Sunflower (OPOT)										Sesotho
Soneblomo – kotulo, tshwaro le poloko setorong 
Folio strap: 
Byline: Ditaba di hlophisitswe ho tswa bukaneng ya tataiso ya Tllhahiso e Phahameng ya Soneblomo.
Molemi o tlamehile ho etsa bonnete hore taolo ya boleng e simolla nakong ya mehato ya ho rera le ya pele ho jalwa, mme e kenyelletsa tshebetso efe le efe ya tsamaiso e tla tiisa hore tlhahiso e phahameng e a fihlellwa. 
Dintlha tse itseng tse tshwanetseng ho hopolwa, e leng tse nang le tshwaetso mabapi le boleng ba qeto peong e kotutsweng ke: tokiso ya mobu, botebo ba mobu, pH, tekatekano ya diminerale, mongobo o bolokilweng, kgetho ya mofuta wa peo, manyolo a nepahetseng, taolo ya mahola le dikokwanyana hammoho le ho kotula mohatong o nepahetseng le tshwaro e nepahetseng (ka matsoho), ho kenyelleditswe mekgwa ya ho hlwekisa, ho omisa le ho bolokwa setorong.
Kotulo
Kotulo ke mosebetsi wa sehlooho o hlokolosi polasing. Ho kotula ke mohato wa pele ka mora tlhahiso o kenyelletsang ho sebetswa ha soneblomo, ho bolokwa le ho baballwa ha yona. Ka hara mabatowa a fapaneng a tlhahiso mona Afrika Borwa, ho sebetswa, ho bolokwa le ho baballwa ho akaretsa mesebetsi e mengata, ho tloha ho thonakweng le ho bolokwa setorong ha dihlohwana tsa soneblomo, tseo hamorao di tla silwa mapolasing a manyane, le ho ya fihla mesebetsing e meholo ya kgwebo ka dijothollo, e leng e etswang ka metjhine.
Kotulo ka metjhine 
Nako
Soneblomo e atisa ho kotulwa ka metjhine pele ho poone selemong se tlwaelehileng, ho tloha mafelong a Hlakola (mabapi le peo e jetsweng pele), ho isa ho Motsheanong (mabapi le peo e jetsweng hamorao). Kotulo ena e ka phethwa pele kotulo ya poone e simolla. Ena ke ntho ya bohlokwa mesebetsing e menyane moo ho sebediswang metjhine yona eo ho kotula soneblomo le poone. Molemi e mong le e mong a ka nna a sebedisa rakonteraka ya nang le metjhine e loketseng ho kotula poone le/kapa soneblomo. Nako pakeng tsa kgolo e phethahetseng le kotulo e tshwanetse ho ba kgutshwanyane ka moo ho kgonahalang ka teng ho fokotsa tahlehelo e bakwang ke dinonyana le malwetse a ho bola ha dihlohwana.
Dimela tsa soneblomo ka popeho ya tsona di fihlelletse kgolo e phethahetseng ha bokamorao ba hlohwana bo se bo tlohile mmaleng o motala ho ya ho o mosehla. Ke phetoho eo ka tlwaelo dihloho di seng di omme ho lekaneng hore di ka kotulwa. Soneblomo tsa moaro tse jetsweng di tla ba boemong bo loketseng kotulo ka mora serame se matla mathwasong a dikgwedi tsa mariha. Pele o kotula, sebedisa selekanyi (meter) sa mongobo ho hlahloba mohato wa mongobo sejothollong. Sena se etswa le ka mora boemo ba kgolo e phethahetseng ho tiisa hore sejothollo se kotulwa nakong e ntle, e nepahetseng. Haeba o se na selekanyi sa mongobo, disampole di ka nkuwa nako le nako, mme tsa iswa ho motho wa sesiu sa selehae, kapa ka tumellano le rakonteraka ya nang le motjhine o kotulang, e le hore o etse qeto mabapi le hore kotulo e ka simolla mohatong ofe o nepahetseng.
Ho fokotsa ho pshatleha ha peo nakong ya kotulo, le tahehelo ka baka la dinonyana, soneblomo e ka kotulwa ha mothamo wa mongobo e le 20% ho isa ho 25%, mme ya omiswa seomising sa dijothollo ho fihlela ho 9,5%, e leng mothamo o motle wa mongobo hore soneblomo e ka bolokwa moqomong. Le ha ho le jwalo, maemo Afrika Borwa a batla ho omiswa ho phethahetseng ha soneblomo masimong pele ho kotulo. Ho tshwanetse ho hopolwa ka nako tsohle hore soneblomo ya mongobo o ka hodima 10% e hlaselwa ha bonolo ke kwaekgwaba (fungus). 
