse moradi? O bolela jwang na jwale, mosadi?
DIKELEDI:Feela le tla lokela ho tshohla taba ena, mosadi, pele monna a fetoha letlakala ke ho ipolaisa makamotela. Nahana feela ho tla ba jwang hakwakwariri e kang Thabang e se e eja jwang le dikgomo, kapa hona ho sela dijo meqomong! Tjhe, ao e tla be e le mahlabisa dihlong e le ka nnete! Ebile ha ke kgolwe hore o teng motho Rammolotsi mona ya ka thabelang ho bona ha tseo tsohle di etsahala. Feela ha e le ditshoso tsena tsa hae tsa hore o tlilo le fenetha tsona le hle le di shebe ka leihlo le ntjhotjho, mme le phahamele mapoqo e sa le jwale, motswalle.
DIKELEDI:(O kena matshwafo a uba.) Dumelang ka lapeng batswadi!
THABANG:Weso, le nna ke ne ke sa iketse, ke ne ke qhojwa ke lerato le neng le tlokoma pelong ya ka…
PALESA:(O opa diatla.) Basadi! ke eng eka ke hloletswe ha e le kajeno lee?
SEBOLELO:Moo teng ke nnete, ngwaneso. (O kgutsa motsotswana, mme o tebisa maikutlo) Le nna jwale ha ke tsebe hore ke tla etsa jwang ha ho se ho ho le tjena. Ke leka ka mehla hore ke hlole meleko e ntobileng empa ho hang ho a haneha, mmannyeo.
THABANG: Weso, ha jwale ke tshoha hore ka mohlomong ke tla be ke tsosa dibata masene ha nka ka tatela ho tshola moro, nama e eso butswe le ho butswa. Ke a tseba hore e ke ke ya eba ketso e bonolo ho etsa jwalo, empa he ke tla itiisa pelo jwalo ka monna hore ke pheme bothata bona.
THABANG:Moo teng ke nnete, moshaneso, empa ho ka etsahala hore leha e le taba tse monate jwalo ebe di dula ha bohlokonyana ho ba bang.
PALESA:Ke tebetebe efe eo o buang ka yona?
Mmathabang (Mme wa Sebolelo)
THABANG: Hela moreso!
PELONG YA LERATO
PALESA:Ako tlohelle ho iketsa ngwana tjena, aubuti Thabang. O moholo ha o le mokana, o tshwanetse ebe o lemohile phetoho ena e ho nna.
MMASEBOLELO:(O keleketlisa meokgo.) Ngaka, o batla ho reng na jwale? O tla mpolella hore ngwanaka o …Tjhe bo! e seng ka Sebolelo wa ka. (Dikeledi le yena o a lla.)
SEBOLELO:Aubuti Thabang o boetse mekgweng yane ya hae hape ya ho tsekela hara mafifi a sa tsebe hore o tsomana le eng e kaale. Motho wa teng o tla fihla a nkga jwala a re phu! jwalo ka ha eka ke letlakala. Ho tloha moo a qalelle ho rohakana a bile a phaella ka hore o tlilo re fenetha nna le Pontsho. (O sisinya hlooho.) Boitshwaronyana bona ba hae bo mpontsha hantle hore ntho e kgolo eo a re kwetletseng yona ka kobong. (O leka ho nahana.) Ha ho le jwalo ekaba ke efe yona ntho eo, basadi? Tjhe, mohlomong le nna ke mpa ke ingongorehisa ka phoso, athe ha ho letho le lebe. Feela leha ho le jwalo re tla boka ha di oroha hore mmela o putela hokae hantlentle. Ke a ipotsa le hore ho tlile jwang hore a be a qetelle a sa ntata le ho ntata mosebetsing mane, empa ha ho nang, tseo tsohle ke tla di utlwa ka yena ha a fihla…(Ho utlwahala modumo wa koloi e emisang ka ntle.) Ekaba ke mang wa koloi jwale hara mafifi a makana? (O nyarela ka fesetere.) Oo, ke aubuti Thabang! E re ke mo letele, ke utlwe hore o tla a fupere eng kgetlong lena, etswe ha a fellwa a le tjena ke a tseba. (Ho a kokotwa monyako.) Kena! ha ke a notlela.
MABOKELLE:Le nna ke o tjhaella monwana ntlheng eo, moradi. Ha re menahaneng le mehlala pele nako e re beha merebele.
MODISE: (Ka bohale.) Thabang, hantlentle ke manyala a eng ana ao ke a utlwang ka wena, monna? THABANG: Ekaba ntate o bua ka eng jwale?
SEBOLELO:(O phahamisa matshwafo.) Ke taba dife tsona tseo na, aubuti Thabang? THABANG: Beha pelo sekotlolong hle…
MABOKELLE:Tjhe, ano ke maikutlo a hao, mme nke ka pheha kgang le wena ha ho le jwalo. Ke tseba hantle hore mokgwa hao o rata ho opisa batho dihlooho ebile ha o kgotsofale pele sefefo se tsukutla lapa lena. Hona jwale re bua ka bothata ba Sebolelo, o se o etswa lekoteng o bolela ka moo Modise a nkgang lefotha ka teng.
SEBOLELO:Mme, ha ke re ke hlalositse hantle maobane hore ha lena la kajeno le tjhaba ke tla be ke phutha mehaswana ya ka le Pontsho re ilo ipatlela bodulo moo re tla phelang ha monate teng, etswe lapeng mona ho powaneng hore ha re a amoheleha hohang.
KGAOLO YA 3
MABOKELLE: Ka nnete ha ke kgolwe hore Thabang ke yena ya ka etsang mahlabisadihlong a tjena, haholo jwang e le motho ya nang le seriti tjee motseng moo!
MMASEBOLELO:Ha se hore re a o leleka hle, ngwanaka. Hona re ka o leleka jwang o le ngwana wa lelapa lee?
THABANG:Ho itokolla mosebetsing e ke ke ya eba yona tharollo bothateng bona, seo re lokelang ho se etsa ha jwale ke ho iketsa kgokanyana…
MMASEBOLELO:Ha eba ha ke bue nnete, hobaneng ba sa fase ntja eo ya bona? Ho totobetse hore le bona ba le tjena ba ntse ba kgothaletsa mekgwa ena ya mora wa bona.
DIKELEDI:Ho lokile, batswadi, empa ke ne ke tla thaba hakaakang ha re ne re ka ya sepetlele mane ho ya mmona hore o ntse a eya jwang.
PALESA: Kgoba matshwafo hle, moratuwa. Ha se bakudi feela ba bonang dingaka …
PALESA:Ee, ho feela ho le jwalo, moratuwa. Ke tshepa hore ke se ke o atameditse haufi le tharollo ya selotho sena jwale.
MMASEBOLELO:Le wena, ntate, o sefelapelwana, o tatela ditaba jwalo ka ha eka di a baleha o sa batle le ho mamela motho ha a bua.
SEBOLELO:Le jwale ke bua nnete, aubuti Thabang. Matsatsing ana ha o sa re natsa ka letho nna le Pontsho, mme ke a tiisa ke a hlapanya, ka leng nnete e tla hlaella poyaneng. O tla llela metsotso jwalo ka thotsela sa Mmedikane.
SEBOLELO:Ke kopa hore mme a mphe sebaka hannyane feela hore nke ke phomole hanyenyane feela, etswe ha ke eso ka ke fumana kgefutso. Ntate yena o kae?
SEBOLELO:Itjhuu!! Nthuseng ke a shwa! Joweee! Ka tla ka le bona la moepamolelle, monyolosathaba wee!!
THABANG:Ako tlohele ho itshela ka dikgapha tjena hle, Palesa. Hohang nna jwale ha ke sa tseba hore ke hlalose jwang ha o itlhomotse pelo tjena. O tseba hantle hore ka mehla ke leka ka hohle ho o kgotsofatsa, empa o mmaneha dibato tse sa ntshwaneleng le ho ntshwanela. Ebile ha ke utlwisise hore hobaneng o dula o kenya Sebolelo tabeng tsa rona tjena. Ke leka ka hohle ka moo nka ka kgonang ka teng ho o etsetsa tsohle tse molemo, empa tseo tsohle ha o di bone ka letho. Mokgwa hao ke lemohile hore o motho ya fetohang jwalo ka maemo a lehodimo.
THABANG:Mme wee, ke kopa hore o se ke wa mpitsa ntja jwalo ka ha eka o a mphepa tjena. Ebile ke tloha ke be ke le hlokela tlhompho hona jwale tjena le be le sulafallwa ke thabo.
MMASEBOLELO:O re ho thweng na, Dikeledi? Hlalosa hle, mosadi, o ke o tlohelle ho itoma leleme tjena le wena.
SEBOLELO:Ke re ke entse qeto le maikutlo a ka, mme ha ho na ka moo nka tjhetjhellang morao ka teng ha ho se ho le tjena. Ebile ha ke kgolwe hore lefatsheng mona o teng mosadi ya ka dulang le monna ya tsamayang a jalajala bana hohle moo a tsamayang teng.
(Sekolong sa Rehauhetswe. Dikeledi o mmoho le Sebolelo.)
MMATHABANG:Ha ke tsebe ke sa tla reng ha ho se ho le tjena, ntate.
SEBOLELO: Ee, ba a tseba le bona, mme. Ke se ke ile ka ba hlaba malotsana, mme le bona ba swabile nko ho feta molomo ke boitshwaro bona bo hlephileng ba aubuti Thabang.
PALESA:Taba ya pele, Thabang ke yena ya mpherehileng, a bolela ka moo a nthatang ka teng, mme ho ne ho se ka moo ke neng ke tla mo phoqa ka teng.
MMATHABANG:Tjhe, ka nnete bona ke bo bong bofokodi boo re bo bontshwang ke mora enwa wa rona, empa a hodile a le mokana. Ke nnete e tswileng matsoho hore ha a ena le mathata o tshwanetse hore a qale ka ho bolela kwano lapeng pele, feela yena ha ho bonahale e le tseo a di natsang tseo kaofela.
Mmathabang. Ke re le hona jwale tjena ha ke no tswafa ho le tshwarisa phupe ka lefe ha e le hore le nkganela ka madi a ka.
MMASEBOLELO:Le nna ho tloha kgale ke ntse ke sa mo utlwisise hantle moshanyana eo, empa ke ile ka ba ka tlameha ho mo hlompha hobane e ne e le mokgwenyana wa rona… (Ngaka o boela a kgutlela ho bona hape.) Be! ke wena hape, ngaka. Ekaba ho ntse ho eya jwang na ka Sebolelo ka moo? Na le se le qetile ho mo etsa oporeishene?
MMASEBOLELO:Ha se yena ya o tebetseng jwang, mosadi? Kapa ke wena ya ngadileng?
matsatsinyana feela, mme e re moo re sa ntseng re ile le kgongwana hodimo teng, o boele o fetole mmala jwalo ka lempetje. Ho hang ha ke sa o tshepa hantle, ekare o tla tloha o tjheha phiri ka motho ha ke sheba tjena.
SEBOLELO:(Ka moya o fatshe.) Aubuti Thabang… (Eka o fellwa ke moya.) Atjhe… ha mpe re e tlohele eo taba…
MOLEFI: Ka nnete o hlabisa dihlong, monna Thabang. Hona jwale tjena le tla be le keteka dilemo tse pedi le nyalane wena le Sebolelo, empa ka hlakoreng le leng o se o ntse o qalella ho iketsa phiri ka hara tlalo la nkwe ho molekane wa hao.
MMATHABANG:(O mo kena hanong.) Ha ke hane hore o halefile, ntate, empa ha o a lokela ho dumella kgalefo ena ya hao hore e o phehise hlama ka tsela e tjena. O nne o hopole hore o phela le batho ba nang le maikutlo jwalo ka wena, mme ha o a lokela ho tabola feela ha o bua.
PALESA:(O tebisa maikutlo.) Sebolelo o tla reng feela ha a ka utlwa hore nna le wena re na le dikamano tse tebileng tjee? Hona o tla etsa jwang ho netefatsa hore ke dula ke thabile?
SEBOLELO:Hona jwale le hlolwa ke eng hore le ntshehetse ha e le moo le nkemelletse ka hore ke kgutlele bohading. Nna ke ntse ke le bona hore le se le fiela ka dintshi fatshe ha le mpona.
THABANG: Atjhe, ka nnete ho tlola ditlhase ho ke ke ha o tswela kgomo le kgale, Palesa…
MABOKELLE:Kgoba matshwafo hle, mofumahadi …
MMASEBOLELO:(A keleketlisitse meokgo.) Ngaka, hantlentle hobaneng le re sebetsa hampe tjena?
THABANG:(Ka bohale.) O a e bona he ntho eo e leng kgale ke e nyatsa ya ho nqobella hore ke o qoqele ditaba ha o qeta o be o tlilo nqosa jwalo ka ha eka ke motshwaruwa! Ke ile ka o jwetsa di sa thakgoha feela hore taba tsena di ka thabisa pelo ya ka, mme tsa se dule tsa ba bang hantle. Ho fetafeta moo ke wena ya nkentseng kgotjheletsaneng hore ke o tsholele mabinabine a pelo ya ka. Ebile ho ka ba molemo haholo ha re ka ra etsa taba ena mohatla kgwiti pele e nka mothinya osele.
THABANG:Sebolelo, ke a o rapela hle, moratuwa.
SEBOLELO:Ha o utlwe ke bolela hore ke na le kgwaonyana ka aubuti Thabang. Ho hang ha e sa le yena yane wa maoba le maobane eo ke mo tsebang. Ke re le tsona dijo tseo ke di phehileng ha a sa di ja le ho di ja. Ntho e nngwe to ka monwana! eo a e etsang ha a le lapeng mane. (O kgutsa motsotswana.) Motho wa teng o tla tsoha hoseng ka matjeke a se a ntse a le maoto a oka ditlhabela. Ho tloha moo o tla kgutla bosiu ka nako tsa baloi.
[LESIRA]
MOLEFI:Le jwale ke sa tiisa hore ke bona basadinyana bana ba hao ba tletseng naha, ba etsang hore o be monyebe ha o lokela ho etsa mosebetsi wa hao. Ho tloha moo o tla be o bolela hore mosebetsi o opisa hlooho. Ha ho na mosebetsi o opisang hlooho ya letho mona, feela mokgwa hao o qetwa ke botswa.
MODISE:Ho lokile, mora, nna ke a o tshwarela, etswe ho o tshwara ka pelo ho ke ke ha ntswela kgomo ka letho. Feela leha ho le jwalo o dule o tseba moo o emeng teng, hoba ha o sa itlhokomele o tla iphumana o le ka moo thakadi di fatelang ka teng.
MMASEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ke kgobe matshwafo jwang, ntate, empa re ntse re senyehelwa ho ya pele tjena? Rona re phethahaditse tsohle tseo re neng re lokela ho di etsa, mme le bona ke dipaki tsa seo. Re mo phahletse, ra ba ra mo etsetsa meetlo yohle ya Sesotho e neng e hlokeha. Jwale ntho e mpherolang dibete ka ho fetisisa ke hore bona ba hulanya maoto ha ba lokela ho re lokisetsa seo e leng sa rona.
MMATHABANG: Ha se hore ke a mo buella, ntate, feela ke ne ke hopola hore moro kgotla ha o okolwe mafura. Mme ka tsela e jwalo ke ne ke sisinya ho ntate hore a fe mora sebaka hore le yena a ntshe maikutlo a hae. Ke a dumela hore molato ona wa hae o tla nka nako pele o ka wa fela, empa leha ho le jwalo ke a kopa, ke wa ka mangole fatshe hore ha thupa ena e mpe e otle fatshe.
THABANG:Na o tiisitse, Palesa, ha o re o…
Pono ya 2
THABANG:Ho lokile he. (O kgutsa motsotswana, a nto thetha sehohlola.) Monna, ka nnete le nna ha ke tsebe hore ke qale kae ke qetelle kae, feela leha ho le jwalo seo nka o jwetsang sona ke hore ke fumane pabala e nngwe tjena ya mooki tliliniking yane e ka Marantha. A re lebitso la hae ke Palesa Lebajwa. Ka nnete ke tjha mpa le seatla ke nyenyeula eno! Na ekaba o a mo tseba motho eo ke buang ka yena, moshaneso?
MMASEBOLELO:Ekaba ke mang jwale eo na, ntate?
SEBOLELO:Ha se phoso ha motho a lebala, empa jwale o feteletsa ditaba le moo ho seng ho sa hlokehe teng, mme hono ho mpontsha hantle hore ha o sa na taba le merero ya lelapa lena. Ke re le ntho tsa bohlokwa o iphapanyetsa tsona jwalo ka beng ba dikolobe. Ha ke tsebe hore o jewa ke eng hantlentle, monna towe. (O kgutsa motsotswana.) Ho tjho hore ha o sa na thahasello le moketjaneng wa rona wa ho keteka lemo tse pedi re nyalane? THABANG: Tjhe bo! Sebolelo, ha ho jwalo ka ha o nahana hle, mohatsaka. O a tseba le wena hore re tshwara tau ka ditlena jwang lebenkeleng mane, mme hono ho etsa hore motho a dule a ferekane…
MODISE:Ha ho le jwalo ke eng a sa tle kwano lapeng a tlo re bolella hore ho nkang sebaka ke eng, ho ena le hore a thole feela tjena? Hona jwale ha se lebitso la hae le tla hohobanngwa seretseng, ke rona ba tla bang ka moo thakadi di fatelang ka teng. Ho fetafeta moo ha ke bone ka moo molato ona o neng o ka wa mo palla ka teng ha a ne a ka o lefa hanyane ka hanyane. O a tseba le wena hore mekgwa e mengata ya ho bolaya katse.
PALESA:Hao Thabang! Hobaneng aubuti eo a ntlhapaola hakana, empa ke sa mo tsebe le ho mo tseba?
SEBOLELO:Ee, ke ikemiseditse ho hlala, mme. Hohang ha ho na ka moo nka dulang le motho ya boitshwaro bo hlephileng tjena, ya tsamayang a jalajalana le bana hohle motseng mona. Ebile ha se lekgetlo la pele ke mo kgalema, empa a sa mamele. Jwale ke etse jwang ha ho le tjee? Tlhalano ke yona feela tharollo hore e mong le e mong a inkele tsela ya hae.
DIKELEDI:Jwale wena hobaneng o sa latele dikeletso tsa hae?
DIKELEDI: Le nna, batswadi, ha ke bone ho hlokeha hore le phehe kgang mona, etswe le baditjhaba ba kwano ba tla le bona mafolomabe, ba tla tseba le tseo ba neng ba sa lokela ho di tseba.
SEBOLELO:Ke ile ho mosebeletsi wa setjhaba ka maikemisetso a ho hlala Thabang, empa jwale mantswe a hae mosadi eo a ile a etsa hore ke hopole lerato le mofuthu le ileng la nkopanya le yena le pele re nyalana. Ka tsela e jwalo o nkgothaletsa hore ke se ke ka mo hlala, ke mpe ke mo tshwarele hore re lebale ka tse fetileng.
