

Year												Sesotho



Qetello ya selemo se seng Lenaneong la Ntshetsopele ya Molemi



Instructions:

Folio strap: Tabatabelo e ikgethileng

Byline: Jane McPherson, Manejara wa lenaneo la Ntshetsopele la Grain SA

Photo: Ikopanye le sehlopha sa Bothaville sa lenaneo la ntshetsopele la Grain SA: Ho tloha ho le letshehadi ke Jane McPherson (Manejara wa lenaneo), Willie Kotzé (mohokahanyimmoho wa kwetliso le tlhahisoleseding), Debbie Nel (mothusi ofising), Jenny Mathews (botsamaisi ba phethahatso: Grain SA) hammoho le Nico Vermaak (manejara: Ditshebeletso tsa Kopanelo, Grain SA). 



Re boetse re fihlile qetellong ya nako ya thuso ya ditjhelete le selemo sa ditjhelete mabapi le Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA. Mosebetsi ohle o entsweng selemong sena o bile ka baka la tshehetso e kgolo eo lenaneo lena le e fumaneng ho ba Maize Trust, mme ho a hlokahala ho hlahisa diteboho tsa rona hammoho le diteboho lebitsong la bohle ba unang molemo lenaneong lena.



Jwalo ka ha ho etsahala lefapheng lefe kapa lefe la ntshetsopele, kgatelopele ke e kgemang mmoho le motho, mme hangata e ka tadingwa e eya butle – batho ba bang ke ba utlwisisang kapele, ha ba bang bona ba nka nako e telele ho etsa diphetoho tse hlokahalang ho tswela pele ho tloha maemong a jwale ho ya ho a lakatswang ho fihlellwa. Setshwantsho se bonolo sa ntshetsopele ke sena se latelang: 





Boemo ba jwale								Boemo bo tlang 





Lenaneong la rona, re sebetsa ka thata ho tlosa balemi boemong ba bona ba jwale, bo fapanang ho tloha ho molemi ho ya ho e mong, ho ya boemong bo lakatswang ho tsa kgwebo, e leng ba molemi ya hwebang, ya ikemetseng le ya ka itjarang. Diprojeke tse fapaneng ka hara lenaneo lena, di reretswe ho arabela ditlhoko tse fapaneng tsa dihlotshwana tse fapaneng tsa balemi.

 

Bothata ba jwale bo bonwang 			Bonamodi			Boemo bo batlwang













											

Farmers Days 		

















































Lenaneo le sa ntse le tsamaiswa le etswa Bothaville. Popehong ya mokgatlo wa Grain SA, lenaneo le wela tlasa lefapha la Ditshebeletso tse Kopanetsweng le laolwang ke Monghadi Nico Vermaak. Basebeletsi ba bang ba lenaneo bona ke bana ba latelang:

	



Place				Lebitso 		Sepheo sa mosebetsi 

Bothaville			Jane McPherson	Manejara wa lenaneo

				Debbie Nel		Mothusi ofising 

				Willie Kotzé		Mohokahanyi wa thupelo le tlhahisoleseding 

Zeerust				Tonie Loots		Mohokahanyi wa ntshetsopele Provenseng 

Nelspruit			Jerry Mthombothi	Mohokahanyi wa ntshetsopele Provenseng

 				Nonhlanhla Sithole 	Mothusi ofising 

Cathcart			Philipp Olivier		Mohokahanyi wa ntshetsopele Provenseng

Ladybrand			Johan Kriel		Mohokahanyi wa ntshetsopele Provenseng

				Jacinta Motloang	Mothusi ofising

Klerksdorp			Amos Njoro		Mohokahanyi wa ntshetsopele Provenseng

				Lerato Modise		Mothusi ofising 



Sehla sena se fetileng sa hlabula e bile se boima ka ho fetisisa ka baka la komello e matla e ileng ya hlasela karolo e kgolo ya lebatowa la dipula tsa hlabula – balemi ba bang ba ne ba sitwa ho lema ho hang, ba bang ba ile ba lema, empa ba hloka letho leo ba le kotulang, ha ba mmalwa feela ba ile ba ba le ‘maemo a tlwaelehileng’. Maemong a mangata, balemi ba jala dijothollo ka tjhelete e adimilweng – e ka ba e tswang dibankeng kapa dikgwebong tsa agri-businesses (Co-ops yane ya kgale) – ka tlwaelo balemi ba seng bakae ba nka inshorense ya tse jalwang le ho sebediswa masimong hobane phaello tlhahisong ya dijothollo e le tlase hoo ba lekang ho theola ditjeho ka moo ho kgonehang ka teng. 



