Tyres 1 (Maize)										SESOTHO

Dithaere: Dikeletso tsa bohlokwa tsa ho kganna

Instructions:

Folio Strap: Dithaere

Byline: Artikele ka ba Goodyear

Photos: Part 4 pic and 11 Optitrac DT818

Use Goodyear logo



Ho tseba ka moo dithaere di ka bang le molemo ho wena mosebetsing wa tsona wa letsatsi le letsatsi, ho ke ke ha thusa feela ho ntlafatsa boipaballo, empa ho tla fokotsa ditjeo tsa tsamaiso le tshenyo e ka amang mobu le dijothollo.



Ho kganna mapolasing ho kgema mmoho le maemo ohle a tshebetso – tsohle re simolla ka ho phetholwa ha mobu masimong ho ya ho hakelweng ha ditereilra mebileng ya sekontiri. Jwalo ka ha maemo ana a fapane haholo, ho teng melao ya bohlokwa e tshwanetseng ho latelwa.



Mabapi le dithaere, e nngwe ya dintlha tsa sehlooho ke ho nyalanya mofuta wa thaere le mosebetsi o reretsweng ho phethwa (seretse, lehlabathe le bonolo, jj), ho ikamahanya le ditataiso tsa moetsi wa koloi mabapi le saese (boholo ba) ya thaere le dintlha tse amanang le boholo le tshebetso ya yona, hammoho le, e leng taba e hlokolosi) ho nyalanya ho tlala ha moya thaereng ho latela boima bo lokelang ho jarwa ke thaere le maemo ao thaere eo e sebetsang tlasa ona.



Re ka re ke moya o ka hara thaere o etsang hore e kgone ho jara boima/mojaro, mme baetsi ba dithare, ba kang Goodyear ba kgona ho bolela boima bo phahameng ka ho fetisisa bo ka jarwang ke thaere ka nngwe ho ya ka dikarolo tse fapaneng tsa lebelo.



Nyalanya moya wa thaere le boima bo jarwang ke yona 

Ho jarisa koloi boima bo phahameng haholo, mme o sa eketse moya mabiding ho tla qetella ka ho baka tshenyo le ho fela ho potlakileng ha thaere, e leng ho bakang sekgahla se matla sa ho fokotsa matla a tshebetso le bophelo ba thaere.



Thaere e jarisitsweng boima bo fetang boo e ka bo jarang kapa eo moya o haellang haholo ho yona, e tla kobeha le ho sotheha haholo tlasa maemo ana. Sena se ka baka ho petsoha ha thaere mahlakoreng a yona, le ho fela (hohleha) kapele bohatong ba thaere. Dithaere tseo re ka reng ke tsa moya o tlase kapa tsa mofuta wa crossply ke tsona tseo hangata di bang le bothata mahlakoreng (leqhutsu) ha di sebediswa tlasa maemo a boima ka ho fetisisa. Ka mokgwa ona karolo yohle e ka ntle ya thaere e a senyeha. Thaere tse pompilweng moya o tlase haholo di thella ha bonolo ‘rimming’, mme di kgaola valve ya ditjhupu, mme ka kakaretso di senya ho aleha ha thaere.



Hape, ho pompa thaere ho feta tekano ho etsa hore thaere e be tjhitja, e leng hore karolo e hohlehang (felang) ke e bohareng ba thaere. Hona ho boetse ho fokotsa karolo ya thaere e thetsanang le mobu, e leng se fokotsang ho tseparela ha thaere le ho eketsa ho sotheha ha lebidi, e leng se senyang diforo tsa thaere le ho tabola mobu.



Haeba o tlamehile ho kganna terekere motheong, moya dithaereng o tshwanetse ho eketswa ka diperesente tse 30 ka hodima moya o tlwaelehileng (ho itshetlehilwe ka boemo ba motheo) ho eketsa botsitso. Sena se ama mabidi a ka morao feela – thaere e le nngwe ya motheo haeba e lebile nqa e le nngwe feela, kapa ka bobedi haeba e sebetsa e labile nqeng tse pedi ka ho fapanyetsana.



Ho bohlokwa ho hopola ho ela hloko tlatsetso e hlokahalang e bakwang ke moya o fokotsehileng kapa o eketsehileng nakong eo o fetolang maemo a tshebetso jwalo ka ho tlamella tereilara kapa sesebediswa kapa o kganna mmileng wa sekontiri ka lebelo.



Ho phaphalla le ho teteana

Ka ha taba ya moya e le hlokolosi, ho sebetsa ka thaere ya mothamo o fapaneng wa moya ho ka ba le sekgahla se seholo tabeng ya ho ngwaparela le ya mobu. Moo mobu o ka tlase, dimela le metso, di leng bohlokwa, kgothaletso ke ho sebedisa thaere e kgolwanyane (ka bophara le/kapa bophahamo ba yona), e sebetsang ka moya o seng mongata haholo. Hona ho tla etsa hore koloi e kgone ho jara boima bo le bong papisong le thaere e nyane e tla jara boima boo ka moya o mongata, mme ho tla fokotsa kgonahalo ya diforo tse tebileng tse ka etswang ke dithaere mobung, kapa seo re ka se bitsang ho teteana ha mobu.



Ka mokgwa o jwalo, karolong e lehlabathe haholo, tlhophiso ena ya thaere e tla dumella ho huleha ha mobu nakong, eseng ho qhalana, nakong eo thaere e batalatsang boima hodima sebaka se seholowanyane, mme thaere e tla ‘phaphalla” feela hodima mobu ho ena le ho tetebela mobung.



Ho sebedisa terekere e hulang ka mabidi a mane (haeba e le teng) ho kgothaletswa maemong a fokolang a ho tseparela. Hona ho tshwanetse ho qojwa mebileng ya sekontiri kapa eo bokahodimo ba yona e leng majwe a kerabole ka ha hona ho potlakisa ho fela ho sa lekaneng ha thaere tse ka pele, mme ho sitisa koloi e sebediswang ho ka kganneha hantle le ho baka ho senyeha ho hong hape ha dikarolwana tsa koloi.

