Topsoil (Maize)									SESOTHO

Mobu o ka hodimo – ho tshireletsa mohlodi wa bohlokwa

Instructions:

Folio Strap: Paballo ya mobu

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA

Photos: Topsoil

Exploding quote: “Mobu ke leruo la batho, ke leruo le letle ka ho fetisisa leo setjhaba se ka bang le lona. Ke mohlodi wa dijo tsohle le motheo wa tswelopele yohle. O bopilwe butlebutle ka mokgwa o ke keng wa lekanngwa, ka mengwaha e mengata. Mobu o potlaka ho senyeha, mme hang ha o senyehile, o ke ke wa boela wa ba teng, le yona melemo ya ona. Re tlamehile ke hona ho tshireletsa mehlodi ya rona ya mobu ka tlhokomelo e kgolo le ho e sebedisa ka bohlale, hobane setjhaba se phetseng hantle se ka bopuwa feela ka dihlahiswa tsa mobu o phetseng hantle.” – JC Ross.



Mobu o bopilwe butlebutle ka mokgwa o ke keng la lekanngwa, ka mengwaha e mengata, o potlaka ho senyeha, mme hang ha o senyehile, o ke ke wa boela wa ba teng, le yona melemo ya ona.

Ha ho letho tlhahong le emeng tsi le sa tsitsinyehe. Ditshebetso tsa tlhaho, ho kenyeleditswe kgoholeho, di entse hore mobu o bopehe o etswa mafikeng. Phapang ya motheo le ha ho le jwalo e tshwanetse ho etswa pakeng tsa sekgahla sa phetoho jwalo ka ha e etsahala tlhahong, le sekgahla sa phetoho se tliswang ke ho kena dipakeng ha motho. Se nkang tlhaho makgolo kapa tsona dikete tsa dilemo ho di bopa, motho a ka di ripitla ka bosiu bo le bong ka tshebediso e bohlaswa ya mobu le mekgwa e hlokang boikarabelo temong.

Menyetla ya taolo ya kgoholeho ya mobu

Taolo ya kgoholeho e na le menyetla ho monga mobu le ho setjhaba – ho monga mobu mabapi le paballo ya mobu le mongobo, ho setjhaba ka mokgwa wa phokotseho ya merwallo, dinoka tse hlakileng le tlhokomelo e tlase ya ditsela tsa metsi, marokgo, jj.



Diphetho tsa kgoholeho

Tahlehelo ya mobu le menontsha.

Tahlehelo ya metsi jwalo ka ha a phalla.

Masimo a sentsweng le mobu o sa hlahiseng letho.

Merwallo le komello.

Boleng bo fokotsehileng ba mobu.

Phokotseho ya tjhelete e kenang ya polasi.

Mobu o nyahladitsweng.

Ho nyopa ha dijothollo.

Phepelo e sa lekanang ya metsi.



Mefuta ya kgoholeho

Kgoholeho e bakwa ke dintho tse matla tse tharo, metsi, moya le leqhwa. Aforika Borwa, re tshwenyehile ka ho fetisisa ke kgoholeho ya metsi, mme sena se latelwe ke kgoholeho ya moya. Kgoholeho ya metsi e iponahatsa ka mekgwa e mmedi – letlapa le sephara la metsi le ho iketsa makala.



Kgoholeho ka letlapa la metsi

Ka tlwaelo, ho etsa tshingwana e bonojana, e bataletseng hantle ka ho lekana, mobu o ile wa thuuwa, wa etswa hore o lokolohe. Ho phetholwa ho honyane (minimum till) ho ntse ho sebediswa e le tharollo ya sejwalejwale qakeng ya ho lokolla mobu o ka hodimo. Sehla sa ho jala se boetse se fetohile sehla sa pula e ngata haholo e nang kgafetsa. Ha pula e ngata e kolobisa mobu maemong ana, taba ya pele e etsahalang ke ho bokella mobu, mme ka ho etsa jwalo, bongata ba dikarolwana tsa mobu bo a sileha, mme bo qetelle bo lokolohile ho ka phalla le metsi. Hang hoba pula e simolle, metsi a mangata a qalella ho phalla le motheo (slope), a nkile mobu le manyolo. Sena se ka etsahala dilemo tse ngata molemi a ntse a sa lemohe hore tshenyo e etsahetse, e ka bang makgolokgolo a ditone tsa mobu hekthara ka nngwe.



Kgoholeho ka ho iketsa makala

Hangata masimo ha a batalle ka ho lekana, mme le mobu ha o bonojana bo tshwanang hohle. Metsi a tla rata ho iketsa dinokananyana hang ha a tloha sebakeng se batlang se phahame. Dinokana tsena le tsona di rata ho kopana mmoho le ho phalla e le ntho e le nngwe forong. Ha eba motheo e le o molelele haholo, dinokana tsena di a ipokella, di a eketseha. Qetellong ho ba teng paterone e tshwanang le ya makalana, makala le kutu ya sefate. Ke ka hoo re buang ka ho iketsa makala.



Hang ha metsi a se a simolotse ho matha ka motjhophoro o itseng, matla a ho hohola, a bongata ba metsi, jwale a simolla ho eketseha. Ha paterone e kang ya makalana e se e fihlile moo diforo di ke keng tsa kgona ho thijwa, ke moo kgoholeho ya makalana e seng e kene. Kgoholeho ena e potlakang ya diforo e ka senya naha yohle, mme ya etsa hore naha eo e se lokele temo ya letho.



Meloko e hlahlamang e shebile rona ho baballa mobu mabapi le tlhahiso ya nako e tlang. Ka tsamaiso e hlwahlwa, kgoholeho ya mobu e ka thibelwa, mme re ka nnetefatsa hore re ba le masimo a ka sebediswang ka katleho. 





 