Motjhine o kotulang
Lebelo la ho ya pele la motjhine o kotulang le tshwanetse ho ba pakeng tsa dikilomithara tse hlano ho isa ho tse robedi ka hora. Lebelo le letle la ho ya pele le tla nne le fetohe, mme sena se tla laolwa ke mothamo wa mongobo wa soneblomo. Lebelo la ho ya pele le tshwanetse ho fokotswa ha mothamo wa mongobo wa peo o fokotseha e le ho fokotsa tahlehelo ka ho pshatleha ha peo nakong eo dihloho di kenang motjhineng. Mabelo a potlakileng a ho ya pele a kgonahala ha mothamo wa mongobo wa peo o le pakeng tsa 12% le 15%.
Mabelo a batlang a phahame ha a tshwanela ho imela silindara le disefe tse arohanyang sebaka ntle le sejothollong se boima ho feta tekano. Peo e nang le mongobo wa 12% ho isa ho 15% e tla silwa ha bonolo haholo ha e feta silindareng.
Adjustment tsa motjhine o kotulang
Kakaretso ya a mang a mathata mabapi le setting tsa motjhine, le dintlha tse ding tse bakang mathata di bontshwa theiboleng e tlase mona:
Bothata
Sesosa/ tharollo
Dihloho tse silehileng ka mmoho mobung.
Sebaka mahareng (concave) se sephara haholo.
Peo tse senyehileng ho feta tekano.
Moya o kenang o fokola haholo, ho pola ho fetang tekano silindareng/rotorong. Masoba a mooko a masesane haholo.
Tse senyehileng di ngata haholo ka moqomong wa peo.
Ho pola ho feta tekano, lebelo la silindara/rotor le phahame haholo, concave tiile haholo, fan e tlase haholo, kapa sefe e bulehile haholo.
Dihloho tse pshatlehileng, tse silehileng.
Lebelo la silindara/rotor le phahame haholo, sebaka mahareng (concave) se sephara haholo.
Peo e silehileng, e ntseng e ena le lekgapetla.
Karohano
Peo tse tlositsweng lekgapetla kapa tse silehileng.
Mabelo a phahameng a silindara/rotor kapa bongata bo boholo ba tse kgutlang.
Mobung, dipeo tse sa polwang.
Pokello e fokolang (header) le (pans).
Peo di betsetswa ka mora motjhine.
Lebelo/ho phalla ha moya, fokotsa lebelo la motjhine le sekgahla sa ho kena ha moya.
Tahlehelo kotulong e pakeng tsa 3% ho isa ho 5% empa e ka nna ya fihla ho 10% kapa 15% tlasa maemo a mabe a kgatello. Metjhine e kotulang e tshwanetse ho hlahlojwa ka ho sheba tahlehelo e hlileng e leng teng pele le ka mora hore motjhine o etse teko motjhophorong wa mobu.
Metjhine ya diteko le e methang mongobo
Ho tiisa hore molemi a ka simolla taolo ya kotulo le mothamo wa mongobo ka mokgwa o matla, ho bohlokwa ho ba le motjhine wa sejwalejwale o methang mongobo kapa ho ithekela wa hao haeba bongata ba tlhahiso bo tlama jwalo. 
Diteko tse nepahetseng tsa mongobo di bohlokwa taolong le ho marakweng ha dijothollo. 
Ho phopholetsa kapa ho fosahala ha diteko ho ka kgannela ho tse latelang: 
Tshenyo feela haeba dijothollo di le metsi haholo, mme di bolokilwe themphereitjhareng e tlase kapa meqomong ya tlhaho e omisang ka moya. 
Ditjeo tse ding tse ka thoko tsa ho omisa hammoho le tahlehelo ka motjhine haeba dijothollo di kotulwa di sa le metsi haholo. 
Ho honyela ha mongobo le ditefiso tse ding tse ka thoko tsa ho omisa. 
Tahlehelo ya boleng ba dijothollo. 
Ho etsa diteko tse nepahetseng tsa mongobo, simolla ka ho ba le sampole. 
