Weeds (Wheat) 									SESOTHO



Hlaola lehola dimeleng tsa mariha

Instructions: 

Folio Strap: Taolo ya lehola

Byline: Tlhahisoleseding e fumanwe bukeng ya tataiso ya Grain SA Tlhahisong ya Koro

Photos: 

Wild buckwheat/Morning Glory (Convolvulus) Korong

Pig weed/Amaranthus/Misbredie

Wild oats

Prostrate Knott weed

Hondebossie



Semela sefe le sefe se melang moo se sa hlokahaleng teng kapa se sa batlweng teng se ka bitswa lehola. Mahola a baka mathata temong ya dijothollo ka mabaka a mangata – a hlodisana le dimela mabapi le mongobo le menontsha, a ka nna a baka mathata hape le nakong ya kotulo, a ka ba le tshwaetso e mpe dimeleng kapa ho fetola mmala wa tsona, mme peo ya tsona e ka nna ya ba tjhefo, mme a ka nna a iphetola sebaka moo dikokwanyana le malwetse di ipatang teng, e leng se ka amang dijothollo tse lebelletsweng.



Mahola a tsebahala ka ho ata ha peo e hlahang kapele le ka sekgahla se makatsang. A phatlalla le ho hola ka potlako ekgolo. Hangata a na le metso e tswetseng pele hantle, mme a kgona ho ikamahanya le maemo a mangata. Ho boima ho ka a laola, a thata, mme a hlodisana kamatla le dijothollo mabapi le mongobo le menontsha ya mobu. Mahola hangata a fihlela boemo bo tiileng a sa le manyane, mme ka baka lena a a ikatisa kapele. 



Mahola a ikatisa ka mekgwa e mengata e fapaneng, mme sena se tshwanetse ho elwa hloko ha a laolwa. Mahola a ka etsa peo (hangata kapele le ka sekgahla), a mang a na le dikutu tse ka tlasa mobu (rhizomes), a mang a na le metso e nanarang ka hodima mobu (stolons), a mang a na le dikutu tse tenya, tse ikentseng polokwehadi, a mang a na le dikotola . Maemong a mang, jwalo ka jwanng ba nate (nut), mahola a beha peo, mme a ba le dikutu tse tenya le dikotola – e leng se boelang se thatafatsa ho ka a laola. Dipeo tsa mahola di dula di le mafolofolo nako e telele – di kgona ho leta mobung ho fihlela maemo a le matle hore di ka mela. Dipeo tsa mahola ha di mele kaofela ka nako e le nngwe – tse ding di a mela ha tse ding di tla mela hamoraonyana. Ho mela ha tsona ho thuswa ke ho phetholwa ha mobu. 



Metso ya mahola hangata e kenella hare mobung le ka mokgwa o namalletseng ho feta metso ya dijothollo, mme ka baka lena e kgona ho iphelela ha bonolo. Mahola a dinako tsa dipula tsa selemo hangata a bokella dijo tse ngata dikarolong tsa ona tse ka tlasa mobu – hape e leng se a thusang ho baballeha kgahlanong le maemo a boima. Mahola a jara boikarabelo tahlehelong e kgolo ya tlhahiso ya koro. Mabatoweng a dipula tsa hlabula, maholala mang, a kang soetgrass (blue grass), datura (olieboom) le lehola la khaki a ka baka mathata a kotulo nakong ya sehla se metsi sa selemo. Ka kakaretso, ho ka thwe koro e hlodisana hantle le mahola ka baka la metso e nammeng ya yona le ho teteana ha yona. 



Mahola a moferefere a mariha ke hondebossie, amaranthus, morning glory (convolvulus), wild buckwheat le wild oats.



Mahola a lehlaku le sephara ka papiso a laoleha ha bonolo ka dikhemikhale, ha wild oats le mahola a mang a mofuta wa jwang, a ntse a itshwanela ka saekele ya ho hola jwalo ka koro, a ba kotsi e kgolo temong ya koro. Mahola a monocotyledonous a bitswa mahola a mofuta wa jwang, mme a dicotyledonous ona a bitswa mahola a lehlaku le sephara. Mahola a ka nna a phetha saekele ya bophelo ba ona nakong e ka tlase ho selemo – kapa nakong ya sehla (ana a bitswa mahola a selemo); kapa a ka phela nako e fetang selemo empa e ka tlase ho lemo tse pedi (ana a bitswa a dilemo-pedi); kapa a ka phela nako e telele, mme a ikatisa selemo le selemo (ana a bitswa a nako e telele).



Bohlokwa ba ho laola mahola dijothollong ke bofe? 