PALESA: Pele re ka ra tshohla eng kapa eng, aubuti Thabang, ke kopa hore o e lale ka mmele taba yane ya maobane. Ke a tseba hore o tlohile lapeng mane maikutlo a hao a lwantshana, ke maswabi haholo ka seo. Ke lemohile ha morao ka moo ke bileng sethoto ka teng ka ho o tjodietsa ka ntho tsa lefatshe lena kaofela, mme ke ikwahlanyela seo haholo feela e seng hanyane.
Pono ya 2
MABOKELLE:Tjhe, nna jwale o a ntlhola, ngwanaka, ha o bua tjena. Re leka ho o bontsha mabaka jwalo ka ha re ile ra dumellana le ba bohading ba hao.
PALESA:Jwale nna ke kena ka dife hona moo, hoba o ile wa hana hehehe! ha ke ne ke re o mo hlale o inyalle nna? Le jwale o tla be a o laile Sebolelo etswe ha o tshepahale o le tjena. O ne o sa phetse ho ntjwetsa ka moo o nthatang ka teng, mme ke ile ka lemoha phiri e se e jele hore mokgwa hao o motjodi o tono se sephatswa. Batho ba sa o tsebeng ba ka ba ba tjho hore o motho ya lokileng empa ho se jwalo. Ke hopola hantle maobanyana mona ha ke ne ke o botsa hore ana o feela o nthata na, kapa o batla ho ntshebedisa feela. O ile wa bolela o bile o ikana hore ha ho letho le ka la re arohanyang, mme le nna ka bothoto ke ile ka ya le kgongwana hodimo hore o feela o nthata. Jwale ha ke batle hore o balehe ka kelello ya ka hape lekgetlong lena, etswe ke a o tseba hore o lemenemene o le tjena.
MMASEBOLELO:Ke a e bona taba jwale, ngwanaka. E le hore hantlentle o bua ka Palesa ofe na, mosadi? Na o bua ke eo ke mo tsebang, ke bolela yane wa mooki tliliniking e ka Marantha?
MMASEBOLELO:Se ise pelo mafisa hle…
Letshaba ke mohlophisi wa ditaba lesedinyaneng la setjhaba le fumanwang dikarolong tse bohareng ba porofensi ya Leboya-Bophirima. Lesedinyana lena le phatlalatswa ho tswa motsemoholo, Mafikeng.
DIKELEDI:Hao Sebolelo mosadi! Wa shebahala o sa thaba tjee ekaba molato ke eng na, Mmannyeo?
PALESA:Atjhe, e tjena ntho nke ke ka e emela le kgale. Haholo ha ke qholotswa tjee. (O leba rakeng mme o ntsha thipa e mona e keng e sebediswe selakgeng.) Ha ke kgolwe hore o sa tla e phetha ntho ena eo o ntseng o nketsa yona.
SEBOLELO:Bona mona, Palesa, nna ha ke bana bao o tlwaetseng ho ba hlorisa. Ke a bona hore o nahana hore ke sephoqo hoo ke neng nke ke ka tseba ba ntjang direthe. Hommeng he leshodu ke le tshwerweng ha e le kajeno lena.
PALESA:Ee, ke taba tse monate, wena ako nohe feela hore ekaba dife.
MODISE:Ke yona he e nngwe ya ntho tse bontshang ka moo o hlolwang ke boikarabelo ba hao ka teng, mora. Ho e na le ho re o bope lelapa la hao hore le tiye, ke wena ya kenyang metsi ka moedi.
PELONG YA LERATO
THABANG:Sebolelo, ha ke batle hore re phehe kgang ka ntho tse siyo mona. O tseba hantle Pontsho ke thatohatsi ya ka, mme ha ho na ka moo nka ka qhobang bophelo bona ka ntle ho yena ka teng.
PALESA:Ee, le jwale ke itshepile.
SEBOLELO:Na o tla qetella o buile taba ee ya hao, kapa ke itsamaele?
THABANG:Empa o ka be o ntsebisitse pele o ka etsa jwalo, Sebolelo. Hona jwale ntate le mme ba tla reng ha ba mpona. Hohang ba tlilo tla nkuka jwalo ka otseotse hara diotseotse.
[LESIRA]
MOLEFI:(O mo kena hanong.) Feela o etsa jwang?
SEBOLELO:(O phahamisa maikutlo.) E mabapi le ngwana!
DIKELEDI: Pelo ya hao ha e a kgotsofatswa ke eng na jwale, mmannyeo, hoba ke moo mosebeletsi wa setjhaba o o file dikeletso tse molemo?
DIKELEDI:Ako bue hantle hle, mosadi! O re Thabang o o entseng se sekaale ha e le moo o se o sheshenella banna kaofela le ba se nang molato?
Pono ya 4
SEBOLELO:Aubuti Thabang, nna jwale ho fihla moo ke kgitlehang dibete ke boitshwaronyana bona ba hao. Ebile ntho e ntenang ka ho fetisisa ke ho ba monyebe hona ha hao ha o lokela ho rarolla mathata a lapa lena. Ntho e dumadumang kelellong ena ya hao ke ho kgaqakaka majwala feela o sa natse taba tsa lapa la hao ka letho.
MABOKELLE: O bolela hore Thabang o tshositse Sebolelo ka hore o tlilo mo fenetha yena le Pontsho?
MOLEFI: Tjhe kgetlong lena o feela o tswile lekoteng e le ka nnete, monna Thabang. Sethatong o ne o ipoledisa ka moo o seng o le lehlohonolo jwalo ka tshitshidi ka teng, le hore ha o kgolwe hore ho sa ntse ho le teng motho ya ka o besang o tuke ho wena mona. Empa jwale o a mmakatsa ha o se o bolela hore ntho ena e o thabisitseng tjena ke pinyane, ha e a lokelwa ho tsejwa ke batho. E le hore hona o tla ipipetsa pelo ka yona ho fihlela neng hoba ke mona le wena o ne o sa tswa bolela hore dintho di o tsamaela hantle hohle moo yang teng?
MABOKELLE:O a utlwa he, mofumahadi, hore Ngaka o se a hlalositse ho feta ka moo ke neng ke tla hlalosa ka teng. Wena seo o lokelang ho se etsa ha jwale ke ho iphumola dikeledi, mme o behe pelo sekotlolong ho fihlela dingaka di be di phethile mesebetsi ya tsona.
MABOKELLE:Ako butle hle, Mmasebolelo, ka ho emella ngaka ka dipotso di hana ho fela tjena. Banna bana ke a ba tshepa, ba tla hle ba etse mosebetsi o tswileng matsoho ho ka pholosa bophelo ba Sebolelo.
swaswa maobane ha ke ne ke o bolella hore ke tlelwa ke mohopolo wa hore re qhelele moketjana ona thoko. Kgetlong lena ke bua ke sa tjhetjhelle morao hore ha ho sa na mokete wa letho mona, ke phetho ke tu! Ebile ha ho sa na letho leo ke tla boelang ke le tshohla le wena hape mabapi le taba ena.
SEBOLELO:Se ka ntlhasela ka dipotso tjena le wena Dikeledi, ha ke re ke a tla ntlheng eo.
MOLEFI:Monna, ha ho ka moo nka behang pelo sekotlolong ka teng empa ke bona hore o bipile ntho e kgolo ho wena mona, mme ha o sa ntjwetse yona hona jwale, o tla shwella tharing jwalo ka ngwana ya sa lleng ke hle ke o jwetse. Matsatsing ana batho ba bangata ba bolawa ke pelo ekasitana le mahloko a mang a kgatello ya maikutlo ka lebaka la ho ipipetsa ka ditaba ba le bang. Jwale he, weso, le wena ke o hlaba malotsana hore o se ke wa ikgatella maikutlo re ntse re le teng tjena.
PALESA:(O mo kena hanong.) Feela eng? Ha ke batle tlhaloso ya hao mona. (Sebolelo o leka ho tshola tlhako morong, empa ka bomadimabe a kgotjwa a wa, le pele a etswa ka tlong. Ka nako eo Palesa ke ha a se a le hodima hae ka thipa.)
THABANG:(Ka ho makala.) Ho bolela hore o no lomahantse meno ka taba ena Sebolelo, ha e le moo o se o bile o tsebisitse batswadi ba rona hammoho le setjhaba sohle hore ha ho sa na moketjana kwano?
PALESA: Ha ke re o a tseba le wena, aubuti Thabang, hore ke batla re phele ka kgotso ho isa…
[LESIRA]
MABOKELLE:Empa, ngwanaka, ako hlomphe dikano tsa hao tsa lenyalo tseo o ileng wa di etsa hore wena le molekane wa hao le tla arohanngwa ke lefu feela.
THABANG:Sebolelo, ke a tseba ebile ke utlwisisa ka botlalo taba ya hore o tlilo ntlhala, empa leha ho le jwalo ho sa na le tabanyana eo ke batlang hore re ke re e dulele majwana pele. Le hoja batswadi ba ka ba ne ba tlile kwano ho tla nkopela tshwarelo, empa tseo tsohle ha ke sa di natsa ka letho hoba di ke ke tsa hlola di ntswela kgomo le kgale.
SEBOLELO:Ha ke na taba le hore batho ba tla reng, hoba ke tla be ke etsa se tla beng se kgotsofatsa pelo ya ka.
MABOKELLE:Sebolelo, ako butle…
DIKELEDI:O makatswa ke seo ke se bolelang jwang empa le wena o ntse o ipona hore ha o a phuthuloha le sefahlehong? Kapa o se o kula na, mosadi, ha e le moo o ipipeditse maikutlo hakaale.
THABANG:Ho sa kgathalatsehe hore ho etsahalang, monna, feela nnete ke hore ke tla be ke kgotsofaditse pelo ya ka. Ho fetafeta moo ke etsa tsena tsohle ka lebaka la lerato le ho phethahatsa merero ya pelo ya ka.
Rammolotsi, Viljoenskroon    
MMASEBOLELO:Joweee!! E seng ka Sebolelo wa ka! (O se kgitla le ho feta, mme Dikeledi le yena a se kapa. Mabokelle le Ngaka ba leka ho ba thodisa, mme ho kena le baoki ba bang ho tla ba thusa.)
SEBOLELO: (O mo kena hanong.) Hlalosa taba ya hao he o tlohelle ho ntjwetsa hore ke behe pelo sekotlolong. (O sheba nako.) O a bona le wena hore nako e se e ntse e nkeme maqothe ha bohloko feela.
[LESIRA]
THABANG: Ngwaneso, le hoja ke ikutlwa ke le mafolofolo tjena, empa ha ke bone ho hlokeha hore ke phetlele mohatla nku mashodu e sa le jwale, etswe ho etsa jwalo e tla be e le ho ntsha mosi ka lengope. O a tseba le wena hore koma ha e ke e binwa hara motse. Jwale o batla o hlile o nqaka haholo ha o bolela hore ke o kumele mabinabine a pelo ya ka, empa le wena o tseba hantle hore pinyane ha e senye motse.
SEBOLELO:Se tshwenyehe ka nna tjena, Dikeledi. Ke bua nnete ha ke re ha ho letho le ntshwenyang, ntle feela le yona ntaramane ena eo ke ntseng ke lla ka yona ha jwale.
O ile a ithuta hape tsamaiso ya dikantoro (Office Administration) ka ngollano. Ha jwale Letshaba o ithuta ka ngollano le Yunivesithi ya Afrika Borwa moo a etsang mokgwepha wa lengolo la dikgokahano (BA in Communications).
DIKELEDI:(Ka ho se kgotsofale.) Empa, atjhe bo! mmannyeo, nna ha ke kgolwe hore o ntjwetsa nnete e felletseng. Hohang ekare taba tsa hao di a bata ha ke sheba tjena.
MMATHABANG:Moo teng o tla be a re hlotse le hoja re sa lwana le yena, empa leha ho le jwalo re tla tlameha maoto le matsoho hore re thenthelle mapenenyana a rona a ho qetela ho ka hlakola molato ono…
SEBOLELO:Tjhe, ke a e utlwisisa le yona ntlha eo, empa ha e le Palesa yena o tla utlwa ekare o penngwe ke notshi tsa semana ha nka ka mo tshwara mona.
MMASEBOLELO:Tjhe, nna, ngwanaka, leha e le hore ha ke nwesane metsi le yena, empa ha ke o kgothalletse hore o nkuwe ke maikutlo ka pele tjena, hoba ke mona o hlalosa hantle hore o sa ntse o mo rata. Nahana pele ka bokamoso ba Pontsho, mme e be hona o ka itahlelang lemeneng la ditau.
SEBOLELO:(A le haufi le monyako.) Ha ho letho leo nka ka le tshohlang le wena ho ya pele ka ha ke mona o se o ntse o bolela hore re kgine ditaba pele di nka methinya esele. Ka tsela e jwalo ha ke a ikemisetsa ho fahla mmuso ka lehlabathe ha jwale. Ke se ke ile he! O se o tla sala o eja masapo a hlooho o le mong hoba ke a bona hore ha o a ikemisetsa ho ya lebenkeleng kajeno. (O a tswa.)
THABANG:Sebolelo, na o a elellwa hore o nkentse hara mathata ka ntho ee eo o e entseng? Hona hobaneng o sebetsa ditaba ka setu empa nna o sa ntome le ho ntoma tsebe? Teng ha ntate a ka a mpotsa ke tla ikarabella ka le reng eng?
SEBOLELO:Ho neng o kopa tshwarelo na, motho wa Modimo? Hona o kopa tshwarelo ka mabaka afe jwale? Ebile ke botshepehi bofe bona boo o bolelang hore o bo hlokile ho nna?
PALESA:(O a itlhomola.) Aubuti Thabang, na o feela o tiile ha o re o a nthata, kapa o mpa feela o leka ho bapala ka nna?
DIKELEDI:Na o a elellwa hore ha o hlala Thabang, o tla be o thabisa dira tsa lona?
MABOKELLE:Mmasebolelo, le re ngaka a bue jwang jwale ha le dulellane le ho mo qhobella majwe hanong tjee? Ke kopa hore le ke le mo nehe sebaka hanyane feela hore a tle a tsebe ho hlalosa seo a tlileng ka sona kwano.
THABANG:Ka nnete ha ke bone lebaka la hore o nkgarumele ka tsela e tjena, empa ke leka ho o bontsha mabaka a…
DIKELEDI: Kgoba matshwafo hle, mme Mmasebolelo.
SEBOLELO:Ho bolela hore o bona ditaba ka leihlo lesele, Dikeledi, hoba nna ke ipona ke ntse ke ipheletse hantle, ho se letho le lebe, mme ke makatswa haholo ke sena seo o se bolelang.
MMASEBOLELO:Na ba ka hla ba hlolwa ke mokitlane o mokananyana feela, empa ho se ho bile ho kodumetse lemo tse pedi kaofela? Ebile ha se boikarabelo ba boSebolelo hakaalo hore ebe mokitlane ona o be o ntse o salletse morao le ho fihlela lena le hodimo. Batswadi ba Thabang ke bona ba molato. Ke na le tumelo e feletseng hore Modise ke yena ya sataladitseng molala ho ka lefa mokitlane ona. Ke mo hloile hampe monnamoholo eno ya tedu tse putswa tse kang ntja e momme sekatana. Hoja a ne a le siyo ho ka be ho rena kgotso pakeng tsa malapa ana a mabedi. Jwale boteng ba hae ke bona bo ntseng bo nyopisa merero le ho feta tjena.
THABANG:Eitse ha ke tjhaisa ho tswa mosebetsing ke fumana Sebolelo a iphile dimenyane ho ya lapeng habo, mme a ntshietse molaetsa o reng o tlilo ntlhala.
SEBOLELO:Aubuti Thabang o boetse o qadile tse ding hape, mme.
MMASEBOLELO:Le nna, ngwanaka, ke a o tshehetsa morerong ona wa hao, empa ha se hore ke o kgothalletsa hore o mo hlale. Ka nnete thaka tsa lona di tla tsheha ka lona ha di le bona hore le hlolwa ke ho itjarela mathata a lona. Ke kopa hore o ke o jelle taba eno masapo a hlooho pele o ka nka qeto, mme ka moso wa be o ikwahlaya hore hoja wa etsa tjena le tjena ho ka be ho le tjena.
MMASEBOLELO:Ntate, Sebolelo a re ba tena ba qhelela moketjana ono thoko tjena ho latela mathata a lelapa a ke keng a qojwa ha bonolo.
MMASEBOLELO:Le nna, ntate, ha ke tsebe hore nka hlalosa tshwabo ena ya ka jwang ha e le mona bana ba rona ba re ntsha mejo hanong tjena. Empa le teng ha ho letho leo re lokelang ho le etsa ha ho se ho le tjena, hoba ho ya ka Sebolelo ba bone ena e le yona qeto ya bohlokwa maphelong a bona.
PALESA:O batla ke mamele tsona ditsiebadimo tsena tsa hore Sebolelo o batla ho o hlala? Tjhe, ke maswabi ho o bolella hore ha ke na yona tjheseho ya ho ka di mamela, etswe ha ho na motho ya o loileng, o itoile ka bowena. Mohlomong le yena Sebolelo o ne o ntse o mo thetsa jwalo ka ha o tlwaetse ho nthetsa, etswe ho wena mona taba di mahlong hore o jele tlwae ke ntho ena ya ho bapala ka maikutlo a basadi.
Pono ya 3
THABANG:Ke bua ka Pontsho, ntate.
THABANG:Leha re ne re ka ra keteka lemo tse lekgolo re nyalane, ho salang ke hore nke ke ka hatella maikutlo a ka le kgale. Ebile ha ke kgolwe hore o teng monna ya ka se keng a thabela ho utlwana le pabala e botle bo hlollang jwalo ka Palesa tjena. Ke bolela le bona bohloohoputswa ha ba sa itheka morwalo matsatsing ana. E mong le e mong o batla ho tswa a hamme e tswele le mohasula. Ho hang ha ho ngwana e motle ditjhabeng, lehlanahlana ke la motimahlaha. Jwale o ne o lebelletse hore rona boThabang re etse jwang hara lehesheheshe le tjee, moo dipitsa di dulang di pjatla?
(Lapeng ha Modise, mme o dutse le Mmathabang.)
MABOKELLE:Hela, Mmasebolelo, ana le re moketjana wa boSebolelo wa ho keteka lemo tse pedi ba nyalane o ilo ba neng na, mosadi?
THABANG:O tla mpolella hore o…
THABANG:Hobaneng ha re tshohla tsa kgwebo, wena o be o hlapaola basadi ba ka? O a tella mokgwa hao ke a bona. Ke a tloha, Pele ke o antsha phooko ha eba ha o tsebe moo ho bapallwang teng.
MODISE:Jwale, mofumahadi, re tla etsa jwang ha ho ka ha etsahala hore a re bolelle sefamahlo hore ha a na tjhelete ya ho ka lefa molato oo?
MMASEBOLELO:O batla ho ya kae jwale o ferekane maikutlo tjee, Sebolelo?