Disampole
Ho fumana sampole pele ho kotulo ka ha mothamo wa mongobo wa soneblomo e emeng feela e sa kotulwa o ka nna wa feteletsa maemo ho feta ka moo a leng ka teng. Sena se qetella se baka hore kotulo e be moraonyana ho feta ho ba pelenyana.
Kotula karolwana, mme ebe o etsa teko ya yona. 
Kopanya dihloho tse bokelletsweng ka letsoho hammoho le tse tswang dimeleng tse ngata tse kgethilweng hohle masimong. Etsa diteko tse tharo sampoleng ena, mme o fumane palohare ya diphetho.
Isa sampole ho mosebeletsi wa sesiu wa selehae mabapi le teko e nepahetseng.
Etsa tekolo tsa kgafetsa ha dihloho di se di le tshehla e le hore dijothollo di kgone ho kotulwa nakong e ntle ya mongobo wa peo.
Poloko setorong polasing/ motseng
Disiu tsa tshepe 
Mohlomong mokgwa o motle ka ho fetisisa wa molemi ke mohato wa kgwebo tlhahisong. Meqomo e mengata ya dijothollo, e leng ya tshepe ke ya mothamo wa dikete tse 30 ho isa ho 10 tsa ditone. Haeba tjhelete e haellla, disiu tse nyane tsa mothamo wa ditone tse 30 di ka nna tsa etswa, tse ka etsang karolo ya mokgwa wa ho tshwarwa le ho bolokwa setorong ha dijothollo. Hona ho ka rerwa pele hore e be tshimoloho ya ho thehwa ha mokgwa o batsi o shebetsweng pele tlhahisong e kgolo ya molemi.
Dintlha tse amang le tse lokelang ho shebisiswa kotulong le polokong ya dijothollo di laolwa feela ke hore na molemi o na le setoro seo e leng sa hae kapa tjhe mabapi le karolo ya dijothollo kapa poone yohle e hlahiswang tikolohong eo. Balemi ba baholwanyane mohlomong bona ba ka kgona ho ba le menyetla ya ho sebetsana le karolo e itseng feela ya sejothollo sa sehlooho se hlahiswang. Mapolasi a maholwanyane a batla a alehile ka mokgwa o batsi, mme ho batla ho baballa ditshenyehelo ha thepa e iswa sesiung sa kgwebo ka ho otloloha ho ena le hore dijothollo di tlohe masimong di iswe sesiung sa polasi, mme ho tloha moo di iswe disiung tsa kgwebo. 
Molemi o na le setoro sa hae
Haeba o na le menyetla ya ho ba le meqomo ya ho hlwekisa, ho omisa le ho bolokwa setorong, eba he sejothollo se ka kotulwa hang ha peo ya soneblomo e tla tloha dihlohong, ya hlwekisa, ya omiswa, ya behwa setorong le ho rekiswa nakong e nepahetseng, ho ntse ho elwa hloko ditlhophiso tse seng di entswe tsa ho mmaraka le ho rekisa. Haeba sejothollo se ka kotulwa kapele ka moo ho kgonahalang ka teng, kotsi kapa tshenyo efe kapa efe e ka bang teng ya maemo a lehodimo e ka fokotseha. 
Molemi ya hlokang setoro 
Soneblomo e hlahiswang mapolasing moo ho seng menyetla ya ho boloka setorong, ka tlwaelo e kotulwa kapele le ho iswa e le jwalo disiung tsa selehae. Molemi o tla tshwanela ho e emela hore e ome pele e ka iswa sesiung sa selehae. Sejothollo se tshwanetse se ome ho feta 10% hore se kgotsofatse maemo a ngodisitsweng semolao mabapi le soneblomo. 
Dula o ikopanya le ba sesiu sa hao sa selehae hore ke mongobo o mokae o hlokahalang hore sejothollo se ka ya bolokwa. Dihleng tsa kuno e phahameng, mosebeletsi wa sesiu o tla sitwa ho sebetsana le poone e ngata ya mongobo o phahameng haholo. Rakonteraka o tshwanetse ho simolla feela ho kotula ha boemo ba mongobo bo loketse hore sejothollo se ka iswa hanghang setorong. 
Le hoja ho le molemo ho ba le menyetla ya hao ya moo o bolokang thepa ya hao, empa ho sa le teng dikotsi hammoho le mathata a kang, disebediswa tsa temo le tsamaiso mabapi le matsoho, ho hlwekisa, ho omisa, ho peitela dikokwanyana, le ho boloka sejothollo se le maemong a matle a mongobo nakong yohle ya ho bolokwa ha sona setorong. 	
