Training (Maize) 								SESOTHO



Grain SA e fana ka kwetliso efe?



Instructions:

Folio Strap: Kwetliso

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi.

Add pie charts



Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi, morero wa lona ke ho ntshetsa pele balemi ba batsho, ba hwebang, ba filweng bokgoni. Bohwebi tlhahisong ya poone, soneblomo, koro le mabele, di kenyelletsa mekgwa ya tlhahiso, e leng ya motheo, mmaraka, metjhine le tsamaiso.



Mathata a sehlooho a shebaneng le molemi ya ntseng a thuthuha ke ana a latelang (mohlomong ka yona tatellano ena):

Ho hamela letanteng ha tlhahiso ya dijothollo mobung o ommeng Afrika Borwa (phaello ke e nyanane haholo);

Leqeme la tsebo, bokgoni le boiphihlelo;

Bosiyo ba tjhelete e thusang tlhahisong;

Bosiyo ba metjhine e lekaneng; le

Ditaba tse mabapi le mobu le kgiro.



Thuto ya selelekela

Thuto ya pele eo re ileng ra simolla ka yona lenaneng la rona e bile “Selelekela Tlhahisong ya Poone”, “Selelekela Tlahisong ya Soneblomo”, “Selelekela Tlhahisong ya Mabele”, le “Selelekela Tlahisong ya Koro”, e leng tse ileng tsa akaretsa dintlha tsa sehlooho tsa tlhahiso. Dithuto tsena di fupere dimojule tse latelang:

Mobu le tlelaemete;

Popeho ya semela;

Ditlhoko tsa menontsha ya semela;

Ho jalwa ha semela;

Mahola le taolo ya mahola;

Dikokwanyana le malwetse; hammoho le

Poloko ya direkoto.



Jwalo ka molemi ya ntseng a thuthuha, re hlahisa hore o tshwanetse ho simolla ka e nngwe ya dithuto tsena, ho ya ka dijothollo tse jalwang tikolohong eo o leng ho yona. Ha eba o sa simolle ka dithuto tsena, o tla iphumana o thatafallwa ke dikahare tsa dithuto tse latelang, mme o tla diehisa baithuti ba bang sehlopheng.



Thuto e Phahameng ya Tlhahiso ya Poone le Mmaraka

Ditaba tse leng teng mabapi le temo jwalo ka kgwebo di batsi haholo, mme ka kgatelopele ya thuto e nngwe le e nngwe re bile le bothata ba hore re nka eng, re tlohela eng, ka ha nnete ke hore ditaba di ngata haholo tse lokelang ho tshohlwa nakong ya thuto. Ho boetse ho teng ditaba tsa motheo tseo re lemohileng hore di tshwanela ho kenyelletswa mohatong o mong le o mong. Re lemohile hore re sitwa ho kenya dintlha tsohle tsa bohlokwa tse mabapi le tlhahiso le mmaraka thutong ya pele, mme ka hoo, “Thuto e Phahameng Tlhahisong ya Poone le Mmaraka” e ile ya hlophiswa ke hona. Thuto ena e fupere dimojule tse latelang: 

Selelekela – boikgopotso ba thuto e simollang;

Selelekela mekgweng ya ho phethola mobu;

Disebediswa le bohlokwa ba tsona tlhahisong ya dijothollo;

Tlhokomelo ya menontsha ya mobu;

Taolo ya mahola le dikokwanyana ka dikhemikhale;

Kotulo ya dijothollo, ho tshwarwa ha yona le poloko setorong;

Ho marakwa ha dijothollo; le

Inshorense ya dijothollo taolong ya maemo a kotsi.



Thuto e Phahameng ya Tlhahiso ya Poone e nkile sebopeho sa sethekgenike haholo mabapi le monono wa mobu le esiti ya ona. Hore o une molemo thutong ena, o tshwanetse hore ebe o se o ile wa ba teng thutong ya selelekela, mme ebe hape o se o ntse o hlahisa dijothollo tsa mmaraka. Thuto ena hantlentle ha se e reretsweng balemi ba banyane kapa ba itlhahisetsang feela ho honyane ho ka ba phedisang.



