Sprayers								  	Sesotho

Tlhokomelo, tlhwekiso le poloko ya difafatsi



Instructions:

Folio Strap: Tlhokomelo

Byline: Jane McPherson, manejara wa lenaneo la Ntshetsopele ya Grain SA, hammoho le diphehiso tsa bohlokwa tsa metswalle e fapaneng



Ditabeng tse buang ka taolo e fokolang ya mahola, Pula-Imvula ya Hlakola 2008, le leng la mabaka a kgonahalang, ao ho builweng ka ona, e bile boemo ba sefafatsi. Ho bonahala eka hona ke bothata bo atileng haholo – ka baka leo, ditaba tseo re di tshohlang mona di a hlokahala.



Tlhokomelo e nepahetseng hammoho le mekgwa ya ho boloka setorong, ha di thuse feela ditokisetsong tsa pele ho nako ya sehla, empa di boetse di ntlafatsa tshebetso ya sefafatsi, mme di bile di eketsa dilemo tshebetsong e ntle ya sona. Ho pepeswa ha nako e telele ya sona ho dibolayakokwanyana tse ngata tse fetang sefafatsing, ho ka nna ha se bakela mafoome, mme ha senya dikarolo tsa sona, pente hammoho le dikarolwana tse hokelwang mmoho. Masalla a dihlahiswa tsena a ka nna a ba kotsi ho mang kapa mang ya sebetsang ka ona kapa ya leng haufi le metjhine. Hape, mefophodi ya dibolayalehola e ka nnang ya salla sefafatsing e ka nna ya baka tshenyo dijothollong ha eba e ka fetela sehleng se hlahlamang sa ho fafatsa. 



Paballeho ya hao le ya ba lelapa la hao, basebeletsi ba hao le dijothollo tsa hao, di etsa hore ho be bohlokwa hore o hlwekise ka ho phethahala sefafatsi sa hao le ho tlosa tsohle tse ka tshohang di o kudisa nakong ya sehla, pakeng tsa dijothollo, hape le pele o ilo se boloka nakong ya mariha. Hopola hore boholo ba dikhemikhale tse sebediswang temong ke ba dintho tse kotsi haholo dimeleng le/kapa diphoofolong, mme ka hoo, tsohle di tshwanetse ho etswa ka tlhokomelo e kgolo ho utlwisisa dikotsi tse amehang le ho laola maemo hantle ka moo ho kgonahalang ka teng.



Tlhwekiso ya sesebediswa sa sefafatsi 

Tshebetso e phethahetseng ya tlhokomelo le ya ho boloka setorong e fupere mehato e mehlano.



Mohato wa 1: Bala

Pele o qala ho hlwekisa sefafatsi sa hao, eba le bonnete hore o badisisa leibole ya sebolayakokwanyana seo o se sebedisang. Leibole e tla etsa tse latelang:

E tla o bolella ka moo o ka lahlang masalla a sehlahiswa ha o qetile.

E tla o fa ditaelo tse ikgethileng tsa ho hlwekisa, tse ka hlokahalang.

E tla kgothaletsa dihlahiswa tse ka sebediswang kgahlanong le tjhefo e ka nnang ya o ntsha kotsi.

E tla o tsebisa ka ho hlaka Sesebediswa sa Boitshireletso (Personal Protective Equipment) mabapi le ho hlwekisa sefafatsi sa hao ka mokgwa wa boipaballo. 



Mohato wa 2: Pudutsa

Sepheo ka ho pudutsa ke ho tlosa dibaka dife kapa dife tseo ho tsona sesebediswa se kganathetseng, tse ka nnang tsa eba ka hara sefafatsi kapa hodima sona. Sesebediswa sa ho hlwekisa sefafatsi se kenyeletsa ho tsamaisa metsi hohle ka hara sona le ho hlwekisa sebaka se boletsweng lethathamong la leibole ya sebolayakokwanyana seo o se sebedisitseng (ka mantswe a mang, ho fafatsa metsi/motswako o hlaphollotsweng ka metsi, seo jwale re ka reng ke sepudutsi, mme sena se etswa sebakeng se baballehileng).



Ho etsa bonnete hore o hlwekisa tanka hammoho le dipeipi le melongwana (nozzles), tlatsa halofo ya tanka ka metsi a hlwekileng, ebe o kganna terekere sebaka se seng selelele haholo tseleng ya hona moo mapolasing – ho tsukutleha ho tla ba teng ho tla thusa ho fuduha metsi le ho etsa hore a qhapatsehele hohle ka hara tanka. Ho pudutsa ka makgetlo a mmalwa ka ho sebedisa karolwana (ho fihlela ho 10% ya mothamo wa tanka e fafatsang) ho molemo ho feta ho tlatsa feela tanka e fafatsang ka metsi a hlwekileng kgetlo le le leng. Kgothaletso ke ho pheta tshebetso ena ya ho pudutsa bonyane makgetlo a mararo.