MABOKELLE:Lebala ka tsona…
SEBOLELO:(Ka bohale.) Ntate, ha ke re ke hlalositse hantle ha ke ne ke fihla mona le Pontsho hore ha ke sa batla ho utlwa letho ka aubuti
SEBOLELO:Ha ho le jwalo he nna ke se ke leba mosebetsing, etswe le nako ke yena e se e ntse e mpehile merebele e le ka nnete.
MODISE:Ka tsela e jwalo o bona e tla be e le ntho e nepahetseng ha re ka ra kenya Thabang kgotjheletsaneng hore a be a lefe molato oo?
MMASEBOLELO:Ha ke re jwale ke ne ke batla ho o lemosa pele ka moo mokgwenyana enwa wa rona a tebileng le ho feta kweetsa ka teng, le hore o tsebe hore mekgwa ena ya hae e ditshila o tswa e thonaka hokae.
fihle pheletsong, ke kopa hore o ntokollele Pontsho hore ke ikgodisetse yena.
THABANG:Monna, o motho wa ho qetela eo nka kopang thuso ho yena lefatsheng mona. Ke o bolelletse hore ke moholo ha ke le mokana, ke tseba phapano pakeng tsa botle le bobe. Ebile ke bophelo ba ka bona ha se ba hao. Le jwale ke sa toboketsa hore Palesa ke a shwa, ke a ikepela ka yena, mme ha ho letho le tla nkarohanya le yena. Ke tla mo rata ho fihlela re be re arohanngwa ke lefu feela.
(Ba kena ka kantorong, mme ba koba mangole.)
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ebile bosiu bona bo sa tswang ho feta ke bo qetile ke ntse ke eja masapo a hlooho, ke leka ho thuisa taba ena ya moketjana wa rona, mme kgabareng ke ile ka ba ka fihlella qeto ya mapomelo. Ho hang ho tu! ha ho sa na moketjana o tla ketekwang mona, hoba ke mona o leqe ha o lokela ho phahamisa maoto ho ka etsa ditlhophiso.
MMASEBOLELO:(A le mong.) Monna enwa ke a bona o nahana hore ke tjha ntshi jwalo ka yena. Ho hang ho tu! nke ke ka dumella masawana hore a etsahale ke ntse ke le teng. Sebolelo ke moradi wa ka le nna, mme ke na le tokelo ya ho ntsha maikutlo a ka ha ke bona dintho di sa ye ka theko. (O kgutsa motsotswana.) Ha e le difelekwane tsena tsa ha Modise tsona di ntse di tlilo se bona thotsela sa motsheare. Ke Mmasebolelo nna, ha ke potele e kgwathwang ka lehlaka!
THABANG:(O kgutsa motsotswana.) Weso, Palesa o ne a tlilo mpolella hore o ithwetse ha o mmona a ne tlile kwano.
THABANG:(O kgathetse matla.) Atjhe, nna jwale ha ke sa tseba hore ke etse jwang ha o se o jele dipekere tjena ka nnete, hoba ha ke re ke a bua feela, o mpeha dipha. Ho molemo hore ke hle ke itholele, etswe maikutlo a ka a dula a qhelelwa thoko.
MMASEBOLELO: (Ka ho makala.) O robile Palesa lengole? O batla ho ntjwetsa dife na jwale, Sebolelo.
THABANG: Athe o ne o nahana hore ke a bapala? Ke batla ngwana wa ka hore ke ilo ikgodisetsa yena etswe ke a elellwa hore wena ha o sa na taba le nna.
SEBOLELO:Ke mabapi le lenyalo la ka? Ekaba ho se ho etsahetse eng na jwale?
ile a betwa ke pelo ha a tla hlahelwa ke kotsi ena. Le nna ke ile ka leka ho buisana le yena hore a kgaohane le ntho tse ngata, mme yena o ile a bona hore a ilo qholotsa Palesa. Feela leha ho le jwalo haesale taba ena e mo dutse hampe hore ebe Thabang o robile ngwanana e mong lengole empa e le molekane wa hae.
MODISE:(Ha a batle ho utlwa letho.) Thola! Ha ke a re ke batla ho utlwa puonyana tsa hao tse nkgang mona. Ke a bona o nahana hore ke tla tholela manyofonyofo ana a hao, moshemane towe! Mona teng ke ha ka, mme seeta ho lla sa ka ke le mong feela. Ha eba o nahana hore o tla tlisa bokakonyana bona boo o tlwaetseng ho bo etsa ha hao mane, o hle o lebale ho tu! ka bona ha ka mona. Ho seng jwalo o tla tswa mona o sa hetle le ka morao, moshemane.
Sebolelo (Mofumahadi wa hae)
THABANG: Ya bohadi yona ke e tseba hantle, ntate, mme nka thaba haholo ha re ka e tshohla ha morao, re se re qetile ka kenyakenyahadi ena ya taba.
MMATHABANG: (Ka ho makala.) Butle bo! ntate, o tswa di kga kae na tseo jwale?
SEBOLELO:Ho ne ho se ka moo o neng o ka mo phoqang jwang empa o tseba hantle hore o nyetse?
DIKELEDI:Se ka nkuwa ke maikutlo tjena, Sebolelo, ya re ka moso o be o ikwahlaya hore hoja wa etsa tjena le tjena ho ka be ho se tjena.
MABOKELLE:Ho bolela hore kutlwano ke ntho e ntseng e le siyo lapeng leno?
MABOKELLE:Tjhe, e seng jwalo hle, mofumahadi. Nna ke mpa ke nyatsana le ho ikwahlahela dintho tse siyo hona ha hao, etswe ha se tsona tseo re di tletseng kwano. Re tletse ho tla tshehetsa Sebolelo mahlabeng ao a leng ho ona.
SEBOLELO: Ke re wena o leshodu kapa o ne o nahana hore ke bua le mang empa re le babedi feela ka tlong ka mona? Ke a bona hore o se o jele tlwae ke ntho ena ya ho phela ka tsa ba bang, mme pinyane ena ya lona e se e hlahelletse poyaneng jwale.
Araba dipotso tse latelang
MABOKELLE:Ke se ke itse re tla boka ha di oroha hore ha e le nna le wena ke mang ya opileng kgomo lenaka, mosadi. Feela seo ke se tsebang ke hore o tla be o itatola bosehla ha nako eo e fihla.
PALESA:Hantlentle ke ile ka ikopa ho ya bona ngaka…
SEBOLELO: Oho! ke a bona jwale. Ho bolela hore o tlile kwano ka morero le sepheo sa ho tella?
MMASEBOLELO:Qhobeshano ke e kgolo lapeng la bana bana, mme hono ho tjhorisitswe ke hona ho qhelela moketjana ona wa bona thoko. O a bona le wena hore lenyalo la Sebolelo le a thekesela, le ka nna la thubeha neng kapa neng.
DIKELEDI:Bo ntse bo eya jwang bophelo ka moo, Sebolelo?
MMATHABANG:E seng hore hakaalo re mo qobelle, ntate, empa re buisane le yena jwalo ka motho e moholo. Ke tshepa hore o tla utlwisisa hore re utlwile bohloko ke sena seo a re entseng sona, mme ha re a lebella hore a re ntshe mejo hanong hodima a se a re phoqile hakana.
Pono ya 3
DIKELEDI:Ho feela ho le jwalo, batswadi ba ka, Sebolelo o amohetswe sepetlele a le maemong a mabe haholo a bophelo.
PALESA:(O mo kena hanong.) Ke tseba eng hantle? Ha a yo mosadi lefatsheng mona ya ka mamellang mathata ana ao ke a mamelletseng mona. Sebolelo yena o ja poqo ka hlanaka, athe nna ke jella kgwebeleng sa leeba. Feela ho lokile leha ho le jwalo, aubuti Thabang, etsa ka moo o bonang ka teng, empa ka le leng la matsatsi o tla llela metsotso jwalo ka thotsela sa Mmedikane ke a o jwetsa.
SEBOLELO: Ho tjho hore o a e ngangella taba ena hore o batla ke o fe Pontsho?
SEBOLELO:Nna ke bone ena e le yona tsela e nepahetseng ya ho sebetsa ditaba, etswe ho ne ho se na leano le leng ntle le lena. O tseba hantle le wena hore ha esale dintho di ntse di sa tsamaye hantle lapeng lena, mme ho ne ho se na hore re ka iphapanyetsa mathata ano ka ha a ne a hlolwa ke wena ka boomo. Ho fetafeta moo ke ikutlwa ke imolohile moyeng, mme se nthabisang ka ho fetisisa ke hore le hoja batswadi ba ne ba maketse hakaalo, empa jwale ba se ba tseba hore o mahodi a patile maeba.
(Ke lapeng ha Thabang. Sebolelo o pepile Pontsho, mme
SEBOLELO: Ho jwalo, mme.
SEBOLELO:(Ka bohale.) Ena ke mehlolo ha ho thwe mehlolo! E tjena ntho ke qala ho e bona haesale ke tswalwa ke eba mokaana!
MMASEBOLELO:Ke bua nnete, ntate, Sebolelo o ntjwetsitse masaakokometse ka enwa mokgwenyana wa rona hore o se a mo hlanohetse ho mo hlanohela matsatsing ana.
SEBOLELO: Ha ke tsebe hore o batla ke o hlalosetse ntho e le nngwe hakae hore ha ho na Pontsho eo ke tla o lokollelang yena mona.
SEBOLELO:(O mo kwala molomo ka mpama.) Nka! ke o rute ho phela le batho, letekatse towe!
THABANG:Ke taba tse monate?
MOLEFI:Ho itatola ngwana wa theka la hao ho ke ke ha o tswela tema, ngwana monna. Nna hoja ke ne ke le wena ke ne ke tla phetela Sebolelo tsohle, ke ntano ikopela tshwarelo ka mora tseo tsohle.
PALESA:(O a mo tlatsa.) Ha se moo he o kgonne ho fihlella tharollo qetellong. O ne o ntse o sitwa ke eng jwale?
MMASEBOLELO:Atjhe, ntate, botsofadi bona le bo tlama ka phoso ka nnete! Ka mehla ha le lebala ntho tsa bohlokwa feela le itshirelletsa ka bona le moo ho sa hlokeheng teng. Le teng, ntate, ha ke dumellane le wena hore o se o le kgaba le ileng hakaalo. Matsatsing ana ho thwe leqheku ho tsofala le ratang, mme ke makala haholo ha e le mona o ikeme ka leshome le se na motso tjena.
SEBOLELO:(O teneha le ho feta.) Ke itse o bue o ke o tlohelle ho inanatha tjena o ntshenyetsa nako hle, motho wa Modimo.
MMASEBOLELO:Ha ke re nna ke beha ditaba ho ya ka moo ke bonang ka teng, ntate. Jwale wena bothata ba hao ke hore ha o rate ha ke ntsha maikutlo a ka.
MABOKELLE:Beha pelo sekotlolong hanyane hle, moradi.
DIKELEDI:Butle hle, mosadi, ka puonyana tsena tsa hao tsa bosawana. O ikopisa hlooho ka ntho tse hole le wena, mme hono ho tla qetella ho behile lenyalo la lona ka mosing. Hona jwale tjena le tla be le keteka lemo tse pedi le nyalane, empa o se o ntso qala ho bolela ka moo o seng o sa tshepe molekane wa hao ka teng. Ka nnete dira tsa lona di tla hle di didietse ha di ka tsa utlwa hore o ntse o reng ka Thabang. O tseba hantle le wena hore baqabanyi ba mona Rammolotsi ba bangata jwang, feela o batla ho beselletsa hlaha hodima ho ntse ho le jwalo.
MABOKELLE: (Ka ho makala.) O reng na jwale,Mmasebolelo?
DIKELEDI: Ke o utlwisa bohloko ha ke reng na, mosadi? Na o tiisitse ha o re ha o sa mo rata Thabang, kapa o etsa tseo tsohle ka lebaka la maikutlo a hao a mohla monene?
THABANG:Ha ke re jwale ke ile ka itlama hore ke tla tlisa thabo pelong ya hao, Palesa, mme ke boikarabelo ba ka ho etsa bonnete ba hore o dula o sa hlora jwalo ka pele.
DIKELEDI:Taba ena e hlile e tshopodi e le ka nnete, mosadi. Jwale wena ha o shebile o re mathata ana a hlolwa ke eng na, mmannyeo?
(Lapeng ha Thabang. Ke bosiu, mme Sebolelo o dutse a le mong, a bile a ngongorehile.)
MOLEFI:Ako tswe ka taba hle, monna, o ko tlohele ho inanatha tjena ha o lokela ho tswa puo! (Ka ho teneha.) Tjhe, le teng ha e ba o hlile o lomahantse meno e le ka nnete hore ha o no ntjwetsa ditaba, le teng ha ho molato, feela ke re le mohlang mathata a o hlwang setha o tle o se ka tla kopa thuso ho nna ka ha o se o ikentse yona pudumo ya moemanosi.
THABANG: Ke se ke itshwetse mokgubu ka mathe he.
SEBOLELO: Oo mohlolo o ke ke wa etsahala le kgale bo! ha feela nna Sebolelo ke ntse ke phela.
phomola.) MODISE: O a tseba, Mmathabang mohatsaka, ke batla ke ngongorehile haholo ka Thabang matsatsing ana leha feela ho le powaneng tjena hore yena le elwa moradia Mabokelle ba natefetswe ke lenyalo la bona. Ka nnete ha ke tsebe hore ke phunye seso sena jwang ha ho se ho le tjena, mofumahadi.
ke ile ka ba ka mo kgolwa, hoba ke a tseba hore ba bokgotsing ba rona ke difelekwane kaofela ha bona.
SEBOLELO:Ntate, ho na le bothatanyana boo ke batlang ho bo rarolla etswe ke bona bo etsang hore aubuti Thabang a kenwe ke bohlanya tjena.
Pono ya 2
THABANG: (O a kena.) Dumelang ka lapeng! SEBOLELO: (Ka ho nyaroha.) O boetse o ntshetse morao hape?
PALESA:Ha ke o rohake, ke bua nnete hore…
MOLEFI: Monna, hantlentle o ikemiseditse eng bophelong ha o dulellane le ho fihla mosebetsing ka mora nako tjee? Ho totobetse jwale hore o se o jele tlwae, hoba ha se kgetlo la pele o e etsa ketso ya mofuta o kang ona. (O sheba tshupanako.) Bona hona jwale ho se ho bile ho fetile dihora tse tharo tsa tshebetso, empa ke hona o fihlang. Ke a bona o batla ho etsa eka ke kgwebo ya hao o le mong ena ho ya ka moo o seng o batla ho itaela ka teng. Ha eba ha o sa batla ho sebetsa, o bue feela, o tlohelle ho tjha ntshi tjena.
MMASEBOLELO:E-e, mosadi, nkarabe pele o ka ilo beha dithoto tseo tsa hao. O re ho etsahalang ha eka o se o falla ha hao tjee?
PALESA:Shuu! Motho a ba a utlwa hantle le ditsebeng mona. Ha o utlwe ke bolela hore o fihlile hantle ka nako eo ke neng ke o lebelletse ka yona, aubuti Thabang. Ka nnete o mopholosi wa bophelo ba ka bo neng bo solla thoteng tse tjheleng.
THABANG:(Ka moya o fatshe.) Ka bokgutshwanyane feela ke kopa hore o ntshwarele ha e le mona ekare o dula o hlomohile ka lebaka la ka, mme le jwale ke a itshola, moratuwa, ka sena seo ke se entseng. Ke kopa hore o se ke wa nkuka ka moya hle, Sebolelo wa ka, mme ke a tseba hore ho ke ke ha eba bonolo ho wena hore o amohele taba tsena, hoba ke tse sa jeseng ditheohelang e le ka nnete.
MABOKELLE:(O leka ho thodisa Sebolelo.) Se itshele ka dikgapha tjena, Sebolelo ngwanaka, ho tla loka. Feela ha e le moshanyana enwa yena la hae le tla mo tjhabela.
ba mphileng yona ho tloha mohlang ke ne ke ba lemosa neo ena eo Ramasedi a ntlhonolofaditseng ka yona.
THABANG: He banna! ke eng eka o bua o itshepile tjee na, mosadi?
SEBOLELO:Empa lona ka ho le leng le sa ikeme le bolela hore ke boelane le aubuti Thabang. Bona hona jwale o le siya mekgele e wetse ka mahlong.
THABANG:Empa, weso, taba ena e tshopodi ho feta ka moo o ka nahanang ka teng, mme etlare mohlang pelo ya ka e lokolohang ke tla o phetela tsohle ka botlalo ke sa qeaqee le ho qeaqea. Ha jwale nka thaba haholo ha o ka mpha sebaka hanyenyane feela hore nke ke je masapo a hlooho, etswe le wena o a tseba hore lepotlapotla le ja podi. Ho fetafeta moo ke batla ke le lesisithehonyana ho ka phunya seso sa tswa boladu ha jwale ka ha le lona le le tjena le ka tloha la tshwarisa motho phupe ka lefe. (O kgutsa motsotswana.) Le Sesotho le sona se ka ntjhaella monwana hore dikgomo tsa moketahadi ha di na motlohapele.
KGAOLO YA 3
SEBOLELO:Ke eng eka o bua o itshepile tjee?
MMASEBOLELO:Ho lokile, ngwanaka, o ka nna wa ilo phomotsa hlooho hanyane, etswe ke a bona hore o shwele ke mokgathala. Feela leha ho le jwalo o ke o jelle taba ena masapo a hlooho pele o iphumana o le ka moo thakadi di fatelang ka teng, etswe ke tseba hantle hore tholwana tsa ho hlalana ke tse bodila jwang.
TEBOHO LETSHABA
Pono ya 2
SEBOLELO:Atjhe, ka nnete ke tla be ke bua leshano ha nka ka re ke a tseba. Nna ntho eo ke e hopolang ha jwale ke hore e qadile ho ba mahlonoko haholo hona hoseng tjena ha ke etla kwano sekolong.
MABOKELLE:Monna wee, etswa ha ka mona pele ke o roba molala. (O sheba Thabang ka la Kaine.) Ha eka o sa eme tjee, ke itse o hate kosene, moshemane. Kapa o batla ho tswa mona mamina a se a kopane le dikeledi?
DIKELEDI:Ako tlohelle ho lla le ho nna o bua dipuo tse se nang motheo tjena, Sebolelo. Ke itse ho wena o se ka dumella hore maikutlo a bapale ka wena tjena. Ha ke re le wena o a tjho hore o sa ntse o mo rata Thabang, mme ha ke bone ho ena le lebaka le ka etsang hore o nne o itiise pelo tjena. Lebala tse fetileng, ngwaneso.
(Lapeng ha Mabokelle. O mmoho le mofumahadi wa hae ka phaposing ya ho phomola.)
SEBOLELO:E ka nna ya ba ho jwalo, Dikeledi, feela ke batla ke ena le kgwaonyana tabeng ena. Aubuti Thabang o nnetefaleditse hore o tla fihla ka nako kwano, mme a ntshepisa hore o tla fapohela kwano hore re ye toropong mmoho. Feela ke mona ho se ho bile ho fetile dihora tse pedi kaofela a eso bonahale le ho bonahala. Ebe ke tla qetella ke entse jwang na ha ho le tjee, hoba le meriti le yona e se e ntse e hlahlamela dithaba?