Mahola a hlodisana le dijothollo mabapi le mongobo, menontsha, sebaka le kganya. Tlhodisano ena e sitisa kgolo ya dijothollo le ho kgina tswelopele, mme ka hoo, e fokotsa kuno ya dijothollo. Sena se ka baka tshwaetso e mpe peong ya dijothollo, kuno e fokotsehileng kapa phokotseho bolenng ba peo ya dijothollo. Tlhodisano ya mahola e fapana ka dijothollo le ka mefuta ya mahola. A ka nna a baka phokotseho e nyane ya 10% kapa e kgolo ya 98% kunong ya dijothollo. Mahola a simolla ho hlodisana le dijothollo hang ha a se a ena le metso e tiileng – hang ha a se a fetile mohato wa peo. 



Taolo ya mahola e tshwanetse ho etswa ho tadimilwe thibelo ya tlhodisano le dijothollo hammoho le ho thibela mahola ho etsa peo le ho a sitisa ho ema a le malala-a-laotswe ho hlodisana le dijothollo tse ding hamorao.



Mekgwa ya taolo ya mahola

Mekgwa e mmedi ya sehlooho ya ho laola mahola – ka metjhine le ka dikhemikhale. Hangata, ho phethola mobu ho le hong kapa ho kenyelletswa ha dibolayalehola mmoho le ho phetholwa ha mobu, e tla ba ona mokgwa o bonolo o ka sebediswang. Kgetho ya mokgwa o sebediswang e itshetlehile ka hore molemi o rata mokgwa ofe, o na le boiphihlelo bofe hammoho le boteng ba basebetsi, diterekere le disebediswa tse ding – haholoholo nakong ya ho jala le ka mora moo. 



Tsamaiso maholeng e tshwanetse ho shejwa e le karolo ya bohlokwa temong ya koro, mme e tshwanetse ho nahanisiswa nakong ya ho phetholwa ha mobu, tokisong ya tshingwana ya peo, nakong ya ho jala, le nakong ya mehato ya ho hola ha dijothollo.



Taolo ya mahola ka metjhine

Taolo ya mahola ka metjhine e kenyeletsa ho kgaolwa ha mahola e le ho thibela mahola ho etsa peo, hammoho le taba ya bohlokwa, e leng ho motsula mahola ka terekere le sesebediswa se lokelang. Taolo ya mahola ka metjhine e lokile hantle pele ho jalwa. Ho bohlokwa ho laola mahola ha a sa ntse a le manyane e le ho qoba taba ya tlhodisano le dimela mabapi le mongobo.



Taolo ya mahola ka dikhemikhale

Ho teng dikhemikhale tsa diphalli (liquids), dithollo le dikgase tse ka sebediswang ho laola mahola. Methamo e nepahetseng le tshebediso nakong e nepahetseng ya dibolayalehola ke ntlha ya bohlokwa. Dikhemikhale tsena di ka hlophuwa ka mekgahlelo e mmedi, e leng dibolayalehola tse kgethang (selective) le tse sa kgetheng (non-selective). Tse sa kgetheng di bolaya semela sefe le sefe seo di kopanang le sona, ke la rita! Tse kgethang tsona di bolaya lehola le itseng ntle le ho ama semela ho hang.



Dibolayalehola di boetse di sebetsa ka mekgwa e mmedi e fapaneng – tse ding di sebetsa ka ho thetsana/amana ha tse ding tsona di sebetsa mmeleng wa lehola. Dibolayalehola tse tshetsang, di ama lehola, mme ka hoo ho hlokahala mongobo o mongata mabapi le tshebetso ena. Mokgwa ona o hlwahlwa haholo maholeng a sa ntsaneng a le manyane kapa a matjha. Tse sebetsang ka hara semela (lehola) tsona di tsamaiswa ka hara semela, mme le ha se tshetswe feela mahlakung, metso le yona e a ameha. 



Ho sebedisa taolo ya mahola ka dikhemikhale

Pele ho ka etswa qeto mabapi le mekgwa e ka sebediswang ho laola mahola, mahola a amehang a tshwanetse ho hlwauwa (ho kgethollwa), mme molemi o tshwanetse ho tseba hore mahola ana a tla kgathatsa neng.

Ke dibolayalehola dife tse ileng tsa sebediswa masimong ana nakong e fetileng le hore ke dijothollo dife tseo re batlang ho di jala nakong e tlang?

Na sebolayalehola se ngodisitswe ho ka laola lehola le itseng?

Na sebolayalehola se ngodisitswe ho ka sebediswa sejothollong se itseng?

Ke tshebediso efe e ngodisitsweng ya sebolayalehola se itseng ho laola lehola le itseng sejothollong se itseng?



