

Tractors (Maize) 									SESOTHO

Diterekere – pere ya sejwalejwale

Instructions:

Folio Strap: Tlhokomelo

Byline: Willie Kotze, Mohokahanyi wa kwetliso wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi.

Photos 	Photo 1 - Battery e sa hlokomelweng le ka mohla

Photo 2 – Thapo tsa motlakase di le tletse oli

Photo 3 – Ha ho oli aseng (differential)

Photo 4 – Hlwekisa filtara tsa moya kgafetsa 

Photo 5 – Oli peiping ya radiator

Photo 6 – Phanele di tlamelletswe ka mehala 

Photo 7 – Fan belt e matha e solopane ka phoso



Sehla sa tlhahiso ya hlabula se batla se fetile jwale boholong ba mabatowa, mme terekere tsa lona di tshwanetse hore ebe di sebeditse ka matla ho nnetefatsa hore o fumana kotulo. Jwale ke nako ya ho di beha leihlo hanyane ho tiisa hore di tla boela di eba boemong bo hlwahlwa hape ho ka o thusa sehleng se tlang.



Phodiso ya enjene (cooling system) 

Etsa bonnete hore ha ho moo ho dutlang teng ho efe kapa efe ya dipeipi kapa haufi le pompo ya metsi.

Hlahloba boemo ba dipeipi tsa metsi, mme o tiise hore ha di a nolofala haholo ka baka la ho kopana le oli.

Hlahloba sekwahelo sa radiator, mme o tiise hore ‘seal’ e thibang e ntse e le boemong bo botle. Ha eba ho se moo ho dutlang teng, mme boemo ba metsi bo le tlase, e ka nna ya ba ho tshwanetse ho kenngwa sekwahelo (cap) se setjha.

Ho bohlokwa ho ntsha metsi a cooling system selemo le selemo, le ho tshela antifreeze. Hopola hore mariha a a tla, mme ho tla hlokahala hore o be le antifreeze e ntjha.

Etsa bonnete hore o reka antifreeze e nepahetseng mabapi le terekere ya hao, mme o se ke wa kopanya diantifreeze tse fapaneng tsa mebalabala ka ha nnete ke hore di fapane.

Etsa bonnete hore boemo ba fan belt bo botle – ha e a peperana. Hlahloba ho tiya ha yona. Ha eba fan belt di le pedi, mme eba e nngwe ya tsona e se e kgathetse, e ka ba ka lebaka lefe, o tshwanetse hore ka bobedi o kenye tse ntjha e le hore ka bobedi di jare boima ka ho lekana.



Mafura (fuel system) 

Hlahloba hore ha ho na ho dutla hofe kapa hofe tankeng ya diesel hohle le ho ya fihla ho diinjectara.

Etsa bonnete hore tanka e hlwekile, mme o hlahlobe filtara ka hara tanka.

Kenya difiltara tsa pele le tsa morao tsa diesel.

Hlwekisa sefi (trap) sa metsi. Ho bohlokwa ho boloka tanka ya hao ya diesel e tletse hobane ha moya o le teng ka hara tanka, mongobo moyeng o a hwama ka hara tanka, mme ebe o etsa metsi. Metsi ana a ka senya pompo ya hao ya injectara.



Oli le grease (lubrication system)

Etsa bonnete mabapi le dinako tse mahareng tsa service ya terekere ya hao – ho ka nna ha etsahala hore o tshele oli le ho tshela oli e ntjha le ho kenya filtara e ntjha.

Ha eba nako e fihlile ya ho tshela oli e ntjha ya differentiale le ya kere (gear) ya hao, hopola le ho kenya filtara e ntjha (ela hloko hore system ya hydraulic e sebedisa yona oli eo, mme o hlahlobe le hona ho dutla ho ka bang teng).

Ha terekere e boetse e matha, nnetefatsa hore ha ho moo oli e dutlang filtareng kapa sekwahelong sa sump (plug).

Hlahlobisisa ho dutla hofe kapa hofe ha oli le seals tse bonahalang eka di a dutla – ho tshwanetse ho kenngwa tse ntjha bakeng sa tsa kgale.

Tlotsa ka grease dikarolo tsohle tse sebetsang (lebiding la mokganni hammoho le dinipoleng (nipples) tsa grease.