MABOKELLE:Ke moferefere wa eng jwale ka moo, Sebolelo?
PELONG YA LERATO
[LESIRA]
DIKELEDI:Tlohella ho potoloha taba tjena, mosadi, otla ditaba phatla ntjhotjho.
eo nka ikwahlayelang yona. Aubuti Thabang o hlokile botshepehi ho nna le hoja ke ne ke mo tshepile hakaalo, mme a kgetha ho mathaka le boPalesa. Jwale wena o batla hore ke mo tshwarele ka mora tseo tsohle. Tjhe, oo ona ha se mohlolo o ka etswang ke nna Sebolelo wa Mmasebolelo. Ha ke re ho wena lerato le fedile ke be ke sa swaswe kapa hona ho bapala, empa ke be ke bua ke lomahantse meno.
(Lapeng ha Modise. Ba iketlile ka phaposing ya ho
[LESIRA]
PALESA: E le hore ke lefe lebaka le etsang hore o batle ho latola molato wa hao, aubuti Thabang?
KGAOLO YA 5
THABANG:Le jwale o a bona le wena hore ke manyala feela ntho ena eo o e entseng. Hona jwale tjena lenyalo la ka le tlilo reketla ha Sebolelo a ka a utlwela ka taba ena.
DIKELEDI:Ee, ke mo tseba hantle. Hobaneng o mpotsa ka yena?
SEBOLELO:Empa le nna ha ke na boikgethelo bo bong?
THABANG:Empa ha ke re le wena o a tseba hore ho ka se ke ha kgoneha hore ke qhobe bosiu bohle le wena, hoba Sebolelo le Pontsho ba ka ngongoreha hampe ka…
SEBOLELO:(Ka bohale.) Hei… hei o se ke wa ba wa leka wa mpitsa moratuwa wa hao. Ha ke re o tseba hantle hore eo e leng yena wa pelo le maikutlo a hao ke Palesa Lebajwa? Haeba o batla ho utlwana le nna o se ke wa ntuba maikutlo e sa le hoseng tjena.
MMASEBOLELO:Mmate hle, ntate, se ka tsheha le ntja ena!
THABANG: Ka nnete ke swabile nko ho feta molomo, moratuwa.
PALESA: O re nna ke sethoto, aubuti Thabang?
SEBOLELO: Bua, ke mametse he.
SEBOLELO:Ka nnete, ngwaneso, ke lahlehelwa ke tshepo ho aubuti Thabang. Ha se lekgetlo la pele a ntshepisa hore o tla feta le kwano ho tla ntata, empa a be a sa phethise ditshepiso tsa hae. Jwale ke lebaka lefe le ka etsang hore ke mo tshepe hodima a se a kile a nkutlwisa bohloko hakana?
NGAKA:Tjhe, e seng jwalo hle, mme. Ha ke re re le bolelletse hore Sebolelo o maemong a mabe hampe ha jwale, mme re ilo mo etsa oporeishene hore re tle re behe maemo a hae tlasa taolo.
MABOKELLE:O re ke tla tsebella kae athe ke ntse ke dutse le wena ka moo, mosadi? (O kgutsa motsotswana.) Mohlomong ke Sebolelo hoba o itse o a tla hona jwale tjena hore a tsebe ho itokisetsa ho leba mosebetsing.
DIKELEDI:Se ise pelo mafisa tjena, Sebolelo, Thabang o tla tloha a fihla hona jwale tjena. Mokgwa hae ke mo tseba e le motho ya sa keng a hlanohele ditshepiso tsa hae. Ho fetafeta moo ha ke utlwisise hore hobaneng o ngongorehile tjena hoba Thabang ha a eso ka ba a o etsa hampe.
SEBOLELO:Ke hobane kgale aubuti Thabang a ntshotla moyeng, empa ke mamelletse feela, mme jwale ke bona ho le molemo hore ke lebale ho tu! ka yena. Ke mpe ke tswele pele ka bophelo ba ka.
THABANG:Ke itse ha ke a tlela ntwa…
MMASEBOLELO:Re a thaba ha ho le jwalo, ngwanaka, mme ke tshepa hore le monongwaha le tla hle le sebetse ka thata ho etsa bonnete ba hore sekolo sa lona se ntsha diphetho tse ntle jwalo ka tsa ngwahola.
MODISE:Ke a o hlapanyetsa, mofumahadi. Ho se ho bile ho kodumela lemo sa bobedi jwale, empa ho eso be le nko ho tswa lemina, mme se nqakang le ho feta ke hore ke yena ka sebele ya ileng a bolela hore o tla re neha mapenenyana hore re ilo dihela dikgala molatong ono wa hae. Feela ke mona ha esale a re tshwarisa lefika jwalo ka tshwene.
THABANG:Taba ena ha e bonolo jwalo ka ha o nahana, Palesa, mme o tseba hantle le wena…
MODISE:Ee, mme ka tsela e jwalo re tla lokela ho akofa, re phahamele mapoqo pele letsatsi le re dikella nahathote, mofumahadi.
KGAOLO YA 5
(Ho kena Mabokelle le Mmasebolelo.)
Modise (Ntata Sebolelo)
SEBOLELO: (O mo kena hanong ka bohale.) Ke o inele matsoho metsing, ke o inele matsoho metsing! Ka mehla ha o lokela ho phethahatsa merero ya lelapa lena o dula o bolela hore o lebetse. Ho tloha moo tsela ya hao ke e lebang jwaleng. Ho hang ha ke tsebe hore o tla hle o iphe nako ya lelapa lena neng, mohlang ho itsweng, aubuti Thabang. O se o iphetotse moleleri wa motse ona jwalo ka ha eka o lehlanya. Kgetlo la pele ke ne ke hopola hore o mpa o lebatswa ke kgatello ya maikutlo ka lebaka la mosebetsi, empa jwale ke lemohile hore ha o sa kgathalla letho tabeng tsa lapa lena. Hona ha o bolela hore o a lebala ke eng sena se o lebatsang hakana, aubuti Thabang?
DIKELEDI:Tjhe, le nna ke ne ke sa lwane, mmannyeo, feela ke ne ke mpa ke sisinya hore o ka rarolla bothata bona ba hao jwang ha ho se ho hlekemane tjena.
DIKELEDI:Empa nna ha ke dumellane le wena hore ho hlala Thabang, kapa ho lwantsha Palesa e tla ba tharollo ya mathata ana a le tjametseng. Hona ha o hlala Thabang tjena o re Pontsho a hole jwang ka ntle ho lerato la ntatae?
THABANG:Kgele! ha ke a le bona ke le tjametse nna mora Modise ha e le kajeno lena, feela ha ho nang, le pele di na le baji.
SEBOLELO:Na ke hona ho boulela ka bokamoso ba ka ha o nkgothaletsa hore ke kgutlele ho sera sa ka se seholo? Hona na o se o lebetse mantswe a Sesotho a reng leboela le a ja?
THABANG: Ha ke eso ka ba ke sotla Pontsho.
(Ke thapama sekolong sa Rehauhetswe moo Sebolelo a rutang teng. Sekolo se tswile, mme bana le matitjhere ba se ba ntse ba qalella ho ya malapeng. Sebolelo o mmoho le Dikeledi.)
MABOKELLE:Butle ka tseo hle, mofumahadi. (O sisinya hlooho.) O a tseba taba ena e a nqaka ka nnete. Hohang ho tu! Ke sitwa ho utlwisisa le jwale hore mathata ana a makana a hlolwa ke eng.
MMASEBOLELO:Ntate, na o sa ntse o batla hore ditaba di dulelwe majwana hodima ho se ho hlekemane hakaale? Hona na ha o kgone ho lemoha hore batho bana ke difelekwane, ba mpa ba shwelletse mokuleng ka boomo ka tjhelete ya rona ya bohadi, mme ba tla qetella ba kene pooneng ha re sa phahamele mapoqo?
NGAKA:(O mo kena hanong.) Tjhe bo! kgaitsedi, kgoba matshwafo ke tle ke kgone ho le jwetsa ditaba ka botlalo.
THABANG:Ntate, ke ne ke le sefofu ke sa bone moo ke yang teng, mme ketsahalo ena ke yona e mphahlollotseng hore ke ntse ke kgasetsa leifong nako ena kaofela.
Ha ke qale pele ka ho leboha Modimo, senatla sa lehodimo, hore a be a ntse a mpaballetse le ho fihlella tsatsing la kajeno. Ke lebohe hape mme ya ntswalang, Mmateboho, ka ho mpontsha tsela e nepahetseng leha ke ne ke fapoha. Nka lebala jwang kgaitsedi tsa ka, Masesi le Moza, ka tshehetso eo.
MMASEBOLELO:(O a lla.) Jwale ha e le moo o bolela hore le ilo mo etsa oporeishene rona re tla mmona neng na?
SEBOLELO:(A le lesisitheho.) Jwale ha e le taba ya bohlokwa, hobaneng o ne o sa e tshohle maobane, o emela hore e be e be nako ee?
SEBOLELO:Etlaba ke bua leshano ha nka ka re ke a tseba hore ho ile ha nna ha senyeha hokae, ngwaneso. Sethatong ke ile ka nahana hore kgatello e phahameng ya maikutlo ke yona e etsang hore a ntshetse malokobe ho rona ha a etswa mosebetsing, empa jwale ke lemohile hore letsina le lona le hlile le mo fapanya hlooho ena.
MODISE: O sa botsa hore ke bua ka eng? Ha ke re o utlwile hore nyatsi yane ya hae e batlile e bolaya Sebolelo?
MMASEBOLELO:(O opa diatla) Basadi! Tjhe, mehlolo ke dinoha, mesenene ke batho!
MABOKELLE:Ditaba dife na jwale, mosadi?
Dikgomo!
Pono ya 4
[LESIRA]
THABANG:Ke ne ke hopotse hore o tla be o le mosebetsing ka nako ena. Kapa o se o behile meja fatshe, ha o sa batla ho ba mooki?
(Ke lapeng ha Mabokelle. Mabokelle o dutse le mofumahadi wa hae ka phaposing ya ho phomola.)
SEBOLELO:Le jwale ha ho letho leo o lokelang ho le hlalosa, aubuti Thabang. O mphoqile le hoja ke ne ke o tshepile hakaalo, mme ke ne ke sa kgolwe hore ka le leng la matsatsi o tla be o ntlhanohetse ka tsela e tjena.
THABANG:(O a kena.) Hao Sebolelo! Wa tlohella monyako o sa notlelwa ho fihlela ka nako ee molato keng na, mosadi?
SEBOLELO:Oho, ke a bona jwale. Na ho nthekisetsa baditjhaba hore ba ntube moya ke hona ho nthata?
MABOKELLE:Re a o rata, Sebolelo ngwanaka, mme ha ho na ka moo re ka o lakaletsang bobe ka teng.
PALESA:Tjhe, ha se hore ha ke o tshepe, aubuti Thabang, feela ke mpa ke ngongorehiswa ke hore taba ena ya rona e tla qhoba tjena ho fihlela neng, hoba ke a tseba hore banna ba bangata ba nyetseng ke mampetje, ba rata ho kweneha feela. Jwale he le nna ke ne ke batla ho tseba hore ke eme hokae hara lehesheheshe lena hore ka moso ke se iphumane ke llela metsotso.
MABOKELLE:Ho lokile o ka nna wa dula ka kgang, feela ke a tla ho wena hona jwale tjena. (O a tswa, mme kapelepele o kgutla a se a jere molamu.) Ha ke kgolwe hore kgetlong lena o tla bua ditsiebadimo tsena tseo o ntseng o di bua hona jwale tjena.
THABANG:Ha se hore ke hulanya maoto ka boomo, feela…
DIKELEDI:Nna jwale o a mmakatsa, Sebolelo, ha e le mona o ntse o sataladitse molala tjena le hoja mosebeletsi wa setjhaba a se a ile a o hlaba malotsana. Ka nnete ha o ka nna wa tswela pele ka tsela e tjena o tla iphumana o tsohetse leomeng jwalo ka ngwana wa mohanaajwetswa.
[LESIRA]
SEBOLELO:Nako ya ho inyatsa ha e sa le yo, mme, ke boletse hore ho sa na le moo ke potlaketseng teng hona jwale.
THABANG:Taba ena e bohlokwa haholo hle, mosadi. Iketle hanyane feela ke o kumele yona.
DIKELEDI:Tjhe, ha ho le jwalo ho tla batleha hore o kope ntate Makgwathi hore a o fe matsatsinyana hore o ke o phomotse hlooho lapeng kwana. Ke a tshepa hore ha ho ka ha eba jwalo o ka kgona ho sila masapo a hlooho hantle, mme wa kgona ho etsa qeto e nepahetseng ya mapomelo. Mohlomong le bona bana ba sekolo ba ntse ba o ferekanya maikutlo le ho feta.
SEBOLELO:Ha le sa mpatla lapeng mona, mme, ebile ke bona ho le molemo haholo hore ke le suthele hore le sale le eja poqokahlanaka, etswe ke
THABANG:Mantswe ana ao o ntjwetsang ona ke a bohloko, Sebolelo, mme ha ke tsebe le nna hore nka o kgodisa jwang hore le pelo ya ka e ntse e dutla madi jwalo ka eo ya hao. Ke ka hoo ke reng nka thaba haholo ha o ka wa ntshehetsa hore re hlole sera sena se ntebileng.
SEBOLELO: Le jwale ke itshepile. Noha ha e ntshwe mokoting.
THABANG:Sebolelo, Pontsho ke ngwana wa ka le nna, ke na le ditokelo tsa hore ke mo hodise jwalo ka ntatae. Ha ke kgathalle hore mang yena o reng, mang yena ha a reng.
THABANG:Tjhe, o se ke wa ikopisa hlooho ka sephoqo seo. Na ha o bone hore motho eo hlooho ee ya hae ha e nke hantle?
MOLEFI:Ho tla jwang hore e be re ke ke ra utlwisisa taba tse monate ka ho tshwana na, monna?
MABOKELLE:Ke itse o tlohelle ho hlapaola bomokgotsi hle, mosadi. Ho ena le hore o qose Thabang a le mong, o batla ho sheshenella batswadi ba hae.
MABOKELLE:Ho lokile he, ha re mo adimeng ditsebe hanyane he.
SEBOLELO: Ha ho na matshwafo a letho ao ke tla a kgoba mona, aubuti Thabang. Ke tseba hantle hore o leka ho ntheka ka leleme le mona la hao le borethe ha o etsa tjena, empa he ke a o hlapanyetsa hore o ke ke wa atleha kgetlong lena le kgale. Morao teng ha se moo nna moradia Mabokelle ke yang teng. THABANG:Feela batho ba tla reng, moratuwa?
(Ke kantorong ya lebenkele la Thabang le Molefi. Dithena di iketlile, di ja lekomo.)
SEBOLELO:(O a lla.) Mme, nna ka nnete ha ke sa tseba hore ke lokela ho etsa jwang jwale ha ho bonahala eka mathata a batla ho ntlhwa setha hodimo tjena. Ke a ipotsa le hore hobaneng ke le madimabe tjena jwalo ka ha eka nkile ka bolaya motho.
MABOKELLE:O potlaketse kae na hoseng ho hokaale, Sebolelo?
MMATHABANG: Ha ke re o ntse o utlwa hore Thabang o kopa thuso ya rona?
THABANG:Ke kopa hore re di etse molatsa tseo, Sebolelo, re tsebe ho phura leshetla ka taba ena…
KGAOLO YA 1
THABANG:Ke bolela hore ntate o lokela ho ntemosa hore ha mathata a ntlhwele setha ke etse jwang, e seng hore a ntjodietse jwalo ka ha eka ke ngwana tjena.
KGAOLO YA 4
Teboho Letshaba o hlahile ka la 4 Tshitwe 1982 motsaneng wa Jouberton ho la Klerksdorp. O thakgotse dithuto tsa hae sekolong sa poraemari sa Qwabi motseng wa Ha-Rankopane, QwaQwa. O phethetse lengolo la hae la Materiki ka selemo sa 1999 sekolong se phahameng sa Rehauhetswe ho la Rammolotsi, Viljoenskroon.
THABANG:Ha ho thuse letho hore o nkgobe ka mantswe tjena, Palesa, hodima o tseba hantle se maikutlong a ka. Ebile taba ya ho hlala Sebolelo yona e ke ke ya eba tharollo jwalo ka ha o nahana, feela e tlilo re hlabisa dihlong hohle moo re yang teng. Jwale ho ka ba molemo haholo ha o ka tlohella ho ipolaisa pelo ka ntho tse siyo tjena, hobane moo lerato le leng teng ke se ke ile ka hlalosa hore tshabo ha e yo.
MABOKELLE: Mmao o se a buile mantswe a ka, Sebolelo, mme le nna ke mo tjhaella monwana hore ha ho na ka moo re ka ra o qhallang matsoho ka teng ha o hloka thuso ya rona.
MODISE: Ke eng eka o batla ho buella setlokotsebe see sa moshanyana, mosadi?
MOLEFI:Ako hle o mome ntshwe, o ke o tlohele ho ntlodisa kgati tjena.
PELONG YA LERATO
SEBOLELO:Ha ho na sera sa letho se keneng pakeng tsa rona. Ha eba se teng sera pakeng tsa rona, e tshwanetse e be e le wena le Palesanyana eo wa hao. Hona jwale ntho eo ke bonang ho le molemo ha re ka ra e etsa ke ho hlalana hore e mong le e mong a tsebe ho inkela tsela ya hae.
PALESA: (O iphumola meokgo.) Ke motho le nna, ke na le maikutlo jwalo ka mang le mang, mme ke lokela ho etsa bonnete ba hore ke fuwa tlhompho yohle e ntokelang. (O tebisa maikutlo.) Feela leha ho le jwalo o tla lokela ho utlwisisa hore ke motho ya thefulehang maikutlo ha bonolo haholo. Ke ka hoo ka nako tse ding ke yeng ke nahane hore ha o nthate, o mpa feela o batla ho itlosa bodutu ka nna, o ntano kena pooneng ha o se o phethetse merero ya hao.
MOLEFI: E le hore o ngongorehiswa ke eng hakaale na, he monna Thabang, ha o ntse o dulellane le ho inanatha ha o lokela ho phunya seso sa tswa boladu? Kapa Palesa o se a o kentse pitseng e le nngwe le mohlankana e mong wa hae? Ke ba tseba ba le jwalo basadi, ba ka o ntsha mejo hanong hore ha ho le tjee o sale o ponne sa palesa letsatsing. Nna ke kgale ke eja mabele, mme ntho tse kang tsena ke kgale ke teana le tsona, moshaneso. Ha ke re o ile wa bona eka ke sethoto maobanyana mona ha ke ne ke leka ho o hlaba malotsana ka Palesa. O ne o sa batle ho mmamela, mme o no sataladitse molala jwalo ka ha eka mahodimo le mafatshe ana a buswa ke wena o le mong.
