Tyres (Maize)										SESOTHO

Dithaere : Tharollo ya pherekano

Instructions:

Folio Strap: Dithaere

Byline: Artikele ka ba Goodyear

Use Goodyear logo



Dithaere ke dintho tse rarahaneng ho ya ka mekgabiso e fapaneng ya moetso wa diforo, mefuta ya ho etswa ha tsona, tekanyetso ya ho jara boima le lebelo hammoho le boholo ba tsona.



Artikele leqepheng la 9 e ile ya shebana le ho rekwa ha dithaere tse nepahetseng tsa mapolasing, tse loketseng maemo a tla lokela tshebetso, empa hona jwale o shebane le koqokoqo e ngata ya dinthwananthwana tsa sethekgenike tseo o lokelang ho nahana ka tsona. Mona re hlalosa dintlha tsa sehlooho tsa sethekgenike dithaereng. 

Ho etsa ha thaere 

Ha re simolla ka ho etswa ha thaere, ho teng mefuta e mmedi eo o ka nahanang ka yona: tsa bias kapa tsa radiale. Tsa bias (di boetse di tsejwa ka la cross-ply) ke tsa moetso wa dikgwele tse mathang ho tshekalla le thaere ka tshekamo (angle) ya 30 degrees ho ya ho 40, e leng moo lekgapetla ka leng la dikgwele le adilweng le shebisitsweng nqa hosele. Tshebetso ena ya paterone ya ho fapakanngwa ke e patehileng tlasa bohato ba diforo tsa thaere, e leng e reretsweng ho fana ka ditshwantsho tsa diforo le bothata bo itseng ba thaere nakong eo e tshireletsang bokantle bohle ba thaere.



Ho ya ka papiso, dithaereng tsa radiale makgapetla a dikgwele tse matlafatsang thaere ke tse emeng ho latela ho sekama (angle) ha 90 degrees ho ya ka mola o mahareng wa thaere, e leng o kopanyang dikgwele ka mahlakoreng a mabedi, e leng se tiisang bodulo ba thaere hodima rimi le ho etsa hore e dule e tsitsitse. Ka ho otloloha hodima makgapetla a radiale, ka tlasa bohato ba thaere, ke lebanta le lelelele le entsweng ka makgapetla a mangata a kgwele kapa tshepe, a apesitseng ho potoloha hohle ha thaere.

Phapang e totobetseng haholo tshebetsong ya mefuta ena e mmedi ya dithaere tsa terekere ke hore tlhahiso ya biase ke ya sebopeho se tjhitja, se bakang hore thaere e se hate fatshe ka boima bo lekanang ka hohle hammoho le kgatello e matla ya mobu. Dithaere tsa radiale di itotobatsa ka sebopeho se kgutlonne se thusang hore karolo e kgolo e thetsane/amane le mobu, hammoho le ho phatlalla ho lekanang ha kgatello mobung ekasitana le ho kenella mobung ho fokotsehileng.

Ho ya ka tshebetso, dithaere tsa biase, tse kang tsa Goodyear Dyna Torque II, di kobeha ha bonolo, di na le mamello, mme di bontshitse hore di bonolo ho ka lokiswa – ntlha ya bohlokwa moo ditokiso tsa moo motho a itokisetsang ka boyena DIY (Do It Yourself) e leng tsa bohlokwa. Ho rarahana ho bang teng ha ho bopuwa ha thaere ya radiale, jwalo ka tsa mefuta ya Optitrac ya Goodyear e tlwaelehileng haholo, ho hloka mesebetsi e ikgethileng ya ditokiso, empa le ha ho le jwalo, thaere tsena di fana ka botsitso bo phahameng, ho tshwarella, thibelo ya ho tswa moya mabiding, thibelo ya ho thella, ho tshwarella nako e telele, ho se fele kapele hammoho le monate wa ho palama ka tsona.

Ke taba ya bohlokwa ho ela hloko hore dithaere tsa radiale le tsa biase ha di a tshwanela ho sebediswa ka nako e le nngwe (axle) aseng e le nngwe. Ka ha sena se tla hlahisa matshwao a sa tshwaneng tshebetsong, e leng se tla kgannela taolong e sa tsitsang hammoho le tshenyehong ya ditshepe.

Dithaere dife kapa dife tse sa tshwauwang ‘tubeless’ (ntle le tjhupu) di tlamehile ho kenngwa tjhupu le hoja mosebetsi wa ho petjha e le o bonolo wa nako le motsotso, ke ntho e tshwanetseng ho shejwa e le ya nakwana feela ka ha petjhe ka boyona e ka qetella ka ho baka tahlehelo ya kapele kapa ya butlebutle ya moya thaereng, e leng se ka bakang kotsi paballehong ya batho. Ditjhupu di ka nna tsa sebediswa dithaereng tsa ‘tubeless’ ha eba ho dutla ha moya ho le teng riming kapa tahlehelo e bakwang ke tshenyeho e nyane dibakeng tse itseng tse lokelang ho kwaleha thaereng. 

Dintlha bokantleng ba thaere

Dintlha tse bontshitsweng bokantleng ba thaere di hlokolosi mabapi le ho tseba boholo (size) ba thaere le bophara ba tshebetso ya yona, mme di totobatswa ka mokgwa ke ona:



Goodyear Optitrac DT812 480/70R24 138 A8

Goodyear Optitrac DT812 – moetso, sehlopha le mofuta wa thaere;

480 – bophara ba karolo e habahanyang ya thaere ka dimilimithara (e ka nna ya bontshwa ka metso);

70 – Ntlha ya ratio kapa boemo (profaele). Sena se lekanya bophahamo ba bokantle ba thaere e le peresente ya bophara ba thaere;

R – Popeho ya radiale;

24 – mola o otlolohileng ka hara rimi (diameter) ka metso;

138 A8 – matla a ho jara boima (Load index) 138 (2 360 kg) ka 40 km/h (A8), e leng lebelo leo ka lona thaere e ka jarang boima bo boletsweng. Ela hloko hore boima bo fapaneng bo a ameha ha eba thaere e sebedisetswa ho hula kapa e mpa e bidikoloha feela ka bolokolohi jwalo.



Jwalo ka dintlha tse ding tse amanang le dithaere, ha eba o tsilatsila, ikopanye le ditsebihadi tsa dithaere tsa Goodyear mabapi le dintlha tse itseng tjha.	

	