Selelekela Tlhahisong ya Poone e reretsweng Diofisiri tsa Katoloso 

Ho teng Diofisiri tsa katoloso tse ngata haholo tse sebetsang mafapheng a fapaneng a Temo, mme batho bana ba fana ka tshebeletso tsa katoloso ho balemi. Ka bomadimabe, bongata ba batho bana ha se ba kwetlisitsweng kapa ba nang le boiphihlelo tabeng tsa tlhahiso ya dijothollo. Ba bang ba na le mangolo a lekaneng a thuto empa ba hloka boiphihlelo, e leng bona bo hlokahalang haholo ka ho fetisisa temong. Re hlahisitse thuto ke hona, e leng “Selelekela Tlhahisong ya Poone e reretsweng Diofisiri tsa Katoloso”. Re se re ile ra hlahisa bongata ba dithuto tsena diofisiring tsena, mme re ile ra tsepamisa maikutlo haholo lehlakoreng la boiphihlelo (tse etswang ka matsoho) tlhahisong ya dijothollo – re dumela hore sena se bile le sekgahla se seholo kabong ya ditshebeletso tsa baatolosi bana.



Thuto ka Tlhokomelo ya Terekere le Disebediswa tsa Polasing 

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa ka ho fetisisa tlhahisong ya kgwebo ka poone ke e kenyelletsang terekere le disebediswa. Re lemohile hore boemo ba bongata ba disebediswa (equipments) tse ntseng di sebediswa ke balemi ba thuthuhang ke bo swahlamaneng haholo – ke ka hoo, re nang le thuto ya “Tlhokomelo ya Terekere le Disebediswa tsa Polasing”. Thuto ena e fupere dimojule tsena tse latelang:

Dithuluse le boipaballo;

Enjene – e sebetsa jwang;

Ditrains tsa matla;

Dibearings le diseals;

Mabanta a v-belt le diketane;

Dithaere le metero ya tsona;

Dihydraulike;

Tlhokomelo ya terekere;

Ho fumana moo phoso di leng teng; le

Disebediswa tsa polasing.



Thuto ena e tlamehile ho mang kapa mang ya ratang ho ba molemi ya hwebang – o tlamehile ho utlwisisa sesebediswa sa hao e le hore o kgone ho se hlokomela hantle. Metjhine e metle ke e nngwe ya dinotlolo tlhahisong ya kgwebo. O ke ke wa ba molemi ya hwebang wa dijothollo ha o sa hlokomele diterekere le disebediswa tsa hao hantle.



Thuto ya borakonteraka

Ke taba e fihlileng kelellong tsa rona hore ho teng balemi ba bangata ba banyane; haholoholo Kapa Botjhabela, ba se nang diterekere le metjhine ya bona (Ba sekema sa Dijo tse Ngata ba Lefapha la Temo Kapa Botjhabela ba ne ba sebedisa haholo borakonteraka bao ka mehla ba neng ba sa etse mosebetsi o motle). Ke ha re lemoha he hore ho tla ba molemong wa balemi ba poone hore ho be teng thuto moo ho ka eketswang kutlwisiso ya borakonteraka mabapi le “hobaneng” le “ho uwa kae” mabapi le mesebetsi e fapaneng. Re simollotse ka “Thuto ya Borakonteraka” e fupereng dimojule tse latelang: 

Konteraka mapolasing (temong);

Mobu le bohlokwa ba ona tlhahisong ya dijothollo;

Ho phetholwa ha mobu le bohlokwa ba hona;

Ho jalwa ha dijothollo;

Ho fafatsa mahola le taolo ya dikokwanyana; le

Tlhokomelo ya terekere.



Lenaneong la rona, ruri re kgahlanong haholo feela le tshebediso ya borakonteraka ka mabaka ana a latelang:

Ba eketsa ditjeo tsa tlhahiso;

Hangata balemi ba etsa tsohle nako e se e ile ka ha rakonteraka a tshwerwe ke mabaka a mangata; le

Borakonteraka hangata ha ba sebetse ho ya ka se lebelletsweng.



Le ha ho le jwalo, ho teng maemo ao molemi ya nang le masimo a manyane a sa hlokeng hore ho ka rekwa terekere, mme ka hoo, tshebediso ya terekere ha e hlokahale. Re tshepa hore ka ho hlahisa thuto ya Borakonteraka, batho bana ba tla utlwisisa bohlokwa ba ho phethola mobu ka tshwanelo, ho ya ka maemo a nepahetseng, ka nako e nepahetseng, hape le ka poreisi e ka fihlellwang ke molemi. Ha molemi a sa etse tshebeletso tsa hae ka tjhelete, rakonteraka le yena o tla fellwa ke mosebetsi ka moso.



