Sunflower (OPOT)								Sesotho



Soneblomo – malwetse le tse tshwenyang



Instructions:

Folio Strap:

Byline: Ditaba di nkilwe bukaneng ya tataiso ya tlhahiso ya soneblomo ya Grain SA

Photos:

Photo 1: Cutworm (Sesedi)

Photo 2: Vaalgrond beetle (kgolabolokwe)

Photo 3: Herpalus beetle

Photo 4: Kgolabolokwe e maqaphaqapha ya poone

Photo 5: Blackstem

Photo 6: Whiterust

Photo 7: Soft Rhizopus headrot



Ke feela tse ding tsa dikokwanyana tse fumanwang dimeleng tsa soneblomo tse ka hlophiswang e le tse tshwenyang. Dikokwanyana tse behang soneblomo kotsing di ka nna tsa eja peo, peo e hlahang, peo e seng e hlahile, semela se ntseng se tswela pele, metso le karolo e ka hare ya peo e ntseng e tswela pele. 



Taolo ya dikokwanyana e itshetlehile haholo ka dibolayakokwanyana (dikhemikhale tse tjhefo dikokwanyaneng). Ho teng dibolayakokwanyana tse ngodisitsweng ho ka sebediswa dikokwanyaneng kaofela tse hlaselang semela sa soneblomo. Katamelo e kopanetsweng taolong ya dikokwanyana hangata ke e sebetsang ka matla ka ho fetisisa – mekgwa e a kopanelwa ho hatella palo ya dikokwanyana le ho kgina tshenyo ya dikokwanyana.



Dikokwanyana tse jang dipeo le dipeo tse hlahang 

Ho teng dikokwanyana tse fapaneng tse jang dipeo le dipeo tse hlahang, mohlala, wireworms, seboko se holang sa kgolabolokwe e maqaphaqapha ya poone, sesedi, jj. (ho bolela e seng mekae feela). Kokwanyana tsena di fokotsa palo ya dikokwanyana, mme ha di sa laolwe, ho ka nna ha tshwanela hore ho jalwe hape. Taolo e nepahetseng ya kokwanyana tsena ho itshetlehile ka tshebediso e nepahetseng ya dibolayakokwanyana haholoholo nakong ya ho jala.



Ho phetholwa ha mobu nakong ya mariha ho tla thusa taolong ya bongata ba kokwanyana – nako ya matsatsi a 35 kapa ho feta ntle le semela se ka hlaselwang, ho tla fedisa bongata ba tsona.



Peo e tshwanetseng ho jalwa e ka sebetswa ka dibolayakokwanyana, kapa dibolayakokwanyana di ka sebediswa diforong nakong ya ho jala. Sesedi se ka laolwa ka ho qhalanya tjhefo ena diforong tsa mobu. Masimo a poone le ona a ka nna a fafatswa ka dibolayakokwanyana tse nepahetseng.





Dikokwanyana tse jang dikarolo tsa semela sa soneblomo

Dikgolabolokwe tse maqaphaqapha tsa poone (astylus atromaculatus), sesedi (Agrotis segetum), ‘doodhouertjie’ beetle (Protostrophus sulcatifrons) le mofuta wa harpalus beetle, di baka tshenyo e kgolo dimeleng tse sa tswa hlaha, mme di ka fokotsa palo e ntle ya dimela masimong, mme ya di beha boemong bo tlase, ba tlhahiso, bo se nang phaello ya letho.



African bollworm (Helocoverpa armigera) e baka tshenyo hloohong ya soneblomo, mme e ka ba ya baka monyetla wa tlhaselo ya malwetse a bolele (fungal) a kang Rhizopus microsporus. Dikokwanyana tse nyanyang, tse kang, Nysius nataensis le tsona di ka baka tshenyo peong e ntseng e tswela pele ya soneblomo.



Ho teng dibolayakokwanyana tse mmalwa tse ngodisitsweng mabapi le taol ya mefuta e fapaneng ya dikokwanyana tse hlaselang semela. Le ha ho le jwalo, kutlwisiso e tshwanetse ho ba teng ya hore ke kokwanyana efe e bakang tshenyo, ebe ke hona moo ho sebediswang sebolayakokwanyana se nepahetseng ka sekgahla se nepahetseng le ka nako e nepahetseng. Hona ho fapana ho ya ka kokwanyana le ka mohato wa tswelopele ya semela. 