Kgetha sebaka moo sepudutsi se ke keng sa silafatsa phepelo ya metsi, melatswana, dijothollo kapa dimela tse ding, le moo metsi a emeng a ke keng a eketseha, mme a qetella a bakile kotsi bathong, diphoofolong le tikolohong. O ka nna wa fafatsa ho potoloha le dintlha tsa masimo kapa ho ya jwalo le tsela eo ho tsamauwang ho yona polasing.



Nnetefatsa hore o tsholla dikahare tsa tanka ho ya ka moo leibole e bolelang ka teng. O se ke wa be se o kgorohela di-valve, mme o di bula, hobane dikahare tsa tanka di tla tsholohela fatshe. Kenya molongwana o motenya sefafatsing e leng mokgwa o dumellwang ke molao. Molongwana ona o tla thusa hore sepudutsi se tswele ka ntle kapele. Bokantle ba sefafatsi le bona bo tshwanetse ho hlatsuwa. Hape, ha o pudutsa sefafatsi, se ke wa etsa hore ho be teng dibakana tse iketsang matangwana a manyane, e leng a ka nnang a fihlellwa ke bana, dikatse le dintja, diphoofolo tse ruilweng kapa tse hlaha.



Mohato wa 3: Drain

Ho lahlela thoko sepudutsi ho ya ka moo leibole e bolelang, sebedisa sepudutsi moo dihlahiswa di tshwanetseng ho ya sebediswa teng (hape, ho potoloha jwalo le dintshi tsa masimo, haholoholo moo dikhemikhale di seng di ile tsa fafatswa teng hangata ke dibaka tse ntle). Pheta tshebetso ya ho hlwekisa hoba o pudutse sefafatsi ka makgetlo a mmalwa. Etsa bonnete hore o tsholla metsi afe kapa afe a hlwekileng, a tswang ka tankeng pele o ilo boloka sesebediswa setorong, e le ho qoba tshenyo ya metsi a ka nnang a fetoha serame kapa leqhwa ka hara sesebediswa.



Mohato wa 4: Hlahloba 

Ka mora ho pudutsa ha ho qetela, o ka hlahloba sefafatsi sa hao le ho etsa ditokiso kapa diphetoho tse hlokahalang ho sona. Le ha sefafatsi sa hao se se se hlwekisitswe, ka mehla sebedisa tse ka o tshireletsang (mohlala, diborele). Ho ka nna ha etsahala hore masalla a itseng a ka nna a ba teng ka hara sefafatsi kapa hodima sona.



Tseo o tshwanetseng ho di sheba nakong ya ho hlwekisa le ka mora moo:

Melongwana e sa dumellaneng hantle le e seng e fetse/kgathetse;

Ditshireletsi tse senyehileng tsa melongwana;

Ditshireletsi tse senyehileng tsa sefe/filthara (strainer);

Mapatso, ho dutla le tshebetso ya pompo ka kakaretso;

Boemo ba peipi (hose), haholo ho petsoha le ho phunyeha ha yona;

Boemo ba valve, ho ela hloko ho dutla ho ka bang teng kapa dibaka moo rekere e thibang (seal) e bonahalang e sa tiya hantle;

Popeho ya kgaso e phatlaletseng ya metsi (boom structure), ho sheba ho petsoha ho tlamehileng ho lokiswa.



Mohato wa 5: Poloko setorong 

Jwale ha sefafatsi se se se hlwekisitswe ka ho phethahala, o ka nna wa rata ho tlosa dikarolwana tse itseng tseo o belaelang hore di ka senyeha nakong eo se beilweng setorong ka yona.

Tlosa disefe, mme o di hlatswe ka matsoho ka metsi a sesepa (hopola ho rwala dihansekune tseo o tshireletsang dikhemikhaleng), di pudutse, mme o di boloke ka hara sefafatsi kapa moo o ka di behang teng ka setorong.

Hlahloba melongwana (nozzles), le dikarolo tsohle tsa sefafatsi, o be o hlahlobe le tsona divelofo. Masalla a dikhemikhale a ka nna a bopeha dibakeng tsena, mme tsa eba thata nakong ya mariha, mme tsa fokotsa haholo tshebetso ya sefafatsi nakong ya sehla se hlahlamang.

