Voice (Maize)										Sesotho

Lentswe la molemi 



Instructions: 

Folio strap: Lenaneo la ntshetsopele ya molemi

Byline: Jane McPherson, Manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi 



Nakong ya NAMPO 2009, tse ding tsa ditho tsa 250 Ton Club hammoho le balemi ba boemo bo phahameng lenaneong di ile tsa memelwa kopanong. Maikutlo e bile hore nako jwale e fihlile hore balemi ba batho ba batsho ba ntseng ba thuthuha ba be le lentswe, mme ba shebane le ditaba tseo ba boneng e le tsa bohlokwa. 

Ka la 8 Loetse 2009 kopano e ile ya tshwarwa le balemi ba kgethilweng ka Motsheanong, mme ha tekwa ditaba tse latelang: 

Molemo wa bohwai ka dijothollo;

Kabo ya mobu;

Dikadimo mabapi le tlhahiso; le

Seabo sa mmuso ntshetsopeleng ya molemi;

Kalaka le phosphate;

Tlhabollo ya metjhine ya temo; le

Tshehetso mabapi le inshorense ya tse sebediswang temong.



Molemo wa bohwai ka dijothollo

Potso e teng ya sehlooho eo Afrika Borwa e tshwanetseng ho ipotsa yona – na re batla ho ikemela dijong kapa re batla ho ipeha kotsing ya ho nna re thuswa ka dijo tse romellwang di etswa ka ntle? Molemo wa bohwai ka dijothollo o tlasa kgatello e matla, mme e batla e le taba e ke keng ya etsahala hore balemi ba kgone ho hlahisa dijothollo tse lekaneng ho ka ikemela ka maoto. Balemi ba hlahisitse mabaka a latelang e le ona a bakang tlhahiso e fokolang:



Phephetso
 
Tharollo e kgonahalang 
 

 
Balemi ba Afrika Borwa ba lemang tikolohong eo ka kakaretso e ommeng, ba tshwanetse ho hlodisana le dijothollo tse romellwang di etswa ka ntle. Dijothollo tse hlahiswang tlasa maemo a betere a tlelaemete, mme tse ding tsa tsona di bile di tshehetswa ka ditjhelete ke mebuso e meng. 
 
Afrika Borwa taba ya ho etsa “thotobolo”, e leng e etswang ke dinaha tse tswetseng pele.


 

 
Teranseporoto ya mebila e phahame haholo ka theko, mme tsamaiso ka terene ha e sebetse ka mokgwa o lekaneng.
 
Mokgwa wa teranseporoto ya seporo o tshwanetse ho tsoselletswa.
 

 
Ha ho makgetho a ka tshireletsang balemi ba selehae. 
 
Ditefello tsa thepa e kenang di bohlokwa tshirelletsong ya balemi ba rona.
 

 
Nakong tse ntle tsa sehla, re na le tlhahiso ya poone, e leng e fetang tekano, mme ha ho dihlahiswa tse ding tseo molemi a ka di hlahisang le ho etsa phaello ka tsona – mabele, soneblomo le dinawa tsa soya di hlahiswa ho feta tekano, mme theko ya jwale ya koro e etsa hore e be taba e ke keng ya kgonahala ho e hlahisa tlasa maemo a komello. 
 
“Sekema sa phapanyetso ya makgulo” se tshwanetse ho sebediswa e le hore mebu e fokolang e a tloswa tlhahisong ya dijothollo le ho fetolelwa makgulong a tlhahiso ya nama le ya tshwele. 


 

 

 
Mebaraka ya dijothollo e tshwanetse ho atoloswa. 
 

 
Mekgwa e metle ya temo le kgatelopele ya theknoloji di ekeditse kuno hore e fihle maemong a tlhahiso e fetang tekano. 
 
Balemi ba tshwanetse ho sebedisa mokgwa wa phetolo e fokoditsweng ya mobu kapa ho se phethole mobu (no-till) e le ho fokotsa ditjeo.
 

 
Phapang e kgolo e teng pakeng tsa theko eo molemi a e fumanang mabapi le sehlahiswa sa hae le theko eo moreki a e lefellang dijo tsa hae – ha eba mokenadipakeng a ne a ka nka phaello e nyane, molemi le moreki ba ne ba ka una molemo. 
 
Tlhahisoleseding e tshwanetse ho fihla bathong e le hore motho ka mong letotong la tlhahiso ya dijo a tsebe maemo a ditjeo.
 

 
Ditjeo tse phahameng tsa tse sebediswang temong.
 
Taba ya tumellano mabapi le phahamiso ya ditheko e tshwanetse ho fuputswa.
 

 
Ditjeo tse phahameng tsa tjhelete e adingwang. 
 
Banka ya Lefatshe e tshwanetse ho fana ka monyetla wa kadimo ya tjhelete ka tswala e tlase.
 

 
Ditheko tsa dijothollo di tlase haholo.
 