Thabang? Jwale ke eng seo le batlang ho se tshohla le nna athe ke se ke entse qeto le maikutlo a ka?
ke le teng lapeng mona.
SEBOLELO:Ha ke tsebe hore ke qale kae jwang jwale haho le tjena, mme.
Pono ya 5
MABOKELLE:O a tseba taba ena ya hao le bomokgotsi e bonahala e ntse e nka mothinya osele letsatsi le tjhabang le le dikelang. Ha o batle ho mamela le ha ke re ke a o kgalema, mme hono ho bontsha hantle hore ntho e kgolo eoo ikemiseditseng yona.
MOLEFI:Atjhe, le nna ha ke tsebe hore pharela ena ke tla e rarolla jwang ka ha le wena o ne o sebedisa dikgoka le moo ho neng ho sa hlokehe teng. Le jwale manganga a ja monga ona.
THABANG:Ke batla ngwana wa ka.
THABANG: Jwale tjena ke hona ke utlwisisang hore ntate o bua ka eng, mme le nna ke ntse ke swabile nko ho feta molomo jwalo ka lona, batswadi ba ka. Leihlo le fahlwa le shebile.
PELONG YA LERATO
THABANG: Feela, ntate, ekare o sekametse ka lehlakoreng la Sebolelo haholo, hoba ha ke re ke ntsha maikutlo a ka ha a batle, o nqosa ka hona le hwane.
PALESA:(O mo sheba ka mahlong.) Ha eba ke nnete o a nthata, o tshwanetse o be o se o utlwisisa hore ke bua ka eng, aubuti Thabang.
MMASEBOLELO:Tjhe, o bona ditaba ka leihlo lesele, ngwanaka.
THABANG:Ha ke a ikemisetsa ho pheha kgang le wena ha jwale, empa ke se ke itse re tla boka ha di oroha. (O a tswa, mme ha a qeta ho kena koloing, Palesa yena o sala a lla ha bohloko.)
MABOKELLE: (Ka bohale.) Kgele! ekare o tla ntena jwale, mosadi! Ha ke re ke ntse ke hlalosa hona jwale tjena hore taba ena re tla e tshohla ha moketjana ona wa boSebolelo o qeta ho feta. Jwale wena o sa ntse o ikeme ka lepaketla hore o batla tjhelete. Hona na ke setlamo hore re be re qhalle ngwana lenyalo ka lebaka la tjhelete ya tjhelete feela?
MODISE:Hei wena, moshemane towe, na o ntse o imametse hore o bua jwang le nna?
SEBOLELO:O ntse o bona hore ke etsang. Ke batla ho o ruta batho ha e le kajeno lena, mmadiberwana towe. (O mo phetha ka mpama hape.) Nka! ke o phethe hape, moleko towe, ekare ha o eso utlwe hantle!
THABANG: Weso, matsatsing ana ekare dintho di tla ntsamaela hantle hohle moo ke yang, mme ha ho potang hore ke se ke tla ja poqokahlanaka haufinyana, etswe ke se ke le lehlohonolo le hoja ke se yona tshitshidi. Ha ke kgolwe hore o teng monna ya ka o besang o tuke ho nna mona ho ya ka moo ke seng ke finne seledu ka teng. Ke ikutlwa hantle le mading mona hore monongwaha teng tangtang e tla kgangwa ke lerole, mme e se nang sekaja mma yona a hle a tele!
MMATHABANG: Ekaba ke eng e kaale e o ngongorehisang ka Thabang na, ntate?
THABANG:E-e Palesa! na ke yona taba e ka o hlomolang hakaale eo? Ho hang le nna ha ke sa tseba hore nka hlalosa jwang ha ho se ho le tjena. O tseba hantle hore maikutlo a ka a senyekgenyekge jwang ha ke nahana ka wena, mme le jwale ke bua ke lomahantse meno ha ke re ke a o rata.
DIKELEDI:Tjhe, o ntlhotse le hoja re sa lwane, mosadi. Empa ha e le mona teng ha ke rate ho o patela hore o bapala ka mathe, metsi a ntse a le teng. Nna hoja ke ne ke le wena ke ne ke tla ya lapeng ke ilo jella taba ena masapo a hlooho hanyane pele nka ka tatela ho nka qeto. Pelo mokgwa yona e ka o hulela moo e ratang teng, mme wa iphumana o llela metsotso jwalo ka thotsela sa Mmedikane ka moso, ha mokuru o se o sibile.
THABANG: Kgoba matshwafo bo! ngwana monna, ke se ke itse thupa ha e shape fatshe. E ne e se maikemisetso a ka ho o kgopisa ka tsela e tjena, mme ke a tshepisa hore phoso ya mofuta o kang ona e ke ke ya boela ya etsahala hape. Ha ke re o a tseba le wena hore mosebetsi wa lebenkele lena ke o opisang hlooho jwang, mme o batla hore monna a ke a o jelle masapo a hlooho hanyane.
MABOKELLE:Ha se hore ke kgahlanong le maikutlo a hao, feela bothata ba hao ke hore o dula o etswa lekoteng ha motho a re o tshohla ditaba le wena. Ha ke tsebe hantlentle hore o tla tlohela mokgwa ona wa hao neng, mohlang ho itsweng, ke mang le hona!
MMASEBOLELO:Ke motho ya makatsang jwang na, Sebolelo?
SEBOLELO:Ha o a hlollwa letho mona! Mokgwa hao o a tella mme o batla thupa feela hore e tle e o phekole ditsebe tsena tse sa utlweng. Ke a ipotsa hore o teng motho ya felletseng hantle kelellong wa boemo bona ba hao ya ka dulelang ho matha le banna ba nyetseng. Na ha o bone hore o itheola seriti ka ho etsa jwalo, Palesa? Hona o tla ipopela lelapa neng ha o ntse o dulellane le ho sasanka le banna ba batho tjee?
PELONG YA LERATO
MABOKELLE:E seng jwalo hle…
MABOKELLE:Banna! mehlolo e tsamaya le badumedi ka nnete.
DIKELEDI:E-e, Sebolelo, o bolela jwang na jwale ha o rialo, mosadi? Haesale o ntse o se mahlong ho tloha ha o ne o fihla hoseng hona, mme le nna jwale ke qala ho ngongoreha ke wena. Hohang ha ke o tsebe o le motho ya tjena. Ke bolela le bona basebetsimmoho le rona kwano Rehauhetswe ba ka ntjhaella monwana hore ntho e kgolo e o thefutseng maikutlo ha e le kajeno lena.
MMASEBOLELO:Ke eng ekare o tjha ntshi, ntate? Nna hoja ke ne ke ena le matla ke ne ke tla ya moo ha Modise ke fihle ke ba rute molao. Le jwale ho mpa ho hana matla feela, ho seng jwalo ekabe e le kgale hampe ke ne ke ba bontshe tosa le madinyane a yona.
MMASEBOLELO:Tjhe, ka nnete o ntlhotse le hoja re sa lwana ha e le kajeno lena, ngwanaka! Ka nnete ho thata ho dumela tsena tsohle tseo o sa tswa nkumela tsona ka enwa monnao. Ke a ipotsa hore ntatao ha a fihla mona yena o tlilo reng ha a utlwa mahlabisadihlong ana kaofela. Empa leha ho le jwalo ke kgale ke ntse ke mmona moshemane enwa hore ha a di hadikela ho di ja mokgwa hae yaba taba ya ka e qhelelwa thoko. (O kgutsa motsotswana.) Hona batswadi ba hae ba a e tseba taba ee na?
THABANG:Palesa, ke o kopile hore o ke o qhelele tseo tsohle thoko, mme o mamele taba ena eo ke tlileng ka yona kwano.
MODISE:Monna, hore ba o lokollela ngwana kapa ha ba o lokollele yena, ha se taba e ntlhokang eno, etswe manganga a ja monga ona. Le yena ngwanana eo o mo sentseng o se o tla hela o itlamela hore o rarolla bothata ba teng jwang. Le jwale nke ke ka phetsa hore o mphoqile ho mphoqa, mora wa ka, le hoja ke ne ke lebelletse tse kgolo ho wena mona.
THABANG:Ke a tseba hore o halefile e le ka nnete, moratuwa, empa leha ho le jwalo ke a o kopa hle, ha re lokise mathata a rona, ho ena le hore re a pepese setjhabeng ka tsela e tjena. Ebile moketjana ona o tla re tswela molemo, mme re tla kgona le ho bopela Pontsho bokamoso bo tjhabileng.
THABANG:Ekare o nkuwa ke pelo, moratuwa…
KGAOLO YA 2
(Ke nako ya kgefutso sekolong sa Rehauhetswe. Sebolelo o bonahala a tshwenyehile haholo, mme le sefahleho sa hae ha se a phutholoha ho hang.)
SEBOLELO:Ee, ke yona taba eo ke neng ke e yetse ho yena, mme o ile a ntjwetsa masaakokometse mosadi eo, empa leha ho le jwalo o itse o tla nthusa ha e le hore ke batla ho fetisetsa taba ena pejana.
MODISE:Ha ho thuse letho hore o itshole ho se ho senyehile tjena. Re ile ra leka ho o hlaba malotsana le pele o wela molekong ona, mme o ile wa bona ekare re diphoqo ha re ne re o kgalema. Bona hona jwale hore dintja tseo o di qabantseng di batlile di bolayana ka lebaka la hao, monna.
SEBOLELO:(Ka bohale.) Hei wena, mmadiberwane towe, o re monna wa mang ke qati o a lomisanwa?
DIKELEDI:(Ka ho nyaroha.) E-e bo wena!.
SEBOLELO: Leka feela o re o a mo nka o tle o bone tosa le madinyane a yona!
THABANG:Ho ke ke ha eba bonolo ho etsa jwalo, weso, etswe o a tseba le wena hore basadi ke tau di mesana, ba ka o ja o le tala ha o sa ikatela.
THABANG:(O mo kena hanong.) Eo taba yona ke e nepa hantle botsekeng, Palesa, empa ha jwale ho ka ba molemo ha o ka hla wa wela temeng hanghang.
PALESA:Tjhe, ha ho kgang le hona moo, ngwaneso. Re se re tla boka ha di oroha hore ha e le nna le wena ke mang eo mantswe a hae a ke keng a wela fatshe.
MMATHABANG: (Ka ho makala.) O batla ho ntjwetsa dife na jwale ntate?
PALESA:Le nna ke bona jwalo, aubuti Thabang, hoba ha esale ke hola ke eba mokana ke kgetlo la pele ke fumana mofuthu o tjena wa lerato bophelong ba ka, mme ke ne ke sa kgolwe hore ka le leng la matsatsi ke tla fumana mopholosi ya kang wena tjena bophelong ba ka. Ke moo he toro tsa ka di phethahetse jwale, ke mo fumane, mme ke enwa haufi le pelo ya ka. (O rialo a supa Thabang.)
SEBOLELO:Mme, ke kopa hore taba eno re tle re e tshohle ha morao etswe ha jwale ke sa ntse ke batla ho iphomolela hanyane feela pele nka ka bua eng kapa eng le mang kapa mang.
DIKELEDI:Tjhe, ntate, e seng ka Sebolelo hle…
MMASEBOLELO:Tjhe, le teng ke ne ke sa bula mokotla, ntate, mme nka thaba haholo ha re ka ra hla ra e etsa mohatla kgwiti taba ena, etswe e tla qetella e re dubisitse thankga.
MABOKELLE: E le hore a re lebakabaka ke eng ha e le hantlentle jwale, mosadi?
[LESIRA]
MMATHABANG:Feela leha ho le jwalo, ntate, ho ne ho ka ba jwang ha re ne re ka ra bitsetsa Thabang kwano lapeng hore re tshohle taba ena pele letsatsi le eya matubatsana? Ke a tshepa hore ha re ka ra etsa jwalo re ka kgona ho fihlela tharollo phareleng ena. (O kgutsa motsotswana.) Mohlomong Thabang o tena a le monyebe tjena ka lebaka la mathata a lelapa a ke keng a qojwa, a tshwanang le mekitlane ya thepa ekasitana le dinthwananthwana tse ding tsa ka lapeng.
THABANG:Palesa hle, motho wa Modimo, ako tlohele ho ikutlwisa bohloko ka ntho tse siyo tjena. Taba ya moketjana wa rona yona ha ke bone e ka ama dikamano tsa rona tsa lerato. Wena seo o lokelang ho se etsa ha jwale ke hore o behe pelo sekotlolong. Ha e le nna le wena re tla arohanngwa ke lefu feela.
MMASEBOLELO: Ntate, ha ho bolele hore ha o tatetse boqheku, ke batho kaofela ba ka bo thabelang. Nna ha ho na moo nka ikamahanyang le bona teng, hoba ke se ke ile ka lemoha ka moo bo leng sehloho ka teng.
SEBOLELO:Ke ka hoo ke reng ke batla ho bontsha Palesa hore nna ke mang ha eba ke yona ntho eo a tlwaetseng ho e etsa ya ho mathakaka le banna ba batho! Ho nna mona tlapa le tlilo thella ka Raboshabane!
MABOKELLE: Bua, ke mametse, mme.
MMASEBOLELO:Le nna e ntse e le maikutlo a ka ao, ntate, empa ha ho a fella moo feela. Re lokela ho netefatsa hore Palesa o bolla hona ntlwanatshwana moo, etswe o entse tsena tsohle ka morero le sepheo, mme ka tsela e jwalo o lokelwa ke kotlo ya sena seo a se entseng.
SEBOLELO:Le nna ha ke sa na boikgethelo ha ho le tjena, ha ho na ka moo re ka qothisanang lehlokwa ka monna ka teng. Ke amohetse jwale hore metsi a matjha a lokela ho ntsha a kgale.
Ho nkgono Mmadineo Letshaba, robala ka kgotso Modibedi, re tla dula re o hopola.
THABANG:Ho lokile he, ntate. Ha ho ka etsahala hore Sebolelo a ntlhale, ntho e nngwe to ka monwana eo nka ka ka e thabelang! E leng ya hore ba ntokollele moradi wa ka, Pontsho.
THABANG:Tjhe, ke bona ho le molemo hore re hle re e etse mohatla kgwiti taba ena pele e nka mothinya… (Ho a kokotwa monyako.) Ekaba ke mang eo jwale? Kena! (Ho kena Palesa.) Be! ke wena, moratuwa?
SEBOLELO:Ha e le hore Pontsho ke thatohatsi ya hao hobaneng o ne o mo sotla hakana?
Pono ya 1
MABOKELLE:(Ka bohale) Hei wena moshemane towe, ke masawana a eng ana ao o a tlisitseng kwano?
THABANG:O motho ya makatsang e le ka nnete, Palesa. Ha se wena pejana moo ya neng a bolela ka moo lerato la hao le tlolang ditlhase ka teng ho nna, empa e sa boetse ke wena hape ya tshelang taba ena ka metsi? E le hore ha o ntshepe na, mosadi?
MABOKELLE: Ee, o opile kgomo lenaka moo, empa wena o ipolaisa pelo le ka dintho tseo o sa lokelang ho di ngongorehela. Hona jwale o ikeme ka leshome le se nang motso hore ke molato wa rona hore ebe Sebolelo o mona. Ka ho le leng o ngangella ntlheng ya hore dingaka di re etsetsa lonya ha di hlalosa hore di sa ntse di le maphathephathe ka Sebolelo.
SEBOLELO:Le jwale ke bua nnete hore nna maikutlo a ka ha ho na motho ya a a nkellang hloohong. E mong le e mong o bolela hore nna Sebolelo ke etsa diqeto tse fosahetseng.
MODISE:Le jwale o tshwanetse o se ke wa tseba, hoba hoja e ne e se ka Thabang ho ka be ho sa etsahala tsena tsohle. Ke yena ya fihlileng a lahlela lesapo hara dintja hore di tle di qabane.
SEBOLELO:Le nna ke yona ntho e mmakaditseng haholo eo, ntate, hore hobaneng le se le batla ho ntahla ke le mokana.
PALESA: O a tseba mmino wa mofuta ona ka mehla ha ke o bapala ke be ke ikgopolela wena feela le hara batho, aubuti Thabang. Ka nnete ha esale ke tswalwa ke eba mokana ke qala ho kopana le tjharola ya mohlankana e kang wena tjena. Ruri o fetotse bophelo ba ka hoo ke sitwang le ho hlalosa.
MMATHABANG:Le nna pelo ya ka e utlwile bohloko bona bo dutlang madi ke sena se hlahetseng Sebolelo. E ne e le ngwana pelo e jehang e le ka nnete, mme ke yena ya ileng a pata lelapa lena la Modise bohlaswa. Feela ho ena le hore ebe o ile wa mo leboha ke ha o bona ho le molemo hore o hlanohele dikano, o mathakake le banana ba baoki bao ke sa ba tsebeng le ho ba tseba.
MABOKELLE:Ho hang jwale o nkgaka le ho feta, mosadi. O bolela hore Sebolelo o itse mokgwenyana o mo hlanohetse, mme ha o hlalose hore o mo hlanohetse ka tsela nngwe. Ho hoholo ke hona ho dulellana le ho bitsollakaka bakgotsi ba rona ka hore ba bontsha mmala ho Sebolelo. E le hore hantlentle ho etsahalang, Mmasebolelo?
SEBOLELO:Ha ho a senyeha letho, empa pelo ya ka ha e a kgotsosofala, ngwaneso.
THABANG:Banna wee! Ekaba ke tla qetella ke entse jwang jwale ha ho le tjee! Atjhe, e-e, le wena o rata ditaba, monna! Ka nnete ke qala ho bona monna ya leleme le mokgababa jwalo ka wena tjena. Feela ha ho nang, e re ke mpe ke o tsholele tsona pele o ntja tala, etswe ke a bona hore o lenyoreng la tsona e le ka nnete.
THABANG:Ya mofuta o kang ono potso nke ke ka e araba le kgale, etswe le wena o le tjena o tseba karabo ya yona ka botlalo.
MMATHABANG:O se o tla nkinela matsoho metsing, ntate, haeba ke molato wa ka hore ebe re ile ra ilo kopela Thabang tshwarelo. Empa nna seo ke neng ke batla ho se bona se etsahala ke kgotso malapeng ana a mabedi, ke ne ke hopola hore ho etsa jwalo e tla be e le ho rarolla mathata.
THABANG:Nkutlwele bohloko hle Sebolelo.
THABANG:(O phahamisa maikutlo.) O ne o ile ngakeng? Na o a kula, mosadi?
MABOKELLE:Beha pelo sekotlolong, mofumahadi, ho tla loka. Mohlomong batho bana ke hona ba ntseng ba itokisetsa ho lefa mokitlane ona wa bona.
wetse lerabeng lena leo ke leng ho lona kajeno. Mohlomong ha o ka wa mpha sebaka sa ho hlalosa o tla utlwisisa bodiba ba mahlomola boo ke leng ho bona ha jwale.
SEBOLELO:Se hlole le ituba maikutlo hape, batswadi ba ka. (O ba sheba nako e telele, mme eka o hopola ho hong.) Ho sa na le moo ke batlang hore kgalo le teng pele ke menahana le mehlala.
