Weeds 										Sesotho

 

Mahola – thohako tlhahisong ya dijothollo



Instructions:

Folio Strap: Taolo ya lehola

Byline: Tlhahisoleseding e fumanwe bukaneng ya tataiso ya Grain SA: Tlhahiso e tswetseng pele ya poone le mmaraka

Photos

Photo 1: Masimo ana Kaapa Botjhabela a ne a sa fafatswa ho hang ka sebolayalehola, ka hoo, ke mahola feela.

Photo 2: Masimo ana Kaapa Botjhabela a fafaditswe ka sebolayalehola hang hoba ho jalwe.

Photo 3: Malepa setshwantshong sena ke ho supa semela sa poone!

Photo 4: Sefe e thibane sefafatsing.

Photo 5: Melongwana e thibane sefafatsing.

Photo 6: Se a thibana sefafatsi ha se sa hlwekiswe le ho hlokomelwa.



Ditshwantsho 1 le 2 ke tsa masimo a le mang Kaapa Botjhabela – a nang le mahola ke a sa kang a fafatswa ho hang ka sebolayalehola, ha a mang ona a fafaditswe hang hoba ho jalwe – phapang e hlakile! 



Lehola ke eng?

Semela sefe kapa sefe se melang moo se sa tshwanelang se ka bitswa “lehola”. Mahola a baka mathata temong ya dijothollo ka mabaka a fapaneng – a hlodisana ka mongobo, kganya, sebaka le menontsha, mme a ka baka mathata hape le nakong ya kotulo, hape a ka nna a ba le tshwaetso e mpe dijothollong kapa a senya mmala wa tsona. Peo ya ona e ka nna ya ba le tjhefo, mme a ka nna a fetoha sebaka moo tse tshwenyang, jwalo ka dikokwanyana, di ka ipatang teng. Hape mahola e ka ba sebaka moo malwetse a hlaselang dijothollo a ka ipatang teng. 



Mahola a na le matshwao a ho hola ka potlako a le mangata, a ata ha bobebe le ho hola ka sekgahla. Hangata a na le metso e tswetseng pele hantle, mme a kgona ho ikamahanya le maemo a mangata. A boima ho laolwa, a manganga, a hlodisana ka matla le dijothollo mabapi le mongobo le menontsha ya mobu. Mahola a fihlela boemo bo phethahetseng ba kgolo a sa le manyane, mme ka baka lena, a tswala a mang (ikatisa) kapele.



Mahola a na le mekgwa e fapaneng ya ho ikatisa, mme taba ena e tshwanetse ho elwa hloko ha ho kenwa morerong wa ho a laola. Mahola a ka etsa peo (hangata ka potlako e kgolo le ka sekgahla), a mang a na le dikutu tse ka tlasa mobu (rhizomes), a mang a na le metso e thatikang ka hodima mobu (stolons), a mang a na le dikotola (bulbs). Maemong a mang, jwalo ka jwanng ba ‘nut’, a beha peo. ‘Nut’ e na le dikutu le dikotola ka tlasa mobu – e leng se etsang hore ho be boima le ho feta ho a laola. Peo tsa mahola hangata di dula di ntse di phela nako e telele – di kgona ho dula mobung ho fihlela maemo a di loketse hore di ka mela. Peo tsa mahola hape ha di mele kaofela ka nako e le nngwe – tse ding di a mela, ha tse ding di tla mela hamorao. Ho mela hona ho bakwa ke ho lema/phethola mobu. Metso ya mahola hangata e kenella tlase mobung le ho nama ho feta metso ya dijothollo, mme ka baka lena, metso e kgona ho tshwarella nako e telele. Mahola a dipula tse dulang di ena hangata a na le dijo tse ngata tse bolokilweng ka thoko dikarolong tsa yona tsa metso – hape e leng se a thusang ho tsetsepela nakong ya maemo a boima a ho hola.

 

Mahola a mahlaku a masesanyane (monocotyledonous weeds) a bitswa mahola a kang jwang, mme a mang ona a bitswa (dicotyledonous weeds) e leng a lehlaku le sephara.



Mahola a ka nna a phetha saekele ya ho phela ha ona nakong ya selemo – kapa ya sehla (ana a bitswa mahola a selemo, kapa a ka phela nako e fetang selemo empa eseng ho feta lemo tse pedi (biennial weeds), kapa a ka nna a phela nako e telele, mme a hlahisa a mang selemo le selemo. Ana a bitswa ‘perennial weeds’. 



Bohlokwa ke bofe ba ho laola mahola dijothollong?