Poloko e nepahetseng ya peo ya soneblomo setorong 
Ho molemi ya seng a ena le setoro sa hae kapa disiu tsa hae, mehato le ditlhokomediso tse latelang di tla mo thusa ho boloka sejothollo sa hae ka katleho pele se rekiswa.
Hlwekisa sebaka sa polokelo (setoro). Hlwekisa ka ho phethahala lephephe kapa sesiu, diboro le mabanta a tsamaisang, difene tsa moya, dipeipi, ka ho tlosa tshila efe kapa efe a bokellaneng hammoho le dipeo tse salletseng, tse ka bakang dikokwanyana le kwaekgwabana. Kwala mapatso le masobana a ka dumellang dikokwanyana, dikwaekgwabana kapa mongobo ho kena setorong.
Nahana taba ya ho sebedisa approved bin treatment kgahlanong le dikokwanyana. Sebedisa sefafatsi se laolang dikokwanyana bokahareng ba setshelo le bokatlaseng ba sona moo moya o kenang le teng. Etsa bonnete hore khemikhale e ngodisitswe hore e ka sebediswa soneblomong, mme o latele ditaelo tse boletsweng moo.
Etsa bonnete hore sejothollo se bolokilweng se hlwekisitswe ka ho phethahala. Soneblomo e bolokilweng e ena le ditshila tse kang dipeo tse pshatlehileng, dipeo tsa mahola, le lerole, e etsa hore sampole eo yohle e hlaselwe ke kwaekgwabana le dikokwanyana. Soneblomo e tjena hangata e na le mongobo o mongata, mme e ka nna ya baka motjheso. Keletso ke hore ho kenngwe sehlwekisi se hlwekisang ka moya pele peo e bolokwa e le ngata jwalo ka hara setshelo. Sehlwekisi sena se sebetsa mmoho le boro le elevator.
Dijothollo di bolokeha hantle ha di phodile, di omme, di hlwekile.
Boloka dijothollo Mothamong o Bolokehileng wa Mongobo. Peo ya soneblomo e tshwanetse ho bolokwa mongobong wa 10% kapa ka tlase haeba o rerile ho mmaraka dijothollo tsa hao nakong ya kgwedi tse tsheletseng ka mora kotulo. 
Mekgwa ya tshebediso ya Moya Sesiung e bohlokwa. Fene ya moya e reretswe ho phodisa soneblomo. Difene di tshwanetse ho tinngwa nakong eo pula kapa mongobo o phahameng haholo.
Hlahloba peo. Disampole tsa soneblomo di tshwanetse ho nkwa beke le beke ho fihlela dithemphereitjhara tsa peo di phodile, di dumellana le tsa mariha. Disampole di tshwanetse ho nkwa dibeke tse ding le tse ding tse nne nakong ya mariha, le ha nngwe ka beke nakong ya dikgwedi tsa lehlabula. 
Hlahloba soneblomo, e seng setshelo. Nakong ya ho nka sampole, fatisisa peo ya soneblomo, mme o hlokomele themphereitjhara, mongobo, dikokwanyana, kwaekgwabana le phapang ya menkgo papisong le hlahlobo ya nako e fetileng. Haeba ho fatisisa ho tjhesa, potlaka kapele ho tsamaisa kapa ho dikolosa moqomo kaofela wa peo. Tshwara ka letsoho, utlwa monkgo kapa tsamaya o potapote setshelo, mme o fatisise ho tswa maemong a fapaneng, ka tlase, ka hodimo, hore o kgone ho hlokomela boemo ba peo ka hara setshelo kaofela.
Potlaka ho Rarolla Bothata. Haeba bothata bo lemohuwa, bo rarolle kapele ka ho kenya moya hanghang, isa peo setshelong se seng kapa fatshe kapa laitjha makoloing, mme o e ise sesiung se haufi kapa ho bareki ka ho panya ha leihlo.
Dipeo tsa soneblomo tse sa bolokwang maemong a matle di ka bakela molemi ditshenyehelo tse phahameng tsa ditjhelete. Dipeo tse bolokilweng setshelong e ka nna yaba di se di ntse di ena le dikokwanyana kapa di tla kena hamorao. Mehato e latelang e tla thusa ho qoba mathata a dikokwanyana peong e bolokilweng:
Hlwekisa sebaka sa polokelo (setoro) hantle pele o tshela peo. 