PALESA: Ho lokile ha re di etse mohatla kgwiti tseo, etswe di tla re tsosetsa diletseng. (O kgutsa motsotswana.) Pejana ke itse ho wena ke na le tharollo bothateng bona, leha feela ho ke ke ha eba bonolo jwalo ka ha motho a nahana. Ere ka ha le nna ke se ke lemohile hore tharollo bothateng bona e tla hle e kgwehlise mangole e le ka nnete, ho ka ba molemo haholo ha o ka wa ja masapo a hlooho hore ka moso o tle o se ke wa re ke nna ya o kentseng lerapo molaleng.
MMASEBOLELO:Nna ke tshepa hore le mohlahlami wa hae o tla latela mehlala e metle eo a e sietseng Rehauhetswe dilemong tsa hae tsa tshebetso. SEBOLELO:Feela leha ho le jwalo, mme, o hopole hore batho ha re lekane re se meno. Ke ka hoo ke reng mohlahlami wa ntate Makgwathi o tla lokela ho tiisa meqheleba ha e le hore o batla ho beha Rehauhetswe mmapeng, etswe setulo sa bosuwehlooho ke se tjhesang ka ho fetisisa sekolong, mme se batla dikakapa e le nnete.
THABANG:Ke a amohela, ntate, hore ke nna ya lokelang ho jariswa molato ona, mme ke kopa hore le nkgolwe ha ke re ke swabile nko ho feta molomo ke sena se hlahetseng Sebolelo.
SEBOLELO:Ee, le jwale o tshwanetse ho e lebala ka pele, hoba wena o moetsi, athe nna le Pontsho re baetsuwa. Ha ke kgolwe o teng motho lefatsheng mona ya ka mamellang masisapelo a kang ao, a ho tshoswa ka lefu. Haholo jwang ke molekane wa hae, eo ba ileng ba wa, ba tsoha mmoho.
SEBOLELO:Ha se yona taba eo, empa yena yona ke sekgobo seo nke keng ka se lebala ho fihlella ke ba ke kena lebitleng, mme ketsahalo ena e entse hore ke hloye phoofolo ena eo ho thweng ke monna.
(Thabang o fihla ha Palesa e sa le ka matjeke.)
MMATHABANG:Ha ke re, ntate… (Thabang o a kena.)
KGAOLO YA 2
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Le nna mosebetsi wa ka o ntse o ferekanya hlooho jwalo ka oo wa hao, empa ha o eso utlwe le ka mohla o le mong ke tletleba ka hore ke lebetse, kapa hona ho hulanya maoto ha ho tluwa mererong ya lapa lena. Ha e le wena o dula o le monyebe ka mehla. Ke re le metsamaonyana ena ya hao ya bosiu e batla e mpelaetsa ka nnete. Ebile ke lemohile hore o se o mphella pelo feela matsatsing ana. Ha e ba lerato le fedile o bue feela, o ke o tlohelle ho mpolaisa pelo tjena. THABANG:Se bue jwalo hle, Sebolelo.
MABOKELLE: Tjhe, moo teng nke ke ka o araba, mofumahadi, hoba ano ke maikutlo a hao. Rona seo re lokelang ho se etsa ha jwale ke ho tshehetsa moradi wa rona, mme re ye moketjaneng ono ka maikutlo a fatshe. Ke se ke ile ka hlalosa pejana hore ke batla re kopanye matsoho hore re kgone ho yela Sebolelo mpho eo a tla re hopolang ka yona ho isa lefung.
SEBOLELO:Tjhe, ha ho no ba bonolo ho nna hore ke amohele manyala a entsweng ka boomo tjena. Ke batla hore le bona ba utlwe bohloko bona boo ke bo utlwileng hore bo jwang. Ha e le aubuti Thabang yena ha ke kgolwe hore ke sa tla mo tshwarela hape, ho latela sekgobo sena seo a re jarisitseng sona.
THABANG:Monna, hore ke botswa kapa tjhe leo ha se lona lebaka, ebile ha se wena hape ya tla ntjwetsa ka moo ke lokelang ho sebetsa ka teng. E le hore wena o kwahelo sa pitsa efe o tla mpolellang hore ke etseng ke se etse jwang. (O mo supa ka monwana.) Ebile ke o jwetsa la ho qetela hore o tlohelle ho kenya basadi ba ka tabeng tsa mosebetsi. Ho seng jwalo ke tla o bontsha tosa le madinyane a yona.
Karolo ya 5
MOLEFI:(O sisinya hlooho.) Hore ke a mo tseba kapa ha ke mo tsebe, leo ha se lona lebaka, feela nnete ke hore o fositse mokubetso kgetlong lena, Thabang.
THABANG:Pontsho ke ngwana wa ka, ke tla mo nka le rata kapa le sa rate. Ha ke no utlwa ka lona mona!
MMASEBOLELO:Le jwale ha ho sa le monate lapeng la bona, mme ke a ipotsa hore ke moleko wa eng o tsukutlang maikutlo a eo mokgwenyana hore a be a qetelle a iphetotse tau lapeng la hae. Empa le teng ha ke mo tshwaye phoso hakaalo, hoba ngwana wa lekgala o tsamaya ka lekeke.
PELONG YA LERATO
MODISE: Ha ke o tshose, mosadi, ke o jwetsa tsona di le tala di le jwalo.
PALESA:(Ka bohale.) Hei wena, mmamenotwana towe, o se ke wa ba wa leka wa ntena e sa le hoseng tjena! Ke a tloha ke be ke o tlola hodimo hona jwale tjena o be o sulafallwa ke letsatsi. Mona ke ha ka, seeta ho lla sa ka.
Ke hona mona Rammolotsi moo Letshaba a holetseng teng, mme a ba a ithuta ho ngola mefuta e fapafapaneng ya dibuka. Ka selemo sa 2000 o ile a ya ithutela kgaso ya thelevishene (Television Presenting) mane Gauteng.
MMASEBOLELO:(A ntse a lla.) Ho sa tla loka eng, ntate, re lahlehetswe ke bophelo ba moradinyana wa rona a le mong to! ka monwana?
PALESA:O reng? O re le ngwana enwa ha o sa mmatla, aubuti Thabang?
MMASEBOLELO: Ee, ke nnete ke boletse hore Thabang o tshwanetse ho rutwa molao, mme le jwale ke sa rjalo, feela batswadi ba hae ba tshepisitse hore ba tla buisana le yena ka boitshwaro bona ba hae. Ke ka hoo o mponang ke photholohile tjena. Ke tla dula ke o tshehetsa, ngwanaka, bohlokong le thabong.
DIKELEDI:Mokete ona o ka nna wa atleha, empa hono ha ho bolele hore taba ena o be o se o e lala ka mmele, etswe ho etsa jwalo e tla be e le ho ipeha ka moo thakadi di fatelang ka teng. Ho fetafeta moo ntho e ntenang ka Thabang ke hore ke mohwebi, mme o a hlompheha; ho hang ha a lokela ho tshosa motho ka hore o tlilo mo fenetha. Motho ya buang jwalo a ka hlahlelwa dilemo tse ngata hampe tjhankaneng kwana, le bohlale bo be bo mo timelle.
THABANG:Feela mona teng ke tla be ke iphasa ka lerapo molaleng ka nnete.
SEBOLELO:Ke tloha ke o kwala mahlo ana hona jwale tjena!
THABANG:Ke a tseba, Palesa, hore o kgentshitswe ke ka moo ke ileng ka o tshwara ka teng, empa ha jwale nka thaba haholo ha re ka ra e etsa molatsa hanyane feela hore re tshohle taba ena eo ke tlileng ka yona ho wena ha jwale.
MODISE: Mosadi, na o ntse o sa utlwe hore Thabang o rata ho iketsa sengangele jwang? Hona jwale ke mona o se a bolela ka moo a batlang ho lokollelwa ngwana wa hae ka teng, wena jwale o batla ho jarisa nna melato ya hae jwalo ka ha eka ke nna ya mo rommeng hore a mathakake le banana ba motse oo kaofela.
MOLEFI:Ako tlohele ho ntlodisa kgati tjena hle, monna. O tseba hantle hore nna le wena re diyathoteng-dibapile, mme ka mehla re ntshana se inong. Jwale ha ke bone ho hlokeha hore o ka mpatela ditaba tlasa mabaka a sa utlwahaleng tjena.
MMASEBOLELO: (Matshwafo a uba le ho feta jwale.) Jwale ho thwe molato ke eng na, Dikeledi?
SEBOLELO:(O sheba nako.) Ke o neha motsotso wa ho qetela hore o be o buile taba eo ya hao, ho seng jwalo o tla tswa ka ntshwe di sa fohlwa lapeng mona.
SEBOLELO:Ha eka o sa e hatella taba ee hore monna wa ka ke qati o a lomisanwa?
SEBOLELO:Le jwale o tshwanetse hore o lebale, etswe moetsi o a lebala, moetsuwa yena ha a lebale. Ho nna tsena tsohle e tla dula e le sekgopi hobane o ne o di etsa ka letswalo le kgutsitseng, o sa natse hore o re utlwisa bohloko ho le hokae. Le jwale ke utlwa ke hatsela pelo ha ke hopola masisapelo ao o mpaketseng ona, empa ka mora tseo tsohle o batla hore re tswele pele ka moketjana wa lemo tse pedi re nyalane.
THABANG:O a tseba keng, Palesa…
SEBOLELO:(Ka ho teneha.) O a tseba bokaakonyana bona ba hao ke bona bo nkentseng hara tebetebe ena eo ke leng hara yona. Wena pelo ena ya hao e tshweu ke sena seo o se entseng mme ha o kgone le ho bona mahlomola ao ke leng ho ona. (O mo tiisetsa sefahleho.) Hantlentle o ne o nahanneng ha o tla etsa see seo o se entseng?
DIKELEDI:Ke a utlwa, mosadi, empa ha ke kgolwe hore tseo ke tsona tse ka o sulafalletsang bophelo, hoba ka mehla bo dula bo tletse diphepetso, mme bo batla hore motho a tiye tumelong.
MMASEBOLELO:Tjhe, o ntlhotse le hoja re sa lwana, ngwanaka… (Ho a kokotwa monyako.) Basadi! ekaba ke mang jwale ya re kokotelang hoseng ho hokaale? (O arabela monyako.) Kena!
THABANG:O tla dieha ho hlalefa, monna Molefi, ha eba o tla nne o ye ka mora puo tseo tsa kgale tse se nang motheo. Matsatsing ana re phela nakong tse mahlonoko e le ka nnete, moo phokojwe ho phelang e diretsana! Ha motho a entse hantle a ke ke a ba a thoholetswa, kapa hona ho nehwa tlotla e mo tshwanetseng. Jwale he, moshaneso, nna ke ithwesa kgaebane pele ke iphumana ke le yona kwekwe ya morao e tlohang le sepolo. Ho hang ho tu! ha ke batle ho bona merero ya ka e nyopiswa ke mabaka a fokolang.
PALESA:Ho bolela hore e se e le ha o itshola?
DIKELEDI:Kgoba matshwafo…
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Tlhaloso ha e sa hlokeha, mme. Ke elelletswe hore mokgwa hao o fetoha jwalo ka maemo a lehodimo. Maobanyana mona e ne e le wena ya neng a lomahantse meno, o bolela ka moo aubuti Thabang a tellang ka teng, mme o bolela le hore o lokelwa ho rutwa molao ka thata. Empa jwale ha batswadi ba hae ba se ba fihla kwano ho tlilo mo kopela tshwarelo o se o boela o fetola mmala jwalo ka lempetje. Ke a bona o a lebala hore bohloko ba seeta bo utluwa ke monga sona.
Nyehelo
phokang bohale ba bona ntle le ho re Modise a itekodisise hantle.
THABANG:Sebolelo, ke a tseba hore o sa ntse o ferekane ha jwale, empa ha ke a tlela tseno kwano ha o mpona ke le tjena.
SEBOLELO:(O beha dithoto fatshe.) Shuu! Ha ke a kgathala le kgale! E re ke ilo beha dithoto tsena ka kamoreng ke ntano robatsa ngwana enwa, etswe le boroko bo se bo iphile matla ho yena mona.
[LESIRA]
DIKELEDI: Ee, ke a di utlwa tseo tsohle, ntate ngaka, feela ke kopa hore o re jwetse hore Sebolelo o tswile kotsi ho le hokae hoo le seng le bile le bolela hore le ilo mo etsa opereishene. NGAKA: Ka bokgutshwanyane, kgaitsedi, Sebolelo o kgaotswe e meng ya methapo ya madi, mme thipa eno e hlabile le moo e neng e sa tshwanela ho fihla teng. Empa leha ho le jwalo re se re hlophisitse tlaleho ya bongaka e tlileng ho tla sebediswa lekgotleng la dinyewe kgahlanong le sehlola seo sa mosadi. (A kgotsa.) Tjhe, ya sehloho he eo motho!
THABANG:Ao banna! Ha ke re ke ile ka hula mantswe ano a ka, hoba ke ile ka lemoha hore a ile a o kgopisa, mme o ile wa amohela boinyatso boo ba ka, mosadi.
KGAOLO YA 2
THABANG:Ke a leboha, ntate. (Eka o batla ho lla.) Batswadi ba ka, leha e le mona ke dumela hore ke entse phoso, empa Sebolelo o ne a sa tshwanela ho nketsa tjena le yena. O ne a tshwanetse ho ema le nna hore re hlole sera sena ho ena le hore a nkutlwise bohloko hodima moya wa ka o ntse o robehile dikoto tjena. (O a lla.)
SEBOLELO:Ho lokile, ke tla hle ke leke ho etsa jwalo, motswalle.
KGAOLO YA 4
SEBOLELO:O tletse eng he? Bua ka pele etswe ke maoto ke oka ditlhabela ha o mpona ke le tjena.
MOLEFI:(O mo kena hanong.) Ha ho na lerato le neng le tlokoma mona. Hona lerato la hao le tlokomela ho boPalesa jwang, empa Sebolelo a ntse a le teng? Le jwale ha ke re fara! ho tla dubeha ha Sebolelo a ka a e tseba taba ena.
Pono ya 2
MOLEFI:(O mo kena hanong.) Monna, lesisitheho le ja kgomo. Wena phunya seso, se tswe boladu, o ke o tlohele ho tjha ntshi tjena.
MMASEBOLELO: E mabapi le Sebolelo, ntate.
MODISE:(Ha a batle ho utlwa letho.) Tjhe, ha ke bone e tla be e le tharollo ya mathata eno, mosadi. Ha ke re Thabang ke yena ka sebele ya ileng a itlama mohla monene hore o tla itefella ditshenyehelo tsohle tsa hae, jwale hobaneng re lokela ho ikenya lerapo molaleng tjee? Ho fetafeta moo yena le elwa motswalle wa hae ba na le lebenkele le leholo ka ho fetisisa motseng mona, mme ha ho potang hore ba olla tjhelete ka dikotlolo ha le ina nko mobung.
SEBOLELO:Ha ke re le teng le ka be le ntse le nkemetse hore ke kgutle sekolong ho ena le hore le nketsetse diqeto jwalo ka ha eka ke ngwana tjee.
MABOKELLE:Sa hao sefe?
MABOKELLE:O a tseba, Mmasebolelo mohatsaka, ke batla hore re etsetse enwa moradi wa rona mpho e kgolo eo a ke keng a ba a e lebala bophelong ba hae. O tla hopola le wena hore ha e sa le a nyalwa mane ha Modise ha re eso ka ba re mo etsetsa letho leo a ka re hopolang ka lona, mme ke utlwa bohloko haholo ha ke hopola taba eno.
DIKELEDI:Nna nka thabela ho bona le phedisana ka kgotso le eo molekane wa hao, le se na diqabang tsena tseo ke utlwang o di bolela, haholo ha moradinyana wa lona a sa le monyenyane tjena.
THABANG:Ekaba ke efe na ntho eo, moratuwa? Bua feela, nna ke tla lokisa.
DIKELEDI:(Ka pelaelo.) Jwale o re ntaramane ee ya hao e qadile ho o tshwenya neng na, mosadi? Hona ke eng nako ee kaofela o ntse o sa ye ngakeng, o e tlohella hore e be e o jesetse kgwebeleng tjee?
MMATHABANG: Ka nnete ena ke mehlolo ha ho thwe mehlolo, ntate.
MODISE: Ha ho na leihlo le fahlwang le shebile mona. Le etsa diphoso ka boomo ha le qeta le be le batla ho itshereletsa ka morero le sepheo sa hore re tla utlwisisa mabaka a lona. Hohang ha ho na letho leo nka ka le kgolwang ho tswa molomong wa hao, hoba ke a o tseba hore o lemao le ntlhapedi o le tjena.
THABANG: (Ha Palesa a qeta ho tswa.) Ha ke na taba le wena,o ka nna wa ilo wela matjoing kwana! (O kgutsa motsotswana, mme o shebahala a tlalletswe ke naha.) Banna! ebe ke tla etsa jwang ha kgomo e se e kentse leoto ka kgamelong tjee, etswe taba ena e ntse e tlilo fihla e le tala tsebeng tsa Sebolelo? (O sisinya hlooho.) Feela e re ke lebe ka kantorong ya Molefi ka mane, mohlomong o tla nthusa ho phema moleko ona, etswe Sesotho se a bolela hore ntjapedi ha e hlolwe ke sebata. (O a tswa, o leba kantorong eo Molefi a dutseng ho yona.) [LESIRA]
Mmasebolelo (Mme wa Thabang)
MMASEBOLELO:Ho hlompheha le ho se hlomphehe ha ho re letho ha feela motho a fapane hlooho.
MMATHABANG:Butle hle, ntate, ka ho bua mantswe a jwalo hodima ngwana a ferekane tjena. Na ha o bone ho ka ba molemo ha re ka ya hona bokgotsing ra ilo tshohla taba ena ka boholwanyane, mohlomong Sebolelo a ka fetola maikutlo, etswe ha jwale ke dumela hore o ne a mpa a buiswa ke pelo e bohloko feela?
MMASEBOLELO: Nna ke tla siya Pontsho le mme Mmasephadi hore a sale le yena ha re eya mane sepetlele.
SEBOLELO:(O sheba tshupanako ya hae.) Basadi! ha ba ha otla nako ee empa aubuti Thabang a eso bonahale le ho bonahala tjee, ekaba molato ke eng na jwale hobane o tlameha ho tla ntata hore re lebe toropong mmoho ho ya reka dinthwananthwana tsa ka tlung ekasitana le diphahlo tseo re tla di aparang moketjaneng wa rona wa ho keteka lemo tse pedi re nyalane? Bona hona jwale e se ebile e le nako efe empa ha a eso bonahale le ho bonahala.
MABOKELLE:Nna ke re le yena Thabang o ntse a ena le seabo se seholo ketsahalong ena. O lokelwa ho rutwa molao ka thata pele a etswa taolong ho feta mona. O hlokile botshepehi ho Sebolelo, mme ditlamorao tsa seo ke tse bodila feela.
MABOKELLE:Ha ke re mmao o se a boletse hore o ne o le siyo?
