Yellow (Maize)										Sesotho
Hobaneng dijothollo di ba tshehla nakong tsa mongobo?
Instructions:
Folio strap: Keketso ya boleng
Byline: Leon van Rensburg, Moprofesara Soil Physics, Lefapha la Mobu, Saense ya Dijothollo le Tlelaemete, Yunibesithi ya Foreisetata 
Photo: Tshehla
Caption: Maemo a ho kgangwa ke metsi a ama kgolo ya dimela tse ngata.
Setsebi sa Monyesemane, H.G. Willis, se kile sa bolela hore nalane ya batho ke peiso pakeng tsa ho ithuta le kotsi. Ho balemi mabatoweng a pula tsa lehlabula Afrika Borwa, haholoholo ba leng dibakeng tse batlang di omme, peiso ena ke nnete ya letsatsi le letsatsi.
Mekgwa ya tlhahiso ya dijothollo mabatoweng a batlang a omme e thusa ho thibela tshoso e dulang e le teng ka mehla, e leng komello. Re etsa sena ka ho laola methamo ya dimela, ka ho phahamisa ho kenngwa ha manyolo ho ya ka kuno tsa nako e telele, mekgwa ya ho lema e baballang metsi haholoholo ho eketsa ho monyela ha ona, ka ho sebedisa ka bokgabane matsatsi a ho jala le ho kgetha mefuta ya dipeo e sa tshabeng komello, jwalojwalo. Mefuta ena ya dipeo e wela sehlopheng se akaretsang sa dimela tse hlokang mongobo o lekaneng (mesophytes), e leng sa dimela tse holang hantle mebung e mongobo, e fihlellwang ke moya. Metso ya dimela tsena e kgona ho iphumanela metsi le menontsha, mohlala, metso ya poone e ka phunyelletsa mobu ka sekgahla sa 24 mm ka letsatsi, mme ya fihlella botebo ba 2 ho isa ho 4 m, ho ya ka mofuta wa mobu.
Tswelopele ya metso e ka fokotswa kapa ya kginwa ke pula e fetang tekano jwalo ka ha ho etsahetse sehleng sena, moo dijothollo di ileng tsa jalwa ka Tshitwe le ka Pherekgong. Pula e fetang tekano mebung eo ho thopothela ha metsi ho fokolang, ho qetella ka ho bokella metsi a mangata hoo moya o leng mobung o qetellang o le siyo. Tshebetso ya pele ya bohlokwa e tla angwa hampe ke ho hema ha metso; Dimela di hloka phepelo e itseng ya moya wa okesijene e yang metsong. Bafuputsi ka diteko ba bolela hore tlasa maemo ao ho hang mobu o sa fumaneng okesijene, ho hola ha metso ho ka kginwa ka metsotso feela. Le ha ho le jwalo, dimela di a fapana ka mamello ya maemo a ho kgangwa ke metsi. Mohlala, reisi e kgona ho mamella maemo a bosiyo ba okesijene mobung. Le ha ho le jwalo, mofuta ona wa semela o a shwa mobung o nang le moya o lekaneng. Metso ya dimela tse tshabanang haholo le maemo ana a ho hloka okesijene, jwalo ka mofuta wa monawa o kang dinawa tse ommeng, dinawa tsa soya, jwalojwalo, e a shwa ka mora matsatsi a seng makae a ho kgangwa ke metsi. Matshwao a pele a tshenyo e bakwang ke ho kgangwa ke metsi a ka nna a bonahala ka mora hora ho isa ho tse pedi, mme tshenyo e ke keng ya lokiswa ho hang e ka iponahatsa ka mora dihora tse 24 haholoholo matsatsing a futhumetseng, ao letsatsi le tjhabileng ka ona.
Ha ho hema ha metsi ho sitiseha, mesebetsi e meng ya bohlokwa ya semela, e kang kgolo, ho monngwa ha metsi le menontsha, le yona e a ameha. Le ha metsi a ka ba mangata haholo, bothata ke hore dimela di tla sitwa ho monya metsi le menontsha. Ho itshetlehilwe ka mohato wa ho hola, matshwao a mang a semela a itotobatsa. Mohlala, ho hema ha semela ho a fokotseha nakong ya mohato wa ho hlahisa makgaba. Sena se etsahala pooneng, mme ho monngwa ha metsi le hona ho fokotseha jwalo feela, e leng se tla ama ho monngwa ha menontsha. Letshwao le lemohuwang hangata ha bonolo ke ho sehlefala (chlorosis) ha mahlaku ka baka la ho fokotseha ha chlorophyll. Hona ho bakwa haholoholo ke bosiyo ba nitrojene semeleng, le hoja phosphorus le potassium le menontsha e meng di ka nna tsa ba siyo. Mohatong ona, semela se tla nka nitrojene mahlakung a tsofetseng, mme se e fetisetse ho a matjha hore kgolo e nne e tswele pele. Ho kgangwa ke metsi ha dinako tsohle qetellong ho tla kgannela kgolong ya kutu le tahlehelong ya kuno.
