Weeds										Sesotho



Re lwana e mahlomafubedu kgahlanong le MAHOLA



Instructions:

Folio Strap: Weed control (Taolo ya lehola)

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA



Sera se seholo ka ho fetisisa sa molemi wa dijothollo ke mahola, mme lenaneong la rona la ntshetsopele re fihletse qeto ya ho tswa ntjeng le ho lwana e mahlomafubedu kgahlanong le sera sena!



Mabatoweng a mangata moo ho hlahiswang dijothollo tsa hlabula, sehla sena e bile sa tlhahiso e ntle ka ho fetisisa. Ka bomadimabe, ha maemo a le matle bakeng sa dijothollo, a boetse a matle bakeng sa mahola. Ho teng masimo lemong sena moo ho bileng boima ho bona dijothollo ka hara mahola, mme tshenyehelo eo sena se e fupareletseng molemi ke e ke keng ya lekanngwa. Dilemong tse mmalwa tse fetileng, balemi ba dijothollo ba hutse ha boima ka tlhako tsa morao, e le ha ba shebile phaello e siyo – re ke ke ra kgona ho lahlehelwa ke dijothollo ka mokgwa ona, le hona ho sa hlokahale.



Mohlomong o maketse hore hobaneng re tshwenyeha ka mahola kgweding ya Mmesa. Hona jwale, ho ke ke ha eba molemo o mokaalo ho leka ho laola mahola dijothollong tse teng hona jwale. Lebaka ke hobane mahola a se a entse tshenyo (ha e se feela ho a thibela ho etsa peo e tla hlasela masimo lemong se tlang). Le ha ho le jwalo, hore re kgone ho hlola sera ka mokgwa o phethahetseng, re tshwanela ho tseba sera sa rona – o sitwa ho lwantsha ntho eo o sa e tsebeng, eo o sitwang le ho e lemoha. Ena ke nako e ntle haholo ya hore o hlahlobe masimo a hao le ho bona hore ke mahola afe a melang moo – mahola a leng teng moo hona jwale a ka nna a ba teng moo hape le lemong se tlang (le selemong se hlahlamang seo ha o sa nke mehato e matla ya ho a laola).

Hlwaya le ho tseba mahola;

Ela hloko hore ke mahola afe a bang mangata, le hona masimong afe;

Etsa dipatlisiso ka mahola ao o seng o a bone – a tjena:

Ke a mahlaku a sephara;

Ke a mahlaku a masesanyane (a kang jwang);

A ata jwang – ka peo, kapa ka metso, kapa ka dikotola, jj.

Mokgwa ke ofe o matla ka ho fetisisa wa ho thibela mahola dijothollong (phapanyetso ya dijothollo, taolo ka metjhine kapa ka dibolayalehola);

Mahola ana a ka lwantshwa nakong efe ya selemo? (e ka nna ya ba nakong ya mariha pele o jala dijothollo tse hlahlamang);

Ke dikhemikhale dife tse ngodisitsweng tse ka sebediswang maholeng ao?

Dikhemikhale di tshwanetse ho sebediswa neng maholeng/kapa mobung?



Hang ha o se o ena le tlhahisoleseding mabapi le mahola ao e leng qaka ho wena, o tla be o le malala-a-laotswe ho ka a laola o ntse o shebile sehla se hlahlamang – Ema o le malala-a-laotswe hore o hlole ntwa ena e mpempe, le hore qetellong o tle o hlahelle o le ya hlotseng! Ema ka maoto!

 

