Sustainable (Maize)								Sesotho



Bohwai ba sebele: hobaneng bo nka nako e telele hakana?



Instructions:

Folio Strap: Bohwai ba sebele

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Re lomahantse meno tekong ya ho ntshetsa pele balemi ba batsho, ba hwebang, ba thusitsweng ho ba le bokgoni, ba tla kgona ho itshebeletsa ka bolokolohi, ba ikemetse, tshebetso ya bona e le e tshwarellang. Tikolohong ya jwale ya ikonomi, ena e sa le taba e thata – le ha eba wena o motho ya inehetseng, eo merero ya hao e leng metle. Ha eba temo Afrika Borwa e lokela ho atleha le ho tshwarella, re tlamehile ho ba le phetoho ya nnete indastering hore re kgone ho bua ka ntswe le le leng le kopaneng.



Ha ho letho le bonolo ka bohwai ba polasi, mme balemi ba lokela ho shebana le dintho tse ngata. Hape ba lokela ho ipeha maemong a kotsi.

Ditheko tse tlase tsa dijothollo di beha kgatello e kgolo phaellong e tswang tlhahisong ya dijothollo.

Sekgahla sa tswala se phahame, mme ditjeo tsa metjhine le tsona ke tse phahameng haholo.

Balemi ba nang le boiphihlelo ba hula ka tlhako tsa morao – jwale re tla reng ka balemi ba ntseng ba thuthuha? Ba hula ka tlhako tsa morao le ho feta!



Mmuso o ka thusa jwang?

Mothating ona, molemo wa tlhahiso ya dijothollo ke wa balemi ba lekang ho tswela pele empa ba sitwa ho hlahisa dijothollo tsa letho ka mokgwa o tshwarellang. Re dumela hore boemo bona ha se ba dinako tsohle, le hore ditheko tsa dintho di tla phahama. Le ha ho le jwalo, nakong e kgutshwane, re tlamehile ho tshehetsa balemi bana ba dijothollo ka tjhelete e tla tla ka mokgwa wa thuso ya mmuso (grant) – ebang e ka ba ka mokgwa wa thuso ditjeong tsa tse kenngwang mobung, kapa ka teboho ho ya ka ditone tse hlahisitsweng. Molemo mokgweng wa ho leboha ho ya ka ditone tse hlahisitsweng ke hore mona ho lebohuwa bao ba sebetsang – ena e ka nna ya eba tsela e thusang bao ba inehetseng, ba nang le bokgoni hore ba se hetle morao, empa ba hle ba kene ka setsotswana, ebe balemi ba feletseng, ba hwebang ba lomahantse meno ruri.

 

Bothata bo bong bo boholo bo shebaneng le balemi ba ntseng ba thuthuha ke boemo ba diterekere le disebediswa – re hloka mofuta o itseng wa tshehetso ya ditjhelete e le hore balemi ba ka thuswa ho ntjhafatsa disebediswa tsa bona. Ho teng mafapha a mangata a mmuso a thusang dihlopha tsa balemi ka diterekere le disebediswa. Hona e ka ba thuso ya nakwana. Le ha ho le jwalo, thupelo le ntshetsopele di sa hlokahala hore balemi ba ithute mokgwa wa ho hlokomela disebediswa tsena. Ha ntho e ena le monga yona, empa e sebediswa ke batho ba bangata, ha ho ya tla e hlokomela, mme ha ho ya tla jara boikarabelo. Ho teng mehlala e mengata moo disebediswa di ileng tsa nehwa batho, mme tsa tlohelwa di le jwalo ho fihlela di qetella di senyehile ka hohlehohle. Ona ha se mokgwa o tshwarellang.



Diofisiri tsa katoloso di tlamehile ho boela di rupelwa hape, ho fuwa bokgoni hape, le ho fuwa tjheseho le mafolofolo – ho sa na le palo e kgolo ya baatolosi bana. Ba tshwanetse hore ebe ba se ba ntse ba thusa balemi mane masimong. 



Mosebetsi wa agribusiness

Bothata bo bong bo boholo bo shebaneng le balemi ba ntseng ba thuthuha ke tumello ya tlhahiso ka mokgwa wa ho nka thepa ka molato (credit). Ba bangata ba na le masimo, ba na le metjhine (e meng le hoja e se boemong bo botle), ba a kwetliswa le ho tshehetswa, empa ba hloka tjhelete. Ditjeo kaofela tsa ho hlahisa dijothollo di phahame haholo – pakeng tsa R4 000 le R5 000 hekthara ka nngwe (ho ya ka mofuta wa sejothollo, le hore se jalwa hokae, jwalojwalo). Tshimolohong re ne re thabile haholo ka ho kena ha diagribusiness mabapi le ho thusa ka ditjhelete tsa tlhahiso baleming ba ntseng ba thuthuha, mme re tlamehile ho eketsa ka ho re ho sa le teng ba bang ba dikgwebo tsena tsa temo (agri business) bao ruri ba tshehetsang balemi tataisong e ntle.

