Winter (Wheat) 								SESOTHO



Projeke ya disirele tsa mariha Foreisetata Botjhabela



Instructions:

Folio Strap: 

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi

Photos:



Ke selemo se seng hape, mme re motlotlo ha Truste ya Disirele tsa Mariha (Winter Cereals Trust) e dumetse ho thusa projeke ya rona ka tjhelete lemong sena sa bobedi. Ho bile teng balemi ba ntseng ba thuthuha ba ileng ba jala koro lemong se fetileng, empa jwalo ka ha o tseba, e bile lemo se sebe tlhahisong ya koro, mme kuno e bile mpe haholo. Temo e jwalo! Bomadimabe ke hore ditheko le tsona di ile tsa theoha haholo lemong sena, mme dijothollo tse nyane tse ileng tsa hlahiswa ha di a tla ka theko e ntle - tsietsi e nngwe eo molemi a ileng a kopana le yona.



Mohokahanyi e motjha ntshetsopeleng ya koro 

Re nkile monghadi Jan de Villiers (nomoro ya thekeng ke 082 545 4741) wa Ficksburg ho thakgola projeke ya rona lemong sena. O tla sebetsa a ipapisitse le monghadi Johan Kriel ya tsebahalang haholo ho balemi Foreisetata, empa re tshwanetse ho dumella monghadi Kriel ho tsepamisa maikutlo projekeng ya Poone, ka ha mosebetsi o le mongata ho feta o ka etswang ke motho a le mong projekeng ena. Monghadi de Villiers o na le boiphihlelo ebile o tshebahala haholo e le mohlahisi ya hlwahlwa wa koro, ya sebeditseng le balemi ba thuthuhang ba nako e fetileng. O tseba Sesotho haholo, mme o thahasella ho ntshetsa pele balemi ba batjha. Re mo amohela sehlopheng sa rona, re bile re shebile diphehiso tsa hae indastering ena.



Lenaneo la 2009



Dihlopha tsa boithuto

Ho ja nako, ho bile ho fupere ditshenyehelo ho sebetsana le balemi bohle ka bonngwe. Re qetile ka hore re tla tswela pele ka mokgwa wa ho fetisetsa ditaba kapa ditsebiso ka mokgwa wa dihlopha tsa boithuto. Re tla atolosa palo ya dihlopha tsa boithuto selemong sena ho tloha ho tsa pele tse nne tsa selemo sa 2008 ho ya ho tse robedi ka 2009, e le ho nolofaletsa balemi hore ba kgone ho ba teng dikopanong. Re tla ba le dihlopha tsena tse latelang:



Marseilles – e kenyeletsang Excelsior, Tweespruit, Thaba ‘Nchu, Thaba Phatschoa,

          Hobhouse le Ladybrand; 

Clocolan – e kenyeletsang Marquard;

Ficksburg 

Senekal – e kenyeletsang Paul Roux;

Fouriesburg 

Bethlehem – e kenyeletsang Bethlehem le Kaallaagte;

Kestell – e kenyeletsang Harrismith le Phuthaditjhaba; le

Reitz – e kenyeletsang Petrus Steyn.



Hopola hore ho tla bat eng kopano ya sehlopha ka seng sa boithuto kgwedi le kgwedi. Dikopano tsa sehlopha ka seng sa boithuto di tla tshwarelwa ditoropong tse fapaneng ho ya ka ho fapanyetsana hoo ho dumellanweng ka hona e le ho fa balemi bohle menyetla e lekanang ya ho ba teng ho tse ding tsa dikopano tse haufi le moo ba dulang teng. Tjhe, dibaka tse holenyana le tsona ba tla nne ba tshwanele ho ya ho tsona.



Diteko tsa dipontsho

Re tla be re jala ditshingwana tse tharo tsa dipontsho (demonstration plots) e le hore re kgone ho bona mekgwa e metle kapa e mebe ya tlhahiso – hopola hore ha ho tsela e paroletsang mabapi le taba ya ho hlahisa dijothollo tse ntle tsa koro. O tshwanetse ho etsa tsohle hantle ho tiisa hore o fumana dijothollo tse ntle (ha eba re nka hore pula e tla ba ntle, ka ha ho fetola maemo a lehodimo ha se ntho e matleng a hao le ha o ka sebetsa ka thata ho le hokae!).



Radio

Re thaba haholo ho ba le nako radiong mabapi le ditaba tsa tlhahiso le tsa projeke. Mantsiboeng a Labone le leng le le leng, ho Lesedi Radio, lenaneong la Mphahlolle, ka nako ya 20:15 Johan Kriel o fana ka ditaba mabapi le tlhahiso ya poone le soneblomo. Re tla kgona ho fa Monghadi de Villiers nakonyana hang ka kgwedi ho bua ka koro – sheba dintlha tsa lenaneo ho Theibole 1, le kenyeleditsweng artikeleng ena e le hore o hopole ho mamela radio mabapi le ditaba tsena.



