Wheat										Sesotho



Ho eketsa ka mabele ho Pula-Imvula



Instructions:

Insert: Dijothollo tsa mariha

Insert: Tse ikgethileng

Byline: Jane McPherson, manejara wa lenaneo la Ntshetsopele la Grain SA



Ka ho bala lengolo lena la Pula-Imvula o tshwanetse ho ela hloko Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA. Nakong e fetileng, lenaneo lena le ne le tshehetswa ka ditjhelete haholoholo ke ba Maize Trust, mme ka baka lena, re ne re kgona ho hatisa le ho phatlalatsa diartikele tse amanang le indasteri ya poone.



Haufinyane mohlomong o ile wa lemoha hore re ile ra kenyeletsa diartikele mabapi le Dipeo tsa Oli makasineng – sena se bile ka baka la tshehetso ya tjhelete e neng e tswa ho Trusteng ya Ntshetsopele ya Dipeo tsa Oli le Protheine. Jwale re motlotlo ho o tsebisa hore re kgonne ho fumana tshehetso e jwalo ho ba Truste ya Dijothollo tsa Mariha, mme ho tloha artikeleng ya kgwedi ena ya Tshitwe, re tla ba le tlatsetso ya kotara lengolong la rona le potolohang la Pula-Imvula le tla fupara diartikele mabapi le tlhahiso ya koro mabatoweng a pula tsa lehlabula.



Hajwale re tla hatisa feela tlatsetso ena ka puo ya Senyesemane le ya Sesotho, mme e tla kenyeletswa lenaneong la phatlalatso e tlwaelehileng ya Pula-Imvula la Foreisetata. Kopong e lebisitsweng ho ba Truste ya Dijothollo tsa Mariha, re kopile diprojeke tse ngatanyana ho thusa ho ntshetsa pele bahlahisi ba koro Botjhabela le Bohareng ba Foreisetata. Re tla be re jala diteko tse pedi tsa dipontsho – e nngwe Modderpoort, haufi le Ladybrand bakeng sa balemi ba lebatowa le ka Botjhabela hammoho le e nngwe Glen, haufi le Bloemfontein mabapi le balemi ba lebatowa le bohareng. 



Sepheo ka diteko tsena e tla ba ho bontsha balemi tshebetso e ntle ka ho fetisisa – mekgwa e nepahetseng ya ho phethola mobu, o hlwahlwa mabapi le paballo ya mongobo nakong ya dikgwedi tsa hlabula, kgetho ya mofuta wa peo, palo ya dimela, manyolo le taolo ya mahola le tse tshwenyang (dikokwanyana). Matsatsi a mabedi a balemi a tla tshwarelwa hona ditekong tsa dipontsho – ke ntho e ntle ho utlwa ka dintho, empa ho di bona ke hona ho di utlwisisa ruri.



Le hoja ho le teng dingolwa tse ngata tse mabapi le tlhahiso ya koro dibakeng tsa dipula tsa lehlabula, re tla be re bokella bukanatataiso haholoholo bakeng sa balemi lebatoweng. Seo bukana ena e tla tsepamisa maikutlo ho sona haholo e tla ba mokgwa wa paballo ya mongobo – ntlha ya bohlokwa ka ho fetisisa tlhahisong ya koro lebatoweng la dipula tsa lehlabula. Bukanatataiso ena e tla boela e eba le dikgaolo mabapi le mobu, semela sa koro, ditlhoko tsa menontsha ya koro, mekgwa le maqheka a ho jala a tla kenyeletsa kgetho ya mofuta wa peo hammoho le palo ya dimela le matsatsi a ho jala, taolo ya mahola semeleng se ntseng se hola, taolo ya tse tshwenyang (diboko, jj.) taolo ya malwetse hammoho le kotulo, ho kereita (hlophisa) le mmaraka.



Ka mora hore thuto e phethwe, re tla be re hlahisa dithuto tse tharo tsa thupelo (mohlomong dithuto tsa boitjhoriso, re ka realo) – e nngwe bakeng sa diofisiri tsa katoloso le tse pedi tsa balemi. Dithuto tsena di tla nkwa nakong ya beke – nakong tsa hoseng ho tla shebanwa le karolo ya tsa kelello (theory), mme nakong tsa thapama e be dintlha tsa thupelo tse etswang ka matsoho (practical).



Hore balemi ba thuswe ho lekaneng, re tla be re theha dihlopha tse nne tsa boithuto Foreisetata, mme re tla sheba tshebedisanong e matla le balemi, le dikgwebo tsa temo (agribusinesses) hammoho le Setsha sa Dijothollo tse Nyane (Small Grain Institute) Bethlehem.

