Wheat 1 (1445)



Hopola sena ha o jala koro



Instructions:

Winter cereals: special feature (tlhahiso e ikgethileng)

Byline: Atikele e hlophisitswe ho tswa bukaneng ya Grain SA, selelekela tlhahisong ya koro mabatoweng a dipula tsa lehlabula tsa Foreisetata Botjhabela



Ho molemong wa molemi e mong le e mong hore tlhahisong ya koro a fumane phaello, mme molemi o tshwanetse ho etsa diqeto tse tla kgannela phaellong ya dithollo.



Kuno e fihlellwang ke sephetho sa dintlha tse latelang:

Palo ya dimela hekthareng ka nngwe;

Palo ya dihloohwana semeleng ka seng;

Palo ya dithollo (grains) hloohong ka nngwe; 

Boima bo le bong bo ikemetseng.



Ntlha
 
Tse kgemang le kuno
 

 
Ho mela ha peo

Sekgahla sa ho jala

Sekete sa bongata ba peo

Mafolofolo a peo

Letsatsi la ho jala

Popeho ya mobu

Boemo ba tshingwana ya peo

Mokgwa wa ho jala/botebo

Tshebediso ya manyolo

Ho tshwarwa ha peo

Malwetse/dikokwanyana
 










Palo ya dimela tse teng hekthareng ka nngwe
 

 
Mofuta wa peo

Letsatsi la ho jala

Nitrogen

Maemo a mobu

Phumaneho ya metsi

Dikokwanyana/mahola/malwetse

Tlhahiso ya dimela 
 






Palo ya dimela/dihlooho hekthareng ka nngwe
 

 
Mofuta wa peo

Nitrogen

Phumaneho ya metsi

Maemo a lehodimo

Malwetse/dikokwanyana
 




Dithollo hloohong ka nngwe le boima ba dithollo
 

 


Matsatsi a ho jala

Koro e jalwa ka hwetla le tshimolohong ya mariha, ho tloha ka Mmesa kapa Motsheanong ho isa ho Phupjane kapa Phupu. Nakong ya dikgwedi tsa hlabula, mekgwa ya ho phethola ke e lekang ho baballa mongobo mobung ka ha ke pula e nyane haholo e ka lebellwang nakong ya mariha.



Boleng ba mobu (ka letsohong) bo bohlokwa haholo mabapi le mekgwa ya paballo ya mongobo e lokelang ho sebediswa, le ho nnetefatsa hore ke mongobo o mongata o baballwang ka moo ho kgonehang ka teng. Boteng ba matsopa ke ntho e batlang e le ngata haholo Foreisetata botjhabela ho ena le karolong tse ding tsa Foreisetata. Maemo a matle ka ho fetisisa a ho lema, ho jala, ho mela ha peo le tswelopele ya semela sa koro, di hlahiswa ke mekgwa ya ho phethola mobu, e sa thuseng feela ka tshingwana e ntle ya peo, empa le mobu o ka tlase, e leng o motle mabapi le ntshetsopele e atlehileng ya metso. Mefuta ya peo, nako ya ho jala, bophara ba mela, le kgonahalo ya kgoholeho e bakwang ke moya, haholoholo mebung e lenngweng ya mabatowa a Foreisetata bophirima, ke dintlha tse boetseng di ama kgetho ya mokgwa wa ho lema/phethola.



Matsatsi a mehato ya ho hola le ntshetsopele ya semela sa koro/diyunite tsa motjheso 

Koro ya mariha (koro eo hangata e jalwang ka hwetla kapa tshimolohong ya mariha, e leng mohato wa sehlooho wa dimela tse seng di hlahetse ka hodima mobu) e na le sehla se selelele sa ho hola ho feta koro ya selemo (e jalwang nakong ya selemo le ho hola dikgweding tsa pele tsa lehlabula), mme ka hoo, e na le kuno e phahameng, e ka fihlellwang. 



Ha eba koro ya mariha e lengwa hamorao sehleng, nako e hlileng e leng teng ya ‘photosynthesis’ (ho emara ha semela) le pokello ya tse ommeng (tlhahiso mabapi le kuno ya morao ya dithollo), di a kgutsufala ke hona. Ka baka lena, mefuta e batlang e potlaka ho fihlela kgolo e phethahetseng, le matsatsi a morao a ho jala, ke ntlha tse batlang di hlahisa dimela tse mahlaku a manyane le dihlooho tse nyane, e leng tse kgannelang kunong e tlase.



