Track (Maize) 									SESOTHO



Diteko tsa dipontsho le matsatsi a balemi di motjheng 



Instructions:

Folio Strap: Lenaneo la ntshetsopele ya molemi

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Sepheo sa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi ke ho simolla le ho hlokomela ditshingwana tsa diteko moo balemi ba ka kgonang ho bona melemo ya tokiso e nepahetseng ya mobu, ho kenngwa ha manyolo, kgetho ya mofuta wa peo, taolo ya manyolo le dikokwanyana le kotulo.



Diteko tsa dipontsho

Re ile ra kgona ho hloma ditshingwana tsa diteko tse 46 lebatoweng lohle le leng tlhokomelong ya lenaneo. Sepheo sa diteko ke ho bontsha mekgwa e metle ka ho fetisisa – manyolo/ho se sebedise manyolo; sekgahla se nepahetseng sa ho jala peo/ peo e ngata haholo kapa e nyane haholo; taolo e ntle ya mahola/bosiyo ba taolo ya manyolo. Haholoholo mabapi le balemi ba ituletseng thoko kwana mme ba sa tsebe ho ngola le ho bala, diteko tsena di bontsha balemi melemo ya ho etsa se nepahetseng ka nako e nepahetseng tlasa maemo a le mang a ba amang.



Matsatsi a balemi 

Matsatsi a balemi a fana la menyetla e metle ho bohle ba amehang, ho buisana le balemi le ho ba bontsha. Matsatsi ana a kenyelletsa basebeletsi ba lenaneo la rona hammoho le baemedi ba tswang dikhamphaneng tsa phepelo ya disebediswa tsa temo, ba agribusiness, ba inshorense ya dijothollo, ba thusang ka ditjhelete, jwalojwalo. Nakong ena yohle ya sehla sa ditjhelete, re bile le matsatsi a balemi a 65 – ba bileng teng e bile balemi ba pakeng tsa 8 le 250.