MMATHABANG:Le nna, Thabang ngwana ka, ho hang ke sitwa ho utlwisisa hore hobaneng o entse ketso e tjena, empa o ena le mosadi le ngwana. Hona jwale ba bokgotsing ba tlilo nahana hore re batho ba jwang ba dumellang hore manyala a tjee a etsahale ka pela mahlo a rona?
SEBOLELO:(O tshehisa ho phoqa.) Hahaha! Athe le di etsa tjena le di tshaba? Nna nako ena kaofela ke ntse ke ile le kgongwana hodimo hore le di etsa tjena le ena le boikemelo ba tsona.
MABOKELLE:Tjhe, ha ho molato le teng moo, moradi, etswe yena tema ya hae o e kgathile mme peo eo a e jetseng ha e a wela tlasa majwe.
THABANG:Phoso e tsamaya le mohatisi…
DIKELEDI:E-e bo! mosadi, ke mehlolo ntho tsena tseo ke di utlwang kaofela. O bolela jwang ha o re Thabang o o tshositse ka hore o tlilo le fenetha?
THABANG: Etsa jwalo he, ke se ke le ditsebe ha o mpona ke le tjena, hakwe la pelo ya ka.
THABANG:Ka bokgutshwanyane e mabapi le ngwana.
MMASEBOLELO:Le jwale ke tshwanetse hore ke se ke ka kgoba matshwafo, hoba tsena tsohle di etsahetse ka lebaka la rona. Sebolelo o ile a re bolella hantle hore o batla ho hlala Thabang, mme rona ke ha re sa mo tshehetse morerong wa hae. Jwale ke mona o hlahetswe ke kotsi ka lebaka la yena Thabang.
THABANG:Ee, ke nnete ke ile ka o tshepisa ntho dihanahofela, empa ha ke hopole le ka mohla nkile ka re ho wena ke batla ngwana. Seo ke hopolang ke ile ka o jwetsa sona ho tloha sethatong ke hore ditaba tsa rona re tla di sebetsa ka lenyele. Jwale ke mona o se o ntlela ka kedibitlahadi ya taba mona hore o ithwetse.
THABANG: Butle hle, ngwana monna, ka ho nqhobela majwe
MMASEBOLELO: Nna ke ne hopola hore re se itshwenye le ho itshwenya ka ho ya moketjaneng ono hore ba hle ba bone le bona hore re se re kgenne e le ka nnete . . .
SEBOLELO:Ka nnete bophelo bo thata, mme.
(Ke ha Palesa. O ka phaposing ya ho robala mme
MMASEBOLELO:Ke maswabi haholo ka se etsahetseng, ngwanaka.
MABOKELLE:E-e bo! ngwana towe, o batla ho reng na jwale?
MODISE:O buile leha o ka thola moo, mofumahadi. Le nna ke le tjena ke ne ke hopotse hore ka nako ena ekabe e le kgale re ne re dihele molato ona, empa ka bomadimabe ke mona mora wa rona o re phoqile.
MODISE:Monna, ho inyatsa le ho se inyatse ha hao ho tshwana feela. O re tlotlolotse re ne re o tshepile, mme lerumo lena leo o hlabileng dipelo tsa rona ka lona le re baketse maqeba a ke keng a ba a fola le kgale.
THABANG:Ekare taba ena e tla leba hole jwale, mosadi. Ho ka ba molemo haholo ha re ka hla ra e kgina hona mona pele e nka mothinya osele.
MMASEBOLELO:Ke nnete, ntate, ha ho na mosi o ka kubellang ho se na mollo. Ke a dumela le nna hore sesosa sa qabang ena se teng le hoja ke sa ka ka botsa Sebolelo, etswe ke ile ka lemoha hore o ne a se a ferekane maikutlo le ho feta.
MABOKELLE:Se tatele moro nama e eso butswe le wena, mofumahadi. (Ho Dikeledi.) Tswela pele he, moradi!
KGAOLO YA 1
(Phaposing ya baeti moo boMmasebolelo ba letileng teng.)
THABANG:Empa, ntate…
PALESA:Ho lokile, etsa ka moo o ratang ka teng hoba o senatla ha ke re?
KGAOLO YA 4
THABANG:Feela ke leka ka thata ho phahamisa maemo a kgwebo ena.
Pono ya 1
MABOKELLE:Ena taba e tshopodi e le ka nnete.
MODISE:Ke mo tshwara ka pelo jwang na, mosadi, ha eka o tla ntlela ka meleko tjee le wena?
DIKELEDI:Na o tiisitse, mosadi?
MOLEFI:Bua sello sa hao, empa le teng ho tla be ho ntse ho tshwana feela, hoba nke ke ka o thusa le kgale.
MOLEFI:Tjhe, le teng ke maikutlo a hao ao, moshaneso, etswe mowakgotla ha a tsekiswe. (O a ema.) E re ke lebe ka mane ka lebenkeleng ke bone hore ke beta poho jwang ka ha mabota le ona a ikitlaheditse ha e le kajeno lena. (O a tswa.)
THABANG:Le nna ha e le ho bua nnete, Palesa, ke qala ho kopana le shweshwe e kang wena tjena, mme ke ka hoo ke sa kang ka tsilatsila ho o jwetsa ka moo ke o ratang ka teng ha re ne re qala ho kopana.
SEBOLELO:Ke maikemisetso a rona ao, mme, le yena ntate Makgwathi o dula a re tjodietsa ka yona taba eno.
THABANG:Ho feela ho le jwalo, e mabapi le ngwana.
MMATHABANG:Re ke ke ra sebetsa ditaba jwalo, ntate, haeba re tla sheba lehlakore le le leng feela la tsona. Ee, ke nnete tlhaloso ya hae ha e hlokehe ha ho se ho le tjena, feela leha ho le jwalo re lokela ho mo thusa hore a tswe bothateng bona pele lenyalo la hae le senyeha.
MMASEBOLELO: Bua feela hle, mosadi.
PALESA:Nna ke bona ho le molemo ha o ka wa e noha, etswe e re ama ka bobedi ka ho otloloha.
PELONG YA LERATO
PELONG YA LERATO
MMASEBOLELO:Hao, Sebolelo! wa fihla ka nako ee shwalane e se e tshwere, o bile o kgelelletse ha boima ke dithoto ekaba molato ke eng na, mosadi?
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ka mantswe a mang, mme, le a nteleka lapeng mona.
KGAOLO YA 4
THABANG:Se ke wa mphella pelo hle moratu…
MOLEFI: He monna, ke moferefere wa eng ka moo ha e le moo Palesa a etswa ho se ho se monate, a bile a sekisitse meokgo? Na le ne le lwana? THABANG: Molefi moshaneso, ho hobe, ntja e ingwaile ka leoto la morao. Ebile ha ho potang hore ha ke sa itlhokomele ke tla iphumana ke le ka moo thakadi di fatelang ka teng. MOLEFI: Ho se ho senyehile kae na, monna? Ha ke re ke kgale ke o kgalema hore o ke o tswe ka mora Palesa, o nyetse. Jwale ke mona o se o tla ho nna hape o tlilo kopa thuso. Ke kgale ke bona le ka mosebetsi wa hao o sa tswang matsoho hore qetellong ya ditaba ho tlilo ba mafekefeke. (O kgutsa motsotswana.) E le hore o entseng Palesa se sekaale ha e le moo a etswa a kgitla sona sa mmokotsane tjee? Kapa le wena o se o ikentse kgodumodumo tsee moo tse harolang basadi jwalo ka dinyamatsane? THABANG: Tjhe, ha ho jwalo bo! weso. Palesa ha ke a mo etsa letho le lebe… MOLEFI: (O mo kena hanong.) Ha o a mo etsa letho? Jwale ho tla jwang hore a tswe mekgele e se e wetse ka mahlong tjee? Kapa dipuo tsa hao feela ke tsona tse entseng hore a betwe ke pelo?
MOLEFI:Ke o rohaka ha ke itseng na?
MMATHABANG: Eng? O ilo o hlala?
PALESA:(O mo kena hanong.) Le jwale ke tiisitse, aubuti Thabang. Ke boetse morao, mme hono ho netefaditswe ke ngaka hape.
THABANG:Ke tla ya ho yena, ntate.
SEBOLELO: Le bona ba ntse ba sa batle ho ntshehetsa morerong ona, ba ntse ba nneha dikeletso tse tshwanang le tsena tsa lona. Ke ka hoo ke reng ha ho na motho ya batlang ho nkutlwela bohloko lefatsheng mona. Kaofela ha bona ba tshehetsa aubuti Thabang jwalo ka ha eka ke nna ya entseng phoso.
MABOKELLE:Ako butle hanyane ka tseo hle, mosadi.
SEBOLELO: (O phefumolohela hodimo.) Aubuti Thabang o robile Palesa lengole, mme.
MMASEBOLELO:O se o tla nkinela matsoho metsing, ngwanaka, ke mpa ke utlwa ke kgwabitlwa ke letswalo.
THABANG:Ke o bolelletse ka makgetlokgetlo jwale hore o ke o tlohelle ho tshoha difotle tjena, hoba o tla qetella o nyopisitse merero ya rona ka ho etsa jwalo.
MABOKELLE: (O a tsheha.) Tjhe, ka nnete ho hola ke ho bona meeka le mehlolo. Ke hore le maqheku a tsofetseng jwalo ka lona tjena a sa ntse a rata ho ikamahanya le ntho tsa batjha. Hela! se a tjho Sesotho le sona hore belo le a fela, thota e sale.
MOLEFI:Feela leha ho le jwalo, weso, motho ke motho ka batho ba bang, mme ha ho na ka moo o ka iphapanyetsang bona ka teng leha o ka ba wa rata. Ho fetafeta moo ha se batho kaofela ba pelo di mpe, ho ntse ho le teng ba pelo di jehang, ba kgonang ho hlaba mahofi ha motho a entse hantle. Jwale he ke batla ke ema hlooho ha o bolela hore o tla ithwesa kgaebane ka bowena. Ke a bona o a lebala hore monna o tentshwa tsheha ke banna ba bang.
THABANG:Feela seo nka o jwetsang sona ke hore o ntshwarele hle, hakwe la pelo ya ka ha e le mona ke o robile pelo tjena. Seo nka o jwetsang sona ke hore ke hlokile botshepehi ho wena, mme ke kopa hore o nkinele matsoho metsing ka sena seo ke se entseng.
MODISE:Le jwale ke tshwanetse hore ke o qose, monna. Kapa o ne o lebelletse hore ke thabele manyofonyo ao o a entseng?
SEBOLELO:Ke a di utlwa tseo tsohle, mme, empa ha e le sekgobo sena sona hohang se ke ke sa tloha le kgale pelong ya ka.
THABANG:Mme, ha ke a tlela ho tella kwano, ke mpa feela ke ipatlela ngwana wa ka feela.
THABANG: Ha ke na taba le hore ho etsahalang ka noha le mekoti ya yona, feela ke batla ngwana wa ka hore re tsebe ho arohana ka kgotso.
KGAOLO YA 4
SEBOLELO:Ka mehla nnete e le babela jwalo ka leshokgwa. Ha motho a re o a bua feela, le tla be le bolela hore a etse ditaba mohatla kgwiti ka ha le tshaba hore ho tla tloha ho buuwa masaakokometse.
[LESIRA]
o itokisetsa ho leba mosebetsing. Moo a reng o a tswa, Thabang o a kena.) THABANG: Sebolelo moratuwa, pele o tsamaya ho sa na le tabanyana e nngwe eo ke batlang hore re ke re e tshohle hona jwale.
THABANG: Na ka nnete ke lokela ho o kgumamela hore o tle o utlwisise le hona ho lemoha hore ke kgutlile mekgweng, mosadi?
SEBOLELO:Ke itse ho thata hampe hore nka lebala taba e kang ena. Moetsi ke yena ya lebalang, moetsuwa ha a lebale.
SEBOLELO:Tjhe, ha ho jwalo, Dikeledi. Aubuti Thabang ke yena ya fihlileng a ntjwetsa sefahlamahlo hore o robile Palesa lengole. E ne e tla ba taba e nngwe ha e le hore ke ne ke di utlwa ka mohalatjhetjhe.
SEBOLELO:(Eka o batla ho lla.) Nna ka nnete ha ke tsebe hore hobaneng ka mehla ke dula ke sulafalletswe ke bophelo tjena, mme ntho e nkutlwisang bohloko ka ho fetisisa ke hore menyepetsi ena e tletseng pelong ya ka ke e bakilweng ke yena aubuti Thabang ka sebele! (O a lla.)
SEBOLELO:Ha ke eso ka ba ke re o nkgumamele, aubuti Thabang, feela seo ke lekang ho se hlalosa ke hore re lebale ka moketjana ona. Mohlomong ha ebe ho kgoneha re tla tswela pele ka morero ona isao, le teng ha o ka tlohella ho mathakaka le masiu jwalo ka ha eka ha o na lelapa. Ebile se mpelaetsang ka metsamao ena ya hao ke hore ho se ho fetile beke tse pedi ho isa ho tse tharo jwale o sa je dijo tsa lapeng mona, mme ha ke re ke a botsa hore molato ke eng, ha o nkarabe, feela o apara tlalo la nkwe.
SEBOLELO:(O keleketlisa meokgo.) Mme, ke entse qeto le maikutlo a ka, mme ha ho na ka moo nka ka tjhetjhellang morao ka teng ha ho le tjena.
[LESIRA]
MMASEBOLELO:Nka o hlanohela jwang, Sebolelo ngwanaka, e le kgale hakana ke o jarela mankokwana? Nna ke ne ke leka feela ho o lemosa hore o mpe o kgutlele bohading, etswe le yena Pontsho o tla hloka lerato la lona ka bobedi jwalo ka batswadi ba hae. Ho fetafeta moo batho ba tla reng feela ha ba ka utlwa ho thwe le entse lenyalo la lona la lemo tse pedi mohatla kgwiti?
(Shwalane e wele jwale. Lapeng ha Palesa. O mmoho le Thabang, mme ba iketlile ka mmino wa maikutlo.)
MMASEBOLELO: Atjhe, nna ha ke kgolwe hore o sa ntse a tla theohela ka nako ena ho ya ka moo e leng kgale re mo letetse ka teng. (O arabela monyako.) Kena!
THABANG:Ha ke o tlele ka bohlanya, Palesa, empa ke re ha o qeta ho beleha ngwana eo o mo tlise kwano ho nna, mme ke tla bona hore ke tswa jwang le yena.
[LESIRA]
SEBOLELO:Ke se ke itse ho ka mpa ha didietsa le lehlokwa bo! ha ke no kgutlela morao.
SEBOLELO: Aubuti Thabang ke kopa hore o tsamaye lapeng mona pele o nketsisa diphoso. THABANG: Nke ke ka tsamaya mona pele o nneha ditshwanelo tsa ka tseo ke di tletseng kwano.
SEBOLELO:Empa, mme, ke sitwa ke pelo hore nka e bua hona jwale.
DIKELEDI:Ha ke hane hore o utlwile bohloko haholo ke sena seo ba o entseng sona, empa ha ke bone ho hlokeha hore o salasalane le taba ena ho ya pele. Ntho eo ke nahanang hore o ka e etsa ha jwale ke hore le dule fatshe le Thabang, le rarolle bothata bona, etswe ntwa yona e ke ke ya o tswela kgomo le kgale, haholo ha o batla ho e qholotsa ka moya wa boiphetetso, o tletseng dikaqa. Amohela feela hore se etsahetseng se etsahetse, ngwaneso.
PALESA:Ha eka o batla ho nqosa jwalo ka ha eka ke nna ya o qobelletseng hore re qale dikamano tsena tsa marato. O ile wa bolela ka moo o nthatang ka teng, o ntshepisa hona le hwane, feela kajeno o se o mphara ka melato eo ke sa e tsebeng le ho e tseba. Le teng ke sitwa ho utlwisisa hore hobaneng o haketse ka hore lenyalo la hao le a reketla, empa o ne o bolela ka moo o nthatang ka teng, le hore re tla arohanngwa ke lefu feela. Ke ile ka ba ka o kopa hore o hlale Sebolelo, hono ho ka bebofatsa mathata ana ao re leng ho ona, empa le teng o ile wa ema ka lerapo thabeng. Le jwale ke se ke utlwa le dipuo tsa hao hore o loha maano a ho kena pooneng. Hommeng he nke ke ka o dumella ho etsa jwalo, etswe lena ke lesea la hao. O tla jara boikarabelo bona ho fihlela o be o honyetsa hlooho ya hao mobung o batang. (O a lla.) Le jwale ke hona ke lemohang hore lona banna le fetofetoha jwalo ka maemo a lehodimo, mme botshepehi ke ntho e siyo ho lona mona.
Pono ya 4
MMASEBOLELO: (O mo kena hanong a bile a tsitsipane.) Ao basadi! O batla ho re jwetsa dife na, ngwana towe?
PALESA:(O a ikgalefisa.) O bolela jwang ha o re o tla be o iphasa ka lerapo molaleng, aubuti Thabang? Ho bolela hore ke mokgokakgwale pelong ya hao? Ke kgale ke ntse ke bona hore ha o nthate, o mpa feela o batla ho ntshebedisa. Hoja e le hore o a nthata o ka be o amohetse kopo ena ya ka ka atla tse pedi o sa qeaqee le ho qeaqea.
DIKELEDI:Tjhe, ha ho kgang ha e le wena ya rialo, mmannyeo. Feela ke sa boela ke thatiselletsa hore o dule o fadimehile ka dinako tsohle, etswe le wena o a bona jwale hore naha e se e jele boya. (Ba a ema, ba a tswa.)
MODISE: Ke a dumela hore le ba bokgotsing mane ha ba sa re tshepa le ho re tshepa ka lebaka la enwa mora wa rona. Ke na le tumelo e feletseng hore le ka mohla moketjana ba ilo tla feela hobane ba bitsitswe ke moradi wa bona, e seng hore hakaalo ba ilo natefelwa jwalo ka batho ba bang.
[LESIRA]
PALESA:Ha ke no e araba eno potso hoba le wena o le tjena o tseba karabo ya yona hantle. Ke hlalositse hore monna ke qati o a lomisanwa.
MMASEBOLELO:Ha ho thuse letho, ntate, etswe re tla be re be re aha serobe phiri e se e jele ka ho etsa jwalo.
THABANG:Ha ke re ke hona ha ke bontsha boinyatso ba ka ketsong ena, ntate, mme le jwale ke a itshola hore hobaneng ke ne ke etsa jwalo.
THABANG:Ako tlohelle ho nkgonothela ka diletseng tjena hle, Sebolelo.
THABANG:Ke bile sethoto haholo ka hore ke iphumane ke kene dikamanong tsa marato, empa nna le wena re ile ra hla re etsa kano hore re tla arohanngwa ke lefu feela. Ho bua nnete ke ile ka kgahlwa ke none e feta e qhiletsa yaba ke wela lerabeng la yona. Ke moo he ke ileng ka kena leratong le Palesa Lebajwa elwa wa mooki tliliniking e ka Marantha. Taba tse bohloko ke hore o tletleba ka hore ke mo robile lengole jwale.