Dihlwekisamoya (air cleaners) 

Hlahloba air filters, mme o etse bonnete hore di sa dutse hantle le ho hlweka – Kenya tse ntjha ha eba di se di se boemong bo botle.

Hlahloba dipeipi tse hokahanyanang tsa air cleaner, mme o nnetefatse hore ditlelempe (clamps) kaofela di tiile.



Motlakase (electrical system) 

Battery – Battery kaofela e tshwanetse ho hlweka. Etsa bonnete hore metsi (electrolyte level) a nepahetse, ho seng jwalo, eketsa ka metsi a hlwekileng (distilled water). Metsi ana a fumaneha mabenkeleng a rekisang dibattery. Lokolla dithapo tse tlamelletsweng ho yona, di hlwekise hammoho le dihloohwana tsa battery (terminals). Tlotsa dihloohwana hanyane ka grease pele o kgutlisetsa dithapo. Sena o se etsa ho thibela mafome. Etsa bonnete hore kamano ke e tiileng pakeng tsa thapo e negative e hokahanang le enjene, le e positive, e hokahanang le statara.

Etsa bonnete hore marangrang a motlakase ha a tlotswa ke grease le oli, le hore dithapo tsena di phuthetswe (hona ho di tshireletsa motjhesong, ho hohleheng le diphalling tse sa hlokahaleng).

Etsa bonnete hore mabone a hlokomedisang le digauge di sebetsa hantle – ha o sotha terekere (switch on), mabone ao kaofela a tshwanetse ho kgantsha. Mabone a oli le alternator a kgantsha ha ignition e sothilwe, mme hang ha terekere e duma, mabone ana kaofela a a tima – a mang a mabone a tla kgantsha feela ha bothata bo itseng bo le teng.

Hlahloba difuse kgafetsa.



Dithaere 

Dithaere di tshwanetse ho ba maemong a matle – ho se be ho petsoha, ho peperana, ho sehwa kapa ho buduloha.

Hlahloba pressure (kgatello), mme o nnetefatse hore boima ba mabidi a ka morao a tshwanetseng ho tshelwa metsi, bo nepahetse.

Hlahloba diforo mabiding a tsamaisang terekere – ha dithaere di thella haholo (e le ditamati) o tla tshwara bothata ba ho thella, mme sena se tla sitisa tshebetso e hlwahlwa. 

Sheba ka hloko paterone ya diforo mabiding a tsamaisang terekere, mme o nnetefatse hore paterone e shebile nqa e nepahetseng.



Motjhine wa lebidi le kgannang (steering mechanism) 

Motjhine wa lebidi la terekere o shebane le bothata ba ho hohleha le ho senyeha. Ho bohlokwa ho etsa bonnete hore kaofela dibushe, dibearing, ditie-rod ends le steering box di maemong a matle. Diparete tse fetseng di baka hore terekere e thothomelake tseleng – sena se kotsi haholo ka ha jwale terekere ha e sa le taolong ya mokganni, mme e baka ho fela ho sa hlokahaleng ya dithaere. 



Dipoleiti tse tshireletsang

Terekereng ho na le dipoleiti tse ngata tse tshireletsang (hangata di ferefilwe ka mmala wa terekere). Sepheo ka dipoleiti tsena ke ho tshireletsa mokganni hammoho le dikarolo tse tsamayang. Hangata dipoleiti tsena di a kgwehla, kapa hona ho ba siyo. Ke taba ya bohlokwa hore dipoleiti tsena di dule di tiile terekereng, mme diboutu tse nyane di hlokwa ho hlahlojwa kgafetsa.



Tshepe e hulang (draw bar)

Hlahlobo e ikgethileng e tshwanetse ho tsepamiswa tshepeng ena e hulang ho tiisa hore e dula e tiile. Sebedisa tshepe tsa botenya bo nepahetseng ho hokela (pins) nakong eo o hulang disebediswa le ditereilara ka ha boima bohle ba se hulwang bo jarwa ke tshepenyana ena hammoho le diboutu tse hoketseng tshepe e hulang terekereng. Dikotsi tse ngata di bakwa ke ho se hlokomele tshepe ena e hulang. 