Mahola a hlodisana le dijothollo mabapi le mongobo, menontsha, sebaka le kganya. Tlhodisano ena e sitisa ho hola ha dijothollo le tswelopele, mme ka hoo, e fokotsa kotulo. Hape e tshwaetsa hampe peo ya dijothollo, e fokotsa kuno kapa boleng ba peo ya dijothollo. Tlhodisano e bakwang ke mahola e fapana ka dijothollo le ka mahola – e ka nna ya baka phokotseho e nyane ya 10% kapa e kgolo ya 98%. 



Mahola a simolla ho hlodisana le dijothollo ha a se a fihlelletse kgolo e phethahetseng ya metso – hang ha a se a le boemong ba mahaba. Taolo ya mahola e tshwanetse ho etswa ho tadimilwe thibelo ya tlhodisano le dijothollo hammoho le ho thibela ho etsa peo, e leng moo jwale e bang malala a laotswe ho hlodisana le dijothollo tse tla latela hamorao.



Molemi e mong le e mong ya ikemiseditseng ho hlahisa dijothollo o kene ntweng kgahlanong le mahola – ke sera sa pele sa molemi. Ka kakaretso, mahola a laolwa ka dikhemikhale kapa dibolayalehola – kapa ka ho sebedisa mekgwa ena kaofela. Taolo e hlwahlwa ya mahola ke e tshwanetseng ho siya masimo a se na letho ha e se feela dijothollo tse jetsweng moo – ho se mahola ho hang! Le ha ho le jwalo, kgomo e ka nna ya raha kgamelo ha eba mahola a sa laolwe ka nepo.



Se bakang taolo e fokolang ya mahola ke sefe? 

Ho teng mabaka a mararo a motheo a bakang taolo e fokolang ya mahola – la pele le amana le sesebediswa se phetholang mobu; la bobedi le amana le sesebediswa se fafatsang; la boraro le amana le maemo a lehodimo (bosa).



Sesebediswa se phetholang mobu

Taolo e fokolang ya mahola e ka ba teng ha eba:

Dikere tse lemang di sa arohanngwa ka nepo e le ho fihlella mobu ohle pakeng tsa mela ya dijothollo (e ka nna yaba di se di fetse hoo di sitwang ho kalamana).

Mosebetsi wa ho lema ha o etswe ka botebo bo nepahetseng – metso ya mahola a hlahang selemo le selemo e ka nna ya sala mobung o mongobo o tla a dumella ho boela a tswela pele hape.

Mosebetsi ona ha o etswe ka lebelo le nepahetseng – ho bohlokwa ho lema ka lebelo le batlang le potlakile e le ho sebetsana le mobu ka mokgwa o lekaneng.

Mobu o metsi haholo, mme metso e fotholwang e ntse e thetsane le mobu o mongobo, mme mahola a kgona ho tswela pele.



Sesebediswa se fafatsang 

Taolo e fokolang ya mahola e ka ba teng ha eba:

Ho sothwa ha sefafatsi ho fosahetse.

Nako e behilweng ho laola mahola e sa nepahala.

Sebolayalehola se sebedisitsweng e se se loketseng mofuta wa mahola masimong.

Sefe sefafatsing e thibane (Photo 4).

Melongwana sefafatsing e thibane (Photo 5).

Mefuta e fosahetseng ya melongwana e ile ya sebediswa (hopola ho sebedisa melongwana ya khoune ‘cone’ ho fafatsa dimela, le melongwana ya mofuta wa fene ‘fan’ ho fafatsa mobung.

Ha sefafatsi se sa hlwekiswa ka nepo le ho hlokomelwa ka mora sehla se fetileng – ho thibana ho fapaneng ho ka etsahala, hammoho le mafoome ka baka la dikhemikhale tse salletseng sefafatsing.



Maemo a lehodimo

Dikhemikhale tse itseng di hloka pula hoba di sebediswe, e le hore di sebetse ka matla – ha pula e le siyo, di ke ke tsa sebetsa.

Nako e tjhesang kapa e ommeng haholo e ka nna ya etsa hore dikhemikhale di se sebetse.

Dipula tse matla tse nang hoba masimo a lengwe, di ka nna tsa baka hore mahola a boele a ‘lengwe hape’.



Bohlokwa ba taolo ya mahola bo boholo – ntle le taolo e nepahetseng ya mahola, kotulo e lebelletsweng e ke ke ya eba teng. Le hoja mabaka a mangata a bolelwa artikeleng ka hodimo mabapi le hore hobaneng ha taolo ya mahola e sa phethahale, boholo ba dintlha bo amana le tsamaiso – mohlomong nako e se e re siile bakeng sa sehla sena, empa dithuto tseo ho ithutilweng tsona sehleng sena di tla ba bohlokwa haholo sehleng se tlang. Re tshwanetse ho hahamalla ho etsa feela diphoso ‘tse ntjha’, ka ho ithuta ka diphoso tseo re di entseng, le ho nka mehato ya tokiso mabapi le bokamoso. 