DIKELEDI:Ee, le jwale ke dumellana le wena moo, mosadi, feela hakaalo eno e ne e se yona taba eo ke batlang hore o ke o nkumele yona.
MODISE: Ke itiisa pelo ha ke entse jwang na, mosadi?
SEBOLELO:Aubuti Thabang o tseba dinomoro tsa ka tsa mohala wa letsoho, keng a sa letse hore a ntsebise hore o diehile hokae, ho ena le hore a ntshwarise lefika jwalo ka tshwene tjee?
SEBOLELO:A re ho nna ke se ke ka dumella sera hore se re hlole, mme a tswela pele ka hore nna le Thabang re dule fatshe re rarolle bothata bona, etswe Pontsho ha a hola o tla re hloka ka bobedi ba rona. A boela a tswela pele ka hore ho hlalana ha se yona tharollo ya mathata, empa ke ho thabisa dira tsa rona feela tse kang boPalesa tjena. Feela leha ho le jwalo pelo ya ka yona e ntse e sa kgotsofala.
MABOKELLE:Ekaba ke taba ya mofuta nngwe na eo, mofumahadi?
SEBOLELO:Ke mpa ke etswa ke ona mathata a lelapa la ka.
SEBOLELO:Feela…
SEBOLELO:(O mo kena hanong.) Ke se ke itse ha ke na taba le bona, hoba ba ke ke ba tlisa thabo pelong ya ka. Ke etsa seo ke tsebang hantle hore se tla ntlhatswa qati, mme se tla lokolla pelo ya ka hara ditlamo tsena tseo e leng ho tsona.
MMATHABANG:Ha ke re ke utlwa le ka moo o buang ka teng hore ha o sa na taba le yena. Ha ke hane hore Thabang o re sitetswe, empa hono ha ho bolele hore re lokela ho mo qhalla matsoho jwalo ka ha eka ke mmutla wa dintjeng tjena.
MMASEBOLELO:O qadile dife hape jwale, mosadi?
KGAOLO YA 3
MODISE:Le jwale ke a o tiisetsa hore phoso ya mofuta o kang ona e ke ke ya hlola e etsahala hape. O a tseba le wena hore e kgotjwa e le maoto mane, mme le leihlo le fahlwa le shebile.
PALESA:Ke se ke itse o ka itlhantsa ka moo o itlhantshang ka teng, empa ha e le ngwana enwa yena o tla mo sapota ho fihlela o be o kena ho ona o batang, ke o jwetse. (A ikana.) Ka ntate, ka Lebajwa! oo mohlolo o ke ke wa etsahala le kgale. Ho seng jwalo ke tla ya ho Sebolelo ke mmolelle hore o…
NGAKA: Ekaba, mme, o bolela jwang ha a rialo na?MMASEBOLELO: Hobaneng le sa rate ha re ka ra bona Sebolelo?Ke a bona le a lebala hore ke ngwana wa ka eo le re qhoshetsang ka yena tjena.
MMASEBOLELO:Le nna ke ntse ke eme hlooho jwalo ka wena, feela leha ho le jwalo ha ke makale hoba ke a tseba hore moshemane eo ha a nka fatshe,o nkile mekgwa ena e ditshila ho ntatae. He ke re ke mo hloile hampe monnamoholo eo ya tedu di putswa, tse kang tsa ntja e momme sekatana!
SEBOLELO:Ekaba ke taba efe na, ntate?
MMATHABANG:Moo teng ha ke bone ho ena le bothata, ntate, hoba ke seo ba boneng se tla ba tswela molemo. Ebile ke tlwaelo matsatsing ana hore banyalani ba etse meketjana e tshwanang le ena ho ka tsoselletsa mofuthu wa lerato lenyalong la bona. Ha re a lokela ho ba kgahlanong le moketjana ona, feela re lokela ho etsa bonnete ba hore leha dintho tsohle di ka etswa, mekitlane yona e lefuwe ka ho panya ha leihlo.
THABANG:Butle ka ho betsa ka majwe hle, monna! Ha ke re ke se ke ile ka hlalosa hore ke sa ntse ke batla ho ja masapo a hlooho hanyane feela. Etlare mohlang pelo e ntumellang ho etsa jwalo, ke tla phethisa tshepiso ya ka ke sa tsilatsile le ho tsilatsila. Ha jwale nka thaba haholo ha o ka tswa o sa behile pelo sekotlolong hanyane feela.
MMASEBOLELO:E seng ho nna mona, ntate. Ha ke bo labalabele le ho bo labalabela botsofadi boo ba lona, hoba ditlamorao tsa bona ke tse bosula e le ka nnete.
MMATHABANG:Butle bo! ntate, ka ho ja dipekere tjena. Nna ke bona ho hlokeha hore re mamele seo mora a batlang ho se bua hoba ke moo o se a boletse hore o a itshola ka sena seo a se entseng.
THABANG:(Ka ho tshoha.) Tjhe, le teng ha ho molato, ke tla itsamaela ka ntle ho mathata, empa mohlang ke kgutlang hape ho tla nkga ho sa bola. (O a tswa.)
SEBOLELELO:Yena ha e le ho bua nnete ke ntse ke mo rata, mme, empa jwale maemo ao ke leng ho ona ha jwale a nqobella hore ke nke qeto ya mofuta ona.
MODISE:A ka lebala jwang athe ke yena ya neng a ithaope hore o tla itefella ditshenyelo tsohle tsa hae? Hona ha eba ke nnete hore o lebetse ka taba ena, o nahana hore rona re tla lefa ba bokgotsing ka eng hoba ha re nang, mekotlana ya rona re e hlohloretse ho yena kaofela?
PALESA:(O mo kena hanong hape.) Ke o kgathatsa matla a ntho nngwe na, athe ke bua nnete? (Ka ho phoqa.) Oo, be! o tla nkinela matsoho metsing ha ho le jwalo. Ha ke a tseba hore haeno nnete ke ntho e sa ratweng. Ha ke re jwale ho thwe lona batho ba botjholotjholo nnete e le babela jwalo ka leshokgwa, ebile le rata ha taba tsa lona di dula di etswa pinyane.
Kgaolo ya 3
MODISE: Se ka mpotsa hore ke bua ka eng, o tseba hantle hore ke o bitseditse eng kwano. Mokgwa hao ke a bona hore o a tella, moshemane towe, mme le ka hloohong ka mona ekare o ntse o tletse mapokaetsi. Hona jwale tjena o re hlabisitse dihlong tsena tseo le nna ke le tjena ke sitwang le ho bua ka tsona. Hohang o re ntshitse mejo hanong le hoja re ne re o tshepile, monna.
PALESA: Hao aubuti Thabang! Na o ka ba wa touta ka nna le mosebetsing hodima moo lebenkeleng ho phethesela hakana? Tjhe, ka nnete o sebete sa ho beha tau setswetse ke o jwetse.
(Ba dula fatshe, mme Sebolelo o bonahala a maketse haholo.)
SEBOLELO:Ha ho thuse letho hore re tswele pele ka morero ona, aubuti Thabang, hoba le kgotso ha e sa rena le ho rena lapeng lena. Ho fetafeta moo o batla hore lentswe la hao e ebe lona feela le ahelwang lesaka tlong ena. Ebile e nngwe ya ntho tse etsang hore ke nyekelwe ke pelo ka ho fetisisa ke hobane o rata le ho etsa tshepiso tseo o tsebang hantle hore le wena o ke ke wa ba wa di phethahatsa le kgale. THABANG: Kgoba matshwafo hle, moratuwa.
MOLEFI:(Ka ho makala.) Palesa o ithwetse? Banna wee! mehlolo ke dinoha, mesenene ke batho ka nnete!
MMATHABANG:E seng ebe mohlomong o lebetse ka taba ena, ntate?
DIKELEDI:Atjhe, jwale o ntse o nqaka le ho feta, mosadi! Ho hang ha ke kgone ho bona moo mmila o putelang teng jwale. O bua ntho ena le nthwane o sa kgone le ho qeta taba ya hao. Pejana o ne o tletleba ka hore o se o lahlehelwa ke tshepo ho Thabang. Jwale o se o bolela hore o ntse o nyamella hara bodiba ba mahlomola. Ke eng eka o ditaba tjee, mosadi?
MODISE:Mosadi, ke kopa hore o ke o tlohelle ho nkena menong jwalo ka nama ya moketa tjena ha ke bua le Thabang. Ke se ke behile lentswe la ka tafoleng, mme ha ke kgolwe hore ke sa tla fetola maikutlo hape. Thabang ke monna, ha a hele a itlamele, a bone hore o tswa jwang ha ho se ho le tjena. Ha se nna ya tlilo ikopisa hlooho ka ntho tse etswang ka boomo mona. Hosane mona ha lerapo lena la hae le mo kgamme o tla be a re batho ba mo loile, empa ho se jwalo. E le yena ya itoyang ka boyena.
THABANG:Butle hanyane, moratuwa…
DIKELEDI:Empa ena yona ha se tsela e ntle ya ho ka sebetsa ditaba, mosadi.
THABANG:Ke tena ke bua tjena ka lebaka la bophoqo bona ba hao ba hore o nke diqeto o sa ntsebisa le ho ntsebisa jwalo ka ha eka ke wena poho ya lapa lena.
SEBOLELO:Ha ke re ke wena maobanyana moo ya neng a bolela hore aubuti Thabang o a tella, mme o tshwanetse ho rutwa molao? Empa kajeno ke a makala ha e le mona o se o fetohile ha ba bohading ba ka ba fihla kwano.
MABOKELLE:Ha se hore ke sefelapelwana, ke tenwa ke ntho ena ya hore o fapane le seo motho a o botsang sona, o fumane o hlahlathela felleng o le mong.
MMASEBOLELO:Le yena a re ha a tsebe hore molato ke eng, ntate.
SEBOLELO:Tjhe, ha re di etse mohatla kgwiti hanyane tseo, mme, re tla tswela pele hape ka tsona hosane ha ke hlaha mosebetsing. O se o tla jwetsa ntate tsohle ha a fihla he, hoba ke eo ha esale a ile toropong.
NGAKA:Ke o tjhaella monwana tabeng eo, ntate, mme ka ho rialo ha ke bone ho hlokeha hore le ingongorehise tjena, etswe ntjapedi ha e hlolwe ke sebata.
PALESA:Ke efe yona eo? Bua ka pele o tsebe ho hata kosene, etswe nako tsa ka jwale di a shapana.
MABOKELLE:Iphumole meokgo hle, mofumahadi, o tlohelle ho ikutlwisa bohloko ka ntho tse siyo tjena.
SEBOLELO:Ba bangata hampe bana lefatsheng mona ba hodisitsweng ke bommabona feela, bontata bona ba iphile dimenyane. Ebile ha ke kgolwe le hore Pontsho a ka rata ntatae ya se nang boikarabelo jwalo ka Thabang tjena.
[LESIRA]
THABANG:Tjhe, e seng jwalo, ntate…
MMASEBOLELO:Ke se ke itse setsweng ke hole bo ntate! Nke ke ka tatela boqheku ke sa le motjha tjena, etswe ho sa le hole haholo moo ke yang teng, mme thota yona e sa namme eo ke lokelang ho e hahlaula. Ha e le boqheku bona boo le ratang ho bo tlamelletsa bo tla ntlhasela ke se mona le mona, ke le hole le dibaka.
MMASEBOLELO:Le nna ke utlwisisa maikutlo a hao ka botlalo, ngwanaka, mme ha ke kgolwe hore lefatsheng mona o teng mosadi wa boemo ba hao ya neng a ka a mamellang masawana a tjena, a etswang ke monna enwa wa hao. Le teng o ntse a sa iketse, ha a nka fatshe, o futsitse.
MABOKELLE: Ke tjhaella taba ya hao monwana, mofumahadi, o ka hla wa ntsholela hanghang o re Sebolelo a re mathata ke eng hantlentle pakeng tsa hae le Thabang.
MMASEBOLELO:Ntatao o sa ntse a itse kgalo ka mona ka toropong mme o tla tloha a fihla neng kapa neng, etswe ke kgale a ile jwale. (O kukisa Sebolelo dithoto.) E re re behe dithoto tsena tsa hao ka kamoreng yane, re ntano hlaba kgobe ka lemao hore o tle o ntjwetse hore ho nkang sebaka ke eng ha o le mona ka nako ena, empa o le mosadi wa lelapa. (Ba fetela ka phaposing e nngwe mme ba beha diphahlo.)
2. Diketsahalo tsa pale ena di itshetlehile haholo maphelong a banyalani ba babedi e leng Thabang le Sebolelo. Ho ya ka kutlwisiso ya hao ke molaetsa ofe oo mongodi a lekang ho o fetisa ka tshwantshiso ena?
MMASEBOLELO:Tjhe, ho a utlwahala jwale ha o rialo, ngwanaka. Ha re mpeng re di etse mohatla kgwiti pele di nka mothinya osele.
SEBOLELO:(O a kena.) Letswalo le molato le a ikahlola haeba ha o tsebe, mosadi. O tseba hantle lebaka le ntlisitseng kwano.
Ngaka (Ya okang Sebolelo sepetlele)
SEBOLELO:(O lata moya hole.) O a tseba Dikeledi, ke ne ke re ha ke no o jwetsa taba ena, empa jwale ke a bona hore o hlile o motho ya ntsotellang e le ka nnete, mme ka ho rialo ke bona ho hlokeha hore ke o amele yona.
THABANG: Kgoba matshwafo hle, Palesa, ha ke a tlela taba tseo kwano.
MODISE: Mosadi, na o ne o tseba hore le ho fihlela lena le hodimo Thabang ha a eso ka a lefa tjhelete yane ya mahadi eo e sa leng e salla morao ha re ne re ilo mo nyalla?
MMASEBOLELO:Sebolelo a re o se a makatswa ke ho bona hape eo molekane wa hae a etla lapeng a se a hlahlile mahlo, a rohakana ka tlhapa tsa mafatshe a sale hole kwana. Ho tloha moo o tla fihla a nkga a re phu! ke letsina.
MABOKELLE:O buile leha o ka thola, ngwanaka, mme ha ke bone ho hlokeha hore re nne re epollane le tse fetileng tjena, etswe ke tse utlwisang dipelo tsa rona bohloko.
SEBOLELO: Ha ke na taba le batho, mme, ke kgathalla bophelo ba ka ho feta eng kapa eng. Ebile wena le ntate le bua ha monate jwalo ka ha eka ha le na maikutlo, le jwale ke hona ke kgolwang hore ha le na taba le bodiba ba mahlomola boo ke ntseng ke nyebella hara bona. Ho hoholo ho lona mona ke ho kgahlisa baditjhaba ka bophelo ba ka. (O kgutsa motsotswana.) Le teng ke a makala hore hobaneng, mme, e le yena ya nkgothaletsang hore ke boelane le aubuti Thabang, empa e ne e le yena ya neng a mo halala le pele re ne re ka ra nyalana.
PALESA:Feela na o a lemoha hore lerato lena la rona le kotsi, aubuti Thabang?
SEBOLELO: Ha ke eso ka ba ke o rohaka, feela ke mpa ke leka ho o loma tsebe hore Thabang ke monna wa ka, mme ke ntse ke mo rata le ho feta ka moo wena o ka nahanang ka teng. Ebile o se ke wa itlotsa meno ka enke hore ha o ithwetse ngwana wa hae o tla atleha mererong ya hao.
THABANG:Ee, ke a dumela hore ke o foseditse, moratuwa…
SEBOLELO:Na aubuti Thabang o ile a di hlompha dikano ha a tla etsa manyala a tjee?
SEBOLELO: Ke tla mpe ke leke ho buisana le yena ho ka utlwa ntlhakemo ya hae tabeng ena, mme etlare ha ke tea kalala feela e be hona ke tla e fetisetsang ho ba baholo hore ba ke ba ntwanele molamu wa hlooho.
PALESA:(O a mo aka.) Ha ba ha re kokololo! Le mmele wa ba wa phuthuloha hanyane.
MABOKELLE:Ke bothata bofe boo na, moradi?
DIKELEDI: Hantle haholo, mme, ebile ha ke bua tjena o ntse a panyapanya ka mora ditshepe mane ntlwanatshwana.
MMASEBOLELO:Ha ho le jwalo ke eng ba sa re lome tsebe hore ba tla re lefa neng ho ena le hore ba iphapanyetse rona jwalo ka beng ba dikolobe tje. O a tseba ke hloile batho ba botjholotjholo jwalo ka bana ba ha Modise hampe. Na o dumellana le nna hore batho bana ke mashodu, ntate?
PALESA:Le jwale ke ntse ke le mooki, feela eo ha se yona taba e ntlisitseng kwano hakaalo, aubuti Thabang. (Ho Molefi) Be! aubuti, o tla ntshwarela hle ka ho ala leleme phate tjena ha ke lokela ho o dumedisa. Dumela hle!
NGAKA:Ke a leboha, ntate. (Ka pelohlomohi.) Ke maswabi, batswadi ba ka, re lekile matsapa ohle a rona, empa ka bomadimabe…
THABANG:Thabo ya hao ke thabo ya ka le nna, Palesa wa ka. (O kgutsa motsotswana.) Jwale he ako mphetise mona hanyenyane feela. Hobaneng o sa itlaleha mosebetsing kajeno na, moratuwa? Kapa le kene mohwantong wa boipelaetso le lona?
MMASEBOLELO:Butle bo! mmanyeo, o phomola jwang kwano athe o tshwanetse e be o ha hao ka nako ee? Na a boetse a runtse botjha mathata a hao na, mosadi, ha ke bona eka o phuthile le mehaswana ya hao kgetlong lee?
MMASEBOLELO:Jwale re tla leta ho fihlella neng na, ntate, ha e le moo ho bonahala hantle hore ba re tshwarisitse lefika jwalo ka tshwene tjee?
THABANG:Ha re di behe kgutlo tseo tsa hlanya leno, re lebe kantorong yane e motsheo hore o tle o tsebe ho nkumela tsa moraorao tjena.
Mabalankwe ka mongodi
MMASEBOLELO:Tjhe, le jwale ngwana enwa wa bona ba lokela hore ba ke ba mo rute molao hanyenyane feela. Ho hang rona ha ho na ka moo re ka amohelang manyala a tjena ka teng. Haholo ha ba eso qete le ho lefa tjhelete ya bohadi!
SEBOLELO:O sa boela o nthohaka hape? Ke tla o natha nna, ha ke no tsheha le wena.
DIKELEDI:(A phahamisitse matshwafo.) O batla ho reng na jwale, ntate ngaka. O se ke mpe wa re Sebolelo o …
SEBOLELO:O bolela jwang jwale ha o rialo na, mosadi?
THABANG:Wena, Sebolelo, ha ke tsebe hore ha motho a kopa tshwarelo ho bolelang ho wena. Ho hang ha ke utlwisise hore hobaneng o epolla masapo a kgale tjena, empa ke se ke ile ka kopa tshwarelo ha sekete.
Pono ya 3
THABANG:Jwale ngaka e phahlile pinyane efe na, mmannyeo?