Koro ya mariha e hloka nako e ka hlaloswang e le nako ya serame, ya ho hlaha ha mahaba kapa nako ya ho hola, mme e hlakile mabapi le mofuta ka mong wa peo e jalwang. Mefuta ya koro ya mariha e hloka nako e tjena ho etsa bonnete hore semela se kena mohatong wa boikatiso (reproductive phase) hamorao saekeleng ya ho hola.



Ho bohlokwa ho jala mofuta o nepahetseng wa peo, e leng kgetho e laolwang ke morero mabapi le matsatsi a ho jala, ho hola le ho kotula, ho ntse ho elwa hloko maemo a tlelaemete ho ya ka lebatowa leo o leng ho lona. Mefuta e fapaneng ya peo e tshaba motjheso, e leng wona o hlileng o hlokahalang kgolong e hlwahlwa.



Dikhamphane tsa dipeo, tse hlahisang mefuta e fapaneng ya dipeo ka dipaterone tsa kgolo ho ya ka maemo a fapaneng a tlelaemete le dibaka, di ka botswa dikeletso mabapi le mefuta e metle ka ho fetisisa ya lebatowa la hao. Ho hotle ka mehla ho ba teng ‘matsatsing a molemi’ hore o dule o kgema le mefuta e metjha ya dipeo e ntseng e hlahiswa. Le ha ho le jwalo, ho molemo ho kgema mmoho le mefuta e tsejwang, e nang le bopaki nakong tsa dilemo tse mpe tsa leqeme la pula le tsa pula tse ntle lebatoweng leo o lemang ho lona.



Ho jalwa ha diteko tsa kgwebo mabapi le mefuta ya moraorao ke se ka etswang e le teko ya boitekolo mabapi le maemo a ikgethileng a tlelaemete, a amang sebaka seo o leng ho sona. Ha eba o hloka mehlodi kapa ona masimo ho ka iketsetsa diteko, ho molemo hore o eme mofuteng wa peo o sebediswang sebakeng seo o leng ho sona. Kgetho e fosahetseng ya mofuta wa peo maemong a tlelaemete a lebatowa le itseng, e ka ba ditshenyehelo tse mpe haholo ha eba kuno e ka ba e fokolang haholo.



Botebo ba ho jala le mokgwa wa ho lema 

Mofuta wa tokiso ya tshingwana ya peo, ebang ke ka mora tshebediso ya mokgwa wa sejwalejwale wa ho lema kapa wa sekgalekgale wa ho phethola mobu, o tla laola mofuta wa plantere e sebediswang. Dintlha tsa sehlooho ke tsena:

Peo e tshwanetse ho sunngwa ka ho tiya mobung o mongobo, eseng botebo bo fetang lehlakore le lelelele la lebokosana la mollo, mme e se sunngwe botebo bo bonyane ho feta bophara ba lehlakore la lebokosana leo.

Manyolo a tshwanetse ho ba ka tlasa peo, ka lehlakoreng.

Lekgapetla la mohoma le tshwanetse ho pshatlwa pele ho jalwa kapa nakong ya ho jala, mme plantereng ho sebediswe dithaene (tines) tse lokelang – dithaene di tshwanetse ho sothwa hanyane hore di fapohe tselana ya thaene e jalang peo, e le ho thibela hore peo e se ke ya qetella e jetswe hosele, botebong bo fetang bo rerilweng.



Mokgwa o motle wa ho jala, e ka ba wa seholoholo kapa wa sejwalejwale, ke tshebediso ya diski e setsweng morao ke thaene ya setabodi (ripper), e pshatjang lekgapetla le thata la mobu pakeng tsa diski tse bapileng, moo peo e jalwang teng ka nepo, botebong bo lekantsweng. Molemo wa ho pshatla mobu pakeng tsa didiski ke hore lekgapetla le a pshatlwa hore metso e tle e kenelle mobung. Tshingwana ya peo ha e tshwenngwe, ha e omelle, mme peo e kgona ho jalwa ka mokgwa oo e tla thetsana le mobu o mongobo, o tiileng. 



Ntlha ya bohlokwa e tshwanetseng ho elwa hloko pele ho jalwa, ke kuno e lebelletsweng/habilweng. Ho teng dintlha tse mmalwa tse laolang kuno e habilweng:

Botebo ba mobu;

Mongobo o bolokilweng;

Boemo ba jwale ba monono wa mobu;

Kgetho e nepahetseng ya mofuta wa peo.

Letsatsi le habilweng la ho jala;

Mekgwa ya ho lema le bohlwahlwa ba yona;

Ho phetholwa ha mobu le tokiso ya tshingwana ya peo;

Dipaterone tsa pula le ho noha maemo a lehodimo.



