Successful (Maize)								SESOTHO



Bolemi bo atlehileng bo a nolofatswa



Instructions:

Folio Strap: Tsamaiso

Byline: Ditaba di nkilwe bukaneng ya tataiso ya Tsamaiso ya Temo mabapi le Phaello, e ngotsweng ke Marius Greyling



E le mohato wa pele tsamaisong e hlwahlwa kgwebong ya temo, ho a hlokahala ho etsa qeto mabapi le merero. Thuto e sa tsejweng e sitwa ho latelwa ntle le kgopolo feela ya seo motho a se rerileng. Bahlahisi hangata ba tshwauwa diphoso hobane ba hloka thahasello ya ho tsepamisa maikutlo ho seo ba se rerileng mabapi le mesebetsi ya bona kapa bona ka bobona.



A mang a mabaka ao ho fanwang ka ona mabapi le maikutlo ana ke ana:

Ho boima ho rala merero e shebaneng le mesebetsi ya bolemi hobane maemo ha a tshepahale, mme tsa hosane di ke ke tsa tsejwa.

Ho nka nako e ngata haholo ho beha merero e lokelang ho latelwa mosebetsing wa bolemi.



Le hoja mabaka ana a mabedi a ena le tlhase ya nnete, bohlokwa ba ho rala merero – hara mathata le nako – ke taba e hatellwang e le ka nnete. Merero e supa moo motho a yang teng, mme e fana ka kelello ho seo motho a se etsang. Ka ntle ho yona ho boima ho laola katleho kapa ho folotsa ha yona. Ntle le meralo e entsweng, ha ho na bokgoni ba ho lekanya tshebetso ka ha ke ho suha rapola puleng ho lwantshana le ntho e siyo. Hobane taba ya ho rala merero mosebetsing wa bolemi e le ntho e thata, e jang nako, ha ho fokotse bohlokwa ba yona, empa ho hatella nnete ya hore mohato ona o lokela ho shejwa ka ihlo le ntjhotjho.



Ho rala merero kgwebong ya temo ka nako tse ding ho tlisa mathata. Lebaka la sena ke nnete ya hore bolemi ke mosebetsi oo molemi a ikgethetseng ona, oo a tlang ho phela ka ona. Ba lelapa la hae ke karolo e ke keng ya arohanngwa le mosebetsi wa kgwebo ena le bophelo bona ba hae. Hape le hoja ka kakaretso ho amohelwa hore sepheopheo sa kgwebo ya bokapitale ke ho etsa phaello e ngata ka moo ho kgonahalang ka teng nakong e telele, kgwebo ya bolemi e ka nna ya se be le sena jwalo ka morero wa sehlooho ka baka la ho kgema mmoho ha bophelo ba monga polasi le profeshene ena. Morero ka kakeretso wa balemi-bahlahisi bana o ka hlaloswa ka mokgwa o batsi e le ho lelekisa phaello e phahameng ka moo ho kgonahalang ka teng, ha feela sena se ke ke sa senya lelapa le thabileng le mokgwa wa ho phela wa lelapa lena.



Merero e radilweng hodimo mona e lerootho ka ha e sitwa ho tiiswa ntle le pelaelo, mme hape e ka hlaloswa ka ditsela tse fapaneng. Tlhaloso e a nnetefala bophelong moo re fumanang hore ha ho batho ba babedi ba tshwanang ka hohlehohle dintlheng tsa bohlokwa bophelong ba bona, mme hape kutlwisiso ya bona ya lelapa le thabileng le mokgwa wa ho phela, ka baka lena,  di a fapana. Hore na ho lelekisa phaello ho nka nako e kae le hore ho lelekiswa ho fihlela hokae ho tla fapana pakeng tsa balemi, mme sena se itshetlehile maemong a motho ka boyena le hore o ikemiseditse ho iketsa sehlabelo ho le hokae moo a lelekisang phaello ho feta dintho tse ding. Le ha ho le jwalo, se tla ba bohlokwa haholo tabeng ena ho mohlahisi ke hore o tshwanetse ho sheba hore na dintho tse ding di mo sitisa ho le hokae tabeng ya hae ya ho lelekisa phaello, hobane ke feela ha a ka etsa sena, a tlang ho kgona ho etsa kgetho e nang le kelello pakeng tsa dintho tse ngata tseo a shebaneng le tsona.



Setjhaba se lebella mokga ona wa tlhahiso ya tsa temo hore o fepele – ho ntse ho shebilwe dikgaello tsa naha ka nngwe – bonyane dijo le tse hlokahalang tsa motheho ka ditheko tse amohelehang, le hore maemo a nne a tswele pele jwalo, e leng se bolelang tshebediso e hlwahlwa ya mehlodi ya tlhaho nakong e telele. Le ha ho le jwalo, merero ka kakaretso e ke ke ya lekana. Tshebetso kapa karolwana ya tshebetso e hloka morero wa yona kapa karolwana ya morero wa yona, empa tsena tsohle di tshwanetse ho dumellana le morero wa sehlooho. Mohlala, molemi ya etsang qeto hore o tla hlahisa poone o tshwanetse ho ba le morero o qollehileng wa lehlakore lena la hae la poone, mohlala, ho lema dihekthara tse 500 tsa poone e tshehla ka selemo. Empa sena le sona se ntse se sa lekana. O tla boela a tshwanela ho ela hloko merero ya tseo a nang le tsona hammoho le ditjeo, ka ha tsena di tla mo tataisa morerong wa hae wa peo le tshebedisong ya manyolo.



