Wheat 2 415



Tse elwang hloko moralong wa mmaraka wa koro



Instructions:

Herbital Maluleke, moikonimi: Tikolohong ya Mmaraka, 

Grain SA



Ho jalwa ha koro ho simollotse mafelong a Mmesa, mme ho bohlokwa hore balemi ba ele hloko dintlha tse fapaneng hore ba kgone ho etsa diqeto tse ntle tsa mmaraka.



Ke ntlha dife tse laolang ditheko tsa koro ya Afrika Borwa?

Afrika Borwa e romellwa koro e tswang ka ntle ho naha. Ka baka leo, ho bohlokwa ho hopola hore maemo a mmaraka tikolohong ya mmaraka wa matjhaba a laola theko ya koro Afrika Borwa. Bahlahisi ba tshwanetse ho etsa qeto ha eba ba kgona:

Ho fumana theko e betere ka ho fetisetsa koro ya bona ho boradikonteraka hona jwale;

Ho ema le ho rekisa koro ya bona nakong ya kotulo; kapa

Ho boloka koro ka sepheo sa ho e rekisa hamorao.



Hobaneng ha theko tsa koro di sa le ntle tjee hajwale? 



Selemo
 
Thepa e qetellang
 
Tshebediso ya lefatshe ka selemo (palohare)
 
Tlhahiso ya lefatshe (palohare)
 

 
2003/2004
 
166,35 milione ditone
 

 
606,69 milione ditone
 

 
2004/2005
 
132,39 milione ditone
 
619 milione ditone
 

 

 
Mmesa 2008
 
112,48 milione ditone
 

 

 

 


Theiboleng e nyane e ka hodimo, ho a hlaka hore lefatshe le sebedisa koro e ngata ho feta e hlahiswang. Boemo bona bo botle baleming hobane bo bolela hore mmaraka o batla koro e phahamisang ditheko.



Ke ntlha dife tse laolang ha eba ditheko tsa koro ya lefatshe di tla theoha pele ho nako ya kotulo?

Ho ya ka tlhahisoleseding e teng, ditheko tsa koro ha di na lebaka la ho theoha haholo. Dintlha tse latelang di ka nna tsa baka ho theoha ha ditheko tsa koro:

tebello ya sekgahla se matlanyana sa phapanyetso Afrika Borwa pele ho nako ya kotulo.

Keketseho tlhahisong ya koro dinaheng tse latelang.

Koro e hlahlamang ya mariha ya US le Canada e simollang mahareng a Phato ho fihlela mahareng a Pudungwana.

Koro e hlahlamang ya nako ya selemo ya US le Canada e simollang mahareng a Phato ho fihlela mahareng a Pudungwana.

Sehla sa tlhahiso ya koro Australia.

Sejothollo se setjha Yunioneng ya Yuropo.



Ho ya ka tse boletsweng, ho hlakile hore mohlahisi o tshwanetse ho ikopanya le baemedi ba mmaraka ho batlisisa ka kgatelopele tsa moraorao tjena, le hore di tla tshwaetsa ditheko tsa koro jwang pele ho le nakong ya kotulo.



Ho ya ka leihlo la matjhaba, maemo a mmaraka mabapi le 2007/2008 a lebelletswe ho ba a matle ka ho fetisisa a koro. Ho ya ka Setshwantsho sa 1, ho hlakile hore theko ya koro mabapi le konteraka ya Tshitwe ya Safex, e latela paterone e tshwanang le ditheko tsa koro ya USA Hard Red Winter.



Figure 1: Safex December 2008 contract and USA Hard Red Winter Wheat Prices (R/ton). 