Dintlha tse fapaneng di tshwaetsa tshebetso ya dibolayalehola tsa ha peo e se e hlahile 

Mohato wa kgolo ya lehola o bohlokwa – mahola a sa ntsaneng a le manyane a tshaba dibolayalehola haholo, ha sebaka sa lehlaku le sephara le semela se holang ka potlako se tla potlakisa tsamaiso le ho monngwa ha dibolayalehola tse tsamayang ka hara semela. Mahola a sa holeng hantle ka mabaka a kang kgatello ya mongobo a ke ke a angwa ke dibolayalehola hobane ho tsamaiswa ha sebolayalehola ka hara semela ho tla be ho sehetswe meedi.



Tlelaemete le yona e ama ho monngwa – pula e bang teng hang ka mora tshebediso ya sebolayalehola e ka nna ya hlatswa sebolayalehola mahlakung, mme ka hoo, ya fokotsa ho monngwa ha sona. Dibolayalehola tse itseng di sitwa ho tswakanngwa sefafatsing se le seng – di angwa ke tshebetso ya dikhemokhale tse etsang hore di fokollwe ke matla. Maemong a mang, ho tswakanngwa ho ba le matla ho feta tswakanyo feela e nahanwang. Mokgwa wa tshebetso hammoho le sesebediswa se loketseng ke taba ya bohlokwa ho nnetefatsa hore mahlaku le dikutu di fumana metsi a matle. 



Metswako (e kgomaretsang kapa e etsang mongobo) 

Metswako ena ke sehlopha sa dikhemikhale tse tshelwang motswakong wa sefafatsi ka sepheo sa ho ntlafatsa tshebetso ya sebolayalehola. Hangata metswako ena e a kgothaletswa empa dikhemikhale tse ding di kenyeletsa metswako ya tsona – ho bohlokwa ho bala leibole le ho latela ditaelo tsa khemikhale e itseng. Metswako ena e sebetsa ka mekgwa e fapaneng – e meng e etsa hore sebolayalehola se kgomarele mahlakung, e meng e matlafatsa ho monngwa ha sebolayalehola, mme e meng yona e thibela diphetoho tsa dikhemikhale metswakong ha e meng yona e ama boholo ba marothodi.



Boipaballo ha ho fafatswa 

Dikhemikhale tse sebediswang temong di reretswe ho bolaya dimela, dikokwanyana kapa diphoofolo, mme di tshwanetse ho sebediswa ka hloko e kgolo. Sebedisa setshireletsa mahlo (mask), diborele le dihansekune ka nako tsohle. Tlhokomelo e kgolo e boetse e tshwanela ho ba teng ha ho lahlwa ditshelo tse sebeditseng, tse se nang letho. Tjhefo e tshwanetse ho notlellwa ka nako tsohle. 



Phapantsho ya dijothollo le taolo ya mahola

Phapantsho ya dijothollo ke karolo ya bohlokwa ya taolo e kopanetsweng ya lehola. Ditatellano tse ngata tsa phapantsho ya dijothollo di sebediswa mabatoweng a koro ya mariha a Foreisetata Botjhabela. Koro-ebe ho a phetholwa ho sa jalwe letho; koro mariha-poone, koro mariha-soneblomo kapa dijothollo tsa mabele-ebe ho a phetholwa ho sa jalwe letho; koro mariha-poone-soneblomo, le koro ya nako tsohle mariha; ke tsona diphapantsho tse tlwaelehileng haholo. 



Koro e nang le saekele e tshwanang le ya sejothollo e batla e eketseha moo ho sebediswang mokgwa wa kgale wa ho lema. Mahola a selemo a mariha, haholoholo majwang, a batla a atile haholo korong ya mariha. Mahola a selemo a lehlaku le sephara le ona a a eketseha empa a kgona ho laolwa ka dibolayalehola korong e holang ya mariha. 



Ho kenya sejothollo sa sehla se futhumetseng jwalo ka poone, mabele kapa soneblomo phapantshong ya koro ya mariha-e latelwe ke ho phetholwa ha mobu ho sa jalwe letho, ho thusa ho kgaola saekele ya mahola ana a tshwenyang mariha a selemo. Sejothollo sefe kapa sefe sa lebatowa la sehla se futhumetseng se tla lekana, mme se tla thusa e le mokgwa o bohlokwa wa taolo ya lehola. Sejothollo sa sehla se phodileng sa selemo jwalo ka koro kapa outshe ha se matla hakaalo jwalo ka sa sehla se futhumetseng mabapi le ho roba saekele ya bophelo ya mahola a mariha a selemo.



Phapantsho ya koro ya mariha-poone-ho se jale masimo, ke kgetho e ntle haholo taolong ya mahola a mariha a selemo korong ya mariha le ho fana ka kuno e ntle. Phokotsehong ya nako ya pele koro e latelwa ke masimo a sa jalwang ka ho jala koro ya mariha hang feela ka mora sejothollo sa hlabula jwalo ka poone ya dijo tsa diphoofolo kapa dinawa tsa soya hangata ho qetella ka koro e emeng, e fokolang ka baka la kgaello ya metsi kapa ho jala ka mora nako e nepahetseng ya ho jala. Koro ya mariha ha e hlodisane ka matla, e leng se qetellang ka kgolo e eketsehileng ya lehola korong le kotulong e latelang.