Tefello ya inshorense kgwedi le kgwedi e ka etswa mabapi le dijothollo tse hlahiswang ke balemi. Sena se ka ba molemong wa ba sebetsang hantle, mme sa etsa le hore ba kgone ho atolosa tshebetso ya bona. 
 

 


Kabo ya mobu

Boholo ba mobu o abilweng bo lahlehile tlhahisong – diprojeke di nyopile.

 

Diphephetso
 
Tharollo e kgonahalang 
 

 
Mekgwa e sebediswang ho kgetha.
 
Mekgwa ya ho kgetha e tshwanetse ho kenyelletsa kwetliso ya nako e fetileng, e leng temo le boiphihlelo.
 

 
Bopaki ba bokgoni le boinehelo ba batho ba bonahalang e le majalefa.
 
Ntshetsa pele tshebetso ya mekgatlo ya thepa tshebetsong ya ho kgetha hammoho le tshehetsong ya balemi. 
 

 
Tshehetso e fuwang baamohedi.
 

 

 
Ba tshwereng ditaba Lefapheng la Naha ha ba na kutlwisiso ya temo.
 

 

 
Boradipolotike ha ba tsebe ka temo.
 

 

 
Ditshebeletso di tsamaya butle – ditumellano tse ngata di felletse moyeng.
 
Mesebetsi e tshwanetse ho phethwa ka mokgwa o hlwahlwa le ho tsamaiswa ke batho ba nang le tsebo. 
 

 
Tieho ditefellong tsa mobu.
 
Mesebetsi e tshwanetse ho phethwa ka mokgwa o hlwahlwa le ho tsamaiswa ke batho ba nang le tsebo.
 

 
Maano a fetohang nako le nako.
 
Seo ho ithutilweng sona se tshwanetse ho sebediswa. 
 

 
Mobu ka boona ha o a lekana. 
 
Ditlhoko tse ding tse kang mehlape, metjhine le thuso ya kadimo mabapi le tlhahiso, ke tse tshwanetseng ho ba teng ho tloha qalong.
 

 


Dikadimo mabapi le tlhahiso

Balemi ba ikutlwa eka ba mohaung wa mekgatlo e adimanang ka ditjhelete, eo sepheo sa yona sa ho etsa phaello se phahameng haholo: 



Diphephetso
 
Tharollo e kgonahalang 
 

 
Balemi ba mafolofolo haholo ho adima tjhelete empa ba hloka matla a letho diqetong, e ka ba mabapi le tswala, kapa ditheko tsa dijothollo tsa bona. 
 
Banka ya Lefatshe e tshwanetse ho thusa balemi ka ho otloloha mabapi le ditjhelete, e le hore ba kgone ho fumana ditheolelo tse phahameng ha ba reka.
 

 
Balemi ha ba tshehetswe hantle kapa hona ho eletswa hantle mabapi le mmaraka wa dijothollo tsa bona. 
 
Balemi ba hloka keletso ya nnete mabapi le mebaraka ya dijothollo.
 

 
Mekgatlo e adimanang ka tjhelete e etsa jwalo ka tjhelete e tswang ho Land Bank le IDC, empa ha e une menyetla ya sekgahla se tlase sa tswala. 
 
Ponaletso e a hlokahala mabapi le tswala e lefshwang.
 

 
Dikadimo hangata di tjhaellwa monwana nako e se e ile.
 
Dikadimo di tshwanetse ho tjhaellwa monwana kapele e le hore balemi ba itokisetse dijothollo nako e sa le teng.
 

 
Dinyehlisetso dikhamphaneng tsa phepelo hangata ha di fetisetswe ho balemi. 
 
Balemi ba thuthuhang ba tshwanetse ho una molemo ditheolelong kapa dinyehlisetsong. 
 

 


Seabo sa mmuso

Makgetho a bohlokwa a sebediswe ho tshireletsa balemi. 

Mmuso o tshwanetse ho jara ditjeo tsa 35% tsa tlhahiso tseo hajwale di leng mahetleng a inshorense ya thepa ya temo.

Tshehetso ya ditjhelete ya mmuso e tshwanetse ho ba teng mabapi le ho fetolela mebu e kgathetseng ho ba ya makgulo.

Mmuso o tshwanetse ho lefella tshebediso ya kalaka mabapi le tokiso ya pH ya mobu.

Mmuso o tshwanetse ho lefella tshebediso ya phosphate moo boemo ba phosphate bo seng bo le tlase.

Mananeo a tshehetso ho balemi a tswang mafapheng a fapaneng a tshwanetse ho hokahanngwa.

Tlatsetso ya diofisiri tsa katoloso mekgatlong ya thepa e tshwanetse ho sekasekwa ka ihlo la ho ntlafatsa ditshebeletso. 

Maikutlo a tshwanetse ho behwa “ho kenngweng ha thepa e ntjha le ntlafatsong ya yona” lehlakoreng la disebediswa tsa temo. 

Mafapha a paballo ya thota le mobu a leng ka hara Lefapha la Temo a tshwanetse ho matlafatswa le ho fuwa bokgoni. 

