Sunflower									Sesotho



Soneblomo: Malwetse le tse tshwenyang (dikokwanyana)



Instructions:

Folio Strap: Dipeo tsa Oli

Byline: Tlhahisoleseding e fumanwe bukaneng ya tataiso ya Grain SA: Tlhahiso ya soneblomo

Insert: Tsheheditswe ke ba Truste ya Ntshetsopele ya Dipeo tsa Oli le Protheine

Photo 1: Sesedi

Photo 2: Kgolabolokwe e maqaphaqapha ya poone

Photo 3: Herpalus beetle

Photo 4: Tshenyo e kgolo e ba dihloohong, mme tlhaselo e matla e etsa hore tlhahiso ya soneblomo e se kenye tjhelete. 



Ke feela tse ding tsa dikokwanyana tse itseng, tse fumanwang semeleng sa soneblomo, tse ka tadingwang e le tsa sehlopha sa tse tshwenyang (pests) – ke dikokwanyana tse ngata tse ka fumanwang semeleng sa soneblomo, ntle le kotsi ya letho semeleng. Dikokwanyana tse ka bang kotsi soneblomong ke tse jang peo e jetsweng, peo e hlahang, peo e seng e hlahile, semela se tswelang pele, metso kapa karolo e ka hare ya peo.



Taolo ya dikokwanyana e itshetlehile haholo ka dibolayakokwanyana (dikhemikhale tse tjhefo dikokwanyaneng), tse tshwanetseng ho sebediswa ka nako tse nepahetseng, ka tekanyo tse nepahetseng, mme haholoholo ka ho fetisisa, ke tjhefo e nepahetseng mabapi le kokwanyana e itseng. Ho teng dibolayakokwanyana tse ngodisitsweng hore di sebediswe dikokwanyaneng kaofela tse hlaselang semela sa soneblomo – ha o sebedisa dikhemikhale tse ngodisitsweng, ka tekanyo e kgothaleditsweng, o batla o ena le bonnete ba diphetho tse ntle. Katamelo e kopanetsweng taolong ya dikokwanyana hangata ke yona e hlwahlwa ka ho fetisisa – mekgwa e a kopanngwa ho hatella le ho kgina palo ya dikokwanyana le tshenyo ya tsona.



Dikokwanyana tse jang dipeo le dipeo tse hlahang 

Ho teng dikokwanyana tse fapaneng tse jang dipeo le dipeo tse hlahang, jwalo ka wireworms, seboko se holang sa kgolabolokwe e maqaphaqapha ya poone, sesedi, jj. (ho bolela e seng mekae feela). Kokwanyana tsena di fokotsa palo ya dikokwanyana, mme ha di sa laolwe, ho ka nna ha tshwanela hore ho jalwe hape. Taolo e nepahetseng ya kokwanyana tsena e itshetlehile ka tshebediso e nepahetseng ya dibolayakokwanyana. Taolo ya dikokwanyana tsena ka kakaretso e batla e sa phahama ka ditjeo, e le bonolo, empa ho tshwanetse ho hlokomelwa ho nkwa mehato ya thibelo ya tshenyo dijothollong. Sena se tshwanetse ho etswa mohatong ona wa pele.

 

Ho phetholwa ha mobu nakong ya mariha ho tla thusa taolong ya bongata ba kokwanyana – nako ya matsatsi a 35 kapa ho feta ntle le ho hlaselwa ha semela, ho tla fedisa bongata ba tsona.



Peo e tshwanetseng ho jalwa e ka sebetswa ka dibolayakokwanyana, kapa dibolayakokwanyana di ka sebediswa diforong nakong ya ho jala. Sesedi se ka laolwa ka ho qhalanya tjhefo ena diforong tsa mobu. Masimo a poone le ona a ka nna a fafatswa ka dibolayakokwanyana.



Dikokwanyana tse jang dikarolo tsa semela sa soneblomo

Dikgolabolokwe tse maqaphaqapha tsa poone (astylus atromaculatus), sesedi (agrotis segetum), ‘doodhouertjie’ beetle (protostrophus sulcatifrons) le mofuta wa harpalus beetle, di baka tshenyo e kgolo dimeleng tse sa tswa hlaha, mme di ka fokotsa palo e ntle ya dimela masimong, mme ya di beha boemong bo tlase ba tlhahiso, bo se nang phaello ya letho.