Mohlahisi e mong le e mong o tshwanetse ho rala merero ya hae ka boyena. Bohlokwa ba ho ipehela tseo a ratang ho di fihlella ke taba e tjhaellwang monwana, mme ho elwe hloko bohlokwa ba ho ba le kutlwisiso e hlakileng ya seo molemi a batlang ho se fihlella ka kgwebo ya hae ya temo. Ha eba kgohlano e le teng pakeng tsa merero ya hae, mohlahisi ka boyena o tshwanetse ho ela hloko dintho tse ikgethileng tseo a di lelekisang, le hore yena ka boyena ke motho ya jwang, mme ebe moo a bang le kutlwisiso e hlakileng mabapi le seo a batlang hore se tle pele. Morerong wa mohato ofe kapa ofe wa tshebetso kapa seo a batlang ho se fihlella, o tshwanetse ho ba le bonnete hore mohato kapa tshebetso ena e ikgethileng e dumellana le tse tlang pele, mme hape e dumellana le merero ya hae ka kakaretso.



Taba e nngwe le e nngwe e boletsweng mona mabapi le merero e ka akaretswa ka ntlha e le nngwe. Merero ya kgwebo ya temo ke ho fihlella phaello e phahameng, mme ho hlokometswe hore mehlodi ya tlhaho (mobu, metsi, makgulo, jj.) di dula di hlokometswe ka mokgwa oo di ka sebediswang ho hlahisa kuno e phahameng nakong e telele. 



Ho ba hlwahlwa, manejara o tlamehile:

Ho ba le kelello e hlakileng mabapi le merero ya hae ya nako e kgutshwane le e telele;

Ho rala le ho etsa ditekanyetso tsa hore o tla sebedisa mehlodi ya hae jwang ho fihlella merero ena;

Ho jara boikarabelo ba hae le borena (authority) bo hlokahalang hore merero ena e bonwe ka mahlo kapa e kene tshebetsong; le

Ho kenya tshebetsong mekgwa e lekaneng ya taolo hore a nne a tsebe ka tswelopele e ntseng e hatela pele e le hore mehato e hlokahalang ya ho lokisa diphoso e ka nkwa nakong e nepahetseng.



Merero e tlamehile ho ba S-M-A-R-T:

S (specific) – e qollehe, e ikgethe.

M (measurable) – e kgone ho ka methwa/lekanngwa.

A (achievable) – e kgone ho ka fihlellwa.

R (realistic) – e be ya nnete, e teng, eseng ditoro feela.

T (time related) – e kgeme mmoho le dinako tse beilweng.



Ho rala merero

Ho rala merero ke taba e shebaneng le “eng” ya mosebetsi wa bolemi, e leng ho fumana dikarabo potsong ya ho re “Re batla ho fihlella eng?”



Tse ding tsa sepheo le morero di kenyeletsa mathata a fapaneng ao ho ona a bohlokwa ka ho fetisisa e leng:

Ho fihlella kuno ka hekthara ka nngwe – sena se bolela hore tlhahiso hekthareng ka nngwe e tlamehile ho fihlella tse habilweng, e leng tse hlahellang ditekanyetsong tsa selemo. Ditekanyetso tsena tsa selemo di fapana ho ya ka mesebetsi.

Ho tiisa hore dihlahiswa tse tla fumanwa qetellong di kgotsofatsa tse lebelletsweng ke mebaraka – manejara wa tlhahiso, mohlala, o tshwanetse ho rala tse lebelletsweng tlhahisong e le ho fihlella ditlhoko tsa mebaraka. Tsena e ka ba ka mokgwa wa boholo (size), mmala kapa boleng ba ka hare.

Ho tiisa hore tshebetso e a phethahala – sena se bolela ho tiisa hore tikoloho ha e kgahlanong haholo, kapa ka mokgwa o sa hlokahaleng ha e sitiswe ke tshebetso ya tlhahiso, mohlala, ka dikhemikhale tse lwantshanang le dikokonyana, malwetse, jwalojwalo, e le hore tlhahiso ya boemo bo phahameng e dula e fihlellwa nakong yohle ya mosebetsi kapa sebaka sa tlhahiso.

Ho kgema mmoho le meralo ya Tlwaelo tse Ntle tsa Temo (Good Agricultural Practices kapa GAP) – GAP e batla tlhokomelo tshebedisong ya dikhemikhale ho tiisa hore paballeho e teng ho basebedisi kaofela, tshebediso ya dibolayakokwanyana, dibolayabolele (fungicides), le manyolo ka mokgwa o hlophisitsweng, o rerilweng le o hlokometsweng hantle, hammoho le tshebediso e ntle ya metsi ho thibela tshenyo ya ona, tshwaetso/kgahlamelo e mpe le kgoholeho.



Merero e tswalwang ke e meholo e ka nna ya ama mesebetsi ya bolemi  ya motho ka mong, empa ho kgotsofatsa merero e boletsweng hodimo mona ho tla tiisa hore katleho ka kakaretso e a fihlellwa mosebetsing.   