 

Ho ya ka maikutlo a rona, dikgwebo tse tshehetsang tsa temo (agri businesses) di tshwanetse:

Ho kenyelletsa balemi dipuisanong tsohle;

Ho tsebisa balemi ditaba le ho ba matlafatsa;

Ho thusa balemi ka dikadimo mabapi le tlhahiso, mme sena se etswe ka tswala e nyane ka moo ho kgonahalang ka teng;

Ho fumanela balemi ditheolelo dikhamphaneng tsa thepa le ho fetisetsa ditheolelo tsena ho balemi; 

Ho tshehetsa balemi ka ditshebeletso tsa katoloso – ka ho sebedisa batho ba nang le boiphihlelo le mangolo a nepahetseng;

Ho sebedisana le mekgatlo (diinstitushene) tse kwetlisang, tse rupelang le ho tshehetsa balemi;

Ho thusa balemi ho mmaraka dijothollo tsa bona molemong o moholo wa molemi; le 

Ho thusa balemi phahamisong ya maemo le tlhokomelong ya diterekere le disebediswa tsa bona tsa temo.



Re reng ka tshebediso ya borakonteraka ba mapolasing?

O mong wa mekgwa e bonolo ka ho fetisisa ya ho etsa etsa hore mobu o be le tlhahiso ke ho sebedisa borakonteraka ba mapolasi. Sena se lekilwe ka makgetlo a mangata, mme boitatolo ha esale e ntse e le hore rakonteraka o tla sebetsa feela qalehong ya mosebetsi, mme hamorao molemi ka boyena o tla tswela pele ka mosebetsi. Boiphihlelo bo re rutile hore sena ha se etsahale ka mabaka a seng makae:

Molemi ha a kene haholo nakong eo rakonteraka a etsang mosebetsi;

Rakonteraka o tatile haholo hoo a se nang nako ya ho rupela/kwetlisa mabapi le bokgoni bofe kapa bofe;

Ha se hore rakonteraka o tlamehile kapa o na le bokgoni ba ho matlafatsa ba bang; le

Molemi ha a etse phaello e lekaneng e ka mo dumellang ho ithekela diterekere tsa hae le tsona disebediswa tse ding.



Bobe ba ho sebedisa rakonteraka

Keketseho ya ditjeo tlhahisong.

Tjhelete e sebedisitsweng ho rakonteraka e ka be e sebedisitswe ho ntlafatseng le ho hlokomeleng diterekere le disebediswa tsa molemi.

Balemi ha ba a kena ka setotswana mosebetsing wa polasi, mme ha ba a matlafatswa ho ka ikemela ba le bang.

Tikolohong ya rona e ommeng, hangata ke nako e kgutshwane feela e bang teng, e lokelang mekgwa e fapaneng ya ho phethola mobu. Ha rakonteraka a sebediswa sebakeng se nammeng haholo, hangata nakonyana eo re lahlehelwa ke yona, e leng e ka bakelang molemi tahlehelo ya dijothollo tsa hae (ho jala le ho fafatsa nako e ile). 

Rakonteraka o lefuwa ho ya ka hekthara ka nngwe, e seng ho ya ka boleng ba mosebetsi o entsweng – ho sa tsotellwe hore na molemi o entse phaello kapa the; rakonteraka yena o fumana tjhelete ya hae. Taolo ya boleng ke taba e siyo ka bomadimabe – hape ka baka la boholo ba diprojeke.

Ho teng balemi ba batsho ba nang le bokgoni, ba bileng ba thusitsweng ho ba le bokgoni. Balemi bana ba tshwanetse ho hira masimo ho ba bang ba se nang tjheseho mosebetsing wa bona kapa ba hlokang bokgoni ba ho iketsetsa ka bobona. Mohatong ona, boholo ba masimo ke bo “sebetswang” ke ba dikgwebo tsa temo (agri businesses), mme ka baka lena masimo ana a sitwa ho wela matsohong a batho ba bang ba batsho. Balemi ba nang le bokgoni ba tshwanetse ho sebedisa masimo ana, mme ba kgone ho nama le ho hodisa mosebetsi wa bona wa temo.