Taolo ya tse tshwenyang e ka nna ya fokotsa tahlehelo kunong, empa sena se tsamaya mmoho le ditjeo/ditshenyehelo. Mona mohlahisi o tshwanetse ho ela hloko ditjeo tse ka bapiswang tsa phekolo kapa thibelo. Ho se ho entswe ditekanyetso tsa mehato eo ho yona taolo ya tse tshwenyang e seng e le mpe haholo – ho teng mohato oo ho ona e leng tlameho ho senyehelwa ke tjhelete twantshong ya tse tshwenyang. Ho seng jwalo, tshenyo e tla bat eng ke e fetang tjhelete eo o reng o e babaletse. 

 

Taolo ya thibelo

Ha se tlwaelo e ntle ho fafatsa dibolayakokwanyana hodima dimela ha mehato ya tlhaselo e eso fihle maemong a hlokolosi. Lebaka la hona ke hobane tsa tlhaho tse phelang ka tse ding di a fediswa, mme ka mokgwa ona thibelo e ka nna ya eketseha e bang kgahlanong le tshebetso ya dibolayakokwanyana. 



Ho phetholwa ha mobu pele semela se jalwa ke mokgwa o hlwahlwa wa thibelo kgahlanong le dikokwanyana. Le ha ho le jwalo, mohato wa kokwanyana o tshwanetse ho behwa leihlo ho etsa bonnete ba taolo e baballang ka pokothong.



Ho teng dimela tse itseng tse nang le kganyetsano ya tlhaho kgahlanong le dikokwanyana tse itseng – ho teng menyetla ya nako e kgutshwane mona (e leng sejothollo se ke ke sa tlameha ho fafatswa), hammoho le menyetla ya nako e telele (e leng hore palo ya dikokwanyana e tla kgona ho fokotswa nakong e batlang e le telele).



Ka kakaretso, ho bohlokwa ho ba le katamelo e kopanetsweng mabapi le taolo ya tse tshwenyang – sebedisa mokgwa ofe kapa ofe o bonahalang o lokela semela ka nako eo. Taolo ya dikokwanyana dijothollong ke ntlha ya bohlokwa tsamaisong ya dijothollo, ka ha e na le tshwaetso e hlahang ka mahetla kunong, mme ka baka leo, le tlhahisong e bonahalang hore e tla tshwarella mabapi le tjhelete e tla unwa ha mmela o ntse o puta.



Malwetse a soneblomo

Malwetse a dimela a fokotsa kuno le boleng ba tsona, hape a ka baka mathata a bophelo bo botle diphoofolong le bathong ba jang dimela tseo. Malwetse a dimela a bakwa ke bolele (fungi), dibaktheria le dikokwanahloko (viruses). Tsena di ka hlasela dikarolo tsohle tsa semela – metso, dikutu, mahlaku le diqo. Malwetse a fapaneng a hloka maemo a fapaneng tswelopeleng ya ona.



Bolwetse bo kgona ho tswela pele ha feela maemo a tikoloho a bo lokela, semela se hlaselwang se le teng, mme le bolwetse bo le teng. Dintlha tsena ka boraro ba tsona di ka bitswa kgutlotharo ya tlhaselo ya bolwetse. Ha e nngwe ya tsona e le siyo, bolwetse bo ke ke ba kena. Bolwetse bo bang teng sehleng se itseng, lebatoweng le itseng, bo ka nna ba eba siyo lebatoweng leo, sehleng se hlahlamang. Lebaka ke hore maemo a tikoloho ha a yo. Ka baka la tse ngata tse tshwanelang ho sebediswa tlhahisong ya soneblomo, hangata ho batla ho sa baballe tjhelete ho laola malwetse ka dikhemikhale. Malwetse a itseng a dula a le teng ka nako tsohle, empa ha a tswele pele hobane le leng la mahlakore ana a mararo a kgutlotharo le ye be le le siyo. Malwetse a laolwa ka ho nka mehato ya thibelo. Ho sa le teng dintlha tse itseng, tse lokelang ho behwa leihlo mahatong ya taolo le thibelo ya malwetse. 



Kganyetso ya semela

Mefuta e itseng ya dipeo e se e ile hlahiswa, e leng e bang kgahlanong le bolwetse. Kganyetso le ha ho le jwalo, ke e kgahlanong le bolwetse bo ikgethileng, ha se e akaretsang malwetse kaofela. Ke taba ya bohlokwa he, ho hlwaya bolwetse bo atileng, mme e be hona o kgethang mofuta wa peo e lokelang.