African bollworm (helocoverpa armigera) e baka tshenyo hloohong ya soneblomo, mme e ka ba ya baka monyetla wa tlhaselo ya malwetse a bolele (fungal) a kang rhizopus microsporus. Dikokwanyana tse nyanyang, tse kang, nysius nataensis le tsona di ka baka tshenyo peong e ntseng e tswela pele ya soneblomo.



Ho teng dibolayakokwanyana tse mmalwa tse ngodisitsweng mabapi le taolo ya mefuta e fapaneng ya dikokwanyana tse hlaselang semela. Le ha ho le jwalo, kutlwisiso e tshwanetse ho ba teng ya hore ke kokwanyana efe e bakang tshenyo, ebe ke hona moo ho sebediswang sebolayakokwanyana se nepahetseng, ka sekgahla se nepahetseng, le ka nako e nepahetseng. Hona ho fapana feela ho ya ka kokwanyana le ka mohato oo semela se seng se le ho ona. 



Taolo ya tse tshwenyang kaofela e ka fokotsa tahlehelo kunong, empa e kgema mmoho le ditjeo, mme molemi o tshwanetse ho ela hloko ditjeo tse kgemang mmoho le phekolo ena. Mohato oo taolo ya tse tshwenyang e seng e hlokahala haholo ho ona, o tshwanetse hore o be o tsejwa – ho teng mohato o seng o hloka hore tjhelete kaofela ka tlung jwale e sebedisetswe ho laola tse tshwenyang (pests), ho seng jwalo, kgwedi e tla be e se e apohetswe ke maru, ka ha tshenyo dijothollong e tla be e feta ditjeo tsa phekolo. 



Taolo ya thibelo

Ha se tlwaelo e ntle ho fafatsa dibolayakokwanyana hodima dimela ha mehato ya tlhaselo e eso fihle maemong a hlokolosi. Lebaka la hona ke hobane tsa tlhaho tse phelang ka tse ding (predators) di a fediswa, mme ka mokgwa ona thibelo e ka nna ya eketseha e bang kgahlanong le tshebetso ya dibolayakokwanyana. Dikhemikhale di kotsi tikolohong, mme di tshwanetse ho sebediswa feela ha eba ho fela ho hlokahala ruri.



Ho phetholwa ha mobu pele semela se jalwa ke mokgwa o hlwahlwa wa thibelo kgahlanong le dikokwanyana. Le ha ho le jwalo, mohato wa kokwanyana o tshwanetse ho behwa leihlo ho etsa bonnete ba taolo e baballang ka pokothong.



Ka kakaretso, ho bohlokwa ho ba le katamelo e kopanetsweng mabapi le taolo ya tse tshwenyang – sebedisa mokgwa ofe kapa ofe o bonahalang o lokela semela ka nako eo. Taolo ya dikokwanyana dijothollong ke ntlha ya bohlokwa tsamaisong ya dijothollo, ka ha e na le tshwaetso e hlahang ka mahetla kunong, mme ka baka leo, le tlhahisong e bonahalang hore e tla tshwarella mabapi le tjhelete e tla unwa ha mmela o ntse o puta.



Malwetse a soneblomo

Malwetse a dimela a fokotsa kuno le boleng ba tsona, hape a ka baka mathata a bophelo bo botle diphoofolong le bathong ba jang dimela tseo. Malwetse a dimela a bakwa ke bolele (fungi), dibaktheria le dikokwanahloko (viruses). Tsena di ka hlasela dikarolo tsohle tsa semela – metso, dikutu, mahlaku le diqo. Malwetse a fapaneng a hloka maemo a fapaneng tswelopeleng ya ona.



Bolwetse bo kgona ho tswela pele ha feela maemo a tikoloho a bo lokela, ha semela se hlaselwang se le teng, mme le bolwetse bo le teng. Dintlha tsena ka boraro ba tsona di ka bitswa kgutlotharo ya tlhaselo ya bolwetse. Ha e nngwe ya tsona e le siyo, bolwetse bo ke ke ba kena. Bolwetse bo bang teng sehleng se itseng, lebatoweng le itseng, bo ka nna ba eba siyo lebatoweng leo, sehleng se hlahlamang. Lebaka ke hore maemo a tikoloho ha a yo. Ka baka la tse ngata tse tshwanelang ho sebediswa tlhahisong ya soneblomo, hangata ho batla ho sa baballe tjhelete ho laola malwetse ka dikhemikhale. Malwetse a itseng a dula a le teng ka nako tsohle, empa ha a tswele pele hobane le leng la mahlakore ana a mararo a kgutlotharo le ye be le le siyo. Malwetse a laolwa ka ho nka mehato ya thibelo. Ho sa le teng dintlha tse itseng, tse lokelang ho behwa leihlo mehatong ya taolo le thibelo ya malwetse. 