Thuto ya Moralo wa Polasi le Tekolo ya Mehlodi 

Pele ho 1994, boholo ba balemi ba batsho bo ne bo etsa temo dibakeng tsa mehla e fetileng tsa mahaeng. Ka mora 1994, balemi ba bangata ba batjha ba ile ba simolla ho fumana mapolasi. Ka bomadimabe, balemi ba bangata ha ba a ka ba ela hloko ho rarahana ha temo, le hore ha se mebu yohle e lokelang mefuta yohle ya ho phetholwa. Re se re bile le boiphihlelo ba hore balemi ba batla ho jala poone dibakeng tsohle tsa Afrika Borwa, moo mefuta ya mobu le dipaterone tsa pula di sa lokeleng tlhahiso. “Thuto ya Moralo wa Polasi le Tekolo ya Mehlodi” e radilwe ho thusa balemi ho lekola mehlodi eo ba nang le yona, le ho etsa qeto hore ba ka e sebedisa jwang ka katleho hore ba kgone ho sebetsa ka katleho le bokgoni. Hoba re sebetse le ba bang ba balemi dihlopheng tsa boithuto ka dilemo tse ngata, re ile ra simolla ka “Lenaneo le Phahameng la Molemi” e leng le ileng la thusa bahokahanyi ba provense ho tsepamisa maikutlo palong e itseng ya balemi ho shebanwe le motho ka mong. Le mona re lemohile hore balemi ha ba a ka ba sebedisa mehlodi eo ba nang le yona ka tshwanelo, le hore ba hloka tshehetso ya ho tsepamisa maikutlo dintlheng tsa sehlooho tse tlisang katleho temong. Thuto ena e na le dimojule tse latelang:

Selelekela (ho simolla ka ho phethola mobu, dijalo di ntshetswa pele jwang, keketseho ya dimela, poone, sebopeho sa bohwai);

Kgiro ya masimo le tlhokomelo;

Tekolo ya mehlodi – tse bonwang ka mahlo le metjhine;

Tekolo ya mehlodi – tjhelete le batho;

Ho kenya meralo ya mehlodi tshebetsong; le

Dintlha tsa bohlokwa tsa tshebetso.



Thuto ya Ntshetsopele ya Bokgoni ka matsoho

Mafapha a Provense a Temo a na le palo e kgolo ya diofisiri tsa katoloso tse nang le tsebo ya temo, empa di batla di se na tsebo le bokgoni ba matsoho. Mosebetsing ohle wa ho kwetlisa balemi, re sebeditse mmoho le Lefapha la Temo, mme re ile ra teka dithuto tse ngata tsa rona ho bona. Maikutlong a ka, ha re ka hlahlella diofisiri tsa katoloso ka tsebo, re ka kgona ho thusa balemi haholo feela le ho kgannela ba bangata tlhahisong ya kgwebo. Nakong ya thuto ha re kopanye balemi le diofisiri tsa katoloso, ka ha baatolosi ba tshaba ho botsa dipotso tse ka totobatsang dikgaello tsa bona pela balemi. Le hoja dithuto kaofela tsa rona di kenyelletsa dipontsho tsa mesebetsi e etswang ka matsoho nakong tsa thapama, re ile ra lemoha hape hore diofisiri tsa katoloso di ntse di sitwa ho sotha metjhine ka nepo le ho etsa ditekolo nakong eo di lokelang ho etsa jwalo e le tsona feela. Ka baka lena, re ile ra simolla ka “Thuto ya Ntshetsopele ya Bokgoni ka Matsoho” e kenyelletsang dimojule tsena:

Mokgwa wa metric;

Phumano ya area;

Bokgoni ba mobu;

Metako (calibration) ya plantere le tlhokomelo; le

Metako ya sefafatsi sa “boom” le tlhokomelo.



Thuto ya Motheo Tokisong ya Enjene

Bongata ba balemi ba bileng teng thutong ya “Terekere le Sesebediswa sa Polasi” bo ile ba kopa thuto ya tlatsetso e tla ba thusa ho utlwisisa dintlha tsa motheo tokisong ya terekere. Balemi ba bangata ba ile ba qhekanyetswa ka baka la ho hloka tsebo mabapi le tokiso ya enjene le power train. “Thuto ya Motheo Tokisong ya Enjene” e ile ya simollwa, mme e fupere dimojule tse latelang:

Boipaballo, dithuluse tsa letsoho le tse sebetsang ka nepo;

Dikarolo tsa enjene;

Ho sibolla diphoso;

Ho qhaqhwa ha enjene le tokiso ya yona;

Teko ya kgatello ya matla a enjene (compression test); le

Ditaelo le ditekanyo.



