Weeds(Maize) 									SESOTHO



Mahola le taolo ya ona



Instructions:

Folio Strap: Taolo ya mahola

Byline: Ditaba tsena di nkilwe bukaneng ya tataiso ya Selelekela Tlhahisong ya Poone



Semela sefe kapa sefe se melang moo se sa tshwanelang se ka bitswa “lehola”. Ke sera ho molemi wa dijothollo – mahola a hlodisana mabapi le mongobo, kganya, sebaka le menontsha, mme a ka baka mathata hape le nakong ya kotulo, hape a ka nna a ba le tshwaetso e mpe dijothollong kapa ho senya mmala wa tsona. Peo ya ona e ka nna ya ba le tjhefo, mme a ka nna a fetoha sebaka moo tse tshwenyang, jwalo ka dikokwanyana di ka ipatang teng, hammoho le malwetse a ka hlaselang dijothollo. 



Mahola a na le matshwao a ho hola ka potlako a le mangata, a ata ha bobebe le ho hola ka sekgahla. Hangata a na le metso e tswetseng pele hantle, mme a kgona ho ikamahanya le maemo a mangata. A boima ho laolwa, a manganga, a hlodisana ka matla le dijothollo mabapi le mongobo le menontsha ya mobu. Mahola a fihlela boemo bo phethahetseng ba kgolo a sa le manyane, mme ka baka lena, a tswala a mang (ikatisa) kapele.



Metso ya mahola hangata e kenella tlase mobung le ho nama ho feta metso ya dijothollo, mme ka baka lena, metso e kgona ho tshwarella nako e telele. Mahola a dipula tse dulang di ena hangata a na le dijo tse ngata tse bolokilweng ka thoko dikarolong tsa yona tsa metso – hape e leng se a thusang ho tsetsepela nakong ya maemo a boima a ho hola.



Mahola a ka nna a phetha saekele ya ho phela ha ona nakong ya selemo – kapa ya sehla (ana a bitswa mahola a selemo, kapa a ka phela nako e fetang selemo empa eseng ho feta lemo tse pedi (biennial weeds), kapa a ka nna a phela nako e telele, mme a hlahisa a mang selemo le selemo. Ana a bitswa “perennial weeds”.



Bohlokwa ke bofe ba ho laola mahola dijothollong?

Mahola a hlodisana le dijothollo mabapi le mongobo, menontsha, sebaka le kganya. Tlhodisano ena e sitisa ho hola ha dijothollo le tswelopele, mme ka hoo, e fokotsa kotulo. Hape e tshwaetsa hampe peo ya dijothollo, e fokotsa kuno kapa boleng ba peo ya dijothollo. Tlhodisano e bakwang ke mahola e fapana ka dijothollo le ka mahola – e ka nna ya baka phokotseho e nyane ya 10% kapa e kgolo ya 98%. 



Mahola a simolla ho hlodisana le dijothollo ha a se a fihlelletse kgolo e phethahetseng ya metso – hang ha a se a le boemong ba mahaba. Taolo ya mahola e tshwanetse ho etswa ho tadimilwe thibelo ya tlhodisano le dijothollo hammoho le ho thibela ho etsa peo, e leng moo jwale e bang malala a laotswe ho hlodisana le dijothollo tse tla latela hamorao.



Mekgwa ya taolo ya mahola

Mekgwa e mmedi ya sehlooho ya taolo ya mahola – ke ya metjhine le ya dikhemikhale. Hangata ho lema feela kapa ho kenyelletswa ha dibolayalehola hammoho le ho phethola mobu, ke mokgwa o baballang ditjeo ka ho fetisisa o ka sebediswang. Kgetho ya mokgwa e itshetlehile feela ka se ratwang ke molemi, boiphihlelo le tsebo, hammoho le phumaneho ya mosebetsi, diterekere le disebediswa – haholoholo nakong ya ho jala le hang feela ka mora moo.

