Study (OPOT) 									SESOTHO



Dihlopha tsa boithuto di phethahatsa sepheo



Instructions:

Folio Strap: Dihlopha tsa boithuto

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Tshebeletso tse etsetswang balemi motho ka mong di dieha haholo, mme di ja haholo ka pokothong. Ho baballa ditshenyehelo ho kopanya mmoho batho ba ditabatabelo le bokgoni bo tshwanang hobane ba kgona ho thuswa ka dikopano tse bang teng kgafetsa. Projeke ena e tswela pele ho fihlella sepheo sa yona – ho tiisa hore kwetliso, bokgoni le ditaba tsa bohlokwa di fihla ho balemi ba ntseng ba thuthuha mabatoweng a fapaneng. 



Ha dilemo di ntse di feta, re lemohile palo ya ditho tsa dihlopha tsa boithuto hore e a theoha, mme ho sala palo ya balemi bao ruri ba nang le thahasello, mme ba ikemiseditseng ho ba bahwebi ba nnete. Sena se bonahala ka ho hlaka provenseng ya North West moo lenaneo lena le sebeditseng dilemo tse ngata. Dibakeng tseo ho tsona dihlopha tsa boithuto di sa leng ntjha teng, haholoholo dibakeng tsa mahaeng, bothata bo boholo ke ho kgina boholo ba palo ya dihlopha. Dibakeng tse ding ho teng balemi ba bangata ba ka bang 200, e leng ba banyane, ba batlang ho kena sehlopheng sa boithuto.



Lemong sena, re se re thusitse dihlopha tsa boithuto tse 128 ho phatlalla le dibaka tseo re di thusang ka diofisi tsa provense. Ho kenyelleditswe palong ena, dihlopha tsa boithuto tse robedi, mme ke karolo ya projeke ya Koro Foreisetata e ka Botjhabela. Nakong ya dikopano, dihlooho tse latelang di ile tsa tshohlwa:



Esiti ya mobu le ho feta tekano ya yona mobung;

Bohlokwa ba kgetho ya mobu mabapi le tlhahiso ya dijothollo;

Tlhokomelo ya mobu;

Ho phetholwa ha mobu le boleng ba hona;

Ho teteana ha mobu le sekgahla sa hona tlhahisong;

Kgaello ya menontsha dijothollong;

Paballo ya mongobo;

Kgetho ya mofuta wa peo;

Saekele ya tlhahiso – mobu, ho phetholwa ha mobu, kgetho ya mofuta wa peo, taolo ya lehola le manyolo;

Taolo ya lehola – ka metjhine le ka dikhemikhale;

Mokgwa o bolokehileng wa ho tshwara dikhemikhale;

Ho fafatswa ha manyolo hodima mobu;

Taolo ya sesedi le dikokwanyana tse ding;

Poone e seng e le malala a laotswe le poone ya BT.

Bohlokwa bo hlokolosi ba ho etsa dintho ka nako saekeleng ya tlhahiso;

Poloko e baballehileng ya poone setorong;

Ditekanyetso le moralo – ditjeo tsa tlhahiso ka ho otloloha;

Boleng le ditjeo tsa inshorense ya dipeo le manyolo;

Mmaraka;

Metjhine – se seng sa dinotlolo tsa kgwebo;

Ka moo o ka rekang disebediswa (equipment) tse ntle tse seng di ile tsa sebetsa; 

Ditlhoko tsa FICA le Molao wa Kadimo ya tjhelete;

Lekgetho la VAT le ho kgutlisetswa tjhelete ya diesel;

Sehlopha sa boithuto jwalo ka sehlopha se rekang;

Dikotsi tsa mello masimong a butswitseng a poone; le

Ka moo o ka rerang ka teng mabapi le sehla se tlang ha maemo a lehodimo a le mabe tlhahisong ya dijothollo. 



Kgweding tse mmalwa tse fetileng, re ile ra nna ra kopana le setho ka seng sa sehlopha sa boithuto e le ho bokella dintlha ka motho ka mong mabapi le palo ya dihekthara tse lenngweng, palo le boemo ba diterekere, diplantere, difafatsi le disebediswa tse phetholang mobu. Re na le tshepo ya ho fihlella thuso ya tjhelete le tshehetso ya lenaneo la ntlafatso ya sesebediswa sena – sesebediswa se setle sa motjhine se bohlokwa tlhahisong ya kgwebo. Ka kgatello e nepahetseng mabapi le katleho tlhahisong ya dijothollo, boholo ba sesebediswa sena ha esale bo nyahladitswe ka ha tjhelete e bile siyo ya ho etsa ditokiso tse hlokahalang hammoho le tlhokomelo. Taba ena e se e lokisitswe ha eba balemi ba batsho ba tshwanetse ho nka maemo a bona a nepahetseng jwalo ka balemi ba bahwebi ruri. 

