

Year (Maize) 										Sesotho



Ntshetsopele ya molemi y Grain SA – re akgela mahlo lemong se fetileng



Instructions: 

Folio strap: Lenaneo la ntshetsopele ya molemi

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Jwalo ka basebetsi ba Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA, re hlohonolofaditswe le ho ba le monyetla wa ho ba karolo ya seo re dumelang hore se tla etsa phapang mosebetsing wa ho tlisa phetoho Afrika Borwa. Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA le ikemiseditse ka hohle ho ntshetsa pele balemi ba batsho ba filweng monyetla wa ho hweba ka mokgwa o tshwarellang. 



Indasteri ya dijothollo, haholoholo balemi, e shebane le phephetso tse kgolo nakong ena. Re shebane le kabobotjha ya naha le ho kgutlisetswa ha batho dintho tseo ba di amohilweng, mme re tlamehile ho hlodisana le ditheko tsa matjhaba mabapi le dijothollo. Re bothateng ka ditheko tse phahameng haholo, tse sa kgemeng le tsa matjhaba mabapi le tse sebediswang temong. Re dihwai mobung o ommeng, o bileng o angwang ke sekgahla sa motjheso wa lefatshe “global warming” mabapi le dipaterone tsa maemo a lehodimo. Ka kakaretso re ka re ha re haellwe ke diphephetso – empa re haellwa ke ditharollo! 



Tsamaiso

Re tshwanetse ho tswela pele ho bala ditlhohonolofatso tsa rona lenaneong – re na le sehlopha se setle sa batho ruri. Re tshwanetse ho simolla ka ditho tsa Lekgotla la Phethahatso. Modulasetulo wa rona, Mofm. Jenny Mathews ke motho ya nang le bokgoni, ya inehetseng, ya tshehetsang. Re bile lehlohonolo lemong sena ho ba le Mong. Mr Schalk Viljoen wa Western Cape ka ho ikemisetsa ho re thusa sehlopheng sa rona sa tshebetso. O ne a kgethilwe jwalo ka motlatsi wa modulasetulo wa komiti. Re thabile ho ba le Schalk Viljoen le Andries Theron komiting, mme ka bobedi ba hlaha Cape. Re tshepa hore ba tlisa kutlwisiso e ntjha le leihlo le leng ntshetsopeleng ya molemi. Re na le batho ba bang ba tshepahalang, ba inehetseng Sehlopheng sa rona sa Tshebetso. Mong. Gert Pretorius wa Lichtenburg, Mong. Moss Malo wa Delareyville, Mong. Jabulani Zitha wa Nigel, Mong. SK Makinana wa Ugie le Mong. Papi Nkosi wa Hazyview. 



Lemong sena re thabile haholo ha Mong. Karabo Peele e bile setho sa sehlopha sa tshebetso. O emetse ba Maize Trust, e leng bona ba sehlooho ba re thusang ka tjhelete. Re ile ra kgona ho kgodisa Mong. Dirk van Rensburg, eo e kileng ya ba setho sa tsamaiso ya phethahatso hore a nne a sale e le setho sa komiti ya tshebetso. Dirk ke molemi ya inehetseng le ya kgothetseng wa Arlington, mme re thabela mafolofolo a hae a ho re tshehetsa lenaneong lena la ntshetsopele.

 

Mabapi le basebetsi, re hodisitse projeke hore e fihle basebetsing ba nako tsohle ba 17 hammoho le ba bang ba 13 ba sebetsang ka konteraka. Tekanyetso ya lenaneo lohle e ka ba mane ho R14 million (selemo sa ditjhelete sa diprojeke tse fapaneng se fapana ho ya ka selemo sa ditjhelete sa Grain SA, e leng se etsang hore re mpe re atametse feela). Bothaville, re na le Jane McPherson (Manejara wa Lenaneo), Dr Willie Kotzé (Setsebi: Kwetliso le Ntshetsopele), Mong. Danie van Den Berg (Setsebi: Ditshebeletso tsa Dibaka tse nammeng), Benghadi Debbie Boshoff le Annemarie de Beer (ba tshehetsang tsamaiso). 



Basebetsi ba lebatowa ke ba latelang: 

Tulo
 
Motho
 
Mothusi
 

 
Ladybrand
 
Johan Kriel
 
Dimakatso Nyambose
 

 
Zeerust
 
Tonie Loots
 
Connie Mosikare
 

 
Klerksdorp
 
Amos Njoro
 
Lerato Modise
 

 
Nelspruit
 
Jerry Mthombothi
 
Nonhlanhla Sithole
 

 
Mthatha
 
Lawrence Luthango
 
Nombulelo Makeleni
 

 
Vryheid	
 
Jurie Mentz
 
Sydwell Nkosi
 

 
						

Lemong sena se fetileng, re bile mohau haholo ho arohana le Mfm. Jacinta Motloang wa ofisi ya Ladybrand, ya ileng a amohela mosebetsi wa botitjhere Manyatseng le Mong. Piet Potgieter ya ileng a inehela ho ba VKB jwalo ka hloho ya lefapha la ntshetsopele ya molemi. Re thabile haholo ho iphumana re sebetsa mmoho le Piet Potgieter mosebetsing wa hae o motjha. Re itadima re le karolo ya sehlopha se seholwanyane sa ntshetsopele Afrika Borwa, mme re natefelwa ke ho sebetsa le batho bao mmoho re nang le ponelopele e le nngwe ya ntshetsopele.

 

Mong. Jan de Villiers wa Ficksburg, o dumetse ho tsamaisa projeke ya Winter Cereals Trust project Botjhabela bo Foreisetata. Jan ke motho ya tsebahalang haholo, molemi ya seng a beile meja fatshe, ya nang le boiphihlelo ba bophelo bohle bohwaing ba koro (hara tse ding), ya nang le pelo ya ho fetisetsa ho ba bang seo a se tsebang, e le hore balemi ba be le bokgoni. Mong. Arthur Clayton wa Sannieshof o tswetse pele ka boikarabelo ba Projeke ya Mabele. 



Bakwetlisi ba bang lenaneong ke bana: 

Mokwetlisi
 
Tulo
 

 
Eduard Foord
 
Ladybrand
 

 
Johan van der Merwe
 
Ladybrand
 

 
Attie Louw
 
Bloemfontein
 

 
Israel Mokoto
 
Wolmaransstad
 

 
Derrick Nqana
 
Nelspruit
 

 
Hendrik van Zyl
 
Cedara
 

 
Peter McGregor
 
Kokstad
 

 
Paul Jordaan
 
Barkley West
 

 
Andre Malan
 
Bloemfontein
 

 
Jan de Villiers
 
Ficksburg
 

 
Arthur Clayton
 
Sannieshof
 

 
Alphons Dube


 
Middelburg, Mpumalanga


 

 
Marius Greyling
 
Potchefstroom 
 

 


Teboho e kgolo 

Lenaneo lena lohle le tsheheditswe ka ditjhelete ke ba Grain Trust, Maize Trust, Winter Cereals Trust, ba Truste ya Dipeo tsa Ntshetsopele ya Oli le Protheine le ba Sorghum Trust. Diphehiso tsa ditrusete tsena ke tse kgolo haholo. Ntle le tsona ke ho honyane haholo ho ka beng ho etsahala lebatoweng la ntshetsopele ya balemi ba dijothollo. Hape, re hlahisa diteboho tsa rona tse hlokang boiketsiso mabapi le diphehiso tse kgolo hakana – re ba fa tiisetso ya boinehelo ba rona ntshetsopeleng ya balemi. 