 

Tsamaiso mabapi le taolo ya mahola e tshwanetse ho shejwa e le karolo ya bohare ya temo ya poone, mme e tshwanetse ho shejwa nakong ya ho phetholwa ha mobu, tokisong ya tshingwana ya peo, nakong ya ho jala le nakong ya mehato ya kgolo ya dijothollo.



Taolo ya mahola ka metjhine

Taolo ya mahola ka metjhine e kenyeletsa ho kgaola mahola e le ho thibela ho bopeha ha peo, kapa, e leng taba ya bohlokwa, ho fothola mahola ka ho sbedisa terekere le sesebediswa se nepahetseng. Mokgwa ona o nepahetse haholo pele ho jalwa (ho boloka mobu o hlwekile) le nakong ya mehato ya pele ya tswelopele ya dijothollo. Ho bohlokwa ho laola mahola a sa ntse sa le manyane ho thibela tlhodisano mabapi le mongobo wa mobu, hammoho le ha dijothollo di sa ntse di le nyane e le ho etsa bonnete ba hore ho lema ha ho senye metso ya dijothollo. Mahola a kgale, a seng a tiile, a na le metso e seng e tswetse pele hantle, mme taolo e hlwahlwa ya ona ka metjhine ke e tshwanelang ho hlasela, hommeng e ka nna ya lematsa metso ya dijothollo. 



Taolo ya mahola ka dikhemikhale

Ho teng dikhemikhale tsa diphalli, tse metsi, dithollo le dikgase, tse ka sebediswang ho laola nahola. Methamo e nepahetseng le nako e nepahetseng mabapi le tshebediso ya dibolayalehola ke ntlha ya bohlokwa ka ho fetisisa.



Dikhemikhale tsena di mekga e mmedi; dibolayalehola tse sehetsweng meedi le tse sa sehelwang meedi. Tse sa sehelwang meedi di bolaya semela sefe kapa sefe seo di kopanang le sona, ha tse sehetsweng meedi tsona di bolaya lehola le itseng ntle le ho ama sejothollo ho hang. Tse sa sehelwang meedi di ka nna tsa sebediswa pakeng tsa mela ya dijothollo, mme ka hoo, ya bolaya mahola ntle le ho ama semela. 



Dibolayalehola di boetse di sebetsa ka mekgwa e mmedi – tse ding di sebetsa ka ho amana, ha tse ding di sebetsa ka mmele wa semela. Dibolayalehola tse amang di ama semela seo di kopanang/thetsanang le sona, mme hore diphetho tse ntle ka ho fetisisa di fihlellwe, ho tshela ka metsi ho a hlokahala. Tsena di sebetsa ka matla maholeng a manyane a ntseng a hola. Dibolayalehola tse sebetsang ka mmele tsona di tsamaiswa ka hara semela, mme ka hoo, le ha di fafaditswe mahlakung, metso le yona e ka nna ya ameha. 



Dibolayalehola di ka nna tsa hlophiswa e le tse ka sebediswang pele dijothollo di hlaha mobung, le tse sebediswang ha dijothollo di se di hlahile. Tsa pele dijothollo di hlaha, di monngwa ke metso e ntseng e tswela pele, ha tsa ha dijothollo di se di hlahile, di monngwa ke mahlaku le dikutu. 



Papisong le taolo ya mahola ka metjhine, taolo ya mahola ka dikhemikhale e na le melemo e mengata – e meng e totobetseng ke ena:

Ho a potlaka ho sebedisa dikhemikhale taolong ya mahola ho ena le ho ntsha mahola ao ka metjhine.

Boholo ba dikhemikhale bo sebetsa nako e telele, e leng se bolelang hore ha ho hlokahale ho tswela pele ka mehato e itseng taolong ya ona.

Nakong tse dihla tsa dipula, nakong eo seretse se sitisang diterekere ho kena masimong, taolo ya mahola ka dikhemikhale e hlwahlwa haholo (terekere e nang le sefafatsi e kenan masimong kapele ho feta e hulang mohoma).