Mabapi le balemi ba se nang disebediswa ho hang, kgopolo ke hore ka ho ba etsetsa mosebetsi ba ka nna ba bokella tjhelete e lekaneng ho ka simolla ba le bang ka mosebetsi wa bona. Ha ho na bopaki bo ka tshehetsang kgopolo ena – phaello e fumanwang tlhahisong ya dijothollo ke e nyane haholo, mme ka ho sebedisa borakontereka maemo ana a mpefala le ho feta.



Re dumela hore tharollo e ka ba efe? 

Bohle ba nang le kabelo ba tlamehile ho sebetsa ka seriti, ba tsitlallele ho ntshetsa pele balemi – Mosebetsi wa polasi o itshetlehile haholo ka molemi ho feta ka masimo. Balemi ba batla ho itshebeletsa, e seng “ho sebeletswa”.

Dumella molemi ho simolla ka seo a nang le sona – ho simolla hanyane masimong a manyane ke taba e tshireletsehileng. (Hopola hore motho ya batlang ho sebedisa masimo a hae o ile a nna a tswela pele ho fihlela kajeno ka bonyenyane ba tjhelete eo a ileng a nna a e fumana. Ha eba a kgona ho etsa phaello e nyane hekthareng ka nngwe ya masimo a hae, hoo ke tjhelete ya tlatsetso eo a neng a ke ke a ba le yona. Ka ho simolla ka mokgwa o monyane, le ho fokotsa monyetla wa dikotsi, ho etsa ntho e nepahetseng ka mokgwa o nepahetseng, molemi a ka ba le bokgoni le sebete). 

O se ke wa qobella molemi ho sebedisa rakonteraka, empa thusa molemi ho hlokomela sesebediswa sa hae le ho etsa seo a ka kgonang ho se etsa ka boyena – ho ka ba molemo hore molemi a hirise masimo ao a sitwang ho a sebetsa, e le ha a ntse a hola le ho kena kgwebong.

Ho kenyeletsa moeletsi ke taba e ntle – empa motho ya jwalo ha se mang kapa mang! Moeletsi ke motho eo ruri a nang le tjheseho tswelopeleng ya molemi – ya tla sebedisa nako ya hae ho fetisetsa bokgoni le tsebo ho molemi, ya tla ba le pelo e telele le tshehetso. Kamano pakeng tsa batho bana ba babedi e tlamehile ho ba ntle – e thehwe hodima ho tshepana pakeng tsa batho ba babedi, ba hlomphanang, mme ho bohlokwa hore batho bana ba babedi e be ba thabileng, ba thabetseng ho ba kamanong e tjena, hobane ke seo taba ena e leng sona – kamano!

Dula o tsebisa balemi ditaba, o se ba teele ka thoko, o se ba etsetse diqeto tse ba amang “Ha ho letho la rona ka ntle ho rona!” ke puo e sebediswang haholo ke o mong wa mekgatlo ya batho ba holofetseng, mme puo ena e dumellana hantle le seo re buang ka sona mona.

Thusa balemi ho etsa tekolo e phethahetseng mapolasing a bona, diterekereng, disebedisweng, metjhineng, mehlapeng, dikolotong, maruong, jwalojwalo. Re tshwanetse ho thusa balemi ka hohlehohle, mme le bona ba tshwanetse ho utlwisisa hore eng ke eng, e ya hokae. Mohlala, ke matla a kW a makae ao molemi a nang le ona, hape ke boholo bo bokae ba masimo boo a ka bo kgonang ka matla a makalo?

Etsa bonnete hore molemi ke karolo ya lenaneo la kwetliso le ntshetsopele. Ho ba balemi ba feletseng, ba batsho, bahwebi ba makgonthe, ke mosebetsi wa nako e telele, mme diinstitushene tse ngata tse fapaneng di ka ba le diphehiso mona.

Lekola boleng ba kwetliso e ntseng e etswa. Bafani ba bang ba nang le tumello ya ho kwetlisa ha ba etse mosebetsi o motle haholo ka ha le bona ba ntse ba hloka boiphihlelo ka tsa temo (O ke ke wa ithuta ka tsa temo ka ho sheba bukeng!)

Boloka mosebetsi wa hao o le monyane, mme o kgona ho laoleha. Ntshetsopele ya balemi e hloka nako le tshehetso, mme ha mosebetsi o eba moholo haholo, dintho di atisa ho senyeha, mme qetellong projeke e swahlamane. Ke taba e ntle hore puo e re ke tshehetsa balemi ba 15 - 20. Nnete ke hore palo ena e kgona ho laoleha. Dikema tse ngata tsa balemi ba fetang 50 (qalehong) di se di wele putla hobane nnete ke hore ha ho matsoho a lekanenga ho etela balemi mona le mane. Hang ha projeke e se e qadile, palo e ka nna ya nyoloha selemo le selemo. 