Nakong ya sehla se kang sena, ho teng balemi ba bangata ba sitwang ho lefella ditjhelete tsa kadimo tsa tlhahiso ya bona, mme ka baka lena, ba sitwa ho sallwa ke tjhelete ya letho ya ho jala dijothollo tse hlahlamang. Ha motho a sebetsana le balemi ba ntseng ba tswela pele, bao hangata ba atisang ho hloka tjhelete, selemo se kang sehla sena se fetileng, ruri ke bothata bo boholo, bo ka sitisang ntshetsopele e lebisang kgwebong.

 

Lenaneo la rona le tswetseng pele la molemi le tswela pele hantle, mme re se re ile ra hlahisa Thuto ya rona ya pele ya agribusiness (Kgwebo temong) mabapi le sehlopha se hlwailweng sa balemi bana. Tlhahiso ya thuto ena hammoho le ho kenngwa tshebetsong ha mosebetsi o latelang thuto ena, e tadingwa ke lenaneo e le mohato wa ho qetela oo re o nkang le molemi re tadimme kgwebong. Thuto ena e kopanya tlhahisoleseding yohle e fumanwang dithutong tse ding, mme e tsepamisa maikutlo a molemi dikarolong tsa sehlooho tsa tshebetso tse tla mo fa bokgoni ba ho tsepamisa maikutlo tshebetsong e nngwe le e nngwe ya tlhahiso ka nako e nepahetseng hammoho le maemong a nepahetseng. 



Lenaneo la rona la thupelo le se le ile la ba le selemo sa tshebetso e ngata - ke dithuto tse fetang 80 ho tloha tshimolohong ya Mphalane 2006 ho isa ho Loetse 2007. Dithuto di ntse di tswela pele ho ananelwa, dikarabo tse tswang ho balemi ke tse ntle, tse kgothatsang, mme ba dula ba kopa ho fuwa dithuto tse ding tsa tlatsetso. Re fana ka dithuto tsena ho tloha ka Hlakola ho isa ho Pudungwana selemo le selemo, mme ka nako tse ding balemi ba tshwarahane le mosebetsi haholo hoo ba hlokang nako ya ho ba teng dithutong tsena. Nakong ya dikgwedi tsena tsa hlabula, re tsepamisa maikutlo ditekong tsa pontsho, dikopano tsa dihlopha tsa boithuto, hammoho le tshehetso ho balemi ka bonngwe. Hape re boetse re bile le karabelo e ntle e tswang ho diofisiri tsa katoloso tsa mafapha a temo, mme re shebile pele moo re lebelletseng ho fihla ha nako ya ditjhelete, e leng eo ka yona re tla kgona ho ba thusa ka dithuto tse amanang le tshebetso ka matsoho – tshebediso ya teori (tseo ho ithutilweng tsona) masimong e batla e le bofokodi ba diofisi tsa rona tsa katoloso.



Re ntse re tswela pele ho hasa ditaba diteisheneng tse nne tsa radio, Lesedi, Motsweding, Ligwalagwala le Umhlobo Wenene – ona ke mokgwa o hlwahlwa haholo wa ho hokahana le balemi - eseng feela ho fetisa dintho ka mokgwa wa theknoloji, empa ho boela re tsebisa balemi ka mesebetsi ya lenaneo.



Pula-Imvula e ntse e tswela pele – e se e fetohile e nngwe ya diprojeke tse ‘ratwang’ haholo lenaneong, mme le ka mohla re dula re le motlotlo ka makasine ha o phethilwe. Ho teng batho ba bangata ba kenyang letsoho mosebetsing ohle – basebeletsi ba lenaneo, basebeletsi ba bang ba tswang ho GSA, basebeletsi ba tswang ho ARC-GCI ba Potchefstroom, bafetoledi bao ka mehla ba sebetsang tlasa kgatello ho qeta mosebetsi nakong e kgutshwanyane e beilweng, basebeletsi ba Infoworks (bahlophisi le baphatlalatsi), bahatisi le posang thepa e kgolo – sena se etswa kgwedi e nngwe le e nngwe! Pula-Imvula e amohelwa hantle haholo, mme le babadi ba yona ba dula ba eketseha – re hatisa dikopi tse fetang 16 500 ka kgwedi, mme lenane ha le emise ho eketseha.



Hape re sa boetse re leboha ba Maize Trust ka tshehetso e ntseng e tswela pele ya lenaneo. 

