VAT (Maize) 										Sesotho

Lekgetho-la-motla-o-tutswe – na o ka ingodisa?



Instructions: 

Folio strap: Keketso ya Boleng

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Dilemong tse nne tse fetileng, re buile haholo ka Lekgetho-la-motla-o-tutswe (VAT). Re se re lemohile le ha ho le jwalo hore ke balemi ba seng bakae feela ba ingodiseditseng lekgetho lena. 



Ke tla una molemo ofe ha ke ingodisa? 

Ditjeo tsa tse sebediswang mobung tsa tlhahiso ya dijothollo di phahame haholo, mme balemi ba tshwanetse ho etsa seo ba ka kgonang ho se etsa ho fokotsa ditjeo tsa tlhahiso. E nngwe ya tsena ke ho ingodisetsa Lekgetho-la-motla-o-tutswe (VAT). 



Lekgetho lena le lefuwa mabapi le tse sebediswang tlhahisong – manyolo, peo, dikhemikhale, ditokiso, tlhokomelo, jwalojwalo. Sena se etsa 14% ya ditjeo tsa tse sebediswang. Haeba o sebedisa R4 000 hekthara ka nngwe ho tse sebediswang temong, lekgetho tjheleteng ena ke R560 hekthara ka nngwe. Haeba o se o ingodiseditse VAT, o kgona ho kopa ho kgutlisetswa tjhelete ena ke ba Ditshebeletso tsa Afrika Borwa tsa Lekgetho (SARS). Ena ke tjhelete e ngata ya hekthara ka nngwe, mme hajwale e ngata ho feta phaello eo balemi ba bangata ba e etsang. Haeba o sa ingodisetsa ho lefa lekgetho lena, ho ka nna ha etsahala hore o hlolehe ho etsa phaello temong ya hao ya dijothollo. 



Hobaneng ha balemi ba le lesisitheho ho ingodisa? 

Le leng la mabaka a etsang hore balemi ba be lesisitheho ho ingodisetsa lekgetho lena ke hobane ba tla tlameha ho boloka direkoto tse ntle, ka ha SARS e kgona ho hlahloba tjhelete tsa bona neng kapa neng. Haeba o fela o ikemiseditse ho ba molemi wa mmakgonthe wa mohwebi, ho a hlokahala hore o boloke direkoto tsa hao hantle. O tshwanetse ho tseba ditjeo tsa hao tsa tlhahiso, phaello ya hao, le hore tjhelete e ya hokae. 



Balemi hangata ba tlola molao ka ho qoba lekgetho le ho le balehela – ba sebetsa kgwebo ka tjhelete e letsohong ho se pampiri ya letho. Ena ha se tlwaelo e ntle. Mabaka a mabedi. La pele, ke taba e kgahlanong le molao wa naha ho etsa kgwebo ntle le ho pepesa mesebetsi ya hao ho ba SARS. La bobedi, o ke ke wa kgona ho etsa diqeto tsa sebele tsa kgwebo haeba o sa boloke bopaki bo feletseng ba tjhelete kaofela e keneng le e tswileng. Hopola hore kaofela re sebedisa ditshebeletso tsa mmuso, mme ke boikarabelo ba moahi e mong le e mong wa naha ho lefella lekgetho la naha. Re sitwa ho qoba taba ya ho lefa lekgetho empa re una melemo e lefellwang ke lekgetho. Hopola hore mmuso o sebedisa makgetho ho lefella ditsela, dikolo, ditshebeletso tsa bophelo bo botle le sepolesa, jwalojwalo. 



Haeba o ikemiseditse ho ba molemi wa sebele ya hwebang – se qeaqee, ingodisetse lekgetho la VAT hammoho le la Tjhelete e kenang ya hao. 