Dithuto tsa tlhahiso 

Hape re tla be re bile re hlahisa Dithuto tse tharo tsa Tlhahiso ya Koro – tse pedi e tla ba tsa balemi ha e le nngwe yona e tla bay a balaodi ba katoloso ba Lefapha la Temo. Thuto e tla nka beke, mme nako tsa hoseng e tla ba tsa ho rutwa ka tlhahiso. Motsheare wa mantsiboya ho tla kenwa ho tse hlileng di etswang ka matsoho dipontshong tsa polasi. Nakong e fetileng, Monghadi van Niekerk, mohwebi ho tsa temo lebatoweng la Ficksburg, o thusitse haholo hore tse etswang ka matsoho di tshwarelwe polasing ya hae – Ruri re mo leboha haholo, mme re ikemiseditse ho ba le dikamano tse mofuthu le balemi ba bahwebi. Kaofela re ka ithuta tse kgolo ho balemi ba bahwebi ba nnileng ba hlahisa koro ka dilemo tse ngata. Ha eba o na le thahasello ya ho bat eng dithutong tsena, ikopanye le Monghadi Jan de Villiers (nomoro ya thekeng 082 545 4741), mme o etse ditlhophiso le yena.



Matsatsi a balemi 

Re tla ba le matsatsi a mararo a Balemi lemong sena (matsatsi lenaneong la Theibole 1). Nakong ya matsatsi ana o tla kgona ho bona ditshingwana tsa dipontsho, mme o ithute dibuing tse tsebahalang – matsatsing ana ruri o ka ithuta tse ngata ho ba bangata ba keneng indastering ena.



Sepheo sa lenaneo lohle la rona ke “Ho ntshetsa pele balemi ba bahwebi ba filweng bokgoni”. Re tla etsa sohle se matleng a rona ho o thusa, empa qetellong – o tlamehile ho nka mehato! Kgefutsong e nngwe le e nngwe ya leeto lena, o tshwanetse hore o nahanelle ka pele, le ho nka mehato yohle ho latela mekgwa e amohelehileng ya tlhahiso ka mokgwa o phethehileng – ha o se o entse tsohle ka matla a hao, jwalo ka molemi, o tshwanetse ho ba le tumelo, mme o dumele hore pula eo o e hlokang e tla tla, le bohlale ba ho etsa diqeto tse nepahetseng. Mahlohonolo a selemo, mme re tshepa hore e tla ba selemo se setle sa koro.



Theibole 1: Lenaneo la 2009 

2009 Matsatsi 
 
Dihlooho tsa dipuisano 
 

 
9 -13 Hlakubele 
 
Thuto ya Tlhahiso ya Koro m/l balemi
 

 
16 - 20 Hlakubele 
 
Thuto ya Tlhahiso ya Koro m/l balaodi ba katoloso 
 

 
26 Hlakubele 
 
Kgaso ya Radio 
 

 
20 - 24 Mmesa 
 
Thuto ya Tlhahiso ya Koro m/l balemi
 

 
24 Mmesa 
 
Matsatsi a Balemi 
 

 
30 Mmesa 
 
Kgaso ya Radio 
 

 
4 - 8 Motsheanong– dihlopha tsa boithuto
 
Tlhophollo ya moedi wa koro
 

 

 
Tekanyetso ya sejothollo sa koro 
 

 

 
Ditlhoko tsa terekere le metjhine 
 

 

 
Mongobo wa mobu
 

 

 
Matlalo a kgatellano mobung 
 

 

 
Tswelopele e hlahlamang ya metso 
 

 

 
Tokiso ya sesebediswa sa ho jala 
 

 

 
Ditsha tsa ho beha diteko leihlo 
 

 
18 - 22 Motsheanong – dihlopha tsa boithuto
 
Etela balemi ka bonngwe 
 

 

 
Manyolo
 

 

 
Kgetho ya peo le mofuta wa peo
 

 

 
Boholo ba peo
 

 

 
Palo ya dimela le sekgahlasa ho mela
 

 

 
Ho metha ha plantere peo le manyolo
 

 

 
Tswelopele e hlahlamang ya metso
 

 
28 Motsheanong
 
Kgaso ya Radio
 

 
8 - 12 Phupjane – dihlopha tsa boithuto
 
Diteko tsa dimela 
 

 
25 Phupjane 
 
Kgaso ya Radio 
 

 
20 - 24 Phupu – dihlopha tsa boithuto
 
Taolo ya lehola
 

 

 
Tswelopele e hlahlamang ya metso 
 

 
30 Phupu 
 
Kgaso ya Radio
 

 
24 - 28 Phato – dihlopha tsa boithuto
 
Inshorense ya sefako
 

 

 
Ditekanyetso tsa kuno
 

 

 
Dikonteraka tsa mmaraka
 

 
27 Phato 
 
Kgaso ya Radio 
 

 
22 Loetse 
 
Letsatsi la balemi ba koro
 

 
28 Loetse - 2 Mphalane – dihlopha tsa boithuto
 
Kotulo
 

 

 
Ho kopanngwa ha konteraka
 

 

 
Tlhokomelo ya combine le ditereilara
 

 
24 Loetse 
 
Kgaso ya Radio 
 

 
12 - 16 Mphalane – dihlopha tsa boithuto
 
Ho kereitwa ha koro
 

 

 
Mabaka a tahlehelo ka ho kereitwa
 

 
29 Mphalane 
 
Kgaso ya Radio 
 

 
5 Pudungwana 
 
Letsatsi la balemi ba koro
 

 
4 - 8 Pudungwana – dihlopha tsa boithuto
 
Ho kereita
 

 

 
Mothamo wa mongobo 
 

 

 
Diteko tsa kotulo 
 

 
26 Pudungwana 
 
Kgaso ya Radio 
 

 