Taolo ka dikhemikhale

Taolo ka dikhemikhale e hloka ngodiso ya phekolo kgahlanong le difungi le dibaktheria mabapi le bolwetse bo ikgethileng, tlasa maemo a ikgethileng. Ditjeo tse kgemang mmoho le phekolo ena di tshwanetse ho nahanwa le tsona.



Mekgwa ya tlhahiso

Ho phetholwa ha mobu ho ka ba bohlokwa taolong ya malwetse – malwetse a mang a ipata ka hara dikutu tse saletseng tsa dimela masimong, mme mokgwa wa ho phethola o tshwanetse ho kenyeletsa taba ya malwetse a fapaneng a leng teng.



Sepheo sa phapanyetso ya dimela ke ho fana ka nako e lekaneng ya ho bola ha dimela. Ke taba ya bohlokwa ho tseba hore ke malwetse afe a a tsamaiswang ke dimela dife, e le ho etsa bonnete bah ore qaka e rarollwa ka phapanyetso efe ya dimela dife.



Nako ya ho jala le yona e na le tshwaetso e itseng mabapi le bolwetse bo itseng – ho jala pele kapa morao ho ka fokotsa kotsi ya ho tswela pele ha bolwetse.



Taolo ya kgatello

Dintlha tse ikgethileng tsa kgatello di ka nna tsa ama malwetse a dimela. Dintlha tse bakang kgatello dimeleng di kenyeletsa mongobo (o phahameng haholo kapa o tlase haholo), motjheso, serame, menontsha e sa lekaneng, esiti mobung le tshenyo ya dikokwanyana. Taolo e hlwahlwa ya malwetse e hloka ho fediswa ha bonyane le leng la maoto a kgutlotharo ya bolwetse. Sena se fihlellwa hantle ka ho sebedisa mokgwa o kopanetsweng wa taolo. 



Malwetse a tlwaelehileng



Malwetse a ‘Leaf pustule’ – Septoria helianthi le Alternaria

Malwetse a pustule a bakwang ke Septoria hangata a fella mahlakung. Tshwaetso/tlhaselo ya Alternaria e bonahala ka popeho ya pustule tse fifetseng dikutung, dikgopo tsa mahlaku hloohong ya soneblomo.



Rust (Puccinia helianthi) 

Kokwanahloko e bakang bolwetse bona e tsamaiswa ke ditsie, mme ke bothata bo atileng mabatoweng a tlase (Lowveld) le moo koro e hlahiswang teng. Dimela di hlaselwa hang feela ha di qeta ho hlaha, di a kgineha, mme di ke ke tsa hlahisa dijothollo.



Sclerotinia (Sclerotinia sclerotiorum) – ho bola ha kutu le hlooho 

Hona mohlomong ke malwetse a bohlokwa, a tummeng, a tsamaisang tshenyo e kgolo, mme ona a ka laolwa ka phapanyetso ya dimela.

 

Tlhaselo kutung e ka baka dibaka tse kgolo, tse fokodiswang ho ka tswela pele ka hodima mobu, mme e ka kgannela ho kobeheng le ho putlma ha semela nakong tsa meya e matla. Eba moo dihlooho di thetsang mobu, e leng se ka kgannelang tlhaselong e eketsehang ya bolele le pele ho simollwa ka kotulo.

 

Tshenyo e kgolo e ba dihloohong, mme tlhaselo e phahameng e putlamisa tlhahiso ya soneblomo, haholo lehlakoreng la tjhelete.







Blackstem (Phoma oleacea)

Bolwetse bona bo ka ba teng neng kapa neng nakong ya sehla, mme bo phatlalla le dikutu tsa dimela ka tshebetso ya marothodi a metsi. Dimela tse hlasetsweng di fokodiswa ke dihlooho tse tlatsitsweng hampe. 



Whiterust (Albugo oleracea)

Bolwetse bona bo se bo bakile tahlehelo tse kgolo kgwebong dilengwaneng tse sa tswa feta, mme bo kgannela ho putlameng ha dimela. 



Soft Rhizopus headrot (Rhizopus microsporus)

Letshwao le tlwaelehileng ke la ho bola ho bosootho bo bonojana karolong e ka morao ya hlooho. 