Lebaka la bohlokwa la ho fapantsha dijothollo tsa mariha tsa selemo le tsa hlabula tsa selemo ke ho fedisa mohlodi wa lehola mobung. Ka lemo tse pedi kapa ho feta, pakeng tsa dijothollo tsa koro ya mariha, mehlodi ya peo ya lehola e theohela maemong ao mahola a holang a kgonang ho laolwa ha bonolo.



Taolo ya mahola ka ho se jale 

Taolo e hlwahlwa ya mahola nakong ya ho se jale (eco-fallow) le ya pele ho jalwa koro, e hlokolosi mabapi le paballo ya metsi, phediso tlhahisong ya peo ya mahola hammoho le ho ripitla dikokwanyana le malwetse. Nako ya ho se jale (eco-fallow) ke nako ya ho tloha kotulong ya koro ya mariha ho fihlela tshimolohong ya selemo kapa ho jalweng ha sejothollo sa sehla sa hlabula. Nako ya pele ho koro (pre-wheat fallow) ke nako ho tloha tshimolohong ya selemo kapa kotulong ya sejothollo sa nako ya selemo hlabula ho fihlela ha koro ya mariha e entse peo. Dibolayalehola, ho phetholwa ha mobu kapa ka bobedi, di ka nna tsa sebediswa taolong ya mahola nakong tsena. Dibolayalehola di tshwara masalla a mobung ho feta ho phetholwa ha mobu, e leng se thusang ho fokotsa kgoholeho ya mobu le ho eketsa ho tshwarwa ha metsi mobung. Ha eba ho phetholwa mobu, ho tshwanetse ho baballwa masalla mobung ka moo ho ka kgonahalang ka teng.



Koro ya boithaopo ke ya mofuta wa koro ya Rasheya, aphid le ya mite, e leng mofuta wa koro ya kgale ya kokwanahloko. Koro ena e tshwanetse ho laolwa nakong tsohle tsa ho tlohelwa ha mobu o sa jalwe letho (fallow periods), mme ho hlokolosi hore e fediswe ka hohlehohle bonyane nako ya beke pakeng tsa kotulo ya koro le nako ya koro ya ho etsa peo. Sena se bitswa “ho rojwa ha borokgo bo botala”, mme se thibela ho fetisetswa ha dikokwanyana tsena ho tloha korong e nngwe ho ya ho e nngwe ka ho hlokisa dikokwanyana mohlodi wa dijo le monyetla wa ho phela.



Dithemphereitjhara tse phahameng nakong ya Tshitwe le Pherekgong hangata di baka kgatello korong ya boithaopo le maholeng, mme di fokotsa matla a dibolayalehola tse sebediswang hang ka mora kotulo ya koro. Ho tlatselletsa, mahola a lehlaku le sephara a se a kgaotswe dihlooho ke motjhine (combine), mme ho boima ho a laola ka dibolayalehola. Le hoja ho phethola mobu ho sebetsa hantle nakong ena ya selemo, ho tshwanetse ho simolla hang feela ka mora kotulo, ho seng jwalo mobu o ka nna wa omella, mme wa sitisa sebediswa se phetholang ho kenella. 



Ha eba dibolayalehola di sa sebediswe nakong ya kgefutso ya mobu, simolla ho phethola pele mobu o omella haholo le ho ba thata hoo disebediswa jwale di sitwang ho kenella ka tshwanelo. Ha eba ho phetholwa ho ilo sebediswa, tshebetso ya pele e tshwanetse ho ba pele ho la 1 Pherekgong nakong ya pele ya kgefutso ya koro. Nakong ena, ho ka nna ha sebediswa mohoma o fielang, ekge ya diseki (tandem-disk harrow), diseki e sekameng (offset disk), mohoma wa tjhisele le/kapa dibolayalehola ho bolaya mahola pele a fokotsa metsi a mobung. Palo ya tshebetso tsa ho phethola di itshetlehile ka potlako ya ho hlaha ha mahola, mefuta ya mahola e hlahang, ho sekama ha mobu, bobebe ba kgoholeho le hore drill e ka sebetsana le bongata bo bokae ba masalla masimong. Mokgwa wa ho phethola ho fielang ha o laole mahola ha mobu o le metsi; ka baka leo, didiseki hangata di a sebediswa hangata, le hoja di senya masalla a mangata a dijothollo. Dibolayalehola re ka re ke mokgwa o molemo wa ho laola mahola ho feta wa ho phethola ha mobu o le metsi.



