





Support (Maize) 										Sesotho



Tshehetso e fuwang dihwai tse tswetseng pele tsa ba batsho



Instructions:

Folio Strap: Lenaneo la ntshetsopele ya molemi

Byline: Jane McPherson, Manejara wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA

Photos:



Sepheo ka Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi ke ho tshehetsa balemi ba hlahileng ka mahetla ba tswang mokgweng dihlopheng tsa boithuto.



Bahlahisi bana ba hloka tshehetso e matla mabapi le morero wa tlhahiso, tsamaiso, tshebediso ya ditjhelete le dipehelo, jwalojwalo. Balemi ba hlwailweng ba tla fuwa tshehetso e tebileng ya nako ya selemo. Selemo le selemo ho tla hlwauwa balemi ba bang ba tla fumana tshehetso, mme ka mora moo ba tla lokela ho ka itjara le ho itsamaisa e le bona ka tshehetso e itseng ka mohala ho baofisiri ba lebatowa. Ha molemi a hlahisa ho feta ditone tse 250 ka selemo, o tla fetisetswa ho balemi ba lebatowa leo – ona ke mokgwa wa ho kenyeletsa balemi ba batsho lehlakoreng la bahwebi.



Balemi ba tswetseng pele Foreisetata, ba tsheheditsweng ke Johan Kriel, ke bana: 



Sr Priscilla Katase

Mong Samuel Moloi

Mong Isaac Khuto

Mong Samuel Nyambose

Mong Moeketsi Matshabe

Mong Hennie Jacobs

Mong Petrus Monnane

Mong Frans Mokoena

Mong David Lekhula

Mong Isaac Kheswa



Balemi ba tswetseng pele Leboya Bophirimela, ba tsheheditswe ke Tonie Loots, ke bana:



Mong Abram Manuel

Mong Rykie Raphoto

Mong Lazarus Mothusi

Mong Labious Manoto

Mong Thando Lolwane

Mong Sulphanius Motswenyane

Mong Ismael Botha

Mong Philip Nzonda 

Mong M Mazwi 



Balemi ba tswetseng pele Leboya Bophirimela, ba tsheheditswe ke Amos Njoro ke bana:



Mong Phillip Xaba

Mong Solomzi Booizene

Mong Hendrik Melken

Mong Jack Kokoma

Mong Moss Malo

Mong Orapeleng Bankies

Mong George Mokwele

Mong Paul Morule

Ms Deliwe Ntebele-Mutlwane

Mong Job Motswamere



Balemi ba tswetseng pele Mpumalanga ba tsheheditswe ke Jerry Mthombothi, ke bana:



Mong Nkosi

Dr Hewu

Mong Mahlangu

Mong Mokoena

Mong Masombuko

Mong Mahlangu

Mong Thubane

Mong Mahlangu



Balemi/bahlahisi bao e leng karolo ya lenaneo lena kaofela ba thuswa ka tlhahiso ya potefoliyo ena e kenyeletsang moralo wa kgwebo (business plan) ya sehla sena. Potefoliyo ena e thusa hore balemi ba kgone ho etsa kopo ya thuso ya tjhelete diinstitusheneng tse fapaneng. Balemi ba etelwa bonyane hang ka kgwedi ke mohokahanyi wa provense ya ba thusang ka moralo le ho beha leihlo mesebetsing ya bona, ho tloha tokisong ya mobu, ho ya fihla ho jalweng, ho lemeng, ho fafatseng, ho kotuleng le ho mmarakeng. 



Re entse qeto ya hore tswelopele kgwebong e tshwanetse ho behwa leihlo le ho ananelwa, mme ka baka lena ho ile ha tshwarwa moketjana moo ho neng ho menngwe balemi ba itseng hore e be ditho tsa 250 Ton Club. Re na le mekgahlelo ya 250 Ton, 500 Ton le 1 000 Ton – balemi ba ile ba hlomphuwa le ho fuwa ‘dibetjhe’ tse supang botho ba bona sehlopheng. Re tshepa hore re tla kgona ho bontsha indasteri hore ruri tswelopele e teng e shebileng nqa ya kgwebong. 