Tlosa dintlha tse ka pele tsa melongwana, ditshireletsi (screens), divelofo, dikatiba tsa divelofo (caps) le dikarolo tsohle tse hokahantsweng le melongwana. Di tlamelle hape ka nepo.

Hlwekisa le ho pudutsa bokapele ba melongwana, dikarolo tsohle tsa melongwana, o be o hlahlobe divelofo. Boloka ka hara setshelo se tshwailweng. Boloka divelofo themphereitjhareng ya kamore nakong ya mariha ho qoba tshenyo e ka bakwang ke dithemphereitjhara tse tlase haholo tsa leqhwa.

Tlosa dikeitje kaofela tsa kgatello (pressure gauges), mme o kenye ditshireletsi masobeng a sefafatsi. Boloka dikeitje moo di ke keng tsa senngwa ke serame tsenyo efe kapa efe.

Qetellong, tsamaisa sethibelaleqhwa (antifreeze) ka hara sefafatsi, hohle moo metsi a tsamayang teng, ho kenyeleditswe divelofo, masobana a sefafatsi, moo ho tlamelletsweng teng, dimithara tse laolang ho feta ha metsi le dipeipi tse kgutlisang metsi. Dumella antifreeze ho matha ka hara dipeipi. Sena se tla siya mafuranyana ka hara peipi a tla thusa bokahare ba peipi hore bo se omelle le ho petsoha. Ho kwala masobana a melongwana ho tla thusa hore antifreeze e dule ka moo, empa o tla tshwanela ho bula lesoba kapa a mabedi ho etsa hore antifreeze e kgone ho fihla hohle ka hara sefafatsi. Kwala masobana ao ha antifreeze e se e fihletse dikarolo tsohle. 

Sepheo sa mohato wa ho boloka ke hore antifreeze e sututse metsi a saletseng, a ka bang teng ka hara sefafatsi, le ho ala mafura a thibelo dikarolong tse ka hara sefafatsi. Etsa hore antifreeze e dule ka hara pompo le divelofo ho thibela mafoome le tshenyo e ka bakwang ke moya o leswe o ka tshwasehang ka hara sesebediswa. Ka ha basebedisi ba bang ba tlosa pompo pele ba ilo boloka thepa ya bona, ho kenngwa ha divelofo tse kwalehang ka mahlakoreng a pompo, ho ka potlakisa tshebetso ena. 

Antifreeze mabapi le makoloi a boithapollo (RV’s) hangata e sebediswa polokong ya difafatsi tsa temo. Kgahlanong le antifreeze ya makoloi, e batla e se tjhefo haholo diphoofolong. Ha bongata ba dihlahiswa tsa antifreeze ya makoloi bo tla hwama maemong a batang haholo, ha e a tshwanela ho hwama. Ho sa kgathalatsehe, ka mehla bala leibole ya antifreeze ho etsa bonnete hore e tla sebetsa tlasa maemo a mariha. 

Jwale ha sefafatsi se se se hlwekisitswe, se se se tlositswe tsohle tse ka bang kotsi ho mosebedisi, se beilwe maemong a matle a ho shebana le mariha, se ka bolokwa setorong. Ho totobetse he, hore poloko ya ka hara moaho, hole le tshebediso e bohlaswa ya disebediswa, ke yona e molemo. Empa sebaka sefe kapa sefe se ka hara moaho, seo o ka se kgethang, se tshwanetse ho ba hole le diphalli (liquids) le manyolo a ommeng. Lerole le masalla a dihlahiswa tsena ke dintho tse ka bakang mafoome, tsa senya pente le bokantle ba difafatsi.

Ha eba o kgetha ho se sebedise mokgwa wa antifreeze polokong ya hao, ke tlwaelo e ntle ho tlosa pompo ya sefafatsi le ho e boloka lephepheng ho fihlela nako e hlahlamang ya sehla. Hangata, metsi a salla ka hara pompo, mme nakong ya dikgwedi tse batang tsa mariha, metsi ao a a hwama, ebe moo pompo e petsohang le ho phatloha – e leng se qetellang ka ho e etsa ntho e se nang thuso.



Tlhokomelo ya sesebediswa sa sefafatsi 

Tlhokomelo ya sesebediswa sa sebolayakokwanyana e kenyeletsa hlahlobo ya tanka ya sefafatsi, pompo, dipeipi, disefe peiping, keitje ya kgatello, moo ho kopantsweng teng (di-fittings), dintlha molongwaneng wa sefafatsi hammoho le disefe. Hlahloba sefafatsi pele se ilo bolokwa, le ka mora ho bolokwa nako e telele, hape le pele se ka sebediswa. Hopola ho rwala dintho tse o tshireletsang ha o sebedisa difafatsi.



