Study Group (Maize)									Sesotho
Sehlopha sa boithuto sa Kapa Botjhabela
Instructions:
Folio strap: Bophelokgutshwe
Byline: Lawrence Luthango, mohokahanyi wa provense wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi
Use the South African map and show where the Eastern Cape is
Ke dihekthara tse ka bang 2152 tsa mobu o ka lengwang, o ka sebediswang ke ditho tsa sehlopha sa boithuto sa lebatowa lena. Ona ke mobu o kopanetsweng ke setjhaba, mobu wa mmuso, empa o leng tlasa tsamaiso ya mmuso wa setjhaba. Molemi ka mong o na le “tumello ya tshebediso” (kapa PTO), e leng ho tshwanang le tumellano ya ho hira. Molemi a ke ke a ba monga masimo, empa le teng masimo a ke ke a nkuwa ho ba lelapa.
Sehleng sena, balemi ba sitilwe ho jala dihekthra tse 857. Mabaka a mangata a bakileng boemo bona, ho kenyelleditswe ditjeo tse phahameng tsa tse kenngwang mobung hammoho le ditjeo tsa phahameng tsa borakonteraka. Balemi ba sitwa ho ithekela diterekere le disebediswa ka ha ditheko tseo ba di fumanang tsa dijothollo di le tlase, mme le phaello e le tlase. Bongata ba balemi ba ntseng ba sebedisa mobu ke ba tsofetseng, ba seng ba iphelela ka yona phenshene ya maqheku. Balemi bana ba tsofetseng ha ba kgone ho fumana thuso ya ditjhelete, jwalo ka tjhelete ya kadimo dibankeng, hape ba sitwa ho eketsa masimo a bona ka tjhelete ya bona.
Boholo ba masimo a lengwang ha bo a tshireletswa ka terata, mme ka baka lena balemi ba utswetswa mehlape ya bona. Lenaneo la CASP la Lefapha la Temo le lesisitheho tabeng ya ho thusa ho kampela masimo. Lenaneo le matla la tlhahiso ya dijo le ntse le qepha selemo le selemo, mme ke balemi ba seng bakae feela ba thuswang ho jala dijothollo tsa bona. Balemi ba dibakeng tsa mahae ba ipileditse lenaneong la ASGISA le sebetsanang le masimo a batho empa le sa kenyelletse beng ba masimo. Ona ha se mokgwa wa ho rarolla mathata, jwalo ka ha re tseba hore ha ASGISA e se e sa sebetsane le masimo, masimo ao a tla dula a sa etswe letho, ka ha ho ke ke ha ba teng phapanyetsano ya boitsebelo le matlafatso ya letho bathong. Boemo ba ditaba ke bo lefifi. 
Ditho tsa dihlopha tsa boithuto di kopana hang ka kgwedi. Molemo ke o moholo wa ho ba karolo ya sehlopha sena, ka ha balemi ba kgona ho abelana maikutlo le ho hlwaya ditlhoko tsa kwetliso hammoho le ho thusana ka dikeletso le tshehetsano. Balemi ba mahaeng ba hole le bana ba bahwebi, mme nnete ke hore ba mmalwa feela bao e leng ba bahwebi. Tswelopele mohatong ona e tsamaya butle, empa ke thaba ho bolela hore tswelopele e a bonahala. Balemi ba sebedisa peo ya mabasetere le manyolo, mme ba etsa boiteko bo matla ba ho laola mahola masimong a bona a poone. 
