VAT(Wheat) 								SESOTHO

Lekgetho la motla-o-tutswe (VAT) – na o tshwanetse ho ngodisa?

Instructions:

Folio Strap: Keketso ya boleng

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Kgatello e matla e teng kgahlanong le molemo tlhahisong ya dijothollo. Jwale o tlamehile ho fokotsa ditjeo tsa tse sebediswang temong, mme sena se etswe haholo ka moo ho ka kgonahalang ka teng hore motho a phele. O mong wa mekgwa ena ya ho fokotsa ditjeo ke ho ingodisetsa lekgetho la VAT.

Ha eba o ingodiseditse VAT, eba he o na le monyetla wa ho kopa ho kgutlisetswa tjhelete ya lekgetho la 14%, e leng leo o le lefisitsweng ho tsohle tseo o di rekileng – mohlala, ha eba o reka mokotla wa peo ka R1 000, lekgetho la R114 le eketswa ditjeong tsa hao. Hantlentle tjhelete eo o e lefang ke R1 114 bakeng sa mokotla wa peo. Maemong a jwale a ditjeo tsa tlhahiso, a emeng kaekae ho R4 000 hekthara ka nngwe, o boloka tjhelete e ka etsang R650 hekthara ka nngwe. Ena ruri ke palo e kgolo!

VAT ke eng?

VAT kapa Lekgetho la motla-o-tutswe ke lekgetho le lefiswang ka mokgwa o sa otlolohang, mme sena se etswa ho latela Molao wa Lekgetho. Lekgetho le tshwanetse ho kenyelletswa thekong ya thepa kapa ditshebeletso dife kapa dife tse reretsweng jwalo.



Ho teng mefuta e mmedi ya diphepelo – tse lefellwang lekgetho le tse sa le lefellweng.

Phepelong ya tse lefellwang lekgetho ho etsahala sena – lekgetho le ka lefellwa ho latela sekgahla se tlase (hajwale ke 14%), kapa ka sekgahla sa letho (0%).

Thepa e lefellwang lekgetho kapa ditshebeletso ke tsohle tse tshwanelang ho lefellwa lekgetho, ntle le tse kentsweng lenaneng la tse bitswang (zero-rated), e leng la tse sa lefellweng lekgetho. Mehlala e meng ya tsa mefuta ena ke bohobe bo bosootho, phofo ya poone, setampo, mealie rice, poone e ommeng, dinawa tse ommeng, rice, lentils, ditholwana le meroho, pilchards, lebese, lebese la phofo, oli e phehang, mahe, peterole, diesel, parafine hammoho le ditshebeletso tse ding (mohlala, mpho tse fuwang mekgatlo ya thekolohelo).

Phepelo e sa lefellweng lekgetho e kenyelleditse ditshebeletso tse itseng tsa thuto, tswala kadimong, jwalojwalo.

Ke mang ya tshwanetseng ho ingodisetsa VAT?

Ngodiso e tlamang

Ke motho ofe kapa ofe ya tswelang pele ka mosebetsi o itseng, eo tjhelete ya hae e kenang, e ka lefiswang lekgetho e fetang kapa ho bonahalang e ka nna ya feta R1 000 000 ka selemo.



Ngodiso ya boithaopo

Ke motho ofe kapa ofe ya tswelang pele ka mosebetsi o itseng, eo tjhelete ya hae e kenang e leng pakeng tsa R20 000 le R300 000 ka selemo. Mohlala, ha eba theko ya poone e le R1 500 tone ka nngwe, mme ha eba o hlahisa ho feta ditone tse 14 tsa poone, eba he, o ka nna wa ya ingodisa.



Thibelo ya ngodiso

Motho ofe kapa ofe ya tswelang pele ka mosebetsi o itseng, eo tjhelete ya hae e kenang e leng ka tlase ho R20 000 ka selemo.



Ho ngodiswa jwang?

Kopo ya ngodiso jwalo ka motho ya ithekisetsang e tlamehile ho etswa foromong ya VAT 101 e leng e fumanehang ofising ya Lekgetho ya Afrika Borwa (SARS) kapa websaeteng ya yona. Sena se tshwanetse ho etswa nakong ya matsatsi a 21 hang feela ha motho a ba boemong ba ho ngodisa.



Dinako tsa lekgetho

Ka kakaretso, ho teng dinako tse hlano tse fapaneng tsa lekgetho – kgwedi le kgwedi, hang ka kgwedi tse pedi, hang ka kgwedi tse nne, hang ka kgwedi tse tsheletseng le hang ka kgwedi tse leshome le metso e mmedi. Nako ya kgwedi tse tsheletseng ke yona e atileng haholo hara balemi hobane e akaretsa dihla tsa dijothollo tsa mariha le lehlabula ka mekgwa e arohaneng.



VAT e sebetswa jwang

Lekgetho la thepa e tlilo sebediswa (input tax)

Lena ke lekgetho le lefuwang ke morekisi hara a reka thepa kapa ditshebeletso. Lekgetho lena le ka nna la kgutlisetswa motho le etswa ho SARS nakong eo ho tlatswang foromo ya lekgetho.



Lekgetho la thepa e tswang (output tax)

Lena ke lekgetho le lefiswang morekisi mabapi le phepelo ya thepa e lefellwang lekgetho kapa tsona ditshebeletso tse lefellwang lekgetho. Hangata lekgetho lena le tshwanetse ho fetisetswa ho SARS.

Hantlentle, mmoho le foromo ya lekgetho e yang ho SARS, morekisi o fana ka dintlha tsohle tsa Lekgetho leo a le lefisitsweng hammoho le lekgetho lohle leo a kopang hore SARS e mo kgutlisetse lona. Ho sebetsana le dipalo foromong ya SARS ho thusa hore morekisi a tlose lekgetho leo a le lefileng ho leo a le lefisitsweng. Boemo bona ke bona bo tla bolela hore lekgetho le tshwanetse ho lefuwa SARS kapa le tshwanetse ho amohelwa le etswa ho SARS.

Mabapi le dintlha tse ding ka lekgetho, ikopanye le ofisi e haufi le wena ya SARS. 

 