Ke taba e tshwanetseng ho hatellwa mona hore thuto ya Motheo Tokisong ya Enjene ha se sepheo sa yona ho kwetlisa bomakheneke. Thuto ena e mpa feela e pepesetsa moithuti dikarolong tse fapaneng tsa enjene le hore dintho tsohle di momahana jwang. Tokiso ya enjene ke mosebetsi o moholo wa sethekgenike o ka etswang feela ke batho ba rupeletsweng. Tokiso ya enjene le gearbox e phahame haholo ka tjhelete, mme ho bonolo haholo ho senya tjhelete ha eba o se na tsebo e ntle.



Tlhahiso ya Poone le Barley tlasa dithuto tsa Nosetso 

Jwalo ka lenaneong lefe kapa lefe, ha batho ba ntse ba ela hloko mosebetsi o ntseng o etswa, ditlhoko tse ding le tsona di a hlahella. Ho teng balemi ba bangata lebatoweng la Taung / Hartswater ba nang le katamelo tshebedisong ya ho nosetsa. Sena se boetse se bonahala le mabatoweng a mang a North West le Foreisetata. Le hoja ditaba tsa motheo tsa tlhahiso ya poone di ntse di tshwana hohle, ho sa tsotellehe hore ke moo ho sebedisitsweng mokgwa wa ho nosetsa kapa moo komello e leng teng, ho sa le teng palo e itseng ya dintlha tse lokelang ho elwa hloko. Re hlahisitse dithuto tse ding tse pedi tsa tlatsetso, “Tlhahiso ya Poone tlasa Nosetso” le “Tlhahiso ya Barley tlasa Nosetso”. Dithuto tsena di fupere dimojule tse latelang:

Selelekela mokgweng wa ho nosetsa hammoho le saekele ya metsi;

Mobu, metsi a mobu le menontsha;

Mekgwa ya pivots le tlhokomelo;

Tlhophiso ya nosetso ka dinako tse itseng;

Nosetso ka dikhemikhale; le

Semela sa poone / barley tlasa nosetso.



Thuto ya Tlhokomelo ya Polasi mabapi le Phaello 

Ha molemi a ntse a tswela pele kgwebong, bohlokwa ba tsamaiso e ntle ho tsepamisitswe maikutlo phaellong, bo fetoha taba ya bohlokwa ruri. Ke mohato wa ho qetela wa ntshetsopele thutong ya “Tlhokomelo ya Polasi mabapi le Phaello”. E na le dimojule tse latelang:

Selelekela – ho nama ha tlhokomelo;

Motheo wa tsamaiso lehlakoreng la tjhelete;

Tlhokomelo tlhahisong;

Tlhokomelo thekong;

Tlhokomelo mmarakeng;

Tlhokomelo ditjheleteng;

Tlhokomelo tsamaisong;

Tlhokomelo mohloding e leng batho; 

Tlhokomelo dikamanong tsa setjhaba;

Tlhokomelo maruong le thepeng; le

Tlhokomelo dintlheng ka kakaretso.



Dithuto tse ding tse rutwang

Ha re sheba hape mathata a maholo a shebaneng le balemi ba ntseng ba thuthuha, re lekile ho rarolla mathata ana ka dithuto tseo re di hlophisitseng.



Tlhoko ya ho uma dijothollo mobung o ommeng Afrika Borwa (e ka ba hanyane feela ebang re fositse).

Tlhokomelo ya Polasi ho shebilwe Phaello;

Tlhahiso e Phahameng ya Poone le Mmaraka; le

Moralo wa Polasi le Tekolo ya Mehlodi.



Tlhoko ya tsebo, bokgoni le boiphihlelo.

Selelekela Tlhahisong ya Poone;

Selelekela Tlhahisong ya Soneblomo;

Selelekela Tlhahisong ya Koro;

Selelekela Tlhahisong ya Mabele;

Selelekela Tlhahisong ya Matokomane;

Tlhahiso e Phahameng ya Poone le Mmaraka;

Thuto ya Borakonteraka ba Mapolasi;

Thuto ya Ntshetsopele ya Bokgoni;

Tlhahiso ya Poone tlasa Nosetso; le

Tlhahiso ya Barley Tlasa Nosetso.



Leqeme la tjhelete.

Tlhokomelo ya Polasi ho shebilwe Phaello; le

Moralo wa Polasi le Tekolo ya Mehlodi.



Leqeme la metjhine e lekaneng.

Thuto ya Tlhokomelo ya Terekere le Disebediswa tsa Polasing;

Thuto ya Borakonteraka ba Mapolasi; le

Tokiso ya Motheo ya Enjene.



Dintlha tse amanang le masimo le kgiro ya ona.

Tlhokomelo ya Polasi ho shebilwe Phaello.









 

