Kganyetso ya semela

Mefuta e itseng ya dipeo e se e ile hlahiswa, e leng e bang kgahlanong le bolwetse. Kganyetso le ha ho le jwalo, ke e kgahlanong le bolwetse bo ikgethileng, ha se e akaretsang malwetse kaofela. Ke taba ya bohlokwa he, ho hlwaya bolwetse bo atileng, mme e be hona o kgethang mofuta wa peo e lokelang.



Taolo ka dikhemikhale

Taolo ka dikhemikhale e hloka ngodiso ya phekolo kgahlanong le difungi le dibaktheria mabapi le bolwetse bo ikgethileng, tlasa maemo a ikgethileng. Ditjeo tse kgemang mmoho le phekolo ena di tshwanetse ho nahanwa pele ho ka nkwa mehato efe kapa efe – ho bohlokwa ho ikopanya le moemedi ya tsebang ka dikhemikhale, wa lefapha le haufi le wena la tsa temo, kapa khamphane ya tsa temo, ho fumana keletso mabapi le tshebediso ya dikhemikhale.



Mekgwa ya tlhahiso

Ho phetholwa ha mobu ho ka ba bohlokwa taolong ya malwetse – malwetse a mang a ipata ka hara dikutu tse saletseng tsa dimela masimong, mme mokgwa wa ho phethola o tshwanetse ho kenyeletsa taba ya malwetse a fapaneng a leng teng.



Sepheo sa phapanyetso ya dimela ke ho fana ka nako e lekaneng ya ho bola ha dimela. Ke taba ya bohlokwa ho tseba hore ke malwetse afe a jarwang ke dimela dife, e le ho tiisa hore qaka e rarollwa ka phapanyetso efe, ya dimela dife.



Nako ya ho jala le yona e na le tshwaetso e itseng mabapi le bolwetse bo itseng – ho jala pele kapa morao ho ka fokotsa kotsi ya ho tswela pele ha bolwetse.



Taolo ya kgatello

Dintlha tse ikgethileng tsa kgatello di ka nna tsa ama malwetse a dimela. Dintlha tse bakang kgatello dimeleng di kenyeletsa mongobo (o phahameng haholo kapa o tlase haholo), motjheso, serame, menontsha e sa lekaneng, esiti mobung le tshenyo ya dikokwanyana.



Taolo e ntle ya malwetse e hloka ho fediswa ha le leng la maoto a mararo a kgutlotharo ya bolwetse. Sena se fihlellwa hantle haholo ka ho sebedisa mokgwa o kopanetsweng wa taolo ya malwetse.



Malwetse a tlwaelehileng

Malwetse a ‘leaf pustule’ – septoria helianthi le alternaria

Malwetse a pustule a bakwang ke Septoria hangata a fella mahlakung. Tshwaetso/tlhaselo ya alternaria e bonahala ka popeho ya pustule tse fifetseng dikutung, dikgopo tsa mahlaku hloohong ya soneblomo.



Rust (puccinia helianthi) 

Kokwanahloko e bakang bolwetse bona e tsamaiswa ke ditsie, mme ke bothata bo atileng mabatoweng a tlase (Lowveld) le moo koro e hlahiswang teng. Dimela di hlaselwa hang feela ha di qeta ho hlaha, di a kgineha, mme di ke ke tsa hlahisa dijothollo.



Sclerotinia (sclerotinia sclerotiorum) – ho bola ha kutu le hlooho 

Bona ke bo bong ba malwetse a senyang ka ho fetisisa hara malwetse a bohlokwa a tummeng. Bolwetse bona bo laolwa ka phapanyetso ya dimela. Tlhaselo kutung e etsa hore ho be teng dibaka tse kgolo, tse fokodiswang, tse sitwang ho tswela pele ka hodima mobu. Boemo bona bo ka kgannela moo semela se kobehang le ho putlameng nakong tsa meya e matla. Eba moo dihlooho di thetsang mobu, e leng se ka kgannelang tlhaselong e eketsehang ya bolwetse ba bolele (fungal) le pele ho simollwa ka kotulo.

 





