

Tyres 1 (Maize) 								SESOTHO





Ho reka dithaere tsa polasing



Instructions:

Folio Strap: Dithaere

Byline: Artikele ka ba ha Goodyear

Use Goodyear logo



Ho kgetha thaere e nepahetseng mabapi le ditlhoko tsa polasi ya hao ho bohlokwa feela jwalo ka koloi ka boyona. Dintlha tse kang mofuta wa thaere, bokgoni ba ho jara boima le boholo ba thaere di hlokolosi haholo.



Ho batho ba bangata thaere e ka nna ya shebahala e ntse e itshwanela le e nngwe, empa baetsi ba tsona ba kang Goodyear ba hlahisa mefuta ya dithaere e loketseng ditikoloho tseo ho sebetswang ho tsona, mme sena se ama dintlha tse fapaneng tse kang moetso wa diforo tsa thaere, tse kopantsweng ho etsa thaere, popeho ya yona, hammoho le bokgoni ba ho jara kgatello le boima.



Semelo sa tshebediso

Ntlha ya pele e lokelang ho shejwa ha ho kgethwa thaere tsa terekere ke semelo sa tshebediso ya tsona. Na e tla sebedisetswa polasi maemong a metsi, a mongobo, maemo a letsopa? Na bokahodimo ke bo bonolo, bo lehlabathe? Kapa sebaka se batla se sa batalla ka ho lekana, ho dikotikoti, e leng se bolelang hore ho palama ha monate le ho tshwarella ha dithaere ke dintlha tse hlokolosi?



Dithaere tsa mapolasing, tse etseditsweng maemo a mongobo, a seretse, hangata di ba le 25% keketsehong ya botebo ba diforo (treads) ho feta dithaere tse tlwaelehileng, e le hore di fane ka ho tsetsepela ho matla dibakeng tse thellang. Ho feta mona, di bile di itotobatsa ka matshwao a ho tsamaya di itlhwekisa ka botsona e leng se thibelang ho tlala ha seretse diforong tsa dithaere. Sena se ka baka ho thella.



Papisong, thaere e etseditsweng dibaka tsa mahlabathe e ipabola ka bohato ba thaere bo sephara, bo tenyetsehang ha bonolo, le paterone e sephara e dumellang thaere ho itsamaela ha bonolo ka hodima lehlabathe, e leng moo dithaere tse ding tse tshesanyane, tse etseditsweng dikarolo tse ommeng di kenellang hara lehlabathe, di tetebellang tlase.



Mojaro le boima 

Mohato o hlahlamang ke ho tseba boima bo tshwanetseng ho jarwa ke thaere, mme bo tshwanetse ho kenyeletsa tsohle, dithuluse, disebediswa, ditanka le dibalasete (sephalli se kenngwang dithaereng ha eba ho hlokahala). Thaere e tshwanetse ho ba ya boholo bo lokelang, le ho ba ba mofuta wa ‘ply’ (lekgapetla) hore e kgone ho jara boima bo hodimodimo bo lebelletsweng, ho seng jwalo, sena se tla kgannela phokotsehong ya ho tsetsepela, ho senyeha ho potlakileng ha thaere hammoho le se totobetseng - tshebediso e sa bolokehang.



Ke moya o ka hara thaere o e fang bokgoni ba ho jara morwalo. Ka baka lena, ha eba o tlameha ho eketsa boima ba morwalo, kgetho ke ho sebedisa thaere e kgolwanyane (e eketsang bongata ba moya), ho sebedisa thaere ya ‘ply’ e hodimo (ho eketsa kgatello ya moya), kapa ho sebedisa mekgwa ena ka bobedi – ho totobetse hore o tla be o sebetsa o ipapisitse le tataiso tsa moetsi wa terekere.



Dithaere tse ka morao tsa terekere ke tsona tse hulang ha boima ka tlhako tsa morao ka ha ke tsona tse lokelang ho jara boima bo boholo le ho fetisetsa matla a terekere (horse power) mobung. Ka hoo, boholo ba thaere e nngwe le e nngwe ya ka morao le mofuta wa ‘ply’ ya yona di na le boholo/bongata bo itseng ba ho ‘hula’ boo e bo lekanyeditsweng ntle le ho fokotsa matla a yona a ho sebetsa.



Boholo (saese) ya thaere 

Hantlentle boholo ba thaere bo na le seabo sa bohlokwa. Hara ditekanyetso tse ngata, ya bohlokwa ka ho fetisisa ke karolo ya bophara (SW) le bophara ba karolo e jereng boima (LSW) (ena e laola hore na ho tla kgonahala hore thaere e tsamaye pakeng tsa mela na) hammoho le diameter ka kakaretso (overall diameter), e fanang ka bophahamo kaofela ba thaere e pompilweng. Thaere e tshwanetse ho nyalana hantle le bophara ba rimi (RW) hammoho le diameter ya rimi (RD) ho nnetefatsa hore di tla dumellana ka ho phethahala.



Ballast ya koloi 

Qetellong, tshebetso e hlwahlwa ka ho fetisisa ya thaere le ya terekere e ka fihlellwa feela ha koloi e methilwe le ho behwa sekaleng hantle, moo ballast le boima ba mojaro di lekantsweng ka nepo. Sena se hlokolosi ho nnetefatsa hore tshebetso ya maemo a hodimo le tshebetso ya nako e telele di a fihlellwa.