Hoba o hlwekise masalla a dijothollo tsa kgale le lerole le ho etsa ditokiso, sebedisa sefafatsi ho hlwekisa bokahare ba setshelo beke tse pedi pele se tshelwa. (Latela ditaelo tsa baetsi ba ditshelo ka hloko ho qoba taba ya kotsi e ka hlahelang diphoofolo le batho ba ka jang peo ena ka phoso) 
Qoba taba ya ho kopanya sejothollo se setjha le sa kgale ha o tshela setshelong. 
Hlwekisa le ho hlahloba moo moya o tsamayang teng. Ditshila disele di ka nna tsa bokellana dipeiping, mme tsa fetoha sebaka moo dikokwanyana di ipatang teng, mme hona ho ka sitisa moya ho feta ka tshwanelo. 
Tshenyo e ntlhapedi
Boemo ba dijothollo tse bolokilweng bo laolwa ke tswakano e rarehileng pakeng tsa tikoloho e kgolo le e nyane hammoho le diphedi (organisms) tsa mefutafuta, ho kenyelleditswe tse kang dikokwanyana, ho bokellana ha kwaekgwabana, dikokwanyana tse nyane, dikgoto le dinonyana tse ka hlaselang peo. Sejothollo se fana ka mohlodi o moholo wa menontsha, mme tshenyo e bakwang ke diphedi tseo re buileng ka tsona e bitswa bio-deterioration (tshenyo e ntlhapedi).
Hlobo (moulds)
Kgahlamelo ya hlobo e laolwa ke themphereitjhara (e tlasa 0 degrees C ho isa ho 50 degrees C) ya sejothollo le boteng ba metsi le okesijene. Hlobo e sebedisa phofodi ya metsi eo matla a yona a laolwang ke boemo ba tekatekano pakeng tsa metsi a lokolohileng ka hara sejothollo (mongobo wa peo) le phofodi ya metsi a potapotileng karolo e ka hare ya peo. 
Dikokwanyana le dikokwanyana tse nyane haholo (arthropods) 
Di baka tshenyo le tahlehelo ya menontsha.
Tshebetso ya popeho ya dijo e eketsa mongobo le themphereitjhara ya sejothollo.
Di sebetsa e le dijari tsa dibaktheria.
Dilahlwa tsa dikokwanyana le tsa dikokwanyana tse nyane haholo di fetoha sebaka moo kokwanyana tsena di holang ho sona.
Ho fokotswa ha dikarolo tse ka hare tsa peo ho fokotsa nako ya bophelo ba ho bolokwa ha tsona haholo.
Dihlahiswa tsa tlatsetso ha dijo di fetoha eneji
Dihlahiswa tsena tsa tlatsetso ke tse hlahiswang ke diphedi (organisms) tse phelang, ho kenyelleditswe hlobo tse seng bohlokwa hakaalo kgolong, empa tse tjhefo haholo diphoofolong, bathong le dimeleng.
Ditjhefo (mycotoxins) tsena tse bakwang ke fungus (kwaekgwabana) ho ithutilwe haholo ka tsona haesale ho tloha ka 1961 ha sehlopha sa ditjhefo tse kotsi Aspergillus flavus toxins le “aflatoxins” se ne se qollwa. Tshebetso efe kapa efe e sitisang botsitso ba sephedi e hlahisa dihlahiswa tse ka thoko tsa mofuta ona wa ditjhefo. Tshebetso tsena di kenyelletsa tshebediso a batsi ya manyolo le dibolayakokwanyana hammoho le ho lengwa ha dimela tse fapaneng tsa kuno e phahameng le hoja palo ya tsona e se ngata.
Ditjhefo tsena di se di kenyelleditswe mefuteng e mengata ya malwetse a batho le a diphoofolo le/kapa malwetseng a anima, a bang teng mefuteng e fapaneng ya dijothollo. Ditjhefo tsena di ka hlahisa malwetse a tjhefo a matla (nakong e kgutshwane) le a sa foleng (nako e telele) a ka bakang lefu kapa ho kgathatsana le tshebetso ya methapo, pelo, a matshwafo, hammoho le menontsha mmeleng (qoqotho). Tse ding tsa tjhefo ena di ka baka kankere, ho ema ha tshebetso ya ditho, le ho kena ha bonolo ha malwetse. Aflatoxin B ke e nngwe ya ditjhefo tse tsebahalang haholo ka ho baka kankere. 
