Study Group (Maize)									Sesotho
Re sheba Sehlopha sa Boithuto Ficksburg 
Instructions:
Folio strap: Nalane ya bophelo
Byline: Johan Kriel, mohokahanyi wa provense wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi
Use the South African map and show where Ficksburg is
Lebitso la sehlopha sa boithuto
Imperani (Ficksburg) Study Group.
Lebatowa le sebetswang ke sehlopha
Ficksburg le Rosendal.
Botho ba sehlopha
35 ditho.
Mobu o lemehang tlhahisong ya dijothollo
1 510 dihekthara.
Dihekthara tse jetsweng sehleng sa 2010/2011
289 dihekthara
Lebaka la ho se jale mobu o lemehang?
Mabaka a ho se jale dihekthara tse ngata ke:
Mathata a ho adingwa tjhelete ya tlhahiso;
Tlhoko ya sesebediswa tse tshepahalang;
pH e tlase ya mobu;
Boemo bo tlase ba phosphate ya mobu;
Mathata ka mehlape e tswang Lesotho;
Masimo a sa jalweng dilemo tse ngata;
Tlhoko ya tshehetso ya Mmuso; le
Mobu ke wa dihlopha tsa batho, ka hoo, ha ho bonolo ho adingwa tjhelete.
Sehlopha sa boithuto se kopana kgafetsa hakae?
Sehlopha sa rona sa Boithuto se kopana kgwedi le kgwedi ho buisana ka lenaneo la koro, mme kgweding e nngwe le e nngwe ya bobedi re buisana ka lenaneo la poone.
Melemo ke efe ya ho ba setho sa Sehlopha sa Boithuto?
Jwale re a tseba se etsahalang indastering ya dijothollo, hape re tseba ka menyetla lefapheng lena la temo. Re na le tshehetso eo re ka itshetlehang ka yona ha mathata a le teng.
Na ho na le tlamahano e itseng pakeng tsa Sehlopha sa Boithuto le lefapha la balemi ba bahwebi?
Ka nako e nngwe re kopana le balemi ba bahwebi difantising, mme ebe re ikutlwa re le karolo ya setjhaba se seholo sa temo.
Na o batla ho kopana le Sehlopha sa Boithuto sa molemi wa mohwebi, mme hobaneng o nahana hore sena se bohlokwa?
Ho bohlokwa hore rona re le balemi re bue ka ntswe le le leng. Molemi ya ntseng a thuthuha ke molemi wa dijo ya ntseng a hola. Ho qala mmoho re buisana le ho tshehetsana ho tla etsa hore balemi bohle ba be matla.