Hang ha kuno e phahameng e se e hlwailwe, sekgahla sa ho etsa peo se ka laolwa. Hang ha kgetho ya mofuta wa peo e se e entswe, dikgothaletso tsa khamphane ya dipeo di ka latelwa.



Tse fuperweng ke bolemi tshebetsong

Koro e na le bokgoni bo makatsang haholo ba ho itshokolela moo dithusakuno tse ding di haellang teng, e leng tse hlokahalang mabapi le kgolo le tswelopele. Dimela di hlahisa dikutu tse ngata ho eketsa palo ya dimela kapa phokotseho ya dikutu moo palo ya dimela e phahameng haholo. Sena se fana ka monyetla o batsi mabapi le sekgahla sa ho etswa ha peo.



Masimo a tlohetsweng feela ke a temo, a fuweng nako e rerilweng ya ho phomola ka mora dijothollo tse fetileng, tse kang poone, e le hore a kgone mokgwa wa phapanyetsano ya dimela (crop rotation), ho bokella mongobo, ho laola mahola le dikokwanyana le ho ntlafatsa ho phetholwa ha mobu.



Kuno tse tlwaelehileng ka kakaretso di ka etsa 1, 4 ya ditone hekthare ka nngwe saekeleng ya koro kapa 2 ditone hekthare ka nngwe ka mora phomolo/tlohelo e feletseng ya masimo. Mofuta ona wa peo o bile le bokgoni ba ho ata haholo hammoho le ho amohela pula hamorao sehleng ka mora nako ya komello.



Bongata bo kgothaletswang mabapi le ho jala, ho hola ha mefuta e fapaneng ya mabastere a peo a jetsweng nakong tse fapaneng ho tloha ka hwetla ho ya fihla tshimolohong ya mariha. Mabapi le lebatowa la hao, tsena di ka fumanwa dikhamphaneng tsa tlhahiso ya peo hammoho le Small Grain Centre, e leng tse neanang ka peo e seng e ile ya lekwa, e sebediswang kgwebong, e keneng le mmarakeng. Hape kgothaletso ke hore o ikopanye le balemi ba mmakgonthe ba koro, baemedi ba balemi le ba ditshebeletso tsa katoloso tsa agribusiness mabapi le mefuta e metle ka ho fetisisa ya peo le ya sekgahla sa ho etsa peo, tseo o ka di sebedisang lebatoweng la bolemi ba hao.



Hopola hle, hore sekgahla sa ho etsa peo le matsatsi a ho jala, ke dintho tse tshwanetseng ho lokiswa ho ya ka mongobo o leng teng, boemo ba monono, manyolo, bokgoni ba mobu, le dipaterone tsa pula masimong a hao. Boiphihlelo ha nako e ntse e tsamaya bo o bontsha nako e ntle haholo ya sekgahla sa ho etsa peo ho ya ka mefuta e fapaneng ya peo se tla ema jwang masimong a hao. Sekgahla se tlase haholo sa ho etsa peo se tla kgina matla a kuno le ho fana ka monyetla phehisanong le mahola. E meng ya mefuta e metjha ya peo e bonahala e ena le phokotseho ya ho etsa dikutu, mme ka baka lena, e jalwa ho ka etsang 30 kg hekthare ka nngwe. Sekgahla se phahameng haholo ho hlahisa dimela tse fokolang, tseo hammoho di lwanelang mongobo o bolokilweng mobung, menontsha le sebaka seo semela se holelang ho sona, e leng seo qetellong se bakang metso e fokolang ya semela.



Hape ke taba ya bohlokwa ho sotha plantere ya hao ya koro mabapi le ho behwa ho nepahetseng ha peo hammoho le bongata kapa ho teteana ya yona. Hlahloba ”setting” tsa plantere nakong eo e sa sebetseng ka yona sebakeng seo ho sona disebediswa di lokisetswang ho sona, ebe o metha peo le manyolo a sebediswang sebakeng sa masimo a methilweng ka nepo, sa hekthare kapa ho feta. Ha eba boholo ba sebaka se itseng se tsejwa, ekaba sa masimo a manyane, tekolo e nepahetseng ya sekgahla sa ho jala e ka etswa ka lebelo le tlwaelehileng la tshebetso ya terekere le plantere. Hangata “setting” tse etswang sesebediswa se eme, ha se atise ho tshwana le tse etswang nakong eo mosebetsi o etswang ka yona, ha ngwale e kgiba. Ho lema kapa ho jala sebaka se seholo, ekaba ka sekgahla se tlase haholo sa peo kapa manyolo, kapa se phahameng haholo, ho ka nna ha phahama haholo ka tjheleteng. 









































