

Value 										SESOTHO



Tse tshwaetsang boleng ba masimo



Instructions:

Folio Strap: Ditaba tsa masimo

Byline: Tlhahisoleseding e fumanwe bukaneng ya tataiso ya Tsamaiso ya Agribusiness



Kgalekgale boleng ba masimo bo ne bo itshetlehile ka tlhahiso ya mobu. Dibakeng tse kang tsa mahaeng balemi ba sa ntse ba shebile hore boholo ba theko ya masimo ke moo tse unwang tshebetsong ya temo e leng tsona tsa sehlooho tse laolang boleng ba masimo.



Tswala e phahameng kapa e tlase le yona e tshwaetsa balemi ka ha balemi ba bangata ba sebeletsa tjheleteng e adimilweng kapa karolong ya yona. Matsete a tjhelete masimong le dintlafatso le tsona di na le tshwaetso ya bohlokwa bolenng ba masimo.



Tjhelete ho monga masimo e ka kenngwa ke:

Dihlahiswa tse fapaneng ke monga masimo/mosebedisi;

Ho hirisa dijothollo kapa makgulo a ho fudisa ho basebedisi ba bang; 

Ho kenela dihlophiso tsa tshebetso le balemi ba bang.



Ho kenya tjhelete o le monga masimo ho karolo di pedi ke hona:

Tshebediso ya nako e kgutshwane le e mahareng ya tlhahiso jwalo ka hodimo mona; hammoho le

Phaello ya nako e telele ya tjhelete e amanang le keketseho ya boleng ba masimo ha nako e ntse e tsamaya.



Phaello tsa nako e telele le tsona di itshetlehile ka peresente tsa phaello e tswang tshebetsong ya tlhahiso tse teanang le kuno tse phahameng le tse tlase ha nako e ntse e tsamaya. Ka kakaretso, boleng ba masimo bo batla bo eketsehile nakong e telele, mme tshekamelo ya lefatshe ke hore masimo a hlahisang a be matsohong a seng mangata. Ho etsa hore ho be boima hore ba batjha ba kenang ba kgone ho fumana masimo bakeng sa nako e kgutshwane le ho a lefella ho tswa tlhahisong e hlwahlwa. Maemo ana a fapane ha eba masimo a ka fumanwa ka mokgwa wa thuso (LRAD) kapa wa lefa, kapa wa kadimo ya tjhelete e kgemang mmoho le tshehetso e itseng mabapi le tswala (jwalo ka sekemeng se kgothaleditsweng sa Lefapha la Ditaba tsa Naha le bitswang Sekema se Tswelang pele sa Phumantsho ya Mobu – Proactive Land Acquisition Scheme kapa PLAS).



Kgiriso ya mobu e fetohile mokgweng wa ho kena ha ya qalang ho kena temong ho ya mokgweng wa balemi ba ikemetseng ho fumana mobu wa tlatsetso le ho atolosa kgwebo tsa bona tsa temo. Taba ena e tshwanetse ho nahanisiswa haholo mabapi le mobu o kopanetsweng wa setjhaba moo ho nang le mobu o mongata o ituletseng feela o sa sebediswe, mme ka yona nako eo ho leng teng balemi ba bangata ba hlwahlwa, ba batlang mobu o mongata moo ba ka tsamaisang kgwebo ya bona ka katleho. Ho hira ho thusa balemi ho atolosa dikgwebo tsa bona ntle le dikoloto le boinehelo tjheleteng e amanang le monga thepa.



Hopola: Ho a kgonahala ho ba molemi le ha masimo e se a hao. O ka hira, wa sebedisa mobu wa setjhaba kapa wa iketsa kgokanyana phiri le balemi ba bang tlhahisong ya dijothollo. 