-	Tanka ya ho fafatsa: Ditanka tsa ho fafatsa di entswe ka tshepe e thata, e hlwekileng (stainless) kapa e apesitsweng ka zinc, fiberglass kapa polasetike, ho kenyeleditswe polyethylene kapa polypropylene. Disebediswa tsena ka kakaretso ha di monye letho hakaalo, mme masalla a sebolayakokwanyana ha a tshwanele ho siuuwa ka hara ditshelo tsena ha di se di hlwekisitswe. Le ha ho le jwalo, bokahare ba fiberglass, ha bo ngwapuwa, bo tla monya sebolayakokwanyana. Mapatso le mengwapo ka hara ditanka tse tshireleditsweng ka zinc, a tshwanetse ho lokiswa ka letsopa la epoxy (le dujwang); ho seng jwalo karolo e pepesehileng e tla ba le mafoome. Ka mora nako e itseng, hlahloba ditanka ho bona ha eba mapatso a teng kapa mafoome a ka bakang hore tanka e fokole, mme e qetelle e dutla. Nnetefatsa hore tanka ya sefafatsi e tlameletswe ka thata sefafatsing.

-	Pompo le direkere tse thibang (seals): Pompo hammoho le dikarolwana tsohle tsa yona di tshwanetse ho ba memong a matle a tshebetso. Dithibi (seals), didikadikwe tsa ‘O’ kapa diwashere tsa dikomikinyana, tse entsweng ka letlalo di ka nna tsa omella kapa tsa honyela ha eba sefafatsi se nka tako e telele haholo se sa sebediswe kapa se sa bolokwa ka tshwanelo. E meng ya metswako e sebediswang merianeng e bolayang diboko/dikokwanyana e ka nna ya senya dithibi tsena tsa pompo, mme tsa qetella di bakile ho dutla pompong, le yona pompo ya qetella e sa pompe hantle.

-	Dipeipi (hoses): Kenya dipeipi tse ntjha ha eba tsa kgale di se di dutla kapa di petsohile. Hopola hore dipeipi tse sebediswang moo ho fediswang dikokwanyana/diboko di sitwa ho dula di hlwekile ka hohlehohle. Ka nako tsohle ho tla nne ho dule ho ena le masallanyana a itseng a saletseng. Tseo tse lahlwang di tshwanetse hore di se sebedisetswe mosebetsi o mong osele.

-	Disefe le ditshireletsi: Ka mehla sebedisa disefe le ditshireletsi nakong eo sesebediswa se sebetsang ka yona. Disefe tsena di sefa ditshila tse ka kwalang molongwana wa sefafatsi, mme sa qetella se sa sebetse ka tshwanelo.

-	Keitje tsa kgatello (pressure gauges): Kgatello ya sephalli ka hara sefafatsi se behwa leihlo ka watjhenyana ya keitje. Keitjhe ena e metha kgatello ya ho fafatsa ho tswang le melongwaneng ya sefafatsi ha eba e behilwe pakeng tsa regulator (selekanyetsi) le melongwana ya sefafatsi. Qetellong, phapang e bang teng mabapi le kgatello e ka nna ya bolela tshebetso e fosahetseng. Nnetefatsa hore keitje ya kgatello e boemong bo nepahetseng ba tshebetso, le hore lenaka watjheng le supa dinomoro ka nepo.

-	Ho kopanngwa ha dikarolo le ditlelempe (clamps): Ho kgwehla le ho petsoha moo ho kopantsweng teng hangata ke sesosa sa ho dutla. Etsa bonnete hore moo dikarolo tsa sefafatsi di kopanngwang teng ho tiile le hore ditlelempe di tiile hantle, pele o sebedisa sefafatsi tlasa kgatello le ho pompa sephalli ka hara sona. Hang ha sefafatsi se le tlasa kgatello, sheba hore na ha ho moo ho dutlang na.

-	Melongwana ya sefafatsi le disefe: Hlahloba melongwana kgafetsa ho etsa bonnete ba hore ha e a thibana. Melongwana e seng e kgathetse e bolela hore o tla sebedisa dikhemikhale tse ngata ho fafatsa e leng seo hangata se bakang ho fafatsa ho tsamayang ho fetoha mona le mane. Masoba a melongwana le ona a ka nna a fetoha, haholoholo ha ho sebediswa dikhemikhale tse bohale, tse hahlamelang ha bohloko, tse kang mefuta e itseng ya diphofo (powders). Ha eba molongwaneng ho tswa hanyenyane ho feta ka moo ho lebelletsweng ka teng, hlwekisa molongwana, o leke hape. E ka nna yaba melongwana e mpa e thibane feela.

