Study Group (Maize)									Sesotho
Maikutlo Sehlopheng sa Boithuto sa Uphuzane 
Instructions:
Folio strap: Pale ya bophelo
Byline: Jurie Mentz, mohokahanyi wa provense wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi 
Use the South African map and show where Uphuzane is (Paulpietersburg)
Lebitso la Sehlopha sa Boithuto
Sehlopha sa Boithuto sa Uphuzane (O nwang).
Sehlopha sa Boithuto sa Uphuzane se hokae?
Uphuzane e dikilomithara tse ka bang 25 ho tloha Paulpietersburg karolong e ka Leboya ya KwaZulu-Natal pela noka ya Bivane. Sena ke sebaka se harehare sa mahaeng se hlokang metheo ya tshehetso, mme balemi ba hloka boitsebelo le tsebo hore ba kgone ho ikemela le ho sebetsa ka bobona. 
Botho ba sehlopha
Sehlopha sa boithuto se na le balemi ba banna le ba basadi ba mafolofolo ho ithuta le ho ntlafatsa tjhelete ya bona e kenang, ho ntlafatsa bophelo ba bona le ho sebedisa hantle mehlodi ya tlhaho.
Boteng ba mobu o ka lengwang
Hajwale balemi ba sebedisa dihekthara tse ka bang mashome a supileng tsa mobu o ka lengwang, empa ho sa ntse ho ena le mobu o mongata o ituletseng feela. 
Hobaneng ha mobu o ituletse feela?
Mabaka a mobu o ituletseng feela haholoholo ke mathata a ditjhelete hobane masimo a balemi ke a setjhaba a kopanetsweng, mme ba adimanang ka ditjhelete ba lesisitheho ho adimana ka tjhelete. Qaka e nngwe ke ya metjhine, ho hloka diterekere le disebediswa tse ding tsa temo. 
Sehlopha sa boithuto se kopana kgafetsa hakae?
Sehlopha sa boithuto se kopana hang ka kgwedi ho tshohla mathata le hore ho ka sebediswa jwang mehlodi e fokolang e leng teng. 
Melemo ke efe ya ho ba setho sa sehlopha sa boithuto?
Ke ile ka makala haholo ha ke lemoha hore balemi ba simollotse ho sebedisa mekgwa ya sejwalejwale ya tlhahiso (ho se phethole mobu) sehleng sa 2009/2010 ka katleho e kgolo.Sehleng sena sa jwale ba bile ba ekeditse tshebediso ya poone ya ho se phethole mobu. Sena se fihlelletswe ka katleho e kgolo ho feta. Thahasello ya bona ya ho tloha mekgweng ya kgale ya ho jala poone, ho ya ho ya sejwalejwale, e tiisa hore ha ba kgahlanong le phetoho, le hore kwetliso le ntshetsopele di qadile ho bontsha ditholwana tse itseng. (Walala wasala – ha o robetse, o a lahlehelwa).
Balemi ba lemoha hore ba fumana lesedi le lengata le tsebo e ngata ka ho ba ditho tsa sehlopha sa boithuto le ho ba teng ho ketekweng ha matsatsi a molemi. Mokgwa o mong wa ho ba le boiphihlelo bo bongata ke tshebediso ya ditshingwana tsa teko tse bontshang balemi mokgwa o nepahetseng le wa sejwalejwale wa ho jala poone.
Na kamano efe kapa efe e teng pakeng tsa sehlopha sa boithuto le lefapha la bahwebi?
Kamano e teng pakeng tsa ditho tsa sehlopha sa boithuto le balemi ba selehae ba bahwebi, empa bohole ba karohano pakeng tsa bona le balemi ba bahwebi e sa ntse e le phephetso. Sehlopha sa boithuto se na le kamano e ntle le Lefapha la Temo hammoho le balemi ba bahwebi ba lebatowa.
