Water (Maize) 										SESOTHO

Ho utlwisisa saekele ya metsi

Instructions:

Folio Strap: Keketso ya boleng

Byline: Ditaba tsena di nkilwe bukaneng ya tataiso ya Tlhahiso ya Poone 

 tlasa Nosetso

Photos: Use the water cycle photo

 Use the transpiration photo



Lefatshe le na le metsi a seng makae a ntseng a potoloha jwalojwalo. Hona ho bitswa saekele ya metsi.



Saekele e bopilwe ka dikarolo tsa sehlooho tse mmalwa, e leng:

Moyafalo le moyafalo dimeleng;

Kgwamo;

Momahano; hammoho le

Pokeletso



Moyafalo

Moyafalo ke ketsahalo e bang teng ha letsatsi le tjhesa metsi dinokeng kapa matamong, mme ebe metsi a fetoha mohudi/moya o leswe. Moya ona o leswe o tloha nokeng kapa letamong, mme o kgutlela moyeng hape.



Moyafalo dimeleng

Kgwamo ke ketsahalo eo ka yona dimela di lahlehelwang ke metsi ka mahlaku a tsona. Moyafalo le moyafalo dimeleng ke diketsahalo tseo ka tsona metsi a kgutlelang moyeng hape.



Kgwamo

Kgwamo ke ketsahalo eo ka yona moya o leswe o hatselang, mme o boelang o nka sebopeho sa sephalli le ho bopa maru.



Momahano

Momahano e etsahala ha metsi a mangata a se a hwamme hoo moya o sitwang ho a jara. Maru a ba boima, mme metsi a kgutlela lefatsheng a nkile sebopeho sa pula, sefako, motswako wa sefako le lehlwa kapa lehlwa.



Pokeletso

Ha metsi a kgutlela lefatsheng e le momahano, a ka nna a kgutlela lewatleng, matamong kapa dinokeng, kapa a qetella a le lefatsheng. Ha a qetella a le lefatsheng, a tla monyela mobung le ho fetoha karolo ya “metsi a mobu” a ka sebediswang ke dimela le diphoofolo, kapa a ka imathela feela le ho bokellwa ke matsha, matamo, dinoka, mme qetellong a bokellwa ke lewatle – mme tshebetso ena e boela e simolla hape.



Hobaneng dimela di hloka metsi?

Metsi a thusa dimela ho ema di otlolohile. Semela se setjha se ka ba le 90% ya metsi kapa ho feta mona. Boholo ba disele ke metsi a thusang semela ho ema se tiile. Ha semela se haellwa ke metsi se a kobeha le ho tenyetseha. Tahlehelo e kgolo haholo e baka ho shwa ha sona.

Metsi a phodisa semela ka tshebetso ya moyafalo.

Metsi ke karolo e bopang. Ka carbon dioxide dimela di kgona ho etsa carbohydrates.

Metsi ke senolofatsi se tsamaisang diminerale tse qhibidihileng mobung. Tsena di tsamaiswa ka metso ho ya dikarolong tsohle tsa semela.

